Khaolo 32
Bohale ba Molimo bo Fihlisoa Qetellong
1. Ho tla be ho etsahetse eng ha likotlolo tse supileng li tšolotsoe ho fihlela qetellong, ’me joale ho hlaha lipotso life ka likotlolo tseo?
JOHANNE o se a re tsebisitse mangeloi a rometsoeng ho ea tšolla likotlolo tse supileng. O re bolella hore “tsena ke tsa ho qetela, hobane bohale ba Molimo bo fihlisoa qetellong ka tsona.” (Tšenolo 15:1; 16:1) Likotlo tsena, tse senolang ho lumella ha Jehova hore bokhopo bo tsoele pele lefatšeng, li tlameha ho tšolloa ho ea qetellong. Ha li fetile, likahlolo tsa Molimo li tla be li phethahalitsoe. Lefatše la Satane le tla be le se le le sieo! Likotlo tsee li bolela’ng ho batho le babusi ba tsamaiso e khopo ea hona joale? Bakreste ba ka qoba joang ho otlelloa le lefatše lee le ahlotsoeng? Tsena ke lipotso tsa bohlokoa, ’me joale li lokela ho arajoa. Bohle ba labalabelang hore ho loka ho hlōle ba thahasella haholo ho bona seo Johanne a se bonang ka mor’a moo.
Khalefo ea Jehova Khahlanong le “Lefatše”
2. Ho hlaha eng ha lengeloi la pele le tšollela sekotlolo sa lona lefatšeng, ’me “lefatše” le tšoantšetsa eng?
2 Lengeloi la pele le nka bohato! “La pele la tloha eaba le tšollela sekotlolo sa lona lefatšeng. Batho ba neng ba e-na le letšoao la sebata le ba neng ba rapela setšoantšo sa sona, ba tsoa seso se kotsi le se bolaeang.” (Tšenolo 16:2) Joaloka tabeng ea molumo oa pele o tlerolang oa terompeta, mona “lefatše” le tšoantšetsa tsamaiso ea bopolotiki e shebahalang e tsitsitse eo Satane a qalileng ho e haha mona lefatšeng morao koana mehleng ea Nimrode, lilemong tse fetang 4 000 tse fetileng.—Tšenolo 8:7.
3. (a) Mebuso e mengata e ’nile ea batla hore bafo ba eona ba e rapele joang? (b) Ke eng seo lichaba li se hlahisitseng e le se nkelang ’Muso oa Molimo sebaka, ’me phello ke efe ho ba se rapelang?
3 Matsatsing ana a ho qetela, mebuso e mengata e ’nile ea batla hore bafo ba eona ba e rapele, e tsitlella hore Naha e tlameha ho phahamisetsoa ka holimo ho Molimo kapa ka holimo ho ho tšepahalla ntho efe kapa efe. (2 Timothea 3:1; bapisa le Luka 20:25; Johanne 19:15.) Ho tloha ka 1914 ho se ho tloaelehile hore lichaba li ngolise bacha ba tsona sesoleng e le hore ba ka loana kapa ba itokisetsa ho loana ntoa ea mofuta o ripitlang o bakileng tšollo ea mali e tšabehang historing ea kajeno. Letsatsing la Morena, lichaba li boetse li hlahisitse setšoantšo sa sebata—Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng, e le se nkelang ’Muso oa Molimo sebaka. Ke nyefolo e kaakang ha ho phatlalatsoa hore mokhatlo oo o entsoeng ke batho ke eona feela tšepo ea lichaba ea ho tlisa khotso, joalokaha bapapa ba morao tjee ba boletse! Ka manganga se hanyetsa ’Muso oa Molimo. Ba se rapelang e ba ba sa hloekang moeeng, ba tsoileng liso, joalokaha Baegepeta ba neng ba hanyetsa Jehova mehleng ea Moshe ba ile ba otloa ka libebe le liso.—Exoda 9:10, 11.
4. (a) Se ka sekotlolong sa pele sa bohale ba Molimo se hatisa eng ka matla? (b) Jehova o talima ba amohelang letšoao la sebata joang?
4 Se ka har’a sekotlolo sena se hatisa ka matla khetho e larileng ka pel’a batho. Ba tlameha ho utloa bohloko ba ho se amoheloe ke lefatše kapa ba khalefo ea Jehova. Batho ba ’nile ba qobelloa hore ba amohele letšoao la sebata, ka boikemisetso ba hore “ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ea nang le letšoao, lebitso la sebata kapa palo ea lebitso la sona.” (Tšenolo 13:16, 17) Empa ho na le moputso o lokelang ho lefshoa bakeng sa hona! Jehova o talima ba amohelang letšoao e le ba otliloeng ka “seso se kotsi le se bolaeang.” Ho tloha ka 1922 ba ’nile ba tšoauoa phatlalatsa e le ba lahlileng Molimo ea phelang. Merero ea bona ea bopolotiki ha e atlehe, ’me ba tšoenyehile. Moeeng, ha baa hloeka. Ntle le hore ba bake, boloetse bona bo “kotsi” bo tla ba bolaea, hobane hona joale ke letsatsi la Jehova la kahlolo. Ha ho na sebaka se lipakeng tsa ho ba karolo ea tsamaiso ea lintho ea lefatše le ho sebeletsa Jehova ka lehlakoreng la Kreste oa hae.—Luka 11:23; bapisa le Jakobo 4:4.
Leoatle le Fetoha Mali
5. (a) Ho etsahala’ng ha ho tšolloa sekotlolo sa bobeli? (b) Jehova o talima ba ahileng leoatleng la tšoantšetso joang?
5 Joale sekotlolo sa bobeli sa bohale ba Molimo se tlameha ho tšolloa. Hoo ho tla bolela eng ho batho? Johanne o re bolella tjena: “La bobeli la tšollela sekotlolo sa lona leoatleng. La fetoha mali a joaloka a motho ea shoeleng, ’me moea o mong le o mong o phelang oa shoa, e, lintho tse ka leoatleng.” (Tšenolo 16:3) Joaloka molumo oa bobeli oa terompeta, sekotlolo sena se tšolleloa “leoatleng”—e leng matšoele a batho ba morusu, ba tletseng bofetoheli ba ikarotseng ho Jehova. (Esaia 57:20, 21; Tšenolo 8:8, 9) Mahlong a Jehova, “leoatle” lena le tšoana le mali, ha le tšoanelehe hore libōpuoa li ka phela ho lona. Ke ka lebaka leo Bakreste ba sa lokelang ho ba karolo ea lefatše. (Johanne 17:14) Ho tšolloa ha sekotlolo sa bobeli sa bohale ba Molimo ho senola hore batho bohle ba ahileng leoatleng lena ba shoele mahlong a Jehova. Ka lebaka la boikarabelo ba batho ka kakaretso, moloko oa batho o molato o tebileng oa ho tšolla mali a se nang molato. Ha letsatsi la bohale ba Jehova le fihla, ba tla hle ba shoele matsohong a mabotho a hae a timetsang.—Tšenolo 19:17, 18; bapisa le Baefese 2:1; Bakolose 2:13.
Ho ba fa Mali Hore ba a Noe
6. Ho etsahala’ng ha ho tšolloa sekotlolo sa boraro, hona ho utloahala mantsoe afe a tsoang ho lengeloi le aletareng?
6 Joaloka molumo oa boraro oa terompeta, sekotlolo sa boraro sa bohale ba Molimo se ama mehloli ea metsi a macha. “La boraro la tšollela sekotlolo sa lona linōkeng le lilibeng tsa metsi. Tsa fetoha mali. Ka utloa lengeloi le holim’a metsi le re: ‘Uena, Ea teng le ea neng a le teng, Ea tšepahalang, u lokile, hobane u entse liqeto tsena, hobane ba ile ba tšolla mali a bahalaleli le a baprofeta, ’me u ba file mali hore ba a noe. Ba tšoaneloa ke seo.’ Ka utloa aletare e re: ‘E, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, liqeto tsa hao tsa boahloli ke tsa ’nete ’me li lokile.’”—Tšenolo 16:4-7.
7. ‘Linōka le liliba tsa metsi’ li tšoantšetsa eng?
7 ‘Linōka tsena le liliba tsena tsa metsi’ li tšoantšetsa seo ho thoeng ke mehloli e mecha ea tataiso le bohlale e amoheloang ke lefatše lena, e kang ea bopolotiki, ea moruo, ea saense, ea thuto, ea kahisano, le ea lifilosofi tsa bolumeli e tataisang liketso tsa batho le liqeto tsa bona. Ho e-na le ho talima ho Jehova, eo e leng Seliba sa bophelo, e le hore ba fumane ’nete e phelisang, batho ba ‘icheketse liliba tse phatlohileng,’ eaba ba khaqa “bohlale ba lefatše lena [boo e leng] booatla ho Molimo.”—Jeremia 2:13; 1 Bakorinthe 1:19; 2:6; 3:19; Pesaleme ea 36:9.
8. Moloko oa batho o itjarisitse molato oa mali ka litsela life?
8 “Metsi” a joalo a silafalitsoeng a entse hore batho ba be molato oa mali, ka mohlala, ka ho ba khothalletsa ho tšolla mali a mangata haholo lintoeng, tseo lekholong le fetileng la lilemo li bolaileng batho ba fetang limilione tse lekholo. Haholo-holo linaheng tse ipitsang tsa Bokreste, moo lintoa tse peli tsa lefatše li ileng tsa qhoma hona teng, batho ba ’nile ba “potlakela ho tšolla mali a se nang molato,” ’me hona ho akarelelitse mali a lipaki tsa Molimo. (Esaia 59:7; Jeremia 2:34) Moloko oa batho o boetse o itjarisitse molato oa mali ka hore o sebelise hampe mali ao batho ba a tšeloang ka bongata bo tšabehang, e leng ho khahlanong le melao e lokileng ea Jehova. (Genese 9:3-5; Levitike 17:14; Liketso 15:28, 29) Ka lebaka lena, o se o kotutse masoabi ka ho ata ha AIDS, lefu la sebete, le mafu a mang, a fetisoang ka ho tšeloa mali. Haufinyane ho tla fanoa ka moputso o feletseng bakeng sa molato oohle oa mali ha batlōli ba lefa kahlolo e boima, ba hatakeloa “sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Molimo.”—Tšenolo 14:19, 20.
9. Ho tšolloa ha sekotlolo sa boraro ho akarelletsa eng?
9 Mehleng ea Moshe, ha Nōka ea Nile e ne e fetoloa mali, Baegepeta ba ile ba khona ho tsoela pele ba phela ka hore ba batle mehloli e meng ea metsi. (Exoda 7:24) Leha ho le joalo, kajeno, nakong ea kotlo ea moea, ha ho na moo batho ba ka fumanang metsi a phelisang teng lefatšeng la Satane. Ho tšolloa ha sekotlolo sena sa boraro ho akarelletsa ho phatlalatsa hore ‘linōka le liliba tsa metsi’ tsa lefatše li joaloka mali, li bolaea bohle ba noang ho tsona moeeng. Ntle le hore batho ba retelehele ho Jehova, ba kotula litholoana tsa kahlolo ea hae e boima.—Bapisa le Ezekiele 33:11.
10. “Lengeloi le holim’a metsi” le tsebahatsa eng, ’me “aletare” e ekelletsa bopaki bofe?
10 “Lengeloi le holim’a metsi,” ke hore, lengeloi le tšollelang sekotlolo sena metsing, le tlotlisa Jehova e le Moahloli oa Bokahohleng, eo likahlolo tsa hae tse lokileng e leng tse phethahetseng ka hohle. Kahoo, le re ka kahlolo ena: “Ba tšoaneloa ke seo.” Ha ho pelaelo hore lengeloi ka bolona le bone tšollo ea mali e khōlō le liketso tse sehlōhō tseo lithuto tsa bohata le lifilosofi tsa lefatše lena le khopo li ’nileng tsa li baka ka lilemo tse likete. Kahoo, lea tseba hore qeto ea Jehova ea boahloli e lokile. Esita le “aletare” ea Molimo ea bua. Ho Tšenolo 6:9, 10, ho thoe meea ea ba bolaetsoeng tumelo e ka tlas’a aletare eo. Kahoo “aletare” e eketsa bopaki bo matla bo bontšang toka le ho loka ha liqeto tsa Jehova.a Ka sebele, ho loketse hore ba ’nileng ba tšolla mali a mangata hakaalo le ba a sebelisitseng hampe le bona ba qobelloe ho khaqa mali, e leng ho tšoantšetsang ha Jehova a ba ahlolela lefu.
Ho Tlabola Batho ka Mollo
11. Sekotlolo sa bone sa bohale ba Molimo se tšolleloa hokae, ’me ho etsahala eng ha se tšolloa?
11 Sekotlolo sa bone sa bohale ba Molimo se tšolleloa letsatsing. Johanne o re bolella sena: “La bone la tšollela sekotlolo sa lona letsatsing; ’me letsatsi la nehoa hore le tlabole batho ka mollo. Batho ba tlaboloa ke mocheso o moholo, empa ba nyefola lebitso la Molimo, ea nang le matla holim’a likotlo tsena, ’me ha baa ka ba baka e le hore ba mo tlotlise.”—Tšenolo 16:8, 9.
12. “Letsatsi” la lefatše lee ke eng, ’me letsatsi lee la tšoantšetso le fuoa matla a ho etsa’ng?
12 Kajeno, qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, barab’abo Jesu ba moea ba “khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” (Matheu 13:40, 43) Jesu ka boeena ke “letsatsi la ho loka.” (Malakia 4:2) Leha ho le joalo, moloko oa batho o na le “letsatsi” la oona, e leng babusi ba oona ba lekang ho khanya ba khahlanong le ’Muso oa Molimo. Molumo oa bone o tlerolang oa terompeta o ile oa bolela hore ha e le hantle ‘letsatsi, khoeli, le linaleli’ tse maholimong a Bokreste-’mōtoana ke mehloli ea lefifi, eseng ea leseli. (Tšenolo 8:12) Hona joale sekotlolo sa bone sa bohale ba Molimo se bontša hore “letsatsi” la lefatše le ne le tla chesa hoo batho ba ke keng ba le mamella. Ba talingoang e le baeta-pele ba kang letsatsi ba ne ba tla “tlabola” moloko oa batho. Letsatsi la tšoantšetso le ne le tla fuoa matla ana. Ka mantsoe a mang, Jehova o ne a tla lumella hona e le karolo ea kahlolo ea hae e bohale bo kang ba mollo molokong oa batho. Ho tlabola hoo ho etsahetse ka tsela efe?
13. Babusi ba kang letsatsi ba lefatše lee ba ‘tlabotse’ moloko oa batho ka tsela efe?
13 Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, babusi ba lefatše lena ba ile ba theha Selekane sa Lichaba ka boiteko ba ho rarolla bothata ba tšireletseho ea lefatše, empa hoo ho ile ha hlōleha. Kahoo ho ile ha lekoa mefuta e meng ea puso, e kang ea Bofascista le Bonazi. Bokomonisi bo ile ba tsoela pele ho nama. Ho e-na le ho ntlafatsa bophelo ba batho, babusi ba kang letsatsi ba litsamaiso tsena ba ile ba qala ho ‘tlabola moloko oa batho ka mocheso o moholo.’ Lintoa tsa lehae Spain, Ethiopia le Manchuria li ile tsa khannela ntoeng ea bobeli ea lefatše. Histori ea kajeno e tlaleha hore Mussolini, Hitler, le Stalin e le bahatelli ba ile ba ikarabella ka ho toba le ka mokhoa o sa tobang tabeng ea ho shoa ha batho ba mashome a limilione, ba akarelletsang ba bangata ba lichaba tsa habo bona. Haufinyane haholo, likhohlano tsa machaba kapa tsa lehae li ‘tlabotse’ batho ba linaha tse kang Vietnam, Kampuchea, Iran, Lebanon, le Ireland, hammoho le linaha tse Latin America le Afrika. Ho phaella ho sena ho na le khohlano e tsoelang pele pakeng tsa mebuso e meholo, eo libetsa tsa eona tse tšabehang tsa nyutlelie li ka khonang ho chesa batho bohle lore! Mehleng ena ea qetello, ka sebele batho ba pepesehetse ‘letsatsi’ le tlabolang, e leng babusi ba bona ba sa lokang. Ho tšolloa ha sekotlolo sa bone sa bohale ba Molimo ho ile ha totobatsa linnete tsena tsa histori, ’me batho ba Molimo ba ’nile ba li phatlalatsa lefatšeng lohle.
14. Kamehla Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa ruta hore tharollo feela ea mathata a batho ke efe, batho ka kakaretso ba etsa’ng ha ba utloa seo?
14 Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa ruta li sa khaotse hore tharollo feela mathateng a tsielitseng moloko oa batho ke ’Muso oa Molimo, oo ka oona Jehova a rerang ho halaletsa lebitso la hae. (Pesaleme ea 83:4, 17, 18; Matheu 6:9, 10) Leha ho le joalo, batho ka kakaretso ba ithibile litsebe hore ba se ke ba utloa tharollo ena. Ba bangata ba qhelang ’Muso ba boetse ba nyefola lebitso la Molimo, joalokaha Faro a ile a le nyefola ha a ne a hana ho ela hloko bobusi ba Jehova. (Exoda 1:8-10; 5:2) Kaha bahanyetsi bana ha ba natse ’Muso oa Bomesia, ba ikhethela ho utloisoa bohloko ke “letsatsi” la bona le bataolang la puso ea batho e hatellang.
Terone ea Sebata
15. (a) Sekotlolo sa bohlano se tšolleloa hokae? (b) “Terone ea sebata” ke eng, ’me ho tšolleloa ha sekotlolo holim’a eona ho akarelletsa eng?
15 Lengeloi le latelang le tšollela sekotlolo sa lona hokae? “La bohlano la tšollela sekotlolo sa lona holim’a terone ea sebata.” (Tšenolo 16:10a) “Sebata” ke tsamaiso ea puso ea Satane. Ha se na terone ea sebele, etsoe sebata ka bosona hase sa sebele. Leha ho le joalo, ha ho buuoa ka terone hoo ho bontša hore sebata se sebelisitse matla a borena ho laola batho; hona ho lumellana le ’nete ea hore lenaka ka leng linakeng tsa sebata le na le mofapa-hlooho oa borena. Ha e le hantle, “terone ea sebata” ke motheo, kapa mohloli, oa bolaoli boo.b Bibele e senola boemo ba ’nete ba matla a borena a sebata ha e re “drakone ea fa sebata matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.” (Tšenolo 13:1, 2; 1 Johanne 5:19) Kahoo, ho tšolleloa ha sekotlolo holim’a terone ea sebata ho akarelletsa phatlalatso e senolang mosebetsi oo Satane a hlileng a o entseng le oo a ntseng a o etsa tabeng ea ho tšehetsa sebata le ho se buella.
16. (a) Ebang lia hlokomela kapa che, lichaba li sebeletsa mang? Hlalosa. (b) Lefatše le bontša botho ba Satane joang? (c) Terone ea sebata e tla ketoloa neng?
16 Kamano ee e pakeng tsa Satane le lichaba e bolokoa joang? Ha Satane a ne a leka Jesu, o ile a mo bontša mebuso eohle ea lefatše ponong a ba a mo tšepisa ho mo fa “bolaoli bona bohle le khanya ea eona.” Empa hoo ho ne ho itšetlehile ka ntho e itseng—pele Jesu o ne a lokela ho etsa ketso ea borapeli ka pel’a Satane. (Luka 4:5-7) Na re ka nahana hore mebuso ea lefatše e fumana bolaoli ba eona ka mokhoa o bobebe ho feta moo? Le hanyenyane. Ho latela Bibele, Satane ke eena molimo oa tsamaiso ena ea lintho, e leng hore, ebang lichaba lia hlokomela kapa che, lia mo sebeletsa. (2 Bakorinthe 4:3, 4)c Boemo bona bo bontšoa ke sebōpeho sa tsamaiso ena ea kajeno ea lefatše, e hahiloeng holim’a bochaba, lehloeo, le boithati. E hlophisitsoe ka tsela eo Satane a e batlang ka eona—ho etsa hore batho ba lule ba laoloa ke eena. Bobolu bo teng mebusong, ho nyoreloa matla a puso, botsebi ba ho bua leshano lipuisanong, tlhōlisano ea libetsa—tsena li bontša botho bo hlephileng ba Satane. Lefatše le tšehetsa litsela tse sa lokang tsa Satane, kahoo le mo etsa molimo oa lona. Terone ea sebata e tla ketoloa ha sebata seo se felisoa ’me Peō ea mosali oa Molimo e qetella e kentse Satane ka boeena ka mohohlong.—Genese 3:15; Tšenolo 19:20, 21; 20:1-3.
Lefifi le Bohloko ba ho Itōma
17. (a) Ho tšolloa ha sekotlolo sa bohlano ho amana joang le lefifi la moea leo kamehla le ’nileng la aparela ’muso oa sebata? (b) Batho ba etsa’ng ha ho tšolloa sekotlolo sa bohlano sa bohale ba Molimo?
17 ’Muso oa sebata sena esale o le lefifing la moea ho tloha ha o qala. (Bapisa le Matheu 8:12; Baefese 6:11, 12.) Sekotlolo sa bohlano se tlisa phatlalatso e matla haholo ea lefifi lena. Se bile se le tšoantšisa ka ho hlaka kaha sekotlolo sena sa bohale ba Molimo se tšolleloa hona holim’a terone ea sebata sa tšoantšetso. “’Muso oa sona oa fifala, eaba ba qala ho itōma maleme ka lebaka la bohloko ba bona, empa ba nyefola Molimo oa leholimo ka lebaka la bohloko ba bona le ka lebaka la liso tsa bona, ’me ha baa ka ba baka mesebetsing ea bona.”—Tšenolo 16:10b, 11.
18. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa molumo oa bohlano o tlerolang oa terompeta le sekotlolo sa bohlano sa bohale ba Molimo?
18 Molumo oa bohlano oa terompeta ha o tšoane hantle le sekotlolo sa bohlano sa bohale ba Molimo, kaha molumo oa terompeta o ne o phatlalatsa kotlo ea litsie. Empa hlokomela hore ha ho lokolloa kotlo eo ea litsie, letsatsi le moea li ile tsa fifala. (Tšenolo 9:2-5) ’Me ho Exoda 10:14, 15, re bala ka litsie tseo Jehova a ileng a otla Egepeta ka tsona: “E ne e le moroalo o boima haholo. Pele ho tsona ha ho mohla ho kileng ha e-ba le litsie tse kang tsona ka tsela ena, ’me le ka mohla ho ke ke ha etsahala hore li be teng ka tsela ena ka mor’a tsona. Tsa qala ho koahela bokaholimo bo bonahalang ba naha eohle, ’me naha ea fifala.” E, lefifi! Kajeno, lefifi la moea la lefatše le totobetse hohle ka lebaka la ho letsoa ha terompeta ea bohlano le ho tšolloa ha sekotlolo sa bohlano sa bohale ba Molimo. Molaetsa o lomang o phatlalatsoang ke boieane ba litsie tsa kajeno o hlokofatsa batho ba khopo ‘ba ratileng lefifi ho e-na le leseli’ o bile o ba utloisa bohloko.—Johanne 3:19.
19. Tumellanong le Tšenolo 16:10, 11, ho pepesoa ha Satane phatlalatsa e le molimo oa tsamaiso ee ea lintho ho baka eng?
19 E le ’musi oa lefatše, Satane o bakile ho se thabe ho hoholo le mahlomola a mangata. Tlala ea boja-likata, lintoa, pefo, tlōlo ea molao, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, boitšoaro bo bobe, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho hloka botšepehi, boikaketsi ba bolumeli—tsena le tse ling ke matšoao a khethollang tsamaiso ea lintho ea Satane. (Bapisa le Bagalata 5:19-21.) Leha ho le joalo, ho pepesoa ha Satane e le molimo oa tsamaiso ena ea lintho ho baketse ba phelang ka ho latela litsela tsa hae bohloko le ho hlajoa ke lihlong. “Ba qala ho itōma maleme ka lebaka la bohloko ba bona,” haholo-holo Bokreste-’mōtoaneng. Ba bangata ba nyatsa hore ’nete e pepesa tsela eo ba phelang ka eona. Ba bang ba e fumana e tšosa, ’me ba hlorisa ba e phatlalatsang. Ba hana ’Muso oa Molimo ’me ba nyefola lebitso le halalelang la Jehova. Boemo ba bona ba bolumeli ba ho kula, ba ho bereha liso, bo pepesitsoe hoo ba nyefolang Molimo oa leholimo. Che, ha ba ‘bake mesebetsing ea bona.’ Kahoo re ke ke ra lebella hore matšoele a sokolohe pele ho bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.—Esaia 32:6.
Nōka ea Eufrate e Ile ea Psha
20. Molumo oa botšelela o tlerolang oa terompeta le ho tšolloa ha sekotlolo sa botšelela li ama nōka ea Eufrate joang?
20 Molumo oa botšelela o tlerolang oa terompeta o ile oa tsebahatsa ho lokolloa ha “mangeloi a mane a tlamiloeng nōkeng e khōlō ea Eufrate.” (Tšenolo 9:14) Ho latela histori, Babylona e ne e le motse o moholo o neng o lutse holim’a nōka ea Eufrate. ’Me ka 1919 ho lokolloa ha mangeloi a mane a tšoantšetso ho ile ha tsamaisana le ho oa ho hoholo ha Babylona e Moholo. (Tšenolo 14:8) Joale, re lokela ho hlokomela hore sekotlolo sa botšelela sa bohale ba Molimo le sona se ama nōka ea Eufrate: “La botšelela la tšollela sekotlolo sa lona holim’a nōka e khōlō ea Eufrate, ’me metsi a eona a psha, e le hore tsela e ka lokisoa bakeng sa marena a tsoang bochaba-tsatsi.” (Tšenolo 16:12) Tsena le tsona ke litaba tse mpe ho Babylona e Moholo!
21, 22. (a) Metsi a sireletsang a nōka ea Eufrate a ile a pshella Babylona ka 539 B.C.E. joang? (b) “Metsi” ao Babylona e Moholo e lutseng holim’a ’ona ke eng, ’me metsi aa a tšoantšetso a psha joang le hona joale?
21 Ha Babylona ea boholo-holo e sa le matla, metsi a mangata a Eufrate e ne e le karolo e khōlō ea lintho tseo e itšireletsang ka tsona. Ka 539 B.C.E. metsi ao a ile a psha ha moeta-pele oa Mopersia Cyruse a ne a a khelosa tseleng eo a phallang ho eona. Kahoo, tsela e ne e bulehile ea hore Cyruse Mopersia le Dariuse Momede, marena a “bochaba-tsatsi” (ke hore, bochabela), a kene Babylona a be a e hape. Ka nako ea tlokotsi, nōka ea Eufrate e ile ea hlōleha ho sireletsa motse oo o moholo. (Esaia 44:27–45:7; Jeremia 51:36) Ntho e tšoanang e tla tloha e etsahalla Babylona ea kajeno, e leng tsamaiso ea lefatše ka bophara ea bolumeli ba bohata.
22 Babylona e Moholo ‘e lutse holim’a metsi a mangata.’ Ho latela Tšenolo 17:1, 15, metsi ana a tšoantšetsa “batho le matšoele le lichaba le maleme”—e leng boieane ba batho ba e tšehetsang boo e ’nileng ea bo nka e le tšireletso. Empa “metsi” ana aa psha! Europe Bophirimela, moo pele e neng e e-na le tšusumetso e khōlō, ba makholo a limilione ba hlokomolohile bolumeli pepenene. Linaheng tse ling, ka lilemo tse ngata ho ne ho e-na le leano le phatlalalitsoeng la ho leka ho felisa tšusumetso ea bolumeli. Matšoele a linaheng tseo ha a e-s’o nke bohato ba ho e sireletsa. Ka ho tšoanang, ha nako e fihla ea hore Babylona e Moholo e felisoe, batšehetsi ba eona bao palo ea bona e ntseng e qepha ba ke ke ba e sireletsa ho hang. (Tšenolo 17:16) Le hoja e ipolela hore e na le litho tse likete tse limilione, Babylona e Moholo e tla iphumana e se na letho le e sireletsang khahlanong le “marena a tsoang bochaba-tsatsi.”
23. (a) Marena a tsoang “bochaba-tsatsi” e ne e le bo-mang ka 539 B.C.E.? (b) “Marena a tsoang bochaba-tsatsi” ke bo-mang letsatsing la Morena, ’me a tla felisa Babylona e Moholo joang?
23 Marena aa ke bo-mang? Ka 539 B.C.E. e ne e le Dariuse Momede le Cyruse Mopersia, bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho hapa motse oa boholo-holo oa Babylona. Letsatsing lena la Morena, tsamaiso ea bohata ea bolumeli ea Babylona e Moholo le eona e tla timetsoa ke babusi ba batho. Empa le teng, e tla be e le kahlolo ea Molimo. Jehova Molimo le Jesu Kreste, e leng “marena a tsoang bochaba-tsatsi,” ba tla be ba kentse ka lipelong tsa babusi ba batho “monahano” oa ho fetohela Babylona e Moholo le ho e felisa ka ho feletseng. (Tšenolo 17:16, 17) Ho tšolloa ha sekotlolo sa botšelela ho phatlalatsa hore kahlolo ena e haufi le ho phethahatsoa!
24. (a) Lintho tse tšetsoeng ka likotlolong tsa pele tse tšeletseng tsa bohale ba Jehova li phatlalalitsoe joang, hona hoo ha fella ka eng? (b) Pele Tšenolo e re bolella ka sekotlolo se setseng sa bohale ba Molimo, e senola eng?
24 Likotlolo tsena tsa pele tse tšeletseng tsa bohale ba Jehova li na le molaetsa o tebileng. Bahlanka ba Molimo ba lefatšeng, ba tšehelitsoeng ke mangeloi, ba ’nile ba tšoareha ka ho phatlalatsa lintho tse tšetsoeng ka hare ho likotlolo tsena lefatšeng ka bophara. Ka tsela ena, likarolo tsohle tsa tsamaiso ea lefatše ea Satane li fuoe temoso e loketseng, ’me Jehova o file batho ka bomong monyetla oa ho retelehela ho lokeng e le hore ba ’ne ba phele. (Ezekiele 33:14-16) Ho ntse ho le joalo, ho na le sekotlolo se seng sa bohale ba Molimo se setseng. Empa pele Tšenolo e re bolella ka sona, e senola kamoo Satane le mahlahana a hae a lefatšeng ba lekang ho loantša ho phatlalatsoa ha likahlolo tsa Jehova.
