-
“Morena oa Leboea” Mehleng ea BofeloMolula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | May
-
-
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 19
“Morena oa Leboea” Mehleng ea Bofelo
“Nakong ea bofelo morena oa boroa o tla kopanela le [morena oa leboea] ho sututsaneng.”—DAN. 11:40.
PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle
SELELEKELAa
1. Boprofeta ba Bibele bo re thusa hore re utloisise eng?
HO TLA etsahala’ng ka bahlanka ba Jehova haufinyane? Ha re hloke ho ingoaea hlooho ka taba eo. Bibele e re beha leseling ka liketsahalo tsa bohlokoa tse tla re etsahalla. Ka ho khetheha, ho na le boprofeta bo bong bo re bolellang hore na mebuso e matla ea lefatše e tla etsa’ng. Boprofeta boo bo tlalehiloe bukeng ea Daniele khaolo ea 11 ’me bo re hlaba malotsana ka marena a mabeli a loantšanang, e leng morena oa leboea le morena oa boroa. Boholo ba boprofeta boo bo se bo phethahetse, kahoo, re ka kholiseha hore karolo e setseng ea bona e tla phethahala.
2. Ho ea ka Genese 3:15 le Tšenolo 11:7 le 12:17, ke lintho life tseo re lokelang ho li hopola ha re ntse re hlahloba boprofeta ba Daniele?
2 E le hore re utloisise boprofeta bo hlahang ho Daniele khaolo ea 11 hantle, re lokela ho lula re hopola hore bo ipuela feela ka marena le mebuso e loantšang bahlanka ba Molimo. Hape, le hoja bahlanka ba Molimo ba le banyane haholo ha ba bapisoa le batho ba bang, ke bona ba hlorisoang ke marena le mebuso. Hobane’ng? Ke hobane ntho e ka sehloohong eo Satane le lefatše lena ba e batlang ke ho felisa batho ba sebeletsang Jehova le Jesu. (Bala Genese 3:15; Tšenolo 11:7; 12:17.) Ho phaella moo, boprofeta bo hlahang ho Daniele bo lokela ho lumellana le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng. Hape, e le hore re utloisise boprofeta ba Daniele hantle, re lokela ho bo bapisa le likarolo tse ling tsa Mangolo.
3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see le se latelang?
3 Kahoo, re tl’o seka-seka Daniele 11:25-39. Re tla bona hore na morena oa leboea le morena oa boroa e ne e le bo-mang ho tloha ka 1870 ho ea ho 1991, hape re tla bona hore na ke hobane’ng ha ho loketse hore re fetole tsela eo re neng re utloisisa boprofeta bona ka eona. Sehloohong se latelang teng, re tl’o tšetšetha Daniele 11:40–12:1 ’me re tla hlakisa hore na boprofeta boo bo re bolella’ng ka nako ea ho tloha ka 1991 ho fihlela ka ntoa ea Armagedone. Ha u ntse u hlahloba lihlooho tsena tse peli, e ka ba hantle hore u chakele chate e nang le sehlooho se reng, “Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo.” Empa pele ho moo, re hloka ho tseba hore na marena a mabeli a hlahang boprofeteng boo ke bo-mang.
RE KA TSEBA MORENA OA LEBOEA LE MORENA OA BOROA JOANG?
4. Ke lintho life tse tharo tseo re lokelang ho li ela hloko ha re batla ho tseba hore na morena leboea le morena oa boroa ke bo-mang?
4 Qalong, litlotla tsena e leng “morena oa leboea” le “morena oa boroa” li ne li fuoe marena a neng a busa ka leboea le ka boroa naheng ea Iseraele. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ela hloko hore na lengeloi le ileng la bua le Daniele le ile la re’ng ho eena: “Ke tlil’o etsa hore u lemohe se tla hlahela sechaba sa heno karolong e qetellang ea matsatsi.” (Dan. 10:14) Ho fihlela ka Pentekonta ea selemo sa 33, sechaba sa Iseraele e ne e le batho ba Molimo. Empa ho tloha ka nako eo, Jehova o ile a hlakisa hore barutuoa ba Kreste ke batho ba hae. Kahoo, boholo ba boprofeta bo hlahang ho Daniele khaolo ea 11 bo bua ka balateli ba Kreste e seng ka Baiseraele. (Lik. 2:1-4; Bar. 9:6-8; Bagal. 6:15, 16) Ho feta moo, mebuso kapa marena a sa tšoaneng e ile ea e-ba morena oa leboea le morena oa boroa ka linako tse sa tšoaneng. Empa ho na le ntho eo kaofela ha ’ona a tšoanang ka eona. Ntho ea pele, marena ana a busitse libakeng tseo batho ba Molimo ba neng ba phela ho tsona le ho ba hlorisa. Ea bobeli, tsela eo ba ileng ba tšoara batho ba Molimo ka eona e ile ea bontša hore ba hloile Molimo oa ’nete Jehova. Ea ho qetela, marena ana a mabeli a ne a tseka bompoli.
5. Na ho ne ho e-na le morena oa leboea le morena oa boroa ho tloha ka selemo sa 100 ho ea ho sa 1870? Hlalosa.
5 Neng-neng ka mor’a selemo sa 100, Bakreste bangata ba bohata ba ile ba tla ka phuthehong eaba ba ruta batho lithuto tse fosahetseng le ho ba patela ’nete e ka Lentsoeng la Molimo. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ka 1870, ho ne ho se na batho ba hlophisitsoeng ba sebeletsang Molimo lefatšeng mona. Bakreste ba bohata ba ile ba hola joaloka lehola masimong eaba ho ba thata ho tseba hore na Bakreste ba ’nete ke bafe. (Mat. 13:36-43) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba taba ee? Ke hobane ea bontša hore ho ne ho ke ke ha etsahala hore mebuso le marena a bileng teng ka selemo sa 100 ho ea ho sa 1870 e ne e ka ba morena oa leboea kapa morena oa boroa. Ho ne ho se na batho ba Molimo ba hlophisitsoeng bao ba neng ba ka ba hlasela.b Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a selemo sa 1870, ho ne ho utloahala hore ebe morena oa leboea le morena oa boroa ba ka hlaha hape. Re tseba joang?
6. Batho ba Molimo ba ile ba qala ho hlahella neng hape? Hlalosa.
6 Ho tloha ka 1870 ho ea pele, batho ba Molimo ba ile ba hlophisoa e le sehlopha. Ke hona selemong seo moo Mor’abo rona Russell le metsoalle ea hae ba ileng ba theha sehlopha sa ho ithuta Bibele. Mor’abo rona Russell le metsoalle eo ea hae, ba ile ba sebetsa e le lenģosa le ileng la “hleka tsela” pele ’Muso oa Molimo o thehoa. (Mal. 3:1) Ka tsela ena, ho ile ha boela ha e-ba le batho ba sebeletsang Molimo ka tsela e nepahetseng. Na ho ne ho e-na le mebuso e matla ea lefatše ka nako eo e neng e ka hlorisa batho ba Molimo? Ha re ke re boneng.
MORENA OA BOROA KE MANG?
7. Morena oa boroa e bile mang ho fihlela ntoeng ea pele ea lefatše?
7 Ka 1870, Brithani e ile ea e-ba ’muso o matla ka ho fetisisa lefatšeng o bile o e-na le sesole se matla haholo hape o busa linaha tse ngata. Boprofeta ba Daniele bo bua ka lenaka le lenyenyane le ileng la hlola manaka a mararo. Lenaka leo le emela Brithani ha a mang a mararo a emela Fora, Spain le Netherlands. (Dan. 7:7, 8) Kahoo, Brithani e ile ea e-ba morena oa boroa ho fihlela ka Ntoa ea Pele ea Lefatše. Ka nako ena, Amerika e ile ea e-ba naha e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ’me e ile ea sebelisana haufi-ufi le Brithani.
8. Haesale morena oa boroa e le mang matsatsing aa a ho qetela?
8 Ntoeng ea pele ea lefatše, Amerika le Brithani li ile tsa tšoarisana ntoa eaba li ba matla haholo. Ka nako eo, Brithani le Amerika e ile ea e-ba metsoalle eaba li theha ’muso o matla ka ho fetisisa lefatšeng oa Manyesemane le Maamerika. Joalokaha Daniele a ile a profeta, ’muso kapa morena enoa o ile a ba le “lebotho la sesole le leholo ka mokhoa o fetisisang le le matla.” (Dan. 11:25) Nakong ena ea matsatsi a ho qetela, haesale ’muso oa Manyesemane le Maamerika e le morena oa boroa.c Joale, ke mang eo e leng morena oa leboea?
MORENA OA LEBOEA KE MANG?
9. Morena oa leboea o ile a hlahella neng hape, hona boprofeta ba Daniele 11:25 bo ile ba phethahala joang?
9 Ka 1871, e leng selemo ka mor’a hore Mor’abo rona Russell le metsoalle ea hae ba thehe sehlopha sa ho ithuta Bibele, morena oa leboea o ile a hlahella. Selemong seo, Otto von Bismarck o ile a theha ’muso o matla ka ho kopanya libaka tse ngata eaba o bitsoa ’muso oa Jeremane. Morena Wilhelm I e ile ea e-ba eena morena oa pele oa ’muso oo eaba o khetha Bismarck hore ebe tona-kholo.d Mashome a seng makae a lilemo hamorao, Jeremane e ile ea busa linaha tse ling tsa Afrika le tse leoatleng la Pacific ea ba ea leka ho ba matla ho feta Brithani. (Bala Daniele 11:25.) Jeremane e ile ea batla e e-ba le sesole se matla haholo joaloka sa Brithani. Ntoeng ea pele ea lefatše, Jeremane e ile ea sebelisa sesole seo ho loantša lira tsa eona.
10. Daniele 11:25b, 26 e ile ea phethahala joang?
10 Daniele o ile a boela a profeta hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka ’muso oa Jeremane le sesole sa teng. Boprofeta boo bo bontša hore morena oa leboea “a ke ke a ema” kapa a hlola. Hobane’ng? “Hobane ba tla rera merero khahlanong le eena [’me] ba jang limenyemenye tsa hae ba tla mo liha.” (Dan. 11:25b, 26a) Mehleng ea Daniele, batho ba neng ba ja “limenyemenye tsa morena” ba ne ba akareletsa balaoli ba phahameng ba neng ba sebeletsa morena. (Dan. 1:5) Boprofeta boo bo bua ka mang moo? Bo bua ka balaoli ba phahameng ba ’muso oa Jeremane ba akareletsang bakhenerale le balaoli ba sesole ba ileng liha ’muso oa Jeremane.e Boprofeta boo bo ile ba boela ba bua ka hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka morena eo ha a loantšana le morena oa boroa. Ha bo bua ka morena oa leboea, boprofeta boo bo re: “Ha e le lebotho la hae la sesole, le tla hoholoa, ’me ka sebele ba bangata ba tla oela fatše ba bolailoe.” (Dan. 11:26b) Joalokaha ho ne ho profetiloe, ka Ntoa ea Pele ea Lefatše, sesole sa Jeremane se ile sa hloloa eaba batho ba bangata baa bolaoa. Ntoeng eo, ho ile ha bolaoa batho ba bangata ka ho fetisisa ho feta ntoeng leha e le efe e ileng ea tla pele ho eo.
11. Morena oa leboea le morena oa boroa ba ile ba etsa’ng?
11 Ha Daniele 11:27, 28, e bua ka lintho tse neng li tla etsahala pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, e re morena oa leboea le morena oa boroa ba ne ba tla lula tafoleng ebe ba bolellana mashano. Daniele o boetse o bontša hore morena oa leboea o ne a tla hapa “thepa e ngata haholo.” Taba ena e ile ea fela ea etsahala joalo. Jeremane le Brithani li ile tsa bolellana hore li batla ho bopa khotso empa taba eo e ile ea ipaka hore e ne e le leshano ha ntoa e qhoma ka 1914. Hape ka 1914, Jeremane e ne e le naha ea bobeli e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng. Joale, e le ho phethahatsa Daniele 11:29 le karolo e qalang ea temana ea 30, Jeremane e ile ea loantša morena oa boroa empa ha e-ea ka ea o besa oa tuka.
MARENA A HLASELA BATHO BA MOLIMO
12. Ntoeng ea pele ea lefatše, morena oa leboea le morena oa boroa ba ile ba etsa’ng?
12 Haesale ho tloha ka 1914 marena ana a mabeli a loantšana le ho hlasela batho ba Molimo. Ka mohlala, ntoeng ea pele ea lefatše, ’muso oa Jeremane le ’muso oa Brithani e ile ea hlorisa bahlanka ba Molimo ba ileng ba hana ho kenela sesole. Athe koana Amerika teng, ’muso o ile oa isa barab’abo rona ba neng ba etella pele mosebetsing oa boboleli chankaneng. Lintho tsena kaofela li ile tsa phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho Tšenolo 11:7-10.
13. Lilemong tsa bo-1930 le nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, morena oa leboea o ile a etsa’ng?
13 Hamorao lilemong tsa bo-1930, haholo-holo nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, morena oa leboea o ile a hlasela batho ba Molimo a se na le mohau. Nakong eo Manazi a neng a busa Jeremane, Hitler le balateli ba hae ba ile ba thibela mosebetsi oa bahlanka ba Molimo. Morena oa leboea e leng Jeremane o ile a bolaea bahlanka ba Jehova ba ka bang 1 500 eaba o isa ba likete-kete likampong tsa mahloriso. Daniele o ile a profeta ka liketsahalo tseo kaofela. Morena oa leboea o ile ‘a nyatsa selekane se halalelang’ eaba o ‘tlosa tšobotsi ea kamehla’ ke hore ka bokhopo bohle a thibela bolokolohi ba bahlanka ba Molimo ba ho rorisa lebitso la Jehova phatlalatsa. (Dan. 11:30b, 31a) ’Musi oa bona e leng Hitler, o ile a ba a ikana hore o tl’o bolaea Paki e ’ngoe le ’ngoe e lulang Jeremane.
MORENA OA LEBOEA E MOCHA
14. Morena oa leboea e ile ea e-ba mang ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše? Hlalosa.
14 Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, puso ea Makomonisi ea Soviet Union e ile ea e-ba morena oa leboea ’me e ile ea hapa libaka tse ngata tse neng li busoa ke Jeremane. Joaloka ’muso o khopo le o hatellang oa Manazi, Soviet Union le eona e ile ea hlorisa batho ba neng ba nka ho rapela Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona.
15. Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, morena oa leboea o ile a etsa’ng?
15 Nakoana ka mor’a hore Ntoa ea II e lale, morena oa leboea e mocha e leng Soviet Union le batšehetsi ba eona ba ile ba hlasela batho ba Molimo. Tumellanong le boprofeta bo ho Tšenolo 12:15-17, morena enoa o ile a thibela mosebetsi oa boboleli a ba a leleka bahlanka ba Jehova ba likete-kete linaheng tsa habo bona. Ha e le hantle, matsatsing ana a ho qetela, morena oa leboea o ’nile a hlasela bahlanka ba Molimo ka “noka” ea mahloriso empa a ’na a hloleha ka makhetlo ho ba thibela hore ba sebeletse Molimo.f
16. Soviet Union e ile ea phethahatsa boprofeta bo ho Daniele 11:37-39 joang?
16 Bala Daniele 11:37-39. E le ho phethahatsa boprofeta bona, morena oa leboea ha a ka a bontša hore o “nahana ka Molimo oa bo-ntat’ae.” Ka tsela efe? Soviet Union e ile ea leka ho felisa bolumeli ka ho feletseng ea ba ea leka ho nka matla a bolumeli. E le ho fihlela sepheo seo, pelenyana ka 1918, ’muso oa Soviet Union o ile oa qala ho fana ka litaelo tse ileng tsa etsa hore likolong ho rutoe thuto ea hore Molimo ha a eo. Morena eo oa leboea o ile a “tlotlisa molimo oa liqhobosheane” joang? Soviet Union e ile ea sebelisa chelete e ngata haholo e le ho matlafatsa sesole sa eona ka ho etsa libetsa tse ngata haholo. Kahoo, ka bobeli morena oa leboea le morena oa boroa ba ne ba se ba e-na le libetsa tse ngata tse matla haholo le tse kotsi tse neng li ka rinya batho ba libilione!
LIRA TSE PELI LI SEBETSA ’MOHO
17. “Ntho e nyonyehang e etsang lesupi” ke’ng?
17 Morena oa leboea o ile a tšehetsa morena oa boroa ka tsela e ikhethang e leng ea ho “beha ntho e nyonyehang e etsang lesupi.” (Dan. 11:31) “Ntho e nyonyehang” ke Machaba a Kopaneng.
18. Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng e le “ntho e nyonyehang”?
18 Machaba a Kopaneng a bitsoa “ntho e nyonyehang” hobane a ipolela hore a ka fana ka ntho e ka tlisoang ke ’Muso oa Molimo feela, e leng ho tlisa khotso lefatšeng lohle. Hape boprofeta bo bontša hore ntho ena e nyonyehang e ‘etsa lesupi’ hobane Machaba a Kopaneng a tla hlasela likereke le ho li felisa.—Sheba chate e reng, “Marena a Loantšanang Mehleng ea Bofelo.”
KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA LINTHO TSEE?
19-20. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tseba histori ee? (b) Re tl’o araba potso efe sehloohong se latelang?
19 Re lokela ho tseba histori ena hobane ea bontša hore ho tloha ka 1870 ho fihlela ka 1991, boprofeta ba Daniele bo buang ka morena oa leboea le morena oa boroa bo phethahetse. Kahoo, re ka kholiseha hore karolo e setseng ea boprofeta boo le eona e tla phethahala.
20 Ka 1991, Soviet Union e ile ea felloa ke matla. Joale, ke mang eo e leng morena oa leboea mehleng ee? Re tla khoaolla karabo ea potso ena sehloohong se latelang.
PINA EA 128 Mamellang ho Fihlela Qetellong
a Re na le bopaki bo bontšang hore boprofeta ba Daniele bo buang ka “morena oa leboea” le “morena oa boroa” bo ntse bo tsoela pele ho phethahala. Re kholisoa ke’ng hore ho joalo? Hape, ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa hore na boprofeta boo bo bua ka’ng?
b Ka mor’a ho fana ka lebaka lena, hoa utloahala hore ebe ha re sa tla re ’musi oa Roma e leng Aurelian (ea busitseng ka 270 ho ea ho 275) e ne e le “morena oa leboea” kapa ho re Mofumahali Zenobia (ea busitseng ka 267 ho ea ho 272) e ne e le “morena oa boroa.” Taba ena e re fa kutloisiso e ncha ea lintho tse ileng tsa tlalehoa bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! khaolo ea 13 le 14.
c Sheba lebokose le reng “ ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika Boprofeteng ba Bibele.”
d Ka 1890, Morena Wilhelm II o ile a leleka Bismarck litulong.
e Ba ile ba etsa lintho tse ngata tse ileng tsa thefula matla a ’muso kapele. Mohlala, ba ile ba khaotsa ho eletsa morena eaba ba ntša makunutu a amanang le litaba tsa ntoa ba ba ba qobella morena hore a itokolle pusong.
f Joalokaha Daniele 11:34 e bontša, ka nakoana morena oa leboea o ile a khaotsa ho hlorisa bahlanka ba Molimo. Mohlala, ntho ena e ile ea etsahala nakong eo Soviet Union e neng e felloa ke matla ka 1991.
-
-
“Morena oa Leboea” ke Mang Mehleng Ee?Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | May
-
-
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 20
“Morena oa Leboea” ke Mang Mehleng Ee?
“O tla lokela ho fihla bofelong ba hae, ’me o tla hloka mothusi.”—DAN. 11:45.
PINA EA 95 Leseli Lea Eketseha
SELELEKELAa
1-2. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
RE NA le bopaki bo bongata haholo mehleng ena bo bontšang hore re phela qetellong ea matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Haufinyane Jehova le Jesu ba tla felisa mebuso eohle e khahlanong le ’Muso oa bona. Empa pele ho moo, morena oa leboea le morena oa boroa ba tla tsoela pele ho loantšana ba be ba loantše Lipaki.
2 Sehloohong sena re tl’o hlahloba boprofeta ba Daniele 11:40–12:1. Re tla boela re bone hore na morena oa leboea ke mang mehleng ena le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lula re khobile matšoafo re bile re tšepa Jehova ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng.
MORENA OA LEBOEA E MOCHA
3-4. Morena oa leboea ke mang mehleng ee? Hlalosa.
3 Ka mor’a hore Soviet Union e oe ka 1991, batho ba Molimo ba ile ba fumana “thuso e nyenyane” e leng tokoloho ea nakoana. (Dan. 11:34) Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa e-ba le bolokolohi ba ho paka ’me ho e-s’o ee kae, palo ea bahoeletsi ba neng ba phela linaheng tse oelang tlas’a Soviet Union ba ile ba eketseha ka sekhahla. Ka mor’a lilemo tse seng kae, Russia le linaha tse e tšehetsang e ile ea e-ba morena oa leboea. Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng, e le hore ’muso ebe morena oa leboea le oa boroa, o lokela ho etsa lintho tsena tse tharo: (1) o tlameha ho hlorisa batho ba Molimo, (2) o lokela ho bontša ka liketso hore o hloile Jehova le batho ba hae, le (3) o tlameha ho tseka sekola.
4 A re hlahlobeng mabaka ao ka ’ona re ka reng Russia le bo-mphato ba eona ke morena oa leboea. (1) Ba hlasela batho ba Molimo ka hore ba thibele mosebetsi oa bona oa boboleli le ka ho hlorisa bara le barali babo rona ba likete-kete ba lulang linaheng tse laoloang ke bona. (2) Lintho tseo ba li etsang li bontša hore ba hloile Jehova le batho ba hae. (3) Ba leka ka hohle hore ba be matla ho feta morena oa boroa e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. A re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha re re Russia le linaha tse e tšehetsang ke morena oa leboea le hore na ke hobane’ng ha re cho joalo.
MORENA OA LEBOEA LE OA BOROA BA TSOELA PELE HO LOANTŠANA
5. Daniele 11:40-43 e bua ka nako efe, hona ho ile ha etsahala’ng ka nako eo?
5 Bala Daniele 11:40-43. Boprofeta bona bo bua ka liketsahalo tsa mehla ea bofelo. Bo boetse bo bua ka ntoa e pakeng tsa morena oa leboea le oa boroa. Daniele o ile a profeta hore matsatsing a ho qetela morena oa boroa o tla loantšana le morena oa leboea.—Dan. 11:40.
6. Re na le bopaki bofe bo bontšang hore marena a mabeli a ’nile a loantšana?
6 Morena oa leboea le morena oa boroa ba tsoela pele ho loantšana hobane ba tseka bompoli. Mohlala, nahana ka hore na ile ha etsahala’ng ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše ha Soviet Union le bo-mphato oa eona ba qala ho busa karolo e kholo ea Europe. Morena oa leboea o ile a etsa lintho tse ileng tsa susumetsa morena oa boroa hore a thehe mokhatlo le linaha tse ling hore ba loantše morena oa leboea. Mokhatlo oo o ile oa bitsoa NATO. Morena oa leboea le morena oa boroa ba tsoela pele ho sebelisa chelete e ngata e le hore ba be le mabotho a matla a sesole. Morena oa leboea o ile a loantša morena oa boroa ka hore a tšehetse linaha tse khahlanong le morena oa boroa tse Afrika, Asia le Latin America. Morao tjena Russia le linaha tse e tšehetsang li ile tsa e-ba matla lefatšeng. Li ile tsa boela tsa sebelisa lik’homphieutha kapa marang-rang e le ho loantša morena oa boroa. Marena ana a ile a qosana ka hore a sebelisa lik’homphieutha ka tsela e kotsi e etsang hore meruo ea bona e oe le hore mebuso e felloe ke matla. Joalokaha Daniele a boletse, morena oa leboea o tsoela pele ho hlorisa batho ba Molimo.—Dan. 11:41.
MORENA OA LEBOEA O KENA “NAHENG EA MOKHABISO”
7. Naha ea mokhabiso ke eng?
7 Daniele 11:41 e re morena oa leboea o tla kena “naheng ea mokhabiso.” Naha eo ke efe? Mehleng ea Bibele, naha eo e ne e le ea Iseraele. Naha ea Iseraele e ne e le naha e ntle ka ho fetisisa lefatšeng. (Ezek. 20:6) Naha eo e ne e ikhetha hobane e ne e le moo Jehova a sebeletsoang teng. Ho tloha selemong sa 33, naha ea mokhabiso ha ea ka ea hlola e e-ba sebaka se teng lefatšeng mona hobane batho ba Jehova ba tletse hohle lefatšeng. Ho e-na le hoo, naha ea mokhabiso ke mosebetsi oo bahlanka ba Jehova ba mo etsetsang oona o akareletsang ho mo rorisa libokeng le ho etsa mosebetsi oa boboleli.
8. Morena oa leboea o ile a kena “naheng ea mokhabiso” joang?
8 Matsatsing ana a ho qetela, morena oa leboea o kene “naheng ea mokhabiso” ka makhetlo a mangata. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ha morena oa leboea e le puso ea Manazi, o ile a kena naheng ea mokhabiso ka hore a hlorise le ho bolaea bahlanka ba Molimo. Ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, Soviet Union e ile ea e-ba morena oa leboea ’me le eona ea kena naheng ea mokhabiso ka hore e sotle batho ba Molimo le ho ba qobella ho tloha linaheng tsa habo bona.
9. Russia le linaha tse e tšehetsang li ile tsa kena “naheng ea mokhabiso” joang morao tjee?
9 Lilemong tsa morao tjena, Russia le linaha tse e tšehetsang li ile tsa kena “naheng ea mokhabiso.” Joang? Ka 2017, Russia e ile ea thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ea ba ea kenya bara le barali babo rona lichankaneng. E ile ea boela ea thibela lingoliloeng tsa rona ho akareletsa le Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Hape e ile ea nka ofisi ea lekala e Russia, Liholo Tsa ’Muso le Liholo Tsa Likopano. Ka mor’a hore ho etsahale lintho tsena, ka 2018 Sehlopha se Busang se ile sa re Russia le linaha tse e tšehetsang ke morena oa leboea. Ho sa tsotellehe hore na ba hlorisoa hakae, bahlanka ba Molimo ba ke ke ba loantša ’muso kapa hona ho leka ho liha ’muso. Empa leha ho le joalo, ba latela keletso ea Bibele e reng ba rapelle bohle ba “boemong bo phahameng,” haholo-holo ha mebuso eo e etsa qeto ea hore na re tla sebeletsa Molimo ka bolokolohi kapa che.—1 Tim. 2:1, 2.
NA MORENA OA LEBOEA O TLA HLOLA MORENA OA BOROA?
10. Na morena oa leboea o tla hlola morena oa boroa? Hlalosa.
10 Daniele 11:40-45 e bua haholo-holo ka morena oa leboea. Na see se bolela hore o tla hlola morena oa boroa? Qha! Ka ntoa ea Armagedone ha Jehova le Jesu ba felisa mebuso ea lefatše, morena oa boroa o tla be a ntse a busa. (Tšen. 19:20) Ke hobane’ng ha re kholisehile ka taba eo? A re boneng hore na boprofeta ba Daniele le ba Tšenolo bo bua ka’ng.
Ka ntoa ea Armagedone, ’Muso oa Molimo o tšoantšetsoang le lejoe, o tla felisa mebuso ea batho e emeloang ke setšoantšo se seholo se hlahang ponong ea Daniele (Sheba serapa sa 11)
11. Daniele 2:43-45 e bua ka’ng? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)
11 Bala Daniele 2:43-45. Boprofeta ba Daniele bo bua ka mebuso ka ho latellana e ileng ea hlorisa batho ba Molimo. Mebuso eo e hlalosoa e le likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo se ileng sa hlaha ponong ea Daniele. ’Muso oa ho qetela o hlahang letotong leo o hlalosoa e le maoto a entsoeng ka tšepe le letsopa. Maoto a emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Boprofeta bona bo bontša hore ’muso oo o tla be o ntse o busa ha ’Muso oa Molimo o felisa mebuso e teng.
12. Hlooho ea bosupa ea sebata e emela’ng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho tseba?
12 Moapostola Johanne le eena o bua ka letoto la mebuso e matla ea lefatše e ileng ea ba le tšusumetso ho batho ba Jehova. Ho ea ka boprofeta ba Johanne, sebata se lihlooho li supileng se emela mebuso eo. Hlooho ea bosupa ea sebata seo e emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Taba ena kea bohlokoa hobane ha ho na moo ho bontšoang hore sebata seo se hlaha hlooho e ’ngoe ka mor’a ea bosupa. Hlooho ena ea sebata e tla be e ntse e busa ha Kreste le makhotla a hae a leholimo ba felisa sebata hammoho le eona hlooho eo.b—Tšen. 13:1, 2; 17:13, 14.
MORENA OA LEBOEA O TLA ETSA’NG HAUFINYANE?
13-14. “Gogo oa naha ea Magogo” ke mang hona o tla susumetsoa ke eng hore a batle ho hlasela batho ba Molimo?
13 Ezekiele o tlalehile boprofeta bo re bolellang hore na ho tla etsahala’ng pele morena oa leboea le oa boroa ba felisoa. Ho bonahala eka boprofeta bo hlahang ho Ezekiele 38:10-23; Daniele 2:43-45; 11:44–12:1 le Tšenolo 16:13-16, 21 bo bua ka lintho tse tšoanang ’me taba ena e etsa hore re utloisise hore lintho tse latelang li ka ’na tsa etsahala.
14 Nakoana ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a qale, marena a lefatše a tla ikopanya hore ebe linaha tse ikopantseng. (Tšen. 16:13, 14; 19:19) Bibele e hlalosa linaha tse ikopantseng e le “Gogo oa naha ea Magogo.” (Ezek. 38:2) Linaha tseo tse ikopantseng li tla hlasela batho ba Molimo ’me li leke ho ba felisa. Li tla susumetsoa ke eng hore li hlasele bahlanka ba Molimo? Boprofeteng bo buang ka nako ena, moapostola Johanne o ile a re sefako se seholo ka tsela e sa tloaelehang se ne se tla kakata lira tsa Molimo. Sefako seo se emela molaetsa oa kahlolo o matla oo bahlanka ba Molimo ba tla o phatlalatsa. Ho ka etsahala hore ebe molaetsa oo e tla ba oona o etsang hore linaha tse ikopantseng li halefe hoo li tla batla ho hlasela batho ba Molimo ka sepheo sa ho ba hloibila ka ho feletseng lefatšeng.—Tšen. 16:21.
15-16. (a) E ka ’na eaba Daniele 11:44, 45 e bua ka liketsahalo life? (b) Ho tla etsahala’ng ka morena oa leboea le Gogo oa Magogo?
15 Molaetsa ona o matla le ho hlaseloa ha batho ba Molimo ke lira tsa bona ho ka etsahala hore ebe ho tšoana le liketsahalo tse hlahang ho Daniele 11:44, 45. (E bale.) Tlalehong eo, Daniele o re ho tla ba le litlaleho “tse tsoang bochaba-tsatsi le tse tsoang leboea” tse tla ferekanya morena oa leboea ’me “o tla tsoa ka khalefo e kholo.” Sepheo sa morena oa leboea ke hore “a felise le ho nehela ba bangata timetsong.” E ka ’na eaba “ba bangata” ke batho ba Jehova.c Ho ka ’na ha etsahala hore ebe tlalehong ena Daniele o ne a bua ka tlhaselo ea ho qetela e tla ba khahlanong le batho ba Molimo.
16 Nakong eo morena oa leboea le mebuso e meng ea lefatše ba hlaselang batho ba Molimo, ba tla halefisa Molimo ea matla ’ohle ’me taba eo e tla etsa hore ntoa ea Armagedone e qhome. (Tšen. 16:14, 16) Ka nako eo, morena oa leboea a e-na le lichaba tsohle tse etsang Gogo oa naha ea Magogo ba tla felisoa ’me ha ho na motho ea tla ba thusa.—Dan. 11:45.
Ka ntoa ea Armagedone,Jesu Kreste le mabotho a leholimo, ba tla felisa tsamaiso e khopo ea Satane ’me ba sireletse batho ba Molimo (Sheba serapa sa 17)
17. Mikaele eo e leng khosana e kholo ea tlalehiloeng ho Daniele 12:1 ke mang, hona o etsa’ng?
17 Temana e hlahlamang hang ka mor’a moo ea hlalosa hore na morena oa leboea le bohle ba mo tšehetsang ba tla felisoa joang le hore na rona re tla pholoha joang. (Bala Daniele 12:1.) Temana ee e bolela’ng? Lebitso le leng la Jesu morena oa rona ke Mikaele. Haesale a eme molemong oa bahlanka ba Molimo ho tloha ka 1914 ha ’Muso oa Molimo o ne o thehoa leholimong. Haufinyane o tla ema, ka mantsoe a mang o tla loantša lira tsa Molimo ka Armagedone. Ntoa ena ke ea makhaola-khang e leng ketsahalo eo Daniele a ileng a e bitsa nako e bohloko ka ho fetisisa ea mahlomola. Boprofeta ba Johanne bo hlahang ho Tšenolo bo bua ka nako ena ea pele ho ntoa ea Armagedone e le nako ea matšoenyeho a maholo.—Tšen. 6:2; 7:14.
NA LEBITSO LA HAO LE TLA NGOLOA KA BUKENG?
18. Ke hobane’ng ha re ka lula re khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na ho tl’o etsahala’ng nakong e tlang?
18 Daniele le Johanne ba bontšitse hore Jehova le Jesu ba tla sireletsa batho ba ba mamelang nakong ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, re ka lula re khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng. Daniele o bontša hore batho ba tla pholoha mabitso a bona a tla ngoloa ka bukeng. (Dan. 12:1) Re ka etsa’ng hore mabitso a rona a ngoloe ka bukeng eo? Re lokela ho bontša hore re na le tumelo ho Jesu, Konyana ea Molimo. (Joh. 1:29) Re lokela ho inehela ho Molimo re be re kolobetsoe. (1 Pet. 3:21) Hape re lokela ho tšehetsa ’Muso oa Molimo ka hore re etse ka hohle kamoo re ka khonang ho thusa batho ba bang ho ithuta ka Jehova.
19. Hona joale re lokela ho etsa’ng hona hobane’ng?
19 Hona joale ho feta leha e le neng pele, ke nako ea hore re tšepe Jehova le mokhatlo oa hae o entsoeng ka bahlanka ba hae ba tšepahalang. E boetse ke nako ea hore re tšehetse ’Muso oa Molimo. Haeba re etsa joalo, re tla sireletsoa ha morena oa leboea le morena oa boroa ba felisoa ke ’Muso oa Molimo.
PINA EA 149 Pina ea Tlholo
a “Morena oa Leboea” ke mang mehleng ee ’me o tla felisoa joang? Ho tseba karabo ea potso ena ho tla matlafatsa tumelo ea rona hape ho tla re thusa hore re itokisetse ho tobana le mathata ao re tla tobana le ’ona nakong e tlang.
b Ho fumana lintlha bo eketsehileng ka boprofeta ba Daniele 2:36-45 le ba Tšenolo 13:1, 2, sheba (Molula-Qhooa oa June 15, 2012, leq. 7-19.
c E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2015, leq. 29-30.
-
-
Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea BofeloMolula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | May
-
-
Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo
Boprofeta bo bong bo hlahang chateng ena bo bua ka liketsahalo tse etsahetseng ka nako e le ’ngoe. Kaofela ha bona bo fana ka bopaki ba hore re phela “nakong ea bofelo.”—Dan. 12:4.
Lengolo Tšen. 11:7; 12:13, 17; 13:1-8, 12
Boprofeta “Sebata” se ’nile sa busa batho ka lilemo tse ka holimo ho 3 000. Nakong ea bofelo, hlooho ea sebata e ile ea lemala. Hamorao, leqeba leo le ile la fola eaba lefatše lohle le latela sebata. Satane o sebelisa sebata seo ‘ho loantša ba setseng.’
Ho phethahala ha bona Ka mor’a Moroallo, mebuso ea batho e khahlanong le Jehova e ile ea qala ho busa batho. Ka mor’a lilemo tse ka holimo ho 3 000 nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, matla a ’muso oa Brithani a ile a thefuleha hampe. O ile oa hlaphoheloa nakong eo o neng o ikopanya le Amerika. Nakong ena ea bofelo, Satane o sebelisitse mebuso ea batho ho hlasela batho ba Molimo.
Lengolo Dan. 11:25-45
Boprofeta Nakong ena ea bofelo, morena oa leboea le morena oa boroa ba tsekisana hore ea matla ke mang.
Ho phethahala ha bona ’Muso oa Jeremane o loantšana le ’muso oa Manyesemane le Maamerika. Ka 1945, morena oa leboea e ba Soviet Union le linaha tse e tšehetsang. Ka 1991, Soviet Union e ile ea felloa ke matla eaba hamorao Russia le ba khemang le eona e ba morena oa leboea.
Mangolo Esa. 61:1; Mal. 3:1; Luka 4:18
Boprofeta Jehova o romela “lenģosa” hore le il’o “hleka tsela” pele ’Muso oa Molimo o hlomamisoa. “Lenģosa” lena le ile la qala ho ‘bolella ba bonolo litaba tse molemo.’
Ho phethahala ha bona Ho tloha ka 1870, Mor’abo rona Russell le metsoalle ea hae ba ile ba sebetsa ka thata ho hlalosetsa batho hore na Bibele e ruta’ng. Ka 1881, ba ile ba hlokomela hore ho bohlokoa hore bahlanka ba Jehova ba bolele. Ba ile ba hatisa lihlooho tse kang, “Ho hlokoa Baboleli ba Sekete” le “Anointed to Preach.”
Lengolo Mat. 13:24-30, 36-43
Boprofeta Monna e mong o ile a jala koro tšimong eaba sera sona se jala mofoka ’me tsa hola ’moho. Nakong ea kotulo, koro e ile ea aroloa ho mofoka.
Ho phethahala ha bona Ho tloha ka 1870, ho ile ha bonahala phapang pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba bohata. Nakong ena ea bofelo, Bakreste ba ’nete ba aroloa ho ba bohata ’me ba tlisoa ka phuthehong.
Lengolo Dan. 2:31-33, 41-43
Boprofeta Maoto a entsoeng ka tšepe le letsopa ke karolo ea setšoantšo se nang le likarolo tse fapaneng.
Ho phethahala ha bona Letsopa le emela batho ba busoang ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika empa ba le khahlanong le oona. Batho bana ba etsa hore ’muso ona o se ke oa ba matla joaloka tšepe.
Lengolo Mat. 13:30; 24:14, 45; 28:19, 20
Boprofeta “Koro” e isoa ‘ntlong ea polokelo’ hape “lekhoba le tšepahalang le le masene” lea khethoa hore le hlokomele ‘bahlanka ba ntlo.’ ‘Litaba tse molemo tsa ’Muso’ li qala ho “boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”
Ho phethahala ha bona Ka 1919 ho ile ha khethoa lekhoba le tšepahalang hore le hlokomele batho ba Molimo. Ho tloha ka nako eo, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qala ho bolela ka sekhahla. Hona joale Lipaki Tsa Jehova li bolela linaheng tse fetang 200 hape li hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang sekete.
Mangolo Dan. 12:11; Tšen. 13:11, 14, 15
Boprofeta Sebata se linaka li peli se ile sa bolella batho ba lefatše hore “ba etse setšoantšo bakeng sa sebata” eaba se fa setšoantšo seo “phefumoloho.”
Ho phethahala ha bona ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa theha Selekane sa Lichaba. Linaha tse ling li ile tsa kena selekaneng sena. Ho tloha ka 1926 ho ea ho 1933, morena oa leboea le eena o ile a kena selekaneng seo. Joalokaha batho ba ne ba lumela hore Selekane sa Lichaba se tla tlisetsa batho khotso, e leng ntho e ka tlisoang ke ’Muso oa Molimo feela, ba ile lumela joalo le ka Machaba a kopaneng.
Lengolo Dan. 8:23, 24
Boprofeta Morena ea tšosang o “baka tšenyo” e mpe haholo.
Ho phethahala ha bona ’Muso oa Manyesemane le Maamerika o bolaile batho ba se nang palo le ho baka tšenyo e mpe haholo. Mohlala, nakong ea Ntoa ea II, Amerika e ile ea baka koluoa e e-s’o bonoe ha e ne e liha libomo tse peli naheng e neng e qothisana lehlokoa le Amerika le Brithani.
Mangolo Dan. 11:31; Tšen. 17:3, 7-11
Boprofeta “Sebata se ’mala o sekareleta” se nang le linaka tse leshome se ile sa nyoloha ka sekoting ’me ea e ba morena oa borobeli. Buka ea Daniele e bua ka morena enoa e le “ntho e nyonyehang e etsang lesupi.”
Ho phethahala ha bona Ntoeng ea bobeli ea lefatše, Selekane sa Lichaba se ile sa fela. Ka mor’a ntoa eo, Machaba a Kopaneng a ile a nkela Selekane seo sebaka. Joaloka Selekane sa Lichaba, Machaba a Kopaneng le oona a fuoe tlotla e lokeloang ke ’Muso oa Molimo. Machaba a Kopaneng a tla hlasela likereke.
Mangolo 1 Bathes. 5:3; Tšen. 17:16
Boprofeta Lichaba li phatlalatsa hore li na le “khotso le tšireletseho” ’me “Linaka tse leshome” le “sebata” li hlasela “seotsoa” le ho se felisa. Ka mor’a moo, lichaba tseo lia felisoa.
Ho phethahala ha bona Lichaba li ka ’na tsa phatlalatsa hore ho na le khotso le tšireletseho lefatšeng. Ka mor’a moo, lichaba tse tšehetsang Machaba a Kopaneng li hlasela mekhatlo ea bolumeli ba bohata kapa likereke. Matšoenyeho a maholo a tla qala ka nako ena. Matšoenyeho ana a tla fela nakong eo Jesu a felisang puso eohle ea Satane ka Armagedone.
Mangolo Ezek. 38:11, 14-17; Mat. 24:31
Boprofeta Gogo o hlasela naha ea batho ba Molimo. Ka mor’a moo, mangeloi a tla bokella “bakhethoa.”
Ho phethahala ha bona Morena oa leboea hammoho le marena a mang a lefatše, ba tla hlasela Lipaki le ho li hlorisa. Nakoana ka mor’a hore ba qale ho li hlasela, batlotsuoa ba setseng ba tla nkeloa leholimong.
Mangolo Ezek. 38:18-23; Dan. 2:34, 35, 44, 45; Tšen. 6:2; 16:14, 16; 17:14; 19:20
Boprofeta Ea “palameng” “pere e tšoeu” o phetha tlholo ea hae ka ho felisa Gogo le lebotho la hae. “Sebata” se “liheloa ka letšeng la mollo” hape setšoantšo se seholo sea pshatloa.
Ho phethahala ha bona Jesu e leng morena oa ’Muso oa Molimo o pholosa bahlanka ba Molimo. A e-na le ba 144 000 le mabotho a leholimo, o tla felisa lichaba tse ikopantseng hore li hlorise batho ba Molimo ’me ka tsela eo e tla ba tšomo ka mathetho ka puso ea Satane.
-