Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Sebeletsang Jehova ka Thabo”
    Tšebeletso ea ’Muso—2003 | October
    • “Sebeletsang Jehova ka Thabo”

      1. Ke eng seo e ka bang mohloli oa thabo e khōlō ho bahlanka ba Jehova?

      1 Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Kamehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!” (Bafil. 4:4) Tokelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho thusa batho ba kang linku ho rapela Jehova ke mohloli oa thabo e khōlō. (Luka 10:17; Lik. 15:3; 1 Bathes. 2:19) Leha ho le joalo, haeba ka linako tse ling re felloa ke thabo tšebeletsong ea rōna, re ka etsa joang?

      2. Ho lula re hopola mohloli oa mosebetsi oa rōna ho tla tlatsetsa joang thabong ea rōna?

      2 Mosebetsi o Laetsoeng ke Molimo: Hopolang hore mosebetsi oa rōna oa boboleli o tsoa ho Jehova. E, re na le tokelo e kaakang ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo” ha re phatlalatsa molaetsa oa ’Muso le ha re etsa barutuoa! (1 Bakor. 3:9) Kreste Jesu o na le rōna mosebetsing ona oo ho seng mohla o tla phetoa. (Mat. 28:18-20) Mangeloi le ’ona a kopanela ka mafolofolo ’me a sebetsa le rōna kotulong e khōlō ea moea e etsoang hona joale. (Lik. 8:26; Tšen. 14:6) Mangolo hammoho le liphihlelo tsa batho ba Molimo, li fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o tšehetsa mosebetsi ona. Ka lebaka leo, ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re tsoela pele “joaloka ba romiloeng ba tsoa ho Molimo, ponong ea Molimo, hammoho le Kreste.” (2 Bakor. 2:17) Ke lebaka le matla hakaakang la ho thaba!

      3. Thapelo e phetha karolo efe tabeng ea ho lula re thabile tšebeletsong ea Molimo?

      3 Thapelo ke ea bohlokoa hore re lule re thabile tšebeletsong ea Molimo. (Bagal. 5:22) Kaha re ka etsa mosebetsi oa Molimo ka matla a hae feela, re lokela ho mo kōpa ka tieo bakeng sa moea oa hae, oo a fanang ka oona ka seatla se bulehileng ho ba o kōpang. (Luka 11:13; 2 Bakor. 4:1, 7; Baef. 6:18-20) Ho rapella tšebeletso ea rōna ho tla re thusa ho lula re e-na le pono e nepahetseng ha re sa amoheloe hantle. Ho tla etsa hore re tsoele pele ho bolela ka sebete le ka thabo.—Lik. 4:29-31; 5:40-42; 13:50-52.

      4. Ho lokisetsa hantle ho eketsa thabo ea rōna joang tšebeletsong, ’me tse ling tsa litsela tse molemo tsa ho lokisetsa ke life?

      4 Lokisetsa Hantle: Tsela e molemo ea ho eketsa thabo ea rōna ha re kopanela tšebeletsong ke ho lokisetsa hantle. (1 Pet. 3:15) Ha ho hlokahale hore ho lokisetsa ho joalo ho nke nako e ngata. Ho nka metsotso e seng mekae feela ho hlahloba nehelano e fanoeng bakeng sa limakasine tsa morao-rao kapa e tšoanelang lingoliloeng tseo u rerang ho li tsamaisa. Bakeng sa kenyelletso e loketseng, u ka hlahloba buka ea Ho Bea Mabaka kapa litokollo tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bahoeletsi ba bang ba ’Muso ba bona ho le molemo ho ngola nehelano e khutšoanyane pampitšaneng. Nako le nako, ba sheba pampitšana ena ho ikhopotsa lintlha. Sena se ba thusa hore ba se ke ba tšoha ’me se ba fa kholiseho ea ho bolela ka sebete.

      5. Thabo e ruisa rōna le ba bang molemo joang?

      5 Thabo e ruisa molemo ka litsela tse ngata. Thabo e etsa hore molaetsa oa rōna o ipiletse haholoanyane. Thabo e re fa matla a ho mamella. (Neh. 8:10; Baheb. 12:2) Ka holim’a tsohle, thabo ea rōna e tlotlisa Jehova. Ka lebaka leo, a re ‘sebeletseng Jehova ka thabo.’—Pes. 100:2.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea ’Muso—2003 | October
    • Tsela ea ho Buella Limakasine

      Molula-Qhooa Oct. 15

      “Liqeto tse ngata tseo re tobanang le tsona li na le liphello tse tebileng bophelong ba rōna. Re ka thusoa ke eng ho qoba ho etsa liqeto tse seng bohlale? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 3:6.] Molula-Qhooa ona o fana ka melao e tataisang e mehlano e thehiloeng Bibeleng e ka re thusang ho etsa liqeto tse bohlale.”

      Molula-Qhooa Nov. 1

      “Kaofela ha rōna re kile ra phoqoa ke batho bao re ba tšepang. Na u kile ua ipotsa, ‘Na ho na le motho eo nka mo tšepang?’ [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 3:5.] Makasine ena e hlalosa lebaka leo ka lona re ka tšepang Molimo ka ho feletseng. E boetse e bontša kamoo re ka tsebang hore na ke batho bafe bao re ka ba tšepang.”

      Tsoha! Nov. 8

      “Lihlahisoa tsa oli e tala li ama hoo e ka bang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Na u kile ua ipotsa hore na bophelo bo ne bo tla ba joang ha li ne li le sieo? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla taba ea hore ho tlile joang hore oli e phethe karolo ea bohlokoa kajeno. Hape e hlalosa lebaka la hore re se ke ra tšoenyeha ka hore ka letsatsi le leng oli e tla fela.”

      Nehelano e ’ngoe: “Na u hlokometse hore re ntse re utloa litlaleho tse eketsehileng tsa hore ho na le likokoana-hloko tse hlōlang meriana? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla mabaka a sena le seo re ka se etsang ho itšireletsa. E boetse e tšohla tšepiso ea Bibele ea lefatše leo ho lona ho ke keng ha e-ba le motho ea tla kula.” Bala Esaia 33:24.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela