Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jesu o Shoella Golgotha
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Molaoli oa sesole le barutuoa ba bang ba Jesu ba akareletsang Maria le Johanne, ba eme pel’a Jesu ha a ntse a leketlile palong

      THUTO EA 90

      Jesu o Shoella Golgotha

      Baprista ba ka sehloohong ba ile ba isa Jesu ha ’musisi oa setereke Pilato, eaba o botsa baprista o re: ‘Le qosa monna eo ka eng? ’Ba araba ba re: ‘O ipitsa morena!’ Pilato a botsa Jesu a re: “Na u Morena oa Bajuda?” Jesu a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”

      Eaba Pilato o romela Jesu ho Heroda morena oa Galilea ho bona hore na Heroda o tla mo fumana a le molato. Heroda ha aa ka a fumana letho le phoso ka Jesu, eaba o mo khutlisetsa ho Pilato. Pilato a bolella batho a re: ‘’Na le Heroda ha rea fumana letho le phoso ka monna enoa. Ke mo lumella hore a tsamaee.’ Batho ba re: ‘Mo bolaeeng! Mo bolaeeng!’ Masole a ile a shapa Jesu ka sephali a ba a mo tšoela ka mathe. A ile a mo roesa korone ea meutloa hloohong, eaba a re: ‘Lumela Morena oa Bajuda.’ Pilato o ile a pheta hape a re: ‘Ha kea fumana letho le phoso ka monna enoa.’ Empa ba hoeletsa ba re: “Mo khokhotheleng palong!” Eaba Pilato o fana ka eena hore ba mo bolaee.

      Ba ile ba isa Jesu sebakeng se bitsoang Golgotha, ba mo khokhothela palong eaba baa e phahamisa. Jesu o ile a rapela a re: ‘Ntate ba tšoarele. Ha ba tsebe seo ba se etsang.’ Batho ba ne ba tšeha Jesu ba re: ‘Haeba u Mora oa Molimo, itheole palong! Ipholose.’

      Motho e mong ea neng a tlotse molao ea neng a khokhothetsoe pel’a Jesu o ile a re ho eena: “U nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.” Jesu o ile a re ho eena: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” Ho ile ha e-ba lefifi ka lihora tse tharo empa e le motšehare. Barutuoa ba bang ba Jesu le ’mè oa hae, ba ile ba ema pel’a palo eo Jesu a neng a khokhothetsoe ho eona. Jesu o ile a re Johanne a hlokomele Maria joalokaha eka ke ’mè oa hae.

      Eaba Jesu o re: “Ho phethehile!” O ile a inama eaba oa shoa. Ka nako eo, lefatše le ile la thothomela. Lesela le ka tempeleng le neng le le lipakeng tsa Sehalalelo le Sehalalelisiso le ile la taboha hare. Lesole le leng le ile la re: ‘Kannete enoa e ne e le Mora oa Molimo.’

      “Litšepiso tsohle tsa Molimo li phethahetse ka Jesu.”—2 Bakorinthe 1:20

      Lipotso: Ke hobane’ng ha Pilato a ile a lumella hore Jesu a bolaoe? Jesu o ile a bontša joang hore o amehile ka batho ba bang ho e-na le ho ameha ka eena feela?

      Matheu 27:11-14, 22-31, 38-56; Mareka 15:2-5, 12-18, 25, 29-33, 37-39; Luka 23:1-25, 32-49; Johanne 18:28–19:30

  • Jesu o Tsosoa Bafung
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Bo-’mè ba maketse ha ba bona ho se na letho ka lebitleng la Jesu

      THUTO EA 91

      Jesu o Tsosoa Bafung

      Ka mor’a hore Jesu a shoe, ntate ea ruileng ea bitsoang Josefa o ile a kopa hore Pilato a mo lumelle ho theola setopo sa Jesu palong. Josefa o ile a phuthela setopo sa Jesu ka lesela, a mo tšela ka matsoai eaba o mo kenya ka lebitleng. A re ba koale lebitla leo ka lejoe le leholo. Baprista ba ka sehloohong ba ile ba re ho Pilato: ‘Re tšaba hore ba bang ba balateli ba Jesu ba ka ’na ba nka setopo sa hae ebe ba re o tsohile bafung.’ Eaba Pilato o re ho bona: ‘Koalang lebitla ’me le le lebele.’

      Ka mor’a matsatsi a mararo, basali ba bang ba ile ba ea lebitleng la Jesu hoseng eaba ba fumana ho tlositsoe lejoe. Lengeloi le ile la re ho basali bao: ‘Le se ke la tšoha. Jesu o tsositsoe bafung. Tsamaeang le e’o bolella barutuoa ba hae hore ba kopane le eena Galilea.’

      Maria Magdalena o ile a potlakela ho ea kopana le Petrose le Johanne. A re ho bona: ‘Ho na le motho ea nkileng setopo sa Jesu!’ Petrose le Johanne ba mathela lebitleng la Jesu. Ha ba fihla, ba fumana hore ha ho na letho ka lebitleng eaba ba khutlela hae.

      Ha Maria a khutlela lebitleng, o ile a bona mangeloi a mabeli eaba o re ho ’ona: ‘Ha ke tsebe hore na ba isitse Morena oa ka hokae.’ O ile a bona ntate eo a neng a nahana hore ke mohlokomeli oa jarete eaba o re ho eena: ‘Ntate, na u ka tseba hore na ba isitse Jesu hokae?’ Ha ntate eo a re: “Maria!” Maria a hlokomela hore ke Jesu. O ile a hoeletsa a re: “Mosuoe!” eaba oa mo haka. Jesu o ile a re ho eena: ‘Tsamaea u joetse bana beso hore u mpone.’ Hang-hang Maria o ile a matha a bolella barutuoa hore o bone Jesu.

      Hamorao letsatsing leo, barutuoa ba babeli ba Jesu ba ne ba tsoa Jerusalema ba ea Emmause. Ho na le ntate ea ileng a fihla a ba botsa hore na ba ntse ba bua ka eng. Ba re ho eena: ‘Ha u e-s’o utloe? Baprista ba ka sehloohong ba bolaile Jesu matsatsi a mararo a fetileng. Joale ho na le basali ba reng oa phela.’ Ntate eo a re: ‘Ha le lumele seo baprofeta ba se buileng ha ba re Kreste o tla shoa a be a tsosoe bafung?’ Eaba o tsoela pele ho ba hlalosetsa Mangolo. Ha ba fihla Emmause, barutuoa ba ile ba re ntate eo a tsamaee le bona. Ka mor’a hore a rapelle lijo tsa mantsiboea, ba ile ba hlokomela hore ke Jesu. Eaba Jesu oa nyamela.

      Barutuoa bana ba ile ba potlakela Jerusalema ntlong eo baapostola ba neng ba le ho eona ’me ba ba bolella lintho tsohle tse etsahetseng. Ha ba le ka tlung, Jesu o ile a hlaha ho bona kaofela. Qalong baapostola ba ne ba sa lumele hore ke Jesu. Eaba o re ho bona: ‘Shebang matsoho a ka ’me le a tšoare. Boprofeta bo itse Kreste o tla tsoha bafung.’

      “Ke ’na tsela, ’nete le bophelo. Ha ho ea ka tlang ho Ntate haese ka ’na.”—Johanne 14:6

      Lipotso: Ho ile ha etsahala’ng ha bo-’mè ba bang ba fihla lebitleng la Jesu? Ho ile ha etsahala’ng tseleng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba ea Emmause?

      Matheu 27:57–28:10; Mareka 15:42–16:8; Luka 23:50–24:43; Johanne 19:38–20:23

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela