Harmagedone
Tlhaloso: Har Ma·ge·donʹ ea Segerike, e nkiloeng Seheberung eo bafetoleli ba bangata, ba e ngolang e le “Armageddone,” e bolela “Thaba ea Megiddo,” kapa “Thaba ea moo Mabotho a Subuhlellanang.” Bibele ha e amahanye lebitso le koluoa ea nuclear, empa e le amahanya le “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ea bokahohleng e tlang. (Tšen. 16:14, 16) Ka ho toba, lebitso lena le sebelisetsoa “sebaka [toʹpon, ka Segerike; ke hore, boemo]” seo babusi ba lipolotiki ba lefatše ba bokelloang ho sona khahlanong le Jehova le ’Muso oa hae ka Jesu Kreste. Khanyetso e joalo e tla bontšoa ka bohato ba lefatše lohle khahlanong le bahlanka ba Jehova ba lefatšeng, baemeli ba bonahalang ba ’Muso oa Molimo.
Na batho ba tla lumelloa ke Molimo ho senya lefatše ka seo ba bang ba se bitsang “Harmagedone ea lebatama la matla a nuclear?”
Pes. 96:10: ‘Jehova oa busa! lefatše le beang [te·velʹ, ka Seheberu; lefatše, e le phikoloho e nonneng le e nang le baahi, eo ho ka ahuoang ho eona] le tiea ke hona, ha le sisinyehe.’
Pes. 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”
Tšen. 11:18: “Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao [Jehova] bo hlahile le nako ea . . . ho senya ba senyang lefatše.”
Harmagedone ke eng kamoo e boleloang ka Bibeleng?
Tšen. 16:14, 16: “Eo ke meea ea bademona, e etsang mehlolo, e eang ho marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona, ho a memela ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle. ’Me ea ba bokella thoteng e bitsoang Harmagedone [Armageddone] ka Seheberu.”
Na Harmagedone e tla loanoa feela Bochabela bo Hare?
Babusi le mabotho a lichaba tsohle ba tla bokana ho loantša Molimo
Tšen. 16:14: “E eang ho marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona, ho a memela ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.”
Tšen. 19:19: “Eaba ke bona sebata [puso ea batho ba lipolotiki kaofela ha eona], le marena a lefatše, le makhotla a ’ona, a phuthehetse ho loana le ea kaletseng pere le makhotla a hae.”
Jer. 25:33: “Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše.”
Ho sebelisoa hoa lebitso Harmagedone (Armageddone) ho ke ke hoa bolela hore ntoa e tla loaneloa Thabeng ea sebele ea Megiddo
Ha ho na thaba e bitsoang Megiddo; ke tututsoana feela e ka bang bophahamo ba limithara tse 21 moo ho fumanehang lithako tsa Megiddo ea boholo-holo.
Marena le mabotho a ntoa a “lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona” a ne a ke ke a fella Sekhutlong sa Esdraelone, tlas’a Megiddo. Sekhutlo se likhutlo li tharo, bolelele ba sona ke feela 32 km le 29 km bophara ka lehlakoreng le ka bochabela.—The Geography of the Bible (New York, 1957), Denis Baly, leq. 148.
Lebitso lea tšoaneleha ka lebaka la karolo ea Megiddo historing; sekhutlo se tlas’a Megiddo e ne e le sebaka sa lintoa tsa makhaola-khang
Mono Jehova o ile a etsa hore Sisera, molaoli e moholo oa lebotho la Bakanana a hlōloe ke Moahloli Barake.—Baahl. 5:19, 20; 4:12-24.
Thutmose III, faro oa Egepeta, a re: “Ho hapa Megiddo ke ho hapa metse e sekete!”—Ancient Near Eastern Texts Relating to the Old Testament (Princeton, N.J.; 1969), e hlophisitsoeng ke James Pritchard, leq. 237.
Ho boleloa hoa Megiddo (e bolelang “moo Mabotho a Subuhlellanang”) ho loketse hobane Harmagedone ke boemo ba lefatše lohle boo ho bona mabotho le batšehetsi ba bang ba babusi ba lichaba tsohle ba tla ameha.
