Khaolo 35
Ho Timetsa Babylona e Moholo
1. Lengeloi le hlalosa sebata se ’mala o sekareleta joang, ’me ho hlokahala bohlale ba mofuta ofe hore motho a utloisise lintho tse tšoantšetsoang ho Tšenolo?
HA LE tsoela pele ho hlalosa sebata se ’mala o sekareleta se boleloang ho Tšenolo 17:3, lengeloi le re ho Johanne: “Mona ke moo kelello e nang le bohlale e kenellang: Lihlooho tse supileng li bolela lithaba tse supileng, tseo mosali eo a lulang holim’a tsona. Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle, empa ha a fihla o tla lula nakoana e khutšoanyane.” (Tšenolo 17:9, 10) Mona lengeloi le fetisa bohlale bo tsoang holimo, e leng bona bohlale feela bo ka fanang ka kutloisiso ea lintho tse tšoantšetsoang ho Tšenolo. (Jakobo 3:17) Bohlale bona bo beha sehlopha sa Johanne leseling le metsoalle ea sona mabapi le ho teba ha mehla eo re phelang ho eona. Bo haha ka lipelong tse inehetseng kananelo ea likahlolo tsa Jehova, tse haufi le ho phethahatsoa, ’me bo etsa hore ho tšaba Jehova ka mokhoa o motle ho thophothele ka lipelong. Joalokaha Liproverbia 9:10 e bolela: “Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale, ’me ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ke kutloisiso.” Bohlale ba bomolimo bo re senolela eng ka sebata?
2. Lihlooho tse supileng tsa sebata se ’mala o sekareleta li bolela’ng, hona ke joang ‘ho seng ho oele a mahlano, e mong a sa le teng’?
2 Lihlooho tse supileng tsa sebata seo se tšabehang ka ho fetisisa li emela “lithaba” tse supileng, kapa “marena” a supileng. Ka Mangolong mantsoe ao ka bobeli a bolela mebuso. (Jeremia 51:24, 25; Daniele 2:34, 35, 44, 45) Ka Bibeleng, ho buuoa ka mebuso ea lefatše e tšeletseng e le e nang le tšusumetso litabeng tsa batho ba Molimo: e leng Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma. E mehlano ea eona e ne e se e tlile ea ba ea feta nakong eo Johanne a neng a amohela Tšenolo ena, athe Roma e ne e ntse e le ’muso oa lefatše o matla. Hona ho lumellana hantle le mantsoe a reng, “a mahlano a oele, e mong o teng.” Empa ho thoe’ng ka “e mong” ea neng a lokela ho tla?
3. (a) ’Muso oa Roma o ile oa aroloa joang? (b) Ho ile ha e-ba le liphetoho life ka Bophirimela? (c) ’Muso o Halalelang oa Roma o lokela ho talingoa joang?
3 ’Muso oa Roma o bile teng ka nako e telele oa ba oa atoloha ka makholo a lilemo ka mor’a mehla ea Johanne. Ka 330 C.E., Moemphera Constantine o ile a fallisa motse-moholo oa hae ho tloha Roma ho ea Byzantium, ’me a o reha Constantinople. Ka 395 C.E., ’Muso oa Roma o ile oa aroloa likarolo tse peli, e ka Bochabela le e ka Bophirimela. Ka 410 C.E., Roma ka boeona e ile ea oela ho Alaric, e leng morena oa Magoth a ka bophirimela (morabe oa Jeremane o ileng oa sokolohela sehlopheng sa Arius sa “Bokreste”). Merabe ea Jeremane (eo le eona e neng e le ea “Bokreste”) e ile ea hapa Spain le karolo e khōlō ea sebaka se tlas’a Roma se Afrika Leboea. Ho bile le merusu, ho hloka botsitso, ha ba ha hlophisoa lintho bocha Europe ka makholo a lilemo. Ho ile ha hlaha baemphera ba tsebahalang ka Bophirimela, ba kang Charlemagne, ea ileng a theha selekane le Mopapa Leo III lekholong la borobong la lilemo, le Frederick II, ea ileng a busa lekholong la bo13 la lilemo. Empa le hoja puso ea bona e ile ea bitsoa ’Muso o Halalelang oa Roma, e ne e le nyenyane haholo ho feta ’Muso oa Roma oa pejana ha o le sehlohlolong sa oona. E ne e batla e le ho tsosolosoa kapa ho ntšetsoa pele ha ’muso ona oa boholo-holo ho e-na le ho ba ’muso o mocha.
4. ’Muso oa Bochabela o ile oa atleha hakae, empa ho ile ha etsahala’ng ka libaka tse ngata tse kileng tsa e-ba tlas’a Roma ea boholo-holo Afrika Leboea, Spain le Syria?
4 ’Muso o ka Bochabela oa Roma, oo setsi sa oona se neng se le Constantinople, o ile oa mamella kamano e mpe pakeng tsa oona le ’Muso o ka Bophirimela. Lekholong la botšelela la lilemo, moemphera oa Bochabela Justinian I o ile a khona ho boela a hapa karolo e khōlō ea Afrika Leboea, a ba a namola pakeng tsa Spain le Italy. Lekholong la bosupa la lilemo, Justinian II o ile a boela a hapa libaka tsa ’Muso oa Macedonia tse neng li hapiloe ke banna ba moloko oa Maslavo. Leha ho le joalo, hoo e ka bang lekholong la borobeli la lilemo, boholo ba sebaka se kileng sa e-ba tlas’a Roma ea boholo-holo Afrika Leboea, Spain le Syria, bo ile ba oela tlas’a ’muso o mocha oa Boislamo, kahoo sebaka seo sa tloha tlas’a taolo ea Constantinople le Roma.
5. Le hoja motse oa Roma o ile oa oa ka 410 C.E., ho tlile joang hore ho nke makholo a lilemo hore mesaletsa eohle ea ’Muso oa Roma oa bopolotiki e fele lefatšeng?
5 Motse oa Constantinople ka booona o ile oa e-ba teng nako e teletsana. O ile oa phonyoha litlhaselo tse ngata tsa Mapersia, Maarabia, Mabulgaria, le Marussia ho fihlela ka 1203 ha o qetella o oetse ho Masole a Bakreste a tsoang ka Bophirimela—eseng ho Mamosleme. Leha ho le joalo, ka 1453 o ile oa oela matsohong a ’musi oa Ottoman oa Momosleme Mehmed II ’me kapele ka mor’a moo oa fetoha motse-moholo oa ’Muso oa Ottoman, kapa oa Maturkey. Kahoo, le hoja motse oa Roma o ile oa oa ka 410 C.E., ho ile ha nka makholo a lilemo hore mesaletsa eohle ea ’Muso oa Roma oa bopolotiki e fele lefatšeng. Empa ho ntse ho le joalo, tšusumetso ea oona e ne e ntse e ka hlokomeloa mebusong ea bolumeli e thehiloeng tsamaisong ea bopapa ea Roma le likerekeng tsa Bochabela tsa Orthodox.
6. Ke mebuso efe e mecha e ileng ea hlaha, ’me ke ofe o ileng oa atleha ka ho fetisisa?
6 Leha ho le joalo, hoo e ka bang lekholong la bo15 la lilemo, linaha tse ling li ne li haha mebuso e mecha. Le hoja e meng ea mebuso ena ea bohatelli e mecha e ne e thehiloe libakeng tseo pele e neng e le likolone tsa Roma, mebuso ea tsona e ne e se feela ho ntšetsoa pele ha ’Muso oa Roma. Portugal, Spain, Fora le Holland kaofela li ile tsa fetoha libaka tse nang le puso e pharaletseng. Empa e neng e atlehile ka ho fetisisa e ne e le Brithani, e neng e e-na le ’muso o moholo oo ho oona ‘letsatsi le neng le sa likele.’ Ka linako tse sa tšoaneng ’Muso ona o ne o pharaletse hoo o neng o laola boholo ba Amerika Leboea, Afrika, India, le Asia Boroa-bochabela, hammoho le boholo ba Pacific e ka Boroa.
7. Mofuta o mong oa ’muso o kopanetsoeng oa lefatše o ile oa hlaha joang, ’me Johanne o ile a re “hlooho” ea bosupa, kapa ’muso oa lefatše, e ne e tla ba teng nako e telele hakae?
7 Hoo e ka bang lekholong la bo19 la lilemo, likolone tse ling tse Amerika Leboea li ne li se li itokolotse ho Brithani eaba li theha United States of America e ipusang. Tabeng ea lipolotiki, ho ile ha ’na ha e-ba le khohlano e itseng pakeng tsa sechaba se secha le sechaba seo se tsoileng ho sona. Leha ho le joalo, ntoa ea pele ea lefatše e ile ea qobella linaha tseo ka bobeli hore li hlokomele lintho tse tšoanang tseo li amehileng ka tsona ’me li ile tsa tiisa kamano e khethehileng pakeng tsa tsona. Kahoo, ho ile ha e-ba le mofuta o mong oa ’muso o kopanetsoeng oa lefatše, o entsoeng ka United States of America, eo hajoale e leng sechaba se ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, le Great Britain, e leng sona setsi sa ’muso o moholo ka ho fetisisa oa lefatše. Joale, ena ke eona ‘hlooho’ ea bosupa, kapa ’muso oa lefatše, o ntseng o le teng ho fihlela nakong ea bofelo le libakeng tseo Lipaki tsa kajeno tsa Jehova li ileng tsa thehoa ho tsona ka lekhetlo la pele. Ha ho bapisoa le puso e telele ea hlooho ea botšelela, ea bosupa e ba teng “nakoana e khutšoanyane” feela, ho fihlela ha ’Muso oa Molimo o felisa litsamaiso tsohle tsa lichaba.
Ke Hobane’ng ha o Bitsoa Morena oa Borobeli?
8, 9. Lengeloi le bitsa sebata se ’mala o sekareleta sa tšoantšetso eng, ’me se hlaha ho e supileng ka tsela efe?
8 Lengeloi le tsoela pele ho hlalosetsa Johanne hore: “Sebata se neng se le teng empa se se se le sieo, e boetse ke morena oa borobeli, empa se hlaha ho tse supileng, ’me se tloha ho ea timetsong.” (Tšenolo 17:11) Sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta “se hlaha” lihloohong tse supileng; ke hore, se hlahile lihloohong tseo, kapa se bile teng ka lebaka la lihlooho tseo tsa ‘sebata sa pele se nyolohang ka leoatleng,’ seo sebata se ’mala o sekareleta e leng setšoantšo sa sona. Ka tsela efe? Ka 1919 ’muso oa Manyesemane le Maamerika e ne e le eona hlooho e busang. Lihlooho tse tšeletseng tsa pele li ne li oele, ’me boemo ba ho ba ’muso o busang lefatše bo ne bo fetetse ho hlooho ena e kopanetsoeng ’me joale bo ne bo le matsohong a eona. Hlooho ena ea bosupa, eo e ntseng e le moemeli oa letoto la mebuso ea lefatše, e ne e le eona e ileng ea hlohlelletsa hore ho thehoe Selekane sa Lichaba ’me e ntse e le eona ’muelli ea ka sehloohong oa Machaba a Kopaneng ea bileng a a tšehetsang ka lichelete. Kahoo, ka tsela ea tšoantšetso, sebata se ’mala o sekareleta—e leng morena oa borobeli—“se hlaha” lihloohong tse supileng tsa pele. Ha e talingoa ka tsela ena, polelo e reng se hlahile ho tse supileng e lumellana hantle le tšenolo ea pejana ea hore sebata se nang le linaka tse peli joaloka konyana (’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e leng hlooho ea bosupa ea sebata sa pele) se ile sa khothalletsa hore ho etsoe setšoantšo sa ba sa se fa bophelo.—Tšenolo 13:1, 11, 14, 15.
9 Ho phaella moo, litho tsa pele tsa Selekane sa Lichaba, hammoho le Great Britain, li ne li akarelletsa mebuso e busitseng libakeng tse neng li busoa ke lihlooho tse ling tsa pejana, tse kang Greece, Iran (Persia), le Italy (Roma). Qetellong, mebuso e busang libaka tse neng li laoloa ke mebuso e tšeletseng ea lefatše ea pejana e ile ea e-ba litho tse tšehetsang setšoantšo sa sebata. Ka kutloisiso ena, ho ka boela ha thoe sebata sena se ’mala o sekareleta se hlahile mebusong e supileng ea lefatše.
10. (a) Ke joang ho ka boleloang hore sebata se ’mala o sekareleta “e boetse ke morena oa borobeli”? (b) Eo e neng e le moeta-pele oa linaha tseo pele e neng e le Soviet Union o ile a bontša hore o tšehetsa Machaba a Kopaneng joang?
10 Hlokomela hore sebata se ’mala o sekareleta “e boetse ke morena oa borobeli.” Kahoo, Machaba a Kopaneng a reretsoe hore a shebahale joaloka ’muso oa lefatše kajeno. Ka linako tse ling a bile a nka bohato joaloka oona, a romela mabotho mabaleng a ntoa ho ea rarolla lintoa tsa machaba, joaloka Korea, Hloahloeng ea Sinai, linaheng tse ling tsa Afrika le Lebanone. Empa ke setšoantšo feela sa morena. Joaloka setšoantšo sa bolumeli, ha a na tšusumetso ea sebele kapa matla ntle ho ao a a fuoeng ke batho ba a thehileng ba bileng ba a rapelang. Ka linako tse ling, sebata sena sa tšoantšetso se shebahala se fokola; empa ha ho mohla se kileng sa lahloa ka ho feletseng ke litho tse sekametseng pusong ea bohatelli tse ileng tsa kenya Selekane sa Lichaba ka mohohlong ka likhoka. (Tšenolo 17:8) Le hoja a e-na le maikutlo a sa tšoaneng ho hang linthong tse ling, ka 1987 eo e neng e le moeta-pele ea tsebahalang oa linaha tseo pele e neng e le Soviet Union o ile a ikopanya le bapapa ba Roma ha ba bontša hore ba tšehetsa Machaba a Kopaneng. O ile a ba a re ho be le “tsamaiso e akaretsang ea tšireletseho ea machaba” e itšetlehileng ka Machaba a Kopaneng. Joalokaha Johanne a tla tloha a bona, ho tla fihla nako eo ka eona Machaba a Kopaneng a tla sebetsa ka matla a maholo a bolaoli. A ntoo “tloha ho ea timetsong.”
Marena a Leshome ka Hora e le ’Ngoe
11. Lengeloi la Jehova le re’ng ka linaka tse leshome tse ho sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta?
11 Khaolong ea pejana ea Tšenolo, lengeloi la botšelela le la bosupa a ile a tšolla likotlolo tsa bohale ba Molimo. Kahoo re ile ra tsebisoa hore marena a lefatše a bokelleloa ntoeng ea Molimo Armagedone le hore ‘Babylona e Moholo e tla hopoloa mahlong a Molimo.’ (Tšenolo 16:1, 14, 19) Joale re tla ithuta haholoanyane hore na likahlolo tsa Molimo holim’a ’ona li tla phethahatsoa joang. Mamela hape ha lengeloi la Jehova le bua le Johanne. “Linaka tse leshome tseo u li boneng li bolela marena a leshome, a e-s’o amohele ’muso, empa a amohela matla e le marena ka hora e le ’ngoe le sebata. Li na le monahano o le mong, kahoo li fa sebata matla a tsona le bolaoli. Li tla loana le Konyana, empa konyana e tla li hlōla, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena. Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.”—Tšenolo 17:12-14.
12. (a) Linaka tse leshome li tšoantšetsa eng? (b) Ke joang linaka tse leshome tsa tšoantšetso ‘li neng li e-s’o amohele ’muso’? (c) Hona joale linaka tse leshome tsa tšoantšetso li amohetse “’muso” joang, hona ka nako e kae?
12 Linaka tse leshome li tšoantšetsa mebuso eohle ea lipolotiki eo hajoale e leng eona e busang lefatšeng e bileng e tšehetsang setšoantšo sa sebata. Ke linaha tse fokolang haholo tse teng kajeno tse neng li tsebahala mehleng ea Johanne. ’Me tse neng li le teng, tse kang Egepeta le Persia (Iran), kajeno li na le tlhophiso e fapaneng haholo ea bopolotiki. Kahoo, lekholong la pele la lilemo, ‘linaka tse leshome li ne li e-s’o amohele ’muso.’ Empa joale letsatsing la Morena, li na le “’muso,” kapa matla a lipolotiki. Ha mebuso e meholo ea bokolone e oa, haholo-holo ho tloha ka ntoa ea bobeli ea lefatše, ho ile ha hlaha lichaba tse ncha tse ngata. Tsena, hammoho le mebuso eo e leng khale e le teng, li tlameha ho busa le sebata ka nako e khutšoanyane—“ka hora e le ’ngoe” feela—pele Jehova a felisa bolaoli bohle ba lefatše ba lipolotiki ka Armagedone.
13. Ke ka tsela efe linaka tse leshome li nang le “monahano o le mong,” ’me hoo ho tiisa hore li na le boikutlo bofe mabapi le Konyana?
13 Kajeno, bochaba ke e ’ngoe ea litšusumetso tse matla ka ho fetisisa tse susumetsang linaka tsena tse leshome. Li na le “monahano o le mong” ka hore li batla ho boloka bobusi ba lichaba tsa tsona ho e-na le ho amohela ’Muso oa Molimo. Ona e ne e le morero oa tsona ha li tšehetsa Selekane sa Lichaba le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ho tloha qalong feela—ho boloka khotso ea lefatše ’me ka tsela eo li sireletse ho ba teng ha tsona. Boikutlo bo joalo bo tiisa hore linaka tseo li tla hanyetsa Konyana, e leng “Khosi ea likhosi le Morena oa marena,” hobane Jehova o rerile hore ’Muso oa hae tlas’a Jesu Kreste o tla tloha o nkela mebuso ena eohle sebaka.—Daniele 7:13, 14; Matheu 24:30; 25:31-33, 46.
14. Ho ka khoneha joang hore babusi ba lefatše ba loantše Konyana, hona seo se tla fella ka eng?
14 Ke ’nete hore ha ho letho leo babusi ba lefatše lena ba ka le etsang khahlanong le Jesu ka boeena. O leholimong, hōle moo ba ke keng ba mo fihlela. Empa barab’abo Jesu, masala a peō ea mosali, ba ntse ba le lefatšeng ’me ka ho totobetseng ke bona ba ka hlaseloang habonolo. (Tšenolo 12:17) Linaka tse ngata li se li bontšitse lehloeo le sehlōhō ho bona, ’me ka tsela ena li loantšitse Konyana. (Matheu 25:40, 45) Leha ho le joalo, haufinyane ho tla fihla nako eo ka eona ’Muso oa Molimo o tlang ho “silakanya o felise mebuso ena kaofela.” (Daniele 2:44) Joale, marena a lefatše a tla loana le Konyana ho fihlela qetellong, joalokaha re tla tloha re bona. (Tšenolo 19:11-21) Empa seo re ithutang sona mona se lekane hore re hlokomele hore lichaba li ke ke tsa atleha. Le hoja tsona le sebata se ’mala o sekareleta sa Machaba a Kopaneng li e-na le “monahano o le mong,” li ke ke tsa hlōla ‘Khosi e khōlō ea likhosi le Morena oa marena,’ ebile li ke ke tsa hlōla “ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona,” ba akarelletsang balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng. Bana le bona ba tla be ba hlōtse ka ho boloka botšepehi ha ba arabela liqoso tse khopo tsa Satane.—Baroma 8:37-39; Tšenolo 12:10, 11.
Ho Ripitla Seotsoa
15. Lengeloi le re’ng ka seotsoa le ka hore na linaka tse leshome le sebata li ikutloa joang ka sona ebile li nka bohato bofe?
15 Batho ba Molimo hase bona feela ba hlaseloang ke bora ba linaka tse leshome. Joale lengeloi le boetse le hlokomelisa Johanne ka seotsoa: “La re ho ’na: ‘Metsi ao u a boneng, moo seotsoa se lutseng, a bolela batho le matšoele le lichaba le maleme. Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, li tla ja linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.’”—Tšenolo 17:15, 16.
16. Ke hobane’ng ha Babylona e Moholo e ke ke ea khona ho itšetleha ka metsi a eona hore a e sireletse ha mebuso ea lipolotiki e e fetohela?
16 Feela joalokaha Babylona ea boholo-holo e ne e tšepile metsi a e sirelelitseng, kajeno Babylona e Moholo e tšepile litho tsa eona tse ngata, e leng “batho le matšoele le lichaba le maleme.” Ka nepo lengeloi le re hlokomelisa sena pele le re bolella ka phetoho e tšosang: Mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena e tla futuhela Babylona e Moholo ka mabifi. Joale ebe “batho le matšoele le lichaba le maleme” ba tla etsa joang? Batho ba Molimo ba se ba ntse ba lemosa Babylona e Moholo hore metsi a nōka ea Eufrate a tla psha. (Tšenolo 16:12) Metsi ao a tla qetella a pshele ka ho feletseng. A ke ke a khona ho tšehetsa seotsoa sa khale se manyala ka tšehetso leha e le efe ea sebele ka hora eo se tla beng se a hloka haholo.—Esaia 44:27; Jeremia 50:38; 51:36, 37.
17. (a) Ke hobane’ng ha leruo la Babylona e Moholo le ke ke la e pholosa? (b) Babylona e Moholo e tla felisoa ka tsela e sa hlompheheng joang? (c) Ntle ho linaka tse leshome, kapa lichaba ka bomong, ke eng hape e kopanelang tlhaselong e mabifi ea Babylona e Moholo?
17 Ka sebele, leruo le leholo la lintho tse bonahalang la Babylona e Moholo le ke ke la e pholosa. Le ka ba la potlakisa ho timetsoa ha eona, hobane pono e bontša hore ha sebata le linaka tse leshome li ntšetsa lehloeo la tsona ho eona li tla e hlobolisa liaparo tsa eona tsa borena le mabenyane ’ohle a eona. Li tla e tlatlapa leruo la eona. Lia e “hlobolisa,” li pepesa seo e hlileng e leng sona ka mokhoa o hlabisang lihlong. E tla ba thipitlo e kaakang! Tsela eo e tla felisoa ka eona le eona e tla ba e sa hlompheheng. Lia e ripitla, “li tla ja linama tsa [eona],” li e ranthanya ho fihlela ho setse masapo feela a se nang bophelo. Qetellong, li e “chesa ka ho feletseng ka mollo.” E chesoa joaloka ntho e nang le lefu la seoa, e bileng e sa patoeng ka mokhoa o hlomphehang! Hase lichaba feela, tse emeloang ke linaka tse leshome, tse felisang seotsoa se seholo, empa “sebata,” e leng Machaba a Kopaneng ka booona, se ikopanya le tsona tlhaselong ena e mabifi. Se tla lumella hore bolumeli ba bohata bo timetsoe. Boholo ba lichaba tse 190 le ho feta tse ka hare ho Machaba a Kopaneng li se li bontšitse ka tsela eo li voutang ka eona hore li hloile bolumeli, haholo-holo ba Bokreste-’mōtoana.
18. (a) Ke eng se hlokometsoeng se bontšang hore ho ka etsahala hore lichaba li fetohele bolumeli ba Bobabylona? (b) Lebaka la motheo la phutuho ea ho hlasela seotsoa se seholo e tla be e le lefe?
18 Ke hobane’ng ha lichaba li tšoara eo e kileng ea e-ba nyatsi ea tsona ka tsela e mabifi hakaale? Re se re bone historing ea morao-rao hore ho ka etsahala hore bolumeli ba Babylona bo fetoheloe joalo. Khanyetso ea molao ea ’muso e fokolitse tšusumetso ea bolumeli ka mokhoa o tšabehang linaheng tse kang tseo pele e neng e le Soviet Union le Chaena. Likarolong tsa Boprostanta tsa Europe, ho ata ha ho hloka thahasello le lipelaelo ho horutse likereke, hoo bolumeli bo seng bo shoele. ’Muso o moholo oa K’hatholike o harasoantsoe ke bofetoheli le ho se lumellane, tseo baeta-pele ba oona ba hlōlehileng ho li kokobetsa. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebala hore phutuho ena ea ho qetela ea ho hlasela Babylona e Moholo e hlaha e le pontšo ea kahlolo ea Molimo ho seotsoa se seholo e ke keng ea fetoha.
Ho Phetha Monahano oa Molimo
19. (a) Ho phethahatsoa ha kahlolo ea Jehova khahlanong le seotsoa se seholo ho ka tšoantšoa le kahlolo eo a ileng a fana ka eona ho Jerusalema ea bokoenehi ka 607 B.C.E. joang? (b) Boemo ba Jerusalema ba ho ba lesupi le ho hloka baahi ka mor’a 607 B.C.E. bo ne bo tšoantšetsa eng mehleng ea rōna?
19 Jehova o phethahatsa kahlolo ee joang? Hona ho ka tšoantšoa le bohato boo Jehova a ileng a bo nka ka batho ba hae ba koenehileng mehleng ea boholo-holo, bao a buileng tjena ka bona: “Ke bone lintho tse tšabehang ho baprofeta ba Jerusalema, ho feba le ho tsamaea leshanong; ba matlafalitse matsoho a ba etsang bobe e le hore ba se ke ba khutla, e mong le e mong bobeng ba hae. Ho ’na kaofela ha bona ba joaloka Sodoma, ’me baahi ba eona ba joaloka Gomora.” (Jeremia 23:14) Ka 607 B.C.E., Jehova o ile a sebelisa Nebukadnezare ho ‘hlobolisa’ motse oo o febang moeeng ‘liaparo, ho nka lintho tsa oona tse ntle, le ho o siea o hlobotse o le feela.’ (Ezekiele 23:4, 26, 29) Jerusalema ea mehleng eo e ne e le mohlala ho Bokreste-’mōtoana kajeno, ’me joalokaha Johanne a bone liponong pejana, Jehova o tla sebelisa kotlo e tšoanang ho Bokreste-’mōtoana le likarolong tse ling kaofela tsa bolumeli ba bohata. Boemo ba Jerusalema ba ho ba lesupi, ba ho hloka baahi ka mor’a 607 B.C.E. bo bontša hore na Bokreste-’mōtoana ba bolumeli bo tla shebahala joang ka mor’a hore bo amohuoe leruo la bona ’me bo pepesoe ka mokhoa o hlabisang lihlong. ’Me ho tla ba joalo le ka Babylona e Moholo kaofela.
20. (a) Johanne o bontša joang hore Jehova o tla boela a sebelisa babusi ba batho ho phethahatsa kahlolo? (b) “Monahano” oa Molimo ke ofe? (c) Ke ka tsela efe lichaba li tlang ho phetha “monahano oa tsona o le mong,” empa ha e le hantle ho tla be ho phethoa monahano oa mang?
20 Jehova o boetse o sebelisa babusi ba lefatše ho phethahatsa kahlolo. “Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae, ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona, ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.” (Tšenolo 17:17) “Monahano” oa Molimo ke ofe? Ke ho lokisetsa hore babolai ba Babylona e Moholo ba iketse khokanyana-phiri, e le hore ba ka e ripitla ka ho feletseng. Ha e le hantle, sepheo sa babusi ha ba e hlasela e tla be e le hore ba phethe ‘monahano o le mong’ oa bona. Ba tla be ba e-na le boikutlo ba hore ho fetohela seotsoa se seholo ho molemong oa lichaba tsa habo bona. Ba ka ’na ba nahana hore ha bolumeli bo hlophisitsoeng bo ka tsoela pele ho ba teng ka har’a linaha tsa bona hoo e tla ba tšokelo bobusing ba bona. Empa ha e le hantle e tla be e le Jehova ea tsamaisang litaba; ba tla be ba phetha monahano oa hae ka ho ripitla sera sa hae sa khale sa mofebi ka kotlo e le ’ngoe!—Bapisa le Jeremia 7:8-11, 34.
21. Kaha sebata se ’mala o sekareleta se tla sebelisoa ho timetsa Babylona e Moholo, kamoo ho bonahalang kateng lichaba li tla etsa joang mabapi le Machaba a Kopaneng?
21 E, lichaba li tla sebelisa sebata se ’mala o sekareleta, e leng Machaba a Kopaneng, ho timetsa Babylona e Moholo. Ha li nke bohato boo e le bo itsoelang ho tsona, hobane Jehova o kenya ka lipelong tsa tsona “ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona.” Ha nako e fihla, kamoo ho bonahalang kateng lichaba li tla bona ho hlokahala hore li matlafatse Machaba a Kopaneng. E tla ka li a file meno, li a alimile bobusi leha e le bofe le matla tseo li nang le tsona e le hore a ka fetohela bolumeli ba bohata ’me a bo loantša ka katleho “ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.” Kahoo, seotsoa sa boholo-holo se tla fela ka ho feletseng. ’Me e tla ba ntho e ntle hakaakang ha se felisoa!
22. (a) Ho Tšenolo 17:18, tsela eo lengeloi le qetellang bopaki ba lona ka eona e bontša’ng? (b) Lipaki Tsa Jehova li etsa joang ha ho koaholloa sephiri seo?
22 Joalokaha eka lengeloi le hatisa hore ka sebele kahlolo ea Jehova holim’a ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e tla phethahala, le qetella bopaki ba lona ka ho re: “Mosali eo u mo boneng o bolela motse o moholo o nang le ’muso holim’a marena a lefatše.” (Tšenolo 17:18) Joaloka Babylona ea mehleng ea Belshatsare, Babylona e Moholo e “lekantsoe sekaleng ’me [e] fumanoe [e] haelloa.” (Daniele 5:27) Timetso ea eona e tla ba e potlakileng ebile e tla ba ea ho qetela. Lipaki Tsa Jehova li etsa joang ha ho senoloa sephiri sa seotsoa se seholo le sa sebata se ’mala o sekareleta? Li bontša cheseho tabeng ea ho bolela letsatsi la Jehova la kahlolo, ha li ntse li arabela ‘ka mosa’ ba batlang ’nete ka tieo. (Bakolose 4:5, 6; Tšenolo 17:3, 7) Joalokaha khaolo ea rōna e latelang e tla bontša, bohle ba lakatsang ho pholoha ha seotsoa se seholo se timetsoa ba tlameha ho nka bohato, le hona ka potlako!
[Litšoantšo tse leqepheng la 252]
Ho Hlahlamana ha Mebuso e Supileng ea Lefatše
EGEPETA
ASSYRIA
BABYLONA
MEDO-PERSIA
GREECE
ROMA
MANYESEMANE LE MAAMERIKA
[Setšoantšo se leqepheng la 254]
“E boetse ke morena oa borobeli”
[Setšoantšo se leqepheng la 255]
Ha ba furalla Konyana, ‘ba fa sebata matla a bona le bolaoli’
[Setšoantšo se leqepheng la 257]
Bokreste-’mōtoana e le karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo bo tla tšoana le Jerusalema ea boholo-holo e ileng ea timetsoa ka ho feletseng