-
Phephetso ea ho Fana ka TlhokomeloTsoha!—1997 | February 8
-
-
Phephetso ea ho Fana ka Tlhokomelo
“KA LINAKO tse ling ke ne ke ee ke lakatse eka nka tsoa boemong boo. Empa o ne a ntlhoka ho feta leha e le neng pele. Ka linako tse ling ke ne ke ee ke ikutloe eka ke setse lepala-paleng.”—Jeanny, ea ileng a oka monna oa hae ea lilemo li 29 ka likhoeli tse 18 pele a bolaoa ke hlahala ea boko.a
“Ho na le linako tse ling tseo ka tsona ke tenehelang ’Mè, ebe kea itenehela ka mor’a moo. Ke ikutloa ke le ea hlōlehang ha ke sitoa ho sebetsana ka katleho le boemo.”—Rose, ea lilemo li 59, ea ileng a hlokomela ’mè oa hae ea neng a fokola a le lilemo li 90, a se a sa tsohe betheng.
Litaba tsa boloetse bo lebisang lefung kapa bo sa foleng e ka ba tse sithabetsang ho ba lelapa le metsoalle. Ho Children With Cancer, Jeanne Munn Bracken o re: “Nakong eo boloetse bo fumanehang ka eona lelapa le leng le le leng le ikutloa eka le setse lepala-paleng. Mohlomong ha ba tsebe leha e le mang e mong ea kileng a ba le bothata bona.” Hape ba atisa ho “tsieleha le ho se lumele,” joaloka Elsa ha a ne a fumana hore motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, Betty, ea lilemo li 36 o ne a e-na le kankere. Sue, eo ntate oa hae a neng a kula, o ile a “feroha libete” ha qetellong a hlokomela hore ntate oa hae o ne a bolaoa ke kankere.
Litho tsa lelapa le metsoalle li ka ’na tsa iphumana ka tšohanyetso li talimane le mosebetsi oa ho fana ka tlhokomelo—ho hlokomela litlhoko tsa ’mele le tsa maikutlo tsa motho ea kulang. Mohlomong li tlameha ho lokisa lijo tse matlafatsang, ho hlokomela phekolo, ho hlophisa mokhoa oa ho ea ngakeng, ho hlokomela baeti ba mokuli, ho ngolla mokuli mangolo le tse ling tse ngata-ngata. Mesebetsi e joalo e atisa ho patiselletsoa kemisong e seng e ntse e phathahane.
Leha ho le joalo, ha boemo ba mokuli bo ntse bo mpefala, mosebetsi oa ho fana ka tlhokomelo o eketseha ho feta. Hoo ho ka ’na ha akarelletsa eng? Elsa, ka motsoalle oa hae Betty, ea neng a se a sa tsohe betheng, o re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe! Ho mo hlatsoa le ho mo fepa, ho mo thusa ha a hlatsa, ho qhala mokotla oo a ntšetsang metsi ho oona.” Kathy, le hoja a ne a sebetsa mosebetsi oa nako e tletseng, o ne a tlameha ho hlokomela ’mè oa hae ea kulang. Sue, ea boletsoeng pejana, o bua ka “ho nka tlaleho ea mocheso le mohatsela [oa ntate oa hae] ka mor’a halofo e ’ngoe le e ’ngoe ea hora, ho sebelisa seponche se metsi ho theola mocheso ha o phahame le ho chencha liaparo tsa hae le lilakane betheng ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse seng kae.”
Boleng ba tlhokomelo eo mokuli a e fumanang bo tla itšetleha haholo ka bokhoni ba ba fanang ka tlhokomelo. Leha ho le joalo, hangata maikutlo le litlhoko tsa ba hlokomelang ba kulang li tlōlisoa mahlo. Haeba ho fana ka tlhokomelo ho ne ho fella feela ka lehlaba ka mokokotlong le mahetla a bohloko, ho ne ho ke ke ha e-ba boima hakaalo. Empa, joalokaha ba bangata ba fanang ka tlhokomelo ba tla paka, ho fana ka tlhokomelo ho ama maikutlo ka mokhoa o makatsang.
“Ho ne ho Soabisa Haholo”
The Journals of Gerontology ea tlaleha: “Hangata liphuputso li hlalosa mahlomola a tlisoang ke ho lahleheloa ke kelello, boitšoaro bo soabisang le ho phasoloha [ha mokuli].” Ka mohlala, Gillian o hlalosa se ileng sa etsahala ka mor’a hore motsoalle e mong oa hae sebokeng sa Bokreste a kōpe ho tla bona ’mè oa hae ea seng a hōlile. Gillian, o hopola ka masoabi: “’Mè o ile a bonahala a sa tsebe letho ’me a se ke a arabela letho. Ho ne ho soabisa haholo ’me likeleli li ile tsa tlala ka mahlong a ka.”
Joan, eo monna oa hae a nang le ho lahleheloa ke kelello, o re: “Ke e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa ho sebetsana ka katleho le eona.” Oa hlalosa: “Ho etsa hore a se ke a tsotella mekhoa e metle. Ha re e-ja le batho ba bang lireschorenteng, ka linako tse ling o ea litafoleng tse ling ka tlung ea ho jela, a latsoe jeme, ebe o khutlisetsa khaba e sebelitseng ka har’a sejana sa jeme. Ha re etetse baahisani, a ka ’na a tjoetleletsa mathe tselaneng e pakeng tsa lirapa. Ho thata haholo ho ’na ho tlosa khopolo ea hore ba bang e ka ’na eaba ba bua ka mekhoa ena le hore mohlomong ba nka a hloka mekhoa e metle ka mokhoa o makatsang. Ke shoella holimo.”
“Ke ne ke Tšoha Hore Haeba re ne re sa be Hlokolosi . . .”
Ho hlokomela moratuoa ea kulang haholo e ka ba phihlelo e tšosang haholo. Ea fanang ka tlhokomelo a ka ’na a tšoha se tla etsahala ha ho kula ho ntse ho tsoela pele—mohlomong esita le ho tšoha lefu la moratuoa oa hae. A ka ’na a boela a tšoha hore ha a na ho ba le matla kapa bokhoni ba ho khahlametsa litlhoko tsa mokuli.
Elsa o hlalosa lebaka la hae la ho tšoha ka tsela ena: “Ke ne ke tšaba hore nka ’na ka ntša Betty kotsi ’meleng, ka tsela eo ka mo ekelletsa bohloko, kapa hore nka ’na ka etsa ntho e ’ngoe e ka ’nang ea khutsufatsa bophelo ba hae.”
Ka linako tse ling seo mokuli a se tšabang se tšosa le ea fanang ka tlhokomelo. Sue oa bolela: “Ntate o ne a tšaba ho bipetsana ’me ka linako tse ling o ne a hloka botsitso ka lebaka la ho tšoha. Ke ne ke tšoha hore haeba re ne re sa be hlokolosi, o ne a tla bipetsana ’me kahoo a hlaheloe ke ntho eo a e tšabang ka ho fetisisa.”
“U ka ’na Ua Sareloa ka Lebaka la Tsela eo ba Neng ba Tloaetse ho ba ka Eona”
Caring for the Person With Dementia e re: “Ho tloaelehile hore ba hlokomelang moratuoa ea nang le boloetse bo sa foleng ba be mesarelong. Ha boloetse ba mokuli bo ntse bo ea pele, u ka ’na ua ikutloa u lahleheloa ke botsoalle le kamano e lerato tseo e neng e le tsa bohlokoa ho uena. U ka ’na ua sareloa ka lebaka la tsela eo ba neng ba tloaetse ho ba ka eona.”
Jennifer o hlalosa kamoo lelapa labo le ileng la ameha kateng ha bophelo ba ’mè oa hae bo ntse bo tsoela pele ho mpefala: “Re ne re utloa bohloko. Re ne re hlōloheloa meqoqo ea hae e qabolang. Re ile ra sareloa haholo.” Gillian oa hlalosa: “Ke ne ke sa batle hore ’Mè a shoe, ’me ke ne ke sa batle hore a utloe bohloko. Ke ne ke lula ke lla.”
“Ke ne ke Ikutloa ke Lahliloe, ke Halefa”
Ea fanang ka tlhokomelo a ka ’na a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha see se nketsahaletse? Ke hobane’ng ha ba bang ba sa thuse? Na ha ba bone hore kea imeloa? Na mokuli a ke ke a ba le tšebelisano-’moho haholoanyane?’ Ka linako tse ling, ea fanang ka tlhokomelo a ka ’na a halefisoa haholo ke lintho tse bonahalang li ntse li eketseha le tse leeme tse batloang ho eena ke mokuli le ke litho tse ling tsa lelapa. Rose, ea boletsoeng qalong, o re: “Ke atisa ho ikhalefela—ka pelong. Empa ’Mè o re hoa bonahala sefahlehong sa ka.”
Motho ea fanang ka tlhokomelo a ka ’na a jara moroalo oa litsietsi tsa mokuli le khalefo ea hae. Bukeng, Living With Cancer, Dr. Ernest Rosenbaum o hlalosa hore bakuli ba bang “ka linako tse ling ba ka ’na ba halefa ’me ba tepella maikutlo hoo ba batlang ho intšetsa malokobe ho motho ea fumanehang haufi le bona . . . Hangata khalefo ena e bonahatsoa ka ho tenehela lintho tse fokolang tseo mehleng li neng li sa tl’o ama mokuli.” Ka ho utloahalang, sena se ka beha khatello e eketsehileng methapong e imetsoeng ea baratuoa ba etsang sohle se matleng a bona ho hlokomela mokuli.
Ka mohlala, Maria, o ile a etsa mosebetsi o babatsehang oa ho hlokomela motsoalle oa hae ea neng a kulela lefu. Leha ho le joalo, nako le nako motsoalle oa hae o ne a bonahala a teneha le feela ’me a potlakela ho etsa liqeto tse fosahetseng. Maria oa hlalosa: “O ne a ka omana ’me a be bohale, a soabise baratuoa.” See se ile sa ama Maria joang? “Nakong eo, motho o bonahala eka o ‘utloisisa’ mokuli. Empa ha ke nahana ka seo hamorao, ke ne ke ikutloa ke lahliloe, ke halefa, ke sa kholiseha—’me ke se na tšekamelo ea ho bontša lerato le hlokahalang.”
Phuputso e phatlalalitsoeng ho The Journals of Gerontology e ile ea phetha: “Ho na le monyetla oa hore bohale bo hloe mekoalaba maemong a ho fana ka tlhokomelo [’me] ka linako tse ling bo fella ka pefo ea sebele kapa e ka ’nang ea etsahala.” Bafuputsi ba fumane hore hoo e ka bang motho a le mong ho ba bahlano ba fanang ka tlhokomelo o tšaba hore a ka ’na a ba mabifi. ’Me ba fetang a le mong ho ba 20 ba se ba hlile ba bile mabifi ho bakuli ba bona.
“Ke Ikutloa ke le Molato”
Ba bangata ba fanang ka tlhokomelo ba hlaseloa ke maikutlo a ho ba molato. Ka linako tse ling boikutlo ba ho ba molato bo sala bohale morao—ke hore, ba ikutloa ba le molato hobane ka linako tse ling ba ikutloa ba halefile. Maikutlo a joalo a ka ’na a ba qeta matla ho isa bohōleng boo ba ikutloang hore ba ke ke ba tsoela pele.
Maemong a mang, boikhethelo ha bo eo haese hore mokuli o tlameha ho hlokomeloa setsing se itseng kapa sepetlele. Ena e ka ba qeto e sithabetsang e ka senyang maikutlo a ea fanang ka tlhokomelo. Jeanne o re: “Ha qetellong ke qobelleha ho isa ’Mè lehaeng la likooa, ke ile ka ikutloa eka ke mo tsoa tlaase, kea mo lahla.”
Ebang mokuli o kenngoa sepetlele kapa che, baratuoa ba hae ba ka ’na ba ikutloa ba le molato ka hore ha ba mo etsetse ho lekaneng. Elsa o ile a re: “Ke ne ke atisa ho utloisoa bohloko ke ho hloka nako. Ka linako tse ling motsoalle oa ka o ne a sa ntumelle hore ke tsamaee.” Ho ka boetse ha e-ba le ho ameha ho itseng ka boikarabelo bo bong ba lelapa bo hlokomolohiloeng, haholo-holo haeba ea fanang ka tlhokomelo a qeta nako e ngata haholo a le sepetlele kapa a tlameha ho sebetsa lihora tse teletsana e le hore a thuse ho lefella likoloto tse ntseng li phahama. ’Mè e mong o ile a tletleba: “Ke tlameha ho sebetsa e le hore ke thuse ka litšenyehelo, leha ho le joalo ke ikutloa ke le molato kaha ke sitoa ho ba lapeng ho hlokomela bana ba ka.”
Ka ho hlakileng, ba fanang ka tlhokomelo ba hloka tšehetso e matla, haholo-holo ka mor’a lefu la motho ea neng a hlokometsoe. Dr. Fredrick Sherman oa Huntington, New York, o re: “Boikarabelo ba ka bo thata ka ho fetisisa [ka mor’a lefu la mokuli] . . . ke ho tlosa maikutlo a ho ba molato ho ba fanang ka tlhokomelo, ao hangata ba sa a bueng.”
Haeba maikutlo ana a lula a sa buuoe, a ka ba kotsi ho ea fanang ka tlhokomelo hammoho le ho mokuli. Joale, ke’ng seo ba fanang ka tlhokomelo ba ka se etsang ho sebetsana ka katleho le maikutlo aa? ’Me ke’ng seo ba bang—litho tsa lelapa le metsoalle—ba ka se etsang ho ba thusa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Lebokose le leqepheng la 5]
U Se Ke Ua Nka Hore Ba Tlamehile!
MYRNA I. LEWIS, motlatsi oa moprofesa lefapheng la lekhotla la meriana Sekolong sa Bongaka sa Mount Sinai, New York, o re: “Rea tseba hore 80% ea tlhokomelo e fuoang batho ba hōlileng lapeng e etsoa ke basali.”
Phuputso e ’ngoe ea basali ba fanang ka tlhokomelo, e phatlalalitsoeng ho The Journals of Gerontology,b e bontšitse hore karolo ea 61 lekholong ea basali e tlalehile e sa fumane thuso ho lelapa leha e le metsoalle. ’Me ba fetang halofo (karolo ea 57,6 lekholong) ba boletse hore ha baa ka ba fumana tšehetso e lekaneng ea maikutlo ho banna ba bona. Ho Children With Cancer, Jeanne Munn Bracken o bontša hore ha ’mè a ka ’na a jara moroalo o boima oa ho fana ka tlhokomelo, “ntate a ka ’na a itšireletsa ka mosebetsi oa hae.”
Leha ho le joalo, Dr. Lewis o bolela hore ho na le karolo ea bohlokoa ho faneng ka tlhokomelo e etsoang ke banna. Ka mohlala, banna ba nang le basali ba nang le Alzheimer’s disease ke sehlopha se batlang se le seholo. ’Me ka sebele ha baa lokoloha khatellong ea maikutlo ea ho hlokomela moratuoa ea kulang. Lewis o tsoela pele: “Banna bana mohlomong ke ba ka hlaselehang habonolo ho feta ba bang kaofela, kaha hangata ba baholo ho basali ba bona ’me e ka ’na eaba ka bobona ba na le mathata a bophelo. . . . Ba bangata ba bona ha baa koetlisoa likarolong tsa ho fana ka tlhokomelo e molemo.”
Malapa a tlameha ho itebela khahlanong le tšekamelo ea ho imetsa setho se seng se bonahalang se sebetsana le phephetso ka katleho. Buka Care for the Carer e re: “Hangata ke setho se itseng sa lelapa seo e bang mohlokomeli, ka linako tse ling ka makhetlo a ’maloa a latellanang. Karolo e khōlō ea bana ke basali bao ka bobona ba seng ba ntse ba hōlile. . . . Hape hangata basali ba talingoa e le bahlokomeli ‘ka tlhaho’ . . . , empa malapa le metsoalle ha aa lokela hore le ka mohla a nke hoo e le tlamo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Gerontology e hlalosoa e le “lekala la tsebo ea ho sebetsana le ho hōla le mathata a batho ba hōlileng.”
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ba fanang ka tlhokomelo ba hloka tšehetso hore ba sebetsane ka katleho le maikutlo a ho ba molato le ho halefa
-
-
Kamoo U ka Sebetsanang le MaikutloTsoha!—1997 | February 8
-
-
Kamoo U ka Sebetsanang le Maikutlo
NA HONA joale u hlokomela moratuoa e mong oa hao ea kulang haholo? Haeba ho joalo, u ka ’na ua ba le maikutlo a mang a ferekanyang le a tšosang. U ka etsa eng? Hlokomela maikutlo ao ba bang ba fanang ka tlhokomelo ba loanang le ’ona le litlhahiso tse sebetsang tse ba thusitseng ho sebetsana le ’ona ka katleho.
Mahlabisa-lihlong. Ka linako tse ling, boitšoaro ba motho ea kulang bo ka ’na ba u hlabisa lihlong ka pel’a ba bang. Empa ho hlalosetsa metsoalle le baahisani sebōpeho sa boloetse ba moratuoa oa hao ho ka ’na ha ba thusa hore ba utloisise ’me mohlomong hape ha ba susumelletsa hore ba bontše ‘ho utloela bohloko’ le ho mamella. (1 Petrose 3:8) Haeba ho ka khoneha, buisana le malapa a mang a boemong bo tšoanang le ba hao. U ka ’na ua se ke ua hlajoa ke lihlong haholo ha u fapanyetsana le ba bang liphihlelo. Sue o hlalosa se ileng sa mo thusa: “Ke ne ke e-na le kutloelo-bohloko e matla ho Ntate—e ne e koahela boikutlo leha e le bofe ba ho hlajoa ke lihlong. ’Me bosoasoi ba hae bo ile ba thusa le bona.” E, bosoasoi—ba mokuli le ba ba mo hlokomelang—ke kofuto e babatsehang bakeng sa ho khatholla methapo e imetsoeng.—Bapisa le Moeklesia 3:4.
Tšabo. Ho hloka tsebo ka boloetse ho ka tšosa haholo. Haeba ho khoneha, batla keletso ea litsebi mabapi le se ka lebelloang ha boloetse bo ntse bo tsoela pele. Ithute kamoo u ka fanang ka tlhokomelo kateng tlas’a maemo ao. Ho Elsa, e ’ngoe ea lintlha tsa bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho sebetsana ka katleho le seo a se tšabang e bile ho buisana le ba bang ba fanang ka tlhokomelo le baoki ba lenaneong la lithuso tsa bakuli mabapi le se ka lebelloang ha boemo ba mokuli bo ntse bo mpefala. Jeanny oa eletsa: “U loantše ’me u laole seo u se tšabang. Ho tšaba se ka ’nang sa etsahala hangata ho tšosa ho feta bonnete ba taba.” Dr. Ernest Rosenbaum o khothalletsa hore ho sa tsotellehe se li bakang, lintho tseo u li tšabang li lokela “ho buuoa hang ha li hlaha.”—Bapisa le Liproverbia 15:22.
Mesarelo. Ha ho bonolo ho sebetsana le mesarelo, haholo-holo ha ho fanoa ka tlhokomelo. U ka ’na ua sareloa ka lebaka la ho lahleheloa ke botsoalle, haholo-holo haeba moratuoa oa hao ea kulang a se a sitoa ho bua, ho utloa ka ho hlaka kapa ho u tseba. Ba bang ba ka ’na ba se ke ba utloisisa maikutlo ao habonolo. Ho bua ka se u bakelang mesarelo ho motsoalle ea utloisisang ea tla mamela ka mamello le ka kutloelo-bohloko ho ka imolla haholo kamoo ho hlokahalang kateng.—Liproverbia 17:17.
Ho Halefa le ho Tsieleha. Tsena ke likarabelo tse tloaelehileng tlhokomelong ea motho ea kulang haholo eo boitšoaro ba hae bo ka ’nang ba se ke ba utloisiseha habonolo ka linako tse ling. (Bapisa le Baefese 4:26.) Hlokomela hore hangata ke boloetse, eseng mokuli, bo ikarabellang bakeng sa boitšoaro boo bo nyahamisang. Lucy oa hopola: “Ha ke hlile ke halefile, ke ne ke ee ke qetelle ke lla. Ebe ke leka ho ikhopotsa boemo ba mokuli le boloetse ba hae. Ke ne ke tseba hore mokuli o hloka thuso ea ka. Seo se ne se nthusa ho tsoela pele.” Temohisiso e joalo e ka ’na ea u ‘liehisa ho halefa.’—Liproverbia 14:29; 19:11.
Ho Ikutloa U le Molato. Maikutlo a ho ba molato a tloaelehile har’a ba fanang ka tlhokomelo. Leha ho le joalo, tiiseha hore u phetha mosebetsi oa bohlokoa empa o thata haholo. Amohela ’nete ea hore hase kamehla u tla arabela ka mokhoa o phethahetseng ka mantsoe kapa ka ketso. Bibele ea re hopotsa: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2; Baroma 3:23) U se ke ua lumella maikutlo a ho ba molato ho u sitisa hore u nke khato e nepahetseng hona joale. Haeba u utloisitsoe bohloko ke ntho e ’ngoe eo u e buileng kapa u e entseng, u ka ’na ua fumana hore ho bolela hore “Ke soabile” ho tla etsa hore uena le mokuli oa hao le ikutloe hamolemo. Motho e mong ea neng a hlokomela mong ka eena ea kulang o ile a eletsa: “Etsa sohle se matleng a hao tlas’a maemo.”
Ho Tepella Maikutlo. Ho tepella maikutlo ho atile—’me hoa utloahala—malapeng a sebetsanang le boloetse bo matla. (Bapisa le 1 Bathesalonika 5:14.) Mohlokomeli e mong ea nang le ho tepella maikutlo o hlalosa se ileng sa mo thusa: “Ba bangata ba ne ba ee ba re lebohe ka tlhokomelo eo re fanang ka eona. Mantsoe a seng makae feela a khothatso a ka u phahamisa hore u tsoele pele ha u khathetse haholo kapa u tepeletse maikutlo.” Bibele e re: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” (Liproverbia 12:25) Hase kamehla ba bang ba tla utloisisa hore u hloka khothatso. Kahoo, ka linako tse ling, u ka ’na ua lokela ho qala pele ho ntša “masoabi” ka pelong ea hao e le hore ba bang ba u fe “puo e molemo” ea khothatso. Leha ho le joalo, haeba maikutlo a ho tepella a phehella kapa a teba ho feta, mohlomong ho ka ba bohlale hore u bone ngaka.
Boikutlo ba ho Hloka Thuso. U ka ’na ua ikutloa u se na thuso ha u talimane le boloetse bo fokolisang. Amohela bonnete ba boemo ba hao. Ela hloko likhaello tsa hao—bophelo ba mokuli hase ba hao hore u bo laole, empa u ka fana ka tlhokomelo e bontšang kutloelo-bohloko. U se ke ua lebella phetheho ho uena, ho mokuli oa hao kapa ho batšehetsi ba hao. Katamelo e leka-lekaneng ha e theole maikutlo a ho hloka thuso feela empa e boetse e theola boima ba mosebetsi. Ka bohlale, ba bangata ba ileng ba hlokomela moratuoa oa bona baa eletsa: Ithute ho tobana le letsatsi le le leng ka nako.—Matheu 6:34.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Mantsoe A Khothatsang A Ba Fanang Ka Tlhokomelo
“U SE ke ua nyahamisoa ke likhopolo tse fosahetseng ka uena ka bouena. Li tloaelehile maemong a joalo. Ka sebele ha ua lokela ho bipetsa maikutlo a hao. Bolella e mong kamoo u ikutloang kateng, ’me haeba u ka khona, e-ea phomolong—tsamaea nakoana—e le hore u ikutloe u khatholohile.”—Lucy, eo mosebetsi oa hae tleliniking o neng o akarelletsa ho thusa ba ’maloa ba fanang ka tlhokomelo esita le bakuli.
“Haeba litho tse ling tsa lelapa kapa metsoalle li fumaneha ’me li ithaopa, li fe monyetla oa ho thusa. Ke habohlokoa ho jarisana boikarabelo le ba bang.”—Sue, ea ileng a hlokomela ntate oa hae pele a bolaoa ke Hodgkin’s disease.
“Ithute ho hlaolela bosoasoi.”—Maria, ea ileng a thusa ho hlokomela motsoalle oa hae ea ratehang ea ileng a bolaoa ke kankere.
“Lula u le matla moeeng. Atamela haufi le Jehova, ’me u rapele u sa phetse. (1 Bathesalonika 5:17; Jakobo 4:8) O fana ka thuso le matšeliso ka moea oa hae, Lentsoe la hae, bahlanka ba hae ba lefatšeng le litšepiso tsa hae. Leka ho ba ea hlophisehileng kamoo u ka khonang. Ka mohlala, hoa thusa ho etsa kemiso bakeng sa meriana le lethathamo la bathusi.”—Hjalmar, ea ileng a hlokomela soare sa hae se neng se kulela lefu.
“Ithute sohle seo u ka se khonang ka boleng ba boloetse ba mokuli oa hao. Hoo, ka bohona, ho tla u thusa hore u tsebe seo u ka se lebellang ho mokuli le ho uena ka bouena le kamoo u ka hlokomelang mokuli oa hao kateng.”—Joan, eo monna oa hae a nang le Alzheimer’s disease.
“Hlokomela hore ba bang ba ile ba tobana le boemo ka katleho pele ho uena le hore Jehova a ka u thusa ho tobana ka katleho le eng kapa eng e etsahalang.”—Jeanny, ea ileng a hlokomela monna oa hae pele a hlokahala.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“U loantše ’me u laole seo u se tšabang. Ho tšaba se ka ’nang sa etsahala hangata ho tšosa ho feta bonnete ba taba”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho kokobetsa lintho tseo u li tšabang, fumana ho hongata kamoo u ka khonang ka boloetse
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho buisana le motsoalle ea utloisisang ho ka imolla haholo
-
-
Ho Hlokomela ea Fanang ka Tlhokomelo—Kamoo ba Bang ba ka Thusang KatengTsoha!—1997 | February 8
-
-
Ho Hlokomela ea Fanang ka Tlhokomelo—Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng
“’NA LE Lawrie re se re nyalane lilemo tse 55—nako e telele—’me e bile lilemo tse thabisang hakaakang! Haeba ho ne ho khoneha hore ke mo boloke hae, nka be ke mo bolokile. Empa bophelo ba ka bo ile ba qala ho mpefala. Qetellong, ke ile ka tlameha ho lokisetsa hore a ee lehaeng la kokelo. Bohloko ba maikutlo ba ho pheta sena ke bo batlang bo nkimela. Kea mo rata le ho mo hlompha ka ho tebileng ’me ke mo etela khafetsa kamoo nka khonang. ’Meleng, ke sitoa ho etsa ho eketsehileng.”—Anna, mosali ea lilemo li 78 eo ka lilemo tse fetang 10 a ileng a hlokomela monna oa hae ea nang le Alzheimer’s disease ’me hape lilemong tse 40 tse fetileng o ile a hlokomela morali oa bona ea nang le Down’s syndrome.a
Boemo bo kang ba Anna ke bo tloaelehileng. Phuputso e ’ngoe British Isles e senotse hore “lihlopheng tse itseng tsa lilemo (tsa bo-40 le bo-50) ke palo ea hoo e ka bang mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba babeli ea fanang ka tlhokomelo.” Joalokaha ho boletsoe pejana, pherekano ea maikutlo le mathata ao ba fanang ka tlhokomelo ba tobanang le ’ona li ka ’na tsa bonahala li sa mamellehe ka linako tse ling.
Dr. Fredrick Sherman, oa American Geriatrics Society o re: “Ke nahana hore bonyane 50% ea ba fanang ka tlhokomelo e tepella maikutlo selemong sa pele sa ho fana ka tlhokomelo.” Ho batho ba hōlileng joaloka Anna, ho fokotseha ha matla a bona le ho fokolloa ke bophelo ho ka etsa hore boemo bo be thata haholoanyane ho sebetsana le bona.
E le hore re thuse ba fanang ka tlhokomelo ho sebetsana ka katleho le boikarabelo ba bona, re hloka ho ela hloko litlhoko tsa bona. Ke life litlhoko tseo, ’me ke joang re ka sebetsang tumellanong le tsona?
Ba Fanang ka Tlhokomelo ba Hloka ho Bua
Mosali e mong ea ileng a thusa ho hlokomela motsoalle oa hae ea kulelang lefu o ile a re: “Ke ne ke hloka ho ikimolla.” Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se ka pele, hangata ho ba bonolo ho tobana le mathata le ho sebetsana le ’ona haeba ho ka buisanoa ka ’ona le motsoalle ea bontšang kutloelo-bohloko. Bongata ba ba fanang ka tlhokomelo ba ikutloang ba qabeletsoe ke maemo a bona ba fumana hore ho bua ka boemo ba bona ho ba thusa ho hlakisa maikutlo a bona ’me ho bebofatsa khatello e ba bipelitseng.
Jeanny o hopola nakong eo a neng a hlokomela monna oa hae: “Ke ne ke ananela ha metsoalle e hlokomela hore ka bobeli ba rōna re ne re hloka tšehetso.” O hlalosa hore ba fanang ka tlhokomelo ba hloka khothatso ’me, ka linako tse ling, motho ea ka bontšang kutloelo-bohloko. Hjalmar, ea ileng a thusa ho hlokomeleng soare sa hae se kulang, oa lumela: “Ke ne ke hloka e mong ea neng a ka mamela lintho tseo ke li tšabang le mathata a ka ’me a utloisise kamoo ke ikutloang kateng.” Mabapi le motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, Hjalmar oa eketsa: “Ho ne ho e-ba monate haholo ho mo etela, esita le haeba e e-ba halofo ea hora feela. O ne a ’mamela. O ne a hlile a tsotella. Ke ne ke ee ke ikutloe ke khatholohile ka mor’a moo.”
Ba fanang ka tlhokomelo ba ka fumana khothatso e makatsang ho momameli ea bontšang kutloelo-bohloko. Ka bohlale Bibele ea eletsa: ‘U potlake mabapi le ho utloa, u be ea liehang mabapi le ho bua.’ (Jakobo 1:19) Tlaleho e ho The Journals of Gerontology e senotse hore “ho tseba feela hore tšehetso ea fumaneha hangata ho lekane bakeng sa ho fana ka khatholoho e hlokahalang.”
Leha ho le joalo, ntle ho motho ea mamelang mathata a bona le ea fanang ka tšehetso, ke eng hape eo ba fanang ka tlhokomelo ba e hlokang?
Ho Fana ka Thuso e Sebetsang
Dr. Ernest Rosenbaum oa hlokomela: “Mokuli le lelapa ba rua molemo ka tsela leha e le efe eo lerato le khothatso li ka bontšoang ka eona.” Ntlha ea pele, “lerato le khothatso” tse joalo li ka bontšoa nakong ea ketelo, puisano ea thelefono kapa molaetsa o mokhutšoanyane o ngotsoeng (mohlomong o tsamaea le lipalesa kapa mpho e ’ngoe e itseng).
Sue o hopola tšehetso eo lelapa labo le ileng la e fumana nakong eo ntate oa hae a neng a kulela lefu a tšoeroe ke Hodgkin’s disease: “E ne e le ho khothatsang ha metsoalle ea rōna e re etela hakhutšoanyane.” O tsoela pele: “E mong oa metsoalle ea ka, o ne a araba founo ’me a thusa ka ho hlatsoa le ho tereka liphahlo tsa rōna kaofela.”
Ho tšehetsa ba fanang ka tlhokomelo ho ka, ’me ho lokela, ho akarelletsa thuso e tobileng le e bonahalang. Elsa oa hopola: “Ke ne ke ho fumana ho thusa haholo ha metsoalle e ithaopela ho kenya letsoho. E ne e sa re feela: ‘Leha e le neng haeba ho e-na le seo nka se etsang, u ntsebise.’ Ho e-na le hoo, e ne e re: ‘Ke ea mabenkeleng. Nka u tlela le eng?’ ‘Na nka u hlokomella serapa?’ ‘Kea fumaneha bakeng sa ho lula le mokuli le ho ’malla.’ Ntho e ’ngoe eo re ileng ra e fumana e sebetsa hamolemo e bile ho lokisetsa hore baeti ba siee melaetsa e ngotsoeng bukeng ea ho ngola lintlha nakong eo motsoalle oa ka ea kulang a neng a khathetse kapa a robetse. Sena se ile sa re tlisetsa khotsofalo e khōlō kaofela.”
Ho ithaopela ho thusa ka lintho tse itseng ka ho khetheha ho ka akarelletsa mesebetsi leha e le efe e meng. Rose oa hlalosa: “Ke ne ke ananela ho thusoa ka ho alola libethe, ho ngolla mokuli mangolo, ho hlokomela baeti ba mokuli, ho lata litlhare, ho hlatsoa le ho lokisa moriri, ho hlatsoa lijana.” Lelapa le metsoalle ba ka boela ba thusa ea fanang ka tlhokomelo ka ho chenchana ka ho lokisa lijo.
Moo ho loketseng, mohlomong ho ka boela ha e-ba molemo ho thusa ka litlhoko tsa motheo tsa tlhokomelo. Ka mohlala, ea fanang ka tlhokomelo a ka ’na a hloka thuso bakeng sa ho fepa kapa ho hlatsoa mokuli.
Litho tse amehileng tsa lelapa le metsoalle li ka ’na tsa ithaopela ho kenya letsoho ha boloetse bo qala, empa ho thoe’ng haeba boloetse e le ba nako e telele? Ho tšoareha likemisong tsa rōna tse maphatha-phathe, ho ka ’na ha re lebatsa habonolo khatello e tsoelang pele—’me mohlomong e eketsehang—eo ba fanang ka tlhokomelo ba tobanang le eona. E ka ba ho bohloko hakaakang haeba tšehetso e hlokahalang haholo e ka qala ho qepha!
Haeba seo se etsahala, e ka ’na ea e-ba bohlale hore ea fanang ka tlhokomelo a bitse seboka sa lelapa bakeng sa ho tšohla tlhokomelo ea mokuli. Hangata hoa khoneha ho kōpa thuso ho metsoalle le beng ka motho ba bontšitseng thahasello ea ho kenya letsoho. Sena ke seo Sue le lelapa labo ba ileng ba se etsa. Oa pheta: “Ha ho ne ho hlaha litlhoko tse itseng, re ne re hopola ba ileng ba ithaopela ho fana ka thuso ebe rea ba founela. Re ne re ikutloa re lokolohile ho ba kōpa thuso.”
Ba fe Phomolo
Buka ea The 36-Hour Day e re: “Ke habohlokoa haholo hore uena [ea fanang ka tlhokomelo] hammoho le [mokuli oa hao]—le be le linako tse itseng tsa ‘ho intša’ lihoreng tse mashome a mabeli a metso e mene tsa tlhokomelo ea mokuli oa boloetse bo sa foleng. . . . Ho nka phomolo, ho ba thōkoana le tlhokomelo ea [mokuli], ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo u ka li etsang ho inolofalletsa hore u tsoele pele ho hlokomela motho e mong.” Na ba fanang ka tlhokomelo baa lumela?
Maria, ea ileng a thusa tlhokomelong ea motsoalle ea haufi ea neng a tšoeroe ke kankere, oa araba: “Hantle haholo. Nako le nako, ke ne ke hloka ‘ho fumana phomolo’ ’me motho e mong osele a etse mosebetsi oo ka nakoana.” Joan, ea hlokomelang monna oa hae ea nang le Alzheimer’s disease, o na le maikutlo a tšoanang. Oa hlalosa: “E ’ngoe ea litlhoko tsa rōna tse khōlō ka ho fetisisa ke ho ba le phomolo nako le nako.”
Leha ho le joalo, ke joang ba ka phomolelang khatello e tlisoang ke boikarabelo ba bona? Jennifer, ea ileng a thusa ho hlokomela batsoali ba hae ba tsofetseng, o bontša kamoo a ileng a fumana phomolo kateng: “Ka linako tse ling motsoalle e mong oa lelapa o ne a nka ’Mè letsatsi lohle e le ho re fa phomolo.”
U ka ’na ua khona ho fa ea fanang ka tlhokomelo phomolo ka ho ithaopela ho ntša mokuli ka nakoana, haeba ho etsa joalo ho le molemo. Joan o re: “Ke fumana ho khatholla ha e mong a ntša monna oa ka e le hore nka khona ho ba mong hang ka seoelo.” Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua khona ho qeta nako e itseng le mokuli lapeng la hae. Ka tsela leha e le efe, etsa hore motho ea fanang ka tlhokomelo a fumane phomolo e hlokahalang haholo.
Leha ho le joalo, hopola hore hase kamehla ho leng bonolo hore ba fanang ka tlhokomelo ba nke phomolo. Ba ka ’na ba ikutloa ba le molato ha ba le thōkoana le moratuoa oa bona. Hjalmar oa lumela: “Ha ho bonolo ho hlokomoloha boemo le ho kopanela boikhathollong kapa phomolong. Ke ne ke ikutloa ke batla ho ba moo ka linako tsohle.” Empa o ne a fumana khotso e khōlō ea kelello ka ho phomola nakong eo soare sa hae se neng se hloka tlhokomelo e fokolang. Ba bang ba ile ba lokisetsa hore moratuoa oa bona a hlokomeloe ke setsi sa tlhokomelo ea batho ba baholo lihora tse seng kae ka letsatsi.
Ho Fela ha Boloetse Bohle
Ntle ho pelaelo, ho hlokomela moratuoa ea kulang haholo ke boikarabelo bo boholo. Leha ho le joalo, ho hlokomela moratuoa ho ka tlisa thabo le khotsofalo e khōlō. Bafuputsi hammoho le ba fanang ka tlhokomelo ba bontša hore likamano tsa lelapa le metsoalle lia matlafala. Kamehla, ba fanang ka tlhokomelo ba ithuta litšoaneleho le tsebo tse ncha. Ba bangata ba boetse ba rua melemo ea moea.
Habohlokoa le ho feta, Bibele e bontša hore Jehova le Mor’a hae, Jesu Kreste, ba fana ka tlhokomelo e nang le kutloelo-bohloko ka ho fetisisa. Boprofeta ba Bibele bo re tiisetsa hore ho fela ha boloetse bohle, bohloko le lefu ho atametse. Haufinyane, ’Mōpi ea tsotellang oa batho o tla putsa baahi ba lokileng ba lefatše ka bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le atlehileng ka ho phethahetseng, le letle—leo ho lona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW; Tšenolo 21:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Boiketlo ba mokuli bo itšetlehile ka ho toba ka boiketlo ba hao
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Tšehetso ea metsoalle e molemo e tla etsa ho hongata ho u boloka u ntse u tsoela pele linakong tse thata
[Lebokose le leqepheng la 12]
Ho Fana Ka Tlhokomelo Ho Ka Putsa
BA BANG ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ebe ho ka putsa? Ho ka putsa joang?’ Ka kōpo hlokomela seo ba latelang ba fanang ka tlhokomelo ba se boleletseng Tsoha!:
“Ho tela lipakane le litakatso tsa motho ha ho bolele ho haelloa ke thabo. ‘Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.’ (Liketso 20:35) Ho ka tlisa thabo e khōlō ho hlokomela moratuoa oa hao.”—Joan.
“Ke ile ka thabisoa haholo ke hore ke ile ka khona ho thusa khaitseli ea ka le soare nakong eo ba neng ba hlile ba hloka thuso—ba se na ho mpuseletsa letho. Ho ile ha re momahanya. Ke tšepa hore ka letsatsi le leng ke tla sebelisa phihlelo ena eo ke e fumaneng ho thusa e mong ea boemong bo tšoanang.”—Hjalmar.
“Joalokaha ke ile ka bolella motsoalle oa ka ea kulang, Betty, ka makhetlo a fetang le le leng, ke amohetse ho feta kamoo ke faneng kateng. Ke ithutile qenehelo le mamello. Ke ithutile hore ho ka khoneha ho boloka boikutlo bo nepahetseng tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa.”—Elsa.
“Ke fetohile motho ea matla haholoanyane moeeng. Ke tsebile ka botlalo haholoanyane hore na ho joang ho itšetleha ka Jehova Molimo letsatsi le letsatsi le ho mo tšepa bakeng sa hore a khotsofatse litlhoko tsa ka.”—Jeanny.
[Lebokose le leqepheng la 13]
Ha U Etela Ea Fanang Ka Tlhokomelo
• Mamela ka qenehelo
• Fana ka pabatso e tsoang pelong
• Ithaopele ho kenya letsoho ka tsela e tobileng
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Tšehetsa ba fanang ka tlhokomelo ka ho ba ela mabenkeleng le ho ba phehela, kapa ka ho ba thusa ho hlokomela mokuli
-