Ka Harmagedone ho tla timetsoa bo-mang kapa eng?
Dan. 2:44: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”
Tšen. 19:17, 18: “Ka bona le lengeloi le leng le eme letsatsing, le hoa ka lentsoe le phahamileng, le hoeletsa linonyana tsohle tse fofang sebakeng sa leholimo, le re: Tlong, le phuthehele mokete o moholo oa Molimo, le tle le je linama tsa marena, le linama tsa balaoli ba likete, le linama tsa linatla, le linama tsa lipere, le tsa ba li kaletseng, le linama tsa bohle ba sa ruoang le ba ruiloeng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”
1 Joh. 2:16, 17: “Tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”
Tšen. 21:8: “Ha e le ba boi, le ba sa lumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang melimo, le mahata kaofela, kabelo ea bona e ka letšeng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobeli.”
Na timetso e tla ba ea ka ho sa feleng?
Matt. 25:46: “Bao [ba hanneng ho etsa “baena” ba Kreste hantle] ba tla ea bohlokong bo sa feleng.”
2 Ba-Thess. 1:8, 9: “Ba sa tsebeng Molimo, le . . . ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna . . . ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.”
Na baphonyohi ba tla ba teng?
Sof. 2:3: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”
Ba-Roma 10:13: “Mang le mang ea rapelang lebitso la Morena [Jehova], o tla bolokeha.”
Pes. 37:34: “U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše; u tla bona le tšenyeho ea ba babe.”
Joh. 3:16: ‘Molimo o neile lefatše Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.’
Tšen. 7:9, 10, 14: “Ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana. . . . Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo.”
Ho tla etsahala joang ka bana ba banyenyane ka Harmagedone?
Bibele ha e arabele potso eo ka kotloloho, ’me ha re baahloli. Leha ho le joalo, Bibele e fela e bontša hore Molimo o talima bana ba banyenyane ba Bakreste ba ’nete ba “halalela.” (1 Ba-Kor. 7:14) E boetse e senola hore mehleng e fetileng ha Molimo o ne o timetsa ba khopo o ile oa timetsa le bana ba bona. (Num. 16:27, 32; Ezek. 9:6) Molimo ha o rate leha ho ka timela lea mong, ka hona o etsa hore temoso e boleloe hona joale molemong oa batsoali le bana. Na e ke ke ea e-ba bohlale ho batsoali ho phehella tsela e tla fella ka hore Molimo o talime bana ba bona ka mohau hona joale le ka Harmagedone?
Na lerato la Molimo le senngoa ke ho timetsa ba khopo?
2 Pet. 3:9: “Morena [Jehova] . . . o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.”
Luka 18:7, 8: “’Me Molimo oona, na o ke ke oa ahlolela bakhethoa ba oona, ba bitsang ho oona motšehare le bosiu, leha o lieha ho halefa ka baka la bona na? Kea le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela.”
2 Ba-Thess. 1:6: “Efela ho lokile hoba Molimo o busetse matšoenyeho ho ba le [bahlanka ba oona] tšoenyang.”
Na ho bonolo ho se nke lehlakore?
2 Ba-Thess. 1:8: “[O] iphetetsa ho ba sa tsebeng [ka boomo] Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.”
Matt. 24:37-39: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, . . . ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.”
Matt. 12:30: “Ea sa ntoaneleng, oa ntoantša; le ea sa bokelleng le ’na, oa hasanya.”
Bapisa Deuteronoma 30:19, 20.
Ke tšusumetso ea mang e sutuletsang lichaba boemong ba lefatše bo tla fella ka ho loantša Molimo?
Tšen. 16:13, 14: “Eaba ke bona ho e-tsoa molomong oa drakone [Satane Diabolose; Tšen. 12:9] le molomong oa sebata, le molomong oa moprofeta oa bohata, meea e litšila e meraro, e kang lihoho. Eo ke meea ea bademona, e etsang mehlolo, e eang ho marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona, ho a memela ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.”
Bapisa Luka 4:5, 6; 1 Johanne 5:19; le Liketso 5:38, 39; 2 Likronike 32:1, 16, 17.