Ha ho Khaotsoe Mong ka Motho . . .
1, 2. (a) Morero oa Molimo e ne e le ofe ka bolumeli ba lelapa? (b) Malapa a mang a ile a talimana le qeto efe mehleng ea Kore?
HOBA Adama a lule a le mong ka nakoana, Molimo oa re: “Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši.” Eaba O bōpa Eva ’me a thea lenyalo la batho. (Gen. 2:18, 21, 22) Kamorao ho moo, baahi ba lefatše ba ne ba tla eketseha. Kahoo motho e mong le e mong o ne a tla ba le beng ka eena ba bangata. Le haeba litho tse ling tsa lelapa, tse kang bana, li sa phele haufi li ne li ka eteloa le ho kopanela linako tse monate.—Gen. 1:28; Jobo 1:1-5.
2 Molimo o ne o rerile hore malapa a kopane borapeling ba ’nete, e le hore litumelo tsa bolumeli li se ke tsa thea likarohano tsa letho. Empa ha etsahala lintho tseo ho tsona bolumeli bo ileng ba fetoha khang ka lapeng. E ’ngoe ho tsona ke ha Kore, Dathane le Abirame ba fetoha marabele. Jehova a tiisa bopaki ba hore o sebetsa ka Moshe le Aarone, e seng marabele ana a bolumeli. Joale Moshe a laela sechaba hore se suthe pel’a litente tsa marabele ana. Bana le malapa a Kore, Dathane le Abirame a ne a tla etsa joang? Na a ne a tla etelletsa pele ho tšepahala ka lapeng ho ho tšepahala ho Jehova le phutheho ea hae? Ba bangata ho ba neng ba amana le marabele ba etelletsa ho tšepahala ka lapeng pele ho Molimo. Jehova a bolaea litho tsena tsa malapa le marabele.—Num. 16:16-33.
3. Ba bang lapeng la Kore ba khetha eng ka bohlale?
3 Leha ho le joalo, ba bang ho bara ba Kore ba tšepahala ho Molimo le batho ba oona. Ha baa ka ba bolaoa le matlo le malapa kaofela a Kore, Dathane le Abirame. (Num. 26:9-11) Ha e le hantle, bana bana ba pholohileng ba Kore hamorao ba hlohonolofatsoa ka tšebeletso e khethehileng tempeleng le ho boleloa hantle ka hlompho ka Bibeleng.—2 Likron. 20:14-19; Pes. 42, 44-49, 84, 85, 87.
4. Ke ka tsela efe e ’ngoe hape moo ho tšepahala lapeng ho ileng ha hlahisa teko Iseraeleng?
4 Qeto e joalo pakeng tsa ho tšepahala ho lelapa le ho tšepahala ho Molimo e ne e ba teng ha Moiseraele a fetoha mokoenehi. Ebe lelapa leo a leng ho lona, le susumetsoa ke boikutlo ba botho kapa litlamano tsa mali, le ne le tla mo sireletsa hore a ka khaoloa? Kapa na le eena ngoan’abo, mora kapa morali o ne a tla hlokomela hore ho tšepahala ho Molimo le phutheho ke eona tsela e napahetseng le e bohlale? (Bona Deuteronoma 13:6-11) Tokisetsong ea Bokreste kajeno moetsalibe ha a khaoloe ka hore a bolaoe, empa Bakreste ba ka ’na ba thulana le liteko ka baka la hore mong ka bona a lauoe.
BENG KA MOTHO BA KA BAKA MATHATA
5, 6. (a) Karohano ea lelapa e ka hōla joang ka bolumeli? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ke ke ba sekisetsa boemong bona? (Pes. 109:2-5)
5 Litlamano tsa lelapa le lerato li ka ba matla haholo. Hona ke ntho ea tlhaho ’me ho tumellanong le tokisetso ea Molimo. (Joh. 16:21) Empa litlamo tsena tse matla hape li ka hlahisa bothata boo e leng teko ho Bakreste. Jesu o hlalositse hore phello e ’ngoe ea hore motho e be Mokreste ke hore beng ka eena ba ka ’na ba hanyetsa. Jesu o itse: “Le se ke la hlōma ekaba ke tlile ho romela khotso lefatšeng; ha kea tla ho romela khotso, empa e le lerumo. Hobane ke tlile ho fapanya motho le ntat’ae, morali le ’m’ae, ngoetsi le matsal’a eona; le bafo ba motho e tla ba lira ho eena. Ea ratang ntat’ae, leha e le ’m’ae haholo ho ’na, ha a ntšoanele; le ea ratang mor’a hae, leha e le morali oa hae haholo ho ’na, ha a ntšoanele ’me ea sa nkeng sefapano sa hae ho ntatela ha a ntšoanele.”—Matt. 10:34-38.
6 Bakreste ha ba batle ha bora bo joalo bo ba teng. ’Me ha ho lebaka la hore beng ka bona ba ba hanyetse kapa ba ba hloee ka hore ebe ba fetohile bahlanka ba hloekileng, ba nang le boitšoaro, ba tšepahalang ba Molimo. Empa Bakreste ba ’nete ba hlokomela hore ba ke ke ba etelletsa lelapa ka pele ho Molimo. Bofelong ba taba, ho leng lithahasellong tse molemo ka ho fetisisa tsa Mokreste ke hore a tsoele pele a tšepahala ho Molimo. Kamor’a nako ba ka ’na ba e-ba le hona ho susumetsa beng ka bona hore ba tsamaee ka tsela e isang pholohong.—Ba-Roma 9:1-3; 1 Ba-Kor. 7:12-16.
7, 8. Ke mang ea molato ka mathata a lelapa a ka bakoang ke ho khaoloa. (Deut. 32:4)
7 Seng se ka ’na sa bakela Bakreste ba ’nete mathata ka tsela e ’ngoe hape. Hona ho ka hlaha ha e mong a khaoloa. Joalokaha ho boletsoe lihloohong tse tlang pele, haeba motho ea ka phuthehong ka ho se bake a itloaetsa sebe se tebileng, Molimo o hloka hore a khaoloe. (1 Ba-Kor. 5:11-13) Boitšoaro ba mofosi bo fetotse kamano ea hae le Jehova ’me ka baka leo le litho tsa lelapa tseo e leng Lipaki tsa Jehova. Ho ke ke ha jarisoa Molimo molato ka liphello tsena, hobane litekanyetso tsa oona li lokile li na le toka. (Jobo 34:10, 12) Leha e le hore molato ke oa beng ka motho ba tšepahalang ba Bakreste. Ke motho ea khaotsoeng ka boeena ea iketselitseng mathata le beng ka eena, joalokaha ho entse Kore, Dathane le Abirame.
8 Ho hlokahala re hlahlobe maemo a mabeli a totobetseng. Ba pele ke moo Mokreste a phelang ka ntlong e le ’ngoe le setho sa lelapa se khaotsoeng kapa se ikhaotseng. Ba bobeli ke moo mong ka motho ea joalo a seng ka tikolohong e haufi ea lelapa.
TIKOLOHONG E HAUFI EA LELAPA
9. Boemo ke bofe litlamanong tsa lelapa haeba molekane oa motho e se Mokreste kapa a khaotsoe?
9 Motho e ka ’na ea e-ba Mokreste ntle ho hore ba bang ka lapeng ba amohele tumelo. Ka mohlala, mosali a ka ’na a sebeletsa Jehova, empa ho se joalo ka monna oa hae. Ho sa tsotellehe hoo, e ntse e le “nama e le ’ngoe” le monna oa hae ’me o tlamehile ho mo rata le ho mo hlonepha. (Gen. 2:24; 1 Pet. 3:1-6) Kapa mohlomong o nyalane le monna eo e neng e le Mokreste ea ineetseng empa hamorao a lelekoa ka phuthehong. Empa hoo ha hoa ka ha felisa litlamano tsa bona tsa lenyalo; ke lefu feela kapa tlhalano ea Mangolo e ka etsang joalo.—1 Ba-Kor. 7:39; Matt. 19:9.
10, 11. Ho khaoloa ho ama litlamo tsa moea joang ka lapeng?
10 Ka ho tšoanang, haeba mong ka motho, ea kang motsoali, mora kapa morali, a khaotsoe kapa a ikhaotse, litlamano tsa lelapa le tsa mali li sala li le joalo. Na hoo ho bolela hore, ka tikolohong ea lelapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lula e tšoana ha setho se seng se khaotsoe? Le hanyenyane.
11 Motho ea khaotsoeng o khaotsoe moeeng phuthehong; litlamano tsa nako e fetileng tsa moea li tlamollotsoe ho hang. Hona ke ’nete le tabeng ea seng, ho akarelletsa le sona se ka tikolohong e haufi ea lelapa. Kahoo, litho tsa lelapa—le hoja li ntse li lumela litlamano tsa lelapa—li ke ke tsa hlola li e-ba le botsoalle ba moea le eena.—1 Sam. 28:6; Liprov. 15:8, 9.
12. Mabapi le kopano ea moea, ke liphetoho life tse ka ’nang tsa etsahala ha setho sa lelapa se khaoloa?
12 Hoo ho tla bolela liphetoho botsoalleng ba moea bo neng bo ntse bo le teng ka lapeng. Ka mohlala, ha ho khaoloa monna, mosali oa hae le bana ba ke ke ba ikutloa ba phuthulohile ha eena a tsamaisa thuto ea lelapa ea Bibele kapa a etella pele ho baleng Bibele le thapelong. Haeba a batla ho rapela, joaloka nakong ea lijo, o na le tokelo ea ho etsa joalo ka tlung ea hae. Empa bona ka khutso ba ka etsa lithapelo tsa bona ho Molimo. (Liprov. 28:9; Pes. 119:145, 146) Ho joang haeba motho ea khaotsoeng ka lapeng a batla ho ba teng ha lelapa le bala Bibele hammoho kapa le na le thuto ea Bibele? Ba bang ba ka mo lumella hore a be teng ho mamela haeba a ke ke a leka ho ba ruta kapa ho kopanela le bona maikutlo a hae a bolumeli.
13. Batsoali ba ka sebetsana le ngoana ea khaotsoeng ka lapeng joang?
13 Ha ho khaotsoe ngoana ea tlase lilemong, batsoali ba tla ’ne ba hlokomele seo a se hlokang nameng le ho mo koetlisa boitšoarong le ho mo laea. Ba ke ke ba tšoarela ngoana ea khaotsoeng thuto ka ho toba ea Bibele, ka eena a nka karolo. Empa hona ha ho bolele hore a ke ke a hloka hore a lule thutong ea lelapa. ’Me ba ka ’na ba tobisa tlhokomelo likarolong tsa Bibele kapa libuka tsa Bokreste tse nang le keletso eo a e hlokang. (Liprov. 1:8-19; 6:20-22; 29:17; Ba-Ef. 6:4) Ba ka etsa hore a tsamaee le bona le ho lula le bona libokeng tsa Bokreste, ba na le tšepo ea hore o tla tebisa pelong keletso ea Bibele.
14, 15. Ho ka etsoa joang ka motsoali ea khaotsoeng ea tlang ka lapeng?
14 Empa ho thoe’ng haeba mong ka bona ea haufi ea kang mora kapa motsoali ea sa pheleng lapeng moo a khaoloa ’me hamorao a batla ho khutlela ka lapeng? Lelapa le ka rera hore na le tla etsa joang ho itšetlehile ka maemo.a
15 Ka mohlala, motsoali ea khaotsoeng a ka ’na a kula kapa a se ke a hlola a tseba ho itlhokomela ka lichelete kapa ’meleng. Bana ba Bakreste ba tlangoa ke Mangolo, boitšoaro ba botho hore ba mo thuse. (1 Tim. 5:8) Mohlomong ho bonahala ho hlokahala hore ba tlise motsoali lapeng, ka nakoana kapa ka nako eohle. Kapa ho ka ’na ha e-ba molemo ho lokisetsa tlhokomelo moo ho leng teng basebeletsi ba bongaka empa e le moo motsoali a tla eteloa. Ho etsoang ho ka itšetleha ka mabaka a kang seo motsoali a hlileng a se hlokang, boitšoaro ba hae le tlhokomelo eo hlooho ea lelapa e nang le eona bakeng sa boiketlo ba moea ba lelapa.
16, 17. (a) Batsoali ba ka itšoara joang ka monyetla oa ho khutlela ha ngoana ea khaotsoeng ka lapeng? (b) Re ithuta eng ka sena setšoantšong sa ngoana ea lehlasoa?
16 Hona e ka ba ’nete hape mabapi le ngoana ea neng a tlohile lapeng empa joale a khaotsoe kapa a ikhaotse. Ka linako tse ling batsoali ba Bakreste ba ile ba boela ba amohela ka lapeng ka nakoana ngoana ea khaotsoeng ea kulang ’meleng kapa kelellong. Empa tabeng e ’ngoe le e ’ngoe batsoali ba ka lekanya taba ka maemo. Na ngoana ea khaotsoeng o ne a phela moo a leng mong, ’me joale ha a sa na hona ho etsa joalo? Kapa na o batla ho khutla hobane feela bophelo bo tla ba bonolo haholoanyane? Ho thoe’ng ka boitšoaro ba hae le boikutlo? Na o tla tlisa “tomoso” ka lapeng?—Ba-Gal. 5:9.
17 Setšoantšong sa Jesu sa ngoana ea lehlasoa, ntate o ile a matha le ho amohela mora ea khutlang. Ntate, ha a bona boemo bo hlomolang ba mora, a arabela ka kameho ea tlhaho ea botsoali. Re ka hlokomela, leha ho le joalo, hore mora ha a ka a tlisa liotsoa lapeng kapa a tla ka boikutlo ba ho tla ntšetsa pele bophelo ba hae ba boetsalibe lapeng la ntat’ae. Che, o ile a bontša pako e tlohang pelong ’me ka ho totobetseng a ikemiselitse ho boetse a phela bophelo bo hloekileng.—Luka 15:11-32.
BENG KA MOTHO BA KHAOTSOENG BA SA LULE LAPENG
18, 19. (a) Bakreste ba lokela ho talima setsoalle le beng ka bona ba khaotsoeng ba ka ntle ho tikoloho e haufi ea lelapa joang? (b) Ke hobane’ng ha boemo bona bo loketse? (2 Tim. 2:19)
18 Boemo ba bobeli boo ho hlokahalang hore re bo nahane ke bo amang mong ka motho ea khaotsoeng kapa ea ikhaotseng ea sa pheleng ka tikolohong e haufi ea lelapa kapa ka lapeng la motho. Motho ea joalo o sa ntsane a amana ka mali kapa lenyalo, ’me kahoo ho ka ’na ha hlokahala ka mokhoanyana o itseng ho hlokomela litaba tse hlokahalang tsa lelapa. Leha ho le joalo, ha ho tšoane leha a phela ka lapeng le le leng moo ho kopana le moqoqo li ke keng tsa qojoa. Re lokela ho hopola ka ho hlakileng tataiso e bululetsoeng ea Bibele: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, . . . le ho ja, le se n’o ja le eena.”—1 Ba-Kor. 5:11.
19 Ka baka leo, Bakreste ba amanang le motho ea khaotsoeng joalo ea sa pheleng ka lapeng le bona ba lokela ho loanela ho qoba ho kopana le eena ntle ho mabaka, le tsona litšebelisano tsa mosebetsi ba li thea tekanyong e tlase. Molemo oa tsela ena o totobala ka litlaleho tsa se etsahetseng moo beng ka motho ba bileng le pono e fositseng ea hore, “Le hoja a khaotsoe, rea amana kahoo nka ’na ka mo tšoara joaloka pele.” Sebakeng se seng ho tla sena:
“Motho e mong ea khaotsoeng o ne a amana le hoo e ka bang karolo ea boraro ea phutheho. Bohle ba amanang le eena ba ‘na ba ba setsoalleng le eena.”
’Me moholo ea hlomphehang haholo oa phutheho oa Mokreste o-oa ngola:
“Sebakeng sa habo rōna ba bang ba khaotsoeng ba nang le malapa a maholo ba khahlametsoa ha ba kena pacheseng ea Holo ea ’Muso, ka thabo a phathatsoa ka mahetleng a tšoaroa ka matsoho (le hoja ea khaotsoeng ba tseba hore o ntse a phela ka boitšoaro bo bobe). Ke ikutloa ke amehile ka botebo hore ba khaotsoeng ho hlokahala hore ba bone hore tsela ea bona e hloiloe ke Jehova le batho ba hae le hore ba ikutloe hore ka ’nete hoa hlokahala hore ba bake ka ’nete. Ke eng se tla thusa bana ba khaotsoeng hore ba fetohe ha ba ntse ba lumelisoa ke bohle malapeng a bona a maholo ba tsebang mekhoa ea bona?”
20, 21. Ha ho fihloa ho beng ka motho ba khaotsoeng, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be hlokolosi? (2 Tim. 2:22)
20 Ho tlameha hore ebe lekholong la pele la lilemo ho ne ho le teng ba bangata ba amanang ka liphuthehong. Empa ha e mong a ne a khaoloa, na seng kaofela se ne se tlameha ho tsoela pele joaloka pele ha feela ho sa buisanoe ka litaba tsa Mangolo le motho ea khaotsoeng? Che. Ho seng joalo, phutheho e ne e tla be e sa sebelise ka sebele taelo: “Tlosang e mobe har’a lōna.”—1 Ba-Kor. 5:13.
21 Ho hlokahala hore ho eloe hloko haholo hore boemo ba motho joaloka moetsalibe ea khaotsoeng ha bo hlokomolohuoe kapa hona ho bebofatsoa. Joalokaha bara ba Kore ba ile ba bontša hantle, botšepehi ba rōna bo ka sehloohong bo lokela ho ba ho Jehova le tokisetso ea hae ea puso ea leholimo. Re ka tiisa hore ha re phahamisa litekanyetso tsa hae le ho ikhethela botsoalle le batho ba hae ba hlophisitsoeng, ho e-na le bafosi, o tla re sireletsa le ho re hlohonolofatsa.—Pes. 84:10-12.
LIBOKA TSA BOITHABISO LE BENG KA MOTHO BA KHAOTSOENG
22. Ke hobane’ng ha liboka tsa lelapa li ka hlahisa mathata a khethehileng ka beng ka motho ba khaotsoeng?
22 Ka tloaelo, seng se atisa ho ba hammoho lijong, lipikiniking, kopanong ea lelapa kapa libokeng tse ling tsa boithabiso. Empa haeba motho e mong ka ho se bake a phehelletse sebe ’me a ile a tlameha ho khaoloa, a ka ’na a bakela beng ka eena ba Bakreste bothata mabapi le liboka tse joalo. Le hoja ba ntse ba hlokomela hore ba amana le eena, ha ba batle ho hlokomoloha keletso ea Pauluse ea hore Bakreste ba tšepahalang ba ‘se ke ba kopana’ le moetsalibe ea lelekiloeng.
23. Boemo e ka ba bofe ka mong ka motho ea khaotseng le lechato la Mokreste?
23 Ha ho bonahale ho batla molao o itseng mabapi le litho tsa lelapa ho ba le mong ka bona ea khaotsoeng pokanong eitseng. Hona ke ntho eo ba amehang ba ka e rarollang, tumellanong le keletso ea Pauluse. (1 Ba-Kor. 5:11) Empa ho ka ananeloa hore haeba motho ea khaotsoeng a tla ba teng pokanong eo Lipaki tseo e seng seng li memiloeng, hoo ho ka ’na ha ama se etsoang ke ba bang. Ka mohlala, mohlomong Bakreste ba chatela Holong ea ’Muso. Haeba mong ka motho ea khaotsoeng a tla holong bakeng sa lechato, ka ho totobetseng a ke ke a ba sehlopheng se nkileng karolo moo kapa “a fana” ka monyaluoa. Haeba ho e-na le mokete oa lechato kapa phano ea limpho teng, ho thoe’ng? Ena e ka ba nako e thabileng ea boithabiso, joalokaha ho bile joalo Kana ha Jesu a le teng. (Joh. 2:1, 2) Empa na mong ka motho ea khaotsoeng a ka tla kapa hona hore a ka mengoa? Haeba a tla ba teng, Bakreste ba bangata, seng kapa bao e seng seng, ba ka ’na ba qeta hore ba ke ke ba ea, ho ja le ho ba botsoalleng le eena, ka baka la litaelo tsa Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 5:11.
24. Bakreste ba tšepahalang ba ka thabela haholo botsoalle bofe? (Liprov. 18:24)
24 Kahoo, ka linako tse ling Bakreste ba ka ’na ba ikutloa ba se na hona ho ba le mong ka bona ea khaotsoeng kapa ea ikhaotseng bakeng sa ’moka oo ka tloaelo o neng o tla akarelletsa litho tsa lelapa. Ho le joalo, Bakreste ba ka thabela botsoalle ba ’nete ba litho tse tšepahalang tsa phutheho, ba hopotse mantsoe a Jesu: “Hobane ea etsang thato ea Molimo, ke eena e leng ngoan’eso le khaitseli ea ka le ’mè.”—Mar. 3:35.
25, 26. Ha mong ka motho ea khaotsoeng a shoa, boemo e ka ba bofe ka lepato?
25 ’Nete ke hore ha Mokreste a ineela sebeng ’me a lokela ho khaoloa, o lahleheloa ke ho hongata; boemo ba hae bo amohelehang ho Molimo; ho ba setho ka phuthehong e thabileng ea Bokreste; botsoalle bo monate le baena, ho akarelletsa boholo ba botsoalle boo a neng a e-na le bona le beng ka eena ba Bakreste. (1 Pet. 2:17) Bohloko boo a bo bakileng bo ka ba ba salla le kamor’a hae.
26 Haeba a ka shoa a sa khaotsoe, litokisetso tsa ho patoa ha hae e ka ’na ea e-ba bothata. Beng ka eena ba Bakreste ba ka ’na ba rata ho ba le puo Holong ea ’Muso, haeba eo e le tloaelo ea sebaka seo. Empa hoo e ke ke ea e-ba ho loketseng bakeng sa motho ea lelekiloeng ka phuthehong. Haeba a ne a bontšitse bopaki ba pako ’me a batla ho tšoareloa ke Molimo, joaloka ho khaotsa ho itloaetsa sebe le ka ho tla libokeng tsa Bokreste, letsoalo la moena e mong le ka ’na la mo lumella ho fana ka puo ea Bibele lapeng kapa mabitleng. Litlhaloso tse joalo tsa Bibele ka boemo ba bafu li fana ka bopaki ho ba sa lumelang kapa ho tšelisa beng ka motho. Leha ho le joalo, haeba motho ea khaotsoeng a ne a ntse a buella lithuto tsa hae tsa bohata kapa boitšoaro boo e seng ba bomolimo, le eona puo e joalo e ke ke ea lokela.—2 Joh. 9-11.
SE KA ITHUTOANG KE RŌNA BOHLE
27. Re lokela ho talima likahlolo tsa Molimo joang?
27 Bohle re lokela ho ananela hore ke kahlolo ea Jehova e buang. (liprov. 29:26) Hoo ke ’nete ka mekhoa e hloeehileng, hobane Bibele e bontša hore lintho tsena ke manyala ho Molimo. (Liprov. 6:16-19) Empa hape ke ’nete le ho ahloleng ha hae batho ka bomong. Lentsoe la Jehova ka ho hlakileng le re ‘ba khopo,’ ba etsang “mesebetsi ea nama,” ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa hae. (1 Ba-Kor. 6:9, 10; Ba-Gal. 5:19-21) Batho ba joalo ha ba na sebaka leholimong, leha e le hore ba ka fumana sebaka sebakeng sa lefatšeng sa ’Muso. Kahoo, mang kapa mang ea batlang ho lula ka phuthehong e hloekileng ea Molimo kajeno o tlameha ho finyella seo A se hlokang. Ho hang Molimo o ke ke oa lumella “tomoso” hore e lule e le tšusumetso e silafatsang har’a batho ba oona ba halalelang.—1 Ba-Kor. 5:6-13.
28. Taba ea ho khaoloa e ka bea botšepehi ba rōna tekong joang?
28 Ka tlhaho, ha ho khaoloa mong ka motho ea haufi haholo, boikutlo ba botho bo ka re bakela teko e khōlō. Lerato le litlamano tsa lelapa li matla ka ho khethehileng pakeng tsa batsoali le bana ba bona, ’me li boetse li matla ha molekane oa lenyalo a khaoloa. Le teng, re tlameha ho hlokomela hore, qetellong ea litaba, re ke ke ra fumantša mang kapa mang molemo kapa ho khahlisa Molimo haeba re lumella boikutlo ba botho ho re khannela ho hlokomoloheng keletso ea Oona e bohlale le tataiso. Ho hlokahala hore re bontše tšepo e feletseng ea rōna ho lokeng ho phethahetseng ha litsela tsa Molimo, ho akarelletsa tokisetso ea oona ea ho khaola bafosi ba sa bakeng. Ha re lula re tšepahetse ho Molimo le phutheho, mofosi kamor’a nako a ka ’na a ithuta ka seo, a bake ’me a khutlisetsoe ka phuthehong. Leha ho le joalo, le haeba hoo hoa etsahala kapa che, re ka tšelisoa le ho matlafatsoa ke seo Davida a ileng a se bua hamorao bophelong:
“Likahlolo tsohle tsa hae [Jehova] tsa ’na tsa e-ba pel’a ka; . . . Ka baka leo, Jehova o mputsitse ka ho loka ha ka le ka ho hloeka ha ka pela mahlo a hae, Ea molemo u mo etsa ka molemo; monna ea lokileng u mo etsa ka ho loka; ea hloekileng u mo e sa ka ho hloeka ha hae, . . . Sechaba se ikokobetsang ua se pholosa.”—2 Sam. 22:23-28.
[Mongolo o Botlaaseng ba Leqephe]
a Litlhaloso ka boemo ba baholo le bahlanka ba sebeletsang li fanoe ho “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho The Watchtower ea February 1, 1978.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Motsoali ea khaotsoeng ho ka ’na ha hlokahala hore a hlokomeloe lapeng la bana ba Bakreste
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ngoana ea lehlasoa ha a ka a khutlela lapeng ho ntšetsa pele bophelo ba hae ba boetsalibe, empa o ne a bakile. Ntat’ae a mo amohela hape