Khaolo 33
Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe
Pono 11—Tšenolo 17:1-18
Moko-taba: Babylona e Moholo e palame sebata se ’mala o sekareleta seo qetellong se e hlanohelang ebe sea e ripitla
Nako ea phethahatso: Ho tloha ka 1919 ho fihlela matšoenyehong a maholo
1. Le leng la mangeloi a supileng le senolela Johanne eng?
BOHALE ba Jehova bo lokileng bo tlameha ho tšolloa ho fihlela bo fela, ka likotlolo tse supileng! Ha lengeloi la botšelela le tšollela sekotlolo sa lona moo Babylona ea boholo-holo e neng e le hona teng, ka ho loketseng hoo ho ne ho tšoantšetsa ho otloa ha Babylona e Moholo ha liketsahalo li phethahala ka potlako ho leba ntoeng ea ho qetela ea Armagedone. (Tšenolo 16:1, 12, 16) Mohlomong e ntse e le lengeloi lona lena leo joale le senolang lebaka leo ka lona Jehova a phethahatsang likahlolo tsa hae tse lokileng le tsela eo a li phethahatsang ka eona. Johanne oa hlolloa ka lebaka la se latelang seo a se utloang le seo a se bonang: “Le leng la mangeloi a supileng a neng a e-na le likotlolo tse supileng la tla ’me la bua le ’na, la re: ‘Tloo, ke tla u bontša kahlolo ea seotsoa se seholo se lulang holim’a metsi a mangata, seo marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le sona, athe ba ahileng lefatšeng ba ile ba tahoa ke veine ea bohlola ba sona.’”—Tšenolo 17:1, 2.
2. Ke bopaki bofe bo bontšang hore “seotsoa se seholo” (a) hase Roma ea boholo-holo? (b) hase khoebo e khōlō? (c) ke tsamaiso ea bolumeli?
2 “Seotsoa se seholo”! Ke hobane’ng ha e le lebitso le nyarosang hakaale? Ke mang? Ba bang ba ’nile ba re seotsoa sena sa tšoantšetso ke Roma ea boholo-holo. Empa Roma e ne e le ’muso oa bopolotiki. Seotsoa sena se etsa bohlola le marena a lefatše, ’me ka ho totobetseng hona ho akarelletsa le marena a Roma. Ntle ho moo, ka mor’a hore se timetsoe, ho thoe “marena a lefatše” a llela ho shoa ha sona. Kahoo, e ke ke ea e-ba ’muso oa bopolotiki. (Tšenolo 18:9, 10) Ho phaella moo, kaha se boetse se lleloa ke bahoebi ba lefatše, se ke ke sa tšoantšetsa khoebo e khōlō. (Tšenolo 18:15, 16) Leha ho le joalo, re bala hore ‘ka ho tloaela ha sona ho sebelisana le meea lichaba kaofela li ile tsa khelosoa.’ (Tšenolo 18:23) Hona ho hlakisa hore e tlameha ebe seotsoa se seholo ke tsamaiso ea bolumeli lefatšeng ka bophara.
3. (a) Ke hobane’ng ha e tlameha ebe seotsoa se seholo se tšoantšetsa ntho e khōlō ho feta Kereke ea Roma e K’hatholike kapa le bona Bokreste-’mōtoana kaofela? (b) Ke lithuto life tsa Babylona tse fumanoang malumeling a mangata a Bochabela hammoho le lihlotšoaneng tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana? (c) Mok’hadinale oa Roma e K’hatholike John Henry Newman o ile a lumela eng mabapi le hore na lithuto tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana, litšebeletso tsa bona le mekhoa ea bona li simolohile hokae? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
3 Ke tsamaiso efe ea bolumeli? Na ke Kereke ea Roma e K’hatholike, joalokaha ba bang ba ’nile ba bolela? Kapa ke Bokreste-’mōtoana kaofela? Che, e tlameha ebe se seholo ho feta mona haeba se tla khelosa lichaba kaofela. Ha e le hantle, ke ’muso oohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Se bontšang hore se simolohile liphiring tsa Babylona ke hore lithuto tse ngata tsa Babylona le mekhoa ea eona li tloaelehile malumeling ho pota lefatše. Ka mohlala, tumelo ea hore ka tlhaho moea oa motho ha o shoe, hore ho na le lihele tsa tlhokofatso, le hore ho na le melimo eo e leng boraro-bo-bong li fumanoa malumeling a mangata a Bochabela hammoho le lihlotšoaneng tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana. Bolumeli ba bohata, bo hlahileng lilemong tse ka holimo ho 4 000 tse fetileng motseng oa boholo-holo oa Babylona, bo hōlile ka mokhoa o tšabehang kajeno, ’me ka nepo bo bitsoa Babylona e Moholo.a Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha bo hlalosoa ka lebitso le nyatsehang hakaalo la “seotsoa se seholo”?
4. (a) Iseraele ea boholo-holo e ile ea etsa bohlola ka litsela life? (b) Babylona e Moholo e entse bohlola ka tsela efe e khethehileng?
4 Babylona (kapa Babele, e bolelang “Pherekano”) e ile ea fihla tlhōrōng ea boholo ba eona mehleng ea Nebukadnezare. E ne e le naha e kopantseng bolumeli le lipolotiki e nang le litempele le litempelana tse fetang sekete. Baprista ba eona ba ne ba e-na le matla a maholo. Le hoja e le khale Babylona e khaolitse ho ba teng e le ’muso oa lefatše, Babylona e Moholo ea bolumeli e ntse e phela, ’me ho tšoana le ea boholo-holo, e ntse e batla ho susumetsa litaba tsa bopolotiki le ho li laola. Empa na Molimo o amohela bolumeli bo keneng lipolotiking? Mangolong a Seheberu, ho ne ho thoe Iseraele e etsa botekatse ha e itšunya-tšunya borapeling ba bohata le ha e etsa lilekane le lichaba tse ling, ho e-na le ho tšepa Jehova. (Jeremia 3:6, 8, 9; Ezekiele 16:28-30) Babylona e Moholo le eona e etsa bohlola. Ka ho totobetseng, e entse sohle seo e boneng se loketse e le hore e ka fumana tšusumetso le matla a ho laola marena a busang a lefatše.—1 Timothea 4:1.
5. (a) Baruti ba bolumeli ba thabela ho hlahella ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha ho lakatsa boemo bo hlaheletseng lefatšeng ho hanana ka ho toba le mantsoe a Jesu Kreste?
5 Kajeno, baeta-pele ba bolumeli ba atisa ho tsoa letšolo ba batla litulo tse phahameng ’musong, ’me linaheng tse ling, ba kopanela pusong, ba bile ba lutse litulong tsa kabinete. Ka 1988 baruti ba babeli ba tsebahalang ba Prostanta e ne e le bo-nkhetheng ba batlang ho fumana setulo sa bopresidente United States. Baeta-pele ba Babylona e Moholo ba rata ho hlahella; hangata lifoto tsa bona li bonoa likoranteng ba tsamaea le bo-ralipolotiki ba hlaheletseng. Ho fapana le bona, Jesu o ile a hana ho itšunya-tšunya lipolotiking a ba a re ha a bua ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 6:15; 17:16; Matheu 4:8-10; bona le Jakobo 4:4.
‘Bootsoa’ ba Kajeno
6, 7. (a) Mokha oa Hitler oa Bonazi o ile oa hloella pusong joang Jeremane? (b) Tumellano eo Vatican e ileng ea e etsa le Jeremane ea Bonazi e ile ea thusa Hitler joang boikemisetsong ba hae ba ho busa lefatše?
6 Ka ho itšunya-tšunya ha sona lipolotiking, seotsoa se seholo se tliselitse moloko oa batho masoabi a maholo. Ka mohlala, nahana ka mabaka a ileng a etsa hore Hitler a hloelle pusong Jeremane—e leng mabaka a mabe hoo ba bang ba neng ba ka rata ho a hlakola libukeng tsa histori. Ka May 1924 Mokha oa Bonazi o ne o e-na le litulo tse 32 ka Paramenteng ea Jeremane. Ka May 1928 li ne li theohetse ho tse 12. Leha ho le joalo, ka 1930 lefatše le ile la apareloa ke Ho oa ho Hoholo ha Moruo; mokha oa Bonazi o ile oa sebelisa boemo boo ba ho oa ha moruo ’me oa phahama ka mokhoa o tsotehang, oa fumana litulo tse 230 ho tse 608 likhethong tsa Jeremane ka July 1932. Kapele ka mor’a moo, eo e kileng ea e-ba letona la naha Franz von Papen, eo e neng e le Mookameli oa Sesole sa Mopapa, o ile a phallela Manazi. Ho latela bo-rahistori, von Papen o ile a bonela pele ’Muso o mocha o Halalelang oa Roma. Ka nako e khutšoanyane eo a e qetileng e le letona la naha o ile a hlōleha, kahoo joale o ne a tšepile ho fumana matla ka Manazi. Ka January 1933, o ne a se a fumanetse Hitler tšehetso ea batsamaisi ba mesebetsi e meholo ea khoebo, ’me ka maqheka a bomenemene o ile a tiisa hore Hitler e ba letona la naha la Jeremane ka la 30 January, 1933. Eena o ile a etsoa motlatsi oa letona la naha eaba Hitler o mo sebelisa ho hapa tšehetso ea lihlopha tsa K’hatholike tsa Jeremane. Ka mor’a likhoeli tse peli a fumane matla, Hitler o ile a felisa paramente, a leleka baeta-pele ba bohanyetsi ba likete ’me a ba isa likampong tsa mahloriso, eaba o qala phutuho e pepenene ea ho hatella Bajuda.
7 Ka la 20 July, 1933, ho ile ha bonahala hore Vatican e thahasella taba ea hore ebe matla a Bonazi a ntse a eketseha ha Mok’hadinale Pacelli (eo hamorao e ileng ea e-ba Mopapa Pius XII) a saena tumellano pakeng tsa Vatican le Jeremane ea Bonazi Roma. Von Papen o ile a saena tokomane eo e le moemeli oa Hitler, ’me Pacelli ha a le moo o ile a fa von Papen khau e phahameng ea bopapa ea Sefapano se Seholo sa Lebotho la Pius.b Bukeng ea hae e bitsoang Satan in Top Hat, Tibor Koeves o ngola tjena ka sena: “Tumellano eo e ne e le tlhōlo e khōlō ho Hitler. E ile ea mo fa tšehetso ea pele e tsoang lefatšeng le ka ntle, le hona e tsoa mohloling o phahameng haholo.” Tumellano eo e ne e re Vatican e khaotse ho tšehetsa Mokha o Mahareng oa K’hatholike oa Jeremane, e leng ho ileng ha lumella hore mokha o le mong oa Hitler e be oona o laolang “naha eohle.”c Ho feta moo, temana ea eona ea bo14 e ne e re: “Baarekabishopo, babishopo, le ba tšoanang le bona ba ne ba tla khethoa feela ka mor’a hore ’musisi, ea behiloeng ke ’Muso oa Jeremane, a tiise ka mokhoa o nepahetseng hore ha ho pelaelo mabapi le maemo a akaretsang a amang litaba tsa lipolotiki.” Qetellong ea selemo sa 1933 (seo Mopapa Pius XI a ileng a phatlalatsa hore ke “Selemo se Halalelang”), tšehetso ea Vatican e ne e phetha karolo e khōlō boikemisetsong ba Hitler ba ho busa lefatše.
8, 9. (a) Vatican hammoho le Kereke e K’hatholike le baruti ba eona ba ile ba etsa joang ha ba bona khatello ea Bonazi? (b) Babishopo ba Jeremane ba K’hatholike ba ile ba bua mantsoe afe ha Ntoa ea II ea Lefatše e qaleha? (c) Likamano tsa bolumeli le lipolotiki li feletse ka eng?
8 Le hoja baprista le baitlami ba seng bakae ba ile ba ipelaetsa ka liketso tse sehlōhō tsa Hitler—’me ba utloisoa bohloko ka lebaka la boipelaetso boo—Vatican hammoho le Kereke e K’hatholike le lebotho la eona la baruti ba ile ba tšehetsa Bonazi ka ho toba kapa ka ho se re letho ka bohatelli ba bona, boo ba neng ba bo nka e le tšireletso e matla khahlanong le ho ata ha Bokomonisi lefatšeng. A lutse a iketlile Vatican, Mopapa Pius XII o ile a tlohella Bajuda hore ba bolaoe larita! le hore Lipaki Tsa Jehova le ba bang ba tsoele pele ho hlorisoa ka sehlōhō ho se ea hanyetsang seo. Se makatsang ke hore ha Mopapa John Paul II a etetse Jeremane ka May 1987, o ile a rorisa moprista e mong ka hore ebe o ile a ema a tiile khahlanong le Bonazi. Baruti ba bang ba likete ba Jeremane ba ne ba etsa’ng nakong ea puso e sehlōhō ea Hitler? Lengolo la baruti le ntšitsoeng ke babishopo ba K’hatholike ba Jeremane ka September 1939 ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše le fana ka leseli ntlheng ena. Karolo e ’ngoe ea lona e baleha tjena: “Horeng ena ea makhaola-khang re eletsa masole a rōna a Mak’hatholike hore a etse mosebetsi oa ’ona a mamele Moeta-pele le hore a itokisetse ho itela ka ho feletseng. Re ipiletsa ho Ba Tšepahalang hore ba kopanele lithapelong tse tiileng tsa hore Tataiso ea Molimo e ke e tsamaise ntoa ena ho fihlela e hlohonolofatsoa ka katleho.”
9 Botsebi bo joalo ba K’hatholike ba ho tšoara lipuisano le lichaba bo bontša mofuta oa bootsoa boo bolumeli bo keneletseng ho bona ka lilemo tse ka holimo ho 4 000 tse fetileng ka ho hokahoka Mebuso ea lipolotiki e le hore bo ka fumana matla le monyetla. Likamano tse joalo tsa bolumeli le lipolotiki li bakile ntoa, mahloriso, le masoabi a maholo har’a batho. Batho ba ka thaba hakaakang ha e le moo kahlolo ea Jehova holim’a seotsoa se seholo e le haufi! E se eka e ka phethahatsoa kapele!
Ho Lula Holim’a Metsi a Mangata
10. “Metsi a mangata” ao Babylona e Moholo e talimileng hore a tla e sireletsa ke afe, hona ho etsahala’ng ka ’ona?
10 Babylona ea boholo-holo e ne e lutse holim’a metsi a mangata—a Nōka ea Eufrate le liforo tse ngata. Li ne li e sirelelitse ebile e le mohloli oa khoebo o hlahisang leruo, ho fihlela ha li psha ka bosiu bo le bong. (Jeremia 50:38; 51:9, 12, 13) Babylona e Moholo le eona e talima “metsi a mangata” e le ’ona a tla e sireletsa le ho e ruisa. Metsi ana a tšoantšetso ke “batho le matšoele le lichaba le maleme,” ke hore, ke batho bohle ba limilione tse likete bao e ’nileng ea ba busa le ba ’nileng ba e tšehetsa ka lintho tse bonahalang. Empa le ’ona metsi ana aa psha, kapa a khaotsa ho e tšehetsa.—Tšenolo 17:15; bapisa le Pesaleme ea 18:4; Esaia 8:7.
11. (a) Babylona ea boholo-holo e ile ea ‘tahisa lefatše lohle’ joang? (b) Babylona e Moholo ‘e tahisitse lefatše lohle’ joang?
11 Ho feta moo, Babylona ea khale e ne e hlalosoa e le “senoelo sa khauta letsohong la Jehova, [se ileng] sa tahisa lefatše lohle.” (Jeremia 51:7) Babylona ea boholo-holo e ile ea qobella lichaba tseo e ahisaneng le tsona hore li koenye lipolelo tsa bohale ba Jehova ha e li hapa ka sesole, e li fokolisa joaloka batho ba tahiloeng. Ntlheng eo, e ne e sebelisoa ke Jehova. Babylona e Moholo le eona, e hapile hoo joale e fetohileng ’muso oa lefatše lohle. Empa ka sebele ha e sebelisoe ke Molimo. Ho e-na le hoo, e sebelelitse “marena a lefatše” ao e etsang bohlola ba bolumeli le ’ona. E khotsofalitse marena ana ka ho sebelisa lithuto tsa eona tsa bohata le mekhoa ea eona e etsang batho makhoba hore e boloke matšoele a batho, “ba ahileng lefatšeng,” ba fokola joaloka batho ba tahiloeng, ba latelang babusi ba bona ka hohle.
12. (a) Karolo e ’ngoe ea Babylona e Moholo e Japane e ne e le eona e ikarabellang joang bakeng sa tšollo e khōlō ea mali nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše? (b) “Metsi” a neng a tšehelitse Babylona e Moholo a ile a fokotseha joang Japane, hona hoo ho ile ha fella ka eng?
12 Japane, Boshinto ke mohlala o totobetseng oa sena. Lesole la Lejapane le rutiloeng le ne le ho nka e le tlotla e phahameng ho tela bophelo ba lona ka lebaka la moemphera—eo e neng e le molimo ea phahameng ka ho fetisisa oa Boshinto. Ntoeng ea II ea Lefatše, masole a Majapane a ka bang 1 500 000 a ile a shoela ntoeng; hoo e ka bang le leng le le leng le ne le talima ho inehela e le ntho e tlotlollang. Empa ka lebaka la ho hlōloa ha Japane, Moemphera Hirohito o ile a tlameha ho latola polelo ea hae ea hore ke molimo. Hona ho ile ha fella ka hore “metsi” a tšehelitseng karolo ea Boshinto ea Babylona e Moholo a fokotsehe haholo—ka bomalimabe, e le ka mor’a hore Boshinto bo lumelle tšollo e khōlō ea mali lebaleng la ntoa ea Pacific! Lilemong tsa morao tjena ho fokola hona ha tšusumetso ea Boshinto ho ile ha boela ha bula tsela ea hore Majapane a fetang 200 000, ao karolo e khōlōhali ea ’ona e neng e le Mashinto le Mabuddha, e be basebeletsi ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba ’Musi Morena Jehova.
Seotsoa se Palama Sebata
13. Johanne o bona pono efe e hlollang ha lengeloi le mo nka ka matla a moea le mo isa lefeelleng?
13 Ke eng hape eo boprofeta bo e senolang ka seotsoa se seholo le qetello ea sona? Joalokaha Johanne a bolela joale, ho hlahella pono e ’ngoe e hlakileng: “[Lengeloi] la nkuka ka matla a moea la nkisa lefeelleng. Ka re heli! ’me ka bona mosali ea palameng sebata se ’mala o sekareleta se neng se tletse mabitso a nyefolang le se neng se e-na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome.”—Tšenolo 17:3.
14. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Johanne o isoa lefeelleng?
14 Ke hobane’ng ha Johanne a isoa lefeelleng? Phatlalatso ea pejana ea ho timetsoa ha Babylona ea boholo-holo e ile ea hlalosoa e le e “khahlanong le lefeella la leoatle.” (Esaia 21:1, 9) Hona ho ile ha fana ka temoso e loketseng ea hore, ho sa tsotellehe metsi ’ohle a e sirelelitseng, Babylona ea boholo-holo e ne e tla fetoha lesupi leo ho se nang ntho e phelang ho lona. Joale, ho loketse hore ebe Johanne o nkeloa lefeelleng ka pono hore a e’o bona qetello ea Babylona e Moholo. Le eona e tlameha ho fetoha lesupi le nahathothe. (Tšenolo 18:19, 22, 23) Leha ho le joalo, Johanne o makatsoa ke seo a se bonang moo. Seotsoa se seholo ha se seng! Se lutse holim’a sebata sa setonanahali!
15. Sebata se boleloang ho Tšenolo 13:1 se fapane kae le se boleloang ho Tšenolo 17:3?
15 Sebata sena se na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. Na joale se tšoana le sebata seo Johanne a se boneng pejana, seo le sona se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome? (Tšenolo 13:1) Che, ho na le moo li fapaneng teng. Sebata sena se ’mala o sekareleta ’me, ho fapana le sebata sa pele, ha ho moo ho thoeng se na le mefapa-hlooho teng. Ho e-na le ho ba le mabitso a nyefolang lihloohong tsa sona tse supileng feela, se “tletse mabitso a nyefolang.” Leha ho le joalo, e tlameha ebe ho na le kamano pakeng tsa sebata sena se secha le sa pele; li tšoana hoo e ke keng eaba hona ho etsahetse ka tsietsi.
16. Sebata se ’mala o sekareleta ke eng, ’me ho itsoe’ng ka morero oa sona?
16 Joale, sebata see se secha se ’mala o sekareleta ke eng? E tlameha ebe ke setšoantšo sa sebata se hlahileng ka tšusumetso ea sebata sa Manyesemane le Maamerika se nang le linaka tse peli joaloka konyana. Ka mor’a hore setšoantšo seo se etsoe, sebata seo se linaka li peli se ile sa lumelloa hore se fe setšoantšo sa sebata phefumoloho. (Tšenolo 13:14, 15) Joale Johanne o bona setšoantšo se phelang, se phefumolohang. Se tšoantšetsa mokhatlo oa Selekane sa Lichaba oo sebata se linaka li peli se ileng sa o phelisa ka 1920. Mopresidente Wilson oa United States o ne a nahanne hore Selekane sena “e ne e tla ba setsi seo ho sona ho neng ho tla etsoa hore toka e namele ho batho bohle ’me se felise tšokelo ea ntoa ka ho sa feleng.” Ha se tsosoa e se e le Machaba a Kopaneng ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, morero oa sona o ka sehloohong e ne e le “ho boloka khotso le tšireletseho ea machaba.”
17. (a) Ke ka tsela efe sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta se tletseng mabitso a nyefolang? (b) Ke mang ea palameng sebata se ’mala o sekareleta? (c) Bolumeli ba Babylona bo ile ba itsoakanya le Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona joang ho tloha qalong feela?
17 Sebata see sa tšoantšetso se tletse mabitso a nyefolang ka tsela efe? Ka hore batho ba emisitse setšoantšo sena sa machaba e le se nkelang ’Muso oa Molimo sebaka—hore se finyelle seo Molimo a reng ’Muso oa hae ke oona feela o ka se finyellang. (Daniele 2:44; Matheu 12:18, 21) Leha ho le joalo, se hlokomelehang ka pono ena ea Johanne ke hore Babylona e Moholo e palame sebata sena se ’mala o sekareleta. Joalokaha boprofeta bo boletse, bolumeli ba Babylona, haholo-holo Bokreste-’mōtoana, bo ikamahantse le Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona. Khale koana ka la 18 December, 1918, sehlopha seo hona joale se tsebahalang e le Lekhotla la Sechaba la Likereke Tsa Kreste Amerika se ile sa amohela phatlalatso eo karolo ea eona e neng e re: “Selekane se joalo hase feela kofuto ea bopolotiki ea ho finyella ntho e itseng; ho e-na le hoo ke pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng. . . . Kereke e ka fana ka moea oa tšehetso oo Selekane sa Lichaba se ke keng sa tsoela pele kantle ho oona. . . . Selekane sa Lichaba se thehiloe Kosepeleng. Joaloka Kosepele, sepheo sa sona ke ‘khotso lefatšeng, ho etsetsa batho molemo.’”
18. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba bontša hore ba tšehetsa Selekane sa Lichaba joang?
18 Ka la 2 January, 1919, San Francisco Chronicle e ne e e-na le sehlooho se seholo se ka holimo se reng: “Mopapa o Ipiletsa Hore ho Amoheloe Selekane sa Lichaba sa Wilson.” Ka la 16 October, 1919, kōpo e saennoeng ke baruti ba 14 450 ba likereke tse ka sehloohong e ile ea hlahisoa ka pele ho Senate sa United States, e phehella sehlopha seo “hore se amohele tumellano ea khotso ea Paris e neng e akarelletsa tumellano ea selekane sa lichaba.” Le hoja Senate sa United States se sa ka sa amohela tumellano eo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tsoela pele ho buella Selekane seo. Joale Selekane seo se ile sa khakoloa joang? Litaba tse ileng tsa phatlalatsoa Switzerland, ka la 15 November, 1920, li baleha tjena: “Ho buloa ha kopano ea pele ea Selekane sa Lichaba ho phatlalalitsoe ka hora ea leshome le motso o mong hoseng hona ka hore ho letsoe litšepe likerekeng tsohle Geneva.”
19. Ha sebata se ’mala o sekareleta se hlaha, sehlopha sa Johanne se ile sa etsa’ng?
19 Na sehlopha sa Johanne, seo e neng e le sona feela lefatšeng seo ka cheseho se ileng sa amohela ’Muso o tlang oa Mesia, se ile sa kopanela le Bokreste-’mōtoana liketsong tseo tsa ho hlompha sebata se ’mala o sekareleta? Le hanyenyane! Ka Sontaha sa la 7 September, 1919, kopanong ea batho ba Jehova e neng e le Cedar Point, Ohio, ho ile ha fanoa ka puo ea phatlalatsa e neng e e-na le sehlooho se reng, “Tšepo Bakeng sa Moloko oa Batho o Tepeletseng.” Ka letsatsi le hlahlamang, Star-Journal ea Sandusky e ile ea tlaleha hore ha J. F. Rutherford a ne a bua le batho ba ka bang 7 000, o ile a “bolela hore joang kapa joang khalefo ea Morena e tla oela Selekane seo . . . hobane baruti—ba K’hatholike le ba Prostanta—ba ipolelang hore ke baemeli ba Molimo, ba lahlile morero oa hae eaba ba tšehetsa Selekane sa Lichaba, ba se thoholetsa ka ho re ke pontšo ea bopolotiki ea ’muso oa Kreste lefatšeng.”
20. Ke hobane’ng ha e ne e le ho nyefola hore baruti ba thoholetse Selekane sa Lichaba ka hore ke “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng”?
20 Ho hlōleha ho tšabehang ha Selekane sa Lichaba ho ne ho lokela hore ebe ho ile ha bontša baruti hore mekhatlo e joalo e entsoeng ke batho hase karolo ea ’Muso oa Molimo lefatšeng. Ke bonyefoli bo bokaakang ho bolela taba e joalo! Ho etsa hore ho bonahale eka Molimo o ne a kentse letsoho Selekaneng seo se ileng sa iponahatsa e le hlakantsutsu feela. Ha e le Molimo, eena “mosebetsi oa hae o phethahetse.” ’Muso oa Jehova oa leholimo o tlas’a Kreste—eseng bo-ralipolotiki ba ikopantseng ba qhoebeshanang, bao ba bangata ba bona ba sa lumeleng hore Molimo o teng—ke oona mokhoa oo a tlang ho tlisa khotso ka oona ’me thato ea hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.—Deuteronoma 32:4; Matheu 6:10.
21. Ke eng e bontšang hore seotsoa se seholo se tšehetsa mohlahlami oa Selekane, e leng Machaba a Kopaneng, ebile sea a hlompha?
21 Ho thoe’ng ka mohlahlami oa Selekane see, e leng Machaba a Kopaneng? Ho tloha ha o thehoa feela, mokhatlo ona le oona o ile oa palangoa ke seotsoa se seholo, ho ne ho bonahala hore se sebelisana le oona ’me se leka ho o tataisa tseleng eo o etsang lintho ka eona. Ka mohlala, ka June 1965, ha ho ne ho ketekoa sehopotso sa lilemo tse 20 o thehiloe, baemeli ba Kereke ea Roma e K’hatholike le ba Kereke ea Bochabela ea Orthodox, hammoho le Maprostanta, Bajuda, Mahindu, Mabuddha, le Mamosleme—bao ho neng ho thoe ba emela batho ba limilione tse likete tse peli har’a baahi ba lefatše—ba ile ba bokana San Francisco ho keteka ho tšehetsa ha bona le ho hlompha ha bona Machaba a Kopaneng. Ha Mopapa Paul VI a etela Machaba a Kopaneng ka October 1965, o ile a a hlalosa e le “mokhatlo o moholohali mekhatlong eohle ea machaba” ’me a phaella ka ho re: “Lichaba tsa lefatše li retelehela ho Machaba a Kopaneng e le tšepo ea ho qetela ea tumellano le khotso.” Mopapa e mong ea etileng, e leng Mopapa John Paul II, ha a bua le Machaba a Kopaneng ka October 1979, o ile a re: “Ke tšepa hore Machaba a Kopaneng a tla lula ka ho sa feleng e le setsi se phahameng ka ho fetisisa sa khotso le toka.” Ka ho totobetseng, mopapa ha aa ka a natsa Jesu Kreste kapa ’Muso oa Molimo puong ea hae. Nakong ea ketelo ea hae United States ka September 1987, joalokaha The New York Times e tlalehile, “John Paul o ile a bua halelele ka mosebetsi o molemo oa Machaba a Kopaneng tabeng ea ho buella . . . ‘bonngoe bo bocha lefatšeng ka bophara.’”
Lebitso, Sephiri
22. (a) Seotsoa se seholo se khethile ho palama sebata sa mofuta ofe? (b) Johanne o hlalosa seotsoa sa tšoantšetso, e leng Babylona e Moholo joang?
22 Haufinyane moapostola Johanne o tla ithuta hore seotsoa se seholo se khethile ho palama sebata se kotsi. Leha ho le joalo, o retelehela ho Babylona e Moholo ka boeena pele. O apere liaparo tsa borui, empa, jo! o nyonyeha hakaakang! “Mosali eo o ne a apere bopherese le sekareleta, ’me o ne a khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela ’me letsohong la hae o ne a tšoere senoelo sa khauta se neng se tletse lintho tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae. Phatleng ea hae ho ne ho ngotsoe lebitso, sephiri: ‘Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.’ Ka bona hore mosali eo o ne a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.”—Tšenolo 17:4-6a.
23. Lebitso le feletseng la Babylona e Moholo ke mang, hona le bolela’ng?
23 Joalokaha e ne e le tloaelo Roma ea boholo-holo, letekatse lena le tsebahala ka lebitso le phatleng ea lona.d Ke lebitso le lelelele: “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.” Lebitso leo ke “sephiri,” ke ntho e nang le moelelo o patehileng. Empa ka nako ea Molimo e loketseng, sephiri seo se lokela ho hlalosoa. Ha e le hantle, lengeloi le fa Johanne boitsebiso bo lekaneng ho etsa hore bahlanka ba Jehova kajeno ba lemohe sohle se boleloang ke lebitso lena le hlalosang. Rea tseba hore Babylona e Moholo ke bolumeli bohle ba bohata. Ke “’mè oa liotsoa” hobane malumeli ’ohle a bohata lefatšeng, a akarelletsang lihlotšoana tse ngata tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana, a tšoana le barali ba eona, a e etsisa ka ho etsa bootsoa ba moea. Hape ke ’mè oa “lintho tse nyonyehang” ka hore e tsoetse bana ba bafetoheli ba kang borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bonohe, bolepi ba linaleli, ho laola ka ho bala mela ea letsoho, ho etsa mahlabelo ka batho, botekatse ba tempeleng, ho tahoa e le ho hlompha melimo ea bohata, le mekhoa e meng e nyatsehang.
24. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Babylona e Moholo e bonoa e apere “bopherese le sekareleta” ’me e “khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela”?
24 Babylona e Moholo e apere “bopherese le sekareleta,” e leng mebala ea borena, ’me e “khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela.” Ke ho loketseng hakaakang! Nahana feela ka mehaho eohle e majabajaba, liemahale tse ikhethang le litšoantšo tse ferefiloeng, litšoantšo tse theko e boima, le lisebelisoa tse ling tsa bolumeli, hammoho le thepa e ngata haholo le chelete, tseo malumeli a lefatše lena a li bokeletseng. Ebang ke Vatican, setsing sa baevangeli ba thelevishene se United States, kapa matlong a majabajaba a baitlami ba Mabuddha le litempeleng tsa Bochabela, Babylona e Moholo e bokeletse leruo le leholo—le hoja ka linako tse ling e ile ea lahleheloa ke lona.
25. (a) Se tšetsoeng ka har’a ‘senoelo sa khauta se tletseng lintho tse nyonyehang’ se tšoantšetsa’ng? (b) Seotsoa sa tšoantšetso se tahiloe ka kutloisiso efe?
25 Joale sheba hore na seotsoa se tšoere’ng letsohong. E tlameha ebe Johanne o ile a tšoha ha a se bona—senoelo sa khauta “se neng se tletse lintho tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae”! Senoelo sena se tšetse “veine ea bohale ba bohlola ba hae” eo se entseng hore lichaba tsohle li tahoe ke eona. (Tšenolo 14:8; 17:4) Se shebahala se le setle haholo ka ntle, empa se tšetsoeng ka har’a sona sea nyonyeha, ha sea hloeka. (Bapisa le Matheu 23:25, 26.) Se tšetse mekhoa eohle e litšila le mashano tseo seotsoa se seholo se li sebelisitseng ho eka lichaba le ho etsa hore li be tlas’a tšusumetso ea sona. Ho nyonyehang le ho feta ke hore Johanne oa bona hore seotsoa seo ka bosona se tahiloe, se tahiloe ke mali a bahlanka ba Molimo! Ha e le hantle, hamorao re bala hore “ho [sona] ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Ke molato o moholo hakaakang oa mali!
26. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Babylona e Moholo e molato oa mali?
26 Ka makholo a lilemo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tšolotse mali a mangata hoo a ke keng a lekanngoa. Ka mohlala, Japane, mehleng e bohareng, litempele tse Kyoto li ile tsa fetoloa liqhobosheane, ’me bahlabani bao e neng e le baitlami ba banna, ba ile ba ipiletsa ho “lebitso le halalelang la Buddha,” eaba ba loantšana ho fihlela literata li le khubelu ke mali. Lekholong la bo20 la lilemo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tsamaea ba macha le mabotho a linaha tsa habo bona ’me mabotho ana a ile a bolaeana, eaba bonyane ba limilione tse lekholo ba lahleheloa ke bophelo ba bona. Ka October 1987 Nixon, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States, o ile a re: “Lekholo la bo20 la lilemo e bile le tletseng tšollo ea mali ka ho fetisisa historing. Ho bolailoe batho ba bangata lintoeng tsa lekholo lena la lilemo ho feta lintoeng tsohle tse loannoeng pele lekholo lena la lilemo le qala.” Molimo o ahlola malumeli a lefatše haboima ka lebaka la ho kopanela ha ’ona ho sena sohle; Jehova o nyonya “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liproverbia 6:16, 17) Pejana, Johanne o ile a utloa mohoo o tsoang aletareng o reng: “’Musi Morena ea halalelang le oa ’nete, u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola le ho pheteletsa mali a rōna holim’a ba lulang lefatšeng?” (Tšenolo 6:10) Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše, e tla be e kene tloara! ha ho fihla nako ea ho arabela potso eo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha a bontša hore lithuto tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana bo koenehileng, litšebeletso tsa bona le mekhoa ea bona ha lia simoloha Bokresteng, mok’hadinale oa Roma e K’hatholike oa lekholong la bo19 la lilemo John Henry Newman o ile a ngola tjena bukeng ea hae e bitsoang Essay on the Development of Christian Doctrine: “Ho sebelisoa ha litempele, tse nehetsoeng ho bahalaleli ba khethehileng, tseo ka linako tse ling li khabisoang ka makala a lifate; libano, mabone, le likerese; linyehelo tseo motho a itlamang hore o tla li ntša ha a ka fola; metsi a halalelang; matlo a setšabelo; matsatsi a halalelang le linako tsa selemo, ho sebelisoa ha lialmanaka, mekoloko, mahlohonolo masimong; liaparo tsa boprista, tsela eo motho a kutoang ka eona ha a kena bopristeng, reng ea lenyalo, ho sheba Bochabela, litšoantšo tse tlileng hamorao, mohlomong le lithapelo tse binoang, le Kyrie Eleison [pina e reng “Morena, E-ba le Mohau”], kaofela li simolohile boheteneng, ’me li halalelitsoe ka hore li amoheloe ka Kerekeng.”
Ho e-na le ho halaletsa borapeli bo joalo ba litšoantšo, “Jehova ea Matla ’Ohle” o eletsa Bakreste ka ho re: “Tsoang har’a bona, ’me le ikarole, . . . le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”—2 Bakorinthe 6:14-18.
b Buka ea histori ea William L. Shirer e bitsoang The Rise and Fall of the Third Reich e bolela hore von Papen “o ne a ikarabella haholo ho feta motho leha e le ofe Jeremane tabeng ea hore Hitler a hloelle pusong.” Ka January 1933, eo e kileng ea e-ba letona la naha la Jeremane von Schleicher o ne a ile a re ha a bua ka von Papen: “O ipakile e le lehlaba-phio hoo Judase Iskariota e leng mohalaleli ha a bapisoa le eena.”
c Ha a bua K’holejeng ea Mondragone ka la 14 May, 1929, Mopapa Pius XI o ile a re o ne a tla buisana le Diabolose ka boeena haeba ho hlokahala e le hore batho ba fumane se molemo.
d Bapisa le mantsoe a mongoli oa Moroma Seneca a eang ho moprista oa mosali ea khelohileng (joalokaha a qotsitsoe ke Swete): “Ngoanana, u eme ka tlung e tummeng hampe . . . lebitso la hao le leketlile phatleng ea hao; u amohetse chelete bakeng sa ho tlotloloha ha hao.”—Controv. i, 2.
[Lebokose le leqepheng la 237]
Churchill o Pepesa ‘Bootsoa’
Bukeng ea hae e bitsoang The Gathering Storm (1948), Winston Churchill o tlaleha hore Hitler o ile a khetha Franz von Papen e le letona la Jeremane hore a ee Vienna ka morero oa “ho tsoa tlaase kapa ho hapa batho ba ka pele-pele lipolotiking tsa Austria.” Churchill o qotsa letona la United States le neng le le Vienna le re ka von Papen: “Ka sebete le ka mokhoa o nyatsa-nyatsang ka ho fetisisa . . . Papen o ile a mpolella hore . . . o rerile ho sebelisa botumo ba hae e le Mok’hatholike ea molemo ho hapa tšusumetso ea Maaustria joaloka Mok’hadinale Innitzer.”
Ka mor’a hore Austria e inehele ’me mabotho a Hitler a kene a hatela holimo Vienna, mok’hadinale oa K’hatholike Innitzer o ile a laela hore likereke tsohle tsa Austria li fanyehe folakha ea swastika, li letse litšepe tsa tsona, li be li rapelle Adolf Hitler ho hlompha letsatsi la tsoalo ea hae.
[Lebokose le leqepheng la 238]
‘THAPELO EA NTOA’ BAKENG SA ’MUSO OA JEREMANE
Tlas’a sehlooho sena, taba e latelang e ile ea hlaha khatisong ea pele ea The New York Times ea la 7 December, 1941:
“Babishopo ba K’hatholike ba Fulda ba Kōpa Tlhohonolofatso le Tlhōlo . . . Seboka sa Babishopo ba K’hatholike ba Majeremane ba neng ba kopane Fulda se bueletse hore ho qalisoe ‘thapelo [e khethehileng] ea ntoa’ e lokelang ho baloa qalong le qetellong ea litšebeletso tsohle tse halalelang. Thapelo eo e kōpa hore Tataiso ea Molimo e hlohonolofatse lihlomo tsa Majeremane ka tlhōlo le hore e sireletse bophelo ba masole ’ohle. Babishopo ba ile ba tsoela pele ho laela baruti ba K’hatholike hore ba hopole masole a Jeremane ‘a fatše, a leoatleng le a moeeng’ a be a a tšoarele tšebeletso e khethehileng ea Sontaha bonyane hanngoe ka khoeli.”
Taba eo e ile ea huloa hore e se hlole e hlaha likhatisong tse latelang tsa koranta eo. La 7 December, 1941, ke letsatsi leo ka lona Japane, eo e neng e le motsoalle oa Jeremane ea Bonazi, e ileng ea hlasela lebotho la United States le neng le le Pearl Harbor.
[Lebokose le leqepheng la 244]
“Mabitso a Nyefolang”
Ha sebata se linaka li peli se buella Selekane sa Lichaba ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, hang-hang linyatsi tsa sona tse ngata tsa bolumeli li ile tsa qala ho tšehetsa khato ena ka tsela ea bolumeli. Ka lebaka leo, mokhatlo o mocha oa khotso o ile oa fetoha o ‘tletseng mabitso a nyefolang.’
“Bokreste bo ka fana ka tšehetso, e leng tšusumetso e matla e khannang selekane [sa lichaba], kahoo ba fetola tumellano eo ho tloha leqetšoaneng la pampiri hore e be kofuto ea ’muso oa Molimo.”—The Christian Century, U.S.A., ea la 19 June, 1919, leqepheng la 15.
“Khopolo ea Selekane sa Lichaba ke tsela ea ho etsa hore taba ea hore ’Muso oa Molimo ke taolo ea lefatše e hlahisang se molemo e atolohele likamanong tsa machaba. . . . Ke eona ntho eo Bakreste bohle ba e rapellang ha ba re, ‘Ho tle ’Muso oa hao.’”—The Christian Century, U.S.A., ea la 25 September, 1919, leqepheng la 7.
“Se kopantseng Selekane sa Lichaba ke Mali a Kreste.”—Dr. Frank Crane, moruti oa Moprostanta, U.S.A.
“Lekhotla [la Sechaba] [la Likereke tsa Congregational] le tšehetsa Tumellano [ea Selekane sa Lichaba] e le eona kofuto feela ea bopolotiki e fumanehang hona joale eo ka eona Moea oa Jesu Kreste o ka khonang ho sebetsa ka tsela ea sebele e batsi haholoanyane litabeng tsa lichaba.”—The Congregationalist and Advance, U.S.A., ea la 6 November, 1919, leqepheng la 642.
“Seboka se mema Mamethodiste ’ohle hore a tšehetse lipakane [tsa Selekane sa Lichaba] a be a li phahamise ka matla joalokaha li senotsoe ke khopolo ea Molimo Ntate le bana ba Molimo ba lefatšeng.”—Kereke ea Methodiste ea Oesele, Brithani.
“Ha re nahanisisa ka litakatso, menyetla le liqeto tsa tumellano ena, re bona hore e fupere khubu ea lithuto tsa Jesu Kreste: E leng ’Muso oa Molimo le ho loka ha hae . . . E tšoana hantle le sona seo, ha e haelloe ke letho.”—Thuto ea Moarekabishopo oa Canterbury ha ho buloa Kopano ea Selekane sa Lichaba Geneva, ka la 3 December, 1922.
“Mokhatlo oa Selekane sa Lichaba naheng ena o na le tokelo e halalelang e tšoanang le ea mokhatlo leha e le ofe oa boromuoa o buellang boiketlo ba batho, hobane hona joale ke bona boemeli bo sebetsang ka ho fetisisa ba puso ea Kreste e le Khosana ea khotso har’a lichaba.”—Dr. Garvie, moruti oa Congregational, Brithani.
[’Mapa o leqepheng la 236]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Babylona
Lithuto tsa bohata tseo batho ba li lumelang lefatšeng lohle li simolohile Babylona
Melimo ea boraro-bo-bong kapa lihlopha tsa melimo e meraro
Moea oa motho o tsoela pele o phela ka mor’a lefu
Tšebelisano le meea—ho bua le “bafu”
Ho sebelisa litšoantšo borapeling
Ho sebelisa boloi ho khotsofatsa bademona
Puso ea boprista bo matla
[Litšoantšo tse leqepheng la 239]
Babylona ea boholo-holo e ne e lutse holim’a metsi a mangata
Kajeno seotsoa se seholo le sona se lutse holim’a “metsi a mangata”
[Setšoantšo se leqepheng la 241]
Babylona e Moholo e palame sebata se kotsi
[Setšoantšo se leqepheng la 242]
Seotsoa sa bolumeli se entse bohlola le marena a lefatše
[Litšoantšo tse leqepheng la 245]
Mosali o “tahiloe ke mali a bahalaleli”