Khaolo 30
“Babylona e Moholo o Oele!”
1. Lengeloi la bobeli le phatlalatsa eng, hona Babylona e Moholo ke mang?
KE HORA ea Molimo ea ho ahlola! Joale, mamela molaetsa oa Molimo: “Le leng, lengeloi la bobeli, la latela, le re: ‘O oele! Babylona e Moholo o oele, ea ileng a noesa lichaba tsohle veine ea bohale ba bohlola ba hae!’” (Tšenolo 14:8) Ka lekhetlo la pele, empa e se la ho qetela, Tšenolo e tšohla Babylona e Moholo ka ho toba. Hamorao, khaolo ea 17 e tla mo hlalosa e le seotsoa se ineheletseng menate ea nama. Ke mang? Joalokaha re tla bona, ke ’muso oa lefatše lohle, ke bolumeli, hape ke tsamaiso ea bohata ea Satane eo a e sebelisang ho loantša peō ea mosali oa Molimo. (Tšenolo 12:17) Babylona e Moholo ke ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata. O akarelletsa malumeli ’ohle a ntšetsang pele lithuto tsa bolumeli le mekhoa ea bolumeli ea Babylona ea boholo-holo le a bontšang moea oa eona.
2. (a) Bolumeli ba Babylona bo ile ba qhalakana joang ho ea likarolong tsohle tsa lefatše? (b) Karolo e hlaheletseng ka ho fetisisa ea Babylona e Moholo ke efe, hona e hlahile neng e le mokhatlo o matla?
2 Ke hona Babylona, lilemong tse fetang 4 000 tse fetileng, moo Jehova a ileng a ferekanya lipuo tsa batho ba neng ba tla haha Tora ea Babele. Lihlopha tsa lipuo tse sa tšoaneng li ile tsa qhalakanyetsoa lipheletsong tsa lefatše, li tsamaea le litumelo le mekhoa ea bokoenehi tseo malumeli a mangata a thehiloeng ho tsona le kajeno. (Genese 11:1-9) Babylona e Moholo ke karolo ea bolumeli ea mokhatlo oa Satane. (Bapisa le Johanne 8:43-47.) Karolo ea eona e hlaheletseng ka ho fetisisa kajeno ke Bokreste-’mōtoana bo koenehileng, bo ileng ba hlaha e le mokhatlo o matla o sa eeng ka molao lekholong la bone la lilemo ka mor’a Kreste, o nang le lithuto le litloaelo tse nkiloeng haholo-holo bolumeling ba Babylona, eseng Bibeleng.—2 Bathesalonika 2:3-12.
3. Ke joang ho ka thoeng Babylona e Moholo o oele?
3 U ka ’na ua botsa, ‘Kaha bolumeli bo ntse bo e-na le tšusumetso e khōlō lefatšeng, ke hobane’ng ha lengeloi le phatlalatsa hore Babylona e Moholo o oele?’ Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a 539 B.C.E. ha Babylona ea boholo-holo e oa? Iseraele e ile ea lokolloa hore e khutlele ha habo eona ho ea tsosolosa borapeli ba ’nete moo! Kahoo ka 1919 ha Iseraele ea moea e tsosolosetsoa naleng ea moea e khanyang, e ntseng e tsoela pele e bile e eketseha ho fihlela kajeno, hoo e ne e le bopaki ba hore Babylona e Moholo e ile ea oa selemong seo. Ha e sa na matla a ho thibela batho ba Molimo. Ho feta moo, e aparetsoe ke likhathatso tse tebileng tse har’a litho tsa eona. Ho tloha ka 1919 bobolu ba eona, ho hloka botšepehi ha eona le boitšoaro bo bobe ba eona li ’nile tsa pepesoa ka ho pharaletseng. Libakeng tse ngata Europe, ke batho ba seng bakae feela ba sa ntsaneng ba ea kerekeng, ’me linaheng tse ling tsa bososhiale, bolumeli bo nkoa e le “ntho e tšerehanyang batho.” Kaha ea nyeliseha mahlong a bohle ba ratang Lentsoe la Molimo la ’nete, hona joale Babylona e Moholo e se e emetse lefu, e letetse hore ho phethahatsoe kahlolo ea Jehova e lokileng khahlanong le eona.
Ho oa ha Babylona ho Nyelisehang
4-6. ‘Babylona e Moholo . . . o ile a noesa lichaba tsohle veine ea bohale ba bohlola ba hae’ joang?
4 A re hlahlobeng ka ho qaqileng haholoanyane maemo a potolohileng ho oa ho nyelisehang ha Babylona e Moholo. Mona lengeloi le re bolella hore ‘Babylona e Moholo . . . o ile a noesa lichaba tsohle veine ea bohale ba bohlola ba hae.’ Hoo ho bolela’ng? Ho amana le tlhōlo. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho Jeremia: “Nka senoelo sena sa veine ea khalefo letsohong la ka, ’me u se noese lichaba tsohle tseo ke u romelang ho tsona. Li tla se noa ’me li thekesele ’me li itšoare joaloka batho ba hlanyang ka lebaka la sabole eo ke e romelang har’a tsona.” (Jeremia 25:15, 16) Lekholong la botšelela le la bosupa la lilemo B.C.E., Jehova o ile a sebelisa Babylona ea boholo-holo ho tšolla senoelo sa tšoantšetso sa matšoenyeho hore se nooe ke lichaba tse ngata, tse akarelletsang Juda e koenehileng, hoo le batho ba hae ba ileng ba isoa botlamuoeng. Joale, ha nako ea eona e fihla, Babylona e ile ea oa hobane morena oa eona o ile a iphahamisetsa Jehova, “Morena oa maholimo.”—Daniele 5:23.
5 Babylona e Moholo e boetse e hlōtse, empa e hlōtse haholo-holo ka bolotsana. E ile ea “noesa lichaba tsohle veine” ka ho sebelisa maqheka a letekatse, ea etsa bohlola ba bolumeli le tsona. E hokahokile babusi ba lipolotiki hore ba thehe lilekane le eona ba be ba etse setsoalle le eona. Ka likhoheli tsa bolumeli, e lohile leano la ho hatella batho lipolotiking, khoebong le moruong. E hlohlelelitse mahloriso a bolumeli le lintoa tsa bolumeli le lintoa tsa Bokreste, hammoho le lintoa pakeng tsa lichaba, ka mabaka a bopolotiki le a khoebo feela. ’Me e halalelitse lintoa tsena ka ho re ke thato ea Molimo.
6 Ho itšunya-tšunya ha bolumeli lintoeng le lipolotiking tsa lekholo la bo20 la lilemo ke ntho e tsejoang hohle—joaloka Japane ea Boshinto, India ea Bohindu, Vietnam ea Bobuddha, Ireland Leboea “ea Bokreste” le Latin America “ea Bokreste,” hammoho le libakeng tse ling—re se re sa re letho ka hore ebe lintoeng tse peli tsa lefatše baruti ba mabotho a masole ka mahlakoreng a mabeli ba ile ba kenya letsoho ka ho khothalletsa bahlankana hore ba bolaeane. Mohlala o totobetseng oa ho feba ha Babylona e Moholo ke ho kopanela ha eona Ntoeng ea Lehae ea Spain ka 1936-39, eo ho eona ho ileng ha bolaoa bonyane batho ba 600 000. Ho tšolloa hona ha mali ho bakiloe ke batšehetsi ba baruti ba K’hatholike le bo-mphato ba bona, lebaka le leng e le hobane ’muso o thehiloeng ka molao oa Spain o ne o beha leruo la kereke le boemo ba eona kotsing.
7. Ke mang eo Babylona e Moholo e ’nileng ea mo korola ka ho khethehileng hore e mo hlasele, ’me e sebelisitse mekhoa efe khahlanong le eena?
7 Kaha Babylona e Moholo ke karolo ea bolumeli ea peō ea Satane, kamehla e ’nile ea korola “mosali” oa Jehova, “Jerusalema oa holimo,” ka ho khethehileng e le hore e mo hlasele. Lekholong la pele la lilemo, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ile ea khetholloa ka ho hlaka e le peō ea mosali. (Genese 3:15; Bagalata 3:29; 4:26) Babylona e Moholo e ile ea leka ka thata ho hlōla phutheho eo e hloekileng ka ho e eka hore e etse bohlola ba bolumeli le eona. Moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba ile ba lemosa hore ba bangata ba ne ba tla inehela ha ba ekoa ’me ho ne ho tla hlaha bokoenehi bo boholo. (Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1-3) Melaetsa ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng e ile ea bontša hore ho ella qetellong ea bophelo ba Johanne, Babylona e Moholo e ne e tsoela pele e leka ho senya. (Tšenolo 2:6, 14, 15, 20-23) Empa Jesu o ne a se a ntse a bontšitse hore na e ne e tla lumelloa hore e tsoele pele ho ea hōle hakae.
Koro le Mofoka
8, 9. (a) Setšoantšo sa Jesu sa koro le mofoka se bontša’ng? (b) Ho ile ha etsahala’ng “ha batho ba ntse ba robetse”?
8 Setšoantšong sa hae sa koro le mofoka, Jesu o ile a bua ka motho ea ileng a jala peō e ntle tšimong. Empa “ha batho ba ntse ba robetse,” sera sa tla ’me sa jala mofoka holim’a koro. Kahoo koro ea pupetsoa ke mofoka. Jesu o ile a hlalosa setšoantšo sa hae ka mantsoe ana: “Mojali oa peō e ntle ke Mor’a motho; tšimo ke lefatše; ha e le peō e ntle, bana ke bara ba ’muso; empa mofoka ke bara ba ea khopo, ’me sera se ileng sa o jala ke Diabolose.” Eaba o bontša hore koro le mofoka li ne li tla tlohelloa hore li hōle hammoho ho fihlela “qetellong ea tsamaiso ea lintho,” ha mangeloi a ne a tla “bokellela” mofoka oa tšoantšetso ka ntle.—Matheu 13:24-30, 36-43.
9 Seo Jesu le moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba lemositseng ka sona se ile sa etsahala. “Ha batho ba ntse ba robetse,” ebang ke ka mor’a hore baapostola ba robale lefung kapa ha balebeli ba Bakreste ba ne ba otsela ntlheng ea ho lebela mohlape oa Molimo, bokoenehi ba Babylona bo ile ba hlaha hona ka hare ho phutheho. (Liketso 20:31) Kapele-pele mofoka o ne o se o feta koro ka bongata ’me o ile oa e pupetsa hore e se ke ea bonahala. Ka lilemo tse makholo a mangata, mohlomong ho ne ho bonahala eka peō ea mosali e koahetsoe ka ho feletseng ke mese e habuhabu ea Babylona e Moholo.
10. Ho ile ha etsahala’ng ka bo-1870, ’me Babylona e Moholo e ile ea etsa joang ha e bona see?
10 Ka bo-1870 Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba qala ho etsa boiteko bo tiileng ba ho ikarola litseleng tsa botekatse tsa Babylona e Moholo. Ba ile ba lahla lithuto tsa bohata tseo Bokreste-’mōtoana bo li nkileng boheteneng ’me ka sebete ba sebelisa Bibele ho bolela hore linako tsa Balichaba li ne li tla fela ka 1914. Kofuto e ka sehloohong ea Babylona e Moholo, e leng baruti ba Bokreste-’mōtoana, e ile ea hanyetsa tšusumetso ena ea ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ba ile ba nka monyetla ka pherekano e bakoang ke ntoa eaba ba leka ho felisa sehlotšoana seo sa Bakreste ba tšepahalang. Ka 1918, ha mesebetsi ea sona e ne e batla e khinnoe ka ho feletseng, ho ne ho bonahala eka Babylona e Moholo e atlehile. Ho ne ho bonahala eka e ba hlōtse.
11. Ho oa ha Babylona ea boholo-holo ho ile ha fella ka eng?
11 Joalokaha re hlokometse pejana, motse oa Babylona o ikhohomosang o ile oa oa habohloko pusong ka 539 B.C.E. Joale ho ile ha utloahala mohoo o reng: “E oele! Babylona e oele!” Setsi se seholo sa ’muso oa lefatše se ne se oetse ho mabotho a Medo-Persia a tlas’a Cyruse e Moholo. Le hoja motse ka booona o ile oa sala o ntse o le teng ka mor’a hore o hlōloe, ho oa ha oona pusong e ne e le ha sebele, ’me ho ile ha fella ka hore batlamuoa ba Bajuda ba neng ba le ho oona ba lokolloe. Ba ile ba khutlela Jerusalema ho ea theha borapeli bo hloekileng hape hona teng.—Esaia 21:9; 2 Likronike 36:22, 23; Jeremia 51:7, 8.
12. (a) Ke joang ho ka thoeng Babylona e Moholo o oele mehleng ea rōna? (b) Ke eng e pakang hore Jehova o lahlile Bokreste-’mōtoana ka ho feletseng?
12 Le mehleng ea rōna mohoo oa hore Babylona e Moholo o oele o utloahetse! Katleho ea nakoana eo Bokreste-’mōtoana ba Bobabylona bo ileng ba e fumana ka 1918 e ile ea fetoha hampe ka 1919 ha masala a batlotsuoa, e leng sehlopha sa Johanne, a ne a tsosolosoa ka tsoho ea moea. Babylona e Moholo e ne e se e ntse e oele ntlheng ea ho tšoara batho ba Molimo ho ba etsa batlamuoa ka tsela leha e le efe. Joaloka litsie, barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba ile ba tsoa ka mohohlong ka bongata, ba itokiselitse mosebetsi. (Tšenolo 9:1-3; 11:11, 12) E ne e le “lekhoba le tšepahalang le le masene” la kajeno, ’me Morena o ile a le beha hore le hlokomele lintho tsohle tsa hae lefatšeng. (Matheu 24:45-47) Ho sebelisoa ha bona ka tsela ena ho ile ha paka hore Jehova o lahlile Bokreste-’mōtoana ka ho feletseng ho sa tsotellehe ho ipolela ha bona hore ke bona bo mo emelang lefatšeng. Borapeli bo hloekileng bo ile ba thehoa bocha, ’me ho ne ho butsoe tsela e le hore ho phethoe mosebetsi oa ho tiisa masala a ba 144 000—ba setseng ba peō ea mosali, e leng sera sa khale sa Babylona e Moholo. Hona hohle ho ile ha bontša hore mokhatlo oo oa bosatane oa bolumeli o hlōlehile ka ho feletseng.
Mamello Bakeng sa Bahalaleli
13. (a) Lengeloi la boraro le phatlalatsa eng? (b) Jehova o ahlola ba amohelang letšoao la sebata joang?
13 Joale lengeloi la boraro lea bua. Mamela! “Lengeloi le leng, la boraro, la a latela, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Haeba leha e le mang a rapela sebata le setšoantšo sa sona, ’me a amohela letšoao phatleng ea hae kapa letsohong la hae, o tla boela a noe veine ea bohale ba Molimo e tšolleloang ka har’a senoelo sa khalefo ea hae e sa hlapolloa.’” (Tšenolo 14:9, 10a) Ho Tšenolo 13:16, 17, ho ile ha senoloa hore ka letsatsi la Morena ba sa rapeleng setšoantšo sa sebata ba ne ba tla utloa bohloko—le hore ba ne ba tla bolaoa. Joale re ithuta hore Jehova o ikemiselitse ho ahlola ba “nang le letšoao, lebitso la sebata kapa palo ea lebitso la sona.” Ba tla qobelloa ho noa “senoelo sa khalefo” se babang sa bohale ba Jehova. Hoo ho tla bolela’ng ho bona? Ka 607 B.C.E., ha Jehova a qobella Jerusalema ho noa “senoelo sa hae sa khalefo,” motse oo o ile oa utloa “tlatlapo le thipitlo, le tlala le sabole” matsohong a Bababylona. (Esaia 51:17, 19) Ka ho tšoanang, ha barapeli ba litšoantšo ba mebuso ea lipolotiki ea lefatše le setšoantšo sa eona, e leng Machaba a Kopaneng, ba noa senoelo sa khalefo ea Jehova, seo se tla ba tlisetsa tlokotsi. (Jeremia 25:17, 32, 33) Ba tla timetsoa ka ho feletseng.
14. Le pele ba rapelang sebata le setšoantšo sa sona ba timetsoa, batho ba joalo ba tlameha ho utloa eng, hona Johanne o hlalosa see joang?
14 Leha ho le joalo, le pele hoo ho etsahala, ba nang le letšoao la sebata ba tlameha ho utloa bohloko bo bakoang ke ho se amoheloe ke Jehova. Ha le bua ka motho ea rapelang sebata le setšoantšo sa sona, lengeloi le re ho Johanne: “’Me o tla hlokofatsoa ka mollo le sebabole mahlong a mangeloi a halalelang le mahlong a Konyana. Mosi oa tlhokofatso ea bona o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla, ’me bosiu le motšehare ha ba phomole, ba rapelang sebata le setšoantšo sa sona, le mang kapa mang ea amohelang letšoao la lebitso la sona.”—Tšenolo 14:10b, 11.
15, 16. Mantsoe “mollo le sebabole” a hlahang ho Tšenolo 14:10 a bontša’ng?
15 Ha ho buuoa ka mollo le sebabole mona, ba bang ba ’nile ba talima hoo e le bopaki ba hore mollo oa lihele o teng. Empa ho talima hakhutšoanyane boprofeta bo tšoanang le bona ho bontša seo mantsoe ana a hlileng a se bolelang tabeng ena. Morao koana mehleng ea Esaia, Jehova o ile a lemosa sechaba sa Edomo hore se ne se tla otloa ka lebaka la ho bontša bora ho Iseraele. O ile a re: “Melapo ea eona e phoroselang e tla fetoha sekontiri se metsi, lerōle la eona le fetohe sebabole; naha ea eona e tla ba sekontiri se metsi se tukang. E ke ke ea tima bosiu kapa motšehare; mosi oa eona o tla nyoloha ho isa nakong e sa lekanyetsoang. E tla omella ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong; ho ke ke ha e-ba le ea fetang ho eona ka ho sa feleng le kamehla.”—Esaia 34:9, 10.
16 Na Edomo e ile ea akheloa ka mollong oa lihele oa tšōmong hore e che ka ho sa feleng? Le hanyenyane. Ho e-na le hoo, sechaba seo ha sea ka sa hlola se e-ba teng lefatšeng joalokaha eka se chesitsoe ka mollo le sebabole ka ho feletseng. Phello ea ho qetela ea kotlo e ne e se tlhokofatso ea ka ho sa feleng empa e ne e le ho ba “lesupi le . . . lefeela.” (Esaia 34:11, 12) Mosi o ‘nyolohang ho isa nakong e sa lekanyetsoang’ o bontša sena ka ho hlaka. Ha ntlo e cha lore! mosi o ntse o kubella moloreng nako e itseng ka mor’a hore malakabe a fele, o fa batho ba shebeletseng bopaki ba hore ho bile le tšenyo e khōlō ea mollo. Le kajeno batho ba Molimo ba hopola thuto eo ba lokelang ho ithuta eona ho timetsoeng ha Edomo. Ka tsela ena ‘mosi oa ho cha ha eona’ o ntse o nyoloha ka tsela ea tšoantšetso.
17, 18. (a) Ho etsahala’ng ka ba amohelang letšoao la sebata? (b) Barapeli ba sebata ba hlokofatsoa ka tsela efe? (c) “Mosi oa tlhokofatso ea bona o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla” joang?
17 Ba nang le letšoao la sebata le bona ba tla timetsoa ka ho feletseng, joalokaha eka ke ka mollo. Joalokaha boprofeta bo bontša hamorao, litopo tsa bona li tla tloheloa li sa patoa hore liphoofolo le linonyana li li je. (Tšenolo 19:17, 18) Kahoo, ho hlakile hore ha ba hlile ha ba hlokofatsoe ka ho sa feleng! Ba “hlokofatsoa ka mollo le sebabole” joang? Ka hore ho phatlalatsoa ha ’nete hoa ba pepesa ebile ho ba lemosa ka kahlolo ea Molimo e tlang. Ka hona ba nyelisa batho ba Molimo ’me, moo ho khonehang, ka bolotsana ba susumelletsa sebata sa bopolotiki ho hlorisa Lipaki Tsa Jehova le ho li bolaea. Ha litaba li fihla tlhōrōng, bahanyetsi bana ba tla timetsoa joalokaha eka ke ka mollo le sebabole. Joale “mosi oa tlhokofatso ea bona o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla” ka kutloisiso ea hore kahlolo ea Molimo ho bona e tla ba eona e tla sebelisoa e le mohlala haeba ho ka boela ha belaelloa hore Jehova o na le tokelo ea ho ba ’musi. Tseko eo e tla be e rarolotsoe ka ho sa feleng.
18 Ke bo-mang ba fanang ka molaetsa o hlokofatsang kajeno? Hopola hore litsie tsa tšoantšetso li na le matla a ho hlokofatsa batho ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona. (Tšenolo 9:5) Ho bonahala eka bana ba tataisoang ke mangeloi ke bona bahlokofatsi. Litsie tsa tšoantšetso li phehella hoo ‘bosiu le motšehare ba sa phomoleng, ba rapelang sebata le setšoantšo sa sona, le mang kapa mang ea amohelang letšoao la lebitso la sona.’ ’Me qetellong, ka mor’a hore ba timetsoe, bopaki bo boholohali ba ho tlosa qoso bobusing ba Jehova, “mosi oa tlhokofatso ea bona,” bo tla nyoloha ka ho sa feleng le kamehla. E se eka sehlopha sa Johanne se ka mamella ho fihlela ho tlosoa hoo ha qoso ho phethiloe! Joalokaha lengeloi le qetella: “Mona ke moo ho amehang mamello bakeng sa bahalaleli, ba bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ho Jesu.”—Tšenolo 14:12.
19. Ke hobane’ng ha ho hlokahala mamello ho bahalaleli, ’me Johanne o tlaleha mantsoe afe a ba matlafatsang?
19 E, “mamello bakeng sa bahalaleli” e bolela hore ba rapele Jehova ka boinehelo bo khethehileng ka Jesu Kreste. Molaetsa oa bona ha o ratoe. O baka khanyetso, mahloriso, le ho bolaeloa tumelo. Empa ba matlafatsoa ke mantsoe a latelang ao Johanne a a tlalehang: “Ka utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: ‘Ngola: Ho thaba bafu ba shoang ba le bonngoeng le Morena ho tloha nakong ena ho ea pele. E, ho bolela moea, ba ke ba phomole mesebetsing ea bona, etsoe lintho tseo ba ileng ba li etsa li tsamaea hammoho le bona.’”—Tšenolo 14:13.
20. (a) Tšepiso e tlalehiloeng ke Johanne e lumellana le boprofeta ba Pauluse bo mabapi le ho ba teng ha Jesu joang? (b) Batlotsuoa ba shoang ka mor’a hore Satane a ntšoe leholimong ba tšepisoa tlotla efe e khethehileng?
20 Tšepiso ena e lumellana hantle le boprofeta ba Pauluse mabapi le ho ba teng ha Jesu bo reng: “Ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele. Ka mor’a moo rōna ba phelang ba ntseng ba setse [batlotsuoa ba ntseng ba phela ho fihlela letsatsing la Morena], hammoho le bona, re tla nkeloa marung ho ea kopana le Morena moeeng.” (1 Bathesalonika 4:15-17) Ka mor’a hore Satane a ntšoe leholimong, ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba ile ba tsoha pele. (Bapisa le Tšenolo 6:9-11.) Ka mor’a moo, batlotsuoa ba shoang letsatsing la Morena ba tšepisoa tlotla e khethehileng. Ba tsosetsoa bophelong ba moea leholimong hang-hang, “ka ho panya ha leihlo.” (1 Bakorinthe 15:52) Hoo ke ho babatsehang hakaakang! ’Me mesebetsi ea bona ea ho loka e tsoela pele hona leholimong.
Ho Kotula Lijalo Tsa Lefatše
21. Johanne o re bolella eng ka “lijalo tsa lefatše”?
21 Ba bang le bona ba tla rua molemo letsatsing lena la kahlolo, joalokaha Johanne a tsoela pele ho re bolella: “Ka talima, ’me, bonang! leru le lesoeu, ’me holim’a leru ho lutse e mong ea joaloka mor’a motho, a roetse moqhaka oa khauta hloohong ’me a e-na le sekele e bohale letsohong la hae. Lengeloi le leng [la bone] la hlaha sehalalelong sa tempele, le hoeletsa ea lutseng holim’a leru ka lentsoe le phahameng: ‘Akhela sekele ea hao ’me u kotule, hobane hora ea ho kotula e fihlile, kaha lijalo tsa lefatše li butsoitse ka ho phethahetseng.’ Ea lutseng holim’a leru a akhela sekele ea hae lefatšeng, ’me lefatše la kotuloa.”—Tšenolo 14:14-16.
22. (a) Ke mang ea roetseng moqhaka oa khauta ea bileng a lutseng holim’a leru le lesoeu? (b) Mosebetsi oa ho kotula o fihla tlhōrōng neng, hona joang?
22 Ha ho pelaelo hore na ea lutseng holim’a leru le lesoeu ke mang. Ho hlakile hore ea lutseng holim’a leru le lesoeu, ea tšoanang le mor’a motho ea bileng a roetseng moqhaka oa khauta, ke Jesu, e leng Morena oa Bomesia eo Daniele le eena a ileng a mo bona ponong. (Daniele 7:13, 14; Mareka 14:61, 62) Empa kotulo e profetiloeng moo ke eng? Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a tšoantša mosebetsi oa ho etsa barutuoa le ho kotula tšimo ea lefatše la batho. (Matheu 9:37, 38; Johanne 4:35, 36) Mosebetsi ona oa ho kotula o fihla tlhōrōng letsatsing la Morena, ha Jesu a roesoa moqhaka e le Morena ’me a phethahatsa kahlolo ea Ntate oa hae. Kahoo, nako ea hae ea ho busa, e qalileng ka 1914, hape ke nako e thabisang ea ho tlisa kotulo.—Bapisa le Deuteronoma 16:13-15.
23. (a) Lentsoe le reng ho qaloe ho kotula le hlaha ho mang? (b) Ke kotulo efe e ’nileng ea tsoela pele ho tloha ka 1919 ho tla fihlela hona joale?
23 Le hoja Jesu e le Morena ebile e le Moahloli, o emetse lentsoe le tsoang ho Jehova Molimo oa hae pele a qala ho kotula. Lentsoe leo le tlisoa ke lengeloi le tsoang “sehalalelong sa tempele.” Kapele-pele, Jesu oa mamela. Pele, ho tloha ka 1919 ho ea pele, o ile a re mangeloi a hae a phethe ho kotuloa ha ba 144 000. (Matheu 13:39, 43; Johanne 15:1, 5, 16) Ka mor’a moo, ke kotulo ea ho bokella bongata bo boholo ba linku tse ling. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9) Histori e bontša hore pakeng tsa 1931 le 1935 palo e khōlō ea linku tsena tse ling e ile ea qala ho hlaha. Ka 1935 Jehova o ile a etsa hore sehlopha sa Johanne se utloisise ka ho hlaka hore na ha e le hantle bongata bo boholo bo boleloang ho Tšenolo 7:9-17 ke bo-mang. Ho tloha nakong eo ho ea pele, ho ’nile ha hatelloa haholo-holo bohlokoa ba ho bokella bongata bona bo boholo. Ka 2005, palo ea bona e ne e se e feta limilione tse tšeletseng, ’me e ntse e eketseha. Ka sebele, e mong ea kang mor’a motho o kotutse lijalo tse ngata haholo, tse thabisang nakong ena ea bofelo.—Bapisa le Exoda 23:16; 34:22.
Ho Hatakela Morara oa Lefatše
24. Lengeloi la bohlano le tšoere’ng letsohong, ’me lengeloi la botšelela le hoeletsa le re’ng?
24 Ha kotulo ea poloko e phethiloe, ke nako ea kotulo e ’ngoe. Johanne o tlaleha tjena: “Lengeloi le leng hape [la bohlano] la hlaha sehalalelong sa tempele se leholimong, le lona, le tšoere sekele e bohale. Lengeloi le leng hape [la botšelela] la hlaha aletareng ’me le ne le e-na le matla holim’a mollo. La hoeletsa ka lentsoe le phahameng ea neng a tšoere sekele e bohale, la re: ‘Akhela sekele ea hao e bohale ’me u bokelle masihla a sefate sa morara oa lefatše, hobane morara oa sona o butsoitse.’” (Tšenolo 14:17, 18) Mabotho a mangeloi a tšepetsoe hore a phethe karolo e khōlō ea mosebetsi oa ho kotula letsatsing la Morena, a arole ba lokileng ho ba babe!
25. (a) Taba ea hore lengeloi la bohlano le ne le hlaha sehalalelong sa tempele e bontša’ng? (b) Ke hobane’ng ha e le ho loketseng hore ebe taelo ea hore ho qaloe ho kotula e tsoa ho lengeloi le ileng la “hlaha aletareng”?
25 Lengeloi la bohlano le tsoa moo Jehova a leng hona teng sehalalelong sa tempele; kahoo, kotulo ea ho qetela le eona e etsoa ka thato ea Jehova. Lengeloi le leng le ileng la “hlaha aletareng” le fa lengeloi lena molaetsa o le laelang hore le qale mosebetsi oa lona. Ena ke taba ea bohlokoa haholo, kaha meea e tšepahalang e ka tlas’a aletare e ne e ile ea botsa potso e reng: “’Musi Morena ea halalelang le oa ’nete, u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola le ho pheteletsa mali a rōna holim’a ba lulang lefatšeng?” (Tšenolo 6:9, 10) Ha morara oa lefatše o kotuloa, mohoo ona o kōpang ho pheteletsoa o tla emisa.
26. “Morara oa lefatše” ke eng?
26 Empa “morara oa lefatše” ke eng? Ka Mangolong a Seheberu, sechaba sa Bajuda se ne se bitsoa sefate sa morara sa Jehova. (Esaia 5:7; Jeremia 2:21) Ka ho tšoanang, Jesu Kreste le ba tla sebetsa le eena ’Musong oa Molimo ba bitsoa sefate sa morara. (Johanne 15:1-8) Tlhophisong ena, ntho ea bohlokoa e khethollang sefate sa morara ke hore se beha litholoana, ’me sefate sa morara sa ’nete sa Bokreste se behile litholoana tse ngata, e leng ho rorisang Jehova. (Matheu 21:43) Kahoo, e tlameha ebe “morara oa lefatše” hase sefate sena sa ’nete sa morara, empa ke setšoantšo sa sona se entsoeng ke Satane, e leng tsamaiso ea hae e bolileng e bonahalang e busang batho, e nang le “masihla” a sa tšoaneng a litholoana tsa bodemona a hlahisitsoeng ka makholo a lilemo. Babylona e Moholo, eo Bokreste bo koenehileng e leng bona bo ka sehloohong ho eona, e sebelisitse tšusumetso e khōlō holim’a morara ona o chefo.—Bapisa le Deuteronoma 32:32-35.
27. (a) Ho etsahala’ng ha lengeloi le tšoereng sekele le bokella morara oa lefatše? (b) Ke boprofeta bofe ka Mangolong a Seheberu bo bontšang hore na kotulo e tla ba khōlō hakae?
27 Kahlolo e tlameha ho phethahatsoa! “Lengeloi la akhela sekele ea lona lefatšeng ’me la bokella morara oa lefatše, ’me la o lihela ka sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Molimo. Sehatelo sa veine sa hatakeloa ka ntle ho motse, ’me mali a tsoa sehatelong sa veine a phahame ho ea fihla litōmong tsa lipere, sebaka sa listadia tse sekete le makholo a tšeletseng.” (Tšenolo 14:19, 20) Khalefo ea Jehova khahlanong le morara ona ke khale e phatlalalitsoe. (Sofonia 3:8) Boprofeta bo bukeng ea Esaia ha bo siee khoao tabeng ea hore lichaba tsohle li tla timetsoa ha sehatelo sa veine se hatakeloa. (Esaia 63:3-6) Joele le eena o ile a profeta hore “bongata” bo boholo, lichaba tsohle, li ne li tla hatakeloa ho fihlela li timetsoa ‘sehatelong sa veine’ se “khohlong ea qeto.” (Joele 3:12-14) Ka sebele, e ne e tla ba kotulo e khōlōhali eo le ka mohla ho ke keng ha boela ha e-ba le e tšoanang le eona! Ho latela pono ea Johanne, ha ho kotuloe morara feela empa sefate sa morara sa tšoantšetso kaofela sea rengoa ’me se lahleloa sehatelong sa veine hore se hatakeloe. Kahoo morara oa lefatše o tla felisoa ’me o ke ke oa hlola o mela hape.
28. Ke bo-mang ba hatakelang morara oa lefatše, hona ho boleloa’ng ha ho thoe sehatelo sa veine se “hatakeloa ka ntle ho motse”?
28 Ho hatakeloa hona ho boleloang ponong ho etsoa ke lipere, kaha mali a tlhotliloeng morareng a fihla “litōmong tsa lipere.” Kaha lentsoe “lipere” hangata le bolela mesebetsi e amanang le ntoa, e tlameha ebe ena ke nako ea ntoa. Ho thoe mabotho a maholimo a latelang Jesu ho ea ntoeng ea ho qetela khahlanong le tsamaiso ea lintho ea Satane a hatakela “sehatelo sa veine sa bohale ba khalefo ea Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 19:11-16) Ho hlakile hore mabotho ana ke ’ona a hatakelang morara oa lefatše. Sehatelo sa veine se “hatakeloa ka ntle ho motse,” ke hore, ka ntle ho Sione ea leholimo. Ka sebele, ke ho loketseng hore morara oa lefatše o hatakeloe lefatšeng. Empa o tla boela o “hatakeloa ka ntle ho motse” ka hore ha ho kotsi e tla tlela ba setseng ba peō ea mosali, ba emelang Sione ea leholimo lefatšeng. Bana hammoho le bongata bo boholo ba batho ba tla patoa ba sireletsehile ka hare ho tokisetso ea Jehova ea mokhatlo o hlophisitsoeng lefatšeng.—Esaia 26:20, 21.
29. Mali a tsoang sehatelong sa veine a tebile hakae, a phallela hōle hakae, ’me see sohle se bontša’ng?
29 Pono ena e hlakileng e na le moo e tšoanang teng le ha lejoe la ’Muso le hlalositsoeng ho Daniele 2:34, 44 le silakanya mebuso ea lefatše. Eo e tla ba thipitlo e feletseng. Nōka ea mali e tsoang sehatelong sa veine e tebile haholo, e fihla litōmong tsa lipere, ’me e phalla sebakeng se bohōle ba listadia tse 1 600.a Palo ena e khōlō, e hlahang ha ho atisoa ’nè ka ’nè le ka leshome ka leshome (4 x 4 x 10 x 10), e hatisa molaetsa oa hore bopaki ba timetso bo tla akarelletsa lefatše lohle. (Esaia 66:15, 16) Timetso eo e tla ba e phethahetseng le e ke keng ea etsolloa. Le ka mohla morara oa lefatše oa Satane o ke ke oa hlola o mela!—Pesaleme ea 83:17, 18.
30. Litholoana tsa morara oa Satane ke life, ’me boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
30 Ha e le mona re phela hare-hare ho nako ea bofelo, pono ea mekhahlelo ena e ’meli ea kotulo ke ea bohlokoa haholo. Seo re lokelang ho se etsa feela ke ho sheba lintho tse re pota-potileng hore re bone litholoana tsa veine ea Satane. Ho ntšoa ha limpa le mekhoa e meng ea ho bolaea; bosodoma, bofebe, le mekhoa e meng ea boitšoaro bo bobe; ho hloka botšepehi le ho hloka lerato la tlhaho—lintho tse joalo kaofela li etsa hore lefatše lena e be le nyatsehang mahlong a Jehova. Morara oa Satane o beha “litholoana tsa semela se chefo le lengana.” Tsela ea oona e senyang ea borapeli ba litšoantšo e hlompholla ’Mōpi e Moholo oa batho. (Deuteronoma 29:18; 32:5; Esaia 42:5, 8) Ke tlotla e kaakang ho kopanela ka mafolofolo le sehlopha sa Johanne kotulong ea litholoana tse phelisang tseo Jesu a li hlahisang ho rorisa Jehova! (Luka 10:2) E se eka bohle re ka ikemisetsa hore le ka mohla re se silafatsoe ke morara oa lefatše lena, ka tsela eo re ka qoba ho hatakeloa le morara oa lefatše ha ho phethahatsoa kahlolo ea Jehova e boima.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Listadia tse 1 600 e ka ba lik’hilomithara tse ka bang 300, kapa limaele tse 180 tsa Manyesemane.—Tšenolo 14:20, NW, botlaaseng ba leqephe.
[Lebokose le leqepheng la 208]
‘Veine ea Bohlola ba Hae’
Karolo e hlaheletseng ea Babylona e Moholo ke Kereke ea Roma e K’hatholike. Kereke eo e busoa ke mopapa a le Roma ’me e bolela hore mopapa e mong le e mong ke mohlahlami oa moapostola Petrose. Boitsebiso bo latelang ke linnete tse phatlalalitsoeng mabapi le bana bao ho thoeng ke bahlahlami:
Formosus (891-96): “Likhoeli tse robong ka mor’a lefu la Formosus, setopo sa hae se ile sa ntšoa lebitleng phaphosing e ka tlaase eo ho patoang bapapa ho eona ’me sa qosoa ka pel’a lekhotla la ‘litopo,’ le neng le okametsoe ke Stephen [mopapa e mocha]. Mopapa eo ea shoeleng o ne a qosoa ka takatso e feteletseng ea mosebetsi oa bopapa ’me ho ile ha thoe liketso tsa hae kaofela e ne e le tse se nang thuso. . . . Setopo seo se ile sa hlobolisoa seaparo se selelele sa bopapa; menoana ea sona ea letsoho le letona ea khaoloa.”—New Catholic Encyclopedia.
Stephen VI (896-97): “Likhoeli tse seng kae [ka mor’a nyeoe ea setopo sa Formosus] Mopapa Stephen o ile a tlosoa setulong sa bopapa ka mabifi; o ile a amohuoa tlhompho ea bopapa, a kenngoa teronkong, a ba a khangoa.”—New Catholic Encyclopedia.
Sergius III (904-11): “Bahlahlami ba hae ba babeli ba tlang hantle ka mor’a hae . . . ba ile ba khameloa teronkong. . . . Ha a le Roma o ne a tšehetsoa ke lelapa la Theophylactus, leo ho lumeloang hore o bile le mora (eo hamorao e bileng Mopapa John XI) ka e mong oa barali ba lona, Marozia.”—New Catholic Encyclopedia.
Stephen VII (928-31): “Lilemong tsa ho qetela tsa bopapa ba hae, Mopapa John X . . . o ne a ile a halefisa Marozia, Donna Senatrix ea Roma, ’me o ile a kenngoa teronkong a ba a bolaoa. Joale Marozia o ile a fetisetsa bopapa ho Mopapa Leo VI, ea ileng a shoa ka mor’a likhoeli tse 6 1/2 a le mosebetsing oo. Stephen VII o ile a mo hlahlama, mohlomong e le ka tšusumetso ea Marozia. . . . Nakong ea lilemo tse peli tseo e bileng Mopapa ka tsona, o ne a se na matla, a laoloa ke Marozia.”—New Catholic Encyclopedia.
John XI (931-35): “Hoba Stephen VII a shoe . . . , Marozia, oa Ntlo ea Theophylactus, o ile a fumanela mora oa hae John bopapa, e le mocha ea ka holimonyana ho lilemo tse 20. . . . Ha e se e le mopapa, John o ne a laoloa ke ’m’ae.”—New Catholic Encyclopedia.
John XII (955-64): “O ne a e-s’o be lilemo li leshome le metso e robeli, ’me litlaleho tsa mehleng eo li lumellana ka hore o ne a sa thahaselle lintho tsa moea, e ne e le lekhoba la menate le mekhoa e mebe, a bile a ineheletse bophelo bo hlephileng.”—The Oxford Dictionary of Popes.
Benedict IX (1032-44; 1045; 1047-48): “O ne a tumme hampe ka hore o ile a rekisetsa motho eo e neng e le moemeli oa hae bopapa eaba ka mor’a moo o batla mosebetsi oo hape ka makhetlo a mabeli.”—The New Encyclopædia Britannica.
Kahoo, ho e-na le ho latela mohlala oa Petrose ea tšepahalang, bapapa bana le ba bang e ne e le tšusumetso e mpe. Ba ne ba lumella molato oa mali le bohlola ba moea le ba nama, hammoho le tšusumetso ea Jezebele, hore li silafatse kereke eo ba e busang. (Jakobo 4:4) Ka 1917 buka ea Liithuti Tsa Bibele ea The Finished Mystery e ile ea ntša tse ngata tsa linnete tsena ka mokhoa o qaqileng. Ena e ne e le tsela e ’ngoe eo ka eona Liithuti Tsa Bibele mehleng eo li ileng tsa “otla lefatše ka kotlo ea mofuta o mong le o mong.”—Tšenolo 11:6; 14:8; 17:1, 2, 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 206]
Kreste ea behiloeng teroneng o phetha kahlolo a tšehelitsoe ke mangeloi
[Setšoantšo se leqepheng la 207]
Ka mor’a hore Babylona e oe ka 539 B.C.E., batšoaruoa ba eona ba ile ba lokolloa