-
Ho Sireletsa Boitsebahatso ba Rōna ba BokresteMolula-Qhooa—2005 | February 15
-
-
4. Jesu o ile a hatisa joang bohlokoa ba hore re sireletse boitsebahatso ba rōna bo hlakileng ba Bokreste?
4 Leha ho le joalo, joaloka bahlanka ba inehetseng ba Jehova, rea lemoha hore ho ne ho tla ba kotsi haeba mang kapa mang oa rōna—e moholo kapa e monyenyane—a ne a ka lahleheloa ke boitsebahatso ba hae ba Bokreste. Pono e loketseng ka boitsebahatso ba Bokreste e ka thehoa feela litekanyetsong tsa Jehova le linthong tseo a li lebeletseng ho rōna. Sena sea utloahala hobane re bōpiloe ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26; Mikea 6:8) Bibele e bapisa boitsebahatso ba rōna bo hlakileng ba Bokreste le seaparo sa ka ntle, se apareloang hore bohle ba se bone. Mabapi le mehla ea rōna, Jesu o ile a lemosa, a re: “Bonang! Ke tla joaloka lesholu. Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle, e le hore a se ke a tsamaea a hlobotse ’me batho ba talima lihlong tsa hae.”a (Tšenolo 16:15) Ha re batle ho iphumana re se na litšobotsi le litekanyetso tsa rōna tsa boitšoaro tsa Bokreste ebe re lumella lefatše la Satane hore le re susumetse. Haeba seo se ne se ka etsahala, re ne re tla lahleheloa ke ‘liaparo tsa rōna tsa ka ntle.’ Boemo boo e ne e ka ba bo nyahamisang le bo soabisang.
-
-
Ho Sireletsa Boitsebahatso ba Rōna ba BokresteMolula-Qhooa—2005 | February 15
-
-
a E ka ’na eaba mantsoe ana a bua ka mokhoa o sa tobang ka mesebetsi ea molaoli oa thaba ea tempele e Jerusalema. Nakong ea litebelo tsa bosiu, o ne a tsamaea tempeleng ho bona hore na balebeli ba eona ba Balevi ba ne ba falimehile kapa ba robetse mesebetsing ea bona. Molebeli leha e le ofe ea neng a fumanoa a robetse o ne a shapuoa ka thupa, ’me liaparo tsa hae tsa ka ntle li ne li ka ’na tsa chesoa e le kotlo ea ho mo hobosa.
-