Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Part 7—’Muso oa ho Qetela o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa—1988 | May 15
    • Ha buka ea Bibele ea Tšenolo e ne e ngoloa, hoo e ka bang lilemo tse 1 900 tse fetileng, e ile ea bolela hore “marena” a mahlano, kapa mebuso ea lefatše, a ne a se a ile a ba teng a ba a feta. Mebuso ena e ne e le Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia le Greece. Oa botšelela, Roma, o ne ‘o sa le teng,’ empa oa bosupa o ne o e-s’o fihle. (Tšenolo 17:10) ’Muso oo oa bosupa oa lefatše e ne e le ofe? O ne o bile teng joang? ’Me o tla lateloa ke eng? Likarabelo tsa lipotso tsena tsa bohlokoa ke taba e tla tšohloa sehloohong sena.

  • Part 7—’Muso oa ho Qetela o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa—1988 | May 15
    • Sehleke-hleke se seng se sebakeng se kathōko se ka leboea-bophirimela ho ’Muso oa Roma se ne se qetile nako e telele se sa kenella litabeng tsa lefatše. Ho joalokaha rahistori e mong a hlalositse: “Lekholong la leshome le metso e tšeletseng la lilemo, Engelane e ’nile ea e-ba ’muso o tlaasana. Leruo la eona le ne le fokola ha le bapisoa le la Netherlands. Baahi ba eona ba ne ba le ka tlaase ho ba Fora. Mabotho a eona a hlometseng (ho akarelletsa likepe tsa eona tsa ntoa) a ne a le ka tlaase ho a Spain.” Leha ho le joalo, Engelane e ile ea eketsa sehlopha sa likepe tsa eona tsa bohlokoa bo itseng, ’me litlokotsebe tsa eona tse tsamaeang le likepe le balaoli ba likepe tsa ntoa ba ile ba qala ho futuhela likolone tsa Spain le likepe tsa Spain tse neng li phakhelletsoe matlotlo.

      Manaka a Mararo

      Ka 1558 Phillip II oa Spain o ile a futuhela bahlorisi ba hae ba Manyesemane ka Sehlopha sa Likepe tsa Ntoa tsa Spain. Sehlopha sena sa likepe tse 130 tse neng li nkile banna ba kaholimo ho 24 000 se ile sa sesa butle ho nyolosa le Leoatle la Manyesemane, empa sa hlaseloa ke meea e neng e se hlaha kapele le lifefo tse matla tsa Atlantic. Ho Modern Europe to 1870, rahistori Carlton Hayes o ngola hore ketsahalo ena “e ile ea tšoaea ka mokhoa oa makhaola-khang ho fetisetsoa ha borena ba metsing ho tloha ho Spain ho ea ho Engelane.”

      Lekholong la bo17 la lilemo, Madutch a ile a haha likepe tse khōlō ka ho fetisisa tsa khoebo lefatšeng. Likepe tsa ’ona li ne li busa maoatle, ’me hohle a ne a alima mebuso liphaello tsa ’ona. Empa ha likolone tsa eona tsa mose ho maoatle li ntse li eketseha, Engelane e ile ea hlōla le mona.

      Joale, lekholong la bo18 la lilemo, Manyesemane le Mafora a ile a loana libakeng tse neng li arohane haholo tse kang Amerika Leboea le India, e leng ho ileng ha lebisa Tumellanong ea Khotso ea Paris ka 1763. Mabapi le eona William B. Willcox o ngotse bukeng ea hae Star of Empire—A Study of Britain as a World Power hore le hoja tumellano eo ea khotso e ne e bonahala e le ho sekisetsa, “ha e le hantle e ne e hlokomela boemo bo bocha ba Brithani e le ’muso o kaholimo-limo oa Europa lefatšeng ntle le Europa.”

      Bo-rahistori ba bang baa lumela, ba re: “Ho tloha makholong a mabeli a lilemo a ntoa le Maspania, Madutch, le Mafora, Brithani e Khōlō e ile ea phahama ka 1763 e le ’muso o kapele-pele khoebong le likoloneng lefatšeng.” (Modern Europe to 1870) “Ka 1763 ’Muso oa Brithani o ile oa okamela lefatše joaloka Roma e ’ngoe e tsositsoeng le e atolositsoeng.” “O ile oa phahama lintoeng tsa bohareng ba lekholo leo la lilemo e le ’muso o moholo ka ho fetisisa le o matla ka ho fetisisa—le o hloiloeng ka ho fetisisa—oa lefatše.” (Navy and Empire, ea James L. Stokesbury) E, ‘lenaka lena le lenyenyane’ le ne le hōlile ho fetoha ’muso oa bosupa oa lefatše historing ea Bibele.

  • Part 7—’Muso oa ho Qetela o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa—1988 | May 15
    • Boholo ba likolone tsa Brithani li fumane boipuso ’me li ikopantse le Lichaba tsa Selekane. Le hoja e ka ’na eaba ’muso oo o ile, ’Muso oa Lefatše oa Maamerika le Manyesemane o ntse o le teng. Empa o tla ba teng ka “nako e khutšoanyane” feela, ha ho bapisoa le makholo a mangata a lilemo ao ’muso oa Roma o tlileng pele ho oona o busitseng ka ’ona.—Tšenolo 17:10, NW.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela