Ha Khotso ea Lenyalo e Sokeloa
“Mosali a se ke a hlala monna oa hae . . . le eena monna a se ke a hlala mosali oa hae.”—1 BA-KORINTHE 7:10, 11.
1. Morero oa Jehova e ne e le ofe mabapi le lenyalo?
JEHOVA MOLIMO o ile a kopanya batho ba babeli ba pele lenyalong ’me a rera hore tlamahano ena ea nama e le ’ngoe e lokela ho tšoarella. E ne e lokela ho ba kopano e hlohonolofalitsoeng e neng e tla fella ka thabo ea bona le ka ho hlahisoa ha bana ba lokileng, tsena tsohle tlotlisong ea Molimo.—Genese 1:27, 28; 2:24.
2. Lebaka le leng le isang ho khaoleng litlamo tsa lenyalo ke lefe?
2 Tokisetso eo e ntle haholo ea lenyalo e ile ea ferekanngoa ke monahano oa boitaolo le sebe. (Genese 3:1-19; Ba-Roma 5:12) Ha e le hantle, moea oa boitaolo ke le leng la mabaka a isang ho khaoloeng ha litlamo tsa lenyalo kajeno. Ka hona, United States ka 1985, ho ne ho e-na le litlhalano tse 5—ha ho bapisoa le manyalo a 10,2—bathong ba bang le ba bang ba 1 000. Ka 1986 tlaleho e tsoang Moscow e ile ea bontša hore ke karolo ea 37 lekholong feela ea manyalo Soviet Union e tšoarellang ka lilemo tse tharo, le hore karolo ea 70 lekholong ke ea manyalo a qhalanang pele ho lilemo tse leshome.
3. (a) Ke eng e ka bakang khohlano lenyalong? (b) Mabapi le lenyalo, mosenyi e moholo oa khotso ke mang?
3 Moea oa boitaolo o ka baka khohlano lenyalong. O boetse o sitisa khōlo ea moea, hobane “tholoana tsa ho loka li jalloa khotsong ho ba etsang khotso.” (Jakobo 3:18) Hantle-ntle mosenyi e moholo oa khotso ke mang? Ke Satane. Ka hona ke ho soabisang hakaakang ha bahlanka leha e le bafe ba Molimo ‘ba nea Diabolose sebaka’ ’me kahoo ba hlōleha ho thabela malapa a nang le khatholoho le khotso!—Ba-Efese 4:26, 27.
4. Ha balekane ba Bakreste ba e-na le mathata a matla a lenyalo, ba lokela ho lemoha eng ’me ba lokela ho etsa’ng?
4 Ha balekane ba Bakreste ba talima karohano e le eona pheko feela bakeng sa mathata a bona a lenyalo, ba kotsing ea ho inehela maqiting a Satane, ’me ho na le ho hong ho phoso ka ho tebileng moeeng. (2 Ba-Korinthe 2:11) E mong ho bona kapa bona ka bobeli ha ba sebelise melao-motheo ea Molimo ka botlalo. (Liproverbia 3:1-6) Kahoo ba lokela ho potlakela ho etsa boiteko bo etsoang ka thapelo ho rarolla liqabang tsa bona. Haeba ho bonahala li se na ho lokisoa, ho ka bonoa baholo ba phutheho. (Mattheu 18:15-17) Le hoja banna bana ba sa lumelloa ho bolella balumeli ’moho le bona hore na hantle-ntle ba etse joang ka mathata a bona a lenyalo, ba ka lebisa tlhokomelo ho seo Mangolo a se bolelang.—Ba-Galata 6:5.
5. Ho hlala ka monyetla oa ho kena lenyalong hape le e mong ho amoheleha motheong ofe ka Mangolong?
5 Haeba boemo ba lenyalo bo le bobe hoo banyalani ba Bakreste ba bileng ba nahanang ho hlalana, baholo ba ka supa hore tlhalano le ho nyala hape li amoheleha feela ka Mangolo haeba molekane oa motho a entse “bohlola.” Lentsoe lena le akarelletsa bofebe le mefuta e meng ea likamano tsa botona le botšehali tsa boitšoaro bo bobe le tse feteletseng. (Mattheu 19:9; Ba-Roma 7:2, 3; bona Molula-Qhooa oa Loetse 1, 1983, leqephe 31.) Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho sa ka ha etsoa “bohlola,” empa khotso ea lenyalo e sokeloa ka matla? Mangolo a re’ng ka karohano ea molao kapa e etsoang joalokaha eka ke ka tumello ea molao?
Keletso e Bululetsoeng ea Pauluse
6. (a) Moko-taba oa keletso ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 7:10, 11 ke eng? (b) Balekane ba Bakreste ba lokela ho rarolla mathata a lenyalo joang?
6 Boitekong ba ho thusa banyalani ba Bakreste bao likamano tsa bona tsa lenyalo li sokeloang, baholo ba ka lebisa tlhokomelo mantsoeng a moapostola Pauluse: “Ha e le ba seng ba nyetse, kea ba laela, e seng ’na, empa e le Morena, ke re: “Mosali a se ke a hlala monna oa hae—leha mosali a se a mo hlalile, a itulele, a se ke a nyaloa; kapa a boelane le monna oa hae—le eena monna a se ke a hlala mosali oa hae.” (1 Ba-Korinthe 7:10, 11) Balekane ba Bakreste ba lokela ho khona ho rarolla mathata a bona, ba bula sebaka bakeng sa ho se phethahale ha botho. Ha ho bothata bo lokelang ho ba boholo hoo bo ke keng ba rarolloa ka ho rapela ka tieo, ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, le ka ho bontša lerato leo e leng tholoana ea moea oa Molimo.—Ba-Galata 5:22; 1 Ba-Korinthe 13:4-8.
7. (a) Haeba balekane ba Bakreste ba hlile ba arohana, boemo ba bona ba Mangolo ke bofe? (b) Ho arohana ha Bakreste ba babeli ba nyalaneng ho ka ama litokelo tsa bona tsa tšebeletso joang?
7 Empa ho thoe’ng haeba balekane ba Bakreste ba hlile ba arohana? Ba lokela ho ‘lula ba se lenyalong ho seng joalo ba boelane.’ Ntle le haeba e le taba ea tlhalano e fumanoeng ka lebaka la “bohlola,” ha ho lea mong ho bona eo Mangolo a mo lokollang ho kena lenyalong hape. Ka lebaka la sena le “ho tšaba bohlola,” ho ka ba hotle bakeng sa bona ho “boelana” ntle ho tieho. (1 Ba-Korinthe 7:1, 2) Hase taba ea baholo ho laela hore monna le mosali ba felise karohano ea bona, empa ba ke ke ba tšoaneleha bakeng sa litokelo tse itseng tsa tšebeletso ka lebaka la mathata a bona a lenyalo. Ka mohlala, haeba monna “a sa tsebe ho busa ntlo ea hae,” ho totobetse hore o haelloa ke bohlale ba ho “lisa kereke ea Molimo” e le molebeli.—1 Timothea 3:1-5, 12.
8. Taba-taba ea keletso ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 7:12-16 ke eng?
8 Ho hatisoa taba ea ho boloka lenyalo le haeba e le molekane a le mong feela eo e leng molumeli. Pauluse o ile a ngola: “Moena e mong, ekare ha a e-na le mosali ea sa lumelang, a se ke a mo hlala, ha mosali a ratile ho lula le eena. ’Me mosali ea nang le monna ea sa lumelang, ekare ha monna a lumela ho lula le eena, a se ke a mo hlala. . . . Empa ekare ha ea sa lumelang a hlala ea lumetseng, a mo hlale; moen’a rōna oa monna, kapa oa mosali, ha a tlangoa litabeng tse joalo; empa Molimo o re bilelitse ho tsa khotso. Hobane uena mosali, u tseba ka’ng hobane u tla pholosa monna oa hao na? Le uena monna u tseba ka’ng hobane u tla pholosa mosali oa hao na?” (1 Ba-Korinthe 7:12-16) Haeba ea sa lumelang a ikhethela ho hlala, Mokreste o tla mo tlohela hore a ikele. Empa molumeli, a e-na le tšepo ea hore ea sa lumelang a ka ’na a haptjoa hore e be Mokreste, a ke ke a qala tlhalano. Ho totobetse hore ’mè oa Timothea Eunice, o ne a lula le monna oa hae ea sa lumelang empa o ile a fetisetsa taeo ea moea ho mora oa hae.—2 Timothea 1:5; 3:14, 15.
Mabaka a Karohano
9, 10. (a) Ka lebaka la 1 Timothea 5:8, motheo o mong oa karohano ea balekane ba lenyalo ke ofe? (b) Baholo ba khethiloeng ba lokela ho etsa eng haeba monna oa Mokreste a qosoa ka ho hana ho hlokomela mosali oa hae le bana?
9 Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 7:10-16 a khothaletsa balekane ba lenyalo hore ba lule hammoho. Leha ho le joalo, ba bang kamor’ a ho leka ka thata ho boloka kamano ea bona ea lenyalo, ba ile ba qetella ba fihletse qeto ea hore, ka letsoalo lohle, ha ba na boikhethelo haese ho arohana. E be mabaka a bohato bo joalo e ka ba afe?
10 Ho se hlokomele lelapa ho etsoang ka boomo ke motheo o mong oa karohano. Monna ha a kena lenyalong, o nka boikarabelo ba ho fana ka se hlokahalang bakeng sa mosali oa hae le bana leha e le bafe bao ba ka ’nang ba e-ba le bona. Monna ea sa faneng ka se hlokahalang bakeng sa litho tsa lelapa la hae “o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” (1 Timothea 5:8) Ka hona karohano e ka ’na ea e-ba teng haeba ho e-na le ho se hlokomele lelapa ho etsoang ka boomo. Ha e le hantle, baholo ba khethiloeng ba lokela ho nahanisisa ka hloko qoso ea hore Mokreste o hana ho hlokomela mosali oa hae le lelapa. Ho hana ha motho ka manganga ho hlokomela lelapa la hae ho ka fella ka ho khaoloa.
11. Motheo o mong oa karohano ke ofe, empa ke eng e ka etsang hore boemo e be bo mamellehang?
11 Chapo e feteletseng ke motheo o mong oa karohano. A re re mohlomong molekane ea sa lumelang o tahoa hangata, oa halefa, ’me o lematsa molumeli. (Liproverbia 23:29-35) Ka thapelo le ka ho bontša tholoana ea moea oa Jehova, molumeli a ka ’na a khona ho thibela bohale bo joalo ’me a etsa hore boemo e be bo mamellehang. Empa haeba ho fihlile ntlheng eo bophelo ba ’mele kapa bophelo ba molekane ea shapuoang bo hlileng bo leng kotsing, karohano ea lumelleha ka Mangolo. Hape, baholo ba phutheho ba lokela ho shebisisa liqoso tsa chapo ha ho ameha Bakreste ba babeli lenyalong le khathatsehileng, ’me khato ea ho khaoloa e ka ’na ea lokela hore e nkoe.—Bapisa Ba-Galata 5:19-21; Tite 1:7.
12. (a) Bomoea ba molumeli bo ka ’na ba amana joang le taba ea karohano? (b) Ho etsoa tlhahiso ea eng haeba ho kula ho matla moeeng ho le teng lelapeng la Bokreste?
12 Ho beoa kotsing ka ho feletseng moeeng le hona ho fana ka motheo oa karohano. Molumeli ea leng lelapeng leo molekane eo e seng molumeli o lokela ho etsa sohle se ka khonehang ho ithuisa molemo litokisetsong tsa Molimo tsa moea. Empa karohano e lumelloa haeba khanyetso ea molekane ea sa lumelang (mohlomong ho akarelletsa ho thibeloa ka likhoka) e thatafatsa ka sebele ho phehella borapeli ba ’nete ’me e hlile e bea bomoea ba molumeli kotsing. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho kula ho matla moeeng ho le teng moo balekane ka bobeli e leng balumeli? Baholo ba lokela ho fana ka thuso, empa haholo-holo monna ea kolobelitsoeng o lokela ho sebetsa ka masene ho phekola boemo bona. Ha e le hantle, haeba molekane oa lenyalo ea kolobelitsoeng a itšoara joaloka mokoenehi ’me a leka ho hanela molekane oa hae ho sebeletsa Jehova, baholo ba lokela ho sebetsa litaba ho latela Mangolo. Haeba ho khaoloa ho e-ba teng tabeng e amang ho beoa kotsing ho feletseng ha moea, ho se hlokomele lelapa ho etsoang ka boomo, kapa chapo e feteletseng, Mokreste ea tšepahalang ea batlang karohano ea molao o ne a tla be a sa ee khahlanong le keletso ea Pauluse e buang ka ho isa molumeli khotla.—1 Ba-Korinthe 6:1-8.
13. Karohano ea balekane ba lenyalo e ka tšoaneleha tlas’a maemo afe?
13 Haeba maemo a feteletse, karohano e ka ’na ea tšoaneleha. Empa ha hoa lokela hore ho sebelisoe mabaka a fokolang ho fumana karohano. Bakreste leha e le bafe ba arohanang kannete, ba tlameha ho jara boikarabelo ba botho bakeng sa ketso eo ’me ba lokela ho hlokomela hore rōna bohle re lokela ho ikarabella ho Jehova.—Ba-Heberu 4:13.
Na ke Bohato bo Bohlale?
14. (a) Karohano e ka ’na ea baka bothata bofe? (b) Karohano e ka ’na ea ama bana joang?
14 Ho lokela hore ho nahanoe ka thapelo mathata ao karohano e ka ’nang ea a baka. Ka mohlala, ke ka seoelo lelapa la motsoali a le mong le fanang ka seo lelapa la batsoali ba babeli le ka fanang ka sona botsitsong le khalemelong. Karohano e ka ’na ea e-ba le phello e boima e kang eo tlhalo e bang le eona ho bana, eo ka eona koranta India Today e ileng ea tlaleha: “Sheena, ka mahlo a litolo ao e kang a bona lefatše kaofela, o lilemo li tšeletseng. Batsoali ba hae ba ile ba hlalana lilemong tse peli tse fetileng kamorao ho nyeoe e tšabehang ka khotla. Nakoana kamorao ho moo, ntat’ae o ile a nyala mosali e mong. Ka nako e ka etsang selemo Sheena o ile a hlaseloa habohloko ke letšoeea ’me ka linako tsohle o nyanya monoana o motona. O lula le ’ma’e Delhi-Boroa. ’Mè: ‘Masoabi a ka a fetetse ho Sheena. . . . O hloloheloa ntat’ae. . . . O hōlile kelellong ho feta bana ba bangata ba lilemo tsa hae. Empa o na le mokhoa ona o sa laoleheng oa ho lla, joalokaha eka ho na le ho hong hoo a batlang ho ho ntša ka ho eena. Sekolo e ne e le bothata. Bana ba ka ba sehlōhō haholo. Hangata, o iphelela lefatšeng la tšōmong: o iqapela pale eo ho eona rōna kaofela re etelang metsoalle ea hae.’”
15. Karohano e ka ’na ea e-ba le phello efe ho monna kapa mosali oa Mokreste?
15 Hangata, karohano ha e sebetse molemo oa letho le bakeng sa monna le mosali ba Bakreste. Ka potlako ba ithuta hore ntle ho molekane kapa bana ba ikutloa ba le feela. Ho ke keng ha hlokomolohuoa ke likhatello tse tlisoang ke karohano. Na ho tla ba bonolo ho hlokomela litaba ntlheng ea lichelete kapa ka litsela tse ling? Hona ho thoe’ng haeba boima ba karohano bo fella ka ho oela boitšoarong bo bobe? Jesu o itse: “Bohlale bo ipaketsoe ke bana ba jona.” (Mattheu 11:19) Haholo haeba balekane ka bobeli e le Bakreste, ka linako tse ling se ileng sa sebetsoa ka karohano se ile sa ipaka e le bothoto bo fetisisang.
Sebeletsang ho Rarolla Mathata
16. Balekane ba Bakreste ba fumanang khotso ea bona ea lenyalo e sokeloa ba lokela ho etsa eng?
16 Balekane ba Bakreste ba fumanang khotso ea bona ea lenyalo e sokeloa ka matla ba lokela ho buisana ka liqabang tsa bona ka mokhoa o tšoanelang ba sebeletsang Molimo. Ka sebele ba lokela hore ba bule monyetla bakeng sa ho se phethahale ha botho. (Ba-Filippi 2:1-4) Empa ke eng hape e ka etsoang?
17. Ho bontša bohlale mabapi le lintho tse bonahalang ho ka tlatsetsa joang khotsong ea lenyalo?
17 Ho bontša bohlale mabapi le lintho tse bonahalang ho ka tlatsetsa khotsong ea lenyalo. Ka mohlala: Kamor’ a ho nahanela pono e hanyetsang ea mosali oa hae, monna a ka ’na a fihlela qeto ea hore, leha ho le joalo, ke bohlale hore lelapa la hae le fallele sebakeng se seng. Hona ho ka ’na ha bonahala ho le molemo bakeng sa mabaka a lichelete, empa hape mohlomong ho ka nolofaletsa lelapa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso ka ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. (Mattheu 6:33) Mosali oa hae oa Mokreste a ka ’na a hanana le bohato boo hobane bo ka ’na ba mo sihisa batsoali ba hae kapa tikoloho eo a e tloaetseng. Empa mosali o tla be a le bohlale ha a sebelisana ka botlalo le monna oa hae, eo e leng hlooho ea lelapa ’me a e-na le boikarabelo ba ho rera hore na lelapa la hae le tla lula kae. Ho feta moo, boikokobetso ba mosali le tšebelisano ea hae e lerato li tla tlatsetsa khotsong ea lelapa.—Ba-Efese 5:21-24.
18. Balekane ba Bakreste ba na le menyetla efe ea ho etsa lintho hammoho?
18 Khotso ea lelapa ea atleha ’me mathata a bonahala a sa teba haholo ha banyalani ba etsa lintho hammoho. Ka mohlala, balekane ba Bakreste ba na le menyetla e mengata ea ho sebetsa hammoho tšebeletsong ea tšimo. Haeba ba etsa hona ka mehla ’me ba e-ea le bana ba bona, lelapa lohle le tla rua molemo. Ho ka ’na ha boetse ha e-ba le menyetla e sa tšoaneng ea ho matlafatsa tlamahano ea lenyalo ka ho kopanela mesebetsing e meng e hahang haholo-holo e thabeloang ke e mong ho balekane ba lenyalo.
19. Ke bohlooho ba mofuta ofe bo ka hōlisang khotso ea lelapa?
19 Bohlooho bo sebelisoang ka nepo bo tla matlafatsa litlamano tsa lenyalo. Ha e le hantle, monna oa Mokreste ea hōlileng tsebong e ke ke ea e-ba ’mampoli. Ho e-na le hoo, ‘o tla ’ne a rate mosali oa hae ’me a ke ke a mo halefela.’ Jehova o mo lebeletse hore a sebelise bohlooho bo lerato. (Ba-Kolosse 3:18, 19) Ho latelang ke hore bohlooho bo joalo bo hōlisa khotso ea lelapa.
Malapeng a Arohaneng
20, 21. Ho etsa lintho ka tekanyo e ntle ho tla ipaka ho le molemo joang ha khotso e sokeloa lelapeng le arohaneng bolumeling?
20 Ho etsa lintho ka tekanyo e ntle ho thusa ho rarolla mathata a pakeng tsa balekane ba Bakreste. (Ba-Filippi 4:5, NW) Empa ho etsa lintho ka tekanyo e ntle ke habohlokoa hape haeba khotso e sokeloa lelapeng le arohaneng bolumeling. Haeba monna ea sa lumelang a leka ho thibela mosali oa hae oa Mokreste hore a se ke a sebeletsa Jehova, mosali a ka ’na a leka ho buisana le eena, ka bohlale a supa hore eena o lumeletse monna bolokolohi ba bolumeli ’me le eena ka ho utloahalang o lokela ho fumana tšoaro e tšoanang. (Mattheu 7:12) Le hoja mosali a lokela ho ba le boikokobetso bo lekanyelitsoeng ho monna oa hae ea sa lumelang, thato ea Molimo e tlameha ho etsoa moo khohlano e leng teng. (1 Ba-Korinthe 11:3; Liketso 5:29) Ka sebele, ho ba teng libokeng tsa Bokreste ka makhetlo a mararo ka beke hase ho feteletseng. Empa mosali ea lumelang a ka ’na a fumana hore ke bohlale ho ba lapeng ka mantsiboea a mang ao a sa eeng libokeng ka ’ona le hore a lokisetse boholo ba kemiso ea tšebeletso ea hae ea tšimo lihoreng tsa ha monna oa hae a le mosebetsing le bana ba le sekolong. Ka ho etsa lintho ka tekanyo e ntle le ka ho lokisetsa hantle, ha ho hlokahale hore a ‘khathale ho etsa hantle.’—Ba-Galata 6:9.
21 Ho etsa lintho ka tekanyo e ntle ho boetse ho fetela le litabeng tse ling hape. Ka mohlala, motho o na le tokelo ea ho sebelisa bolumeli bo itseng. Empa e ka ba ho utloahalang le ho bohlale bakeng sa mosali oa Mokreste hore a se ke a bea Libibele tsa hae le lithuso tsa ho ithuta Bibele moo monna ea hanyetsang ka matla a ka ’nang a hana ha a li bea. Khohlano e ka qobjoa haeba likhatiso tse joalo li beoa har’a lintho tsa botho tsa mosali ’me a ithuta tsona ka lekunutu. Ha e le hantle, ha aa lokela ho sekisetsa melao-motheo e lokileng.—Mattheu 10:16.
22. Ho ka etsoa joang haeba pherekano ea khotso ea lelapa e likoloha taeong ea bolumeli ea bana?
22 Haeba pherekano ea khotso ea lelapa e likoloha taeong ea bolumeli ea bana, ka bohlale mosali ea lumelang a ka lokisetsa hore ba ee le eena libokeng le tšebeletsong ea tšimo. Empa haeba monna ea sa lumelang le ntate a thibela sena, mosali a ka ruta bana melao-motheo ea Bibele e le hore ha ba hōla ’me ba tloha lapeng, mohlomong ba ka phehella borapeli ba ’nete. Haeba monna e le molumeli, joaloka hlooho ea lelapa, o na le tlamo ea Mangolo ea ho hōlisa bana ba hae e le Bakreste. Ka hona o lokela ho ithuta Bibele le bona, a ee le bona libokeng, ’me a ba rute tšebeletsong ea tšimo. (Ba-Efese 6:4) Ke habohlokoa hore a be mosa, a be lerato, ’me e be ea etsang lintho ka tekanyo e ntle ha a sebelisana le mosali oa hae ea sa lumelang.
Ho Boloka Khotso le le Lelapa le Momahaneng
23. Ke eng e ka ipakang e le thuso, haeba khotso ea lenyalo e sokeloa?
23 Kaha balekane ba lenyalo ke “nama e le ’ngoe,” ba lokela ho phela hammoho ka khotso tumellanong le tokisetso ea Molimo bakeng sa batho ba nyalaneng, haholo-holo haeba balekane ka bobeli e le Bakreste. (Mattheu 19:5; 1 Ba-Korinthe 7:3-5) Empa haeba tabeng ea hao khotso ea lenyalo e sokeloa, ka thapelo hlahloba lintlha tsa Mangolo tseo re fetileng ho tsona. Hape e ka ba ho thusang ho hopola morao nakong ea lefereho la lōna; kamoo ka bobeli le ileng la leka ka thata ho etsa se nepahetseng le ho rala motheo bakeng sa kopano ea thabo! Na joale le ka etsa boiteko bo tšoanang ho boloka lenyalo la lōna hammoho?
24. Bakreste ba lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le lenyalo?
24 Bakreste ba kopaneng lenyalong ba na le mpho e babatsehang e tsoang ho Molimo—lenyalo la bona! Haeba le phelela likano tsa lōna tsa lenyalo ’me le tšepahala ho Jehova, ka pel’a lōna ke lefatše le lecha la ho loka leo ho lona karohano le tlhalano tse sithabetsang pelo li ke keng tsa hlola li hlasela batho. Kahoo bontšang teboho bakeng sa lenyalo joaloka “leqhoele” la tšoantšetso “le meloho e meraro” leo Jehova e leng karolo ea lona ea bohlokoa. (Moeklesia 4:12) E se eka litho tsohle tsa lelapa la lōna le momahaneng li ka thabela tlhohonolofatso ea thabo ea lelapa lelapeng le nang le khatholoho le khotso.
Likarabelo tsa Hao ke Life?
◻ U ka hlalosa keletso ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 7:10-16 joang?
◻ Ke mabaka afe a utloahalang bakeng sa karohano ea balekane ba lenyalo?
◻ Bakreste ba ka rarolla mathata joang ha khotso ea lenyalo e sokeloa?
◻ Ho etsa lintho ka tekanyo e ntle ho ka tlatsetsa joang khotsong malapeng a arohaneng bolumeling?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Balekane ba Bakreste bao khotso ea lenyalo la bona e sokeloang ba lokela ho buisana mathata a bona ka mokhoa o tšoanelang ba sebeletsang Jehova