Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 1)
    Molula-Qhooa—2014 | October 1
    • Cameron le Jon ba qoqa ka ’Muso oa Molimo

      MOQOQO LE MOAHELANI

      ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa?—Karolo ea 1

      Ena ke tsela e tloaelehileng eo ka eona Paki ea Jehova e ka qoqang le moahelani. A re nke hore Paki e bitsoang Cameron e etetse Jon.

      U ’NE U BATLE KUTLOISISO

      Cameron: Jon, ke thabela hore ebe re qoqa ka Bibele khafetsa.a Ha re ne re qetelana, u ile ua mpotsa potso e mabapi le ’Muso oa Molimo. U ile ua mpotsa hore na ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914.

      Jon: E, ho joalo. E ’ngoe ea libuka tsa lōna eo ke e balileng e re ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914. Ke ile ka thahasella taba ena haholo hobane le re lithuto tsa lōna kaofela li thehiloe Bibeleng.

      Cameron: U boletse teng.

      Jon: Le ’na ke balile Bibele eohle. Empa ha ho mohla nkileng ka bona moo e buang ka 1914. Kahoo, ke ile ka batla “1914” Bibeleng e Inthaneteng. Leha ho le joalo, ha kea ka ka e fumana.

      Cameron: Ho na le mabaka a mabeli ao ke u babatsang ka ’ona, Jon. La pele ke hore ebe u balile Bibele eohle. Sena se bontša hore u rata Lentsoe la Molimo.

      Jon: E, kea le rata. Ha ho buka e tšoanang le Bibele.

      Cameron: Kea lumela. Hape ke u babatsa ka hore ebe u ile ua batla karabo ka Bibeleng. U entse sona seo Bibele e re khothalletsang hore re se etse ha e re re ’ne re batle kutloisiso.b U etsa hantle.

      Jon: Kea leboha. Ke batla ho tsoela pele ho ithuta. Ha e le hantle, ke ile ka batlisisa taba ena haholo eaba ke fumana moo ho buuoang ka 1914 bukeng ena eo re e balang. Ho buuoa ka toro ea morena e mong e mabapi le sefate se seholo se ileng sa rengoa eaba sea hlomela.

      Cameron: Kea hopola joale. Ke boprofeta bo hlahang khaolong ea bone ea Daniele. Bo bua ka toro ea Morena Nebukadnezare oa Babylona.

      Jon: E, bona boo. Ke balile boprofeta boo ka makhetlo a mangata. Empa ho bua ’nete, ha ke bone hore na bo amana joang le ’Muso oa Molimo kapa 1914.

      Cameron: Ha e le hantle, esita le moprofeta Daniele o ne a sa utloisise ka ho feletseng seo a neng a se ngola!

      Jon: Kannete?

      Cameron: E. Mona lengolong la Daniele 12:8 o re: “Joale ha e le ’na, ke ile ka utloa, empa ha kea ka ka utloisisa.”

      Jon: Ho cho hore ha se ’na feela ea sa bo utloisiseng. Ha ba ha re kokololo!

      Cameron: Ha e le hantle, Daniele o ne a sa bo utloisise hobane e ne e e-s’o be nako ea hore Molimo a senolele batho seo boprofeta boo bo se bolelang. Empa kajeno re ka bo utloisisa ka ho feletseng.

      Jon: U bolela’ng?

      Cameron: Hlokomela seo temana e latelang e se buang. Daniele 12:9 e re: “Hobane mantsoe ao a entsoe sephiri ’me a tiisitsoe ho fihlela nakong ea bofelo.” Kahoo, batho ba ne ba tla utloisisa boprofeta bona “nakong ea bofelo.” Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta Bibele, re tla hlokomela hore ho na le bopaki bo feletseng ba hore re phela nakong eo.c

      Jon: Ke kōpa u ntlhalosetse boprofeta ba Daniele.

      Cameron: Ke tla leka.

      TORO EA NEBUKADNEZARE

      Cameron: E-re ke qale ka ho u bolella ka bokhutšoanyane hore na Morena Nebukadnezare o ile a bona eng torong. Ka mor’a moo, ke tla u hlalosetsa hore na e bolela’ng.

      Jon: Ho lokile.

      Morena Nebukadnezare o lora ka sefate se seholo

      Cameron: Nebukadnezare o ile a bona sefate se seholo se fihlang leholimong. Eaba moromuoa oa Molimo o laela hore se rengoe. Leha ho le joalo, Molimo o ile a re kutu ea sona e siuoe fatše. Sefate seo se ne se tla hlōmela ka mor’a “linako tse supileng.”d Qalong boprofeta bona bo ile ba phethahala ho Morena Nebukadnezare. Le hoja e ne e le morena ea tummeng, joalokaha sefate seo se ne se fihla leholimong, o ile a tlosoa boreneng ka “linako tse supileng.” Na u sa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng?

      Jon: Ha ke sa hopola.

      Cameron: Kea bona. Bibele e re Nebukadnezare o ile a lahleheloa ke kelello ka lilemo tse supileng. O ne a sa khone ho busa ka nako eo. Leha ho le joalo, ha linako tse supileng li fela, o ile a hlaphoheloa eaba o qala ho busa hape.e

      Jon: Kea utloa ho fihlela mona. Empa lintho tsee li amana joang le ’Muso oa Molimo le 1914?

      Cameron: Ka bokhutšoanyane nka re boprofeta bona bo phethahala ka litsela tse peli. Ea pele, bo ile ba phethahala nakong eo puso ea Morena Nebukadnezare e khinnoeng. Ea bobeli e mabapi le ho sitisoa ha puso ea Molimo. Kahoo, ke tsela ena ea bobeli e amanang le ’Muso oa Molimo.

      Jon: U tseba joang hore tsela ee ea bobeli eo boprofeta boo bo phethahetseng ka eona e amana le ’Muso oa Molimo?

      Cameron: Re ka fumana karabo ea potso ea hao hona boprofeteng bona. Ho ea ka Daniele 4:17, Molimo o ile a fana ka boprofeta bona “hore batho ba phelang ba tsebe hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho le hore o fana ka oona ho eo a batlang ho mo fa oona.” Na u bone mantsoe a reng “’musong oa moloko oa batho”?

      Jon: E, e re “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho.”

      Cameron: U nepile. U nahana hore “Ea Phahameng ka ho Fetisisa” ke mang?

      Jon: Ke nahana hore ke Molimo.

      Cameron: Ho joalo. Kahoo sena se re bontša hore boprofeta bona ha bo amane le Nebukadnezare feela. Bo boetse bo amana le ‘’muso oa moloko oa batho’, e leng ’Muso oa Molimo. Sena sea utloahala ha re hlahloba moko-taba oa boprofeta bona.

      Jon: U bolela’ng?

      MOKO-TABA OA LENGOLO LA DANIELE

      Cameron: Ho na le ntlha e le ’ngoe e hlahellang khafetsa lengolong la Daniele. Ntlha eo ke ho hlongoa ha ’Muso oa Molimo o taolong ea Mora oa hae Jesu. A re ke re khutlele likhaolong tse seng kae tse fetileng. Ke kōpa u bale Daniele 2:44.

      Jon: E re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”

      Cameron: Kea leboha. Na u ka re temana ee e bua ka ’Muso oa Molimo?

      Jon: Ha ke tsebe hantle.

      Cameron: Hlokomela hore e re ’Muso oo “o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” ’Muso oa Molimo o ka busa ka ho sa feleng, empa mebuso ea batho e ke ea khona ho busa ka ho sa feleng, na ha ho joalo?

      Jon: Ho joalo.

      Cameron: E re ke u bontše boprofeta bo bong bo bukeng ea Daniele bo buang ka ’Muso oa Molimo. Bo hlaha ho Daniele 7:13, 14. Ha bo bua ka Morena oa ’Muso oa Molimo bo re: “A fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.” Na temaneng ee ho na le mantsoe a u hopotsang litemana tse ling tseo re li balileng?

      Jon: E bua ka ’muso.

      Cameron: U nepile. Ha e bue ka ’muso feela tje. Hlokomela hore e re ’Muso ona o tla ba le matla holim’a “batho, lichaba le lipuo kaofela.” Ka mantsoe a mang, ’Muso ona o tla busa lefatše lohle.

      Jon: Ke ne ke sa e nahana joalo, empa u nepile. Ehlile e cho joalo.

      Cameron: Hlokomela hore na boprofeta bona bo boetse bo re’ng: “Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.” Bo tšoana le boprofeta boo re sa tsoa bo bala bo ho Daniele 2:44, na ha ho joalo?

      Jon: E, ho joalo.

      Cameron: A re ke re ikhopotse lintlha tseo re ithutileng tsona. Molimo o ile a fana ka boprofeta bona hore batho ba tsebe hore “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho.” Sena se bontša hore boprofeta bona ha boa ka ba phethahala ho Nebukadnezare feela. Bukeng ea Daniele re fumana boprofeta bo mabapi le ho thehoa ha ’Muso oa Molimo o taolong ea Mora oa hae. Na u nahana hore hoa utloahala ho etsa qeto ea hore boprofeta bo khaolong ea bone ea Daniele bo amana le ’Muso oa Molimo?

      Jon: Ke nahana joalo. Empa ha ke bone hore na 1914 e kena joang.

      “LINAKO TSE SUPILENG LI FETE”

      Cameron: A re khutlele tabeng ea Morena Nebukadnezare. O ne a tšoantšetsoa ke sefate seo re buileng ka sona pejana. Bobusi ba hae bo ile ba emisa ha sefate se rengoa ’me se sa hlomele ho fihlela ho feta linako tse supileng, e leng nakong eo a neng a lahlehetsoe ke kelello. Linako tseo tse supileng li ile tsa fela ha Nebukadnezare a hlaphoheloa kelellong ’me a boela a busa. Ha boprofeta bona bo phethahala ka lekhetlo la bobeli, puso ea Molimo e ile ea sitisoa ka nakoana, empa eseng hobane Molimo a hlōlehile.

      Jon: U bolela’ng?

      Cameron: Mehleng ea Bibele, ha morena oa Iseraele a busa Jerusalema ho ne ho thoe o lula “teroneng ea Jehova.”f E ne e le baemeli ba Molimo. Ha e le hantle, puso ea marena ao e ne e emela bobusi ba Molimo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea marena a mangata ha aa ka a mamela Molimo ’me sechaba le sona se ile sa ba etsisa. Molimo o ile a lumella hore Baiseraele ba haptjoe ke Bababylona ka 607 B.C.E. ka lebaka la ho se mamele. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ha hoa ka ha e-ba le marena a emelang bobusi ba Jehova Jerusalema. Ka lebaka leo, bobusi ba Molimo bo ile ba sitisoa kapa ba khinoa. Na re ntse re le ’moho?

      Jon: Ho joalo.

      Cameron: Kahoo linako tse supileng kapa nako eo bobusi ba Molimo bo ileng ba sitisoa e qalile ka 607 B.C.E. Qetellong ea linako tse supileng Molimo o ne a tla beha ’Musi e mocha leholimong hore ebe moemeli oa Hae. Joale e ne e tla ba hona boprofeta bo bong bo lengolong la Daniele bo phethahalang. Joale potso ea bohlokoa ke hore na linako tse supileng li ile tsa fela neng? Haeba re ka khona ho araba potso eo, re tla tseba hore na ’Muso oa Molimo o qalile neng ho busa.

      Jon: Kea bona! E re ke bone—linako tse supileng li felile ka 1914?

      Cameron: U e otlile botsekeng.

      Jon: Empa re tseba seo joang?

      Cameron: Ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a bontša hore linako tse supileng ha li e-s’o fele.g Ka hona, hoa bonahala hore e bile nako e telele. Linako tse supileng li qalile lilemo tse makholo pele Jesu a tla lefatšeng, ’me li ile tsa tsoela pele le ha a se a khutletse leholimong. U hopole hore moelelo oa boprofeta ba Daniele o ne o ke ke oa hlaka ho fihlela “nakong ea bofelo.”h Hoa thahasellisa hore ebe qetellong ea lilemo tsa bo-1800 liithuti tsa Bibele li ile tsa susumelletseha ho hlahlobisisa boprofeta bona hammoho le bo bong. Ba ile ba lemoha hore linako tse supileng li ne li tla fela ka 1914. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ka bophara ka 1914, li ile tsa tiisa hore ruri ’Muso oa Molimo o qalile ho busa leholimong. Matsatsi a ho qetela kapa mehla ea bofelo e qalile ka sona selemo seo. Kea kholoa ke buile lintho tse ngata haholo . . .

      Jon: E. Ke tla lokela ho nahana ka taba ena hantle e le hore ke e utloisise.

      Cameron: U se ke ua khathatseha. Le ’na ho nkukile nako hore ke utloisise boprofeta bona le tsela eo bo ileng ba phethahala ka eona. Bonyane ke lumela hore puisano ena e u thusitse ho bona hore tumelo ea Lipaki Tsa Jehova e mabapi le ’Muso e thehiloe Bibeleng.

      Jon: Ho joalo. Ke khahloa ke hore seo le se lumelang se thehiloe Bibeleng.

      Cameron: Kea bona hore le uena u motho ea ratang Bibele. Joalokaha ke u boleletse, ho thata hore u utloisise boitsebiso bo bongata hakana ka nako le motsotso. Mohlomong u sa ntse u e-na le lipotso tse ling. Ka mohlala, re ithutile hore linako tse supileng li amana le ’Muso oa Molimo le hore li qalile ka 607 B.C.E. Empa, re ka tiisa joang hore linako tse supileng li felile ka 1914?i

      Jon: E, ke eona ntho eo ke hlileng ke ipotsang eona.

      Cameron: Bibele e re thusa ho tseba hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae. Na u ka rata hore re bue ka taba eo ha ke u etela hape?j

      Jon: Ho lokile.

      Na u na le potso e amanang le Bibele? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, u se ke ua ba leqe ho botsa e mong oa Lipaki Tsa Jehova. A ka thabela ho u araba.

      a Lipaki Tsa Jehova li na le lenaneo la ho ithuta Bibele le batho li sa ba lefise.

      b Liproverbia 2:3-5.

      c Sheba khaolo ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st.

      d Daniele 4:13-17.

      e Daniele 4:20-36.

      f 1 Likronike 29:23.

      g Boprofeteng ba hae bo mabapi le matsatsi a ho qetela, Jesu o ile a re: “Jerusalema [e emelang bobusi ba Molimo] e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba li phethahala.” (Luka 21:24) Kahoo, bobusi ba Molimo bo ne bo ntse bo khinnoe mehleng ea Jesu ’me bo ne bo tla khinoa joalo ho fihlela matsatsing a ho qetela.

      h Daniele 12:9.

      i Sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 215-218. E boetse e fumaneha ho www.jw.org/st.

      j Karolo ea 2 ea sehlooho sena e tla bua ka litemana tsa Bibele tse bolelang hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae.

  • ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 2)
    Molula-Qhooa—2014 | November 1
    • Jon o amohela Cameron ha hae

      MOQOQO LE MOAHELANI

      ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa?—Karolo ea 2

      Ena ke tsela e tloaelehileng eo ka eona Paki ea Jehova e ka qoqang le moahelani. A re nke hore Paki e bitsoang Cameron e boetse e etetse Jon.

      HO IKHOPOTSA TORO EA NEBUKADNEZARE

      Cameron: Ke thabela ho u bona hape. Kea natefeloa kamehla ha re ithuta Bibele.a U ntse u ea joang?

      Jon: Re ntse re ikela ha ho molato.

      Cameron: Ke thabela ho utloa seo. Nakong e fetileng re ile ra buisana ka hore na ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li re ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914.b Ha re ntse re qoqa re ile ra fumana ntlha ea bohlokoa boprofeteng bo lengolong la Daniele khaolo ea 4. Ua hopola hore na le re’ng?

      Jon: Le bua ka toro ea Morena Nebukadnezare e mabapi le sefate se seholo.

      Cameron: U nepile. Nebukadnezare o ile a bona sefate se seholo se fihlang leholimong. O ile a utloa lentsoe le reng sefate se rengoe, empa kutu ea sona e siuoe fatše. Ka mor’a “linako tse supileng,” sefate se ne se tla boela se hōle.c Re boetse re buisane ka hore na ke hobane’ng ha re ka re boprofeta bona bo phethahetse ka litsela tse peli. Ua hopola hore na tsela ea pele ke efe?

      Jon: Ke sa re u itse bo phethahetse ho Nebukadnezare. O ile a lahleheloa ke kelello ka lilemo tse supileng.

      Cameron: Ho joalo. Kaha Nebukadnezare o ile a lahleheloa ke kelello ka nakoana, bobusi ba hae bo ile ba sitisoa. Empa ho phethahala ha boprofeta bona ka tsela e khōloanyane ho ne ho tla bolela hore bobusi ba Molimo bo tla sitisoa ka linako tse supileng. Joalokaha re bone, linako tse supileng li ile tsa qala ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Ho tloha ka nako eo, ha hoa ka ha hlola ho e-ba le marena a emelang bobusi ba Jehova Molimo lefatšeng. Leha ho le joalo, qetellong ea linako tse supileng, Molimo o ne a tla khetha ’Musi e mocha leholimong hore a buse sechaba sa hae. Ka mantsoe a mang, ’Muso oa Molimo oa leholimong o ne o tla qala ho busa ha linako tse supileng li fela. Re se re bone hore na linako tse supileng li qalile neng. Kahoo haeba re ka fumana hore na li nkile nako e kae, re tla tseba hore na ’Muso oa Molimo o qalile neng ho busa. Ke lumela hore re ntse re le ’moho.

      Jon: Banna! ka ba ka hopola lintlha tseo re ithutileng tsona nakong e fetileng.

      Cameron: Ke thabela ho utloa seo. Joale a re bone hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae. Ke sa tsoa ikhopotsa lintlha tsa sehlooho tse mabapi le taba ena. Ke tla leka kahohle ho u hlalosetsa tsona ka tsela e hlakileng.

      Jon: Kea leboha.

      HO FELA HA LINAKO TSE SUPILENG HO BOLELA HO QALA HA MATSATSI A HO QETELA

      Cameron: Ha boprofeta bona bo ne bo phethahala ho Nebukadnezare, linako tse supileng e ile ea e-ba lilemo tse supileng. Empa ha bo phethahala ka tsela e khōloanyane mabapi le ’Muso oa Molimo, e tlameha ebe linako tse supileng li feta lilemo tse supileng hōle.

      Jon: Ke hobane’ng ha u rialo?

      Cameron: Ka mohlala, hopola hore linako tse supileng li qalile ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Ho tloha ka nako eo, lilemo tse supileng li ne li tla fela ka 600 B.C.E. Empa selemong seo, ha ho letho la bohlokoa le ileng la etsahala le mabapi le bobusi ba Molimo. Ho feta moo, joalokaha re buisane pele, lilemong tse makholo ka mor’a moo ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore linako tse supileng li ne li e-s’o fele.

      Jon: Ekare kea hopola joale.

      Cameron: Ka linako tse ling boprofeteng ba Bibele, letsatsi le emela selemo.d Kahoo, linako tse supileng hase lilemo tse supileng tsa sebele empa e tlameha ebe ke nako e teletsana ho moo.

      Jon: E telele hakae?

      Cameron: Lengolo la Tšenolo le amanang le la Daniele le re thusa ho fumana hantle hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae. Le bontša hore linako tse tharo le halofo li lekana le matsatsi a 1 260.e Kahoo, linako tse supileng e leng linako tse tharo le halofo ka makhetlo a mabeli ke matsatsi a 2 520. Na re sa ntse re le ’moho?

      Cameron le Jon ba buisana ka Bibele

      Jon: E, kea utloa. Empa ha ke utloisise hore na sena se bontša joang hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914.

      Cameron: A re bone hore na lintlha tsena li amana joang. Haeba re nka hore letsatsi le emela selemo, linako tse supileng ke lilemo tse 2 520. Lilemo tse 2 520 ho tloha ka 607 B.C.E., li re fihlisa ho 1914.f Ke kamoo re fumanang 1914, selemo seo linako tse supileng li felileng ka sona, e leng nako eo Jesu a qalileng ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Ho totobetse hore ho tloha ka 1914, ho na le liketsahalo tse khōlō tse ileng tsa etsahala lefatšeng tseo Bibele e boletseng esale pele hore li tla etsahala matsatsing a ho qetela.

      Jon: Ke liketsahalo life?

      Cameron: Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng ho Matheu 24:7. Ha Jesu a bua ka nako eo a neng a tla qala ho busa ka eona leholimong, o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” Hlokomela hore Jesu o ile a bolela esale pele hore nakong eo ho tla ba le litlala le litšisinyeho tsa lefatše. Ka sebele lefatše le ’nile la oeloa ke litlokotsi tse joalo lilemong tse lekholo tse fetileng, na ha ho joalo?

      Jon: Ho joalo.

      Cameron: Temaneng ena Jesu o ile a boela a bolela esale pele hore ho tla ba le lintoa ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Lengolo la Tšenolo le boletse esale pele hore nakong ea bofelo, lintoa li tla ba teng lefatšeng lohle eseng libakeng tse itseng feela.g Na u sa hopola hore na ntoa ea pele ea lefatše e qalile neng?

      Jon: Sena se etsahetse ka 1914, e leng sona selemo seo u reng Jesu o qalile ho busa ka sona. Ke ne ke ntse ke sa bone hore lintho tsena tse peli lia amana.

      Cameron: Ha re kopanya boitsebiso bona kaofela, e leng boprofeta bo mabapi le linako tse supileng hammoho le boprofeta bo bong ba Bibele bo mabapi le nako ea bofelo, ka sebele boa utloahala. Lipaki Tsa Jehova li kholisehile hore Jesu o qalile ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914, le hore matsatsi a ho qetela a qalile ka sona selemo seo.h

      Jon: Ke sa ntse ke leka ho utloisisa taba ena.

      Cameron: Ke utloisisa hantle. Joalokaha ke boletse, le ’na ke nkile nako e telele pele ke e utloisisa ka ho feletseng. Empa, kea tšepa hore moqoqo oa rōna o u thusitse ho bona hore le hoja selemo sa 1914 se sa hlahe ka Bibeleng, seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang mabapi le sona se thehiloe ka Bibeleng.

      Jon: Ho joalo, kamehla kea hlolloa ha ke bona hore lintho tsohle tseo le li buang li tsoa ka Bibeleng. Ha le ipuele feela tjee. Leha ho le joalo, kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha taba ena e le thata hakana. Ke hobane’ng ha Molimo a sa re bolella ka ho toba ka Bibeleng hore Jesu o ne a tla qala ho busa ka 1914?

      Cameron: U botsitse potso e ntle haholo Jon. Ha e le hantle ho na le lintho tse ngata tseo Bibele e sa li bolelang ka ho toba. Kahoo ke hobane’ng ha Molimo a entse hore Bibele e ngoloe ka tsela e hlokang hore batho ba sebetse ka thata hakaale ho e utloisisa? Eseng re tle re qoqe ka taba eo nakong e tlang?

      Jon: Ho lokile.

      Na u na le potso e amanang le Bibele? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, u se ke ua ba leqe ho botsa e mong oa Lipaki Tsa Jehova. A ka thabela ho u araba.

      Chate bontšang nako le liketsahalo tsa torong e Nebukadnezare

      a Lipaki Tsa Jehova li na le lenaneo la ho ithuta Bibele le batho li sa ba lefise.

      b Sheba sehlooho se reng “Moqoqo le Moahelani—’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa?—Karolo ea 1” se hlahang Molula-Qhooeng oa October 1, 2014.

      c Sheba Daniele 4:23-25.

      d Sheba Numere 14:34; Ezekiele 4:6.

      e Sheba Tšenolo 12:6, 14.

      f Sheba chate ea sehlooho se reng “Kamoo Toro ea Nebukadnezare e Amanang le ’Muso oa Molimo.”

      g Sheba Tšenolo 6:4.

      h Sheba khaolo ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela