-
Ho Koaholla Sephiri se HalalelangTšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
16. (a) Ke bo-mang bao baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ileng ba ba hloea ka ho khetheha? (b) Ho ile ha etsahala’ng Bokreste-’mōtoaneng nakong ea Mehla e Bohareng? (c) Na bofetoheli ba Boprostanta, kapa Phetohelo, bo ile ba fetola litsela tsa bokoenehi tsa Bokreste-’mōtoana?
16 Le hoja ba ipolela hore ke balisa ba mohlape oa Molimo, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, ba nkileng likano tsa bolumeli le ba sa li nkang, ba bontšitse lehloeo le khethehileng ho mang le mang ea lekang ho khothalletsa ho bala Bibele kapa mang kapa mang ea pepesang mekhoa ea bona e sa lumellaneng le Mangolo. John Hus le mofetoleli oa Bibele William Tyndale, ba ile ba hlorisoa ba ba ba bolaoa. Nakong e lefifi ea Mehla e Bohareng, puso ea bokoenehi e ile ea fihla tlhōrōng Lekhotleng le Otlang Bakhelohi la K’hatholike la bodiabolose. Mang le mang ea neng a hanyetsa lithuto kapa matla a kereke o ne a hatelloa ntle ho mohau, ’me ba likete-kete ba neng ba bitsoa bakhelohi ba ne ba hlokofatsoa ho isa lefung kapa ba chesetsoa thupeng. Kahoo Satane o ne a ikemiselitse ho tiisa hore peō efe kapa efe ea ’nete ea mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng o kang mosali e ne e tla silakanngoa ka potlako. Ha bofetoheli ba Boprostanta, kapa Phetohelo, bo hlaha (ho tloha ka 1517 ho ea pele), likereke tse ngata tsa Prostanta li ile tsa bontša moea o tšoanang oa ho se mamelle likereke tse ling. Le tsona li ile tsa e-ba le molato oa mali ka ho bolaea ba ikemiselitseng ho tšepahala ho Molimo le ho Kreste. Ruri, “ba ile ba tšolla mali a bahalaleli” ka bolokolohi!—Tšenolo 16:6; bapisa le Matheu 23:33-36.
-
-
Ho Koaholla Sephiri se HalalelangTšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo itjarisitse molato o boima oa mali ka ho hlorisa le ho bolaea ba ileng ba fetolela Bibele, ba e bala, kapa ba neng ba e-na le eona
-