Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Part 8—Mokoloko o Molelele oa Mebuso ea Lefatše o Atamela Qetello ea Oona
    Molula-Qhooa—1988 | June 1
    • ’Muso oona ona oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o hlalositsoe pejana bukeng ea Tšenolo e le sebata se “nang le linaka tse peli.” ’Muso ona oa lefatše o likarolo li peli o “bolella ba ahileng lefatšeng hore ba etsetse” sebata sa bopolotiki se emelang mebuso eohle e supileng ea lefatše “setšoantšo.”—Tšenolo 13:11, 14.

  • Part 8—Mokoloko o Molelele oa Mebuso ea Lefatše o Atamela Qetello ea Oona
    Molula-Qhooa—1988 | June 1
    • HA MASISA-PELO a Ntoa ea I ea Lefatše a nkileng lilemo tse ’nè a ea bofelong, mopresidente oa Amerika Woodrow Wilson le tona-khōlō ea Brithani David Lloyd George ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ho etsoe Selekane sa Lichaba. Sepheo sa sona e ne e le ho “finyella khotso ea machaba le tšireletseho,” e le hore ho se be mohla masisa-pelo a ntoa e joalo a ka hlolang a e-ba teng hape.

      Hoa thahasellisa ho hlokomela ba ileng ba nka bohato bona. Baeta-pele bana ba babeli e ne e le lihlooho tsa ’Muso oa Lefatše, oa bosupa historing ea Bibele oa Manyesemane le Maamerika o buang Senyesemane. Sena ’moho le linnete tse ling mabapi le mokhatlo oa khotso ea machaba le tšireletseho li nyalana, ka tsela e hlollang, le seo buka ea Bibele ea Tšenolo e neng e se boletse ka “morena oa boroba meno e le ’meli” ea neng a tla phela ka nako e khutšoanyane, ea neng a tla phahama le ho oa mehleng ea rōna. Tse ling tsa lintho tsee tse nyalanang ke life?—Tšenolo 17:11.

      Boprofeta ba Tšenolo bo ile ba senola hore “sebata” se nang le “linaka tse peli tse joale ka tsa konyana” se ne se tla bolella ‘ba ahileng lefatšeng hore ba etsetse sebata setšoantšo,’ se neng se etelloa pele ke mebuso ea lefatše e meholo e supileng ea histori ea Bibele.

      Sena ke sona hantle seo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ileng oa se etsa. O ile oa phehella “ba ahileng lefatšeng” hore ba etse Selekane se neng se bonahala se bile se sebetsa joaloka mebuso e matla. Empa ha e le hantle e ne e mpa e le ‘setšoantšo sa sebata.’ Se ne se se na matla ao e leng a sona, se ne se e-na le ao se a neiloeng ke lichaba tseo e leng litho tsa sona feela. Ha se hlalosoe se fumana matla ka tlhōlo e ’ngoe e khōlō ea sesole, joalokaha mebuso ea pejana e ne e entse joalo. Ho e-na le hoo, se phahama kapa se hlaha mebusong ea lefatše ea pejana e supileng. Ha sea khona ho ba teng feela ka baka la oa bosupa ho eona empa hape ka baka la lichaba tseo e leng litho tsa sona tse akarelletsang masalla a e tšeletseng e neng e ile ea tla pele. Na setšoantšo see sa bopolotiki se ne se tla finyella lipheo tse phahameng tseo bathehi ba sona ba neng ba tšepile hore se tla li finyella?—Tšenolo 17:11, 14.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela