Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 1-LA 7 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOSHUA 18-19
“Jehova o Arola Naha ka Bohlale”
it-1-E 359 ¶1
Moeli
Ho bonahala eka ha ho ne ho aroloa naha, ho ne ho etsoa lintho tse peli eleng ho lahloa ha lotho le ho sheba hore na moloko o monyane kapa o moholo hakae. Lotho e ne e khona ho hakanya hore na moloko o ne o tla rua sebaka sefe naheng e tšepisitsoeng. E ne e boetse e hlalosa hore na sebaka seo se ka Leboea, Boroa, Bochabela kapa ka Bophirimela le hore na sebaka seo se pel’a lebopo la leoatle kapa se lithabeng. Qeto ea lotho e ne e entsoe ke Jehova, e ne e thusa meloko hore e se ke ea tletleba kapa ea ba mona. (Lipr 16: 33) Kahoo, Molimo o ne a tla etsa hore boemo ba moloko o mong le o mong bo lumellane le boprofeta ba mopatriareka Jakobo ha a le haufi le ho shoa. Boprofeta boo bo tlalehiloe ho Genese 49:1-33.
it-1-E 1200 ¶1
Lefa
Naha e fanoeng e le lefa. Jehova o ile a fa bara ba Iseraele lefa la naha ’me o ile a hlakisetsa Moshe hore na meeli ea naha e ne e tla ba hokae. (Nu 34:1-12; Jos 1:4) Moshe o ile a fa bara ba Gade, bara ba Rubene le halofo ea moloko oa Manase naha eo ba neng ba e abetsoe. (Nu 32:33; Jos 14:3) Meloko e meng kaofela e ile ea fumana lefa la eona ka lotho ka tataiso ea Joshua le Eleazare. (Jos 14:1, 2) Joalokaha boprofeta ba Jakobo bo ho Genese 49:5, 7 bo bontša, Simeone le Levi ha baa ka ba fumana naha eo ka ho khetheha e leng ea bona. Naha ea moloko oa Simeone (le metse ea eona) e ne e le ka har’a naha ea Juda (Jos 19:1-9), ha moloko oa Levi o ne o abetsoe metse e 48 naheng eohle ea Iseraele. Kaha bara ba Levi ba ile ba fuoa tšebeletso e khethehileng sehalalelong, lefa la bona e ne e le Jehova. Ba ile ba fumana karolo ea leshome e le lefa la bona bakeng sa tšebeletso eo ba neng ba e etsa. (Nu 18:20, 21; 35:6, 7) Malapa a ne a fuoe mosebetsi hona naheng eo moloko ka mong o neng o e abetsoe. Ha malapa a ntse a hola joale bara ba malapa ao ba fuoa lefa, naha e ne e tla tsoela pele ho aroloa hanyane ka hanyane.
it-1-E 359 ¶2
Moeli
Ka mor’a hore lotho e bolele hore na moloko o itseng o tla lula sebakeng sefe, e ne e tla ba hantle hore hape ho hlahlojoe hore na naha eo e ne e tla lekana moloko oo. ‘Le ikarolele naha eo ka lotho e le leruo ho ea ka malapa a lona. Ea nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae, ’me ea fokolang ka palo le fokotse lefa la hae. Moo lotho e tla oela teng ke moo lefa la hae le tla ba teng.’ (Nu 33:54) Qeto ea lotho e neng e bontša hore na moloko o itseng o ne o lokela ho lula hokae, e ne e lokela ho lateloa empa ho ne ho etsoa liphetoho ho latela hore na moloko o fumane sebaka se se kae. Kahoo eitse ha ho fumanoa hore sebaka sa moloko oa Juda se ne se le seholo bakeng sa bona, ho ile ha fokotsoa karolo ea sona ’me sa fuoa moloko oa Simeone.—Jos 19:9.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 359 ¶5
Moeli
Tlaleho e buang ka ho arola naha e ka bophirimela ho Jordane e bontša hore meloko e ileng ea abeloa naha pele ho sebelisoa lotho, ke oa Juda (Jos 15:1-63), oa Josefa (Efraime) (Jos 16:1-10) le halofo ea moloko oa Manase. (Jos 17:1-13) Meeli ea meloko ena le metse ea eona e ile ea baloa. Ka mor’a moo, ho bonahala eka ho arola naha ho ile ha emisa hobane Baiseraele ba ile ba tloha Gilgale ba ea Shilo. (Jos 14:6; 18:1) Ha hoa boleloa hore na meloko e supileng e nkile nako e kae e ntse e tsila-tsila ho lula libakeng tseo e neng e li abetsoe empa Joshua o ile a qetella a khalemetse meloko eo ka lebaka la ho lieha. (Jos 18:2, 3) Ho na le mabaka a fapaneng ao batho ba ileng ba fana ka oona a hore na ke hobaneng ha meloko eo e supileng e ile ea lieha. Bahlalosi ba bang ba Bibele ba re e ka ’na eaba ntho e liehisitseng meloko eo e supileng ho lula libakeng tseo e neng e li abetsoe, ke lintho tse ngata tse hapuoeng tseo ba neng ba e-na le tsona le hore ba ne ba lula ka bolokolohi ba sa tšoha hore Bakanana ba tla ba hlasela. Ntho e ’ngoe hape e ka ’nang eaba e ile ea etsa hore meloko ena e supileng e liehe ke hobane e ne e sa batle ho tobana le lichaba tse matla tsa ba lireng. (Jos 13:1-7) Taba e ’ngoe ke hore, meloko eo e ne e sa tsebe hore karolo ea Naha e Tšepisitsoeng eo e neng e e abetsoe e joang ha e bapisoa le ea meloko e meng.
LA 8-LA 14 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOSHUA 20-22
“Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa ho se Utloisisane?”
Lintho Tse ka U Thusang ho Buisana le Molekane oa Hao
Ho phetlelana lifuba ho ka thibela liqabang le ho se utloisisane. Qalong ea histori ea Baiseraele, moloko oa Rubene, oa Gade le halofo ea moloko oa Manase e neng e lula ka bochabela ho Noka ea Jordane e ile ea haha “aletare e hlaheletseng haholo” haufi le Jordane. Meloko e meng ha ea ka ea utloisisa seo ba meloko eo ba neng ba se entse. Kaha ba ne ba nahana hore barab’abo bona ba leng ka mose ho Jordane ba ne ba koenehile, meloko e ka bophirimela e ile ea itokisetsa ho ea loantša “marabele” ao. Leha ho le joalo, pele ba tsoa ho ea ntoeng, ba ile ba romela baemeli ho ea buisana le meloko eo e ka bochabela. Eo e ile ea e-ba khato e bontšang bohlale hakaakang! Ba ile ba fumana hore aletare eo e ne e sa etsetsoa hore ho chesoe linyehelo tse seng molaong kapa mahlabelo. Ho e-na le hoo, ba meloko e ka bochabela ba ne ba tšaba hore nakong e tlang meloko e meng e ne e tla re ho bona: “Ha le na kabelo ho Jehova.” Aletare eo e ne e tla ba bopaki ba hore le bona e ne e le barapeli ba Jehova. (Joshua 22:10-29) Ba ile ba reha aletare eo Bopaki, mohlomong e le hobane e ne e le bopaki ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete ho bona.—Joshua 22:34.
‘Phehellang Lintho Tse Tlisang Khotso’
Mohlomong Baiseraele ba bang ba ile ba nahana hore ho se ho ntse ho e-na le bopaki bo lekaneng ba hore ho entsoe phoso le hore haeba ba ne ba ka ba tsometsa ho ne ho ke ke ha e-shoa batho ba bangata. Leha ho le joalo, ho e-na le ho etsa lintho ka lepotlapotla, meloko e ka bophirimela ho Jordane e ile ea romela moifo o il’o tšohla bothata bona le barab’abo eona. O ile oa botsa: “Ke’ng ketso ee ea ho se tšepahale eo le e entseng khahlanong le Molimo oa Iseraele ka ho furalla kajeno ho latela Jehova?” Ha e le hantle, meloko e neng e hahile aletare eo, e ne e sa e haha hobane e ne e sa tšepahale. Empa ba qosoang ba ne ba tla ikarabella joang? Na ba ne ba tla tjolietsa baqosi ba bona kapa ba hane ho bua le bona? Meloko e qositsoeng e ile ea arabela ka bonolo, e hlakisa hore liketso tsa eona li ne li hlile li susumetsoa ke takatso ea eona ea ho sebeletsa Jehova. Karabo ea eona e bonolo e ile ea boloka kamano ea eona le Molimo ea ba ea pholosa bophelo. Puisano e etsoang ho khobiloe matšoafo e ile ea rarolla bothata ea ba ea bopa khotso.—Josh. 22:13-34.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 402 ¶3
Kanana
Le hoja ho na le Bakanana ba bangata ba sa kang ba hloloa le ho ba tlas’a taolo ea Baiseraele, ho ntse ho ka thoe ‘Jehova o ile a fa Baiseraele naha eohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholo-holo ba bona,’ o ba file “phomolo ka hohle” le hore “ha ho tšepiso e ileng ea hloleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.” (Jos 21:43-45) Lichaba tse neng li potolohile Baiseraele li ne li sa ba tšose hobane li ne li ba tšaba. Molimo o ile a bolela hore o tla leleka Bakanana “hanyane ka hanyane” e le hore liphoofolo tse hlaha li se ke tsa ata hobane ho se ho se na batho ba lulang naheng eo. (Ex 23:29, 30; De 7:22) Le haeba Bakanana ba ne ba e-na le libetsa tsa ntoa tse tsoetseng pele, tse kang likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe, ha Baiseraele ba ne ba ka hloleha ho hapa libaka tse ling ho ne ho ke ke ha behoa Jehova molato oa hore o hlolehile ho phethahatsa tšepiso ea hae. (Jos 17:16-18; Bhl 4:13) Ho e-na le hoo, tlaleho e bontša hore makhetlong a seng makae ao Baiseraele ba ileng ba hloloa ho oona, e ne e le hobane ba sa ka ba tšepahala.—Nu 14:44, 45; Jos 7:1-12.
LA 15-LA 21 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOSHUA 23-24
“Keletso ea ho Qetela ea Joshua e Eang ho Sechaba”
it-1-E 75
Selekane
Ha sechaba sa Iseraele se kena Kanana, Naheng e Tšepisitsoeng, ho na le ntho e ileng ea etsahala. Molimo, ’Musi oa Bokahohle, o ile a fa Iseraele tokelo ea ho rua naha ele ho phethahatsa tšepiso eo a neng a e etselitse baholo-holo ba bona. Kahoo ba ne ba sa kene naheng e tšepitsoeng e le bajaki. Jehova o ile a ba thibela ho etsa selekane le lichaba tsa naha tse neng li sa mo rapele. (Ex 23:31-33; 34:11-16) Ba ne ba lokela ho mamela melao ea Molimo feela, eseng ea lichaba tseo ba neng ba lokela ho li leleka. (Le 18:3, 4; 20:22-24) Ntho ea bohlokoa eo ba ileng ba lemosoa ka eona ke ea hore ba se ke ba etsa selekane sa lenyalo le lichaba tseo. Haeba ba ne ba ka kenella selekaneng seo, se ne se sa tl’o fella feela pakeng tsa bona le basali ba bona. Ba ne ba tl’o amana le batho ba rapelang melimo ea bohata ebe ba qetella e le leraba ho Baiseraele hore ba fetohele Molimo.—De 7:2-4; Ex 34:16; Jos 23:12, 13.
Lentsoe la Jehova ha le Hlolehe le ka Mohla
19 Ntle ho pelaelo, ho latela seo re se boneng le rona re ka re: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lona a le boleletseng ’ona le hlolehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlolehileng ho phethahala.” (Joshua 23:14) Jehova oa lopolla, oa sireletsa o bile o hlokomela bahlanka ba hae. Na u ka supa tšepiso leha e le efe ea hae e ileng ea hloleha ho phethahala ka nako eo a neng a e behile? U ke ke! Ka bohlale re tšepa Lentsoe la Molimo le tšepahalang.
20 Ho thoe’ng ka nakong e tlang? Jehova o re boleletse hore boholo ba rona re ka ba le tšepo ea ho phela lefatšeng le tla beng le fetotsoe paradeise e thabisang. Ba seng bakae har’a rona ba na le tšepo ea hore ba tla busa le Kreste leholimong. Ho sa tsotellehe hore na tšepo ea rona ke efe, re na le mabaka a hore re lule re tšepahala joaloka Joshua. Ka letsatsi le leng tšepo ea rona e tla phethahala. Joale re tla hetla morao re nahane ka litšepiso tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona ebe le rona re re: ‘Li phethahetse kaofela.’
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Joshua
24:2—Na Tera, ntat’a Abrahama, e ne e le morapeli oa litšoantšo? Qalong, Tera e ne e se morapeli oa Jehova Molimo. Mohlomong o ne a rapela molimo oa khoeli ea bitsoang Sine e leng molingoana o neng o tumme Ure. Ho ea ka neano ea Sejuda, mohlomong Tera o ne a bile a etsa litšoantšo tse rapeloang. Leha ho le joalo, ha Molimo a laela Abrahama hore a tlohe Ure, Tera o tsamaea le eena ho ea Harane.—Genese 11:31.
LA 22-LA 28 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 1-3
“Pale ea ho ba Sebete le ho ba Masene”
Ehude o Roba Joko ea Mohatelli
Merero ea Ehude ha ea atleha hobane a ne a le bohlale ka tsela leha e le efe, ebile ha se hobane sera sa hae se ne se se na matla. Ha hoa itšetleha ka boemo ba motho hore merero ea Molimo e phethahale. Lebaka le leholo le entseng hore Ehude a atlehe ke hobane o ne a thusoa ke Molimo kaha o ne a etsa se tumellanong le thato ea Molimo e sa hloloeng ea ho lokolla batho ba Hae. Molimo o ile a hlahisa Ehude, “ha Jehova a ne a . . . hlahisetsa [batho ba hae] baahloli, Jehova o ne a e-ba le moahloli eo.”—Baahloli 2:18; 3:15.
Ehude o Roba Joko ea Mohatelli
Bohato ba pele boo Ehude a ileng a bo nka ke ba ho “iketsetsa sabole”—sabole e sehang ka nģ’a tse peli e neng e le khutšoane ka ho lekaneng hoo e neng e ka pateha ha a e khoaetse ka har’a liaparo tsa hae. E ka ’na eaba o ne a lebeletse hore ba tla hlahloba hore na o nkile eng. Hangata lisabole li ne li kenngoa ka lehlakoreng le letšehali la ’mele, moo batho ba neng ba sebelisa matsoho a matona ba neng ba ka e ntša ka potlako. Kaha Ehude o ne a le leqele, o ile a khoaela sebetsa sa hae “ka tlas’a seaparo sa hae holim’a serope se setona,” moo e neng e se hangata balebeli ba morena ba neng ba ka hlahloba hore na ho na le eng. Kahoo, ntle ho tšitiso, o ile “a hlahisa sethabathaba ho Eglone morena oa Moabe.”—Baahloli 3:16, 17.
Lintlha tsa liketsahalo tsa qalong tse etsahetseng lekhotleng la Eglone ha lia tlalehoa. Seo Bibele e se buang feela ke hore: “Eitse ha [Ehude] a qetile ho hlahisa sethabathaba, hang-hang a re batho ba tsamaee, bajari ba sethabathaba.” (Baahloli 3:18) Ehude o ile a hlahisa sethabathaba, a felehetsa bajari ba sethabathaba ho fihlela ba le thokoana le moo Eglone a neng a lula teng, eaba o khutlela ha Eglone ka mor’a ho ba fonanisa. Hobane’ng? Na banna baa ba ne ba tsamaea le eena bakeng sa tšireletso, kapa e ne e le feela tsela e hlomphehang ea boitšoaro, kapa che mohlomong ba ne ba itsamaela le eena feela hobane e ne e le bajari ba sethabathaba? Kapa na o ne a batla hore ba tsamaee pele a phetha morero oa hae e le hore ba tle ba se ke ba qaphaletsoa ke mali? Hore na o ne a nahanne eng, Ehude o ile a beta pelo a khutlela ha Eglone a le mong.
“[Ehude] a khutla likoaring tsa Gilgale, eaba o re: ‘Ke na le lekunutu bakeng sa hao, morena.’” Hore na o khonne joang ho boela a kena moo Eglone a neng a le teng, ha hoa hlalosoa ka Mangolong. Na balebeli ba ne ba sa lokela ho mo belaella? Ebe ba ile ba nahana hore Moiseraele a le mong o ne a ke ke a ntša morena oa bona kotsi? Na ba ile ba nahana hore kaha Ehude o ne a tlile a le mong o ne a tlil’o tsoa batho ba habo tlaase? Ho sa tsotelle hore na ho ile ha etsahala eng, Ehude o ile a batla ho bua le morena eo lekunutung, ’me o ile a fumana monyetla oo.—Baahloli 3:19.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Baahloli
2:10-12. Re lokela ho ba le lenaneo la kamehla la ho ithuta Bibele e le hore ‘re se ke ra lebala liketso tsa Jehova.’ (Pesaleme ea 103:2) Batsoali ba lokela ho kenya Lentsoe la Molimo ka lipelong tsa bana ba bona.—Deuteronoma 6:6-9.
LA 29 NOVEMBER –LA 5 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 4-5
“Jehova o Sebelisa Basali ba Babeli ho Pholosa Batho ba Hae”
“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
Ha Baiseraele ba utloa lebitso Sisera, ba ne ba tšoha ba bile ba ferekana. Bolumeling ba Bakanana ho ne ho e-na le litloaelo tse mpe tse akarelletsang ho etsa mahlabelo ka bana le botekatse. Ho ne ho le joang ha molaoli oa mabotho a Bakanana le lebotho la hae ba laola naha? Pina ea Debora e bontša hore ho ne ho le thata hore batho ba tsamaee naheng eo ’me ho se ho se batho ba lulang metseng. (Baahloli 5: 6, 7) Mohlomong baahi ba ne ba ipata ka merung le lithabeng, ba tšaba ho sebetsa masimong kapa ho lula metseng e se nang marako, ba tšaba ho tsamaea litseleng hobane ba tšaba hore masole a Sisera a tla ba hlasela, a koetele bana ba bona ebe a beta basali ba bona.
“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
Ho ile ha rena tšabo ka lilemo tse 20 ho fihlela Jehova a bona hore batho ba hae ba manganga ba ikemiselitse ho fetoha kapa ho latela mantsoe a bululetsoeng a pina ea Debora le Barake a reng: “Ho fihlela ’na, Debora, ke ema, ho fihlela ke ema joaloka ’mè Iseraele.” Bibele ha e re bolelle hore na Debora, e leng mosali oa Lapidothe o ne a e-na le bana kapa che, empa temaneng ena lentsoe ’mè le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso. Ha e le hantle, Jehova o ile a fa Debora boikarabelo ba ho sireletsa sechaba joaloka ’mè. O ile a mo kopa hore a laele Moahloli Barake ea matla le ea nang le tumelo ho loantša Sisera.—Baahloli 4:3, 6, 7; 5:7.
“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
Jaele o ile a tlameha ho etsa qeto ka potlako. O ile a lumella Sisera ho kena ha hae. Sisera o ile a laela Jaele hore a se ke a bolella mang kapa mang hore o teng moo. Jaele o ile a mo koahela moo a paqameng teng, ’me a mo fa lebese ha a kopa metsi. Ho e-s’o ee kae Sisera o ile a ea le sephume sa boroko! Eaba Jaele o nka thakhisa ea tente le hamore e leng tse ling tsa lisebelisoa tseo basali ba lulang litenteng ba neng ba atisa ho li sebelisa. Kaha Sisera o ne a robetse, ho neng ho hlokahala feela ke hore Jaele a be le sebete sa ho phethahatsa kahlolo ea Jehova. Ha a ne a ka qeaqea kapa a tsilatsila o ne a ka ba tsietsing. Na o ile a nahana kamoo Sisera a ’nileng a sotla batho ba Molimo kateng ka nako e telele? Kapa na o ile a nahana ka tlotla ea ho sebelisoa ke Jehova? Bibele ha e bolele. Seo re se tsebang ke hore o ile a bolaea Sisera ka ho panya ha leihlo!—Baahloli 4:18-21; 5:24-27.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Baahloli
5:20—Linaleli leholimong li ile tsa loanela Barake joang? Bibele ha e hlalose hore na ebe moo ho ne ho ameha thuso ea mangeloi, kapa majoe a tsoang lipolaneteng tse ling ao banna ba bohlale ba Sisera ba neng ba a nka e le pontšo ea tlokotsi, kapa mohlomong e ne e le bonohe ba linaleli ba Sisera bo ileng ba fetoha lefeela. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Molimo o ile a kenella ka tsela e itseng tabeng ena.
LA 6-LA 12 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | Baahloli 6-7
“E-ea ka Matla Ana a Hao”
Melao-motheo ea Molimo e ka U Tsoela Molemo
E mong ea neng a inka ka tsela e loketseng le ea ileng a ipeha sekaleng ka mokhoa o loketseng, ke Gideone, moahloli e mong oa Baheberu ba boholo-holo. O ne a sa tona mahlo hore e be moeta-pele oa Baiseraele. Leha ho le joalo, ha a ne a khetheloa boeta-pele, Gideone o ile a hlokomelisa hore ha a tšoanelehe. O ile a hlalosa a re: “Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile ’na ke monyenyane ntlong ea Ntate.”—Baahloli 6:12-16.
“Sabole ea Jehova le ea Gideone!”
Joale Bamidiane ba tlala tšabo! Ka tšohanyetso, ho utloahala molumo oa ho pshatleha ha linkho tse 300, lerata le tlerolang la manaka a 300, le ho hoeletsa ha banna ba 300. Ba tsielehile, haholo-holo ka lebaka la mohoo o reng “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Bamidiane le bona ba eketsa lerata leo ka ho hoeletsa. Har’a moferefere ona, ho thata ho khetholla motsoalle ho sera. Ba 300 ba ema libakeng tsa bona ha Molimo a etsa hore lira li bolaeane ka lisabole tsa tsona. Ba qhalakanya liahelo, baa ba qabella, ’me ba qala ho bolaea lebotho leo larita e leng se neng se akarelletsa ho lelekisa Bamidiane hore le ka mohla ba se hlole ba tšoenya Baiseraele. Tlhaselo e nkileng nako e telele le e sehloho e fihlile bofelong.—Baahloli 7:19-25; 8:10-12, 28.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Baahloli
6:25-27. Gideone o ile a sebelisa temoho e le hore a se ke a halefisa bahanyetsi ba hae ho sa hlokahale. Ha re bolela litaba tse molemo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se khopise ba bang ho sa hlokahale ka tsela eo re buang ka eona.
LA 13-LA 19 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 8-9
“Boikokobetso bo Molemo ho Feta Boikhohomoso”
U Sebetsana le Liphapang Joang?
Gideone, ha a loana ntoa e mahlo-mafubelu le Bamidiane, o ile a bitsa leloko la Efraime hore le mo thuse. Leha ho le joalo, ha ntoa e se e letse, Baefraime ba ile ba fetohela Gideone ’me ba belaela haholo hore ebe ha aa ka a ba bitsa qalong ea ntoa. Tlaleho e bolela hore “ba leka ka matla ho qalisa qabang le eena.” Ha a araba Gideone o ile a re: “Joale ke entse’ng ha ho bapisoa le lona? Na tse khoahlapisitsoeng tsa Efraime ha li molemo ho feta ho bokelloa ha morara ha Abi-ezere? Molimo o nehelane ka Orebe le Zebe likhosana tsa Midiane matsohong a lona, ’me ke eng seo ke khonneng ho se etsa ha ho bapisoa le lona?” (Baahloli 8:1-3, NW) Ka mantsoe a hae a khethiloeng hantle, a pholileng, Gideone o ile a qoba seo e neng e ka ba ntoa e mpe ea meloko. Ho ka etsahala hore ebe ba leloko la Efraime ba ne ba e-na le bothata ba ho inka e le ba bohlokoa ’me ba ikhohomosa. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa sitisa Gideone ho leka ka matla ho tlisa khotso. Na re ka etsa se tšoanang?
Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?
15 Gideone o behile mohlala o motle tabeng ea ho inyenyefatsa. Ha lengeloi la Jehova le hlaha ho eena, Gideone o ile a itlhalosa hore ke motho oa boemo bo tlaase. (Baahl. 6:15) Ka mor’a hore Gideone a amohele kabelo e tsoang ho Jehova, o ile a etsa bonnete ba hore o utloisisa seo a lokelang ho se etsa, ’me a itšetleha ka tataiso ea Jehova. (Baahl. 6:36-40) Gideone o ne a le matla, ebile a le sebete. Empa o ile a etsa lintho ka masene. (Baahl. 6:11, 27) Ha aa ka a sebelisa kabelo ea hae hore a iphumanele botumo. Ho e-na le hoo, ha a phethile kabelo eo Jehova a mo fileng eona, o ile a khutlela moo a tsoang teng.—Baahl. 8:22, 23, 29.
Tsamaea Litseleng Tsa Jehova
9 E le hore re be metsoalle ea Molimo, re tlameha ho ‘ikokobetsa kelellong.’ (1 Pet. 3:8; Pes. 138:6) Bohlokoa ba boikokobetso bo bontšitsoe ho Baahloli khaolo ea 9. Mora oa Gideone, e leng Jothame, o ile a re: “Ka nako e ’ngoe lifate li ile tsa ea ho ea tlotsa morena oa tsona.” Ho buuoa ka sefate sa mohloaare, sa feiga le sa morara. Li ne li emela batho ba molemo ba sa kang ba rata ho busa Baiseraele ba habo bona. Empa monokotšoai o loketseng feela ho besoa o ne o emela borena ba Abimeleke oa moikhohomosi, ’molai ea neng a rata ho hatella batho ba bang. Le hoja a ile “a iketsa khosana ea Iseraele ka lilemo tse tharo,” o ile a shoa ka tšohanyetso. (Baahl. 9:8-15, 22, 50-54) Ho ‘ikokobetsa kelellong’ ho molemo hakaakang!
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 753 ¶1
Efoda, 1
Le hoja Gideone a e-na le boikemisetso bo botle ka ho etsa mokete o tlotlang Jehova kaha o ne a thusitse Iseraele ho hlola, efoda e ile “ea e ba leraba ho Gideone le ho ba ntlo ea hae,” hobane Baiseraele ba ile ba siteloa Jehova ka hore ba rapele efoda. (Bhl 8:27) Leha ho le joalo, Bibele ha e re Gideone o ile a rapela efoda eo. Ho e-na le hoo, moapostola Pauluse o mo bitsa ka lebitso e le e mong oa ba karolo ea ‘leru le leholo’ la batho ba neng ba tšepahala ho Jehova pele phutheho ea Bokreste e ba teng.—Heb 11:32; 12:1
LA 20-LA 26 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 10-12
“Jafeta e ne e le Monna ea Lulang a Nahana ka Jehova”
Molimo o Amohela ba Tšepahalang
9 Mohlomong mohlala oa Josefa o ile oa thusa Jafeta. E tlameha ebe o ne a tseba hore Josefa o ile a thusa banab’abo le hoja ba ne ba mo hloile. (Gen. 37:4; 45:4, 5) E ka ’na eaba ho nahana ka mohlala ona ho ile ha thusa Jafeta hore a itšoare ka tsela e khahlisang Jehova. Barab’abo Jafeta ba ile ba mo utloisa bohloko. Empa Jafeta o ne a nka hore ho loanela lebitso la Jehova le batho ba hae ke habohlokoa ho feta tsela eo a ikutloang ka eona. (Baahl. 11:9) O ne a ikemiselitse ho tšepahala ho Jehova. Boikutlo bona bo ile ba etsa hore Jehova a mo hlohonolofatse hammoho le Baiseraele.— Baheb. 11:32, 33.
it-2-E 27 ¶2
Jafeta
Jafeta e ne e le monna ea mahlahahlaha ’me haa ka a senya nako hore a etelle sechaba pele. O ile a romela molaetsa ho morena oa Ammone ho bontša hore morena oa Ammone e ne e le eena ea likhathatso kaha o ile a hlasela naha ea Iseraele. Morena o ile a araba a re ke Baiseraele ba ileng ba nka naha eo ho Baammone. (Bhl 11:12, 13) Karabo ea Jafeta e ile ea bontša hore e ne e se mohale ea sa rutehang feela, ho e-na le hoo o ne a ithutile tseleng eo Jehova a neng a sebelisana le batho ba hae ka eona. O ile a hana taba ea Baammone, a bontša hore (1) Baiseraele ha baa ka ba hlasela naha ea Ammone, Moabe kapa ea Edomo (Bhl 11:14-18; De 2:9, 19, 37; 2Likr 20:10, 11); (2) naha e neng e tsekoa e ne e se ea Baammone nakong eo Baiseraele ba e hapang, hobane e ne e le ea Baamore ba Kanana ’me Molimo o ne a lumelletse hore morena oa bona Sihone le naha ea bona e hapuoe ke Baiseraele le (3) ho ne ho se ho fetile lilemo tse 300 Baammone ba sa tsekise Baiseraele naha eo, joale ke hobane’ng ha ba se ba ba tsekisa?—Bhl 11:19-27.
it-2-E 27 ¶3
Jafeta
Jafeta o ile a otla taba botsekeng ha a ne a bontša hore ntho e ka sehloohong ke borapeli ba Jehova. O ile a hlakisa hore ke Jehova Molimo ea fileng Baiseraele naha ena ’me ha se ho utloahalang hore ba fe batho ba rapelang melimo ea bohata leha e ka ba karoloana ea naha ena. O ile a bitsa Kemoshe molimo oa Baammone. Batho ba bang ba ne ba nahana hore o entse phoso. Le hoja molimo oa Baammone e ne e le Milkome ’me Kemoshe e le oa Baamore, linaha tsena li ne li rapela melimo e mengata. Solomone o ile a etsa hore sechaba sa Iseraele se qetelle se rapela Kemoshe ka lebaka la basali ba hae ba tsoang lichabeng tse ling. (Bhl 11:24; 1Ma 11:1, 7, 8, 33; 2Ma 23:13) Ho ea ka litsebi tse ling lentsoe “Kemoshe” le bolela “Mohloli kapa Mohapi.” (Sheba buka ea Gesenius’s Hebrew and Chaldee Lexicon, e fotoletsoeng ke S. Tregelles, 1901, leq. 401.) Eka ’na eaba Jafeta o ile a bua ka molimo ona hobane Baammone ba ne ba lumela hore ke molimo enoa ea neng a ba thusa ho ‘hlola’ kapa ho ‘hapa’ linaha tseng ling.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 26
Jafeta
Jafeta e ne e se Mora oa Matšeo. ’Mè oa Jafeta e ne e le “mosali oa letekatse” empa seo ha se bolele hore ha Jafeta a ne a hlaha ’mè oa hae e ne e ntse e le letekatse kapa hore o ne a e-s’o nyaloe. ’Mè oa Jafeta e ne e le letekatse pele Gileade a mo nyala hore ebe mosali oa hae oa bobeli. Rahaba le eena e ne e le letekatse empa hamorao o ile a nyaloa ke Salmone. (Bhl 11:1; Jos 2:1; Mat 1:5) Bopaki ba hore Jafeta e ne e se mora oa matšeo, re bo bona ha bara ba mosali oa pele ba leka ho mo leleka hore a se ke a fumana lefa. (Bhl 11:2) Ho ekelletsa moo, Jafeta e ile ea e-ba moetapele oa banna ba Gileade (ho bonahala bara ba mosali oa pele le bona ba ne ba lumellana le taba ea hore Jafeta ebe moetapele). (Bhl 11:11) Hape Jafeta o ile a etsetsa Jehova nyehelo tabernakeleng. (Bhl 11:30, 31) Mora oa matšeo o ne a ke ke a khona ho etsa lintho tsena tsohle hobane Molao o ne o hlakile tabeng ena, o ne o re: “Ho se ke ha e ba le mora oa matšeo ea ka kenang phuthehong ea Jehova. Esita le molokong oa leshome ho se ke ha e-ba le ea mong oa hae ea ka kenang phuthehong ea Jehova.”—De 23:2.
LA 27 DECEMBER–LA 2 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAAHLOLI 13-14
“Batsoali ba ka Ithuta’ng ho Manooa le Mosali oa Hae?”
Batsoali Koetlisang Bana ba Lona ho Tloha Boseeng
Nahana ka tlaleho ea Modane ea bitsoang Manooa, ea neng a lula motseng oa Zora, Iseraele ea boholo-holo. Lengeloi la Jehova le ile la bolella mosali oa Manooa oa nyopa hore o ne a tla beleha mora. (Baahl.13:2, 3) Ha ho potang hore Manooa ea tšepahalang le mosali oa hae ba ile ba thaba haholo ka lebaka la tebello eo. Leha ho le joalo, ho ne ho boetse ho e-na le lintho tseo ba tšoenyehileng ka tsona. Kahoo, Manooa o ile a rapela a re: “Ntšoarele, Jehova. Monna oa Molimo oa ’nete eo o sa tsoa mo romela, ka kopo, e re a boele a tle ho rona ’me a re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.” (Baahl. 13:8) Manooa le mosali oa hae ba ne ba tšoenyehile ka kholiso ea ngoana oa bona. Ha ho potang hore ba ile ba ruta mora oa bona Samsone molao oa Molimo ’me boiteko ba bona bo ile ba atleha. Bibele e re: ‘Ka mor’a nako moea oa Jehova oa qala ho susumetsa [Samsone].’ Ka lebaka leo, Samsone o ile a etsa mesebetsi e mengata e matla e le e mong oa baahloli ba Iseraele.—Baahl. 13:25; 14:5, 6; 15:14, 15.
Samsone o Hlola ka Matla a Jehova!
Ha Samsone a ntse a hola, “Jehova a tsoela pele ho mo hlohonolofatsa.” (Baahloli 13:24) Ka tsatsi le leng Samsone o ile a ea ho ntat’ae le ’m’ae eaba o re: “Ke bone mosali Timna oa barali ba Bafilista, ’me joale mphumaneleng eena hore e be mosali oa ka.” (Baahloli 14:2) U ka inahanela feela hore na ba ile ba makala joang. Ho e-na le ho lokolla Baiseraele matsohong a bahatelli ba bona, mora oa bona o ne a batla ho etsa selekane sa lenyalo le bona. Ho nka mosali har’a barapeli ba melimo ea bohetene ho ne ho le khahlanong le Molao oa Molimo. (Exoda 34:11-16) Kahoo, batsoali ba ile ba hana ba re: “Na ha ho na mosali har’a barali ba barab’eno le har’a sechaba sohle sa heso, hoo u eang ho nka mosali ho Bafilista ba sa bollang?” Ho sa tsotellehe seo, Samsone o ile a tsitlella a re: “[Mphumaneleng] eena, hobane ke eena ea lokileng mahlong a ka.”—Baahloli 14:3.
Matlotlo a Patiloeng
Samsone o Hlola ka Matla a Jehova!
Mosali eo oa Mofilista o ne ‘a lokile’ ka tsela efe bakeng sa Samsone? Cyclopedia ea McClintock le Strong e re e ne e se ka kutloisiso ea hore o ne a le “motle, a boheha, a hohela, empa o ne a lokile ka kutloisiso ea ho finyella sepheo, morero kapa pakane e itseng.” Morero ofe? Baahloli 14:4 e hlalosa hore Samsone “o ne a batla monyetla khahlanong le Bafilista.” Ona ke oona morero oo Samsone a neng a thahasella mosali enoa ka oona. Ha Samsone a ntse a holela bonneng, “moea oa Jehova oa qala ho mo susumetsa,” kapa ho mo susumelletsa ho nka bohato bo itseng. (Baahloli 13:25) Kahoo ke moea oa Jehova o neng o susumetsa Samsone hore a kope ntho e sa tloaelehang ha a batla mosali hammoho le mosebetsing oohle oa hae oa ho ba moahloli oa Iseraele. Na Samsone o ile a fumana monyetla oo a neng a o batla? A re ke re boneng kamoo Jehova a ileng a mo tiisetsa kateng horse o ne a mo tšehelitse.