Utloang Seo Moea o se Bolellang Liphutheho
“Ea nang le tsebe ha a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.”—TŠENOLO 3:22, “NW.”
Boitsebiso bo maqepheng a 10 ho ea ho 21 bo ile ba fanoa Likopanong tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa Toka ea Molimo ka 1988 e le lipuo tse qalang tsa neheletsano eo sehlooho sa eona se neng se re “Nako e Khethiloeng e Haufi.”
1. Ke mantsoe afe a Tšenolo ao e leng litaba tse molemo mehleng ee e hlokang thabo, hona “boprofeta” le “nako e khethiloeng” tseo ho buuoang ka tsona ke life?
LILEMONG tse seng kae tse fetileng setsebi se seng sa tulisano United States se ile sa hlalosa hore naheng eo batho ba na le bolokolohi bo bongata haholo empa ha ba na thabo e lekaneng. O ile a phaella, batho “ba fumana hore thabo e ba phonyohile. Paradeise eo ba neng ba itšepisitse ka eona e ipakile e le lefeela.” Ha re talima sena, mantsoe a moapostola Johanne ho Tšenolo 1:3 (NW) ke litaba tse molemo, hobane o re bolella kamoo re ka fumanang thabo kateng. Johanne o ngotse: “Ho thabile ea balang ka lentsoe le phahamileng le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona; hobane nako e khethiloeng e haufi.” “Boprofeta” boo a buang ka bona ke bo tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo. ’Me “nako e khethiloeng” ke nako eo boprofeta bona ba Tšenolo bo tlamehang ho phethahatsoa ka eona. Mantsoe a Johanne a na le bohlokoa bo tebileng ho rōna kajeno.
2. E tlameha e be Johanne o ne a ntse a ipotsa eng ha lekholo la pele la lilemo le atamela qetello ea lona?
2 Nako e fetang lilemo tse 60 pele a ngola buka ea Tšenolo, Johanne o ne a le teng ka Pentekonta ha ho theoa phutheho ea Bokreste e tlotsitsoeng. Joale, ka 96 C.E., phutheho eo e ne e se e hōlile ho tloha ho litho tse 120 tseo e neng e e-na le tsona qalong, ho fetoha mokhatlo o hlophisitsoeng o moholo, oa machaba. Empa ho ne ho bile le mathata. Feela joalokaha Jesu, Pauluse, le Petrose ba ne ba lemositse, bokoenehi le lihlotšoana tsa bokhelohi li ne li qala ho hlaha, ’me e tlameha e be Johanne o ile a ipotsa hore na bokamoso bo tšoere eng.—Mattheu 13:24-30, 36-43; Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1-3.
3. Lipono tseo Johanne a li boneng le tseo a li tlalehileng ho Tšenolo e ne e le tiiso ea eng?
3 Joale, u ka inahanela hore na o ile a thaba hakaakang ha a amohela “tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo, ho tsebisa bahlanka ba hae litaba tse tšoanetseng ho hlaha kapele.” (Tšenolo 1:1) Ka letoto la lipono tse hlollang, Johanne o ile a bona hore merero ea Jehova e ne e tla phethahatsoa le hore mamello ea Bakreste ba tšepahalang e ne e tla putsoa ka ho babatsehang. O ile a boela a amohela melaetsa e tsoang ho Jesu e eang ho liphutheho tse supileng; ha e le hantle, melaetsa ena e ne e le keletso ea ho qetela ea Jesu e tobileng Bakreste pele A e-tla ka khanya ea ’Muso.
Liphutheho Tse Supileng
4. (a) Boikarabelo ba liphutheho tsa Bokreste tse tšepahalang ke bofe? (b) Ke eng e bontšoang ke ’nete ea hore baholo ba tlotsitsoeng ba bonoa e le linaleli tse supileng tse letsohong le letona la Kreste?
4 Liphutheho tsena tse supileng tsa Bakreste ba tlotsitsoeng li ne li emeloa ke liluloana tsa mabone tse supileng, ’me baholo ba tlotsitsoeng ba ka hare ho tsona ba ne ba emeloa ke linaleli tse supileng tse letsohong le letona la Kreste. (Tšenolo 1:12, 16, TLP) Ka setšoantšo sena se hlakileng, Johanne o ile a bona hore liphutheho tsa Bokreste tse tšepahalang e tlameha ho ba maseli, joaloka mabone a khantšitsoeng liluloaneng tsa ’ona lefatšeng le lefifi. (Mattheu 5:14-16) Hore Jesu o tšoere baholo letsohong la hae le letona ho ne ho bontša hore o etella baholo pele, oa ba tataisa ’me oa ba busa.
5. Melaetsa e eang ho liphutheho tse supileng e ne e tobisitsoe ho bo-mang mehleng ea Johanne?
5 Jesu o bolella Johanne: “Seo u se bonang u se ngole bukeng ’me u se romelle liphutheho tse supileng, e Efese le e Smyrna le e Pergame le e Thyatire le e Sarda le e Filadelfia le e Laodicea.” (Tšenolo 1:11, NW) Liphutheho tsena li ne li hlile li le teng mehleng ea Johanne, ’me re ka kholiseha hore ha Johanne a qeta ho ngola Tšenolo, phutheho ka ’ngoe e ile ea amohela kopi. Empa hlokomela seo Dictionary of the Bible ea Hastings e se bolelang ka Tšenolo: “Ho batla ho se buka e ’ngoe ka T[estamenteng] e N[cha] e tšehetsoang ke bopaki bo bongata joaloka eona lekholong la bo2 la lilemo.” Sena se bolela hore buka ea Tšenolo e ne e sa tsejoe kapa hona ho baloa ke Bakreste ba liphuthehong tse supileng feela empa hape ke ba bang ba bangata ba neng ba batla ho ithuta mantsoe a boprofeta. Ka sebele, keletso ea Jesu e ne e ea ho Bakreste bohle ba tlotsitsoeng.
6, 7. (a) Mantsoe a Tšenolo a sebetsa haholo-holo neng, hona re tseba see joang? (b) Ke bo-mang kajeno ba emeloang ke linaleli tse supileng le ke liphutheho tse supileng?
6 Empa melaetsa ena e eang ho liphutheho tse supileng e sebetsa ka tsela e pharalletseng haholoanyane. Ho Tšenolo 1:10 (NW), Johanne o re: “Ka pululelo ke ile ka ba letsatsing la Morena.” Temana ena ke senotlolo sa bohlokoa sa ho notlolla kutloisiso ea Tšenolo. E bontša hore e sebetsa haholo-holo “letsatsing la Morena,” le qalileng ha Jesu a fetoha Morena ka 1914. Kutloisiso ena e tiisoa ke melaetsa ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng. Ho eona re fumana lipolelo tse kang mantsoe ana a eang ho Pergame: “Ke tla ho uena kapele.” (Tšenolo 2:16, NW; 3:3, 11) Ka mor’a 96 C.E., Jesu ha aa ka a ‘tla’ ka tsela leha e le efe e totobetseng ho fihlela ha a behoa teroneng e le Morena ka 1914. (Liketso 1:9-11) Joale, ho phethahatsa Malakia 3:1, o ‘tlile’ hape ka 1918, ha a e-tla tempeleng ea Jehova ho tla qala ka ho ahlola ntlo ea Molimo. (1 Petrose 4:17) O tla ‘tla’ hape, haufinyane, ha a e-tla “ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—2 Ba-Thessalonika 1:7, 8; Mattheu 24:42-44.
7 Re hopotse sena, re utloisisa hore liphutheho tse supileng li tšoantšetsa liphutheho tsohle tsa Bakreste ba tlotsitsoeng tsa ka mor’a 1914, ’me linaleli tse supileng li emela baholo bohle ba tlotsitsoeng ba liphuthehong tseo. Ho feta moo, baholo bao e leng ba “linku tse ling” le bona, ha ho atolosoa taba, ba letsohong le letona la tsamaiso ea Jesu. (Johanne 10:16) Hape keletso e eang ho liphutheho tse supileng e hlile e sebetsa ho liphutheho tsohle tsa batho ba Molimo kajeno lefatšeng ka bophara, ho akarelletsa tse entsoeng ka Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng.
8. Jesu o ile a fumana boemo bofe ha a e-tla ho tla hlahloba ba ipolelang e le Bakreste ka 1918?
8 Ha Jesu a e-tla ho tla hlahloba ba ipolelang e le Bakreste ka 1918, o ile a fumana Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ba leka ka matla ho boloka mantsoe a boprofeta. Ho tloha ka bo-1870 ba ne ba ’nile ba lemosa batho ka bohlokoa ba selemo sa 1914. Ba ne ba hlokofalitsoe haholo matsohong a Bokreste-’mōtoana nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ’me ka 1918 mosebetsi oa bona o ile oa bonahala eka o khaolitse ha basebeletsi ba ka sehloohong ba Mokhatlo oa Watch Tower ba kenngoa chankaneng ka liqoso tsa bohata. Empa liphihlelo tsa bona ka nako eo li tšoanela boprofeta ba Tšenolo ka ho tsotehang. Hape boikemisetso ba bona ba ho utloa mantsoe a Jesu a neng a ea ho liphutheho tse supileng bo ile ba ba tsebahatsa ntle le pelaelo e le bona feela Bakreste bao e leng maseli lefatšeng lena le leng lefifing. Kajeno, masala ana a bōpa sehlopha sa Johanne se phelelang ho bona le ho kopanela phethahatsong ea likarolo tse ngata tsa Tšenolo.
Keletso le Pabatso
9, 10. Ke phethahatso ea mantsoe afe a Jesu e tliselitseng Bakreste ba mehleng ea kajeno thabo e khōlō? Hlalosa.
9 Ho Tšenolo 3:8, Jesu o ile a bolella phutheho ea Filadelfia: “Ke tseba mesebetsi ea hao. Bona, ke butse monyako pel’a hao, o ke keng oa koaloa ke motho; hobane u na le matlanyana, ’me u bolokile lentsoe la ka, ’me ha ua ka ua latola lebitso la ka.” Ka ho totobetseng, Bakreste ba Filadelfia ba ne ba le mafolo-folo, ’me joale ba ne ba buleloa monyako o mong oa monyetla.
10 Bonnete ba molaetsa ona mehleng ea kajeno bo ile ba thabisa batho ba Molimo haholo. Ka mor’a liphihlelo tsa bona tse lekang ka 1918, ba ile ba tsosolosoa moeeng, ’me ka 1919 Jesu a ba bulela monyako o mong oa monyetla. Ba ile ba kena ka monyako oo ha ba amohela thōmo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lichabeng tsohle. Kaha moea oa Jehova o ne o le holim’a bona, ho ne ho se letho le ka thibang mosebetsi ona, ’me Bakreste bana ba tšepahalang ba ile ba e-ba le tokelo e khōlō ea ho phethahatsa tšobotsi e khōlō ea pontšo ea ho ba teng ha Jesu. (Mattheu 24:3, 14) Ka baka la mosebetsi oa bona oa ho bolela ka botšepehi, masala a ba 144 000 a ile a bitsoa ’me a tlotsoa, ’me “bongata bo boholo ba batho” ba bokelloa ka matšoele-tšoele. (Tšenolo 7:1-3, 9) See se tliselitse batho ba Molimo thabo e kaakang!
11. Ba etsang lihlotšoana tsa bokhelohi ba lekile ho silafatsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova joang mehleng ea Johanne, ’me ba entse joalo joang mehleng ea rōna?
11 Na ho na le ntho leha e le efe e ka ba amohang thabo ee? E. Ka mohlala, ho sa tsotellehe tlaleho e ntle ea mamello, baholo ba Pergame ba ile ba hloleha ho thibela thuto ea sehlotšoana sa bokhelohi sa Nikola hore e se kene ka phuthehong. (Tšenolo 2:15) Lihlotšoana tsa bokhelohi li ne li ntse li ipha matla. Ka ho tšoanang, ho theosa le mehla ena ea qetello, batho ba bang ba ’nile ba iketsa bakoenehi ’me ba leka ho silafatsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Baholo ka kakaretso ba ’nile ba ba hanyetsa, empa ka masoabi, ba bang ba khelositsoe. E se eka le ka mohla re ke ke ra lumella bakoenehi ho re amoha thabo ea rōna!
12. (a) Tšusumetso ea Balaame le Jezebele ke eng? (b) Na Satane o lekile ho kenya tšusumetso ea Balaame kapa ea Jezebele ka phuthehong ea Bokreste mehleng ea kajeno?
12 Jesu o ile a boela a lemosa phutheho ea Pergame ka “ba eang ka thuto ea Balaame.” (Tšenolo 2:14) Thuto ee e ne e le efe? Motho e mong Pergame o ne a silafatsa Bakreste ba moo ka tsela e tšoanang le eo Balaame a ileng a silafatsa Baiseraele ka eona lefeelleng: ka ho ba khothalletsa hore “ba je tse hlabetsoeng melimo ea bohata, ’me ba etse bohlola.” (Numere 25:1-5; 31:8) Jesu o ile a lemosa phutheho ea Thyatire ka ‘mosali eo Jesebele.’ Mosali enoa le eena o ne a ruta Bakreste hore “ba etse bohlola, ’me ba je linama tse hlabetsoeng melimo ea bohata.” (Tšenolo 2:20) Na Satane o lekile ho kenya tšusumetso ea Balaame kapa ea Jezebele ka phuthehong ea Bokreste kajeno? Ka sebele o lekile, ho isa bohōleng boo ho khaoloang ba ka bang 40 000 ka selemo, boholo ba bona e le ka lebaka la boitšoaro bo bobe. Ke ketsahalo e bohloko hakaakang! Banna ba kang Balaame hammoho le basali ba kang Jezebele ba fetohetse baholo ’me ba lekile ho silafatsa phutheho. E se eka re ka loantša litšusumetso tse joalo tse litšila ka matla ’ohle a rōna!—1 Ba-Korinthe 6:18; 1 Johanne 5:21.
13. (a) Hlalosa kamoo Jesu a nyonyang ho ba fofo kateng. (b) Ke hobane’ng ha batho ba Laodicea ba ne ba le fofo, hona re ka qoba bofokoli bona joang kajeno?
13 Ho Tšenolo 3:15, 16, Jesu o bolelletse phutheho ea Laodicea: “Ke tseba mesebetsi ea hao: ha u bate, ha u chese; holane ua bata, kapa ua chesa! ’Me joale, ereka ha a le fofo, u sa bate, u sa chese, ke tla u hlatsa molomong oa ka.” Ke tlhaloso e hlakileng hakaakang ea hore na Jesu o nyonya ho ba fofo hakaakang! O tsoela pele: “U re: Ke morui, ke mononi, ’me ha ke hloke letho.” E, lerato la lintho tse bonahalang le ne le khelositse Bakreste ba Laodicea. Ba ne ba khotsofetse ka seo ba nang le sona ’me ba sa tsotelle letho. Empa Jesu o ile a re ho bona: “Ha u tsebe hobane o soto, u malimabe, u mofutsana, u sefofu, u feela.” (Tšenolo 3:17) Na re batla ho ba ‘soto, malimabe, mafutsana, lifofu, le ho ba feela’ mahlong a Jesu? Le hanyenyane! Kahoo a re loantšeng ka hohle lerato la lintho tse bonahalang kapa ho ba fofo.—1 Timothea 6:9-12.
Mamella ho Fihlela Qetellong
14. (a) Phutheho ea Smyrna e ile ea talimana le mathata afe? (b) Ho na le lintho life kajeno tse tšoanang le liphihlelo tsa Smyrna?
14 Phutheho e neng e se fofo ke ea Smyrna. Ho Bakreste bana, Jesu o itse: “Ke tseba mesebetsi ea hao, le matšoenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha u mpa u le morui; ke tseba le linyefolo tsa ba ipitsang ba-Juda, athe hase bona, empa e le sinagoge ea Satane. U se ke ua tšaba letho la tseo u tlang ho tšoenngoa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ea kenya ba bang ho lōna teronkong, hore le lekoe; ’me le tla ba le matšoenyeho a matsatsi a leshome.” (Tšenolo 2:8-10) See se tšoana hantle hakaakang le phihlelo ea Bakreste kajeno! Bakreste ba kajeno, batlotsuoa hammoho le linku tse ling, le bona ba mamelletse khanyetso e mabifi ea “sinagoge ea Satane” ea kajeno, Bokreste-’mōtoana. Ho tloha ntoeng ea pele ea lefatše ho tla fihlela joale, banna, basali, le bana ba likete-kete ba ’nile ba otloa, ba kenngoa chankaneng, ba hlokofatsoa, ba betoa, kapa ba bolaoa hobane ba hana ho sekisetsa botšepehi ba bona.
15, 16. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ka fumana thabo joang ho sa tsotellehe ho hlokofatsoa ke mahloriso? (b) Ke meputso efe e khethehileng e letetseng linku tse ling e li thusang hore le tsona li fumane thabo?
15 Na liphihlelo tse joalo lia thabisa? Tsona ka botsona ha li thabise. Empa joaloka baapostola, Bakreste ba tšepahalang ba mamellang liteko ba latsoa thabo e tebileng ka hare “kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.” (Liketso 5:41) Hape ba lula ba thabile ho sa tsotellehe eng kapa eng eo lira tsa bona li ba etsang eona hobane ba tseba hore nako e khethiloeng bakeng sa ho putsa botšepehi ba bona e haufi, ’me moputso ke o moholo ka sebele. Jesu o itse ho Bakreste ba Smyrna: “U tiee ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšenolo 2:10) Hape ho ba leng Sarda o itse: “Ea hlōlang, eena o tla apesoa liaparo tse tšoeu, ’me nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo.”—Tšenolo 3:5.
16 Ke ’nete hore litšepiso tsena li sebetsa ka ho toba ho Bakreste ba tlotsitsoeng, li ba hopotsa moputso o ba letetseng oa bophelo ba ho se shoe leholimong. Empa bao ba linku tse ling le bona ba matlafatsoa ke mantsoe ana. Jehova o na le moputso oo a ba lokiselitseng oona ka ho tšoanang, haeba ba cheseha ’me ba mamella. Ba na le tebello e khanyang ea ho rua bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise tlas’a ’Muso o matsohong a Kreste. Mono ba tla fumana Paradeise eo batho ba lefatše lena ba ke keng ba e fumana.
17. Jesu o ile a qetella molaetsa ka mong ka mantsoe afe, hona mantsoe a hae a bolela eng bakeng sa rōna kajeno?
17 Jesu o ile a qetella o mong le o mong oa melaetsa ea hae e eang liphuthehong ka mantsoe ana: “Ea nang le tsebe ha a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.” (Tšenolo 3:22, NW) E, re tlameha ho utloa le ho mamela mantsoe a Molisa e Moholo. Re tlameha ho qoba litšila le bokoenehi, hape re tlameha ho boloka cheseho ea rōna. Ho amohela ha rōna moputso ho itšetlehile ka seo. Hape ha re hlahloba boitsebiso bo eketsehileng bo ho Tšenolo, re ba le boikemisetso bo boholoanyane ba ho etsa sona seo.
Litiiso Tsa Buka
18. (a) Jesu o amohela eng lekhotleng la leholimo? (b) Ho kalla ha banna ba bararo ba lipere ba ho Tšenolo khaolo 6 ho bolela eng ho batho ba phelang kajeno?
18 Ka mohlala, likhaolong tsa 4 le 5, Johanne o bona pono e makatsang ea lekhotla la leholimo la Jehova. Konyana ea Molimo, Jesu Kreste, e moo, ’me e amohela buka e nang le litiiso tse supileng. Khaolong ea 6, Jesu o bula litiiso tse tšeletseng ho tse supileng, ka ho latellana. Ha ea pele e buloa, ho bonoa mokalli oa pere e tšoeu. O nehoa moqhaka ’me o kalla “e le ea hlōlang le ea tla hlōla.” (Tšenolo 6:2) Enoa ke Jesu, Morena e mocha ea sa tsoa roesoa moqhaka. Ha a qala ho kalla ka tlhōlo, ka borena ka 1914, letsatsi la Morena le ile la qaleha. Ha ho buloa litiiso tse tharo tse latelang, ho hlaha lipere tse ling tse tharo le bakalli ba tsona. Tsena ke lipono tse tšosang, tse emelang ntoa ea batho, tlala, le ho shoa ka lefu la seoa le ka lisosa tse ling. Li tiisa boprofeta bo boholo ba Jesu ba hore ho ba teng ha hae leholimong ka matla a borena ho ne ho tla tšoauoa lefatšeng ka lintoa tse khōlō, litlala, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, le litlokotsi tse ling. (Mattheu 24:3, 7, 8; Luka 21:10, 11) Ruri Bakreste ba tlameha ho utloa mantsoe a Jesu a eang ho liphutheho tse supileng hore ba tle ba mamelle nakong e joalo.
19. (a) Nakong ea ho ba teng ha Kreste, ho fanoa ka moputso ofe ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba seng ba shoele? (b) Ke liketsahalo life tse tšosang tse emeloang ke ho buloa ha tiiso ea botšelela, hona li lebisa potsong efe?
19 Ha ho buloa tiiso ea bohlano, ho senoloa ketsahalo e ’ngoe sebakeng sa moea se sa bonahaleng. E mong le e mong oa Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoetseng tumelo ea bona o nehoa seaparo se sesoeu. Ka ho totobetseng, kaha joale ho ba teng ha Kreste e se e le ntho ea sebele, tsoho ea leholimo e se e qalile. (1 Ba-Thessalonika 4:14-17; Tšenolo 3:5) Joale ho buloa tiiso ea botšelela, ’me “lefatše,” tsamaiso ea lintho ea lefatšeng ea Satane, e reketlisoa ke tšisinyeho e khōlō ea lefatše. (2 Ba-Korinthe 4:4, NW) “Leholimo” la puso ea batho le tlas’a tsamaiso ea Satane le phuthoa joaloka buka ea khale, e lokelang ho lahloa. Ka ho tšoha, batho ba bafetoheli ba hooa ba feletsoe ke tšepo ho mafika: “Re oeleng holimo, le re pate pel’a sefahleho sa ea lutseng teroneng le pel’a bohale ba Konyana. Hobane letsatsi le leholo la khalefo ea eona le chabile, ’me ho ka ema mang?”-Tšenolo 6:13, 14, 16, 17.
20. Ke mang ea ka emang nakong ea letsatsi le leholo la khalefo ea Jehova le ea Konyana?
20 ’Me ho ka ema mang? Koana, Jesu o se a ntse a arabile potso eo. Bao ba “utloang seo moea o se bolellang liphutheho” ba tla ema letsatsing leo le leholo la khalefo. ’Me ho tiisa sena, Johanne o tsoela pele ho ithuta ka ho tiisoa ha ba ho qetela ba ba 144 000 le ho bokelloa ha bongata bo boholo ba batho ba tsoang lichabeng tsohle ho pholoha “mahlomoleng a maholo.” (Tšenolo 7:1-3, 14) Empa joale ke nako ea hore ho buloe tiiso ea bosupa ea buka ’me Johanne a bontšoe lipono tse ling tse hlollang, ’me rōna kajeno, re li bontšoe ka eena. Sehlooho se latelang se tšohla tse ling tsa lipono tsena.
Na u sa Hopola?
◻ Kamano ke efe pakeng tsa Jesu le baholo ba phutheho?
◻ Ke mathata afe ao baholo ba Pergame le ba Thyatire ba ileng ba thulana le ’ona, hona mathata a tšoanang a amme liphutheho joang kajeno?
◻ Phutheho ea Laodicea e ile ea etsa phoso efe e tebileng, hona re ka qoba ho etsa phoso e tšoanang joang kajeno?
◻ Ke joang Bakreste ba ileng ba lokela ho mamella lekholong lee la bo20 la lilemo, hona ke litšepiso life tsa Jesu tse ba thusitseng ho etsa joalo?
◻ Re ka qoba ho nyahama le ho felloa ke tšepo hoo lichaba li tla ho latsoa ka Harmagedone joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Ba bang ba Bakreste ba tšepahalang ba ileng ba hlokofatsoa likampong tsa mahloriso tsa Manazi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
DÖW, Vienna, Austria