Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Itebele Khahlanong le Thetso
    Molula-Qhooa—2004 | February 15
    • 5. Satane o haketse joang boitekong ba hae ba ho thetsa nakong ee ea bofelo, hona liphofu tsa hae tse ka sehloohong ke bo-mang?

      5 Nakong ena ea bofelo, Satane o haketse. O lihetsoe tlaase lefatšeng. Oa tseba hore nako ea hae ha e sa le kae, ’me o “halefile haholo.” Kaha o ikemiselitse ho timetsa batho ba bangata ka hohle kamoo a ka khonang, o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9, 12) Satane ha a thetse seoelo. Ha e le hantle, ha a khathale boitekong ba hae ba ho khelosa batho.a O sebelisa mokhoa o mong le o mong oa thetso o pokellong ea hae—ho akarelletsa ho qhekella le mano—ho foufatsa likelello tsa ba sa lumelang le ho ba suthisetsa hōle le Molimo. (2 Bakorinthe 4:4) Setsebi sena sa thetso se hlile se ikemiselitse ho harola ba rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24; 1 Petrose 5:8) Le ka mohla u se ke ua lebala hore ha e le hantle Satane o ikanne ka hore: ‘Nka etsa hore leha e le mang a furalle Molimo.’ (Jobo 1:9-12) A re hlahlobeng a mang a ‘maqiti a Satane a thetso’ le kamoo re ka itebelang khahlanong le ’ona kateng.—Baefese 6:11, Jewish New Testament.

  • Itebele Khahlanong le Thetso
    Molula-Qhooa—2004 | February 15
    • a Buka e ’ngoe ea litšupiso ha e bua ka sebōpeho sa leetsi le fetoletsoeng e le ‘ho khelosa’ ho Tšenolo 12:9 e re se “bontša ketso e tsoelang pele e seng e fetohile mokhoa.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela