-
Ho fa Jehova se Molemohali Seo re Nang le SonaTšebeletso ea ’Muso—2004 | April
-
-
Ho fa Jehova se Molemohali Seo re Nang le Sona
1 Molao oa Jehova ho Baiseraele o ile oa qaqisa hore liphoofolo tse isoang ho eena e le sehlabelo e ne e lokela ho ba tse “phetseng hantle.” Phoofolo e nang le sekoli e ne e sa amohelehe. (Lev. 22:18-20; Mal. 1:6-9) Ho feta moo, ha ho etsoa sehlabelo, mafura ’ohle—e leng karolo e nonneng ka ho fetisisa—e ne e le a Jehova. (Lev. 3:14-16) Joaloka Ntat’a Baiseraele le Mong’a bona e Moholo, Jehova o ne a tšoaneloa ke se molemohali.
2 Joaloka mehleng ea boholo-holo, Molimo o thahasella haholo boleng ba linyehelo tsa rōna kajeno. Tšebeletso ea rōna e lokela ho bonahatsa tlhompho e loketseng bakeng sa Jehova. Ke ’nete hore maemo a batho aa fapana. Leha ho le joalo, re na le lebaka le utloahalang la ho itlhahloba e le ho tiisa hore re mo fa se molemohali seo re nang le sona.—Baef. 5:10.
3 Tšebeletso ea Pelo Eohle: E le hore tšebeletso ea rōna e ka tlotlisa Jehova le ho susumetsa lipelo tsa ba re mamelang, ha ea lokela ho etsoa ka monyebe. Lipolelo tsa rōna mabapi le Molimo oa rōna le merero ea hae e hlollang li lokela ho tsoa pelong e tletseng kananelo. (Pes. 145:7) Sena se totobatsa bohlokoa ba lenaneo le letle le le tsoelang pele la ho bala le ho ithuta Bibele.—Liprov. 15:28.
4 Ho fa Jehova se molemohali seo re nang le sona ho boetse ho akarelletsa ho etsisa lerato la hae ho batho. (Baef. 5:1, 2) Ho rata batho ho tla re susumelletsa ho leka ho finyella ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ka molaetsa o phelisang oa ’nete. (Mar. 6:34) Ho re susumelletsa ho bontša thahasello ho bao re buang le bona. Ho etsa hore re lule re nahana ka bona ka mor’a leeto la pele ’me ho re susumelletsa ho khutlela ho bona. Ho re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ba thusa ho tsoela pele moeeng.—Lik. 20:24; 26:28, 29.
5 “Sehlabelo sa Thoriso”: Tsela e ’ngoe eo ka eona re fang Jehova se molemohali seo re nang le sona ke ka ho ba mafolofolo tšebeletsong. Ha re hlophisehile hantle ’me re tsepamisitse mohopolo mosebetsing oa rōna, re ka finyella molemo o fetisisang ka nako eo re nang le eona. (1 Tim. 4:10) Ho lokisetsa hantle ho re nolofalletsa ho bua ka mokhoa o hlakileng le ka kholiseho, ’me ka tsela eo ho etsa hore ho be bonolo ho fumana batho ba arabelang hamolemo. (Liprov. 16:21) Ha re ntse re bolella ba bang litaba tse molemo, ka nepo ho ka thoe lipolelo tsa rōna tse tsoang pelong ke “sehlabelo sa thoriso.”—Baheb. 13:15.
-
-
Bacha—Balang Lentsoe la Molimo!Tšebeletso ea ’Muso—2004 | April
-
-
Bacha—Balang Lentsoe la Molimo!
1 Bocha ke nako ea liphephetso le liqeto tse boima. Letsatsi le letsatsi, bongata ba lōna bacha ba Bakreste le tobana le khatello ea ho tlōla litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. Ha le qala ho iketsetsa liqeto mabapi le thuto, mosebetsi le lenyalo, le lokela le be le se le ipehetse lipakane tsa moea. Ke ka tsela eo feela le ka etsang liqeto tse ling tse tla le tsoela molemo bophelong bohle ba lōna. Lipakane tsa moea tse tobileng li tla le thusa ho etsa ka bohlale le ho atlehisa litsela tsa lōna. Ka ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona kamehla, le tla susumelletseha ho phela tumellanong le keletso ea lona e bululetsoeng, ’me lipakane tsa lōna tse loketseng li tla atleha.—Josh. 1:8; Pes. 1:2, 3.
2 Le Tla le Ruisa Molemo Joang? Lefatše la Satane le tletse likhoheli tse ngata tsa ho etsa se fosahetseng. (1 Joh. 2:15, 16) Mohlomong le tseba liithuti-’moho le lōna kapa lithaka tse ling tsa lōna tse oetsoeng ke tlokotsi ka lebaka la ho inehela khatellong ea lithaka. Ho khomarela keletso ea Bibele ho tla le fa matla a boitšoaro le a moea a ho hana tsela ea boetsalibe. Ho ekelletsa moo, keletso ea Lentsoe la Molimo e ka le thusa ho qoba maraba a bolotsana a Satane. (2 Bakor. 2:11; Baheb. 5:14) Ho tsamaea tseleng ea Molimo ho tla le tlisetsa thabo ea ’nete—ho khotsofalla tsela ea lōna ea bophelo.—Pes. 119:1, 9, 11.
3 Melao-motheo e sa fetoheng ea Lentsoe la Molimo e phahametse bohlale ba batho. (Pes. 119:98-100) Ho tseba melao-motheo ea Bibele le ho thuisa ka merero e senotsoeng ea Jehova hammoho le thapelo e tiileng li ka le thusa ho hlaolela kamano e haufi le Mongoli ea bohlale ka ho fetisisa oa Bibele, e leng Jehova Molimo. O tšepisa tjena: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pes. 32:8.
4 Ipheng Nako ea ho le Bala: Mocha e mong oa Mokreste o ile a ipehela pakane ea ho bala Bibele eohle, ’me a e qeta pele selemo se fela. O ile a rua molemo joang? O re: “Ke ile ka ithuta ho hongata ka Jehova—e leng lintho tse ileng tsa nkatametsa haufi le eena ’me tsa etsa hore ke batle ho mo tšaba bophelong bohle ba ka.” (Jak. 4:8) Na u se u balile Bibele eohle? Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha o sa ipehele pakane ea ho etsa joalo? Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao, ’me a u putse haholo.
-