-
Ho Sebelisoa Sefate sa Feiga ho Ruta ka TumeloJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 105
Sefate sa Feiga se re Ruta ka Tumelo
MATHEU 21:19-27 MAREKA 11:19-33 LUKA 20:1-8
SEFATE SA FEIGA SE OMELETSENG SE RE RUTA KA TUMELO
JESU OA BOTSOA HORE NA O FUOE MATLA KE MANG
Jesu o tloha Jerusalema ka Mantaha thapama ’me o khutlela Bethani, e letsoapong le ka bochabela la Thaba ea Mehloaare. E ka ’na eaba o robaletsa lelapeng la bo metsoalle ea hae Lazaro, Maria le Maretha.
Ke hoseng ha la 11 Nisane. Jesu le baratuoa ba hae ba leetong le khutlelang Jerusalema ’me lena e tla be e le lekhetlo la ho qetela a e-ba teng tempeleng. Hape lena ke letsatsi la hae la ho qetela a etsa tšebeletso ea hae, joale ka mor’a teng o tla keteka Paseka le ho theha sehopotso sa lefu la hae. Ka mor’a moo, o tla qosoa le ho bolaoa.
Jesu le moifo oa hae ba se ba le haufi le ho kena Jerusalema. Ha ba ntse ba tsamaea ka holim’a Thaba ea Mehloaare, Petrose o bona sefate seo Jesu a ileng a se rohaka ka la maobane hoseng. Joale o re: “Rabi, bona! sefate sa feiga seo u ileng ua se rohaka se omeletse.”—Mareka 11:21.
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa hore sefate seo se omelle? O re: “Kannete ke re ho lona, haeba feela le e-na le tumelo ’me le sa belaele, ha se feela hore le tla etsa seo ke ileng ka se etsa ho sefate sa feiga, empa hape haeba le re ho thaba ena, ‘Phahama ’me u lahleloe ka leoatleng,’ ho tla etsahala. Lintho tsohle tseo le li kopang ka thapelo, le e-na le tumelo, le tla li amohela.” (Matheu 21:21, 22) O pheta ntlha eo a ileng a bua ka eona pejana ea hore tumelo e ka tlosa lithaba.—Matheu 17:20.
Ka ho etsa hore sefate seo se omelle, Jesu o ruta hore re lokela ho ba le tumelo ho Molimo. O re: “Lintho tsohle tseo le li rapellang le ho li kopa le be le tumelo hore le se le hlile le li amohetse, ’me le tla ba le tsona.” (Mareka 11:24) Ke thuto ea bohlokoa hakaakang bakeng sa balateli bohle ba Jesu! Thuto ena ke ea bohlokoa haholo-holo ho baapostola hobane haufinyane ba tla tobana le mathata a boima. Ho omella ha sefate sa feiga ho boetse ho amana ka tsela e itseng le hore na tumelo e matla hakae.
Joaloka sefate sena sa feiga, sechaba sa Iseraele se na le ponahalo e thetsang. Sechaba sena se kene selekaneng le Molimo, ’me se ka bonahala eka se mamela Molao oa hae. Leha ho le joalo, sechaba ka kakaretso se ipakile se sena tumelo se bile se sa behe litholoana tse ntle, hape se latola le Mor’a Molimo. Kahoo, ha Jesu a etsa hore sefate seo sa feiga se sa beheng se omelle, o ne a bontša hore na phello ea sechaba sena se sa beheng litholoana le se hlokang tumelo e tla ba efe.
Ka mor’a nakoana, Jesu le barutuoa ba hae ba kena Jerusalema. Joalokaha a tloaetse, o ea tempeleng ’me o ruta batho. Baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba tla ho Jesu ba re: “U etsa lintho tsee ka matla afe? kapa ke mang ea u fileng matla aa a ho etsa lintho tsee?” (Mareka 11:28) Mohlomong ba bua sena ba nahanne ka seo a se entseng ka la maobane ha a ne a leleka batho ba chenchang chelete.
Jesu o ba araba ka ho re: “Ke tla le botsa potso e le ’ngoe. Le nkarabe, ’me le ’na ke tla le bolella hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe. Na kolobetso ea Johanne e ne e tsoa leholimong kapa ho batho? Nkarabeng.” Joale litaba li nka mothinya osele. Baprista le banna ba baholo baa botsana hore na ba mo arabele joang, ba re: “Haeba re re, ‘E tsoa leholimong,’ o tla re, ‘Ka hona, ke hobane’ng ha le sa ka la mo lumela?’ Empa na re ka iteta lifuba ra re, ‘E tsoa ho batho’?” Ba bua tjena hobane ba tšaba bongata, “kaha bona kaofela bo ne bo nka hore ka sebele Johanne e ne e bile moprofeta.”—Mareka 11:29-32.
Bahanyetsi ba Jesu ba sitoa ho fumana karabo e loketseng. Kahoo ba re: “Ha re tsebe.” Jesu le eena o ba araba ka ho re: “Le ’na ha ke le bolelle hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.”—Mareka 11:33.
-
-
Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a MoraraJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 106
Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo A Morara
MATHEU 21: 28-46 MAREKA 12:1-12 LUKA 20:9-19
PAPISO EA BARA BA BABELI
PAPISO EA BALEMI BA TŠIMO EA MORARA
Jesu o tempeleng ’me o sa tsoa tsietsa baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ha ba mo botsa hore na o fuoe matla ke mang. Karabo ea Jesu e ba koala melomo. Ka mor’a moo, o etsa papiso e pepesang hore na ha e le hantle ke batho ba mofuta ofe.
Jesu o re: “Monna e mong o ne a e-na le bana ba babeli. Ha a e-ea ho oa pele, a re, ‘Ngoana, e-ea u e’o sebetsa serapeng sa morara kajeno.’ Enoa ha a araba a re, ‘Ke tla ea, mohlomphehi,’ empa a se ke a ea. Ha a atamela oa bobeli, a bua se tšoanang. Enoa ha a araba a re, ‘Nke ke.’ Ka mor’a moo a ikutloa a soabile ’me a ea. Ke ofe ho ba babeli baa ea ileng a etsa thato ea ntat’ae?” (Matheu 21:28-31) Ha ho potang hore mora oa bobeli ke eena eo qetellong a entseng thato ea ntate oa hae.
Joale Jesu o re ho bahanyetsi ba hae: “Kannete ke re ho lona babokelli ba lekhetho le liotsoa ba le etella pele ho kena ’Musong oa Molimo.” Qalong, babokelli ba lekhetho le liotsoa ba ne ba ke ke ba sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, joaloka mora oa bobeli, hamorao ba ile ba baka ’me ba se ba sebeletsa Molimo. Ka lehlakoreng le leng, baeta-pele ba bolumeli ba tšoana le mora oa pele, kaha ba ipolelisa ka hore ba sebeletsa Molimo empa ba hloleha ho etsa joalo. Jesu o tsoela pele ho re: “Johanne [Mokolobetsi] o ile a tla ho lona ka tsela ea ho loka, empa ha lea ka la mo lumela. Leha ho le joalo, babokelli ba lekhetho le liotsoa ba ile ba mo lumela, ’me lona, le hoja le ile la bona sena, ha lea ka la ikutloa le soabile ka mor’a moo e le hore le mo lumele.”—Matheu 21:31, 32.
