“Boemo ba Lefatše Lena Boa Fetoha”
“Ke bolela sena, barab’eso, nako e setseng e fokotsehile.”—1 BAKORINTHE 7:29.
1, 2. Ke liphetoho life tseo u li boneng li etsahala bophelong?
KE LIPHETOHO life tseo u li boneng li etsahala bophelong? Na u ka bolela tse ling tsa tsona? Ka mohlala, ho entsoe tsoelopele botsebing ba saense ea tsa meriana. Ka lebaka la liphuputso tse etsoang lekaleng lena, hona joale linaheng tse ling, ka karolelano batho ba phela lilemo tse ka holimo ho tse 70 ho fapana le ha ba ne ba phela lilemo tse ka tlaase ho tse 50 qalong ea lekholo la bo20 la lilemo. Nahana hape kamoo re ruileng molemo kateng ka tšebeliso e ntle ea seea-le-moea, thelevishene, thelefono ea cellular le mechine ea fax. Sa bohlokoa hape ke khatelo-pele e entsoeng makaleng a thuto, a lipalangoang le a litokelo tsa botho, ’me kaofela ha ’ona a ntlafalitse bophelo ba batho ba bangata.
2 Leha ho le joalo, hase liphetoho tsohle tse bileng molemo. Ha ho bonolo ho iphapanyetsa liphello tse bohloko tsa tlōlo ea molao e ntseng e eketseha, melao ea boitšoaro e ntseng e felloa ke matla, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e ntseng e hōla, tlhalano e ntseng e ja setsi, theko ea lintho e ntseng e phahama ka potlako le tšokelo ea bokhukhuni e ntseng e ata. Leha ho le joalo, mohlomong u tla lumellana le seo moapostola Pauluse a ileng a se ngola khale ha a ne a re: “Boemo ba lefatše lena boa fetoha.”—1 Bakorinthe 7:31.
3. Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a ngola hore “boemo ba lefatše lena boa fetoha”?
3 Ha Pauluse a ne a bua polelo eo, o ne a tšoantša lefatše lena le sethala. Libapali tse sethaleng sena—e leng batho ba tummeng ba lipolotiki, ba bolumeli le ba tšehetsang setso, ba hlahella sethaleng, ba phethe karolo ea bona ebe ba siela ba bang sebaka. Sena se tsoetse pele ka nako e telele. Linakong tse fetileng, leloko le itseng le ne le ka busa ka mashome a lilemo—haesita le ka makholo a itseng a lilemo—’me liphetoho li ne li etsahala butle. Ha ho sa le joalo kajeno, hobane histori e ka fetoha ka ho panya ha leihlo ha ho bolaoa moeta-pele ea hlahelletseng. Ka sebele, linakong tsena tsa ha naha e jele boea, ha re tsebe hore na ha le chaba le tla re tlela le life.
4. (a) Ho hlokahala hore Bakreste ba be le pono efe e itekanetseng ka liketsahalo tsa lefatše? (b) Hona joale re tla tšohla mefuta efe e ’meli e kholisang ea bopaki?
4 Haeba lefatše ke sethala ’me baeta-pele ba lona ke libapali, Bakreste ke bashebelli.a Leha ho le joalo, kaha “hase karolo ea lefatše,” ha ba itšoenye hakaalo ka se etsahalang kapa hona hore na libapali ke bo-mang. (Johanne 17:16) Ho e-na le hoo, ba shebile ka cheseho lipontšo tse bontšang hore papali ena e fihla sehlohlolong sa eona—moo e felang habohloko—hobane baa tseba hore tsamaiso ena e lokela ho fela pele Jehova a tlisa lefatše le lecha la ho loka leo e leng khale le emetsoe.b Kahoo, a re hlahlobeng bopaki ba mefuta e ’meli bo bontšang hore re phela nakong ea bofelo le hore lefatše le lecha le haufi. Bopaki bona ke (1) Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona (2) maemo a ntseng a mpefala a lefatše.—Matheu 24:21; 2 Petrose 3:13.
Sephiri sa ea sa Rarolloa!
5. “Linako tse behiloeng tsa lichaba” ke eng, ’me ke hobane’ng ha re li thahasella?
5 Tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona ke thuto ea hore na nako le liketsahalo li amana joang. Jesu o ile a bua ka nako eo ka eona baeta-pele ba lefatše e neng e tla ba libapali tse ka sehloohong ’Muso oa Molimo o sa kene litabeng tsa bona. Jesu o ile a re nako eo ke “linako tse behiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24) Qetellong ea ‘linako tseo tse behiloeng,’ ’Muso oa Molimo oa leholimo o ne o tla qala ho busa, Jesu e le eena ’Musi ea tšoanelehang oa oona. Jesu o ne a tla “busa har’a lira tsa [hae]” pele. (Pesaleme ea 110:2) Ka mor’a moo, Daniele 2:44 e bolela hore ’Muso oo o ne o tla “silakanya o felise” mebuso eohle ea batho, ebe oona o ema ka ho sa feleng.
6. “Linako tse behiloeng tsa lichaba” li ile tsa qala neng, tsa nka nako e kae, ’me tsa fela neng?
6 “Linako tse behiloeng tsa lichaba” li ne li tla fela neng ebe ’Muso oa Molimo o qala ho busa? Karabo e neng e ntse e “tiisitsoe ho fihlela nakong ea bofelo,” e amana le tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona. (Daniele 12:9) Ha “nako” eo e ntse e atamela, Jehova o ile a nka mehato ea ho senola karabo ho sehlopha sa liithuti tsa Bibele tse ikokobelitseng. Se ile sa thusoa ke moea oa Molimo ho bona hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ile tsa qala ha ho ne ho timetsoa Jerusalema ka 607 B.C.E. le hore “linako” tseo e ne e tla ba lilemo tse 2 520. Se ile sa sebelisa lilemo tsena ho fumana hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fela ka selemo sa 1914. Se ile sa boela sa hlokomela hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo qalile ka selemo sa 1914. Kaha u seithuti sa Bibele, na u ka sebelisa Mangolo ho hlalosa hore na selemo sa 1914 se fumanoa joang?c
7. Ke mangolo afe a re thusang ho fumana hore na linako tse supileng tse boletsoeng bukeng ea Daniele li qalile neng, li telele hakae le hore na li ne li tla fela neng?
7 Boitsebiso bo bong bo patiloe ka bukeng ea Daniele. Kaha Jehova o ile a sebelisa Morena Nebukadnezare oa Babylona hore a timetse Jerusalema ha ho qaleha “linako tse behiloeng” ka 607 B.C.E., O ile a senola ka ’musi eo hore lichaba li ne li tla tsoela pele ho busa ka linako tse supileng tsa tšoantšetso, Molimo a sa kene litabeng tsa tsona. (Ezekiele 21:26, 27; Daniele 4:16, 23-25) Linako tseo tse supileng li telele hakae? Ho latela Tšenolo 11:2, 3, le 12:6, 14, linako tse tharo le halofo ke matsatsi a 1 260. Kahoo, linako tse supileng li lokela ho mena tseo habeli, kapa e be matsatsi a 2 520. Na taba ee e fella moo? Che, hobane Jehova o ile a fa moprofeta Ezekiele, ea phetseng mehleng ea Daniele, molao oa ho hlalosa linako tsena tsa tšoantšetso, a re: “Ke u file letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo.” (Ezekiele 4:6) Kahoo, linako tse supileng li ne li tla hle li nke lilemo tse 2 520. Ha re qala ho bala ho tloha ho 607 B.C.E., ’me re sebelisa lilemo tse 2 520 ho tloha ka nako eo, re ka etsa qeto ea hore linako tsena tse behiloeng li ne li tla fela ka 1914.
‘Nako ea Bofelo’ ea Tiisoa
8. Ke bopaki bofe boo u ka bo supang ho bontša hore maemo a lefatše a mpefetse ho tloha ka 1914?
8 Liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 ho ea pele li tiisa hore kutloisiso eo ho builoeng ka eona e thehiloeng tatellanong ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona, e nepahetse. Jesu ka boeena o ile a bolela hore “qetello ea tsamaiso ea lintho” e ne e tla tsejoa ka lintoa, litlala le mafu a seoa. (Matheu 24:3-8; Tšenolo 6:2-8) Ka sebele ho bile joalo ho tloha ka 1914. Moapostola Pauluse o ile a fana ka boitsebiso bo eketsehileng, boo ka bona a ileng a bolela hore ho ne ho tla ba le phapang e khōlō tseleng eo batho ba neng ba tla tšoarana ka eona. Tlhaloso ea hae ea liphetoho tseo re li boneng kaofela ha rōna e ne e nepahetse.—2 Timothea 3:1-5.
9. Bashebelli ba re’ng ka maemo a lefatše ho tloha ka 1914?
9 Na ‘boemo ba lefatše lee’ bo hlile bo fetohile hakaalo ho tloha ka 1914? Bukeng ea The Generation of 1914, Moprofesa Robert Wohl o re: “Ba pholohileng ntoa ha ba qeaqee hore ka August 1914 ho ile ha fela lefatše le leng ’me ha qaleha le leng.” Ho tiisa sena, Dr. Jorge A. Costa e Silva, e le motsamaisi oa lefapha la mafu a kelello la Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, o ile a ngola a re: “Re phela mehleng ea liphetoho tse potlakileng ka ho fetisisa, tse bakang ho tšoenyeha le ho imeloa kelellong ho e-s’o ka ho etsahala historing ea batho.” Na le uena u ’nile ua ikutloa ka tsela ee?
10. Bibele e re thusa joang ho utloisisa lebaka le entseng hore maemo a lefatše a ’ne a mpefale ho tloha ka 1914?
10 Ke senokoane sefe se ikarabellang ka maemo a ntseng a mpefala a lefatše? Tšenolo 12:7-9 e senola senokoane seo ha e re: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele [e leng Jesu Kreste] le mangeloi a hae ba loana le drakone [e leng Satane Diabolose], ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, . . . e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” Kahoo, Satane Diabolose ke eena ralikhathatso eo ea molato, ’me ho lelekoa ha hae leholimong ka 1914 ho bakile ‘malimabe lefatšeng le leoatleng, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.’—Tšenolo 12:10, 12.
Kamoo Karolo ea ho Qetela e Tla Bapaloa Kateng
11. (a) Satane o sebelisa mekhoa efe ho khelosa “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona”? (b) Moapostola Pauluse o ile a hlokomelisa ka boiteko bofe bo khethehileng ba Satane?
11 Kaha Satane oa tseba hore o haufi le ho timetsoa, haesale ho tloha ka 1914 o ’nile a matlafatsa boiteko ba hae ba ho khelosa “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” Kaha kamehla Satane ke eena mothetsi e moholo ea sa bonahaleng, o beha baeta-pele ba lefatše le bo-raliphetoho sethaleng sa lefatše e le bona libapali. (2 Timothea 3:13; 1 Johanne 5:19) E ’ngoe ea lipakane tsa hae ke ho thetsa batho hore ba nahane hore tsela eo a busang ka eona e ka ba tlisetsa khotso ea ’nete. Ka kakaretso ho bonahala leshano la hae le atlehile, hobane batho ba na le tšepo ea hore maemo a tla fetoha ho sa tsotellehe bopaki bo ntseng bo eketseha ba hore a ntse a mpefala. Moapostola Pauluse o boletse esale pele hore nakoana pele tsamaiso ena ea lintho e timetsoa, leshano la Satane le tla totobala haholo. O ile a ngola a re: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana.”—1 Bathesalonika 5:3; Tšenolo 16:13.
12. Mehleng ea rōna ho ’nile ha etsoa boiteko bofe bo tsoelang pele ba ho tlisa khotso?
12 Lilemong tsa morao tjena, khafetsa bo-ralipolotiki ba ’nile ba sebelisa poleloana e reng “khotso le tšireletseho” ha ba hlalosa maano a sa tšoaneng a batho. Ba bile ba bitsa selemo sa 1986 Selemo sa Machaba sa Khotso, le hoja khotso ea machaba e sa ka ea e-ba teng selemong seo. Na boiteko bo joalo ba baeta-pele ba lefatše bo phethahatsa 1 Bathesalonika 5:3 ka ho feletseng, kapa na Pauluse o ne a bua ka ketsahalo e khethehileng eo lefatše lohle le neng le tla e bona?
13. Ha Pauluse a ne a bolela esale pele ka mohoo oa “Khotso le tšireletseho!,” o ile a tšoantša tšenyeho e neng e tla latela le eng, ’me re ka ithuta’ng ka see?
13 Kaha hangata boprofeta ba Bibele bo utloisisoa hantle ha bo se bo etsahetse kapa ha bo ntse bo etsahala, re se re tla bona teng. Leha ho le joalo, hoa thahasellisa hore ebe Pauluse o ile a sebelisa bohloko ba mahlomola ba mosali oa moimana ho tšoantšetsa tšenyeho e tla latela ka potlako ka mor’a hore ho etsoe mohoo oa “Khotso le Tšireletseho!” Ka likhoeli tse ka bang tse robong, ’mè oa moimana o utloa haholoanyane hore ngoana o ntse a hōla ka mpeng ea hae. A ka ’na a utloa ha pelo ea lesea la hae e otla kapa a utloa ha le sisinyeha ka popelong. Le ka ba la mo raha. Hangata matšoao ana a eketseha haholo ho fihlela letsatsing leo ka lona a utloang mahlaba, bohloko bo hlomolang bo bolelang hore ketsahalo eo e leng khale e lebeletsoe ea ho hlaha ha ngoana, e fihlile. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na mohoo o boletsoeng esale pele oa “Khotso le tšireletseho!” o ka phethahatsoa ka tsela efe, o tla lebisa ketsahalong ea tšohanyetso, e bohloko empa e le e tla fella ka thabo—e leng ho timetsoa ha bokhopo le ho qaleha ha tsamaiso e ncha ea lefatše.
14. Liketsahalo tsa nako e tlang li tla latellana ka tsela efe, ’me li tla fella ka eng?
14 Timetso ena e tlang e tla ba ntho e tšosang ho Bakreste ba tšepahalang ba tla beng ba shebelletse. Ntho ea pele, marena a lefatše (e leng lehlakore la tsa lipolotiki la mokhatlo oa Satane) a tla hlasela batšehetsi ba Babylona e Moholo (e leng bolumeli) ’me ba tla ba timetsa. (Tšenolo 17:1, 15-18) Kahoo, ho sa lebelloa, ’muso oa Satane o tla itoantša, karolo e ’ngoe e tla loantša e ’ngoe, ’me Satane ha a na ho ba le matla a ho thibela sena. (Matheu 12:25, 26) Jehova o tla kenya sena ka lipelong tsa marena a lefatše “ho phetha monahano oa hae” oa ho felisa lira tsa hae tsa bolumeli lefatšeng. Ha bolumeli ba bohata bo se bo timelitsoe, Jesu Kreste o tla etella-pele makhotla a hae a leholimo ha a felisa karolo e setseng ea mokhatlo oa Satane—e leng khoebo le lipolotiki. Qetellong, Satane ka boeena o tla thibeloa ho etsa eng kapa eng. Nakong eo, libapali li tla tloha sethaleng, ebe papali ena eo e leng khale e tsoela pele, ea fela.—Tšenolo 16:14-16; 19:11-21; 20:1-3.
15, 16. Khopotso ea hore “nako e setseng e fokotsehile” e lokela ho ama bophelo ba rōna joang?
15 Lintho tsee tsohle li tla etsahala neng? Ha re tsebe letsatsi kapa hora. (Matheu 24:36) Leha ho le joalo, rea tseba hore “nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakorinthe 7:29) Joale, ke habohlokoa hore re sebelise nako e setseng ka bohlale. Re ka etsa seo joang? Joalokaha moapostola Pauluse a hlalosa, re lokela ho ‘reka nako e loketseng’ bakeng sa lintho tsa bohlokoa haholoanyane ka ho tlohela tseo e seng tsa bohlokoa le ka ho sebelisa letsatsi le leng le le leng hamolemo. Hobane’ng? “Hobane matsatsi a khopo.” ’Me ha re “lemoha seo thato ea Jehova e leng sona” bakeng sa rōna, re ke ke ra senya nakoana eo ea bohlokoa e setseng.—Baefese 5:15-17; 1 Petrose 4:1-4.
16 Kaha rea tseba hore tsamaiso ena eohle ea lintho ea lefatše e emetse ho timetsoa, see se lokela ho re ama joang re le motho ka mong? Moapostola Petrose o ile a ngola se latelang molemong oa rōna: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo!” (2 Petrose 3:11) Ka sebele re lokela ho ba batho ba mofuta oo! Tumellanong le keletso e bohlale ea Petrose, ho hlokahala hore (1) re lise boitšoaro ba rōna e le hore re tiise hore boa halalela ’me (2) re tiise hore liketso tsa rōna tse chesehang tšebeletsong ea Jehova li bonahatsa lerato le tebileng leo re mo ratang ka lona.
17. Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho lula ba itebetse marabeng afe a Satane?
17 Ho rata Molimo ho tla re thibela ho khomarela lefatše lena ka lebaka la ho huloa ke lintho tsa lona tse hohelang. Ka lebaka la se letetseng tsamaiso ena ea lintho, ho kotsi hore re hoheloe ke tsela e thetsang ea bophelo ea lefatše ea ho hahamalla menyaka. Le hoja re phela lefatšeng ebile re sebetsa ho lona, re lokela ho mamela keletso ena e bohlale ea hore re se ke ra sebelisa lefatše ka botlalo. (1 Bakorinthe 7:31) Ha e le hantle, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho itebela e le hore re se ke ra khelosoa ke mashano a lefatše lena. Lefatše lena le ke ke la atleha ho rarolla mathata a lona. Le ke ke la tsoela pele ho itjara ka ho sa feleng. Ke hobane’ng ha re bua joalo re lomahantse meno? Ke hobane Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le bolela joalo le re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
Lintho li se li Tla Loka!
18, 19. U lebeletse liphetoho life lefatšeng le lecha, ’me ke hobane’ng ha u tla be u sa ka ua emela lelea?
18 Haufinyane Jehova o tla felisa Satane le batšehetsi ba hae. Ka mor’a moo, Molimo o tla hlohonolofatsa baphonyohi ba tšepahalang ba bofelo ba tsamaiso ena ea lintho hore ba qale ho sebetsana le ho etsa liphetoho tsa “boemo” ba lefatše tse tla ba teng ka ho sa feleng. Ntoa e ke ke ea hlola e senya boemo bona, Molimo o tla “felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) Ho e-na le hore ho be le khaello ea lijo, “ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala.” (Pesaleme ea 72:16) Lichankana, liteishene tsa mapolesa, maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, bo-ralithethefatsi, makhotla a tlhalo, linyeoe tsa ho chona le bokhukhuni, li tla be li felile.—Pesaleme ea 37:29; Esaia 33:24; Tšenolo 21:3-5.
19 Bafu ba tla ntšoa ka mabitleng a khopotso, ’me ho tla bonoa batho ba eketsehileng ba likete tsa limilione ba tsositsoeng. Thabo e tla ba khōlō hakaakang ha moloko o mong o kopanngoa le o mong le ha batho ba ratanang bao e leng khale ba arohane ba hakana ka tsela e mofuthu, le e tlohang botebong ba pelo! Qetellong, e mong le e mong ea phelang o tla rapela Jehova. (Tšenolo 5:13) Ha liphetoho tsena li se li felile, ho tla ba le paradeise ea lefatše ka bophara. U tla ikutloa joang ha u ntse u hlahloba boemo? Ha ho pelaelo hore u tla susumelletseha hore u re: ‘Ke ile ka emela sena ka nako e telele, empa ke ne ke sa emela lelea!’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tabeng e ’ngoe, Pauluse o ile a re Bakreste ba tlotsitsoeng ke “sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše, le ho mangeloi, le ho batho.”—1 Bakorinthe 4:9.
b Ka mohlala, mabapi le hore na “morena oa leboea” eo ho buuoang ka eena ho Daniele 11:40, 44, 45 ke mang, bona buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, leqepheng la 280-1.
c Bibele ka boeona e bolela hore Jerusalema e ile ea ripitloa lilemo tse 70 pele Bajuda ba neng ba le kholehong ba khutla ka 537 B.C.E. (Jeremia 25:11, 12; Daniele 9:1-3) Bakeng sa puisano e feletseng ea “linako tse behiloeng tsa lichaba,” bona leqephe la 283-5 la Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
• Mantsoe a moapostola Pauluse a reng “boemo ba lefatše lena boa fetoha” a phethahetse joang mehleng ea rōna?
• Ke joang tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona e bontšang ‘linako tse behiloeng tsa lichaba’ ka ho toba?
• Maemo a ntseng a fetoha a lefatše a tiisa joang hore ‘nako ea bofelo’ e qalile ka 1914?
• ’Nete ea hore “nako e setseng e fokotsehile” e lokela ho re ama joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Sephiri sa ea sa rarolloa!