“Le Tla Fetoha ’Muso oa Baprista”
“Le tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.”—EX. 19:6.
1, 2. Peō ea mosali e ne e lokela ho sireletsoa ho eng, hona hobane’ng?
BOPROFETA ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng ke ba bohlokoa haholo tabeng ea ho phethahala ha morero oa Jehova. Ha Molimo a etsa tšepiso ea Edene, o ile a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao [Satane] le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae.” Bora boo bo ne bo tla ba matla hakae? Jehova o ile a re: “[Peō ea mosali] e tla u khoba hlooho ’me uena [Satane] u tla e loma serethe.” (Gen. 3:15) Bora bo pakeng tsa noha le mosali bo ne bo tla ba matla hoo Satane a neng a tla etsa sohle se matleng a hae ho timetsa peō ea mosali.
2 Ha ho makatse hore ebe mopesaleme o ile a re ho Molimo thapelong ha a bua ka batho ba Hae ba khethiloeng: “Bona! lira tsa hao li ferekane; ba u hloileng haholo ba phahamisitse lihlooho. Ka mano ba ntšetsa pele lekunutu la bona khahlanong le batho ba hao; ba rerela ba patiloeng ba hao bolotsana. Ba itse: ‘Tloong ’me re ba feliseng hore e se ke ea e-ba sechaba.’” (Pes. 83:2-4) Lesika la peō ea mosali le ne le lokela ho sireletsoa e le hore le se ke la felisoa kapa hona ho silafatsoa. Ho finyella sena, Jehova o ile a etsa litumellano tse ling tsa molao tse neng li tla tiisa hore morero oa hae o oa phethahala.
SELEKANE SE SIRELETSANG PEŌ
3, 4. (a) Selekane sa Molao se qalile ho sebetsa neng, hona sechaba sa Iseraele se ile sa lumela ho etsa’ng? (b) Selekane sa Molao se ne se reretsoe ho etsa’ng?
3 Ha litloholo tsa Abrahama, Isaka le Jakobo li ntse li ata, Jehova o ile a li etsa sechaba sa Iseraele ea boholo-holo. Jehova o ile a sebelisa Moshe ho hlaba selekane se ikhethang le sechaba seo ka ho se fa Molao, ’me sechaba sa Iseraele sa amohela tumellano eo. Bibele e re: “[Moshe] a nka buka ea selekane ’me a e bala moo sechaba se ntseng se utloa. Joale sa re: ‘Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiselitse ho se etsa le ho se mamela.’ Kahoo Moshe a nka mali [a lipoho tsa sehlabelo] ’me a fafatsa sechaba ka oona eaba o re: ‘Ana ke mali a selekane seo Jehova a se hlabileng le lōna mabapi le mantsoe ana ’ohle.’”—Ex. 24:3-8.
4 Selekane sa Molao se qalile ho sebetsa ka 1513 B.C.E. ha Baiseraele ba le Thabeng ea Sinai. Molimo o ile a sebelisa selekane sena ho khetha Baiseraele ba boholo-holo hore e be sechaba sa hae. Jehova e ile ea e-ba ‘Moahloli, Monehi-molao le Morena oa bona.’ (Esa. 33:22) Histori ea Baiseraele e re bontša se etsahalang ha batho ba mamela melao ea Molimo e lokileng le se etsahalang ha ba sa e mamele. Kaha Molao o ne o ba thibela ho nyallana le bahetene le ho kopanela borapeling ba bohata, o ne o reretsoe ho sireletsa lesika la Abrahama hore le se ke la silafatsoa.—Ex. 20:4-6; 34:12-16.
5. (a) Selekane sa Molao se ile sa bulela Baiseraele monyetla ofe? (b) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lahla Baiseraele?
5 Selekane sa Molao se ne se boetse se fana ka tokisetso ea boprista, e neng e tšoantšetsa tokisetso e babatsehang e neng e le hona e tla tla. (Baheb. 7:11; 10:1) Ha e le hantle, selekane seo se ne se fa Baiseraele monyetla le tokelo e babatsehang ea hore e be “’muso oa baprista,” hafeela ba mamela melao ea Jehova. (Bala Exoda 19:5, 6.) Empa Baiseraele ba ile ba hlōleha ho etsa seo. Ho e-na le hore ba ananele ho tla ha Mesia, e leng peō e ka sehloohong ea Abrahama, ba ile ba e khesa. Ka lebaka leo, Molimo o ile a lahla sechaba seo.
6. Molao o ile oa finyella eng?
6 Ho se tšepahale ha Baiseraele ho Jehova le ho hlōleha ha bona ho hlahisa bohle ba neng ba tla etsa ’muso oa baprista ha hoa ka ha bolela hore Molao o hlōlehile. Molao o ne o reretsoe ho sireletsa peō le ho lebisa batho ho Mesia. O ile oa finyella morero oo ha Kreste a fihla ’me a tsebahatsoa. Bibele e re: “Kreste ke pheletso ea Molao.” (Bar. 10:4) Empa joale ho hlaha potso: Ke bo-mang ba neng ba tla ba le monyetla oa ho ba ’muso oa baprista? Jehova Molimo o ile a etsa tumellano e ’ngoe ea molao ho theha sechaba se secha.
HO THEHOA SECHABA SE SECHA
7. Jehova o ile a bolela eng esale pele ka Jeremia mabapi le selekane se secha?
7 Nako e telele pele selekane sa Molao se felisoa, Jehova o ne a boletse esale pele ka moprofeta Jeremia hore o tla etsa “selekane se secha” le sechaba sa Iseraele. (Bala Jeremia 31:31-33.) Selekane seo se ne se sa tl’o tšoana le selekane sa Molao, kaha sona se ne se sa tl’o hloka hore ho etsoe mahlabelo a liphoofolo e le hore batho ba tšoareloe libe. Seo se ne se tla etsahala joang?
8, 9. (a) Mali a Jesu a tšolotsoeng a finyella eng? (b) Ba selekaneng se secha ba bulehetsoe ke monyetla ofe? (Sheba setšoantšo se qalong.)
8 Lilemo tse makholo hamorao, Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka la 14 Nisane, 33 C.E. Ha a bua ka senoelo sa veine, o ile a re ho baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.” (Luka 22:20) Matheu o qotsa Jesu ha a bua ka veine a re: “Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.”—Mat. 26:27, 28.
9 Mali a Jesu a tšolotsoeng a tiisa selekane se secha. Mali ao a boetse a etsa hore batho ba tšoareloe libe ka ho sa feleng. Jesu ha a selekaneng se secha. Kaha ha a na sebe, ha ho hlokahale hore a tšoareloe libe. Empa Molimo o ne a ka sebelisa bohlokoa ba mali a Jesu a tšolotsoeng ho litloholo tsa Adama. O ne a boetse a ka amohela batho ba itseng ba inehetseng e le “bara” ba hae ka ho ba tlotsa ka moea o halalelang. (Bala Baroma 8:14-17.) Kaha Molimo o ba nka ba se na sebe, ka kutloisiso e itseng ba tla tšoana le Jesu, Mora oa Molimo ea se nang sebe. Batlotsuoa bana e tla ba “majalefa hammoho le Kreste” ’me ba tla ba le monyetla le tokelo ea ho ba “’muso oa baprista.” Ena ke tokelo e ka beng e filoe sechaba sa Iseraele se neng se le tlas’a Molao. Ha a bua ka “majalefa hammoho le Kreste,” moapostola Petrose o ile a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:9) Ruri selekane sena se secha ke sa bohlokoa! Se etsa hore barutuoa ba Jesu e be karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama.
SELEKANE SE SECHA SE QALA HO SEBETSA
10. Selekane se secha se qalile ho sebetsa neng, hona ke hobane’ng ha se qalile ho sebetsa ka nako eo?
10 Selekane se secha se qalile ho sebetsa neng? Ha sea qala ho sebetsa ha Jesu a bua ka sona bosiung ba ho qetela a le lefatšeng. E le hore se qale ho sebetsa, mali a Jesu a ne a lokela ho tšolloa ’me bohlokoa ba oona bo hlahisoe ka pel’a Jehova leholimong. Ho feta moo, ho ne ho hlokahala hore moea o halalelang o tšolleloe ho bao e neng e tla ba “majalefa hammoho le Kreste.” Kahoo, selekane se secha se qalile ho sebetsa ka Pentekonta ea 33 C.E. ha barutuoa ba tšepahalang ba Jesu ba ne ba tlotsoa ka moea o halalelang.
11. Selekane se secha se ile sa nolofalletsa Bajuda le Balichaba joang hore e be karolo ea Iseraele ea moea, hona ke batho ba bakae ba selekaneng se secha?
11 Le hoja selekane sa Molao ‘se ile sa felloa ke nako’ ha Jehova a phatlalatsa ka Jeremia hore o tla hlaba selekane se secha le Iseraele, se ile sa tsoela pele ho fihlela selekane se secha se qala ho sebetsa. (Baheb. 8:13) Ka mor’a moo, Molimo o ile a qala ho talima balumeli ba Bajuda le ba Balichaba ba sa bollang ka tsela e tšoanang, kaha ‘lebollo la bona e ne e le la pelo ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.’ (Bar. 2:29) Ka ho hlaba selekane se secha le bona, Molimo o ne a tla kenya melao ea hae ‘likelellong tsa bona, ’me a e ngole lipelong tsa bona.’ (Baheb. 8:10) Bohle ba selekaneng se secha ke batho ba 144 000, ba etsang sechaba se secha—e leng “Iseraele ea Molimo,” kapa Iseraele ea moea.—Bagal. 6:16; Tšen. 14:1, 4.
12. Selekane sa Molao se fapana joang le selekane se secha?
12 Selekane sa Molao se fapana joang le selekane se secha? Selekane sa Molao se ne se le pakeng tsa Jehova le sechaba sa Iseraele; selekane se secha se pakeng tsa Jehova le Iseraele ea moea. Moshe e ne e le mokena-lipakeng oa selekane sa Molao; Jesu ke Mokena-lipakeng oa selekane se secha. Selekane sa Molao se ile sa tiisoa ka mali a phoofolo; selekane se secha sona se tiisitsoe ka mali a Jesu a tšolotsoeng. Ho ile ha sebelisoa Moshe ho hlophisa sechaba sa Iseraele tlas’a selekane sa Molao; ’me ha sebelisoa Jesu, e leng Hlooho ea phutheho, ho hlophisa ba selekaneng se secha.—Baef. 1:22.
13, 14. (a) Selekane se secha se amana joang le ’Muso? (b) Ho hlokahala’ng e le hore Iseraele ea moea e buse le Kreste leholimong?
13 Selekane se secha se amana le ’Muso kaha se hlahisa sechaba se halalelang se nang le tokelo ea ho ba marena le baprista ’Musong oo oa leholimo. Sechaba seo se etsa karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama. (Bagal. 3:29) Kahoo selekane se secha se tiisa selekane sa Abrahama.
14 Ho sa ntse ho e-na le ntho e ’ngoe e amanang le ’Muso e lokelang ho etsahala. Selekane se secha se hlahisa Iseraele ea moea ’me se rala motheo oa hore litho tsa eona e be “majalefa hammoho le Kreste.” Empa ho ne ho hlokahala tumellano ea molao e le hore litho tseo li be hammoho le Jesu ’Musong oa hae e le marena le baprista leholimong.
SELEKANE SE LUMELLANG BA BANG HORE BA BUSE LE KRESTE
15. Jesu o ile a etsa selekane sefe le baapostola ba hae ba tšepahalang?
15 Ka mor’a hore Jesu a thehe Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, o ile a etsa selekane le barutuoa ba hae ba tšepahalang, ’me se atisa ho bitsoa selekane sa ’Muso. (Bala Luka 22:28-30.) Ho fapana le lilekane tse ling, tseo Jehova e bang karolo ea tsona, sena se pakeng tsa Jesu le balateli ba hae ba tlotsitsoeng. Ho bonahala eka ha Jesu a ne a re, “feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na,” o ne a bua ka selekane seo Jehova a se entseng le eena hore e be “moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.”—Baheb. 5:5, 6.
16. Selekane sa ’Muso se buletse Bakreste ba tlotsitsoeng monyetla ofe?
16 Baapostola ba 11 ba tšepahalang ‘ba ile ba khomarela Jesu litekong tsa hae.’ Selekane sa ’Muso se ile sa ba tiisetsa hore ba tla ba le eena leholimong ’me ba lule literoneng ho busa e le marena le ho sebeletsa e le baprista. Empa tokelo eo e ne e sa tl’o fumanoa ke bao ba 11 feela. Jesu ea tlotlisitsoeng o ile a hlaha ho moapostola Johanne ponong ’me a re: “Ea hlōlang ke tla mo neha ho lula le ’na teroneng ea ka, esita le joalokaha ke ile ka hlōla ’me ka lula le Ntate teroneng ea hae.” (Tšen. 3:21) Kahoo, selekane sa ’Muso se entsoe le Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsoeng. (Tšen. 5:9, 10; 7:4) Selekane sena ke tumellano ea molao e ba lumellang hore ba buse le Jesu leholimong. Se tšoana le monyaluoa ea tsoang lelapeng le hlomphehang ea nyaloang ke morena ’me a kopanela puso le eena. Ha e le hantle, Mangolo a re Bakreste ba tlotsitsoeng ke “monyaluoa” oa Kreste, “moroetsana ea hloekileng” ea tšepisitsoeng lenyalo ke Kreste.—Tšen. 19:7, 8; 21:9; 2 Bakor. 11:2.
E-BA LE TUMELO E SA THEKESELENG ’MUSONG OA MOLIMO
17, 18. (a) Bolela lilekane tse tšeletseng tse amanang le ’Muso tseo re buileng ka tsona. (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tumelo e sa thekeseleng ’Musong?
17 Lilekane tsohle tseo re buileng ka tsona lihloohong tsena tse peli li amana le ’Muso ka tsela e itseng. (Sheba chate e reng, “Kamoo Molimo a Tla Phethahatsa Morero oa Hae Kateng.”) Sena se totobatsa ’nete ea hore tokisetso ena ea ’Muso e thehiloe ka thata litumellanong tsa molao. Kahoo re na le lebaka le utloahalang la hore re tšepe ’Muso oa Bomesia ka ho feletseng, kaha ke oona oo Molimo a tla o sebelisa ho phethahatsa morero oa hae ka lefatše le batho.—Tšen. 11:15.
18 Na ho na le lebaka la ho belaella hore ’Muso o tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng? Re ka phatlalatsa ka kholiseho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho ka ho feletseng. E se eka re ka bolella ba bang ’nete ena ka cheseho!—Mat. 24:14.