Jesu o etsa papiso e ’ngoe ka mor’a eo. Lekhetlong lena, Jesu o bontša hore ho se natse ho sebeletsa Molimo ha baeta-pele ba bolumeli ho tebile ho feta kamoo ho bonahalang kateng. Ha e le hantle ba khopo. Jesu o re: “Motho e mong o ile a lema serapa sa morara, ’me a etsa motero ho se potoloha, eaba o cheka sekhakeletsi sa sehatelo sa veine ’me o emisa tora, eaba o se hirisetsa balemi, ’me o etela hole. Joale ka nako e loketseng a romela lekhoba ho balemi, e le hore a ka fumana tse ling tsa litholoana tsa serapa sa morara ho balemi. Empa ba le nka, ba le khakhatha ’me ba le khutlisa le se na letho. Eaba o boetse o roma lekhoba le leng ho bona, ’me lona ba le otla hloohong ’me ba le hlompholla. Eaba o roma le leng, ’me lona ba le bolaea, le a mang a mangata, ao a mang a ’ona ba ileng ba a khakhatha ’me a mang a ’ona ba a bolaea.”—Mareka 12:1-5.
Na batho ba mametseng papiso ea Jesu ba tla e utloisisa? Ba ka ’na ba hopola mantsoe a Esaia ha a ne a nyatsa a re: “Serapa sa morara sa Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele, ’me batho ba Juda ke sebaka se lenngoeng seo a neng a se rata. O ile a ’na a lebella kahlolo, empa, bonang! tlolo ea molao.” (Esaia 5:7) Papiso ea Jesu e tšoana le ena. Mong’a tšimo ke Jehova, ’me serapa sa morara ke sechaba sa Iseraele se kampetsoeng le ho sireletsoa ka Molao oa Molimo. Jehova o romme baprofeta hore ba rute batho ba hae le ho ba thusa ho hlahisa litholoana tse ntle.
Leha ho le joalo, “balemi” ba ile ba tšoara “makhoba” a romeletsoeng ho bona hampe ’me ba a bolaea. Jesu oa hlalosa o re: “[Mong’a tšimo ea morara] o ne a e-na le e mong hape, mora ea ratoang. A mo roma ho bona qetellong, a re, ‘Ba tla hlompha mora oa ka.’ Empa balemi bao ba buisana ba re, ‘Enoa ke eena mojalefa. Tloong, a re mo bolaeeng, ’me lefa e tla ba la rona.’ Kahoo ba mo nka ’me ba mo bolaea.”—Mareka 12:6-8.
Joale Jesu oa botsa o re: “Mong’a serapa sa morara o tla etsa’ng?” (Mareka 12:9) Baeta-pele ba bolumeli baa mo araba ba re: “Kahobane ba babe, o tla ba timetsa hampe ’me o tla hirisetsa balemi ba bang serapa seo sa morara, ba tla mo fa litholoana ha e e-ba nako ea tsona.”—Matheu 21:41.
Kahoo, baeta-pele bao ba bolumeli ba ikahlola ba sa hlokomele, kaha ke karolo ea sechaba sa Iseraele e leng “balemi” ba “tšimo ea morara” ea Jehova. Litholoana tseo ka tšoanelo Jehova a li lebeletseng ho balemi bao, li akarelletsa hore ba lumele ho Mora oa hae, Mesia. Jesu o sheba baeta-pele ba bolumeli, ’me o re: “Na ha le e-s’o ka le bala lengolo lee, ‘Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla, le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho. Le bile teng le tsoa ho Jehova, ’me ke le hlollang mahlong a rona’?” (Mareka 12:10, 11) Joale, Jesu o hlalosa ntlha ea hae o re: “Ke ka lebaka lena ke reng ho lona, ’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lona ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.”—Matheu 21:43.
Bangoli le baprista ba ka sehloohong baa elelloa hore Jesu “o ne a bolela papiso ena a hopotse bona.” (Luka 20:19) Jesu ke eena “mojalefa” ea nepahetseng ’me hona joale ba batla ho mo bolaea ho feta leha e le neng pele. Leha ho le joalo, ba tšaba batho ba bangata ba lumelang hore Jesu ke moprofeta, kahoo ha ba leke ho mo bolaea ka eona nako eo.
-
-
Morena o Bitsetsa ba Menngoeng Moketeng oa LenyaloJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 107
Morena o Bitsetsa ba Menngoeng Moketeng oa Lenyalo
PAPISO EA MOKETE OA LENYALO
Ha tšebeletso ea Jesu e ntse e ea qetellong, o tsoela pele ho pepesa bangoli le baprista ba ka sehloohong a sebelisa lipapiso. Ka lebaka leo, ba batla ho mo bolaea. (Luka 20:19) Leha ho le joalo, Jesu ha a e-s’o qete ka bona.
O pheta papiso e ’ngoe hape o re: “ ’Muso oa maholimo o joaloka motho, morena, ea ileng a etsetsa mora oa hae mokete oa lenyalo. ’Me a romela makhoba a hae ho ea bitsa ba memetsoeng moketeng oa lenyalo, empa ba ne ba sa rate ho tla.” (Matheu 22:2, 3) Jesu o qala papiso ea hae ka ho bua ka “ ’Muso oa maholimo.” Hoa utloahala hore e tlameha ebe “morena” ke Jehova Molimo. Joale, ho thoe’ng ka mora oa morena le ba menngoeng moketeng oa lenyalo? Le boemong bona ho ntse ho se thata ho elelloa hore mora oa morena, ke Mora oa Jehova, eo e leng eena ea ntseng a pheta papiso ena. Hape ha ho thata ho utloisisa hore ba memiloeng ke ba tla ba le Mora ’Musong oa maholimo.
Ho tl’o mengoa bo-mang pele? Jesu la baapostola ba ’nile ba bolella bo-mang ka ’Muso? Esale ba ntse ba bolella Bajuda. (Matheu 10:6, 7; 15:24) Sechaba sena se ile sa amohela selekane sa Molao ka selemo sa 1513, kahoo se ne se fuoe monyetla oa pele oa ho ba karolo ea “ ’muso oa baprista.” (Exoda 19:5-8) Leha ho le joalo, se ne se tla bitsetsoa “moketeng oa lenyalo” neng? Memo eo e tsoile ka selemo sa 29 ha Jesu a qala ho bolela ka ’Muso oa maholimo.
Baiseraele ba bangata ba ile ba etsa’ng? Joalokaha Jesu a boletse, “ba ne ba sa rate ho tla.” Boholo ba baeta-pele ba bolumeli le batho ba bang ha baa ka ba amohela hore Jesu ke Mesia le Morena ea khethiloeng ke Molimo.
Leha ho le joalo, Jesu o bontša hore Bajuda ba tla fumana monyetla o mong hape, o re: “[Morena] a boela a romela makhoba a mang, a re, ‘Bolellang ba memiloeng: “Bonang! Ke lokisitse lijo tsa ka tsa motšehare, lipoho le liphoofolo tsa ka tse nontšitsoeng li hlabiloe, ’me lintho tsohle li lokile. Tloong moketeng oa lenyalo.” ’ Empa ka ho se tsotelle ba tloha, e mong a ea tšimong ea hae, e mong a ea khoebong ea hae, empa ba bang kaofela, ha ba tšoara makhoba a hae, ba a nyelisa ’me ba a bolaea.” (Matheu 22:4-6) Seo se lumellana le se neng se tla etsahala ha phutheho ea Bokreste e thehoa. Ka nako eo, Bajuda ba ne ba ntse ba e-na le monyetla oa ho ba karolo ea ’Muso, empa ba ile ba hana memo eo, ba qetella ka ho hlekefetsa ‘makhoba a morena.’—Liketso 4:13-18; 7:54, 58.
Sechaba se ile sa khola litholoana life? Jesu oa hlalosa, o re: “Morena a tlala khalefo, ’me a romela mabotho a hae eaba o timetsa babolai bao ’me o chesa motse oa bona.” (Matheu 22:7) Ke sona se etsahaletseng Bajuda ka selemo sa 70 ha Baroma ba ne ba timetsa Jerusalema, “motse oa bona.”
Na taba ea hore ba hanne memo ea morena e bolela hore ha ho sa tla ba le motho ea tla mengoa? Eseng ho ea ka papiso ea Jesu. O tsoela pele ho re: “Joale [morena] a re ho makhoba a hae, ‘Ka sebele mokete oa lenyalo o lokile, empa ba neng ba memiloe ba ne ba sa tšoanelehe. Ka hona e-eang litseleng tse tsoelang ka ntle ho motse, ’me leha e le mang eo le mo fumanang le mo memele moketeng oa lenyalo.’ Ka lebaka leo makhoba ao a tsoela litseleng ’me a bokella bohle bao a ba fumaneng, ba khopo le ba molemo, ’me kamore ea litšebeletso tsa lechato ea tlala ba otlileng ka lehlakore tafoleng.”—Matheu 22:8-10.
Moapostola Petrose o ne a tla thusa Balichaba, e leng batho bao e seng Bajuda ka tsoalo kapa ka bolumeli, hore e be Bakreste ba ’nete. Ka selemo sa 36, molaoli oa lebotho la Roma Korneliase le ba lelapa la hae ba ile ba amohela moea oa Molimo ’me ba ba le tšepo ea ho ba karolo ea ’Muso oa Molimo leholimong, oo Jesu a buileng ka ’ona.—Liketso 10:1, 34-48.
Jesu o bontša hore ha se bohle ba tlang moketeng bao qetellong ba tla amoheloa ke “morena.” O re: “Ha morena a kena ho tla hlahloba baeti a re heli! ’me a bona mane monna e mong ea sa aparang seaparo sa lenyalo. Kahoo a re ho eena, ‘Monn’a heso, u kene joang ka moo u sa apara seaparo sa lenyalo?’ A se ke a khona ho bua. Joale morena a re ho bahlanka ba hae, ‘Mo tlameng maoto le matsoho ’me le mo lahlele lefifing ka ntle. Ke moo ho lla ha hae le ho tsikitlanya meno ho tla ba teng.’ Etsoe ba memiloeng ba bangata, empa ho khethiloe ba seng bakae.”—Matheu 22:11-14.
Ho ka etsahala hore ebe baeta-pele ba bolumeli ba mametseng Jesu ha ba utloisise seo a se bolelang. Ho ntse ho le joalo, ba ntse ba sa thaba ’me ba ikemiselitse ho feta leha e le neng pele ho bolaea motho enoa ea ba tlotlollang.
-
-
Jesu o Nyopisa Matsapa a Hore ba mo TšoaseJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 108
Jesu o Nyopisa Matsapa a Hore ba mo Tšoase
MATHEU 22:15-40 MAREKA 12:13-34 LUKA 20:20-40
LINTHO TSA CESARE HO CESARE
NA LENYALO LE TLA BA TENG KA MOR’A TSOHO EA BAFU?
LITAELO TSE KHOLO KA HO FETESISA MOLAONG
Lira tsa Jesu li pelo-bohloko. O qeta ho etsa lipapiso tse pepesang bokhopo ba tsona. Joale Bafarisi ba etsa ’momori oa ho mo chehela sefi. Ba leka ho etsa hore a bue ntho e ka etsang hore a iphumane a fahlile ’muso oa Roma ka lehlabathe, kahoo ba patala ba bang ba barutuoa ba bona hore ba mo chehele leraba.—Luka 6:7.
Barutuoa ba bona ba re ho Jesu: “Mosuoe, rea tseba hore u bua le ho ruta ka nepo ’me ha u bontše leeme, empa u ruta tsela ea Molimo tumellanong le ’nete: Na ho lumelloa ke Molao hore re lefe lekhetho ho Cesare kapa che?” (Luka 20:21, 22) Jesu ha a ee le khongoana holimo kaha oa bona hore maholi a patile maeba. Haeba a araba ka ho re ha baa tlameha ho lefa lekhetho, o tla qosoa ka ho hlohlelletsa bofetoheli khahlanong le Roma. Ha a ka re, ‘E, lefang lekhetho lena,’ batho ba sa batleng ho ba tlas’a puso ea Roma, ba ka ’na ba mo utloella ’me ba mo fetohela. Joale o araba joang?
Jesu o re: “Baikaketsi, le ntekela’ng? Mpontšeng chelete ea tšepe ea lekhetho la hlooho.” Ba mo tlisetsa denari, ’me o re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Cesare.” Kahoo, Jesu o araba ka boqhetseke o re: “Ka hona, le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”—Matheu 22:18-21.
Banna bana ba ne ba sa lebella karabo e tjena! Kaha karabo ea Jesu e ba koetse melomo, ba tloha ba hoshola. Leha ho le joalo, lira tsa Jesu li itekella hape letsatsing lona leo. Baeta-pele ba sehlopha se seng sa bolumeli e leng Basaduse, ba leka leoa le leng.
Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu, ba hlaha ka potso e amanang le tsoho ea bafu le ho kenela motho ea hlokahetseng lenyalong. Baa botsa ba re: “Mosuoe, Moshe o ile a re, ‘Haeba monna leha e le ofe a shoa a se na bana, mor’abo o tla nyala mosali oa hae ’me a hlahisetse mor’abo bana.’ Joale ho ne ho e-na le bara ba motho ba supileng ba e-na le rona, oa pele a nyala eaba oa shoa, ’me, kahobane a se na bana, a siela mor’abo mosali oa hae. Ha e-ba ka tsela e tšoanang le ho oa bobeli le oa boraro, ho fihlela ba supileng ba feletse kaofela. Qetellong ho bohle mosali eo a shoa. Ka lebaka leo, tsohong, e tla ba mosali oa ofe ho baa ba supileng? Etsoe kaofela ba ile ba ba le eena.”—Matheu 22:24-28.
Jesu o ba araba ka ho sebelisa seo Moshe a ileng a se ngola, e leng seo Basaduse ba se lumelang. O re: “Na hase ka lebaka lee le fositseng, ho se tsebe ha lona Mangolo leha e le ’ona matla a Molimo? Etsoe ha ba tsoha bafung, banna ha ba nyale kapa hona hore basali baa nyalisoa, empa ba joaloka mangeloi maholimong. Empa malebana le bafu, hore baa tsosoa, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, tlalehong e mabapi le sehlahla se meutloa, kamoo Molimo a ileng a re ho eena, ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo’? Eena ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu. Le fositse haholo.” (Mareka 12:24-27;Exoda 3:1-6) Letsoele le hlolletsoe haholo ke karabo ea Jesu.
Jesu o koetse Bafarisi le Basaduse melomo, kahoo lihlopha tsena tse peli li iketsa khokanyan’a phiri ’me li leka Jesu ho ea pele. Mongoli e mong o botsa Jesu o re: “Mosuoe, taelo e kholo ke efe Molaong?”—Matheu 22:36.
Jesu o araba ka ho re: “Ea pele ke ena, ‘Utloa, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa rona ke Jehova a le mong, ’me u rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.’ Ea bobeli ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Ha ho taelo e ’ngoe e kholo ho feta tsena.”—Mareka 12:29-31.
Ha mongoli a utloa karabo ea Jesu o re: “Mosuoe, u boletse hantle tumellanong le ’nete, ‘O Mong, ’me ha ho e mong ntle ho Eena,’ ’me ho mo rata ka pelo eohle ea motho le ka kutloisiso eohle ea motho le ka matla ’ohle a motho le ho rata moahelani oa motho joalokaha motho a ithata ke habohlokoa haholo ho feta linyehelo tsohle tse feletseng tsa secheso le mahlabelo ’ohle.” Ha Jesu a hlokomela hore mongoli eo o arabile ka bohlale, o re ho eena: “Ha u hole le ’Muso oa Molimo.”—Mareka 12:32-34.
Haesale Jesu a ruta ka tempeleng ka matsatsi a mararo kaofela (La 9 Nisane, 10 Nisane le 11 Nisane). Batho ba bang ba ile ba thabela ho mo mamela, ho akarelletsa le mongoli enoa, haese baeta-pele ba bolumeli, bao hona joale ba se nang “sebete sa ho mo botsa” ho ea pele.
-
-
Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba HaeJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 109
Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba hae
MATHEU 22:41–23:24 MAREKA 12:35-40 LUKA 20:41-47
KRESTE KE MOR’A MANG?
JESU O PEPESA BOIKAKETSI BA BAHANYETSI BA HAE
Bahanyetsi ba Jesu ba hloleha ho mo senya lebitso le ho mo tšoasa e le hore a qosoe ke Baroma. (Luka 20:20) Hona joale maemo a fetohile. E se e le eena ea ba hlomang lipotso ’me oa senola hore na ha e le hantle ke mang. Oa ba botsa, o re: “Le nahana joang ka Kreste? Ke mora oa mang?” (Matheu 22:42) Hoa tsebahala hore Kreste kapa Mesia o tla tsoa lesikeng la Davida. Ke eona karabo eo ba mo fang eona.—Matheu 9:27; 12:23; Johanne 7:42.
Jesu oa ba botsa o re: “Joale, ho tla joang hore Davida ka pululelo a mo bitse ‘Morena,’ a re, ‘Jehova o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao” ’? Ka hona, haeba Davida a mo bitsa ‘Morena,’ ke mora oa hae joang?”—Matheu 22:43-45.
Bafarisi ha ba mo arabe kaha ba tšepile hore setloholo sa Davida se ka ’nang sa ba lokolla pusong ea Roma, ke motho oa nama le mali. Leha ho le joalo, Jesu o sebelisa mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 110:1, 2 ho hlalosa hore Mesia e ke ke ea e-ba morena feela ea tloaelehileng oa nama le mali. Ke Morena oa Davida ’me ka mor’a hore a lule ka letsohong le letona la Molimo, o tla qala ho busa. Karabo ea Jesu e etsa hore bahanyetsi ba hae ba thole tu!
Esale barutuoa le batho ba bang ba mametse. Joale Jesu o bua le bona, a ba lemosa ka bangoli le Bafarisi. Banna bana “ba lutse setulong sa Moshe” e le ho ruta Molao oa Molimo. Jesu o laela bamameli ba hae o re: “Lintho tsohle tseo ba le bolellang tsona, le li etse ’me le li boloke, empa le se ke la etsa ho ea ka liketso tsa bona, kaha baa bua empa ha ba etse.”—Matheu 23:2, 3.
Joale Jesu o fana ka mehlala ea boikaketsi ba bona. O re: “Ba atolosa mabokosana [a tšetseng mangolo] ao ba a roalang e le litšireletso.” Bajuda ba bang ba ne ba fasa mabokose ana a manyenyane a tšetseng litemana tse khutšoanyane tsa Molao phatleng kapa sephakeng. Bafarisi ba etsa hore a bona a be maholoanyane e le hore ba fane ka maikutlo a hore ba chesehela Molao. Ba boetse ba lelefalitse “mephetho e litjellane ea liaparo tsa bona.” Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa litjellane kapa litjobo liaparong tsa bona, empa Bafarisi bona ba etsa bonnete ba hore litjobo tsa bona li telele haholo. (Numere 15:38-40) Tsena tsohle ba li etsa e le “hore ba bonoe ke batho.”—Matheu 23:5.
Le barutuoa ba Jesu ba ka hahlameloa ke takatso ea ho batla ho phahamela ba bang. Kahoo, Jesu oa ba eletsa o re: “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lona o mong, athe lona bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lona lefatšeng, kaha Ntat’a lona o mong, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lona o mong, Kreste.” Joale barutuoa ba lokela ho inka joang le ho itšoara joang? Jesu o re ho bona: “E moholo har’a lona e lokela ho ba mosebeletsi oa lona. Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Matheu 23:8-12.
Ka mor’a moo, Jesu o phatlalatsa kamoo bangoli le Bafarisi bana ba ikaketsang ba leng malimabe kateng. O re: “Ho malimabe lona, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le koalla batho ’Muso oa maholimo kaha lona ha le kene, ’me ba tseleng ea hore ba kene ha le ba lumelle ho kena.”—Matheu 23:13.
Jesu o nyatsa hore ebe Bafarisi ha ba tsotelle hore na ke eng eo e hlileng e leng ea bohlokoa mahlong a Jehova kaha ba amehile ka hore na bona ba nahana joang. Ka mohlala, ba re: “Haeba mang kapa mang a hlapanya ka tempele, ha se letho, empa haeba mang kapa mang a hlapanya ka khauta ea tempele, oa tlameha.” Sena se bontša hore ba lefifing la bo-nka-ntjana ha ho tluoa tabeng ea ho khetholla lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. Ba nka khauta ea tempele e le ea bohlokoa ho feta tempele ka boeona, e leng sebaka seo batho ba rapellang Jehova ho sona. Hape, ba “hlokomolohile litaba tse toma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.”—Matheu 23:16, 23; Luka 11:42.
Jesu o bitsa Bafarisi bana “batataisi ba foufetseng, ba sefang monoang empa ba koenya kamele!” (Matheu 23:24) Ba okola monoang veineng ea bona hobane kokoanyana eo ha ea hloeka ho ea ka Molao. Leha ho le joalo, tsela eo ba hlokomolohang litaba tse kholo tsa Molao ka eona e tšoana le ha ba koenya kamele, e leng e ’ngoe ea liphoofolo tse sa hloekang ho ea ka Molao, empa eona e le kholo haholo.—Levitike 11:4, 21-24.
-
-
Letsatsi la ho Qetela la Jesu TempelengJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 110
Letsatsi la ho Qetela la Jesu Tempeleng
MATHEU 23:25–24:2 MAREKA 12:41–13:2 LUKA 21:1-6
JESU O TSOELA PELE HO NYATSA BAETA-PELE BA BOLUMELI
TEMPELE E TLA TIMETSOA
MOHLOLOHALI OA MOFUTSANA O FANA KA LICHELE TSE PELI TSA TŠEPE
Nakong eo Jesu a leng tempeleng ka lekhetlo la ho qetela, o tsoela pele ho pepesa boikaketsi ba bangoli le Bafarisi ’me o ba bitsa baikaketsi phatlalatsa. O etsa mohlala o re: “Le hloekisa bokantle ba senoelo le ba sejana, empa ka hare li tletse tse tlatlapuoeng le ho se lekanyetse. Mofarisi ea foufetseng, hloekisa bokahare ba senoelo le ba sejana pele, e le hore bokantle ba sona le bona bo ka hloeka.” (Matheu 23:25, 26) Le hoja Bafarisi ba le hlokolosi ha ho tluoa tabeng ea ho hloeka ho ea ka Molao ’me ba amehile ka hore na ba bonahala joang ka pel’a ba bang, ba iphapanyetsa seo ba hlileng ba leng sona ka hare ’me ba hloleha ho hloekisa lipelo tsa bona tsa tšoantšetso.
Boikaketsi ba bona bo boetse bo bonahala tseleng eo ba ikemiselitseng ho khabisa mabitla a baprofeta kateng. Leha ho le joalo, ke “bara ba ba ileng ba bolaea baprofeta” joalokaha Jesu a bolela. (Matheu 23:31) Sena se bonahetse ha ba leka ho bolaea Jesu.—Johanne 5:18; 7:1, 25.
Joale Jesu o bua ka se larileng ka pele bakeng sa baeta-pele bana ba bolumeli haeba ba sa bake, o re: “Linoha, malinyane a bo-marabe, le tla balehela kahlolo ea Gehena joang?” (Matheu 23:33) Phula ea Hinome e haufi le moo, e sebelisetsoa ho chesa toti, e leng se bontšang ka ho hlaka hore na bangoli le Bafarisi ba tjametsoe ke timetso ea mofuta ofe.