Ho Bokelleloa Armagedone
25. (a) Johanne o re bolella eng ka “lipolelo tse bululetsoeng” tse sa hloekang, tse kang lihoho? (b) Ke joang ho bileng le ho eteloa ke ‘lipolelo tse bululetsoeng tse sa hloekang’ tse nyonyehang tse kang lihoho letsatsing la Morena, ’me hoo ho feletse ka eng?
25 Johanne o re bolella sena: “Ka bona lipolelo tse bululetsoeng tse tharo tse sa hloekang tse neng li shebahala joaloka lihoho li tsoa molomong oa drakone le molomong oa sebata le molomong oa moprofeta oa bohata. Ha e le hantle, ke lipolelo tse bululetsoeng ke bademona ’me li etsa lipontšo, ’me li ea ho marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho a bokellela ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 16:13, 14) Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a tlisetsa Egepeta ea Faro kotlo e nyonyehang ea lihoho, hoo ‘naha e ileng ea qala ho nkha hampe.’ (Exoda 8:5-15) Letsatsing la Morena, ho boetse ho bile le ho eteloa ke lintho tse kang lihoho tse nyonyehang, le hoja li ne li tsoa mohloling o mong. Li akarelletsa ‘lipolelo tse bululetsoeng tse sa hloekang’ tsa Satane, tseo ka ho hlakileng li tšoantšetsang leshano le reretsoeng ho susumelletsa babusi bohle ba batho, “marena,” hore ba hanyetse Jehova Molimo. Kahoo Satane o tiisa hore ha ba khelosoe ke ho tšolloa ha likotlolo tsa bohale ba Molimo empa o tiisa hore ba eme ba tiile ka lehlakoreng la Satane ha ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’ e qala.
26. (a) Leshano la bosatane le hlaha mehloling efe e meraro? (b) “Moprofeta oa bohata” ke eng, hona re tseba joang?
26 Leshano lena le tsoa ho “drakone” (Satane) le “sebata” (tlhophiso ea lefatše ea bopolotiki ea Satane), e leng libōpuoa tseo re seng re kopane le tsona ho Tšenolo. Leha ho le joalo, “moprofeta oa bohata” ke eng? Enoa o mocha ka lebitso feela. Pejana, re ile ra bontšoa sebata se linaka li peli se joaloka konyana se etsang lipontšo tse khōlō ka pel’a sebata se lihlooho li supileng. Sebōpuoa sena se thetsang se ile sa itšoara joaloka moprofeta oa sebata seo. Se ile sa phahamisa borapeli ba sebata, sa ba sa etsa hore se etsetsoe setšoantšo. (Tšenolo 13:11-14) E tlameha ebe sebata sena se linaka li peli se joaloka konyana ke ntho e le ’ngoe le “moprofeta oa bohata” ea boletsoeng mona. Ho tiisa sena, hamorao re bala hore joaloka sebata sa tšoantšetso se linaka li peli, moprofeta oa bohata o ile a “etsa ka pel’a sona [sebata se lihlooho li supileng] lipontšo tseo ka tsona a ileng a khelosa ba ileng ba amohela letšoao la sebata le ba fanang ka borapeli ho setšoantšo sa sona.”—Tšenolo 19:20.
27. (a) Ke temoso efe e tlileng ka nako e nepahetseng eo Jesu Kreste ka boeena a fanang ka eona? (b) Jesu o ile a fana ka temoso efe ha a sa le lefatšeng? (c) Moapostola Pauluse o ile a pheta temoso ea Jesu joang?
27 Ka lebaka la leshano le lengata la bosatane le re pota-potileng, ka sebele mantsoe a latelang ao Johanne a a tlalehang a tlile ka nako e nepahetseng: “Bonang! Ke tla joaloka lesholu. Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle, e le hore a se ke a tsamaea a hlobotse ’me batho ba talima lihlong tsa hae.” (Tšenolo 16:15) Ke mang ea tlang “joaloka lesholu”? Ke Jesu ka boeena, ea tlang ka nako e sa phatlalatsoang e le Mophethahatsi oa kahlolo ea Jehova. (Tšenolo 3:3; 2 Petrose 3:10) Ha Jesu a sa ntse a le lefatšeng, le eena o ile a tšoantša ho tla ha hae le ha lesholu, a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe. Ka lebaka lena le lōna le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” (Matheu 24:42, 44; Luka 12:37, 40) Ha a pheta temoso ena, moapostola Pauluse o ile a re: “Letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu. Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.” Satane ke eena ea hlohlelletsang batho hore ba hoeletse phatlalatso leha e le efe e joalo ea bohata e reng “Khotso le tšireletseho!”—1 Bathesalonika 5:2, 3.
28. Jesu o ile a fana ka temoso efe mabapi le ho loantša khatello ea lefatše, ’me “letsatsi leo” Bakreste ba sa batleng hore le be holim’a bona “joaloka leraba” ke lefe?
28 Jesu o ile a boela a lemosa ka litsela tseo ka tsona lefatše lena, le tletseng leshano, le neng le tla hatella Bakreste. O ile a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba. . . . Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.” (Luka 21:34-36) “Letsatsi leo” ke “letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 16:14) Ha “letsatsi leo” la ho tlosa qoso bobusing ba Jehova le atamela, ho ba thata le ho feta ho sebetsana ka katleho le matšoenyeho a bophelo. Ho hlokahala hore Bakreste ba be seli ’me ba lebele, ba lule ba falimehile ho fihlela letsatsi leo le fihla.
29, 30. (a) Temoso ea Jesu ea hore ba fumanoang ba robetse ba ne ba tla hlabisoa lihlong ka ho lahleheloa ke ‘liaparo tsa bona tsa ka ntle’ e bontša’ng? (b) Liaparo tsa ka ntle li tsebahatsa ea li apereng e le eng? (c) Motho a ka ’na a lahleheloa ke liaparo tsa hae tsa tšoantšetso joang, hona hoo ho ka fella ka eng?
29 Leha ho le joalo, temoso ea hore ba fumanoang ba robetse ba ne ba tla hlabisoa lihlong ka ho lahleheloa ke ‘liaparo tsa bona tsa ka ntle’ e bontša’ng? Iseraeleng ea boholo-holo, moprista kapa Molevi ofe kapa ofe ea neng a etsa mosebetsi oa ho lebela tempeleng o ne a e-na le boikarabelo bo boima. Bahlalosi ba Bajuda ba re bolella hore haeba mang kapa mang a ne a fumanoa a robetse mosebetsing o joalo, o ne a ka hlobolisoa liaparo tsa ba tsa chesoa, e le hore a ka hlabisoa lihlong phatlalatsa.
30 Mona Jesu o lemosa hore ho ka etsahala ntho e tšoanang kajeno. Baprista le Balevi ba ne ba tšoantšetsa barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng. (1 Petrose 2:9) Empa ha ho atolosoa taba, temoso ea Jesu e sebetsa le ho bongata bo boholo. Liaparo tsa ka ntle tseo ho buuoang ka tsona mona li tsebahatsa ea li apereng e le Paki ea Jehova ea Mokreste. (Bapisa le Tšenolo 3:18; 7:14.) Haeba batho leha e le bafe ba lumella khatello ea lefatše la Satane hore e ba koieetse ho fihlela ba robala kapa ba se ba sa etse letho, ba ka ’na ba lahleheloa ke liaparo tsena tsa ka ntle—ka mantsoe a mang, ba lahleheloa ke ho tsebahala ha bona ho hloekileng e le Bakreste. Boemo bo joalo e ne e tla ba bo hlabisang lihlong. Bo ne bo tla beha motho kotsing ea ho lahleheloa ka ho feletseng.
31. (a) Tšenolo 16:16 e hatisa joang hore ho hlokahala hore Bakreste ba lule ba falimehile? (b) Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ’nile ba nahana eng mabapi le Armagedone?
31 Taba ea hore ho hlokahala hore Bakreste ba lule ba falimehile e potlakile haholo joalokaha temana e latelang ea Tšenolo e le haufi le ho phethahala: “[Lipolelo tse bululetsoeng ke bademona] tsa a [marena a lefatše, kapa babusi] bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.” (Tšenolo 16:16) Lebitso lena, leo hangata le ngoloang e le Armagedone, le hlaha hanngoe feela ka Bibeleng. Empa le entse hore batho ba nahane lintho tse ngata. Baeta-pele ba lefatše ba lemositse ka hore ho ka ’na ha e-ba le Armagedone ea nyutlelie. Armagedone e ’nile ea boela ea amahanngoa le motse oa boholo-holo oa Megido, moo lintoa tse ngata tsa makhaola-khang li ileng tsa loaneloa teng mehleng ea ho ngoloa ha Bibele, ’me ka lebaka leo, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ile ba nahana hore ntoa ea ho qetela lefatšeng e tla loaneloa sebakeng seo se senyenyane. Ntlheng ena, ba fositse.
32, 33. (a) Ho e-na le ho ba sebaka sa sebele, lebitso Harmagedone, kapa Armagedone, le emela eng? (b) Mantsoe mang a hlahang ka Bibeleng a tšoanang le “Armagedone” kapa a amanang le eona ke afe? (c) Ke neng moo e tla be e le nako ea hore lengeloi la bosupa le tšolle sekotlolo sa ho qetela sa bohale ba Molimo?
32 Lebitso Harmagedone le bolela “Thaba ea Megido.” Empa ho e-na le ho ba sebaka sa sebele, le emela boemo ba lefatše boo lichaba tsohle li bokelloang ho bona ho loantša Jehova Molimo moo hape a li ripitlelang teng qetellong. Hona ho etsahala lefatšeng lohle. (Jeremia 25:31-33; Daniele 2:44) E tšoana le ‘sehatelo sa veine se seholo sa bohale ba Molimo’ le ‘khohlo ea qeto,’ kapa ‘khohlo ea Josafate,’ moo lichaba li bokelloang teng ho tla timetsoa ke Jehova. (Tšenolo 14:19; Joele 3:12, 14) E boetse e amana le ‘naha ea Iseraele’ moo mabotho a bosatane a Gogo oa Magogo a ripitleloang teng le sebaka se “pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso” moo morena oa leboea a ‘fihlang bofelong ba hae’ hona teng matsohong a Mikaele khosana e khōlō.—Ezekiele 38:16-18, 22, 23; Daniele 11:45–12:1.
33 Ha leshano le bolaeang le qapiloeng ke Satane le mahlahana a hae a lefatšeng le se le khannetse lichaba boemong bona, e tla be e le nako ea hore lengeloi la bosupa le tšolle sekotlolo sa ho qetela sa bohale ba Molimo.
“Ho Etsahetse!”
34. Lengeloi la bosupa le tšollela sekotlolo sa lona hokae, ’me ke phatlalatso efe e ‘tsoang sehalalelong e tlohang teroneng’?
34“La bosupa la tšollela sekotlolo sa lona moeeng. Eaba lentsoe le phahameng le tsoa sehalalelong le tloha teroneng, le re: ‘Ho etsahetse!’”—Tšenolo 16:17.
35. (a) ‘Moea’ o boleloang ho Tšenolo 16:17 ke eng? (b) Ka ho tšollela sekotlolo sa lona moeeng, lengeloi la bosupa le bontša eng?
35 ‘Moea’ ke karolo ea ho qetela e phelisang e tla otloa. Empa ona hase moea oa sebele. Ha ho letho le phoso ka moea oa sebele le ka etsang hore o lokeloe ke likahlolo tse boima tsa Jehova, joalokaha lefatše la sebele, leoatle, mehloli ea metsi a macha, kapa letsatsi li sa lokeloe ke likahlolo tse tsoang ho Jehova. Ho e-na le hoo, ona ke “moea” oo Pauluse a neng a bua ka oona ha a ne a bitsa Satane “’musi oa matla a moea.” (Baefese 2:2) Ke “moea” oa bosatane oo lefatše le o phefumolohang kajeno, moea (spirit), kapa tšekamelo ea kelello e teng ka kakaretso, e khethollang tsamaiso eohle ea hae ea lintho e khopo, e leng monahano oa bosatane o phunyelletsang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Kahoo ka ho tšollela sekotlolo sa lona moeeng, lengeloi la bosupa le bontša khalefo ea Molimo khahlanong le Satane, mokhatlo oa hae, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e susumelletsang batho ho tšehetsa Satane ho nyeliseng bobusi ba Jehova.
36. (a) Likotlo tse supileng ke eng? (b) Phatlalatso ea Jehova e reng: “Ho etsahetse!” e bontša’ng?
36 Kotlo ena le likotlo tse fetileng tse tšeletseng ke likahlolo tsa Jehova ka kakaretso khahlanong le Satane le tsamaiso ea hae. Li phatlalatsa timetso ho Satane le peō ea hae. Ha sekotlolo sena sa ho qetela se tšolloa, Jehova ka boeena o re: “Ho etsahetse!” Ha ho sa na letho le leng le ka buuoang. Ha lintho tse ka har’a likotlolo tsa bohale ba Molimo li phatlalalitsoe ho fihlela Jehova a khotsofetse, a ke ke a lieha ho phethahatsa likahlolo tse boletsoeng ke melaetsa ena.
37. Johanne o hlalosa se etsahalang ka mor’a ho tšolloa ha sekotlolo sa bosupa sa bohale ba Molimo joang?
37 Johanne o tsoela pele ho re: “Ha e-ba le mahalima le mantsoe le lialuma, ’me ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše e khōlō eo e kang eona e neng e e-s’o be teng ho tloha ha batho ba e-ba teng lefatšeng, tšisinyeho ea lefatše e pharaletseng haholo, e khōlō haholo. Motse o moholo oa aroha likarolo tse tharo, ’me metse ea lichaba ea oa; Babylona e Moholo a hopoloa mahlong a Molimo, hore a fuoe senoelo sa veine ea bohale ba khalefo ea hae. Hape, sehlekehleke se seng le se seng sa baleha, ’me lithaba ha lia ka tsa fumanoa. Sefako se seholo seo lejoe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta sa theohela holim’a batho se tsoa leholimong, eaba batho ba nyefola Molimo ka lebaka la kotlo ea sefako, hobane kotlo ea sona e ne e le khōlō ka ho sa tloaelehang.”—Tšenolo 16:18-21
38. Ke eng e tšoantšetsoang ke (a) “tšisinyeho ea lefatše e khōlō”? (b) taba ea hore “motse o moholo,” e leng Babylona e Moholo, o arotsoe “likarolo tse tharo”? (c) taba ea hore ‘sehlekehleke se seng le se seng se ile sa baleha, ’me lithaba ha lia ka tsa fumanoa’? (d) “kotlo ea sefako”?
38 Hape, Jehova o nka bohato bo tiileng ka batho, ’me hona ho bontšoa ke “mahalima le mantsoe le lialuma.” (Bapisa le Tšenolo 4:5; 8:5.) Moloko oa batho o tla sisinngoa ka tsela eo o e-s’o ka o sisinngoa ka eona pele, joalokaha eka o sisinngoa ke tšisinyeho ea lefatše e ripitlang. (Bapisa le Esaia 13:13; Joele 3:16.) Tšisinyeho ena e kang seqhomane se seholo e tla silakanya “motse o moholo,” e leng Babylona e Moholo, hore o be o arohe “likarolo tse tharo”—e leng ho tšoantšetsang ho oa ha oona hoo o ke keng oa lokisoa. “Metse ea lichaba” le eona e tla oa. “Sehlekehleke se seng le se seng” le “lithaba”—litsi tse thehiloeng le mekhatlo e neng e bonahala eka e tsitsitse tsamaisong ena—li tla fela. “Sefako se seholo,” se seholo ho feta se ileng sa otla Egepeta nakong ea kotlo ea bosupa, seo lejoe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta, se tla otla batho habohloko.d (Exoda 9:22-26) Mohlomong kotlo ena ea ho na ha metsi a hoammeng e tšoantšetsa lipolelo tse boima ka tsela e sa tloaelehang tsa likahlolo tsa Jehova, tse bontšang hore qetellong bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo fihlile! Jehova a ka ’na a sebelisa le sefako sa sebele mosebetsing oa hae oa ho timetsa.—Jobo 38:22, 23.
39. Ho sa tsotellehe ho tšolloa ha likotlo tse supileng, boholo ba batho bo tla nka bohato bofe?
39 Kahoo, lefatše la Satane le tla kopana le kahlolo e lokileng ea Jehova. Batho ba bangata ba tla tsoela pele ho nyelisa le ho nyefola Molimo ho fihlela qetellong. Joaloka Faro oa mehleng ea boholo-holo, lipelo tsa bona li ke ke tsa nolofatsoa ke likotlo tse phetoang kapa ke ha likotlo tseo tse bolaeang li qetella li fihlile tlhōrōng. (Exoda 11:9, 10) Ho ke ke ha e-ba le batho ba bangata bao lipelo tsa bona li tla fetoha motsotsong oa ho qetela. Ha ba phefumoloha lekhetlo la ho qetela pele ba e-shoa, ba tla halefela Molimo ea reng: ‘Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’ (Ezekiele 38:23) Leha ho le joalo, ho tla be ho tlositsoe qoso bobusing ba Jehova Molimo ea Matla ’Ohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana mehlala ea lintho tse sa pheleng tseo e leng bopaki kapa tse fanang ka bopaki, bapisa le Genese 4:10; 31:44-53; Baheberu 12:24.
b Ho sebelisitsoe “terone” ka tsela e tšoanang mantsoeng a boprofeta a lebisitsoeng ho Jesu a reng: “Molimo ke terone ea hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 45:6) Jehova ke eena mohloli, kapa motheo, oa matla a Jesu a borena.
c Bona le Jobo 1:6, 12; 2:1, 2; Matheu 4:8-10; 13:19; Luka 8:12; Johanne 8:44; 12:31; 14:30; Baheberu 2:14; 1 Petrose 5:8.
d Haeba Johanne o ne a hopotse talenta ea Segerike, lejoe le leng le le leng la sefako le ne le tla be le le boima ba lik’hilograma tse 20. E ne e tla ba sefako se nang ka sefefo se timetsang.
[Lebokose le leqepheng la 221]
“Lefatšeng”
Sehlopha sa Johanne se phatlalalitse khalefo ea Jehova khahlanong le ‘lefatše’ ka lipolelo tse kang tse latelang:
“Ka mor’a ho leka ka lilemo tse makholo, mekha ea bopolotiki e pakile hore e sitoa ho sebetsana le maemo a teng hona joale le ho rarolla mathata a sithabetsang. Ha litsebi tsa moruo le litsebi litabeng tsa puso li hlahloba taba eo ka hloko, li fumana hore ha li khone ho etsa letho.”—Millions Now Living Will Never Die, 1920, leqepheng la 61.
“Ha ho na ’muso lefatšeng o khotsofatsang karolo leha e le efe e khōlō ea lefatše kajeno. Lichaba tse ngata li busoa ke bahatelli. Lefatše lohle le hlile le senyehile.”—A Desirable Government, 1924, leqepheng la 5.
“Ho tlisa bofelo tsamaisong ena ea lintho . . . ke eona feela tsela ea ho tlosa ba khopo lefatšeng le ho etsetsa khotso le ho loka sebaka sa ho atleha.”—“Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso,” 1967, leqepheng la 23.
“Tokisetso ea hona joale ea lefatše e ikhetholotse ka keketseho ea sebe, bokhopo le ho fetohela Molimo le thato ea hae. . . . Le ke ke la lokisoa. Ka lebaka leo, le tlameha ho sutha!”—Molula-Qhooa oa la July 1, 1982, leqepheng la 6.
[Lebokose le leqepheng la 223]
“Leoatleng”
Lipolelo tse latelang ke tse seng kae feela har’a tseo sehlopha sa Johanne se ’nileng sa li phatlalatsa ho theosa le lilemo tse bolelang khalefo ea Molimo khahlanong le ‘leoatle’ le sa tsitsang, la batho ba bafetoheli ba sa tšabeng Molimo ba ikarotseng ho Jehova:
“Histori ea sechaba se seng le se seng e bontša hore e bile ntoa pakeng tsa lihlopha. E bile tse fokolang ha li bapisoa le tse ngata. . . . Lintoa tsena li feletse ka liphetohelo mebusong e mengata, ho utloa bohloko ho hoholo, le tšollo e khōlō ea mali.”—Government, 1928, leqepheng la 244.
Lefatšeng le lecha, ‘“leoatle” la tšoantšetso la lichaba tse sa tsitsang, tse fetohelang, tse se nang borapeli tseo sebata sa tšoantšetso se nyolohileng ho tsona khale hore se tl’o sebelisoa ke Diabolose le tla be le felile.’—Molula-Qhooa, oa March 15, 1968, leqepheng la 137.
“Mokhatlo oa hona joale oa batho o kula moeeng. Ha ho le ea mong ho rōna ea ka o pholosang, hobane Lentsoe la Molimo le bontša hore ho kula ha oona ho isa lefung la oona.”—Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?, 1976, leqepheng la 131.
[Lebokose le leqepheng la 224]
“Linōkeng le Lilibeng”
Kotlo ea boraro e pepesitse ‘linōka le liliba tsa metsi’ ka lipolelo tse kang tse latelang:
“Baruti, ba ipolelang hore ke mesuoe e rutang lithuto [tsa Kreste], ba halalelitse ntoa ’me ba e etsa ntho e halalelang. Ba thabetse hore litšoantšo tsa bona le liemahale tsa bona li behoe pel’a tsa bahale ba tšolotseng mali.”—Molula-Qhooa, (oa Senyesemane) oa September 15, 1924, leqepheng la 275.
“Tšebelisano le meea e thehiloe leshanong le leholo, e leng leshano la hore motho o tsoela pele a phela ka mor’a lefu le hore moea oa motho ha o shoe.”—What Do the Scriptures Say About “Survival After Death?,” 1955, leqepheng la 51.
“Lifilosofi tsa batho, litsebi tsa lipolotiki, bahlophisi ba litaba tsa kahisano, baeletsi litabeng tsa moruo le babuelli ba lineano tsa bolumeli ha lia tlisa khatholoho ea sebele e phelisang . . . Metsi a joalo a bile a entse hore ba a noang ba tlōle molao oa ’Mōpi mabapi le ho halalela ha mali le hore ba kenelle mahlorisong a bolumeli.”—Qeto e ileng ea amoheloa Kopanong ea Machaba ea “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng,” ka 1963.
“Hase ho pholosoa ke saense, empa ho felisoa ha moloko oa batho ke eona ntho e ka lebelloang ho motho ka boeena. . . . Re ke ke ra lebella hore litsebi tsohle tsa kelello le lingaka tsohle tsa mafu a kelello tsa lefatše li fetole tsela eo moloko oa batho o nahanang ka eona . . . Re ke ke ra itšetleha ka hore ho thehoe lebotho leha e le lefe la sepolesa la machaba . . . le hore le etse hore lefatše lena e be sebaka seo ho sireletsehileng ho phela ho sona.”—Saving the Human Race—In the Kingdom Way, 1970, leqepheng la 5.
[Lebokose le leqepheng la 225]
“Letsatsing”
Kaha ‘letsatsi’ la puso ea batho le ‘tlabotse’ moloko oa batho letsatsing la Morena, sehlopha sa Johanne se ’nile sa hlokomelisa hore na ho etsahala’ng ka lipolelo tse kang tse latelang:
“Kajeno Hitler le Mussolini, bao e leng bahatelli ba tletseng bompoli, ba sokela khotso ea lefatše lohle, ’me ba tšehelitsoe ka botlalo ke Lekhotla le Laolang Kereke ea Roma e K’hatholike ha ba felisa bolokolohi.”—Fascism or Freedom, 1939, leqepheng la 12.
“Ho theosa le histori leano le ileng la lateloa ke bahatelli e ’nile ea e-ba le reng, Busa kapa senya! Empa molao oo joale Morena ea behiloeng ke Molimo, e leng Jesu Kreste, a lokelang ho o sebelisa lefatšeng lohle ke o reng, Busoa kapa u senngoe.”—When All Nations Unite Under God’s Kingdom, 1961, leqepheng la 23.
“Ho tloha ka 1945 batho ba limilione tse fetang 25 ba bolailoe ho tse ling tsa lintoa tse ka bang 150 tse loannoeng lefatšeng lohle.”—Molula-Qhooa oa July 15, 1980, leqepheng la 12.
“Lichaba lefatšeng lohle . . . ha li tsotelle hakaalo ka boikarabelo ba machaba kapa melao ea boitšoaro. Ho finyella merero ea tsona, lichaba tse ling li utloa ho loketse ka botlalo ho sebelisa mokhoa ofe kapa ofe oo li o nahanang o hlokahala—ho rinya batho ntle ho mabaka, lipolao tsa ho fenetha, ho koetela sepalangoang, libomo, le tse joalo . . . Lichaba li tla mamellana ho fihlela neng ka boitšoaro boo bo se nang kelello le bo se nang boikarabelo?”—Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 4.
[Lebokose le leqepheng la 227]
“Holim’a Terone ea Sebata”
Lipaki Tsa Jehova li pepesitse terone ea sebata tsa ba tsa phatlalatsa kahlolo ea Jehova ho sona ka lipolelo tse kang tsena:
“Babusi le batataisi ba lichaba ba bopolotiki ba susumetsoa ke matla a lonya a phahametseng motho a sa laoleheng a ba khannelang ho ea ipolaea ntoeng ea makhaola-khang ea Armagedone.”—After Armageddon—God’s New World, 1953, leqepheng la 8.
“‘Sebata’ sa puso ea batho e sa tsamaisoeng ke puso ea Molimo se fumane matla a sona, bolaoli ba sona le terone ea sona ho Drakone. Kahoo se tlameha ho itšoarella ka matla tseleng ena ea mokha, tsela ea Drakone.”—After Armageddon—God’s New World, 1953, leqepheng la 15.
“Lichaba tsa balichaba ke tsona feela tse ka . . . lehlakoreng la Sera se Seholo sa Molimo, Satane Diabolose.”—Qeto e ileng ea amoheloa Kopanong ea Machaba ea “Tlhōlo ea Bomolimo,” ka 1973.
[Lebokose le leqepheng la 229]
“Metsi a Eona a Psha”
Le hona joale, tšehetso ea bolumeli ba Babylona ea psha libakeng tse ngata, e leng ho bontšang se tla etsahala ha “marena a tsoang bochaba-tsatsi” a hlasela.
“Phuputso e entsoeng sechabeng ka bophara e fumane hore ba etsang karolo ea 75 lekholong ho ba phelang libakeng tsa litoropo [tsa Thailand] ha ba ee litempeleng tsa Buddha ho hang ho ea mamela lithuto, ha palo ea ba libakeng tse ka mathōko ba chakelang litempeleng e ntse e qepha butle-butle ho isa ho ba ka bang mashome a mahlano ho ba lekholo.”—Bangkok Post, ea la 7 September, 1987, leqepheng la 4.
“Boselamose bo felile tumelong ea Botao naheng [ea Chaena] eo bo thehiloeng ho eona lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng. . . . Kaha litho tsa boprista li feletsoe ke maqheka a boselamose ao tsona le ba tlileng pele ho tsona ba neng ba a sebelisa ho fumana balateli ba bangata, li iphumana li se na bahlahlami, li tobane le ho fela ha tumelo ea Botao e le tumelo e hlophisitsoeng karolong e khōlō ea naha.”—The Atlanta Journal and Constitution, ea la 12 September, 1982, leqepheng la 36-A.
“Japane . . . e na le palo e khōlōhali lefatšeng ea baromuoa ba tsoang ka ntle ho naha, ba ka bang 5 200, empa . . . karolo e ka tlaase ho 1 lekholong ea baahi ba moo ke Bakreste. . . . Moprista oa mokhatlo oa Franciscan ea sebelitseng mona ho tloha ka bo-1950 . . . o lumela hore ‘linako tsa baromuoa ba tsoang ka ntle ho naha Japane li fetile.’”—The Wall Street Journal, ea la 9 July, 1986, leqepheng la 1.
Engelane lilemong tse mashome a mararo tse fetileng, “likereke tse ka bang 2 000 har’a likereke tse 16 000 tsa Chache li koetsoe ka lebaka la ho se sebelisoe. Palo ea ba bang teng e theohetse tlaase-tlaase har’a linaha tse ipolelang phatlalatsa hore ke tsa Bokreste. . . . ‘Hona joale ha e sa le ’nete hore Engelane ke naha ea Bokreste,’ ke kamoo [Mobishopo oa Durham] a buileng kateng.”—The New York Times, ea la 11 May, 1987, leqepheng la A4.
“Ka mor’a lihora ho phehiloe khang e chesang, kajeno Paramente [ea Greece] e ile ea amohela molao o nolofalletsang ’Muso oa Bokomonisi hore o nke karolo e khōlō ea litša tsa Kereke ea Orthodox ea Greece . . . Ho feta moo, molao o fa batho bao e seng baruti matla a ho laola makhotla a kereke le likomiti tse ikarabellang bakeng sa tsamaiso ea matsete a kereke a theko e holimo a akarelletsang lihotele, likoari tsa ’mabole le mehaho ea liofisi.”—The New York Times, ea la 4 April, 1987, leqepheng la 3.
[Litšoantšo tse leqepheng la 222]
Likotlolo tse ’nè tsa pele tsa bohale ba Molimo li tlisa likotlo tse tšoanang le tse bakiloeng ke melumo e mene ea pele e tlerolang ea literompeta
[Setšoantšo se leqepheng la 226]
Sekotlolo sa bohlano se pepesa terone ea sebata e le bolaoli boo Satane a bo fileng sebata
[Setšoantšo se leqepheng la 231]
Leshano la bodemona le bokellela babusi ba lefatše boemong bo itseng, Harmagedone, moo ba tlang ho tšolleloa likahlolo tsa Jehova teng
[Setšoantšo se leqepheng la 233]
Ba susumelitsoeng ke “moea” o silafetseng oa Satane ba tlameha ho utloisoa bohloko ke ho phethahatsoa ha likahlolo tse lokileng tsa Jehova