Bokamoso Boo U ka bo Tšepang!
U fihla mateanong a litsela. Letšoao le leng le re, “Tšepa batho le litšepiso tsa bona ka bokamoso.” Le leng lona le re, “Tšepa Molimo le ’Muso oa hae.” U tla nka tsela efe?
TSELA e molemo ke hore u tšepe Molimo. O re: “Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.” (Liproverbia 1:33) Re mamela ’Mōpi ka hore re latele lithuto tsa Bibele, kaha rea tseba hore lia tšepahala. (2 Timothea 3:16) Na re na le mabaka a utloahalang a ho li tšepa? Ehlile a teng! Ka mohlala, joalokaha re bone sehloohong sa bobeli letotong la lihlooho tsena, ke Bibele feela e hlalosang ka nepo hore na ke hobane’ng ha batho ba sitoa ho ipusa ka katleho. Na ha u lumele hore seo Bibele e se buang ke ’nete ea se etsahalang?
Boprofeta ba Bibele le bona bo nepahetse. Ka mohlala, Bibele e boletse esale pele ka maemo a mabe a neng a tla tšoaea ‘matsatsi ana a ho qetela.’ Maemo ana rea a bona. (Matheu 24:3-7; 2 Timothea 3:1-5) Bibele e bile ea bolela esale pele hore batho ba ne ba tla tšoara lefatše hampe. Tšenolo 11:18 e re Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.”
Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, ha mantsoe ao a ne a ngoloa, ho ne ho se motho ea ka nahanang hore batho ba ka baka lintho tse kang tšilafalo ea moea, ea leoatle le ea mobu; ho futhumala ha lefatše le ho felisoa ha mefuta ea liphoofolo le limela ka bongata hakana. Empa hona joale lintho tsena lia etsahala! Ka sebele Molimo ha a bue leshano le ka mohla. Kamehla Lentsoe la hae le ngotsoeng le phethahala ka hohle-hohle.a (Tite 1:2; Baheberu 6:18) Ha e le hantle, Molimo o bontša hore lebitso la hae le amana le ho phethahala ha lentsoe la hae.
Lebitso Leo U ka le Tšepang
Lebitso la Molimo, e leng Jehova, le tiisa hore litšepiso tsohle tse boletsoeng ka Bibeleng li tla phethahala, ho tšoana feela le cheke e tekennoeng.b Mongoli oa Bibele eo Molimo a neng a atisa ho mo hlokomela ka lerato, o ile a re: “Re tšepile lebitso la hae le halalelang.”—Pesaleme ea 33:21; 34:4, 6.
Ha Liproverbia 18:10 e amahanya lebitso la Molimo le tlhokomelo ea hae e lerato joaloka ea ntate, e re: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” Ka ho tšoanang, Baroma 10:13 e re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” Ho hlakile hore lebitso la Molimo hase thatho e lelekang bobe. Ho e-na le hoo, Molimo ke eena ea sireletsang batho, ’me ba ipiletsang ho eena joalokaha temana ena e bontša ba etsa joalo hobane ba mo tšepa ka ho feletseng, ba tseba hore seo a se buang ke ’nete. Pesaleme ea 91:14 e re: “Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na [Jehova], ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.”
Ipotse, ‘Ke tšepile mang—Molimo kapa batho?’ Lipaki Tsa Jehova li khethile ho tšepa Molimo le ’Muso oa hae ka lebaka la kholiseho e matla e thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Bibele, eseng hobane li nkehile maikutlo kapa e le bo-ke-ea-le-bafe. (Baheberu 11:1; 1 Johanne 4:1) Ka lebaka leo, ha li tšabe bokamoso, empa li ‘ithabela tšepong’ eo li nang le eona. Li u mema hore le uena u be le tšepo eo e hlollang.—Baroma 12:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba makasine e khethehileng ea Tsoha! ea November 2007 eo kaofela e tšohlang potso e reng “Na U ka Tšepa Bibele?”
b Sheba lebokose le sehloohong sena, le reng “Ke Lebitso Ebile ke Tiiso.”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 9]
Lebitso la Molimo le tiisa hore litšepiso tsohle tse boletsoeng ka Bibeleng li tla phethahala, ho tšoana feela le cheke e tekennoeng
[Lebokose le leqepheng la 9]
KE LEBITSO EBILE KE TIISO
Lebitso la Molimo, e leng Jehova, hase lebitso feela tjee.c Ka tsela efe? Lebitso leo le bolela hore “O Etsa Hore ho be.” Ka mantsoe a bonolo, Molimo o lerato, o matla ebile o bohlale hoo a ka etsang ntho leha e le efe eo a bonang e hlokahala e le hore a finyelle morero oa hae le ho phethahatsa lentsoe la hae. Ka mohlala, e ka ba Mopholosi oa ba lokileng, Motimetsi oa ba khopo, Ea Utloang thapelo kapa Ntate ea lerato—ntho leha e le efe eo a khethang ho ba eona.
Jehova o re: “Ke ’na Ea Nang le Bomolimo . . . Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, . . . Ea reng, ‘Morero oa ka o tla ema o tiile, ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang.’” (Esaia 46:9, 10) Kaha kamehla Molimo o tšepahalla seo a rerang ho se etsa ebile lebitso la hae kapa botumo ba hae boa ameha, ka sebele Lentsoe la hae le ngotsoeng le tla phethahala. “Molimo hase motho hore a bue mashano.”—Numere 23:19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Lebitso Jehova ha le tšoane le litlotla tse kang Ea Matla ’Ohle, ’Mōpi, Molimo le Morena. Le hlaha ka makhetlo a ka bang likete tse supileng mangolong a pele a Bibele e Halalelang. Molimo ke eena ea ithehileng lebitso leo. Exoda 3:15 e re: “Jehova . . . ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng.”—Bibele ea Sesotho.