-
Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
2. Satane le bademona ke bo-mang?
Mangeloi a mang ha aa ka a lula a tšepahalla Jehova. Lengeloi la pele le ileng la fetohela Molimo ke le ‘bitsoang Diabolose le Satane, le khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Satane o ne a batla ho busa batho, kahoo o ile a susumeletsa Adama, Eva le mangeloi a mang hore a se ke a mamela Jehova. Mangeloi ao a sa kang a mamela Molimo a bitsoa bademona. Jehova o ile a ba leleka leholimong, a ba lahlela lefatšeng ’me ba tla felisoa.—Bala Tšenolo 12:9, 12.
3. Satane le bademona ba hae ba leka ho re khelosa joang?
Satane le bademona ba hae ba khelosa batho ba bangata ka ho ba susumeletsa ho sebelisana le bademona kapa meea ’me ho etsa joalo ho fosahetse. Ka mohlala, batho ba bang ba batla thuso ho linohe tsa linaleli, ho batho ba bolelang liketsahalo esale pele, ho baloi kapa ho lingaka tsa setso. Ba bang bona ba sebelisa pheko e tsamaisanang le bodemona, ha ba bang ba thetsoa ka hore ba ka khona ho bua le bafu. Empa Jehova oa re eletsa o re: “Le se ke la retelehela ho ba buisanang le meea, ’me le se ke la batla keletso ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.” (Levitike 19:31) O re fa tlhokomeliso ena e le hore a ka re sireletsa ho Satane le bademona. Ke lira tsa Molimo ’me li batla ho re ntša kotsi.
-
-
Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
6. Hlola Satane le bademona ba hae
Bademona ba busoa ke Satane. Empa mangeloi a tšepahalang a tataisoa ke lengeloi le ka sehloohong Mikaele, e leng lebitso le leng la Jesu. Mikaele o na le matla a makae? Bala Tšenolo 12:7-9 ebe le buisana ka potso e latelang:
Ke bo-mang ba nang le matla a maholo, na ke Mikaele le mangeloi a hae kapa Satane le bademona ba hae?
Na u nahana hore balateli ba Jesu ba lokela ho tšaba Satane le bademona ba hae?
U ka hlola Satane le bademona ba hae. Bala Jakobo 4:7 ebe le buisana ka potso ena:
U ka itšireletsa joang khahlanong le Satane le bademona ba hae?
-
-
’Muso oa Molimo oa BusaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
2. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ho tloha ka 1914 le tsela eo batho ba etsang lintho ka eona
Barutuoa ba Jesu ba ile ba re ho eena: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ha Jesu a ba araba, o ile a ba bolella lintho tse ngata tse neng li tla etsahala ha a qala ho busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Tse ling tsa tsona ke lintoa, khaello ea lijo le litšisinyeho tsa lefatše. (Bala Matheu 24:7.) Hape khale Bibele e boletse hore tsela eo batho ba etsang lintho ka eona “matsatsing a ho qetela” e ne e tla etsa hore bophelo bo be “thata.” (2 Timothea 3:1-5) Lintho tsena li ile tsa bonahala hantle ho tloha ka selemo sa 1914.
3. Ke hobane’ng ha maemo a lefatše a ile a ba mabe le ho feta ha ’Muso oa Molimo o qala ho busa?
Ka mor’a hore Jesu e be Morena oa ’Muso oa Molimo, o ile a loana le Satane le bademona ba hae leholimong. Jesu o ile a hlola Satane. Bibele e re Satane o ile a ‘liheloa tlaase lefatšeng ’me mangeloi a hae a liheloa tlaase le eena.’ (Tšenolo 12:9, 10, 12) Satane o halefile haholo hobane oa tseba hore o tl’o felisoa. Ka lebaka leo, o etsa hore ho be le mathata le lintho tse bohloko lefatšeng. Taba ena e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse mpe hakana. ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata ana kaofela.
-
-
’Muso oa Molimo oa BusaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
5. Ho tloha ka 1914 boemo ba lefatše bo ile ba fetoha
Jesu o ile a bua ka lintho tse neng li tla etsahala lefatšeng ka mor’a hore e be Morena. Bala Luka 21:9-11 ebe le buisana ka potso ena:
Linthong tse hlahang moo, ke life tseo u kileng oa li bona kapa oa utloela ka tsona?
Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na batho ba ne ba tla ba joang mehleng ea bofelo. Bala 2 Timothea 3:1-5 ebe le buisana ka potso ena:
Na ho na le batho bao u kileng oa bona ba etsa lintho tsee?
-