Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 June maq. 2-7
  • Kamoo re ka Lulang re Tšepahala ha re Tobana le Liteko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re ka Lulang re Tšepahala ha re Tobana le Liteko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA KE ’MOPI
  • BIBELE E TSOA HO JEHOVA
  • JEHOVA O TŠEHETSA BATHO BA HAE MEHLENG ENA
  • U SE KE OA TLOHELA JEHOVA
  • Leka ho Lula u E-na le Maikutlo a Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 June maq. 2-7

LA 10-16 AUGUST 2026

PINA EA 122 Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe

Kamoo re ka Lulang re Tšepahala ha re Tobana le Liteko

“Morena, re tla tsamaea re ee ho mang? Mantsoe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng.”—JOH. 6:68.

NTLHA-KHOLO

Re ka lula re tšepahalla Jehova ho sa tsotellehe liteko tseo re tobanang le tsona.

1, 2. Ho ile ha etsahala eng ha Jesu a ntse a ruta Kapernauma?

HA JESU a ntse a ruta Kapernauma, barutuoa ba hae ba ile ba re: “Re ke ke ra mamela litaba tse tšosang tjena.” (Joh. 6:60) Hobane’ng? Jesu o ne a qeta ho re ho bona: “Le ke ke la fumana bophelo ha le sa je nama ea Mora motho le ho noa mali a hae.” O ile a boela a re: “Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o tla fumana bophelo bo sa feleng ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 6:​53, 54)

2 Ba ileng ba khopisoa ke mantsoe ao a Jesu, ba ile ba khaotsa ho mo latela. Na ba ne ba sa lumele ho eena ho hang? Ha e le hantle, pele sena se etsahala, ba bang ho akarelletsa le barutuoa ba Jesu, ba ne ba khahliloe ke mohlolo oo Jesu a neng a sa tsoa o etsa hoo ba ileng ba re: “Kannete enoa ke Moprofeta eo ho itsoeng o tla tla lefatšeng.” (Joh. 6:14) Kahoo, ha se hore ba ne ba sa lumele ho eena ho hang. Empa ha tumelo ea bona e ne e lekoa, ha baa ka ba lula ba mo tšepahalla.

3. Baapostola ba ile ba etsa’ng ha ba utloa mantsoe a Jesu, hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo.)

3 Leha ho le joalo, baapostola bona ba ile ba lula ba tšepahalla Jesu. Ha Jesu a ba botsa hore na le bona ba batla ho tsamaea, Petrose o ile a araba a re: “Morena, re tla tsamaea re ee ho mang? Mantsoe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng. Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.” (Joh. 6:​68, 69) Hlokomela hore Petrose ha aa ka a re eena le baapostola ba bang ba utloisisa ka ho felletseng seo Jesu a neng a se bolela ha a ne a re ba lokela ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba utloisisa eng ka nako eo, ba ile ba khetha ho lula ba tšepahalla Jesu. Hobane’ng? Hobane tumelo ea bona e ne e thehiloe ’neteng e ke keng ea latoloa ea hore Jesu ke “Kreste ea rometsoeng ke Molimo.”—Luka 9:​20, 35.

Petrose o tiisetsa Jesu hore eena le baapostola ba bang ba ke ke ba mo tlohela. Baapostola ba eme pel’a Jesu ha barutuoa ba bangata ba neng ba eme ka mor’a hae ba mo siea.

Le hoja barutuoa ba bang ba ile ba tlohela Jesu, Petrose le baapostola ba bang ha baa ka ba mo tlohela (Sheba serapa sa 3)


4. Ke liteko life tseo re ka tobanang le tsona?

4 Ho na le maemo a ka lekang tsela eo re tšepahallang Jehova ka eona. Ka mohlala, re etsa’ng ha ho etsoa phetoho tseleng eo re utloisisang temana ea Bibele ka eona kapa tseleng eo re etsa’ng mosebetsi oa boboleli ka eona? Hape re etsa’ng ha re thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumella hore re hlaheloe ke tlokotsi? Tumelo ea rona e ka boela ea lekoa haeba motsoalle oa rona ea haufi oa Mokreste a re utloisa bohloko kapa motho eo re mo hlomphang a re tšoara hampe.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona? Etsa mohlala. (Bakolose 1:23)

5 E le ho utloisisa bohlokoa ba ho ba le tumelo e matla, nahana ka mohaho o hahiloeng moo ho tloaelehileng ho ba le litšisinyeho tsa lefatše. Mohaho oo o hloka hore o be le motheo o tsitsitseng e le hore o eme o tiile. Ka tsela e tšoanang, e le hore re atlehe ho hlola liteko tse ka lekang tumelo ea rona, joaloka tseo re buileng ka tsona serapeng se fetileng, tumelo ea rona e lokela ho ba matla. Haeba re lula re matlafatsa tumelo ea rona, re tla tsoela pele ho ema re tiile le ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ha re kopana le liteko.—1 Bakor. 15:58; bala Bakolose 1:23.

6. Baapostola ba ile ba thusoa ke eng hore ba lule ba tšepahalla Jesu?

6 Baapostola ba ile ba thusoa ke’ng hore ba lule ba tšepahalla Jesu ha batho ba bang ba bangata ba mo tlohela? Ba ne ba kholisehile hore Jehova o tšoaneloa ke borapeli hobane ke Moetsi oa lintho tsohle, hore Jesu ke Mora oa Molimo ea nang le ‘mantsoe a fanang ka bophelo bo sa feleng’ le hore Jehova o tšehetsa Jesu ka ho felletseng. Joale, ho e-na le ho bua ka litsela tse ngata tse tobileng tseo tumelo ea rona e ka lekoang ka tsona, a re bueng ka linnete tse tharo tse tla re thusa hore re lule re tsitsitse ho sa tsotellehe liteko tseo re ka tobanang le tsona. Linnete tsena ke: (1) Jehova ke ’Mopi oa lintho tsohle. (2) Bibele e tsoa ho Jehova. (3) Jehova o tšehetsa batho ba hae mehleng ena. Haeba le rona re kholisehile ka ho felletseng ka linnete tsena tse tharo, re tla lula re tšepahala ha tumelo ea rona e lekoa.

JEHOVA KE ’MOPI

7. Tšenolo 4:11 e re hopotsa eng, empa ho ka etsahala eng nakong eo tumelo ea rona e lekoang?

7 Bala Tšenolo 4:11. Temana ena e re hopotsa hore Jehova o bopile lintho tsohle. Taba ena ka boeona feela e etsa hore a tšoaneloe ke borapeli ba rona. Hape ha re nahanisisa ka matla ao a nang le ’ona, rea kholiseha hore a ka re thusa litekong tsohle tsa rona. Leha ho le joalo, Satane o tlatsitse lefatše lena ka mashano a etsang hore re belaele hore Molimo o teng. Le bo-rasaense ba re bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho. Haeba re sa kholiseha ka ho felletseng hore Jehova ke ’Mopi le hore oa re rata, re ka ’na ra belaela hore o tla re thusa nakong eo tumelo ea rona e lekoang.—Baheb. 11:6.

8, 9. U lokela ho etsa eng ha u qala ho belaela hore Jehova ke ’Mopi? (Sheba setšoantšo.)

8 Haeba u qala ho belaela hore Jehova ke ’Mopi, nka khato kapele. Etsa lipatlisiso lingoloeng tsa rona e le hore u fumane bopaki bo bongata ba hore Jehova o bopile lintho tsohle. U ka fumana lintlha tse tla matlafatsa tumelo ea hao tabeng ena bukaneng ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Bopaki bo bong bo eketsehileng bo tiisang taba ena bo hlaha lethathamong la lihlooho tsa “Na e Entsoe?” ho jw.org. Morali oa bo rona e mocha ea bitsoang Jessica, ea lulang Amerika o re: “Ka mor’a hore ke bale bukana ea The Origin of Life, ke ile ka ikutloa ke kholisehile hore e tlameha ebe ho na le Moqapi oa lintho ea bohlale. Ke ne ke tseba sena, empa ka mor’a ho hlahloba mabaka a hlahang bukaneng eo, ke ile ka kholiseha le ho feta.” Hape, batho ba bang ba bangata ba ruile molemo ha ba hlahloba khaolo ea botšelela le ea bosupa bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Ho ka etsahala hore ebe u se u balile lingoloa tsena empa u ka ipha nako ea ho li bala hape.

9 Nakong e tlang ha u etsa thuto ea botho, u ka sheba lintlha tse pakang hore Molimo o teng. Lipatlisiso tsa hao li tla matlafatsa tumelo ea hao ea hore Jehova o teng, hape li tla u thusa hore u mo tsebe haholoanyane. (Bar. 1:20) Ho ekelletsa moo, u tla khona ho thusa batho ba bang ba belaelang hore Molimo o teng. Ntlha ea bohlokoa ke hore Jehova o re file bopaki bo bongata ba hore ke eena ’Mopi.

 Litšoantšo: Morali oa bo rona e mocha o nahanisisa ka mehlala ea popo eo a balileng ka eona bukaneng ea “Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?” 1. Potoloho ea metsi. 2. Lefatše. 3. Letsatsi le lipolanete tse le pota-potileng. 4. Tlhapi e bitsoang boxfish pel’a koloi e entsoeng joaloka eona. 5. Letata la leoatleng pel’a sefofane se nang le mapheo a tšoanang le a lona. 6. Leruarua ka leoatleng.

Nebula: IAC/RGO/David Malin Images; fish and car: Mercedes-Benz USA; plane: Kristen Bartlett/University of Florida

Ho ka etsahala hore ebe u kile oa bala bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? empa u ka ipha nako ea ho e bala hape (Sheba serapa sa 8)


BIBELE E TSOA HO JEHOVA

10. Ke hobane’ng ha re nka Bibele e le bohlokoa haholo ho rona? (2 Timothea 3:​16, 17)

10 Bala 2 Timothea 3:​16, 17. Bibele ke molaetsa oa Jehova o eang ho batho. E araba lipotso tsa bohlokoa bophelong hape e re bolella hore na thato ea Jehova ke efe le hore na o batla hore re etse’ng. Re lumela hore Bibele e tsoa ho Jehova, e leng se etsang hore e be buka ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Re batla ho etsa bonnete ba hore re utloisisa seo re se balang Bibeleng le ho etsa sohle se matleng a rona ho sebelisa seo e re rutang sona.

11. Ke eng e u kholisang hore Bibele e tsoa ho Molimo?

11 Ke hobane’ng ha re kholisehile hore Bibele e tsoa ho Jehova? Ho na le mabaka a mangata haholo a re kholisang. Ka mohlala, seo e se buang ka liketsahalo tsa nakong e fetileng se nepahetse. (Luka 3:​1, 2) E boetse e bua ’nete ha e bua ka popo. (Jobo 26:7) Bibele ke eona buka e fumanehang ka bongata ka ho fetisisa ho sa tsotellehe boiteko leha e le bofe ba Satane ba ho e felisa. Bibele e ile ea ngoloa ke banna ba fapaneng ba ka bang 40 ka lilemo tse ka bang 1 600. Leha ho le joalo, molaetsa oa eona oa lumellana. E na le likeletso tse sa felloeng ke nako tse thusang batho ba limilione kajeno. (Liprov. 13:20; 15:21; Mat. 7:12) Ho na le boprofeta bo bongata ba eona bo seng bo phethahetse, e leng bopaki bo eketsehileng ba hore Bibele ea tšepahala. (Josh. 23:14) Kannete re kholisehile hore Bibele e tsoa ho Molimo.

12. Re ka etsa eng ha re qala ho belaela hore Bibele e tsoa ho Molimo?

12 Re ka etsa’ng haeba re qala ho belaela hore Bibele e tsoa ho Molimo? Re lokela ho rapella taba ena re be re etse lintho tumellanong le lithapelo tsa rona. Ka mohlala, mor’abo rona e mocha ea bitsoang Jordan, ea holisitsoeng ke batsoali ba Lipaki o re: “Ha ke lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka hlooho e ntšo empa ke etsa bonnete ba hore seo ke se lumelang ke ’nete. Ke ’nete hore ka linako tse ling ke ba le lipelaelo empa ha sena se etsahala, ke leka ka hohle ho etsa lipatlisiso lingoloeng tsa rona e le hore ke fumane likarabo tsa lipotso tsa ka le ho tlosa lipelaelo.” Ha re tsoela pele ho ikholisa hore Bibele e tsoa ho Jehova, re tla matlafatsa tumelo ea rona.—1 Bakor. 3:​12, 13.

JEHOVA O TŠEHETSA BATHO BA HAE MEHLENG ENA

13. Re ka etsa eng haeba re qala ho ba le lipelaelo tsa hore bahlanka ba Molimo ke bo-mang kajeno?

13 Haeba re qala ho belaela hore Lipaki Tsa Jehova li tšehetsoa ke Molimo mehleng ena, re lokela ho fothola lipelaelo tseo ka metso kapele. Ka mohlala, re ka etsa seo ka ho ipotsa lipotso tse kang, ‘ke bo-mang ba etsa’ng sohle seo ba ka se khonang ho phela tumellanong le melao ea Bibele? Ke mokhatlo ofe o lumelang seo Bibele e se rutang kajeno?’ (2 Tim. 4:​3, 4) ‘Ke bo-mang ba etsa’ng thato ea Jehova kajeno?’—Mat. 7:​20, 21.

14. Lipaki Tsa Jehova li phethahatsa Matheu 24:14 joang?

14 Mabapi le ho etsa thato ea Molimo kajeno, re ka ipotsa, ‘Ke bo-mang ba etsang mosebetsi oa boboleli oo Jesu a ileng a bolela esale pele hore o ne o tla etsoa mehleng ea bofelo?’ (Mat. 24:14) Karabo ea potso ena e hlakile joaloka metsi a seliba. Molimo o sebelisa batho ba hae e leng Lipaki Tsa Jehova ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ke rona feela ba bolelang litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo linaheng tse ka holimo ho 240 ’me re atlehile ho etsa mosebetsi ona ka lilemo tse ka holimo ho 100. Haesale re nka mosebetsi oa ho ruta le ho bolela litaba tse monate e le oa bohlokoa ka ho fetisisa ho rona.—Mat. 28:​19, 20.

15. Lipaki Tsa Jehova li kenya letsoho joang ho halaletsa lebitso la Molimo mehleng ee? (Matheu 6:9; Esaia 43:10)

15 Bala Matheu 6:9 le Esaia 43:10. Re bitsoa ka lebitso la Molimo e leng Jehova ’me re motlotlo ho bitsoa Lipaki Tsa Jehova. Mehleng ena, batho ba bangata ha ba tsebe lebitso la Molimo empa rona re sebelitse ka thata ho le khutlisetsa sebakeng sa lona se nepahetseng ka Bibeleng. Le hlaha ka makhetlo a ka holimo ho 7 000 ka har’a Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

16. Ke hobane’ng ha re ka re Lipaki Tsa Jehova li mamela taelo e fumanoang ho Johanne 13:​34, 35? (Sheba setšoantšo.)

16 Bala Johanne 13:​34, 35. Tsela eo bahlanka ba Jehova ba momahaneng le ho ratana ka eona mehleng ena ke mohlolo ona o haesale! Ke eona ntho e ba khethollang lefatšeng lena le tletseng lehloeo le le arohaneng. Re tsoa lichabeng tsohle, re holisitsoe ka litsela tse sa tšoaneng le maemo a rona ha a tšoane. Leha ho le joalo re etsa sohle seo re ka se khonang e le hore ho lule ho e-na le khotso le lerato har’a rona. Mohlomong u kile oa ea libokeng tsa moo u neng u etetse teng. Nako e tlang ha u fumana monyetla oo hape, nahana ka momahano le lerato le bang teng har’a bara le barali ba bo rona. Seo se tla u bontša ka ho hlaka hore Jehova o sebelisa Lipaki tsa hae ho phethahatsa thato ea hae kajeno. Ho nahana ka sena ho tla re thusa hore re lule re tšepahalla Jehova ho sa tsotellehe hore na tumelo ea rona e lekoa joang.

Morali oa bo rona le moralinyana oa hae ba ka beseng, ba thabela ho bona Lipaki li paka ka teroli pel’a tsela.

Tsela eo bahlanka ba Jehova ba momahaneng le ho ratana ka eona mehleng ena ke mohlolo ona o haesale! (Sheba serapa sa 16)a


U SE KE OA TLOHELA JEHOVA

17, 18. Re ka ’na ra tobana le maemo afe a boima, empa re ka re’ng ka kholiseho?

17 Re phela mehleng ea bofelo ’me bophelo bo thata ebile bo kotsi. Kahoo, kaofela ha rona re tla ba le mathata. (2 Tim. 3:​1, 13) Re ka ’na ra etsahalloa ke lintho tse ling tse etsang hore re tšoenyehe. Mokhatlo oa Molimo o ka ’na oa etsa liqeto tseo re sa li utloisiseng hantle. Mokreste-’moho a ka re utloisa bohloko kapa ra utloa eka ha a re utloisise. Hape re ka ’na ra se ke ra bona hore na re tla tsoa bothateng boo re leng ho bona joang kapa ra se ke ra utloisisa hore na ke hobane’ng ha ntho e itseng e etsahala.

18 Ho sa tsotellehe kamoo maemo ana a ka re utloisang bohloko kateng, re ka lula re tšepahalla Jehova haeba re kholisehile hore ke ’Mopi, hore Bibele ke Lentsoe la hae le hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba hae. Joalokaha Petrose a ile a cho ho Jesu, le rona re ka re ho Jehova: “Re tla tsamaea re ee ho mang? Mantsoe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng.”

LINNETE TSEE TSE THARO LI KA RE THUSA JOANG HA RE TOBANA LE LITEKO?

  • Jehova ke ’Mopi

  • Bibele ke Lentsoe la Molimo

  • Jehova o tšehetsa batho ba hae mehleng ena

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: ’Mè le morali ba tsamaea ka bese ’me ba thabetse ho bona Lipaki li le mosebetsing oa boboleli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela