Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Jesu o tsamaea holim’a metsi ’me o re Petrose a tle ho eena

      THUTO EA 84

      Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi

      Ha se feela hore Jesu o ne a khona ho folisa batho ba kulang le ho tsosa bafu empa o ne a khona le ho laola lifefo le pula. Ha Jesu a qeta ho rapela thabeng, o ile a sheba tlase Leoatleng la Galilea a bona sefefo. Baapostola ba hae ba ne ba le ka sekepeng ’me maqhubu a matla a se isa koana le koana. Jesu o ile a theoha a tla leoatleng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a ea sekepeng sa barutuoa ba hae. Ha ba bona motho a tsamaea holim’a metsi, ba ile ba tšoha haholo. Empa Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”

      Jesu o tsamaea holim’a metsi ’me o re Petrose a tle ho eena

      Petrose a re: ‘Morena, haeba kannete ke uena, e-re ke tle ho uena ke tsamaea holim’a metsi.’ Jesu a re ho Petrose: ‘Tloo.’ Har’a sefefo seo, Petrose o ile a tsoa ka sekepeng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a lebile ho Jesu. Empa eitse ha a ntse a atamela ho Jesu, Petrose a sheba sefefo eaba oa tšoha ’me o qala ho teba. Petrose a hoeletsa: “Morena, mpholose!” Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara ’me a re ho eena: “Tumelo ea hao e fokola hakaakang! Ke hobane’ng ha u ile oa belaela?”

      Jesu le Petrose ba kena ka sekepeng ’me kapele-pele sefefo sa thola. U nahana hore baapostola ba ne ba ikutloa joang? Ba ile ba re ho Jesu: “Kannete u Mor’a Molimo.”

      Lena e ne e se lekhetlo la pele Jesu a laola boemo ba leholimo. Ka lekhetlo le leng, o ne a tsamaea ka sekepe leoatleng le baapostola ba hae eaba Jesu o ea karolong e ka morao ea sekepe oa robala. Ha a ntse a khalehile, ho ile ha e-ba le sefefo se matla haholo. Maqhubu a leoatle a ne a otla sekepe ’me metsi a qala ho kena ka hare. Baapostola ba tsosa Jesu, ba hoeletsa ba re: ‘Mosuoe, rea shoa! Re thuse!’ Jesu a tsoha ’me a bua le leoatle a re: “Khutsa!” Ka eona nako eo, leoatle le sefefo tsa thola tu! Jesu a botsa baapostola a re: “Ke hobane’ng ha le se na tumelo?” Ba qala ho buisana ba le bang ba re: “Esita le sefefo le leoatle lia mo mamela.” Baapostola ba ile ba ithuta hore haeba ba ne ba tšepile Jesu, ba ne ba sa lokela ho tšaba.

      “Nka be ke le hokae haeba ke ne ke se na tumelo ea hore ke tla bona kamoo Jehova a leng molemo kateng ha ke ntse ke phela?”—Pesaleme ea 27:13

      Lipotso: Ke hobane’ng ha Petrose a ile a qala ho teba? Baapostola ba ile ba ithuta’ng ho Jesu?

      Matheu 8:23-27; 14:23-34; Mareka 4:35-41; 6:45-52; Luka 8:22-25; Johanne 6:16-21

  • Jesu o Folisa Motho ka Sabatha
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Bafarisi ba botsa monna eo e neng e le sefofu lipotso

      THUTO EA 85

      Jesu o Folisa Motho ka Sabatha

      Bafarisi ba ne ba hloile Jesu ’me ba batla ho mo tšoara. Ba ne ba re a se ke a folisa batho ka Sabatha. Ka Sabatha e ’ngoe, Jesu o ile a fumana monna oa mokopa-kopa ea sa boneng a ntse a kopa thuso ho batho seterateng. A re ho baapostola ba hae: ‘Matla a Molimo a tla folisa monna enoa.’ Jesu a etsa seretse ka mathe a hae eaba o tlotsa monna eo ka sona holim’a mahlo. Jesu a re ho eena: ‘Tsamaea u hlatsoe mahlo a hao ka letamong la Siloame.’ Monna eo a etsa joalo, eaba ka lekhetlo la pele bophelong ba hae o qala ho bona.

      Batho ba ne ba maketse. Ba ile ba re: ‘Na monna eo ha se eloa ea neng a lula a kopa kapa o mpa a tšoana le eena?’ Monna eo a re: “Ke ’na.” Batho ba re ho eena: ‘Ho tlile joang hore ebe u se u bona?’ Ka mor’a hore a ba bolelle hore na ho tlile joang, ba mo isa ho Bafarisi.

      Monna eo a re ho Bafarisi: ‘Jesu o ile a ntlotsa ka seretse mahlong eaba o re ke il’o itlhatsoa. Ke ile ka etsa joalo eaba ke qala ho bona.’ Bafarisi ba re: ‘Haeba Jesu o folisa batho ka Sabatha, matla a hae ha a tsoe ho Molimo.’ Ba bang bona ba re: ‘Haeba matla a hae a ne a sa tsoe ho Molimo, o ne a ke ke a khona ho folisa.’

      Bafarisi ba bitsa batsoali ba monna eo eaba ba re ho bona: ‘Ho tlile joang hore ebe mora oa lona o se a bona?’ Batsoali ba hae ba ne ba tšaba ho bua hobane Bafarisi ba ne ba re mang kapa mang ea lumelang ho Jesu o lokela ho lelekoa ka ntlong ea thapelo. Kahoo ba re: ‘Ha re tsebe, mo botseng.’ Bafarisi ba botsa monna eo lipotso tse ling eaba o re: ‘Ke le boleletse lintho tsohle. Ke hobane’ng ha le nkemeletse ka lipotso?’ Bafarisi ba halefa eaba baa mo leleka.

      Jesu a ea ho eena eaba o re: ‘Na u lumela ho Mesia?’ Monna eo a re: ‘Ke ne ke tla lumela ho eena haeba ke tseba hore na ke mang.’ Jesu a re: ‘Ke ’na Mesia.’ Jesu o bile mosa ho monna eo. Ha aa ka a mo folisa feela empa o ile a mo thusa hore a be le tumelo.

      “Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Molimo o matla hakae.”—Matheu 22:29

      Lipotso: Jesu o ile a thusa monna ea sa boneng joang? Ke hobane’ng ha Bafarisi ba ne ba hloile Jesu?

      Johanne 9:1-41

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela