-
Buka ea Bibele ea 50—Ba-Filippi“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
-
-
hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.’ Keletso e ntle e ho Ba-Filippi e khothatsa bohle ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng mabapi le ’Muso oa Molimo hore ba phehelle pakane eo. Leha ho le joalo, lengolo le eang ho Bafilippi, le ngoletsoe haholo-holo bao ‘oa bona motse o leng maholimong’ le bao ka cheseho ba emetseng ‘ho fetoha ’mele o tšoane le oa Kreste o khanyang.’ ‘Ba lebetse tse ka morao ’me ba hahamalla tse ka pele,’ bana bohle ba ke ba etsise moapostola Pauluse ka ho “titimela moo ho lekanntsoeng teng, e leng pheo eo [ba] e biletsoang holimo,” lefa le khanyang la bona ’Musong oa maholimo!—4:8; 2:10, 11; 3:13, 14, 20, 21.
-
-
Buka ea Bibele ea 51—Ba-Kolosse“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
-
-
Buka ea Bibele ea 51—Ba-Kolosse
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 60–61 C.E.
1. Motse oa Kolosse o ne o le sebakeng sefe?
HA BA furalla Efese, banna ba babeli ba ile ba leba ka bochabela ba haola ka la Asia Minor le ho sika le Nōka ea Maeander (Menderes). Ha ba fihla molatsoaneng o bitsoang Lycus, naheng ea Frigia, ba retelehela ka boroa-bochabela ho nyolosa le nōka ena ho phunyelletsa phula e kopetsoeng ke lithaba. Ka pel’a bona e ne e le pono e ntle: makhulo a nonneng a matala a nang le mehlape e meholo ea linku. (Lintho tse etsoang ka boea ba nku e ne e le mohloli o moholo oa chelete sebakeng sena.a) Ha ba nyolosa le phula ena, ka letsohong le letona batsamai bana ba ile ba feta motse o ruileng oa Laodicea, setsi sa tsamaiso ea Roma seterekeng sena. Ka ho le letšehali ho bona, ka mose ho nōka, ba ne ba ka bona Hierapolise, e neng e tsebisahala ka litempele tsa eona le liliba tsa eona tse kopotsang metsi a chesang. Ho ne ho e-na le liphutheho tsa Bokreste metseng ena ka bobeli hape le motsaneng oa Kolosse, o ka bang lik’hilomithara tse 16 holimonyana ho phula ena.
2. (a) Manģosa a mabeli a neng a romiloe ke Pauluse Kolosse ke afe? (b) Ke eng e tsejoang ka phutheho ea Kolosse?
2 Batsamai bana ba ne ba habile Kolosse. Ka bobeli e ne e le Bakreste. Bonyane e mong oa bona o ne a tseba sebaka sena hantle, kaha hahabo e ne e le Kolosse. Lebitso la hae e ne e le Onesima, ’me e ne e le lekhoba le khutlelang ho mong a lona, eo e neng e le setho sa phutheho ea moo. Motsoalle oa Onesima e ne e le Tykike, monna ea lokolohileng, ’me ka bobeli e ne e le manģosa a tsoang ho moapostola Pauluse, a nkile lengolo le tsoang ho eena le eang ho “baena ba leng ho Kreste, . . . ba Kolosse.” Kamoo re tsebang ka teng, ha ho mohla Pauluse a kileng a etela Kolosse. Phutheho, eo boholo ba eona e neng e le bao e seng Bajode, mohlomong e ile ea theoa ke Epafrase ea neng a ile a sebetsa har’a bona eo joale a neng a e-na le Pauluse Roma.—Ba-Kol. 1:2, 7; 4:12.
3. Lengolo la Ba-Kolosse ka bolona le senola eng ka mongoli, hammoho le nako le sebaka tsa ho ngoloa ha lona?
3 Moapostola Pauluse e ne e le mongoli oa lengolo lena, joalokaha a bolela ka mantsoe a lona a qalang le a qetellang. (1:1; 4:18) Qetello ea hae ea lona e boetse e bolela hore o le ngotse a le chankaneng. Ena e ne e tla ba nako ea ha a ne a kentsoe litlamong ka lekhetlo la pele Roma, 59-61 C.E., eo ka eona a ileng a ngola mangolo a ’maloa a khothatso, lengolo le eang ho Bakolosse le romeloa le le neng le e-ea ho Filemone. (Ba-Kol. 4:7-9; Filem. 10, 23) Ho bonahala le ngotsoe ka nako e tšoanang le lengolo le neng le e-ea ho Baefese, kaha likhopolo tse ngata le lipolelo lia tšoana.
4. Ke eng se pakang bonnete ba Ba-Kolosse?
4 Ha ho na mabaka a ho belaela bonnete ba lengolo lena le eang ho Bakolosse. Ho ba ha lona le liepistole tse ling tsa Pauluse ho Chester Beatty Papyrus No. 2 (p46) ea hoo e ka bang ka 200 C.E. ho bontša hore le ne le amoheloa ke Bakreste ba pele e le le leng la mangolo a Pauluse. Bonnete ba lona bo tiisoa ke litsebi tse tšoanang tsa pele tsa bonnete ba mangolo a mang a Pauluse.
5. (a) Ke eng se ileng sa susumetsa Pauluse hore a ngolle Bakolosse? (b) Lengolo lee le hatisa eng?
5 Ke eng se ileng sa susumelletsa Pauluse hore a ngole lengolo le eang ho Bakolosse? Lebaka le leng ke hore, Onesima o ne a khutlela Kolosse. Epafrase o ne a sa tsoa ba le Pauluse, ’me ha ho pelaelo hore tlaleho ea hae ka maemo a Kolosse e ile ea fana ka lebaka le leng la hore a ngole lengolo lena. (Ba-Kol. 1:7, 8; 4:12) Ho ne ho e-na le kotsi e neng e sokela phutheho ea Bokreste moo. Malumeli a mehleng eo a ne a le tseleng ea ho qhalana, ’me malumeli a macha a ne a theoa nako le nako ka ho kopanngoa ha likarolo tsa a khale. Ho ne ho e-na le lifilosofi tsa bohetene tse akarelletsang bophelo ba ho itima boithabiso, tumelo ea ho buisana le meea ea bafu ka lilaoli, le tumela-khoela ea borapeli ba litšoantšo, ’me tsena, hammoho le ho itima lijo ha Bajode le ho boloka ha bona matsatsi, mohlomong li ile tsa susumetsa ba bang ka phuthehong ena. Ho sa tsotellehe hore na bothata e ne e le bofe, ho bonahala e bile lebaka le lekaneng hore Epafrase a nke leeto le le lelele ho ea Roma ho ea bona Pauluse. Leha ho le joalo, hore phutheho ka kakaretso e ne e se kotsing e potlakileng ho bontšoa ke tlaleho e khothatsang ea Epafrase ka lerato la bona le ho tiea ha bona. Ha a utloa tlaleho ena, Pauluse o ile a sireletsa ka matla tsebo e nepahetseng le borapeli bo hloekileng ka ho ngola lengolo lena le eang ho phutheho ea Kolosse. Le ne le hatisa bophahamo boo Kreste a bo filoeng ke Molimo har’a lifilosofi tsa bohetene, ho rapeloa ha mangeloi, le lineano tsa Bajode.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-KOLOSSE
6. (a) Ke thapelo efe eo Pauluse a e etsetsang Bakolosse? (b) Pauluse o tšohla eng mabapi le boemo ba Jesu le tšebeletso ea hae kamanong le phutheho?
6 Ba be le tumelo ho Kreste, hlooho ea phutheho (1:1–2:12). Ka morao ho litumeliso tse qalang tse tsoang ho Timothea le eena, Pauluse o leboha tumelo ea Bakolosse ho Kreste le lerato la bona. Ba ithutile mosa o sa tšoanelang oa Molimo ka hore Epafrase a bolele litaba tse molemo har’a bona. Ka mor’a hore a utloe tlaleho e buang ka bona, Pauluse ha a ka a khaotsa ho rapela hore ba tlale “tsebo [“tsebo e nepahetseng,” NW] ea thato ea oona, ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea [ba] tle [ba] tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena [“Jehova,” NW]” le “ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo.” (1:9-11) Ntate o ba falliselitse “’musong oa Mora oa oona ea ratoang,” eo e leng setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng, le eo lintho tsohle li bōpiloeng ka eena li bileng li bōpetsoeng eena. Ke eena Hlooho ea phutheho le letsibolo la ba tsohileng bafung. Ka mali a Jesu, Molimo o bone molemo oa ho busetsa lintho tsohle ho oona, e, ho akarelletsa le Bakolosse bao ka nako e ’ngoe e neng e le basele, ‘ha ba fela ba tiea tumelong.’—1:13, 23.
7. Pauluse o bolela eng, hona ka morero ofe?
7 Pauluse o thabela ho tlatsa bohloko ba Kreste molemong oa phutheho, eo e bileng mosebeletsi oa eona. Sena se etsahetse hore ho boleloe lentsoe la Molimo ka botlalo molemong oa eona mabapi le ‘sephiri se halalelang, menono e khanyang eo Molimo joale o khahliloeng ho e tsebisa bahalaleli ba oona.’ Pauluse o re, ‘Ke Kreste eo re mo phatlalatsang, re eletsa le ho ruta batho bohle bohlale, re tle re hlahise motho e mong le e mong e le ea phethehileng bonngoeng le Kreste.’—1:26-28, NW.
8. Ke hobane’ng ha Pauluse a loana molemong oa banab’abo?
8 Ntoa ea Pauluse molemong oa Bakolosse, Balaodicea, le ba bang e loanoa hore ba ka tšelisoa le ho kopanngoa hammoho leratong, ho lebeletsoe hore ba tle ba fumane ‘tsebo e nepahetseng ea sephiri se halalelang sa Molimo, e leng, Kreste, eo ka ho eena ho patiloeng ka hloko matlotlo ’ohle a bohlale le a tsebo.’ Ha a batle ho bona ba thetsoa ke likhang tse phehellang, empa, ho e-na le hoo, ba lokela hore ba tsamaee bonngoeng le Kreste, ba ‘hlomiloe ka metso le ho hahuoa ho eena le ho tsitsisoa tumelong.’ Pauluse joale oa lemosa. ‘Lemohang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le hulanya joaloka phofu ea hae ka filosofi le ka thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.’—2:2, 3, 7, 8, NW.
9. Pauluse o lemosa ka borapeli ba mofuta ofe, ’me ke hobane’ng ha Ba-Kolosse ba sa lokela ho ipea tlas’a Molao?
9 Ho shoa mesebetsing ea nama le ho phela ho Kreste (2:13–3:17). Le hoja ba ne ba shoele litlōlong tsa bona le ho se bolleng ha bona, Molimo o ba phelisitse le Kreste, o phumula tokomane e ngotsoeng ka letsoho ea Molao, e neng e tsoa Bajode. Ka baka leo “motho a se ke a [ba] nyatsa” tabeng ea Molao kapa ho bolokoa ha oona, tseo e leng feela seriti sa ntho eo ’mele oa eona e leng Kreste. Hape, haeba ba shoele le Kreste linthong tse qalang tsa lefatše, ke hobane’ng ha ba ka ipea tlas’a melao ea litaelo: “U se ke ua ja; u se ke ua latsoa; u se ke ua ama,” ho ea ka litaelo le lithuto tsa batho? Borapeli ba mponeng ba maiketsetso, boikokobetso ba bohata, ho khahlapetsa ’mele—tsena hase tsa bohlokoa bakeng sa ho hlōla litakatso tsa nama.—2:16, 21.
10. Motho a ka tsoela pele joang ho batla lintho tsa holimo le ho apara botho bo bocha?
10 Ho e-na le hoo, Pauluse oa eletsa: “Batlang lintho tse holimo, moo Kreste a lutseng letsohong le letona la Molimo. Hopolang lintho tse holimo, e seng tse lefatšeng.” Sena se ka etsoa ka ho hlobola botho ba khale ka ho felletseng le ka ho apara botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo sa khetholleng ka nama pakeng tsa Mojode le Mogerike, hobane ‘Kreste ke tsohle ho bohle.’ Se bolela ho apara ‘joale ka bakhethoa ba Molimo’ kameho e mofuthu e bonolo ea qenehelo, mosa, kelello e ikokobelitseng, bonolo, le sebete. Moapostola o re: “Joale ka ha Kreste [“Jehova,” NW] a le hauhetse, etsang joalo le lōna. Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho [“bonngoe,” NW].” Ka lentsoe kapa ka mosebetsi, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho etsoa “ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka eena Molimo Ntate.”—3:1, 2, 11-14, 17.
11. (a) Ke keletso efe e fanoang mabapi le lelapa le likamano tse ling? (b) Ho fetisoa litumeliso life qetellong?
11 Likamano e mong ho e mong (3:18–4:18). Tabeng ea likamano tsa lelapa, basali ba ke ba ikokobeletse banna le banna ba rate basali ba bona, bana ba ke ba utloe batsoali ’me bo-ntate ba se ke ba khopisa bana ba bona. Makhoba a lokela ho utloa benghali ba ’ona ka ho tšaba Jehova, ’me benghali ba lokela ho sebetsa ka ho loka le makhoba a bona. Bohle ba phehelle thapelo ’me ba tsoele pele ba tsamaea ka bohlale ho ba ka ntle. Tykike le Onesima ba tla ba phetela ka bobona lintho tse amang Pauluse le basebetsi-’moho le eena ba ’Muso oa Molimo. Ba romella litumeliso Kolosse, ’me Pauluse le eena o lumelisa banab’abo ba Laodicea, a ba kōpa hore ba alimane mangolo ao a a romelang. Pauluse o ngola litumeliso tsa ho qetela ka letsoho la hae: “Hopolang litlamo tsa ka. Mohau o be le lōna.”—4:18.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
12. Lengolo la Pauluse le eang ho Bakolosse le ile la fana ka linnete life tse khathollang, hona e le ka molemo ofe ho phutheho?
12 Re ka inahanela kamoo litaba tsa ho fihla ha banab’abo bona ba babeli ba tsoang Roma li ileng tsa potoloha ka potlako ka teng har’a banab’abo bona ba Kolosse. Ba ne ba tla phutheha ka tebello e matla, mohlomong ba phuthehela lapeng ha Filemone, ho tla utloa ha ho baloa lengolo la Pauluse. (Filem. 2) Le ile la fana ka linnete tse khathollang hakaakang ka boemo ba ’nete ba Kreste le ka bohlokoa ba tsebo e nepahetseng! Lifilosofi tsa batho le lineano tsa Bajode li ile tsa beoa sebakeng sa tsona ka ho hlakileng hakaakang, ’me ha phahamisoa khotso le lentsoe la Kreste! Sena e ne e le lijo tse matlafatsang kelello le pelo bakeng sa bohle ka phuthehong—balebeli, banna, basali, bo-ntate, bana, benghali, makhoba. Ka sebele ho ne ho e-na le keletso e ntle bakeng sa Filemone le Onesima ha ba boetse ba kena kamanong ea monghali le lekhoba. Balebeli ba ile ba neoa ketello-pele e ntle hakaakang ho tsosolosa mohlape thutong e nepahetseng! Mantsoe a Pauluse a ile a leotsa kananelo ea Bakolosse hakaakang bakeng sa tokelo ea ho sebetsa ka sephefumolohi sohle joalokaha eka ho sebeletsoa Jehova! ’Me keletso e hahang e eang ho Bakolosse ea ho lokoloha likhopolong tse etsang batho makhoba le mekhoa ea lefatše e sala e le molaetsa o sebetsang bakeng sa phutheho kajeno.—Ba-Kol. 1:9-11, 17, 18; 2:8; 3:15, 16, 18-25; 4:1.
13. Pauluse o elelletsa eng mabapi le mantsoe a mosa, thapelo, le botsoalle ba Bokreste?
13 Keletso e babatsehang bakeng sa mosebeletsi oa Mokreste e beiloe ho Ba-Kolosse 4:6: “Polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho araba e mong le e mong.” Mantsoe a mosa a ’nete a tla ipaka a lakatseha ho batho ba lipelo li tšepahalang ’me a tla sebetsa molemong oa bona oa ka mehla. Hape, thapelo eo Mokreste a e etsang a falimehile ka ho felletseng, e tsoang pelong e ananelang, e tla tlisa mahlohonolo a enneng a tsoang ho Jehova: “Tiisetsang thapelong, ’me le e falimehele ka teboho.” ’Me ka hare ho botsoalle ba Bokreste ho ka fumanoa thabo le khatholoho e hahang hakaakang! Pauluse o re, “Le ’ne le rutane, ’me le khothatsane . . . le ntse le binela Morena ka lipelo tsa lōna.” (4:2; 3:16) U tla fumana matlotlo a mang a mangata a taeo e utloahalang le e sebetsang ha u ntse u fuputsa ka hare ho lengolo la Ba-Kolosse.
14. (a) Ke ’mele ofe o totobatsoang ho Ba-Kolosse? (b) Tšepo ea ’Muso e hatisoa joang?
14 Tabeng ea ho boloka Molao, lengolo lena le re: “Tseo [ke] seriti sa tse tlang ho tla, empa ’mele oa tsona ke Kreste.” (2:17) Ke ’mele ona oa Kreste o phahamisoang ho Ba-Kolosse. Lengolo le bua hangata ka tšepo e khanyang e bolokiloeng maholimong bakeng sa ba bonngoeng le Kreste. (1:5, 27; 3:4) Ba joalo ba ka leboha ka ho fetisisa hore Ntate o se a ba fallisitse ho tloha ’musong oa lefifi le ho ba hloma “’musong oa Mora oa oona ea ratoang.” Ka hona ba fetohile bafo ba Eo e leng “setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng, letsibolo la tsohle tse hloliloeng. Hobane ka ho eena ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng, tse bonoang le tse sa bonoeng, leha e le literone, leha e le marena, leha e le lihlooho, leha e le mebuso; tsohle li hloliloe ka eena, ’me li hloletsoe eena.” Enoa ke eena ea ka pele-pele ho ba tšoanelehelang ho busa ka ho loka ’Musong oa Molimo. Ke kahoo Pauluse a eletsang Bakreste ba tlotsitsoeng: “Joale, ha le tsohile le Kreste, batlang lintho tse holimo, moo Kreste a lutseng letsohong le letona la Molimo.”—1:12-16; 3:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The New Westminster Dictionary of the Bible, 1970, leqephe 181.
-