-
Kreste o Etella Pele ka Mafolo-folo KajenoMolula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
Balebeli Letsohong le Letona la Kreste
8, 9. (a) Moapostola Johanne o ile a amohela pono efe? (b) Likandelare tse supileng le linaleli tse supileng li ne li tšoantšetsa eng?
8 Moapostola Johanne, setho sa sehlopha se busang sa phutheho ea pele ea Bokreste, o ile a fumana pono eo ho eona a ileng a “bona likandelare tsa gauda tse supileng; ’me har’a likandelare ka bona e mong ea kang mor’a motho . . . O na a tšoere linaleli tse supileng letsohong le letona la hae.” Jesu Kreste o ile a hlalosetsa Johanne: “Sephiri sa linaleli tse supileng tseo u li boneng letsohong la ka le letona, le likandelare tse supileng tsa gauda. Linaleli tse supileng ke mangeloi a likereke [liphutheho] tse supileng; ’me likandelare tse supileng tseo u li boneng, ke likereke [liphutheho] tse supileng.”—Tšenolo 1:12-20.
9 Ha e hlalosa ka serapa sena, buka “Then Is Finished the Mystery of God” e re: “Na ‘mangeloi’ ao ke a sa bonahaleng? Che. Moapostola Johanne o ile a amohela Tšenolo e feletseng ho Jesu Kreste ka lengeloi la leholimong, ’me e ne e tla ba ho sa utloahaleng hore o ne a ka boetse a ngolla mangeloi a leholimong, sebakeng se sa bonahaleng. Ha a hloke melaetsa e neng e ngoletsoe liphutheho tse supileng Asia. Moelelo oa motheo oa tlotla ‘lengeloi’ ke ‘lenģosa; moromuoa.’ . . . Kaha linaleli tsena tse supileng tsa tšoantšetso li bonoa li le ka letsohong le letona la Jesu, li tlhokomelong ea hae le boikarabellong ba hae hape li tlas’a tataiso ea hae, ‘letsoho la hae le letona’ la matla ao a a sebelisang le khona ho li tataisa le ho li sireletsa. . . . Kaha ‘likandelare tse supileng’ ponong ea ‘letsatsi la Morena’ li tšoantšetsa liphutheho tsohle tsa ’nete tsa Bokreste hona joale, ‘letsatsing lena la sebele la Morena’ ho tloha ka 1914 C.E., kahoo ‘linaleli tse supileng’ li tšoantšetsa balebeli bohle ba tsoetsoeng ka moea, ba tlotsitsoeng ba kang mangeloi ba liphutheho tse joalo tsa kajeno.”b—Maqephe 102-4.
10. Ke “mesebetsi” efe e eketsehileng e beiloeng tlhokomelong ea mohlanka?
10 Balebeli bana ba tlotsitsoeng ba ka letsohong le letona la Kreste kaofela ke karolo ea “mohlanka” eo A mo khethileng ho ba “moalosi oa mesebetsi ea hae kaofela.” Kaha Morena oa mohlanka enoa o apesitsoe ka boikarabelo bo boholoanyane ho tloha ka 1914, “mesebetsi ea hae kaofela” e tlameha ho akarelletsa lintho tse ling tse ngata bakeng sa mohlanka ho feta nakong e fetileng. Ka lebaka le le leng, joaloka “manģosa a Kreste,” hona joale masala ke manģosa a Morena ea busang a busa holim’a ’Muso o hlomiloeng. (2 Ba-Korinthe 5:20) A beiloe ho ikarabella linthong tsohle tsa moea tseo e leng tsa Morena lefatšeng. A tlameha ho sebeletsa ho phethahatsa boprofeta bo sebelitseng ho tloha ha ho hlongoa ’Muso. Hona ho akarelletsa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle le ahiloeng bakeng sa bopaki.” (Mattheu 24:14, NW) Ho feta leha e le neng pele, a tlameha ho tsoa ho ea etsa “barutuoa ba batho ba lichaba tsohle,” kahoo a bokella “bongata bo boholo ba batho” bo se nang palo. (Mattheu 28:19, 20, NW; Tšenolo 7:9) E, tsena “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” ke karolo ea “mesebetsi” e ekelitsoeng ea Kreste lefatšeng.—Haggai 2:7.
11. (a) “Mesebetsi” ee e eketsehileng e ile ea etsa hore ho hlokahale eng? (b) Ke mang ea tsamaisang mosebetsi, hona joang?
11 Hona hohle ho bolela mosebetsi o eketsehileng bakeng sa “mohlanka” enoa ea entsoeng ka batho ba sehlopha, tšimo e kholoanyane ea tšebetso, e hlileng e atolohang “ho isa pheletsong ea lefatše.” Ho boetse ho hloka ntlo-kholo e kholoanyane le makala a maholoanyane bakeng sa ho tsamaisa mosebetsi le bakeng sa ho hatisa le ho aba libuka bakeng sa boboleli le boithuto ba botho. Joaloka lekholong la pele la lilemo, mosebetsi ona o phethoa tlas’a boetapele bo mafolo-folo ba Jesu Kreste, eo ka tšoantšetso a leng “har’a likandelare,” kapa liphutheho. O li tsamaisa ka balebeli ba tlotsitsoeng, bao a ba tšoereng ka tšoantšetso ka “letsohong le letona la hae.” (Tšenolo 1:13, 16) Joaloka linakong tsa pele tsa Bokreste, sehlopha sa balebeli bana ba tlotsitsoeng se etsa Sehlopha se Busang se bonahalang sa phutheho ea Kreste lefatšeng. ‘Letsoho la hae le letona’ la matla a a sebelisang le tsamaisa banna bana ba tšepahalang ha ba tsamaisa mosebetsi oa ’Muso.
-
-
Kreste o Etella Pele ka Mafolo-folo KajenoMolula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
b Tokollo ea Molula-Qhooa oa la 15 Motšeanong, 1972, e hlakisitse ntlha ena haholoanyane, e re: “Ntle ho pelaelo, hase moholo a le mong, mopresibitheri, molebeli kapa molisa, empa ‘sehlopha sa baholo’ kaofela e ne e le sona seo Morena ea tlotlisitsoeng, Jesu Kreste, a se bitsitseng ‘lengeloi’ le neng le tšoantšetsoa ka naleli ea leholimong. . . . ‘Sehlopha sa baholo’ (kapa presibitheri) mane Efese se ne se lokela ho sebetsa joaloka naleli bakeng sa ho khantša leseli la leholimong, la moea holim’a phutheho eo moea o halalelang o ba entseng balisa ba eona.”
-