Khaolo ea Leshome le Motso o le Mong
Ho Senoloa Nako ea ho Tla ha Mesia
1. Kaha Jehova ke ’Moloki e Moholo oa Nako, ke eng eo re ka kholisehang ka eona?
JEHOVA ke ’Moloki e Moholo oa Nako. Linako tsohle le mehla eohle tse amanang le mosebetsi oa hae li laoloa ke eena. (Liketso 1:7) Ruri liketsahalo tsohle tseo a li behetseng linako tsena le mehla ena li tla phethahala. Ha ho letho le tla li sitisa.
2, 3. Ke boprofeta bofe boo Daniele a ileng a bo ela hloko, ’me ke ’muso ofe o neng o busa Babylona ka nako eo?
2 E le seithuti se khothetseng sa Mangolo, moprofeta Daniele o ne a e-na le tumelo ea hore Jehova o na le tsebo ea ho behela liketsahalo nako le ho li phethahatsa. Boprofeta boo Daniele a neng a bo thahasella haholo e ne e le bo amanang le ho ripitloa ha Jerusalema. Jeremia o ne a tlalehile tšenolo ea Molimo mabapi le hore na motse o halalelang o ne o tla lula e le lesupi ka nako e kae, ’me Daniele o ile a nahanisisa boprofeta bona ka hloko. O ile a ngola: “Ka selemo sa pele sa Dariase mora oa Assueruse oa peō ea Bamede, ea neng a entsoe morena oa ’muso oa Bakalde; ka selemo sa pele sa ho busa ha hae, ’na Daniele, ke ile ka lemoha ka libuka palo ea lilemo tseo malebana le tsona lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho moprofeta Jeremia, bakeng sa ho phethahatsa tšenyeho ea Jerusalema, e leng, lilemo tse mashome a supileng.”—Daniele 9:1, 2; Jeremia 25:11.
3 Ka nako eo, Dariase oa Momede o ne a busa ‘’musong oa Bakalde.’ Seo Daniele a neng a se boletse pejana ha a ne a hlalosa mongolo o leboteng se ne se phethahetse ka potlako. ’Muso oa Babylona o ne o se o oele. O ne “o filoe Bamede le Bapersia” ka 539 B.C.E.—Daniele 5:24-28, 30, 31.
KA BOIKOKOBETSO DANIELE O KŌPA JEHOVA KA MATLA
4. (a) Ho ne ho hlokahala’ng bakeng sa ho fumana topollo ea Molimo? (b) Daniele o ile a atamela Jehova joang?
4 Daniele o ile a lemoha hore ho etsoa ha Jerusalema lesupi ka lilemo tse 70 ho ne ho le haufi le ho fela. Joale o ne a tla etsa joang? Eena ka boeena oa re bolella: “Ka lebisa sefahleho sa ka ho Jehova Molimo oa ’nete, e le hore ke mo batle ka thapelo le ka likōpo tse tiileng, ka ho itima lijo le ka ho apara lesela la mokotla le ka ho lula moloreng. ’Me ka qala ho rapela Jehova Molimo oa ka le ho ipolela.” (Daniele 9:3, 4) Ho ne ho hlokahala hore pelo e be boemong bo loketseng e le hore motho a fumane topollo e mohau ea Molimo. (Levitike 26:31-46; 1 Marena 8:46-53) Ho ne ho hlokahala tumelo, moea oa boikokobetso le pako e feletseng libeng tse neng li entse hore ba isoe kholehong le bokhobeng. Ka lebaka leo, Daniele o ile a atamela Molimo lebitsong la batho ba habo ba baetsalibe. Joang? Ka ho itima lijo, ho siama le ho apara lesela la mokotla, e leng pontšo ea pako le pelo e tšepahalang.
5. Ke hobane’ng ha Daniele a ne a ka ikutloa a kholisehile hore Bajuda ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona?
5 Boprofeta ba Jeremia bo ne bo file Daniele tšepo, etsoe bo ne bo bontša hore Bajuda ba ne ba tla tloha ba khutlisetsoa naheng ea habo bona ea Juda. (Jeremia 25:12; 29:10) Ha ho pelaelo hore Daniele o ile a ikutloa a kholisehile hore Bajuda ba hapiloeng ba ne ba tla lopolloa hobane monna ea bitsoang Cyruse o ne a se a ntse a busa e le morena oa Persia. Na Esaia o ne a sa ka a profeta hore Cyruse o ne a tla sebelisetsoa ho lokolla Bajuda hore ba e’o tsosa Jerusalema le tempele? (Esaia 44:28–45:3) Empa Daniele o ne a sa tsebe letho mabapi le hore na seo se tla etsahala joang. Kahoo o ile a tsoela pele ho etsa thapeli ho Jehova.
6. Daniele o ile a lumela eng thapelong?
6 Daniele o ile a hlokomelisa ka mohau oa Molimo le mosa oa hae o lerato. Ka boikokobetso o ile a lumela hore Bajuda ba sitiloe ka ho etsa bofetoheli, ka ho fapoha litaelo tsa Jehova le ka ho hlokomoloha baprofeta ba hae. Molimo o ne a nepile ha a ba ‘qhalakantse ka lebaka la ho se tšepahale ha bona.’ Daniele o ile a rapela: “Jehova, ba hlajoang ke lihlong ke rōna, marena a rōna, likhosana tsa rōna le baholo-holo ba rōna, kahobane re u sitetsoe. Mehauhelo le liketso tsa tšoarelo ke tsa Jehova Molimo oa rōna, kaha re mo fetohetse. ’Me ha rea mamela lentsoe la Jehova Molimo oa rōna ka ho tsamaea melaong ea hae eo a e behileng ka pel’a rōna ka matsoho a bahlanka ba hae baprofeta. ’Me bohle ba Iseraele ba tlōtse molao oa hao, ’me ho bile le ho kheloha ka ho se mamele lentsoe la hao, hoo u re tšolletseng bomalimabe le kano e hlapanyelitsoeng e ngotsoeng molaong oa Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete, kaha re Mo sitetsoe.”—Daniele 9:5-11; Exoda 19:5-8; 24:3, 7, 8.
7. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova o ne a nepile ha a lumella Bajuda hore ba ee kholehong?
7 Molimo o ne a hlokomelisitse Baiseraele ka liphello tsa ho se mo mamele le ka ho hlokomoloha selekane seo a neng a se entse le bona. (Levitike 26:31-33; Deuteronoma 28:15; 31:17) Daniele oa lumela hore liketso tsa Molimo li nepahetse, o re: “A phetha mantsoe a hae ao a neng a a buile khahlanong le rōna le khahlanong le baahloli ba rōna ba neng ba re ahlola, ka ho re tlisetsa tlokotsi e khōlō, eo e kang eona e e-s’o ka e etsoa tlas’a maholimo ’ohle joaloka e entsoeng Jerusalema. Feela joalokaha ho ngoliloe molaong oa Moshe, tlokotsi ena eohle—e re oetse holimo, ’me ha rea nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa rōna ka ho furalla phoso ea rōna le ka ho bontša temohisiso ’neteng ea hao. ’Me Jehova a lula a falimehetse tlokotsi eaba qetellong o re tlisetsa eona, etsoe Jehova Molimo oa rōna o lokile mesebetsing eohle ea hae eo a e entseng; ’me ha rea mamela lentsoe la hae.”—Daniele 9:12-14.
8. Ke eng seo Daniele a thehang boipiletso ba hae ho Jehova holim’a sona?
8 Daniele ha a batle ho lokafatsa liketso tsa sechaba sa habo. Ho ea ha sona kholehong ho ne ho tšoaneleha, joalokaha ntle ho tikatiko a bolela: “Re entse sebe, re entse bokhopo.” (Daniele 9:15) Hape ha aa ameha feela ka ho lopolloa mahlomoleng. Che, o thehile boipiletso ba hae khanyeng le tlotlisong ea Jehova. Ka ho tšoarela Bajuda le ho ba khutlisetsa naheng ea habo bona, Molimo o ne a tla phethahatsa tšepiso ea hae e entsoeng ka Jeremia ’me o ne a tla halaletsa lebitso la Hae le halalelang. Daniele oa rapela: “Jehova, ho ea ka liketso tsohle tsa hao tsa ho loka, ka kōpo, e se eka bohale ba hao le khalefo ea hao li ka tloha motseng oa hao Jerusalema, thaba ea hao e halalelang; etsoe, ka lebaka la libe tsa rōna le ka lebaka la liphoso tsa baholo-holo ba rōna, Jerusalema le sechaba sa hao ke ntho e nyelisehang ho bohle ba re potolohileng.”—Daniele 9:16.
9. (a) Daniele o phetha thapelo ea hae ka likōpo life tse tiileng? (b) Ke eng se utloisang Daniele bohloko, empa o bontša tlhompho joang bakeng sa lebitso la Molimo?
9 Ka thapelo e matla, Daniele o tsoela pele: “Joale, Molimo oa rōna, mamela thapelo ea mohlanka oa hao le likōpo tsa hae tse tiileng, ’me u etse hore sefahleho sa hao se khanyetse sehalalelo sa hao se entsoeng lesupi, ka lebaka la Jehova. Sekeha tsebe, Molimo oa ka, ’me u utloe. U fele u tutubolle mahlo ’me u bone maemo a tšenyeho ao re leng ho ’ona le motse o ’nileng oa bitsoa ka lebitso la hao; etsoe hase ho ea ka liketso tsa rōna tsa ho loka re lumellang likōpo tsa rōna tse tiileng hore li oele ka pel’a hao, empa ke ho ea ka mehauhelo ea hao e mengata. Jehova, u fele u utloe. Jehova, u fele u tšoarele. Jehova, u fele u ele hloko ’me u nke bohato. U se ke ua lieha, ka lebaka la hao, Molimo oa ka, etsoe motse oa hao le sechaba sa hao li ’nile tsa bitsoa ka lebitso la hao.” (Daniele 9:17-19) Haeba Molimo a ne a sa tšoarele ’me a tlohela batho ba hae kholehong, a lumella hore motse oa hae o halalelang oa Jerusalema o lule e le lesupi ka nako e sa lekanyetsoang, na lichaba li ne li tla mo talima e le Morena oa Bokahohle? Na mohlomong li ne li ke ke tsa etsa qeto ea hore Jehova ha a na matla khahlanong le melimo e matla ea Bababylona? E, lebitso la Jehova le ne le tla rohakoa, ’me sena se utloisa Daniele bohloko. Ka makhetlo a 19 ao lebitso la Molimo, Jehova, le fumanoang ka ’ona bukeng ea Daniele, a 18 ke a amanang le thapelo ena!
GABRIELE O TLA KA POTLAKO
10. (a) Ke mang ea ileng a rongoa ho Daniele, hona hobane’ng? (b) Ke hobane’ng ha Daniele a ile a bitsa Gabriele “monna”?
10 Ha Daniele a sa ntse a rapela, lengeloi Gabriele lea hlaha. Le re: “Uena Daniele, joale ke tlil’o etsa hore u be le temohisiso e nang le kutloisiso. Qalong ea likōpo tsa hao tse tiileng ho ile ha tsoa lentsoe, ’me ke tlile ho tla tlaleha, hobane u ea khahlehang haholo. Kahoo nahana taba ena, ’me u utloisise ntho e bonoeng.” Empa ke hobane’ng ha Daniele a re ke “monna Gabriele”? (Daniele 9:20-23) Taba ke hore, ha Daniele a ne a batla ho utloisisa pono ea hae ea pejana ea phooko le pheleu, ‘e mong ea tšoanang le monna ea shahlileng ka ponahalo’ o ile a hlaha ka pel’a hae. E ne e le lengeloi Gabriele, le rometsoe ho ea fa Daniele temohisiso. (Daniele 8:15-17) Ka ho tšoanang, ka mor’a thapelo ea Daniele, lengeloi lena le ile la mo atamela ka sebōpeho se kang sa motho ’me la bua le eena joalokaha motho a bua le motho e mong.
11, 12. (a) Le hoja ho ne ho se na tempele kapa aletare ea Jehova Babylona, Bajuda ba inehetseng ba ile ba bontša joang hore ba hlompha linyehelo tse hlokoang ke Molao? (b) Ke hobane’ng ha Daniele a ne a bitsoa “ea khahlehang haholo”?
11 Gabriele o fihla “ka nako ea nyehelo ea mpho ea shoalane.” Aletare ea Jehova e ne e sentsoe hammoho le tempele Jerusalema, ’me Bajuda e ne e le baholehuoa ba Bababylona ba bahetene. Kahoo Bajuda ba ne ba sa nyehele mahlabelo ho Molimo Babylona. Leha ho le joalo, ka linako tse behetsoeng linyehelo tlas’a Molao oa Moshe, ho ne ho loketse hore Bajuda ba inehetseng ba Babylona ba rorise Jehova le ho etsa thapeli ho eena. Joaloka monna ea inehetseng ka botebo ho Molimo, Daniele o ne a bitsoa “ea khahlehang haholo.” Jehova, “Ea Utloang thapelo,” o ne a khahloa ke eena, ’me Gabriele o ile a rongoa ka potlako ho ea araba thapelo ea Daniele ea tumelo.—Pesaleme ea 65:2.
12 Esita leha ho rapela Jehova ho ne ho behile bophelo ba hae kotsing, Daniele o ile a tsoela pele ho rapela Molimo ka makhetlo a mararo ka letsatsi. (Daniele 6:10, 11) Hase feela Jehova a ileng a fumana a khahleha hakana! Ho phaella thapelong, ho thuisa ha Daniele ka Lentsoe la Molimo ho ile ha mo nolofalletsa ho fumana seo e leng thato ea Jehova. Daniele o ile a phehella thapelong ’me o ne a tseba mokhoa oa ho rapela Jehova ka nepo e le hore lithapelo tsa hae li arabeloe. O ile a phahamisa ho loka ha Molimo. (Daniele 9:7, 14, 16) Le hoja lira tsa hae li ne li ke ke tsa fumana phoso ea letho ho eena, Daniele o ne a tseba hore e ne e le moetsalibe mahlong a Molimo ’me o ne a sa tsilatsile ho bolela sebe sa hae.—Daniele 6:4; Baroma 3:23.
“LIBEKE TSE MASHOME A SUPILENG” TSA HO FELISA SEBE
13, 14. (a) Ke boitsebiso bofe ba bohlokoa boo Gabriele a ileng a bo senolela Daniele? (b) “Libeke tse mashome a supileng” li telele hakae, ’me re tseba joang?
13 Daniele ea inehetseng thapelong o amohela karabo e thabisang hakaakang! Jehova ha a mo tiisetse feela hore Bajuda ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona empa o boetse o mo fa temohisiso ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo—ho hlaha ha Mesia ea boletsoeng esale pele. (Genese 22:17, 18; Esaia 9:6, 7) Gabriele o re ho Daniele: “Ho na le libeke tse mashome a supileng tse etselitsoeng qeto holim’a sechaba sa heno le holim’a motse oa heno o halalelang, e le hore ho felisoe tlōlo, le ho felisa sebe, le ho koahela phoso, le ho tlisa ho loka ho isa linakong tse sa lekanyetsoang, le ho beha tiiso ponong le ho moprofeta, le ho tlotsa Sehalalelo sa Lihalalelo. ’Me u lokela ho tseba ’me u be le temohisiso hore ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia Moeta-pele, ho tla ba le libeke tse supileng, hape le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli. E tla khutla ’me ka sebele e tla hahuoa hape, e e-na le lepatlelo le foro e thibellang, empa e le linakong tsa mahlomola.”—Daniele 9:24, 25.
14 Tsena e ne e le litaba tse molemo ka sebele! E ne e se feela hore Jerusalema e tla boela e hahuoe ’me borapeli bo tsosolosoe tempeleng e ncha empa hape, “Mesia Moeta-pele” o ne a tla hlaha ka nako e behiloeng. Sena se ne se tla etsahala ka “libeke tse mashome a supileng.” Kaha Gabriele ha a bolele matsatsi, tsena hase libeke tsa matsatsi a supileng beke ka ’ngoe, tse neng li tla lekana le matsatsi a 490—e leng selemo se le seng le likhoeli tse ’nè feela. Ho tsosoa ha Jerusalema “e e-na le lepatlelo le foro e thibellang” ho neng ho boletsoe esale pele, ho ile ha nka nako e telele haholo ho feta moo. Libeke tsena ke libeke tsa lilemo. Hore beke e ’ngoe le e ’ngoe e bolelele ba lilemo tse supileng ho bontšoa ke liphetolelo tse ’maloa tsa kajeno. Ka mohlala, ho Tanakh—The Holy Scriptures, e hatisitsoeng ke The Jewish Publication Society, phetolelo e mongolong o botlaaseng ba leqephe ea Daniele 9:24, e re, “libeke tse mashome a supileng tsa lilemo.” An American Translation ea baleha: “Libeke tse mashome a supileng tsa lilemo li baletsoe sechaba sa heno le motse oa heno o halalelang.” Liphetolelo tsa Moffatt le Rotherham li e fetolela ka mokhoa o tšoanang.
15. “Libeke tse mashome a supileng” li arotsoe ka linako life tse tharo, ’me li ne li tla qala neng?
15 Ho ea ka mantsoe a lengeloi, “libeke tse mashome a supileng” li ne li tla aroloa ka linako tse tharo: (1) “libeke tse supileng,” (2) “libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli,” le (3) beke e le ’ngoe. Seo e ne e tla ba lilemo tse 49, lilemo tse 434 le lilemo tse 7—tse etsang kakaretso ea lilemo tse 490. Ho thahasellisang ke hore The Revised English Bible e baleha tjena: “Ho lekantsoe lilemo tse mashome a supileng tse baloang ha supa bakeng sa sechaba sa heno le motse oa heno o halalelang.” Ka mor’a kholeho ea bona le mahlomola a bona Babylona ka lilemo tse 70, Bajuda ba ne ba tla fumana mohau o khethehileng o tsoang ho Molimo ka lilemo tse 490, kapa ka lilemo tse 70 tse baloang ha 7. Palo eo e ne e tla qala “ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape.” See se ne se tla etsahala neng?
“LIBEKE TSE MASHOME A SUPILENG” LIA QALA
16. Joalokaha molao-taelo oa hae o bontša, Cyruse o ile a khutlisetsa Bajuda naheng ea habo bona ka morero ofe?
16 Ho lokela hore ho eloe hloko liketsahalo tse tharo tse hlokomelehang mabapi le ho qala ha “libeke tse mashome a supileng.” Ea pele e etsahetse ka 537 B.C.E. ha Cyruse a ntša molao-taelo o ileng oa etsa hore Bajuda ba khutlele naheng ea habo bona. Oa baleha: “Sena ke seo Cyruse morena oa Persia a se boletseng, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše, ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, e Juda. Mang kapa mang ea teng har’a lōna bohle batho ba hae, e se eka Molimo oa hae a ka ba le eena. Kahoo a nyolohele Jerusalema, e Juda, ’me a hahe hape ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele—ke eena Molimo oa ’nete—e neng e le Jerusalema. Ha e le mang kapa mang ea setseng libakeng tsohle moo a lulang e le mojaki, batho ba sebakeng sa habo ba mo thuse ka silevera le ka khauta le ka thepa le ka liphoofolo tse ruuoang hammoho le ka nyehelo ea boithaopo bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete, e neng e le Jerusalema.’” (Esdrase 1:2-4) Ho hlakile hore morero o tobileng oa molao-taelo ona e ne e le hore tempele—“ntlo ea Jehova”—e boele e hahuoe setšeng sa eona sa pele.
17. Lengolo le ileng la fuoa Esdrase le ne le re lebaka la leeto la hae la ho ea Jerusalema ke lefe?
17 Ketsahalo ea bobeli e etsahetse ka selemo sa bosupa sa puso ea Morena Artaxerxese (Artaxerxes Longimanus, mora oa Xerxes I) oa Persia. Ka nako eo, mokopitsi Esdrase o ile a nka leeto la likhoeli tse ’nè ho tloha Babylona ho ea Jerusalema. O ne a nkile lengolo le khethehileng le tsoang ho morena, empa le ne le sa fane ka tumello ea hore Jerusalema e boele e hahuoe. Ho e-na le hoo, Esdrase o ne a filoe feela thōmo ea ho ‘khabisa ntlo ea Jehova.’ Ke ka lebaka leo lengolo le neng le bua ka khauta le silevera, lijana tse halalelang le menehelo ea koro, veine, oli le letsoai bakeng sa ho tšehetsa borapeli tempeleng, haesita le hore ba sebetsang moo ba lokolloe lekhethong.—Esdrase 7:6-27.
18. Ke litaba life tse ileng tsa tšoenya Nehemia, ’me Morena Artaxerxese o ile a li tseba joang?
18 Ketsahalo ea boraro e etsahetse lilemo tse 13 hamorao, ka selemo sa bo20 sa Morena Artaxerxese oa Persia. Ka nako eo Nehemia o ne a sebeletsa e le moqhatsetsi oa hae “Shushane qhobosheaneng.” Jerusalema e ne e boetse e hahuoe ho isa tekanyong e itseng ke masala a neng a khutlile Babylona. Empa litaba li ne li sa tsamaee hantle. Nehemia o ile a tseba hore ‘lerako la Jerusalema le helehile le liheke tsa eona li chesitsoe ka mollo.’ Sena se ile sa mo tšoenya haholo, ’me pelo ea hae e ile ea apareloa ke masoabi. Ha Nehemia a botsoa ka masoabi a hae o ile a arabela: “Morena a ke a phele ho isa nakong e sa lekanyetsoang! Ke hobane’ng ha sefahleho sa ka se sa lokela ho soaba ha motse, ntlo ea libaka tsa lepato tsa baholo-holo ba ka, o ripitliloe, le liheke tsa oona li chesitsoe ka mollo?”—Nehemia 1:1-3; 2:1-3.
19. (a) Ha Morena Artaxerxese a mo botsa lipotso, Nehemia o ile a qala ka ho etsa joang? (b) Nehemia o ile a kōpa eng, ’me o ile a lumela hore Molimo o phethile karolo tabeng ee joang?
19 Tlaleho e malebana le Nehemia e tsoela pele: “Eaba morena o re ho ’na: ‘U batla ho fumana eng?’ Hang-hang ka rapela Molimo oa maholimo. Ka mor’a moo ka re ho morena: ‘Haeba ho hlile ho bonahala ho le molemo ho morena, le haeba mohlanka oa hao a bonahala a le molemo ka pel’a hao, u nthomele Juda, motseng oa libaka tsa lepato tsa baholo-holo ba ka, e le hore nka o tsosolosa.’” Tlhahiso ena e ile ea thabisa Artaxerxese, ea ileng a boela a nka khato ka kōpo e ’ngoe ea Nehemia: “Haeba ho bonahala ho hlile ho le molemo ho morena, e-re ke fuoe mangolo a eang ho babusisi ba ka nģ’ane ho Nōka [ea Eufrate], e le hore ba ka ntumella hore ke fete ho fihlela ke fihla Juda; le lengolo le eang ho Asafe mohlokomeli oa serapa sa morena sa lifate, e le hore a ka mpha lifate hore ke hahe liheke tsa Qhobosheane ea ntlo ka lifate, le bakeng sa lerako la motse le bakeng sa ntlo eo ke tlang ho kena ka ho eona.” Nehemia o ile a lumela hore Jehova o na le karolo eo a e phethileng ho sena sohle, a re: “Kahoo morena a mpha [mangolo], ho ea ka letsoho le letle la Molimo oa ka holim’a ka.”—Nehemia 2:4-8.
20. (a) Lentsoe le reng “Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape” le ile la qala ho sebetsa neng? (b) “Libeke tse mashome a supileng” li qalile neng, ’me tsa fela neng? (c) Ke bopaki bofe bo bontšang ho nepahala ha linako tsa ho qala le ho fela ha “libeke tse mashome a supileng”?
20 Le hoja ho ile ha fanoa ka tumello ka khoeli ea Nisane, qalong ea selemo sa bo20 sa puso ea Artaxerxese, ‘ho tsoa ha lentsoe le reng Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape’ ho hlile ho qalile likhoeli hamorao. Sena se etsahetse ha Nehemia a fihla Jerusalema ’me a qala mosebetsi oa hae oa ho tsosolosa. Leeto la Esdrase le ne le nkile likhoeli tse ’nè, empa Shushane e ne e le likh’ilomithara tse 322 ka bochabela ho Babylona, kahoo e ne ebile e le hōjana le Jerusalema. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe Nehemia o ile a fihla Jerusalema ho elella qetellong ea selemo sa bo20 sa puso ea Artaxerxese, kapa ka 455 B.C.E. “Libeke tse mashome a supileng,” kapa lilemo tse 490, tse boletsoeng esale pele, li ile tsa qala ka nako eo. Li ne li tla fela karolong e qetellang ea 36 C.E.—Bona sehlooho se reng, “Puso ea Artaxerxese e Qalile Neng?” leqepheng la 197.
“MESIA MOETA-PELE” OA HLAHA
21. (a) Ke eng e neng e tla finyelloa ‘libekeng tse supileng’ tsa pele, le hona ho sa natsoe maemo afe? (b) Mesia o ne a lokela ho hlaha ka selemo sefe, ’me Kosepele ea Luka e re ho ile ha etsahala’ng ka nako eo?
21 Ho ile ha feta lilemo tse kae pele Jerusalema e hlile e hahuoa bocha? Ha e le hantle, motse o ne o tla tsosolosoa “linakong tsa mahlomola” ka lebaka la mathata a neng a le teng har’a Bajuda le khanyetso e tsoang ho Basamaria le ba bang. Motheong oa bopaki bo teng, mosebetsi o ile oa phethoa ho fihlela moo ho hlokahalang hoo e ka bang ka 406 B.C.E.—nakong ea “libeke tse supileng,” kapa lilemo tse 49. (Daniele 9:25) Ho ne ho tla latela nako ea libeke tse 62, kapa lilemo tse 434. Ka mor’a nako eo, Mesia eo e neng e le khale a tšepisitsoe o ne a tla hlaha. Ha re bala lilemo tse 483 (49 ha e kopanngoa le 434) ho tloha ka 455 B.C.E., re fihla ho 29 C.E. Ho ile ha etsahala’ng ka nako eo? Mongoli oa Kosepele Luka oa re bolella: “Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tiberiuse Sesare, ha Ponse Pilato e ne e le ’musisi oa Judea, ’me Heroda e le ’musi oa setereke oa Galilea, . . . polelo ea Molimo ea tla ho Johanne mora oa Zakaria lefeelleng. Kahoo a kena naheng eohle e potolohileng Jordane, a bolela kolobetso tšoantšetsong ea pako bakeng sa tšoarelo ea libe.” Ka nako eo ‘batho ba ne ba lebeletse’ Mesia.—Luka 3:1-3, 15.
22. Ke neng hona e le ka mokhoa ofe Jesu e ileng ea e-ba Mesia ea boletsoeng esale pele?
22 Johanne e ne e se Mesia ea tšepisitsoeng. Empa mabapi le seo a se boneng kolobetsong ea Jesu oa Nazaretha, hoetla ka 29 C.E., Johanne o itse: “Ke ile ka bona moea o theoha joaloka leeba o tsoa leholimong, ’me o ile oa lula holim’a hae. Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa eena Ea nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea o halalelang.’ ’Me ke ho bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.” (Johanne 1:32-34) Jesu o ile a fetoha Motlotsuoa—Mesia, kapa Kreste, ha a kolobetsoa. Nakoana ka mor’a moo, morutuoa e mong oa Johanne, Andrease, o ile a kopana le Jesu ea tlotsitsoeng eaba o re ho Simone Petrose: “Re fumane Mesia.” (Johanne 1:41) Kahoo, “Mesia Moeta-pele” o ile a hlaha hantle ka nako—qetellong ea libeke tse 69!
LIKETSAHALO TSA BEKE EA HO QETELA
23. Ke hobane’ng ha “Mesia Moeta-pele” a ne a lokela ho shoa, ’me see se ne se tla etsahala neng?
23 Ke eng e neng e tla finyelloa ka beke ea bo70? Gabriele o boletse hore nako ea “libeke tse mashome a supileng” e ne e etselitsoe qeto “e le hore ho felisoe tlōlo, le ho felisa sebe, le ho koahela phoso, le ho tlisa ho loka ho isa linakong tse sa lekanyetsoang, le ho beha tiiso ponong le ho moprofeta, le ho tlotsa Sehalalelo sa Lihalalelo.” Hore sena se phethahale, “Mesia Moeta-pele” o ne a lokela ho shoa. Neng? Gabriele o itse: “Ka mor’a libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli Mesia o tla tlosoa, ho se letho bakeng sa hae. . . . ’Me o lokela ho boloka selekane se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata ka beke e le ’ngoe; ’me halofong ea beke o tla felisa sehlabelo le nyehelo ea mpho.” (Daniele 9:26a, 27a) Nako ea bohlokoa haholo e ne e le “halofong ea beke,” ke hore, bohareng ba beke ea ho qetela ea lilemo.
24, 25. (a) Joalokaha ho profetiloe, Kreste o shoele neng, ’me lefu la hae le tsoho ea hae li ile tsa felisa eng? (b) Ke eng seo lefu la Jesu le ileng la etsa hore se khonehe?
24 Tšebeletso ea Jesu Kreste ea phatlalatsa e qalile karolong e qetellang ea 29 C.E. ’me ea tsoela-pele ka lilemo tse tharo le halofo. Joalokaha ho ne ho profetiloe, mathoasong a 33 C.E., Kreste o ile a “tlosoa” ha a e-shoa thupeng ea tlhokofatso, a fana ka bophelo ba hae ba nama e le thekollo bakeng sa moloko oa batho. (Esaia 53:8; Matheu 20:28) Tlhokahalo ea mahlabelo a liphoofolo le limpho tsa nyehelo tse neng li laeloa ke Molao e ile ea fela ha Jesu ea tsositsoeng a hlahisa bohlokoa ba bophelo ba hae ba nama bo entsoeng sehlabelo ho Molimo leholimong. Le hoja baprista ba Bajuda ba ile ba tsoela pele ho etsa linyehelo ho fihlela ha tempele ea Jerusalema e felisoa ka 70 C.E., mahlabelo a joalo a ne a se a sa amohelehe ho Molimo. A ne a nketsoe sebaka ke sehlabelo se molemo, seo ho neng ho sa hlokahale hore se phetoe le ka mohla. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “[Kreste] o ile a nyehela sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng . . . Etsoe ke ka nyehelo e le ’ngoe ea sehlabelo a entseng hore ba ntseng ba halaletsoa e be ba phethahetseng ka ho sa feleng.”—Baheberu 10:12, 14.
25 Le hoja sebe le lefu li ile tsa tsoela pele ho hlorisa batho, ho tlosoa ha Jesu ka lefu le ho tsohela ha hae bophelong ba leholimo ho ile ha phethahatsa boprofeta. Ho ile ha ‘felisa tlōlo le sebe, ha koahela phoso ’me ha tlisa ho loka.’ Molimo o ne a tlositse selekane sa Molao, se neng se pepesitse Bajuda le ho ba ahlola hore ke baetsalibe. (Baroma 5:12, 19, 20; Bagalata 3:13, 19; Baefese 2:15; Bakolose 2:13, 14) Joale libe tsa bafosi ba bakileng li ne li ka hlakoloa, le likahlolo tseo ba li filoeng li ne li ka qheloa. Ka sehlabelo sa poelano sa Mesia, ba bontšang tumelo ba ne ba ka khona ho boelana le Molimo. Ba ne ba ka lebella ho amohela mpho ea Molimo ea “bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu.”—Baroma 3:21-26; 6:22, 23; 1 Johanne 2:1, 2.
26. (a) Le hoja selekane sa Molao se ne se tlositsoe, ke selekane sefe se ileng sa ‘bolokoa se ntse se sebetsa ka beke e le ’ngoe’? (b) Ho ile ha etsahala’ng qetellong ea beke ea bo70?
26 Kahoo Jehova o ile a tlosa selekane sa Molao ka lefu la Kreste ka 33 C.E. Ka hona, ke joang ho neng ho ka thoe Mesia “o lokela ho boloka selekane se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata ka beke e le ’ngoe”? Hobane o ile a boloka selekane sa Abrahama se ntse se sebetsa. Ho fihlela ha beke ea bo70 e fela, Molimo o ile a fetisetsa litlhohonolofatso tsa selekane seo ho bana ba Abrahama ba Baheberu. Empa qetellong ea “libeke tse mashome a supileng” tsa lilemo, ka 36 C.E., moapostola Petrose o ile a ruta monna oa Motaliana ea inehetseng ea bitsoang Korneliase le lelapa la hae le Balichaba ba bang. Ho tloha letsatsing leo, litaba tse molemo li ile tsa qala ho boleloa har’a batho ba lichaba.—Liketso 3:25, 26; 10:1-48; Bagalata 3:8, 9, 14.
27. Ke “Sehalalelo sa Lihalalelo” sefe se ileng sa tlotsoa, hona joang?
27 Boprofeta bo ile ba boela ba bolela esale pele ka ho tlotsoa ha “Sehalalelo sa Lihalalelo.” Sena ha se bolele ho tlotsoa ha Sehalalelisiso, kapa kamore e ka hare-hare ea tempele ea Jerusalema. Mona, polelo “Sehalalelo sa Lihalalelo,” e bolela sehalalelo sa leholimo sa Molimo. Moo, Jesu o ile a hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa ’mele oa hae oa nama ho Ntat’ae. Sehlabelo seo se ile sa tlotsa, kapa sa khetha ntho ea sebele ea moea ea leholimo e neng e emeloa ke Sehalalelisiso sa tabernakele ea lefatšeng le sa tempele e ileng ea e-ba teng ka mor’a moo.—Baheberu 9:11, 12.
BOPROFETA BO TIISITSOENG KE MOLIMO
28. Ho ne ho boleloa’ng ka “ho beha tiiso ponong le ho moprofeta”?
28 Boprofeta bo amanang le Mesia bo boletsoeng ke lengeloi Gabriele bo ile ba boela ba bua ka “ho beha tiiso ponong le ho moprofeta.” Sena se ne se bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boletsoeng esale pele mabapi le Mesia—sohle seo a se finyeletseng ka sehlabelo sa hae, tsoho le ho hlaha leholimong, hammoho le lintho tse ling tse etsahalang bekeng ea bo70—e ne e tla hatisoa tiiso ea hore e tšehetsoa ke Molimo, e ne e tla ba ea ’nete hape e be e ka tšeptjoang. Pono ena e ne e tla tiisoa, ho etsoe hore e felle ho Mesia feela. E ne e tla phethahala ho eena esita le mosebetsing oa Molimo ka eena. Ke feela mabapi le Mesia ea boletsoeng esale pele moo re neng re ka fumana tlhaloso e nepahetseng ea pono ena. Ha ho letho le leng le neng le tla manolla seo e se bolelang.
29. Ho ne ho tla etsahala’ng ka Jerusalema e hahiloeng bocha, hona hobane’ng?
29 Pejana Gabriele o ne a profetile hore Jerusalema e tla boela e hahuoe. Joale o bolela esale pele hore motse oo o hahiloeng bocha le tempele ea oona li tla felisoa, o re: “Sechaba sa moeta-pele ea tlang se tla senya motse le sebaka se halalelang . ’Me se tla felisoa ka moroallo. ’Me ho fihlela bofelong ho tla ba le ntoa; se etselitsoeng qeto ke ho etsa masupi. . . . ’Me holim’a lepheo la lintho tse nyonyehang ho tla ba le se bakang lesupi; ’me ho fihlela phelisong, ntho e etselitsoeng qeto e tla tšolleloa le holim’a seo e leng lesupi.” (Daniele 9:26b, 27b) Le hoja lesupi lena le ne le tla ba teng ka mor’a “libeke tse mashome a supileng,” e ne e tla ba phello e tobileng ea liketsahalo tsa “beke” ea ho qetela ea ha Bajuda ba hana Kreste ’me ba etsa hore a bolaoe.—Matheu 23:37, 38.
30. Joalokaha tlaleho ea histori e bontša, molao-taelo oa ’Moloki e Moholo oa Nako o ile oa phethahala joang?
30 Litlaleho tsa histori li bontša hore ka 66 C.E., mabotho a Roma a taolong ea ’Musi oa Mosyria Cestius Gallus a ile a lika-liketsa Jerusalema. Ho sa tsotellehe khanyetso ea Bajuda, mabotho a Roma a nkileng lifolakha tsa ’ona tsa borapeli ba litšoantšo a ile a kena motseng ’me a qala ho cheka lerako la tempele ka leboea. Ho ema ha ’ona moo ho ile ha a etsa “ntho e nyonyehang” e neng e tla baka lesupi ka ho feletseng. (Matheu 24:15, 16) Ka 70 C.E., Baroma ba taolong ea Molaoli Tite ba ile ba tla joaloka “moroallo” ’me ba etsa motse oo le tempele ea oona lesupi. Ha baa ka ba thijoa ke letho hobane sena se ne se laetsoe—‘se etselitsoe qeto’—ke Molimo. ’Moloki e Moholo oa Nako, Jehova, o ne a boetse a phethahalitse lentsoe la hae!
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ha lilemo tse 70 tsa ho etsoa lesupi ha Jerusalema li leba pheletsong, Daniele o ile a etsa likōpo life tse tiileng ho Jehova?
• “Libeke tse mashome a supileng” li ne li le telele hakae, ’me li qalile neng hona tsa fela neng?
• “Mesia Moeta-pele” o ile a hlaha neng, ’me ke nako efe e mahlonoko eo a ileng a “tlosoa” ka eona?
• Ke selekane sefe se ileng sa bolokoa “se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata ka beke e le ’ngoe”?
• Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a “libeke tse mashome a supileng”?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 197]
Puso ea Artaxerxese e Qalile Neng?
BO-RAHISTORI ha ba lumellane mabapi le selemo seo puso ea Morena Artaxerxese oa Persia e qalileng ka sona. Ba bang ba re o qalile puso ka selemo sa 465 B.C.E. hobane ntat’ae, Xerxes, o qalile ho busa ka 486 B.C.E. ’me a shoa ka selemo sa bo21 sa puso ea hae. Empa ho na le bopaki ba hore Artaxerxese o ile a lula teroneng ka 475 B.C.E. ’me a qala selemo sa hae sa pele sa puso ka 474 B.C.E.
Lintho tse ngotsoeng le tse betliloeng tse epolotsoeng motse-moholo oa boholo-holo oa Persia oa Persepolis, li bontša hore Xerxes le ntat’ae, Dariase I, ba ne ba busa hammoho. Haeba boemo bona bo ile ba nka lilemo tse 10 ’me eba Xerxes o ile a busa a le mong ka lilemo tse 11 ka mor’a lefu la Dariase ka 486 B.C.E., selemo sa pele sa puso ea Artaxerxese e ne e tla be e le 474 B.C.E.
Mohloli oa bobeli oa bopaki o ama Molaoli Themistocles oa Athene ea ileng a hlōla mabotho a Xerxes ka 480 B.C.E. Hamorao Bagerike ba ile ba mo hlanohela ’me o ile a qosoa ka bohlaba-phio. Themistocles o ile a baleha ’me a batla tšireletso moreneng Persia, moo a ileng a amoheloa ka khotso. Ho ea ka rahistori oa Mogerike Thucydides, sena se etsahetse ha Artaxerxese “a sa tsoa lula setulong sa borena.” Rahistori oa Mogerike Diodorus Siculus o re Themistocles o shoele ka 471 B.C.E. Kaha Themistocles o ile a kōpa selemo hore a ithute Sepersia pele a ka buisana le Morena Artaxerxese, e tlameha ebe bonyane o fihlile Asia Minor ka 473 B.C.E., eseng ka mor’a moo. Nako eo e tšehetsoa ke Chronicle of Eusebius ea Jerome. Kaha Artaxerxese “o ne a sa tsoa lula setulong sa borena” ha Themistocles a fihla Asia ka 473 B.C.E., setsebi sa Mojeremane Ernst Hengstenberg, bukeng ea hae e bitsoang Christology of the Old Testament, o boletse hore puso ea Artaxerxese e qalile ka 474 B.C.E., joalokaha mehloli e meng ea boitsebiso e bolela. O ile a phaella: “Selemo sa mashome a mabeli sa Artaxerxese ke selemo sa 455 pele ho Kreste.”
[Setšoantšo]
Themistocles ho tloha sefubeng
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 188, 189]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
“LIBEKE TSE MASHOME A SUPILENG”
455 B.C.E. 406 B.C.E. 29 C.E. 33 C.E. 36 C.E.
‘Lentsoe Jerusalema Mesia Mesia Qetello ea
le reng e oa oa “libeke tse
Jerusalema tsositsoeng hlaha tlosoa mashome
e tsosolosoe’ a supileng”
Libeke tse 7 Libeke tse 62 Beke e le 1
Lilemo tse 49 Lilemo tse 434 Lilemo tse 7
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 180]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 193]