Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na u Hlompha Bafu?
    Molula-Qhooa—1980 | September 15
    • tsa bafu, ke habohlokoa ho lumellana le seo e leng sa ’nete. Kahoo, Bakreste ba qoba eng kapa eng e tšoantšetsang leha e le hanyenyane borapeli ba baholoholo kapa tumelo ea “meea e ileng.” Batho ba bomolimo ba bontša tumelo tsohong ’me ba ikemisetsa ho rorisa Jehova ka ho kopanela borapeling bo sa silafatsoang ke mokhoa leha e le ofe oa bohata.—Joh. 4:23, 24; Jak. 1:27.

  • Meputso ea ho Sebeletsa Morena a le Mong
    Molula-Qhooa—1980 | September 15
    • Meputso ea ho Sebeletsa Morena a le Mong

      Kamoo ho boletseng Ernest E. Beavor

      MATHATA a mangata a sala a sa rarolloa kaha a beelloa morao ka ho sekisetsa, e leng ho fellang ka ho se thabe; ’me ho sekisetsa ho ka fella ka ho leka ho sebeletsa marena a mabeli. Jesu Kreste o ho beile ka mokhoa o hlakileng ha a re: “Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli, . . . Le ke ke la sebeletsa Molimo le Leruo.” ’Me ngoan’abo nameng Jakobo a ngola: “Ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.”—Matt. 6:24, phet. e ncha; Jak. 4:4.

      Ke moo he. Ka bonolo feela, re lakatsa botsoalle ba mang? Ho tšoana le ntoa le lefatše, nama le Diabolose ka lehlakoreng le leng le Jehova Molimo le Jesu Kreste ka lehlakoreng le leng. (1 Joh. 2:15-17) Boikhethelo ke ba rōna. Empa ’nete eona e-ea sala: ho khetha Jehova e le Morena ho tlisa meputso e fellang ka thabo e se nang moeli. Ke kamoo ho bileng kateng ho ’na.

      HO JALOA LIPEŌ TSA ’NETE

      Nakong eo ke tsoetsoeng ka eona ka 1902, batsoali ba ka e ne e le Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng mehleng eo. Re ne re ee re ee Tabernakeleng ea London moo Liithuti tsa Bibele li neng li kopanela teng. Ho paka bohlokoa ba ho ea le bana libokeng tsa Bokreste ke seo ke se hopolang ka ho hlaka ho e ’ngoe ea lipina tsa khale “Lilemo tse Sekete! khanya e tlang ea lefatše! Ke letsatsi le monate le hlileng la boleloa khale.” Ke ’nete hakaakang! Ho Phela ka ho sa feleng paradeiseng eo e khanyang ea lefatše—ke moputso o mokaakang bakeng sa ba bangata ba sebeletsang Morena a le mong!

      ’Mè o ne a ee a mpalle—ho ne ho se thelevishene mehleng eo. Lipeō tsa ’nete li ne li jaloa. Hape, ntate o ne a nchapela ho se utloe ho hong ’me a re: “Hona ho kotsi ho ’na ho feta ho uena”—’nete eo ke neng ke sa e ananele ka nako eo. Leha ho le joalo, Liproverbia 23:13, e re: “Se time ngoana khalemelo, leha u mo shapa ka thupa, a ke ke a shoa.” Ha nka ka shoa ’me ke leboha hore ntate o ile a nthuta hore ke sebeletse Morena a le mong.

      Ho bona “Photo-Drama of Creation” ke le lilemo li 12 ea e-ba thabo ho ’na. E ne e bapaloa ka masiu a mane ’me e bontšoa mahala “Opera House” ea London. Tšoantšiso ena ea pōpo ea hloma ka ho tiileng pelong ea ka ’nete ea pōpo, ha e bapisoa le bohata bo pepenene ba khopolo ea hore lintho li ikentse. Ho hopolehang, hape, ke “tšoantšiso” ena ha e ne e bontša setšoantšo se sekhutšoanyane se itsamaisang se bontšang Abrahama ha a tla tloha a nyehela Isaaka e le sehlabelo. Kahoo Abrahama a paka hore o ne a sebeletsa Jehova Molimo. ’Me moputso oa hae e bile o moholo hakaakang, a bitsoa “motsoalle oa Jehova”! Ka inahana, “Eke e ka be e le ’na!”—Jak. 2:23, NW.

      BOKHOBA HO MORENA E MONG

      Lilemong tsa ntoa ea pele ea lefatše, batho ba Morena ba e-ba le nako e khutsisang haholo. Batsoali ba ka ba khoptjoa ka lebaka le leng, ’me ka ikela le lefatše, ke susumetsoa ke litsela tsa lona. Ke le ea ratang naha ea heso, ka ea tšebeletsong ea khaotso ea ntoa Whitehall ka la 11 Pulungoana, 1918, ’me ka utloa moruti a re: “Bana ha baa shoela lefeela. Ba shoetse ho etsa naha ea rōna e loketseng bahale.” Na e ne e le ’nete? Ba ne ba sebelelitse morena ofe? Ntle ho pelaelo e bile ho nyahama lilemong tse latelang ho ileng ha nthusa hore ke fihlele liqeto tse loketseng ha maru a lefifi a Ntoa ea II ea Lefatše a qala ho bokellana.

      Ho sa le joalo, morena oa lefatše la khale o ne a ntšoere. Mosebetsi oa ho hatisa likoranta oa nkhapa, ’me ka thuso ea metsoalle e ’meli ea lefatše ka qala ho hatisa ke le moemeli oa litšoantšo. Hona ha isa setsoalleng sa lefatše, ho tsuba, ho noa le ho ineeleng litakatsong tsa lefatše. Leha ho le joalo, ‘U ke ke ua sebeletsa marena a mabeli’ ea ’na ea luma ka litsebeng tsa ka, ’me ka utloa bokhoba ba seo ke se etsang.

      Ntate a shoa ka 1934. Ka 1936, paki ea Jehova ea etela ’mè lapeng ’me ’mè a nka thuso ea ho ithuta Bibele Riches. A bona kamoo e bileng sethoto kateng hore a oe ’me a ikemisetsa ho lopolla nako eo. (Bapisa Ba-Kolosse 4:5) Na o ile a fella moo feela? Mosali ea fokolang ea mokhutšoanyane, “kamehla” o ne a tsoile ho ea bolela ’nete ea Bibele. A mpokella ka libuka, tseo ke neng ke sa li bale. Le hoja ke ne ke tseba hore seo a mpolellang sona se nepahetse, ke ne ke sa mamele mantsoe a hae hobane ke ne ke sa batle ho fetola bophelo ba ka.

      HO TALIMANA LE LINNETE TSE LING KA BONNA

      Ke atleha linthong tse bonahalang, ka haha ntlo e ntle ’me ka kenya menono e mengata e bonahalang. Morena oa ka oa lefatše, leha ho le joalo, a nkenya tlokotsing ea nama e ka beng e ile ea senya ho khotsofala ha ka lapeng. Metsu ea letsoalo la ka le rutiloeng ke Bibele ea nkemisa. Lira, e ’ngoe ea libuka tseo ’mè a ileng a mpha tsona, ea bontša ka ho hlakileng qeto eo re lokelang ho e etsa bohle—ho khetha hore na re sebeletsa morena ofe. Ka tiisetsoa ’nete ha ke ea puong ea phatlalatsa e reng “Tobana le Linnete,” e neng e fanoa ke J. F. Rutherford Royal Albert Hall ka 1938. Puo ea hae e otlolohileng ea lumisa ka ho teba pelong ea ka ’nete ea hore u ke ke ua sebeletsa marena a mabeli.

      Ho ne ho le hongata ho ka ithutoang, kapele. Ka mehla re ne re le lelapa le kopaneng le etsang lintho hammoho—ha ke le lapeng, kaha khoebo ea ka ea likoranta e ne e nkisa hole hangata. Ke talimana le linnete, ka etsa qeto ea ho furalla morena oa khale ’me ka isa lelapa sebokeng sa rōna sa pele sa Bokreste. Inahanele thabo ea sefahleho sa ’mè! Sebokeng se seng, moena ea sethalleng o ne a bua ka ho tsuba, a paka ka 2 Ba-Korinthe 7:1 hore ke ho silafatsa nama. A botsa: “Na u ka inahanela Kreste Jesu a kentse sakarete ka hanong la hae, kapa Adama a tsuba tšimong ea Edene?” Ka sitoa. Ha ke ntse ke mametse, ke ne ke e na le pakete ea lisakrete tse 20 mokotlaneng o mong oa ka le peipi le koae ho e ’ngoe. Tsa kena mollong hona bosiung boo, ka la 29 Phato, 1939.

      HO SEBELETSA MORENA EA NEPAHETSENG

      Ka ho qaleha ha ntoa ea bobeli ea lefatše, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e hlahlojoa, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e etsoa ke feme ea ka e ne e bontša tšobotsi e itseng ea ntoa. Ke ne ke fumana chelete ka sena. Buka e bitsoang Lira e ne e ntutubullotse mahlo hore ke bone ’nete ea Bibele ea hore Satane ke molimo oa lefatše lena. (2 Ba-Kor. 4:4) Ke se ke sa batle ho sebeletsa Diabolose, ka kolobetsoa ka Mphalane 1939 tšoantšetsong ea boineelo ba ka ho Jehova. Ho tloha ka nako eo ho ea pele ke ne ke sebeletsa eena le Mora ea ratoang oa hae, Kreste Jesu.

      E ne e bile khopolo ea ka hore mora oa rōna Douglas, a tle a ithute mosebetsi oa khatiso. Kamor’a ho ba ofising ka matsatsi a pele a mararo, ka mo botsa hore na o tsoela pele joang. A re: “Ke batla ho bula maliboho.” Hona hoo feela ra mo isa ofising ea Watch Tower Society ho ea etsa kōpo ea mosebetsi o joalo oa bopaki ba nako e tletseng. A feta sekolong sa Gileade sa baromuoa ka 1950 ’me ho tloha ka nako eo a sebeletsa e le molebeli oa potoloho Japane. Le eena a kena thabong ea tšebeletso ea Morena oa hae.

      Nako le nako ntoa ea letsoalo e ntse eba matla haholo. Ka lintho tsa bohlokoa tse bonahalang, ka lumela hore ka ‘ho batla ’Muso pele lintho tsena tsohle tse ling li tla phaelloa.’ (Matt. 6:25-33) “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle” ea e-ba tiiso eo ke bang le eona. Ke hobane’ng ke ‘tenyetsehela ka mahlakoreng a mabeli’? Ke ne ke ikutloa hore kea tenyetseha.—1 Mar. 18:21; Liprov. 3:5.

      Ka bitsa seboka sa batsamaisi ba feme ea ka, ka itokolla, ke tlohela sohle seo e neng e le sa ka e le hore nka lokoloha ho hang. Ke saenne tokomane ea ho qetela e amanang le taba eo, ka toba lehaeng la Bethele ’me ka ngolisa ke le pula-maliboho. Bolokolohi le thabo tsa motsotso oo li sa ntsane li phela le ’na. E ne e le ka la 1 Phuptjane, 1940. Ka reka baesekele e ncha le Kramafono, e neng e sebelisoa ka nako eo mosebetsing oa rōna oa ntlo le ntlo oa bopaki.

      Ho tloha tsatsing leo ho fihlela kajeno, Jehova o lokiselitse haholo. Ke ithutile kamoo ‘borapeli ha bo e-na le ho kholoa ha pelo e leng lehlohonolo le leholo’ le kamoo Morena oa ’nete a putsang ba mo sebeletsang ka botšepehi.—1 Tim. 6:6.

      “Sekisetsa” ke lentsoe leo ke sa kang ka le rata ha e sa le e le ’na. Ka baka leo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho ’na e kamoo e leng kateng. Empa ha hlokahala hore ke ithute ho leka-lekana. Joalokaha Pauluse a ile a bolella Timothea e monyenyane. “Mohlanka oa Morena . . . e ka khona a be mosa ho bohle.” (2 Tim. 2:24) Mosali oa ka, Jessie, ha a ka a amohela ’nete habonolo. Ka letsatsi le leng ha ke le tšebeletsong ea tšimo, khaitseli a rè ho ’na: “Ua tseba ke’ng, Ernie, mosali oa hao o tla fumana ’nete ntle ho uena!” Hoo ha nkama. Ka re: “Na ho hobe hakaalo?” A arabela, E!” Khaitseli eo o se a ne a shoe, empa ke leboha hore ha a ka a tšaba ho mpolella ’nete. Ba bang ho rōna ho hlokahala re buisoe joalo. Jessie a kolobetsoa kamor’a selemo.

      Pitso ea bopula-maliboho e ne e le matla haholo lilemong tseo tsa ntoa, ’me re ne re buisana ka hona haholo re le lelapa. Tsela feela bakeng sa Mokreste oa ’nete e ne e le ho se nke lehlakore ho matla. (Joh. 15:19) Tšebeletso ea bopula-maliboho e ne e le tokelo e fanoeng ke Molimo bakeng sa ba lokolohileng ka Mangolo ho e amohela. Douglas a ngolisa ka 1939. Morali oa rōna Gwen e bile eena pula-maliboho e monyenyane ho bohle ea ileng a ngolisa kopanong ea lichaba e neng e le Leicester ka 1941. O ne a le lilemo li 14 ka nako eo ’me o ntse a le tšebeletsong ea nako e tletseng, e bile moromuoa Lebanon le Nigeria ’me hona joale o sebeletsa lehaeng la Bethele le London. Morali oa rona e monyenyane, Anne, e bile pula-maliboho ka 1942. Le eena o ile a sebeletsa e le moromuoa Lebanon, moo a ileng a nyalana le moena moeeng, ’me hona joale o Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika a e-na le barali ba batle ba bararo, a hloma ka ho bona takatso ea ho sebeletsa Morena a le mong oa ’nete.

      HO ETELLETSA TŠEBELETSO EA MORENA PELE

      Ha re khutleleng ho 1940. Ke khaotse litlamo tsa ka Fleet Street, ke ne ke se ke sa lokoloha tšebeletsong ea sesole, ’me ka fumana lipampiri tse mpiletsang sesole. Ke ne ke balile buka ea Watch Tower God and the State, e neng e qotsitse tlhaloso ea Blackstone ka molao oa Manyesemane. E bolela hore ha ho molao oa motho o tšoanelehang ntle leha ho theiloe molaong oa Molimo. Ke ikemiselitse ho o sebelisa e le boitšireletso ba ka, ka ipiletsa kahlolong ea ka ea pele ea likhoeli tse 12 litlamong. Ka hlokomelisoa hore haeba boipiletso ba ka bo ka lahloa kahlolo ea ka e tla menahanngoa. Ha ke le nyeoeng ka pel’a baahloli moahloli a hana ho hang ho mamela ha ke bala Blackstone, a nkhopotsa hore naha e ntoeng le hore Melao ea tšireletso ea naha e neng e sebetsa ka nako eo e phahametse melao e meng eohle ea pele. Ka ahloleloa lilemo tse peli ke sebetsa ka thata. Empa ke ne ke hloka lilemo tseo tse peli hore ke fetole ’nete karolo ea ka. Ka bala Bibele hore ke e qete ka lekhetlo la pele. Ea e-ba thabo e kaakang e tsoang ho Morena!

      Ka nako eo, ’na le baena ba bang re ne re pakela batšoaruoa ba bang le basebeletsi ba teronko. Phello ea e-ba hore basebeletsi ba bararo ba teronko ba ile ba amohela ’nete ’me ba kolobetsoa. E mong o se a shoele empa ba bang ke baholo liphuthehong tseo ba leng ho tsona. Ka ho khahlisang, hona joale ke na le tokelo ea ho ba ’moleli ea khethiloeng ho etela teronko eona eo ka batšoaruoa ba eona ba lakatsang ho buisana le Lipaki tsa Jehova.

      Ke ne ke le setho sa Mokhatlo oa Lipalesa. Motho ea neng a sebetsa serapeng sa ka a lema lipalesa tse ntle tseo ke ileng ka fumana moputso oa “bronze” ka tsona. Ka nahanisisa sena. Ha kea lema lipalesa; li lemiloe ke motho ea sebetsang serapeng sa ka. Leha ho le joalo, ke Jehova ea entseng hore li mele ’me ke ho eena moo tlotla e lokelang ho lebisoa—e seng ho ’na ka sebele. Ke le molula-setulo oa mokhatlo oa temo ea lipalesa sebakeng seo, e bile tokelo ho ’na ho hlalosa sena ho litho ha ke bolela hore kea itokolla. E seng hore phoso e ne e le teng ka ho ba setho sa mokhatlo oa temo ea lipalesa; empa, joaloka molula-setulo, litšoanelo li ne li nka boholo ba nako ea ka, haholo kaha ke ne ke bula maliboho.

      Ntlo ea rōna e ne e le setsi sa mesebetsi ea moea, ka mehla e bulehetse baena ba moea, ba bacha le ba baholo. Meqoqo le boikhathollo li ne li likoloha melaong ea motheo ea Bokreste. Ho ba teng libokeng e ne e le tlamo e thabisang, ho sa tsotellehe mafifi a nako ea ntoa le ho hlasela ha lifofane. Ka mehla re ne re etsa lintho hammoho. Kamor’a ntoa, re ile ra ithaopela re le lelapa ho ea kae kapa kae moo Watch Tower Society e ka bolelang. Ra ikhethela Tunbridge Wells, Kent, moo re bileng le thabo ea ho bona phutheho e hōla ho tloha ho batho ba 12 ho isa ho ba 70 ka lilemo tse peli. Ra kōpuoa hore re ee Brighton Sussex, ra fela ra ea ’me ra shebella liphutheho li hōla ho tloha ho e le ’ngoe ho isa ho tse hlano ka lilemo tse tharo feela. Morena a hōlisa.—1 Ba-Kor. 3:5-9.

      Joale ha fihla 1950 le Kopano eane e ke keng ea lebaloa ea Katoloho ea Puso ea Leholimo Yankee Stadium, motseng oa New York. O tseba hore re rerile ho ea re le lelapa, Mokhatlo oa memela bana ba rōna ba bararo ho ea sekolong sa boromuoa sa Gileade. Ho bile thata haholo ho ba lumelisa kaofela ha re khutlela England. Ntlo ea rōna Brighton ea bonahala e le lephaka. Empa Jehova a fupurolla seatle sa hae hang hape, ’me ka memeloa ho sebeletsa ke le molebeli ea potolohang. Jessie o ne a tlameha ho ba pula-maliboho, kamoo ke ileng ka bolelloa. A lumela, ’me hona ha nthabisa hakaakang! Kahoo ra qalisa nako e thabisang ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Ka lilemo tse 18 ra tsamaea England le Ireland Leboea, baena ka lerato ba re amohela ’me re abelana linnete tsa ’Muso le tšebeletso le bona.

      HO TSOELA PELE TŠEBELETSONG EA MORENA

      Mora oa rōna le barali ba kena lenyalong likarolong tse tharo tse fapaneng lefatšeng. Ha rea ba le hona ho ea lenyalong leha le le leng. Empa ka mehla re ne re sheba ho Morena oa rōna, ea tšepisang ho phethahatsoa ha ho hoholo ho Pina ea ’Muso ea 119, “Ha baratuoa ba ke ke ba hlola ba arohana.”

      Ho theosa le lilemo, re bile le metsoalle le baena le likhaitseli ba bangata ba lerato. Phihlelo e tlisa mehopolo ea botho haholo le thuto. Jehova o khalemela bao a ba ratang. Ho halaletsa lebitso la hae le letle haholo e tlameha e be boiteko ba rōna bo etsoang ka thapelo ka mehla.

      Ha a le lilemo li 74, Jessie o ne a ke ke a hlola a nka boima ba mosebetsi oa potoloho. Eaba ke kōpa hore ke phomotsoe, ’me moena ea mosa a fana ka kamore ntlong ea hae e khōlō. Ke ntse ke bula maliboho, ka matla a theohileng, kaha ke lilemo li 77. Mosali oa ka, joale a le lilemo li 84, o hlokomela mesebetsi ea lelapa ha ’na ke tšoarehile ka litokelo tsa bolebeli, ke alositse ba ratehang ho Jehova.

      Ke eng se larileng ka pele? Liketsahalo tse hlollang le tse khōlō ka ho fetisisa tsa pale ea motho. Re thabisoa ke tšepiso ea Jehova hakaakang, “lichaba li tla tseba hoba ke ’na Jehova”!—Ezek. 39:7.

      Qetellong ke re’ng? Ikokobetse, lekalekana ’me u tiise lintho tseo e leng tsa bohlokoa. ’Me ka mehla u hopole hore ho sebeletsa Morena a le mong oa ’nete ho tiisa meputso hona joale le ka ho sa feleng.

  • Phetoho e Khōlō
    Molula-Qhooa—1980 | September 15
    • Phetoho e Khōlō

      MEHLENG ea moprofeta Esaia, basali ba Jerusalema ba ne ba ikhantša ’me ba apara liaparo tsa boikhantšo ba ikhabisa le ka lintho tse majaba-jaba haholo. Ha ho fihloa lenyalong, ka nako eo ho ne ho se teng khaello ea banna ba tšoanelehang. (Esa. 3:16-24) Leha ho le joalo, ka Esaia, Jehova a bontša hore phetoho e khōlō e ne e le haufi: “Banna ba hao ba tla lihuoa ke lerumo, bahale ba hao ba ea fela ntoeng.” (Esa. 3:25) Boemo bo ne bo tla ama basali ba Jerusalema ka mokhoa o latelang: “Mehleng eo, basali ba supileng ba tla itšoarella ka monna a le mong, ba re ho eena: Re tla ja bohobe ba rōna, re ikapese ka likobo tsa rōna; feela, re bitsoe ka lebitso la hao, u tlose nyatso ea rōna.”—Esa. 4:1.

      Banna ba nyalang ba ne ba tla fokola hoo basali ba supileng ba neng ba tla nka boikhathatso ba ho kōpa monna oa pele ea tlang hore a ba nyale. Hohle hoo ba ho hlokang e le hore feela ba bitsoe ka lebitso la hae, hore ba lokolohe thohakong ea ho hloka monna. Ho latela molao oa Moshe, monna ho ne ho hlokahala hore a lokisetse mosali oa hae lijo le liaparo. (Ex. 21:10) Empa, kaha boemo ba basali bana bo ne bo tsielehile hakana, ba ne ba tla itlamela ho lokolla monna litšoanelong tsa hae tsa molao. Ba ne ba tla ‘ja bohobe ba bona ’me ba apare liaparo tsa bona.’

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela