Mamela Molimo ’me U Rue Molemo Litšepisong Tsa Hae Tse Hlapanyelitsoeng
“Kaha [Molimo] o ne a ke ke a hlapanya ka mang kapa mang e moholo, o ile a hlapanya ka eena ka boeena.”—BAHEB. 6:13.
1. Litšepiso tsa Jehova li fapana joang le litšepiso tse etsoang ke batho ba baetsalibe?
JEHOVA ke “Molimo oa ’nete.” (Pes. 31:5) Hase kamehla batho ba baetsalibe ba ka tšeptjoang, leha ho le joalo, ‘ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’ (Baheb. 6:18; bala Numere 23:19.) Kamehla seo a rerileng ho se etsa molemong oa batho sea phethahala. Ka mohlala, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a ileng a re o tla e etsa qalong ea letsatsi le leng le le leng la pōpo, e ile ea “e-ba joalo.” Kahoo, qetellong ea letsatsi la botšelela la pōpo, “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.”—Gen. 1:6, 7, 30, 31.
2. Letsatsi la Molimo la phomolo ke eng, hona ke hobane’ng ha a ile “a le halaletsa”?
2 Ka mor’a hore Jehova Molimo a hlahlobe mosebetsi oa hae oa pōpo, o ile a phatlalatsa hore letsatsi la bosupa lea qala—lena hase letsatsi la lihora tse 24, empa ke nako e telele eo a phomotseng ka eona mosebetsing oa ho bōpa lintho tse ling lefatšeng. (Gen. 2:2) Letsatsi la Molimo la phomolo le ntse le e-s’o fele. (Baheb. 4:9, 10) Bibele ha e bolele hore na ha e le hantle letsatsi lena le qalile neng. Empa le qalile mosali oa Adama e leng Eva a se a bōpiloe, hoo e ka bang lilemo tse 6 000 tse fetileng. Haufinyane Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo Tse Sekete e tla qala, ’me e tla tiisa hore morero oa Molimo oa ho etsa hore lefatše e be paradeise ka ho sa feleng le hore le tlale batho ba phethahetseng, oa phethahala. (Gen. 1:27, 28; Tšen. 20:6) U ka kholiseha hore u tla ba le bokamoso boo bo thabisang! Etsoe “Molimo [o ile] a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa.” Sena se ne se tiisa hore ho sa tsotellehe hore na ke mathata afe a ka ’nang a hlaha, joang kapa joang morero oa Molimo o tla phethahala qetellong ea letsatsi la hae la phomolo.—Gen. 2:3.
3. (a) Ka mor’a hore letsatsi la Molimo la phomolo le qale, ke bofetoheli bofe bo ileng ba etsahala? (b) Jehova o ile a re’ng ha a hlalosa hore na o ne a tla rarolla bothata boo joang?
3 Leha ho le joalo, ka mor’a hore letsatsi la Molimo la phomolo le qale, libōpuoa tse ling tsa Molimo li ile tsa mo fetohela. Satane, eo e neng e le lengeloi leholimong o ile a leka ho etsa hore batho ba bang ba rapele eena ho e-na le hore ba rapele Molimo. O ile a bua leshano la pele eaba o qhekella Eva hore a se ke a mamela Jehova. (1 Tim. 2:14) Eva o ile a susumetsa monna oa hae hore le eena a fetohele Molimo. (Gen. 3:1-6) Borabele bona e ne e le ntho e mpe ka ho fetisisa e kileng ea etsahala. Empa le hoja Satane a ne a qosa Jehova ka hore o ne a sa bue ’nete, Jehova ha aa ka a bona ho hlokahala hore a etse kano e le ho tiisa hore morero oa hae ka lefatše o tla phethahala. Ho e-na le hoo, o ile a bua mantsoe ao batho ba neng ba tla a utloisisa ha nako ea Molimo e fihla, o ile a bolela hore na borabele boo bo ne bo tla felisoa joang, a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao [Satane] le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. [Peō e tšepisitsoeng] e tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.”—Gen. 3:15; Tšen. 12:9.
HO NKA KANO KE TSELA EA MOLAO EA HO TIISA HORE TABA KE ’NETE
4, 5. Ke mokhoa ofe oa molao oo Abrahama a neng a o sebelisa ka linako tse ling?
4 Qalong ea histori ea batho, ha ho bonahale eka ho ne ho hlokahala hore batho ba hlapanye ho tiisa hore taba ke ’nete. Libōpuoa tse phethahetseng tse ratang Molimo le tse mo etsisang, ha ho hlokahale hore li etse kano; li bua ’nete kamehla ebile lia tšepana. Empa lintho li ile tsa fetoha ha batho ba ne ba etsa sebe ’me e se e e-ba ba sa phethahalang. Qetellong ha ho bua leshano le ho qhekella ho ata, ho ile ha hlokahala hore batho ba hlapanye mabapi le lintho tsa bohlokoa ho tiisa hore ke ’nete.
5 Ho etsa likano ke mokhoa oa molao oo mopatriareka Abrahama a ileng a o sebelisa hantle hoo e ka bang ka makhetlo a mararo. (Gen. 21:22-24; 24:2-4, 9) Ka mohlala, o ile a sebelisa sena ha a ne a khutla a hlōtse morena oa Elame le marena a neng a entse selekane le eena. Morena oa Saleme le oa Sodoma ba ile ba tla ho tla khahlanyetsa Abrahama. Melkizedeke morena oa Saleme, e ne e boetse e le “moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Ka lebaka leo, o ile a hlohonolofatsa Abrahama a ba a rorisa Molimo ka hore ebe o ile a thusa Abrahama hore a hlōle lira tsa hae. (Gen. 14:17-20) Kahoo, ha morena oa Sodoma a ne a batla ho putsa Abrahama ka hore ebe o ile a pholosa sechaba sa morena matsohong a lira tse neng li se futuhetse, Abrahama o ile a hlapanya a re: “Ke phahamisa letsoho la ka ka kano ho Jehova Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše, hore nke ke ka nka letho nthong leha e le efe ea hao, ho tloha khoeleng ho ea leqhoeleng la moqathatso, che, e le hore u se ke ua re, ‘Ke ’na ea ruisitseng Abrame.’”—Gen. 14:21-23.
JEHOVA O HLAPANYETSA ABRAHAMA
6. (a) Abrahama o re behetse mohlala ofe? (b) Ho mamela ha Abrahama ho tla re tsoela molemo joang?
6 Jehova Molimo o ’nile a hlapanyetsa batho ba baetsalibe e le hore ba ka kholiseha hore litšepiso tsa hae li tla phethahala. O ’nile a hlapanya ka ho sebelisa lipolelo tse kang “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.” (Ezek. 17:16) Bibele e bua ka makhetlo a fetang 40 moo Jehova Molimo a ileng a etsa likano tse hlapanyelitsoeng. Mohlomong mohlala o tsebahalang haholo ke oa se ileng sa etsahala ha a ne a sebelisana le Abrahama. Ka lilemo tse ngata, Jehova o ’nile a etsa lilekane tse ’maloa le Abrahama tseo ha li kopana li bontšang hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla tsoa lelokong la Abrahama, ka mora oa hae Isaka. (Gen. 12:1-3, 7; 13:14-17; 15:5, 18; 21:12) Ka mor’a moo, Jehova o ile a leka Abrahama ka teko e khōlō, a mo laela hore a etse sehlabelo ka mora oa hae eo a mo ratang. Abrahama o ile a potlaka, a mamela seo Jehova a neng a mo laela sona, ’me o ne a le mothating oa ho nyehela Isaka ha lengeloi la Molimo le ne le mo thiba. Molimo o ile a mo hlapanyetsa a re: “Ke hlapanya ka ’na . . . hore ka lebaka la hore u entse ntho ena ’me ha ua ka ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela, ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle; ’me peō ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona. Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.”—Gen. 22:1-3, 9-12, 15-18.
7, 8. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a hlapanyetsa Abrahama? (b) “Linku tse ling” tsa Jesu li tla rua molemo joang litšepisong tsa Molimo tse hlapanyelitsoeng?
7 Ke hobane’ng ha Molimo a ile a hlapanyetsa Abrahama hore litšepiso tsa Hae li ne li tla phethahala? Ke hobane o ne a batla ho khothatsa le ho matlafatsa tumelo ea batho bao e neng e tla ba majalefa hammoho le Kreste, bao e neng e tla ba karolo ea bobeli ea “peō” e tšepisitsoeng. (Bala Baheberu 6:13-18; Bagal. 3:29) Joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela, Jehova o ile a “kenella ka kano, e le hore, ka lintho tse peli tse sa fetoheng [tšepiso ea hae le kano ea hae] tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano, . . . re ka ba le khothatso e matla ea ho tšoarella tšepong e behiloeng ka pel’a rōna.”
8 Bakreste ba tlotsitsoeng hase bona feela ba ruang molemo kanong eo Molimo a e hlapanyelitseng Abrahama. Jehova o ile a hlapanya hore ka “peō” ea Abrahama, batho ba “lichaba tsohle tsa lefatše [ba ne ba] tla itlhohonolofatsa.” (Gen. 22:18) Batho bao ba hlohonolofalitsoeng ba akarelletsa “linku tse ling” tsa Kreste tse mamelang, tse nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Joh. 10:16) Ho sa tsotellehe hore na u na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, “tšoarella” tšepong eo ka hore u tsoele pele u mamela Molimo bophelong ba hao.—Bala Baheberu 6:11, 12.
MOLIMO O ETSA LIKANO TSE LING MABAPI LE TŠEPISO EA HAE HO ABRAHAMA
9. Molimo o ile a etsa kano efe e hlapanyelitsoeng ha litloholo tsa Abrahama e ne e le makhoba a Baegepeta?
9 Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a boela a hlapanya mabapi le litšepiso tseo ho builoeng ka tsona ka holimo, ha a ne a romela Moshe hore a il’o bua le litloholo tsa Abrahama tseo ka nako eo e neng e le makhoba a Baegepeta. (Ex. 6:6-8) Ha a bua ka ketsahalo eo, Molimo o ile a re: “Letsatsing la ha ke khetha Iseraele, ke ile . . . ka phahamisa letsoho ka ho etsa kano ho bona hore ke tla ba ntša naheng ea Egepeta ke ba ise naheng eo ke ileng ka e hloela bakeng sa bona, e phallang lebese le mahe a linotši.”—Ezek. 20:5, 6.
10. Molimo o ile a tšepisa Baiseraele eng ka mor’a hore a ba lopolle Egepeta?
10 Ka mor’a hore Baiseraele ba lopolloe Egepeta, Jehova o ile a boela a ba etsetsa tšepiso e hlapanyelitsoeng a re: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle, hobane lefatše lohle ke la ka. Le tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.” (Ex. 19:5, 6) Ka sebele Molimo o ile a fa Baiseraele tlotla e khethehileng! Sena se ne se bolela hore haeba ba ne ba ka mamela, batho ba bang sechabeng seo ba ne ba ka ba le tšepo ea hore Molimo o ne a tla ba sebelisa hore e be ’muso oa baprista o neng o tla hlohonolofatsa batho bohle. Hamorao, ha Jehova a hlalosa seo a neng a se etselitse Baiseraele nakong eo, o ile a re: ‘Ke ile ka u hlapanyetsa ’me ka kena selekaneng le uena.’—Ezek. 16:8.
11. Baiseraele ba ile ba etsa’ng ha Molimo a ne a re ba be le kamano e khethehileng le eena?
11 Ka nako eo, Jehova ha aa ka a tlama Baiseraele hore ba hlapanye hore ba ne ba tla mo mamela; ebile ha aa ka a ba qobella hore ba be le kamano ena e ikhethang le eena. Ho e-na le hoo, ke bona ba ileng ba hlapanya ba re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiselitse ho se etsa.” (Ex. 19:8) Matsatsi a mararo hamorao, Jehova Molimo o ile a bolella Baiseraele hore na o ne a batla hore sechaba sa hae se khethehileng se etse eng. Pele, ba ile ba bolelloa Melao e Leshome ’me ka mor’a moo, Moshe a ba bolella melao e meng e tlalehiloeng ho Exoda 20:22 ho ea ho Exoda 23:33. Baiseraele ba ile ba etsa’ng? “Sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: ‘Mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng re ikemiselitse ho a phetha.’” (Ex. 24:3) Ka mor’a moo, Moshe o ile a ngola melao ‘bukeng ea selekane’ eaba o e balla holimo e le hore sechaba sohle se ka e utloa hape. Ka mor’a moo, ka lekhetlo la boraro, sechaba se ile sa boela sa hlapanya sa re: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiselitse ho se etsa le ho se mamela.”—Ex. 24:4, 7, 8.
12. Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a hore a tšepise ho etsa Baiseraele sechaba sa hae se khethehileng? Baiseraele bona ba ile ba etsa’ng ka mor’a hore ba etsetse Molimo kano?
12 Hang-hang Jehova o ile a qala ho phethahatsa selekane sa hae sa Molao ka hore a lokisetse hore ho be le tente ea borapeli le hore ho be le baprista ba neng ba tla etsa hore ho khonehe hore batho ba baetsalibe ba rapele Molimo. Ka lehlakoreng le leng, kapele Baiseraele ba ile ba lebala boinehelo ba bona ho Molimo ’me “ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.” (Pes. 78:41) Ka mohlala, ha Moshe a ne a ntse a fuoa melao Thabeng ea Sinai, Baiseraele ba ile ba felloa ke mamello ’me ba felloa ke tumelo ho Molimo, ba nahana hore Moshe o ba lahlile kherehloa. Kahoo, ba ile ba etsa setšoantšo sa namane ea khauta ’me ba re ho sechaba: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.” (Ex. 32:1, 4) Ka mor’a moo, ba ile ba etsa seo ba ileng ba re ke “mokete oa Jehova” ’me ba rapela setšoantšo se entsoeng ke motho ba ba ba se etsetsa mahlabelo. Ha Jehova a bona seo, o ile a re ho Moshe: ‘Ba khelohile ka potlako tseleng eo ke ba laetseng hore ba tsamaee ka eona.’ (Ex. 32:5, 6, 8) Ka masoabi, ho tloha ka nako eo, Baiseraele ba ile ba tloaela ho etsetsa Molimo likano tseo hamorao ba neng ba sa li phethe.—Num. 30:2.
LIKANO TSE LING TSE PELI
13. Ke tšepiso efe e hlapanyelitsoeng eo Molimo a ileng a e etsetsa Morena Davida, hona e amana joang le Peō e tšepisitsoeng?
13 Nakong ea puso ea Morena Davida, Jehova o ile a boela a etsa likano tse ling tse peli tse hlapanyelitsoeng molemong oa batho bohle ba neng ba tla mo mamela. Ea pele, o ile a hlapanyetsa Davida hore terone ea hae e ne e tla ba teng ka ho sa feleng. (Pes. 89:35, 36; 132:11, 12) Sena se ne se bolela hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla bitsoa “Mora oa Davida.” (Mat. 1:1; 21:9) Ka boikokobetso, Davida o ile a bitsa setloholo sena sa hae sa ka moso “Morena” oa hae, hobane Kreste o ne a tla ba le boemo bo phahameng.—Mat. 22:42-44.
14. Ke tšepiso efe e hlapanyelitsoeng e mabapi le Peō e tšepisitsoeng eo Jehova a ileng a e etsa, ’me e re tsoela molemo joang?
14 Ea bobeli, Jehova o ile a bululela Davida hore a bolele esale pele hore Morena enoa ea ikhethang o ne a tla boela a sebeletse e le Moprista ea Phahameng oa batho. Marena le baprista ba ne ba e-tsoa melokong e fapaneng ea Iseraele. Baprista ba ne ba tsoa molokong oa Levi ’me marena a tsoa molokong oa Juda. Empa ha Davida a ne a bua ka mojalefa oa hae ea khanyang oa nakong e tlang, o ile a profeta a re: “Polelo ea Jehova ho Morena oa ka ke hore: ‘Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.’ Jehova o hlapantse (a ke ke a ikutloa a soabile): ‘U moprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke!’” (Pes. 110:1, 4) E le ho phethahatsa boprofeta boo, hona joale Jesu Kreste e leng Peō e tšepisitsoeng, o busa a le leholimong. Hape, o sebeletsa e le Moprista ea Phahameng oa batho ka hore a thuse batho ba bakileng hore ba boele ba be le kamano e ntle le Molimo.—Bala Baheberu 7:21, 25, 26.
ISERAELE EA MOLIMO E NCHA
15, 16. (a) Ke Iseraele ea mefuta efe e ’meli eo ho buoang ka eona ka Bibeleng, hona ke efe eo Molimo a e hlohonolofatsang kajeno? (b) Ke taelo efe eo Jesu a ileng a e fa balateli ba hae mabapi le ho etsa likano?
15 Kaha sechaba sa Iseraele se ile sa lahla Jesu Kreste, qetellong se ile sa lahleheloa ke kamano e ntle le Molimo hammoho le monyetla oa hore e be “’muso oa baprista.” Jesu o ile a bolella baeta-pele ba Bajuda a re: “’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” (Mat. 21:43) Sechaba seo se secha se ile sa tsoaloa ka Pentekonta ea 33 C.E. ha moea oa Molimo o ne o tšolleloa ho barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba neng ba bokane Jerusalema. Batho bana ba ile ba bitsoa “Iseraele ea Molimo” ’me hamorao ba ile ba e-ba likete tse ’maloa tsa batho ba tsoang lichabeng tsohle tsa linaha tse neng li tsejoa mehleng eo.—Bagal. 6:16.
16 Ho fapana le Iseraele ea tlhaho, sechaba sena se secha sa moea sa Molimo se ’nile sa beha litholoana tse ntle ka hore se tsoele pele se mamela Molimo. E ’ngoe ea litaelo tseo litho tsa sona li li mamelang e amana le ho etsa likano tse hlapanyelitsoeng. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, likano li ne li sebelisoa hampe, batho ba ne ba hlapanya ka bohata kapa ba hlapanyetsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa. (Mat. 23:16-22) Jesu o ile a ruta balateli ba hae a re: “Ho hang u se ke ua hlapanya . . . Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che; hobane se fetang tsena se tsoa ho ea khopo.”—Mat. 5:34, 37.
Kamehla litšepiso tsa Jehova lia phethahala
17. Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong se latelang?
17 Na see se bolela hore kamehla ho fosahetse ho etsa kano e hlapanyelitsoeng? Ntho ea bohlokoa le ho feta, ho bolela’ng ho re E ea rōna e bolele E? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang. Ha re ntse re tsoela pele ho thuisa ka Lentsoe la Molimo, e se eka re ka susumelletseha hore re tsoele pele ho mamela Jehova. Ka lehlakoreng le leng, le eena o tla thabela hore a re hlohonolofatse ka ho sa feleng tumellanong le litšepiso tsa hae tsa bohlokoa tse hlapanyelitsoeng.