Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 22, 23. (a) Johanne o re ho etsahala’ng ka mor’a hore drakone e liheloe lefatšeng? (b) Drakone e ka khona ho hlorisa “mosali ea ileng a tsoala ngoana e motona” joang?

      22 Ho tloha ha Satane a lelekoa habohloko, barab’abo Kreste ba ntseng ba le lefatšeng ba ile ba utloa bohloko bo boholo ka lebaka la khalefo ea hae. Johanne o tlaleha tjena: “Joale ha drakone e bona hore e lihetsoe tlaase lefatšeng, ea hlorisa mosali ea ileng a tsoala ngoana e motona. Empa mosali a fuoa mapheo a mabeli a ntsu e khōlō, e le hore a ka fofela lefeelleng sebakeng sa hae; ke hona moo a feptjoang teng ka nako le linako le halofo ea nako hōle le sefahleho sa noha.”—Tšenolo 12:13, 14.

  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 24. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hlaheloa ke eng e tšoanang le se ileng sa hlahela Baiseraele ha ba lopolloa Egepeta?

      24 Ha ntoa ea pele ea lefatše e ntse e kupa, ka botšepehi barab’abo Jesu ba ile ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa ho paka ho fihlela moo ho khonehang. Hona ho ne ho etsoa har’a khanyetso e matla e tsoang ho Satane le mahlahana a hae a sehlōhō. Qetellong, mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele oa ho paka phatlalatsa o ile oa batla o emisa ka ho feletseng. (Tšenolo 11:7-10) Ke hona nakong eo moo ba ileng ba hlaheloa ke se tšoanang le se ileng sa hlahela Baiseraele ha ba le Egepeta moo le bona ba ileng ba mamella khatello e khōlō. Ke moo Jehova a ileng a ba ntša ka potlako, joalokaha eka ke ka mapheo a ntsu, a ba isa sebakeng se sireletsehileng lehoatateng la Sinai. (Exoda 19:1-4) Ka ho tšoanang, ka mor’a mahloriso a tšabehang ka 1918-19, Jehova o ile a lopolla lipaki tsa hae, tse emelang mosali oa hae, a li isa boemong ba moea boo ho bona li neng li tla sireletseha joalokaha Baiseraele ba ne ba sireletsehile lehoatateng. Sena e ne e le karabo lithapelong tsa bona.—Bapisa le Pesaleme ea 55:6-9.

      25. (a) Ka 1919 Jehova o ile a hlahisa eng, ka mokhoa o tšoanang le oo ka oona a ileng a hlahisa Baiseraele e le sechaba lefeelleng? (b) Ke bo-mang ba bōpang sechaba see, ke eng eo ba tlisitsoeng ho eona?

      25 Ha ba le lefeelleng moo, Jehova o ile a hlahisa Baiseraele e le sechaba, a ba hlokomela moeeng le nameng. Ka ho tšoanang, ho qala ka 1919, Jehova o ile a hlahisa peō ea mosali e le sechaba sa moea. Hona ha hoa lokela ho ferekanngoa le ’Muso oa Bomesia o ’nileng oa busa o le maholimong ho tloha ka 1914. Ho e-na le hoo, sechaba sena se secha se entsoe ka masala a lipaki tse tlotsitsoeng lefatšeng, a ileng a tlisoa boemong bo khanyang ba moea ka 1919. Kahobane joale a ne a hlokomeloa ka “tekanyo ea [’ona] ea lijo ka nako e tšoanetseng,” a ile a matlafalletsoa mosebetsi o larileng ka pele.—Luka 12:42; Esaia 66:8.

      26. (a) Nako e boletsoeng ho Tšenolo 12:6, 14, e bolelele bo bokae? (b) Morero oa linako tse tharo le halofo e ne e le ofe, li qalile neng, hona li felile neng?

      26 Phomolo eo ea peō ea mosali oa Molimo e bile telele hakae? Tšenolo 12:6 e re e nkile matsatsi a 1 260. Tšenolo 12:14 e re ke nako, linako le halofo ea nako; ka mantsoe a mang, ke linako tse tharo le halofo. Ha e le hantle, lipolelo tseo ka bobeli li emela lilemo tse tharo le halofo, ho tloha nakong ea selemo ka 1919 ho fihlela nakong ea hoetla ka 1922 Karolong e ka Leboea ea lefatše. Ena e ne e le nako ea ho tsosolosoa ho khathollang le ho hlophisoa bocha ho sehlopha sa Johanne se tsosolositsoeng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela