Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tlaleha se Fosahetseng?
    Molula-Qhooa—1997 | August 15
    • ameha ha sebele ka mofosi. Jakobo o ngotse: “Barab’eso, haeba leha e le mang har’a lōna a khelosoa ’neteng ’me e mong a mo khutlisa, le tsebe hore ea khutlisang moetsalibe phosong ea tsela ea hae o tla pholosa soule ea hae lefung ’me o tla koahela libe tse ngata haholo.”—Jakobo 5:19, 20.

      Kahoo, ke hobane’ng ha re lokela ho tlaleha se fosahetseng? Hobane ho re tsoela molemo. Bonneteng, ho tlaleha phoso ke ketso ea lerato la Bokreste le laoloang ke melao-motheo le bontšoang ho Molimo, le bontšoang ho phutheho hammoho le ho mofosi. Ha setho se seng le se seng sa phutheho se khomarela litekanyetso tse lokileng tsa Molimo ka botšepehi, Jehova o tla hlohonolofatsa phutheho eohle ka ho enneng. Moapostola Pauluse o ngotse: “[Jehova] o tla le tiisa ho isa bofelong, e le hore le ka ba ba ke keng ba qosoa ka letsatsi la Morena oa rōna Jesu Kreste.”—1 Bakorinthe 1:8.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1997 | August 15
    • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

      Na Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo lia fumaneha bukeng ea Matheu e ngotsoeng ka Seheberu e kopilitsoeng ke ngaka ea Mojuda ea lekholong la bo14 la lilemo, Shem-Tob ben Isaac Ibn Shaprut?

      Che, ha ho joalo. Leha ho le joalo, buka ena ea Matheu e sebelisa hash·Shem’ (e feletse kapa e khutsufalitsoe) ka makhetlo a 19, joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 13 ho Molula-Qhooa oa August 15, 1996.

      Hash·Shem’ ea Seheberu e bolela “Lebitso,” leo ka sebele le bolelang lebitso la Molimo. Ka mohlala, bukeng ea Shem-Tob mokhoa o khutsufalitsoeng oa hash·Shem’ o hlaha ho Matheu 3:3, temana eo ho eona Matheu a qotsitseng Esaia 40:3. Ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ha Matheu a ne a qotsa temana Mangolong a Seheberu eo Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li fumanehang ho eona, o ile a kenyelletsa lebitso la Molimo Kosepeleng ea hae. Kahoo, le hoja buka ea Seheberu ea Shem-Tob e sa sebelise Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo, ho sebelisa ha eona “Lebitso,” joaloka ho Matheu 3:3, ho tšehetsa ho sebelisoa ha “Jehova” Mangolong a Segerike a Bakreste.

      Shem-Tob o ile a kopiletsa mantsoe a buka ea Seheberu ea Matheu bukeng ea hae e tsosang khang ea ʼEʹven boʹchan. Leha ho le joalo, mohloli oa buka eo ea Seheberu e ne e le ofe? Moprofesa George Howard ea ileng a batlisisa taba ena hantle, o fana ka maikutlo a hore “Matheu ea Seheberu ea Shem-Tob e ngotsoe neng-neng makholong a pele a mane a lilemo a mehla ea Bokreste.”a Ba bang ba ka ’na ba hanyetsana le eena tabeng ena.

      Howard oa ngola: “Matheu ea Seheberu e kenyelelitsoeng bukeng ena [ea Shem-Tob], e khetholleha haholo ka ho se tšoane ha eona ka lintho tse ngata le Matheu ea Segerike e amoheloang e le karolo ea mangolo a halalelang.” Ka mohlala, ho latela buka ea Shem-Tob, Jesu o ile a re ka Johanne: “Kannete ke re ho lōna, har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho le ea mong e moholo ho feta Johanne Mokolobetsi.” E siile mantsoe a latelang a Jesu: “Empa motho eo e leng e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho mo feta.” (Matheu 11:11) Ka tsela e batlang e tšoana, ho na le lintho tse ngata tse sa tšoaneng lipakeng tsa libuka tse ntseng li le teng tsa Seheberu tsa Mangolo a Seheberu le tsela eo ho ngotsoeng ka eona libukeng tse tšoanang tsa phetolelo ea Septuagint ea Segerike. Le hoja re hlokomela ho se tšoane ha tsona, libuka tseo tsa boholo-holo li na le likarolo tseo li tšoanang ho tsona.

      Joalokaha ho boletsoe, buka ea Matheu ea Shem-Tob e kenyelletsa “Lebitso” moo ho nang le lebaka le utloahalang la ho lumela hore ha e le hantle Matheu o ne a sebelisitse Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo. Ka hona, ho tloha ka 1950, ho ’nile ha sebelisoa buka ea Shem-Tob bakeng sa ho tšehetsa tšebeliso ea lebitso la Molimo Mangolong a Segerike a Bakreste, ’me e sa ntse e qotsoa ho The New World Translation of the Holy Scriptures—With References.b

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela