Seotsoa le “Marena a Lefatše”
HISTORI ea Bokreste-’mōtoana e tletse mehlala ea tšusumetso ea ho rekisa le ea ho itšunya-tšunya litabeng tsa puso. A re ke re hlahlobeng e seng mekae ea eona. Charlemagne (742-814 C.E.) e ne e le ’musi ea ileng a bona melemo ea ho thea setsoalle le bolumeli le ho ba le tlhohonolofatso ea baruti ba Kereke ea K’hatholike.
The New Encyclopædia Britannica e hlalosa hore mopapa o ile a tlotsa Charlemagne, ntate oa hae, ngoan’abo, ha ho theoa leloko le lecha la borena ka mor’a hore ho ‘lahleloe matjoing’ lelapa le neng le ntse le busa pele. ’Me e-ea phaella: “Selekane sa lipolotiki pakeng tsa ma-Frank [batho ba Charlemagne] le Mopapa khahlanong le ma-Lombard se ile sa tiisoa ketsahalong e tšoanang. . . . Charles [eo e ileng ea e-ba Charlemagne] sethathong o ile a lumela hore ho ne ho e-na le kamano e haufi pakeng tsa ’muso oa nakoana le kereke.
Ka selemo sa 800 C.E., Mopapa Leo III, “o ile a ikemisetsa ho etsa Charles ’musisi” oa ’Muso oa Roma o ka Bophirima, a mo roesa moqhaka oa borena ’Miseng oa Keresemese St. Peter’s, Roma.
Seotsoa se Meharo
Empa seotsoa se batla ho lefshoa. Ke eng seo Charlemagne a neng a ka se lefa moemeli oa Babylona, Roma? “Charles . . . o ile a pheta tšepiso eo ntat’ae a ileng a e etsa Kerekeng ea St. Peter, ea ho fetisetsa pusong ea mopapa likarolo tse khōlō tsa Italy.” Mohloli o tšoanang oa phaella: “Bolumeling ba hae bo neng bo itšetlehile ka lipolotiki, ’muso le kereke li ile tsa fetoha setsi sa tsamaiso le sa moea.”
Mohlala o mong oa tšusumetso e matla ea mehleng e fetileng ea bolumeli pusong ke Mok’hadinale Wolsey oa Engelane (1475-1530). Britannica e bolela hore e ne e le “mok’hadinale le moeta-pele ea hloahloa oa lipolotiki ea neng a laola ’muso oa Morena Henry VIII oa Engelane. . . . Ka Tšitoe 1515 Wolsey e ile ea e-ba mongoli oa morena oa Engelane. . . . Wolsey o ile a sebelisa matla a hae a maholo mosebetsing le kerekeng ho ipokellela leruo le neng le fetoa ke la morena feela.” Ha ho sebelisoa puo ea tšoantšetso ea Tšenolo, botekatsi bo phahameng bo batla moputso o phahameng.
Mohlala o mong o tummeng hampe oa tšusumetso ea bolumeli litabeng tsa Naha ke oa mok’hadinale le morena oa Richelieu (1585-1642), ea neng a e-na le matla a maholo Fora ’me hape a ipokelletse leruo le neng le le “leholo ka ho fetisisa esita le ka litekanyetso tsa lilemong tseo,” ho bolela Britannica.
Richelieu o ile a hlahlangoa ke mok’hadinale e mong hape, Jules Mazarin (1602-61), ea ileng a sebeletsa e le letona la pele la Fora nakong ea puso ea Morena Louis XIV. Le hoja e ne e se moprista ea hlomamisitsoeng, o ile a etsoa mok’hadinale ka 1641 ke Mopapa Urban VIII. Mok’hadinale Mazarin le eena o ne a labalabela leruo. Buka eo ea boitsebiso e re: “Lira tsa Mazarin li ile tsa mo rohaka ka baka la meharo ea hae. O ne a ipokelletse ka liofisi le matlo a litšebeletso tsa kereke ’me ka linako tse ling o ne a tsoakanya chelete ea borena le eo e leng ea hae.”
Le mehleng ea kajeno bolumeli ba bohata bo ntse bo ipokellela leruo ’me bo leka ho susumetsa, haeba e le ntho e ka khonehang, le ho laola mebuso ea lipolotiki. Mohlala o mong o totobetseng ke oa mokhatlo oa sekhukhu oa K’hatholike Opus Dei (ka Selatine, Mosebetsi oa Molimo), oo hona joale o tšehetsoang ke mopapa ’me, ho latela mongoli Lawrence Lader, o “inehetse ka ho felletseng lipolotiking tse khahlanong le bokomonisi le tse buellang liphetoho tse tlang butle.” O na le leano la ho nka bacha ba rutehileng ka ho fetisisa ba K’hatholike likolong tsa oona tse phahameng le liunivesithing e be o beha banna ba oona maemong a phahameng haholo a ho susumetsa le ho laola ’muso, lichelete, le khaso ea litaba ka kakaretso. Mane Spain ba kile ba e-ba le nako ea boiketlo bo boholo ka ho fetisisa tlas’a mohatelli Franco oa K’hatholike oa mokhatlo oa Bofasista ha, ka nako e ’ngoe, litho tse 10 ho tse 19 tsa lekhotla la hae e ne e le balekane ba ka sehloohong mokhatlong oa Opus Dei.a
United States, baevangeli ba thelevisheneng ba tsebahala ka ho ikhantša ka leruo le mekhoa ea bophelo e atlehileng haholo. Baruti ba bang ba Prostanta ka ho ikakasa ba kenetse likhetho tsa lipolotiki ’me ba bile ba labalabela le bopresitente ba naha. Ha ho pelaelo ka bona, le hoja seotsoa sa khale, se le boemong ba ho oa, se itlhopha hantle ka litsela tse fapaneng, se ntse se thabela mekhabo le menono ea puso ’me se leka ho iketsa mpoli.—Tšenolo 17:4.
Empa ho thoe’ng ka lebitso la seotsoa, Babylona e Moholo? See se thusa joang ho tiisa ho khetholloa ha mosali ea tšoantšetsoang ho Tšenolo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Opus Dei le ho itšunya-tšunya ha kereke lipolotiking, bona libuka Hot Money and the Politics of Debt, ea R. T. Naylor, le Politics, Power, and the Church, ea L. Lader.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Bak’hadinale Wolsey, Mazarin, le Richelieu ba ile ba ipokellela menono nakong ea ha ba ntse ba sebeletsa Naha
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Lifoto: Litšoantšo tsa Culver