Barutuoa ba Jesu ba tla mo emela e le “baprofeta le banna ba bohlale le barupeli ba sechaba.” Batho ba tla ba tšoara joang? Jesu o re ho baeta-pele ba bolumeli: “Ba bang ba bona le tla ba bolaea ’me le ba khokhothele thupeng, ’me ba bang ba bona le tla ba shapa ka lisynagogeng tsa lona ’me le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, e le hore mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng a ka tla holim’a lona, ho tloha maling a Abele ea lokileng ho ea maling a Zakaria . . . eo le ileng la mo [bolaea].” Joale o fana ka temoso ena: “Kannete ke re ho lona, lintho tsena tsohle li tla tlela moloko ona.” (Matheu 23:34-36) Sena se etsahala ka selemo sa 70 ha masole a Roma a timetsa Jerusalema ’me Bajuda ba likete ba shoa.
Jesu oa tšoenyeha ha a nahana ka boemo bona bo tšosang. O bua a hloname o re: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena, ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle. Bonang! Ntlo ea lona e tlohetsoe ho lona.” (Matheu 23:37, 38) E tlameha ebe batho ba mametseng mantsoe ana baa ipotsa hore na o bua ka “ntlo” efe. Na ho ka etsahala hore ebe o bua ka tempele e hlolloang e Jerusalema, eo ho bonahalang Molimo a e sirelelitse?
Jesu o tsoela pele o re: “Ke re ho lona, ho hang le ke ke la mpona ho tloha joale ho ea pele ho fihlela le re, ‘Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova!’ ” (Matheu 23:39) O qotsa mantseo a boprofeta a hlahang ho Pesaleme ea 118:26, a reng: “Ho hlohonolofatsoe Ea tlang ka lebitso la Jehova, re le bokile lona ba tsoang ntlong ea Jehova.” Ho hlakile hore ha mohaho ona oa tempele o timetsoa, ha ho na motho ea tla tla ho oona a tlil’o rapela Molimo.
Joale, Jesu o ea karolong e ’ngoe ea tempele moo ho nang le matlole a polokelo ea matlotlo a bopehileng joaloka literompeta. Batho ba ka tšela menehelo ea bona ka lesoba le lenyenyane le ka holimo. Jesu o bona Bajuda ba bangata ba etsa sona seo. Barui “ba akhela lichelete tse ngata tsa tšepe” e le mpho. Joale Jesu o bona mohlolohali ea futsanehileng a tšela “licheletana tse peli tsa tšepe, tsa boleng bo bonyenyane haholo.” (Mareka 12:41, 42) Ha ho pelaelo hore Jesu oa tseba hore Molimo o khahlisoa ke mpho ea hae.
Jesu o bitsa barutuoa ba hae, o re: “Kannete ke re ho lona mohlolohali enoa oa mofutsana o akhetse ho fetang ha bohle ba akhelang chelete ka matloleng a polokelo ea matlotlo.” Ho tla joang? Jesu oa hlalosa o re: “Kaofela ba akhetse ho tsoa botlallong ba bona, empa eena, ho tsoa bohloking ba hae, o akhetse sohle seo a neng a e-na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.” (Mareka 12:43, 44) Menahano ea hae le liketso tsa hae li fapane hakaakang le tsa baeta-pele ba bolumeli!
Ha letsatsi la la 11 Nisane le ntse le e-ea, Jesu o tloha tempeleng ka lekhetlo la ho qetela. E mong oa barutuoa ba hae oa khotsa o re: “Mosuoe, bona! hore na ke majoe a mofuta ofe le mehaho ea mofuta ofe!” (Mareka 13:1) Ruri a mang a majoe a leboteng la tempele a maholo haholo ’me a ka etsa hore motho a nke hore e tiile le hore e tla tšoarella. Leha ho le joalo, Jesu o bua ntho e makatsang o re: “Na u bona mehaho ee e meholo? Ho hang ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.”—Mareka 13:2.
Ka mor’a ho bua lintho tsena, Jesu le baapostola ba hae ba tšela Phula ea Kidrone ’me ba hloella Thabeng ea Mehloaare. Ha ba le kae-kae, eena le baapostola ba hae ba banè e leng Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne, ba ema moo ba khonang ho bona tempele ena e hlollang.
-
-
Baapostola ba Kopa PontšoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 111
Baapostola ba Kopa Pontšo
MATHEU 24:3-51 MAREKA 13:3-37 LUKA 21:7-38
BAAPOSTOLA BA BANÈ BA KOPA PONTŠO
PONTŠO E BONAHALA LEKHOLONG LA PELE LA LILELMO LE KA MOR’A TENG
RE TLAMEHA HO LULA RE FALIMEHILE
Ke motšehare oa mantsiboea Labobeli ’me letsatsi la la 11 Nisane le se le le haufi le ho fela. Esale Jesu a phathahane matsatsing a seng makae a fetileng, ’me nako ea hae a le lefatšeng e se e le haufi le ho fela. Motšehare o ne a ruta ka tempeleng ’me bosiu a ea Bethani. Batho “ba ne ba tla ho eena hoseng ka tempeleng ho tla mo utloa” ’me ba ne ba thabela ho mo mamela. (Luka 21:37, 38) Tsena tsohle li fetile ’me Jesu o lutse Thabeng ea Mehloaare le baapostola ba hae ba banè e leng Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne.
Banna bana ba banè ba tlile ho eena boinotšing. Ba amehile ka tempele hobane Jesu o qeta ho ba bolella hore ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a le leng. Leha ho le joalo, ho na le ho hongata ka likelellong tsa bona. Pejana Jesu o ile a ba khothaletsa a re: “Le lule le lokile, hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.” (Luka 12:40) O ile a bua le ka ‘letsatsi leo Mor’a motho a tla senoloa’ ka lona. (Luka 17:30) Na lintho tsee tseo a li buileng li amana le seo a qetang ho se bua ka tempele? Baapostola ba na le tjantjello ea ho tseba. Ba re: “Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—Matheu 24:3.
Mohlomong ba nahanne ka bofelo ba tempele ena eo ba e bonang ha ba le mona. Ba boetse ba botsa ka ho ba teng ha Mor’a Motho. Mohlomong ba hopola papiso ea “monna ea itseng oa tsoalo ea borena” ea ‘ileng a etela naheng e hole ho ea iphumanela matla a borena ’me a khutle.’ (Luka 19:11, 12) Qetellong baa ipotsa hore na “qetello ea tsamaiso ea lintho” e tla akareletsa eng.
Jesu o araba ka tsela e qaqileng ’me o fana ka pontšo e tšoaeang ha tsamaiso ea Sejuda e fela, ho akarelletsa le tempele ea teng. O boetse o fana ka lintlha tse eketsehileng. Pontšo ena e tla thusa Bakreste nakong e tlang ho tseba ha ba se ba phela nakong ea “ho ba teng” ha hae le ha ba phela ho elella bofelong ba lefatše.
Ha lilemo li ntse li e-ea, baapostola ba ela hloko ha boprofeta ba Jesu bo phethahala. Ha e le hantle, lintho tse ngata tseo a ileng a bua ka tsona li qalile bo phethahala nakong eo baapostola ba ntseng ba phela. Kahoo, timetso ea tsamaiso ea Sejuda ha e hlahe Bakreste tsome ha e etsahala ka selemo sa 70, e leng lilemo tse 37 hamorao. Leha ho le joalo, ha se lintho tsohle tseo Jesu a li boletseng tse phethahalang ka selemo sa 70 kapa pele ho moo. Tse ling tsa lintho tseo li phethahala nakong ea ho ba teng ha hae, ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hae? Jesu o bolella baapostola ba hae karabo ea potso eo.
Jesu o re ho tla ba le “lintoa le litlaleho tsa lintoa” le hore “sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:6, 7) O boetse o re “ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Luka 21:11) Jesu o eletsa barutuoa ba hae o re: “Batho ba tla le tšoara ba le hlorise.” (Luka 21:12) Baprofeta ba bohata ba tla hlaha ’me ba khelose batho ba bangata. Tlolo ea molao e tla eketseha ’me lerato la ba bangata le tla fola. Ho phaella moo, Jesu o re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle, joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
Le hoja boprofeta ba Jesu bo phethahala ka tsela e itseng pele ho timetso ea Jerusalema le nakong eo e timetsoang ke Roma, na ho ka etsahala hore ebe boprofeta boo bo ne bo tla phethahala hape hamorao ka tsela e kholoanyane? Na u bona bopaki ba hore boprofeta ba Jesu ba bohlokoa bo ntse bo phethahala mehleng ee?
Ntho e ’ngoe eo Jesu a reng ke karolo ea pontšo ea ho ba teng ha hae ke ho hlaha ha “ntho e nyonyehang e bakang lesupi.” (Matheu 24:15) Ka selemo sa 66, ntho ena e nyonyehang e hlaha e le mabotho a Roma a hlommeng liahelo, a e-na le lifolakha tsa melimo ea bohata. Masole a Roma a lika-liketsa Jerusalema ’me a cheka mekoti tlas’a a mang a marako. (Luka 21:20) Ka tsela eo, “ntho e nyonyehang” e eme moo e sa lokelang ho ema, e leng moo Bajuda ba nkang e le “sebakeng se halalelang.”
Jesu o tsoela pele o re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” Ka selemo sa 70, masole a Roma a timetsa Jerusalema. Ho timetsoa ha ‘motse o halalelang’ oa Bajuda le tempele ea ’ona, ho ipaka e le matšoenyeho a maholo ’me batho ba likete baa bolaoa. (Matheu 4:5; 24:21) Tsela eo Jerusalema e senyehang ka eona lekhetlong lena e feta hole makhetlo a mang ’ohle ao e kileng ea senngoa ka ’ona. Timetso ena e boetse e felisa tsela e hlophisehileng eo Bajuda ba ’nileng ba rapela ka eona ka lilemo tse ngata. Kahoo, ho hlakile hore ha boprofeta bona bo phethahala ka tsela e kholoanyane, e tla ba e tšosang.
HO BA LE TŠEPO EA HORE BOPROFETA BO TLA PHETHAHALA
Puisano ea Jesu le baapostola mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae e le Morena oa ’Muso oa Molimo le ea qetello ea tsamaiso ea lintho, e hole le ho fela. O ba lemosa ka ho lelekisa “bo-Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata.” Jesu o re ba tla etsa boiteko ba ho ‘khelosa esita le bakhethoa, haeba ho khoneha.’ (Matheu 24:24) Leha ho le joalo, bakhethoa ba ke ke ba khelosoa. Ntho feela eo bo-Kreste bana ba ka e etsang ke hore ba bonoe ke batho. Leha ho le joalo, ha Jesu a qala ho busa ’Musong oa hae, ha ho motho ea tla ho bona ka mahlo a hae.
Ha a bua ka matšoenyeho a maholo a tla qhoma qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, Jesu o re: “Letsatsi le tla fifala, ’me khoeli e ke ke ea fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a tla sisinyeha.” (Matheu 24:29) Ha baapostola ba utloa tlhaloso eo e tšosang, ha ba tsebe hantle hore na ho tl’o etsahala’ng empa ba kholisehile hore e tla be e le ntho e tšosang.
Liketsahalo tsee tse makatsang li tla ama batho joang? Jesu o re: “Batho ba ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona, etsoe matla a maholimo a tla sisinyeha.” (Luka 21:26) Ha e le hantle, Jesu o hlalosa nako e tla ba boima ka ho fetisisa bophelong esale batho ba e-ba teng.
Jesu o khothatsa baapostola ba hae ka ho ba hlakisetsa hore ha se lintho tsohle tse tla ba bohloko ha “Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e kholo.” (Matheu 24:30) O se a bontšitse hore Molimo o tla kenella “ka lebaka la bakhethoa.” (Matheu 24:22) Kahoo, baapostola baa ba tšepahalang ba lokela ho etsa’ng ha ba utloa litaba tsee tse makatsang tseo Jesu a reng li tl’o etsahala? Jesu o khothalletsa balateli ba hae o re: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lona ea atamela.”—Luka 21:28.
Ke joang barutuoa ba Jesu ba phelang nakong ena e boletsoeng esale pele ba neng ba ka khona ho fumana hore na bofelo bo haufi hakae? Jesu o etsa papiso ka sefate sa feiga o re: “Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, lea tseba hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lona, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi, o menyako. Kannete ke re ho lona ho hang moloko ona o ke ke oa feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.”—Matheu 24:32-34.
Kahoo, ha barutuoa ba bona likarolo tse fapa-fapaneng tsa pontšo ea mehla ea bofelo li phethahala, ba lokela ho elelloa hore bofelo bo atametse.
Jesu o laela barutuoa ba tla beng ba phela nakong eo ea bohlokoa o re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela. Etsoe feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona, ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:36-39) Jesu o hopotsa barutuoa ba hae ka moroallo oa mehleng ea Noe o ileng oa ama lefatše kaofela.
Ha baapostola ba mametse ha Jesu a ntse a ruta Thabeng ea Mehloaare, e tlameha ebe ba hlokomela bohlokoa ba ho lula ba falimehile. Jesu o re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lona li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlola le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lona hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle. Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:34-36.
Jesu o boetse oa bontša hore seo a se buang se tl’o etsahala ka tsela e pharaletseng. Ha a profete ka liketsahalo tse tla etsahala ka lilemo tse mashome tse tlang le tse tla ama motse oa Jerusalema feela kapa Bajuda. O bua ka liketsahalo tse “tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle.”
Jesu o re barutuoa ba hae ba tla lokela ho lula ba falimehile, ba itebetse ba bile ba le malala-a-laotsoe. Jesu o hatisa temoso ena ka ho etsa mohlala o mong. O re: “Tsebang ntho e le ’ngoe, hore haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a lula a falimehile ’me a se ke a lumella hore ntlo ea hae e thuhuoe. Ka lebaka lena le lona le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.”—Matheu 24:43, 44.
Jesu o tsoela pele ho fa barutuoa ba hae lebaka la ho ba le tšepo. Oa ba tiisetsa hore ha boprofeta ba hae bo phethahala, ho tla ba le “lekhoba” le falimehileng le bileng le leng mafolofolo. Jesu o bua ka ketsahalo eo baapostola ba ka khonang ho inahanela eona ka likelellong tsa bona. O re: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng? Ho thaba lekhoba leo haeba mong’a lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo! Kannete ke re ho lona, O tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” Kahoo, haeba “lekhoba” le e-ba le maikutlo a khopo ’me le tšoara ba bang hampe, mong’a lona “o tla le fa kotlo e matla ka ho fetisisa.”—Matheu 24:45-51; bapisa le Luka 12:45, 46.
Leha ho le joalo, Jesu ha a re sehlopha sa balateli ba hae se tla ba le maikutlo a khopo. Joale, ke thuto efe eo Jesu a batlang ho e hatisa ho barutuoa ba hae? O batla hore ba lule ba falimehile hape ba le mafolofolo, joalokaha a hlakisitse papisong e ’ngoe.
-
-
Papiso ea Baroetsana ba LeshomeJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 112
Papiso ea Baroetsana ba Leshome
JESU O ETSA PAPISO EA BAROETSANA BA LESHOME
Jesu o ne a ntse a araba potso ea baapostola ba hae e mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho. A sa le hona moo, o ba fa temoso e bohlale ka hore a ba etsetse papiso e ’ngoe. Ho phethahala ha papiso ena ho tla bonoa ke ba phelang nakong ea ho ba teng ha hae.
O lelekella papiso ena ka ho re: “ ’Muso oa maholimo o tla ba joaloka baroetsana ba leshome ba ileng ba nka mabone a bona ’me ba tsoa ho ea kopana le monyali. Ba bahlano ba bona e ne e le maoatla, ’me ba bahlano e le ba masene.”—Matheu 25:1, 2.
Jesu ha a bolele hore halofo ea barutuoa ba hae ba ruang ’Muso oa maholimo ke maoatla ’me halofo e ’ngoe e masene. Ho e-na le hoo, o hlakisa taba ea hore ha ho tluoa tabeng ea ’Muso, morutuoa e mong le e mong oa hae o na le bokhoni ba ho ikhethela hore na o tla lula a lebetse kapa che. Leha ho le joalo, Jesu ha a na pelaelo ea hore mohlanka e mong le e mong oa hae o tla lula a tšepahala ’me a fumane litlhohonolofatso tsa Ntate oa hae.
Papisong ena, baroetsana bana ba leshome ba il’o amohela monyali le ho kenella mokolokong oa mokete oa lenyalo. Ha a fihla, baroetsana ba tla khantša tsela ka mabone a bona e le ho hlompha monyali ha a tlisa monyaluoa ntlong eo a e lokiselitsoeng. Leha ho le joalo, lintho li tsamaea joang?
Jesu o re: “Maoatla a ile a nka mabone a ’ona empa a se ke a nka oli, ha ba masene ba ile ba nka oli ka lipitsaneng tsa bona hammoho le mabone a bona. Ha monyali a lieha, ba thibasela kaofela ’me ba robala.” (Matheu 25:3-5) Monyali ha a fihle ka nako. Ho bonahala a liehile hoo baroetsana ba qetellang ba khaleha. Mohlomong baapostola ba hopola papiso ea Jesu ea monna oa tsoalo ea borena ea ileng a etela hole eaba ‘qetellong oa khutla ka mor’a ho iphumanela matla a borena.’—Luka 19:11-15.
Papisong ea baroetsana ba leshome, Jesu oa hlalosa hore na ho etsahala’ng ha monyali a fihla. O re: “Har’a bosiu ha tsoha mohoo, ‘Monyali ke enoa! Tsoang le kopane le eena.’ ” (Matheu 25:6) Na baroetsana baa ba itokisitse le hona ho falimeha?
Jesu o tsoela-pele o re: “Joale baroetsana bao kaofela ba tsoha ’me ba hlophisa mabone a bona. Maoatla a re ho ba masene: ‘Re feng oli e ’ngoe ea lona, hobane mabone a rona a haufi le ho tima.’ Ba masene ba araba ka mantsoe ana: ‘Mohlomong ho ke ke ha e-ba le e lekaneng bakeng sa rona le lona. Ho e-na le hoo, e-eang ho ba e rekisang ’me le ithekele.’ ”—Matheu 25:7-9.
Kahoo, baroetsana ba bahlano ba maoatla ha baa falimeha ebile ha baa itokisetsa ho fihla ha monyali. Ha ba na oli e lekaneng bakeng sa mabone a bona ’me ba lokela ho il’o batla e ’ngoe. Jesu o re: “Ha ba tloha ba il’o reka, monyali a fihla, ’me baroetsana ba neng ba itokisitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo, ’me monyako oa koaloa. Ka mor’a moo baroetsana ba bang kaofela le bona ba tla, ba re, ‘Mohlomphehi, mohlomphehi, re bulele!’ Ha a araba a re, ‘Ke le bolella ’nete, ha ke le tsebe.’ ” (Matheu 25:10-12) Tseo ke litla-morao tse bohloko tsa ho se falimehe le ho se itokise.
Baapostola baa hlokomela hore monyali papisong ena o emela Jesu. Pejana o ile a itšoantša le monyali. (Luka 5:34, 35) Baroetsana ba masene bona ba emela bo-mang? Ha Jesu a bua ka “mohlatsoana,” e leng ba tla fuoa ’Muso, o ile a re: “Matheka a lona a ke a tlangoe ’me mabone a lona a ke a tuke.” (Luka 12:32, 35) Kahoo, papisong ena e buang ka baroetsana, baapostola ba utloisisa hore Jesu o bua ka batho ba tšoanang le bona. Joale, ke molaetsa ofe oo Jesu a batlang ho o fetisa ka papiso ee?
Jesu ha a siee baapostola ba ntse ba ipotsa. O qetella papiso eo ka ho re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—Matheu 25:13.
Ho hlakile hore Jesu o eletsa balateli ba hae ba tšepahalang hore ba tla tlameha hore ba ‘lule ba lebetse’ nakong ea ho tla ha hae. O tla tla ’me ba tlameha ho lula ba itokisitse ba bile ba falimehile joaloka baroetsana ba bahlano ba masene e le hore ba se ke ba lahleheloa ke tšepo ea bona e babatsehang ’me ba hloloa ke moputso oo o ba letetseng.
-
-
Papiso ea LitalentaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 113
Papiso ea Litalenta
JESU O ETSA PAPISO EA LITALENTA
Jesu o bolella baapostola ba hae papiso e ’ngoe ha ba ntse ba le Thabeng ea Mehloaare. Matsatsi a seng makae pejana ha a ntse a le Jeriko, o ile a etsa papiso ea limina ho bontša hore ’Muso o ne o sa le hole le ho fihla. Papiso eo a e etsang hona joale e tšoana le eo ka lintho tse ’maloa. Ke karolo ea karabo ea potso e mabapi le ho ba teng ha hae le qetello ea tsamaiso ea lintho. E hatisa hore barutuoa ba hae ba lokela ho ba mafolofolo mabapi le seo a ba tšepetseng sona.
Jesu o qala ka ho re: “Ho joalokaha motho, ea mothating oa ho etela hole, a ile a bitsa makhoba a hae ’me a beha lintho tsa hae kalosong ea ’ona.” (Matheu 25:14) Joalokaha Jesu a se a ile a itšoantša le monna ea etelang hole “ho ea iphumanela matla a borena,” ho bonolo ho baapostola ho bona hore Jesu ke eena monna eo ho buuoang ka eena hona joale.—Luka 19:12.
Pele monna ea hlahang papisong a etela hole, o beha lintho tsa hae kalosong ea makhoba a hae. Nakong ea lilemo tse tharo le halofo tsa tšebeletso ea hae, Jesu o ne a amehile haholo ka ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ’me o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae ho etsa mosebetsi oo. Hona joale oa tsamaea ’me o kholisehile hore ba tla tsoela pele ba etsa seo a ba koetliselitseng ho se etsa.—Matheu 10:7; Luka 10:1, 8, 9; bapisa le Johanne 4:38; 14:12.
Papisong ea litalenta, monna eo o aba lintho tsa hae joang? Jesu o re: “Le leng a le fa litalenta tse hlano, le leng tse peli, le leng hape e le ’ngoe, le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona, ’me a ea hole.” (Matheu 25:15) Makhoba a tla etsa’ng ka litho tseo tse behiloeng tlhokomelong ea ’ona? Na a tla li sebelisa ka mafolofolo bakeng sa mong’a ’ona?
Jesu o re ho baapostola: “Kapele-pele le ileng la amohela litalenta tse hlano la tsamaea ’me la etsa khoebo ka tsona ’me la fumana tse eketsehileng tse hlano. Ka tsela e tšoanang le ileng la amohela tse peli la fumana tse eketsehileng tse peli. Empa le ileng la amohela e le ’ngoe feela la tloha, ’me la cheka fatše la pata chelete eo ea silevera ea mong’a lona.” (Matheu 25:16-18) Ho tla etsahala’ng ha mong’a makhoba ao a khutla?
Jesu o tsoela pele o re: “Ka mor’a nako e telele mong’a makhoba ao a fihla ’me a lokisa litlaleho le ’ona.” (Matheu 25:19) Makhoba a mabeli a pele a ile a etsa sohle seo a ka se khonang, “le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona.” Makhoba ao ka bobeli a ne a le mafolofolo, a sebetsa ka thata hape a etsa hore se neng se behiloe tlhokomelong ea ’ona se ate. Le neng le fuoe litalenta tse hlano le ile la tlisa litalenta tse hlano tse eketsehileng, le le neng le fuoe tse peli la tlisa tse peli tse eketsehileng. (Mehleng eo, mosebeletsi o ne a lokela ho sebetsa lilemo tse ka bang 19 e le hore a fumane moputso o lekanang le talenta e le ’ngoe.) Mong’a bona o ba babatsa ka tsela e tšoanang o re: “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tšepahalang! U ile ua tšepahala linthong tse seng kae. Ke tla u beha hore u okamele lintho tse ngata. Kena thabong ea mong’a hao.”—Matheu 25:21.
Ka lehlakoreng le leng, lekhoba le fuoeng talenta e le ’ngoe lona le re: “Monghali, ke ile ka tseba hore u motho ea thata, ea kotulang moo u sa kang ua jala le ea bokellang moo u sa kang ua olosa. Kahoo ke ile ka tšoha ’me ka tloha eaba ke pata talenta ea hao fatše. Nka sa hao ke sena.” (Matheu 25:24, 25) Lekhoba lena ha lea boloka chelete eo bankeng e le hore bonyane e etse tsoala bakeng sa mong’a lona. Ha e le hantle, ha lea etsa lintho tumellanong le lithahasello tsa mong’a lona.
Kahoo, ho loketse hore ebe mong’a lona o re ke “lekhoba le khopo le le noabolohang.” Le amohuoa seo le neng le e-na le sona ’me se fuoa lekhoba le ikemiselitseng ho ba mafolofolo. Mong’a makhoba o re: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng ’me o tla ba le ho hongata haholo, empa ha e le ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona.”—Matheu 25:26, 29.
Barutuoa ba Jesu ba na le ho hongata hoo ba lokelang ho nahana ka hona, ho akarelletsa le lintho tseo ba li utloileng papisong ena. Baa hlokomela hore mosebetsi oo Jesu a o behang tlhokomelong ea bona ke oa bohlokoa, e leng boikarabelo ba ho etsa barutuoa. Jesu o lebelletse hore ba be mafolofolo ha ba phetha mosebetsi ona. Ha aa lebella hore kaofela ba sebetse ka ho lekana ha ba etsa mosebetsi oo a ba laetseng hore ba o etse oa ho bolela. Joalokaha ho bontšitsoe, e mong le e mong o lokela ho etsa ‘ho ea ka bokhoni ba hae.’ Ho hang sena ha se bolele hore Jesu o fana ka maikutlo a hore o tla thaba ha morutuoa oa hae a ‘noaboloha’ ’me a hloleha ho etsa sohle seo a ka se khonang ho etsa mosebetsi oo Jesu a mo fileng ’ona.
Leha ho le joalo, e tlameha ebe baapostola ba thabisoa ke tšepiso e reng: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng”!
-
-
Ha Kreste e le Morena, o Tla Ahlola Linku le LipoliJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 114
Ha Kreste e le Morena, O Tla Ahlola Linku Le Lipoli
JESU O ETSA PAPISO EA LINKU LE LIPOLI
Jesu o Thabeng ea Mehloaare ’me o qeta ho bolella barutuoa ba hae papiso ea baroetsana ba leshome le ea litalenta. O qetella karabo ea potso ea barutuoa ba hae e mabapi le ho ba teng ha hae le qetello ea tsamaiso ea lintho joang? O etsa seo ka ho etsa papiso ea ho qetela e buang ka linku le lipoli.
Jesu o qala ka ho ba bolella se tla etsahala, o re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang.” (Matheu 25:31) Jesu o etsa hore ho hlake hore ke eena ea ka sehloohong papisong ena. Hangata o ipitsa “Mor’a motho.”—Matheu 8:20; 9:6; 20:18, 28.
Papiso ee e tla phethahala neng? E tla phethahala ha Jesu a “fihla ka khanya ea hae,” mangeloi a e-na le eena ’me a lula “teroneng ea hae e khanyang.” O se a ile a bua ka ha “Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e kholo” a e-na le mangeloi a hae. Seo se tla etsahala neng? “Kapele-pele ka mor’a matšoenyeho.” (Matheu 24:29-31; Mareka 13:26, 27; Luka 21:27) Kahoo, papiso ena e tla phethahala ha Jesu a tla ka khanya ea hae. O tla etsa’ng ka nako eo?
Jesu o re: “Ha Mor’a motho a fihla . . . , lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipoli. O tla beha linku ka letsohong la hae le letona, empa lipoli a li behe ka ho la hae le letšehali.”—Matheu 25:31-33.
Ha Jesu a bua ka linku tse behoang ka lehlakoreng le amohelehang, o re: “Joale morena o tla re ho ba ka ho la hae le letona, ‘Tloong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’Muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.’ ” (Matheu 25:34) Ke hobane’ng ha linku li amoheloa ke Morena?
Morena oa hlalosa o re: “Ke ile ka lapa ’me la mpha se jeoang, ke ile ka nyoroa ’me la mpha se nooang. Ke ne ke le osele ’me la mpontša kamohelo ea baeti, ke hlobotse, ’me la nkapesa. Ke ile ka kula ’me la ntlhokomela. Ke ne ke le chankaneng ’me la tla ho ’na.” Ha linku tsena ‘tse lokileng’ li mo botsa hore na ke ka tsela efe li ileng tsa etsa lintho tsena tse molemo, Morena o re: “Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.” (Matheu 25:35, 36, 40, 46) Ha ba etse lintho tsena leholimong etsoe ha ho na batho ba kulang kapa ba lapileng moo. Tsena e tlameha e le lintho tseo ba li etsetsang bara ba bo Kreste lefatšeng mona.
Ho thoe’ng ka lipoli tse behiloeng ka lehlakoreng le letšehali? Jesu o re: “Joale [Morena] o tla re ho ba ka ho la hae le letšehali, ‘Tlohang ho ’na, lona ba rohakiloeng, le kene mollong o sa feleng o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae. Etsoe ke ile ka lapa, empa ha lea ka la mpha letho le jeoang, hape ke ile ka nyoroa, empa ha lea ka la mpha letho le nooang. Ke ne ke le osele, empa ha lea ka la mpontša kamohelo ea baeti, ke hlobotse, empa ha lea ka la nkapesa, ke kula ’me ke le chankaneng, empa ha lea ka la ntlhokomela.’ ” (Matheu 25:41-43) Kahlolo ena e ba loketse hobane batho bana ba kang lipoli ba hlolehile ho tšoara bara ba bo Kreste lefatšeng mona ka mosa, joalokaha ba ne ba lokela ho etsa.
Baapostola baa ithuta hore kahlolo ena ea nakong e tlang e tlo ba le liphello tsa ka ho sa feleng. Jesu o re: “Joale [Morena] o tla ba araba ka mantsoe ana, ‘Kannete ke re ho lona, ho isa tekanyong eo ho eona le sa kang la ho etsa ho e mong oa bana ba banyenyane, ha lea ka la ho etsa ho ’na.’ Bana ba tla ea phelisong e sa feleng, empa ba lokileng ba ee bophelong bo sa feleng.”—Matheu 25:45, 46.
Ho na le ho hongata hoo balateli ba Jesu ba ka thuisang ka hona karabong eo Jesu a e fileng baapostola ba hae. Sena se tla ba thusa hore ba hlahlobe maikutlo a bona le liketso tsa bona.
-