Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 July maq. 2-7
  • Ithute Mohlaleng oa Bagibeone

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ithute Mohlaleng oa Bagibeone
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-BA LE TUMELO LE BOIKOKOBETSO
  • EMELA JEHOVA HORE A PHETHAHATSE TOKA
  • TŠEHETSA BORAPELI BA ’NETE KA BOTŠEPEHI
  • Bagibeone ba Bohlale
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Re ka Ithuta’ng ho Bagibeone?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Joshua le Bagibeone
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 July maq. 2-7

LA 7-13 SEPTEMBER 2026

PINA EA 88 Ntsebise Litsela Tsa Hao

Ithute Mohlaleng oa Bagibeone

“Baahi ba Gibeone ba entse khotso le Baiseraele ’me ba lula le bona.”—JOSH. 10:1.

NTLHA-KHOLO

Lintho tseo re ka ithutang tsona ho Bagibeone le tseleng eo Jehova a ileng a ba tšoara ka eona.

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella seo Bibele e se buang ka Bagibeone?

KE SELEMO sa 1473 B.C.E. Baiseraele ba sa tsoa kena Naheng e Tšepisitsoeng. Jehova o se a ba thusitse ho hlola baahi ba motse oa Jeriko le oa Ai. Empa hamorao ho etsahala ntho eo ba neng ba sa e lebella. Batho ba tsoang karolong e ’ngoe ea Kanana ba tla ho bona. Ba ba bolella hore ba tsoa naheng e hole ’me ba batla ho etsa khotso le batho ba Molimo.

2 Batho bao ke Bagibeone. Lena ke lekhetlo la pele ho buuoa ka Bagibeone ka Bibeleng, empa ha se la ho qetela. Litlaleho tse ngata tsa Bibele li bontša hore Bagibeone ba ile ba lula le Baiseraele ka lilemo tse ngata. Ho na le lithuto tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona litlalehong tsena ’me li ka re ruta ho hongata ka Jehova Molimo.

E-BA LE TUMELO LE BOIKOKOBETSO

3. (a) Bagibeone e ne e le bo-mang? (b) Ke hobane’ng ha ba ne ba batla ho bopa khotso le Baiseraele?

3 Ha Baiseraele ba qala ho hapa naha ea Kanana, Bagibeone ba ne ba lula naheng e sireletsehileng ea Gibeone. Bagibeone e ne e le karolo ea sechaba sa Baheve, e leng se seng sa lichaba tse supileng tse neng li lula Kanana “tse nang le baahi ba bangata le tse matla” ho feta Baiseraele. (Deut. 7:1) Kahoo, Bagibeone ba ne ba e-na le sesole se matla. (Josh. 10:2) Leha ho le joalo, ho fapana le Bakanana ba bang, ba ile ba hlokomela hore ho hanyetsa Baiseraele ke tšenyo ea nako. Ba ne ba bona hore Jehova o ne a loanela batho ba hae ’me ba ne ba tseba hore o ne a tšepisitse Baiseraele hore o tla ba fa naha ea Bakanana. (Ex. 34:11; Josh. 9:24) Kahoo, ka mor’a hore Baiseraele ba hape motse oa Jeriko le oa Ai, Bagibeone ba ile ba romela sehlopha sa bannaa ho Joshua Gilgale ka sepheo sa ho bopa khotso.

4. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ho Joshua 9:8-13, Bagibeone ba ile ba qhekella Baiseraele joang hore ba etse selekane sa khotso le bona? (Sheba setšoantšo.) (b) Ho ile ha etsahala eng ha Baiseraele ba elelloa hore Bagibeone ba ba thetsitse?

4 Bala Joshua 9:8-13. Bagibeone ba ile ba etsa eka ba tsoa naheng e hole. Ba ile ba re baa tseba hore Jehova o ile a thusa Baiseraele ho hlola Baegepeta le Marena a Baamore, e leng Sihone le Oge. Empa Bagibeone ba ne ba le bohlale. Ha baa ka ba bua ka se ileng sa etsahalla motse oa Jeriko le oa Ai, kaha ho ne ho ke ke ha khoneha hore litaba tseo tse sa tsoa etsahala, li ne li se li fihlile naheng eo ba ileng ba e bitsa ‘naha e hole haholo.’ Baemeli ba Baiseraele ba ile ba amohela bopaki boo Bagibeone ba ileng ba ba fa bona ’me ba etsa selekane sa khotso le bona ntle le ho botsa Jehova. (Josh. 9:14, 15) Nakoana ka mor’a moo, Baiseraele ba ile ba hlokomela hore Bagibeone ba ba thetsitse, empa ha baa ka ba koenehela tumellano eo ba neng ba e entse le Bagibeone kaha ba ne ba ‘ikanne ho bona ka Jehova.’ (Josh. 9:16-19) Bagibeone ba ile ba fuoa kabelo e tlasana ea ho sebetsa bophelo bohle ba bona e le “ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa sechaba le bakeng sa aletare ea Jehova.”—Josh. 9:27.

Sehlopha sa banna ba Bagibeone se khumame ka pel’a Joshua le masole a mang a Baiseraele ’me se ba kopa ka tieo. Bagibeone ba ba bontša liaparo tsa khale tseo ba li apereng le makuka a veine.

Bagibeone ba ile ba qhekella Joshua hore a etse selekane sa khotso le bona (Sheba serapa sa 4)


5. Bagibeone ba ile ba bontša ka litsela life hore ba lumela ho Jehova?

5 Ha marena a mahlano a Baamore a utloa hore Bagibeone ba bopile khotso le Baiseraele, a ile a ikopanya ho hlasela Bagibeone. Kaha Bagibeone ba ne ba tšohile, ba ile ba kopa Joshua hore a ba thuse. (Josh. 10:3-7) Joshua o ile a etella Baiseraele pele ho pholosa Bagibeone ’me Jehova o ile a ba hlohonolofatsa. Jehova o ile a otla masole a Baamore ka sefako se seholo a ba a etsa hore ka mohlolo letsatsi le eme tsi! ho fihlela Baiseraele ba hlotse ntoa. (Josh. 10:9-14) Bagibeone ba ile ba bontša hore ba lumela ho Jehova ka ho etsa selekane sa khotso le Baiseraele le ka ho kopa Joshua hore a ba thuse ha ba ne ba hlaseloa. Ba ne ba lumela ka ho felletseng hore Jehova o na le bokhoni ba ho phethahatsa seo a se buileng le ho ba pholosa.

6. Re ithuta eng ka Jehova tseleng eo a ileng a tšoara Bagibeone ka eona ha Baiseraele ba ne ba hapa Naha e Tšepisitsoeng?

6 Tlaleho ee e re ruta’ng ka Jehova? Jehova o ikokobelitse ebile o mohau. O ne a ile a laela Baiseraele hore ba “leleke baahi bohle ba naha,” ho akarelletsa le Bagibeone. (Num. 33:51, 52) Leha ho le joalo, ka lebaka la selekane sa khotso seo Baiseraele ba neng ba se entse le bona, Jehova o ile a hauhela Bagibeone ’me a ba lumella hore ba lule le Baiseraele. Jehova o ile a etsa joalo le hoja Baiseraele ba ne ba sa ka ba bua le eena pele ba etsa selekane seo. Ka mor’a moo, o ile a thusa Baiseraele hore ba khomarele tumellano ea bona ’me a pholosa Bagibeone ka mohlolo.—Josh. 9:26; 11:19.

7. Re ka etsisa tumelo le boikokobetso ba Bagibeone joang? (Sheba setšoantšo.)

7 Re ka etsisa Bagibeone joang? Ka ho etsa bonnete ba hore re ba le tumelo e matla ho Jehova. Re na le mabaka a mangata a ho tšepa Jehova ka ho felletseng kaha re tseba ho hongata ka eena ho feta seo Bagibeone ba neng ba se tseba ka nako eo. (Pes. 40:4, 5) Re ka boela ra etsisa Bagibeone ka ho ikemisetsa ho etsa mesebetsi e tlasana tšebeletsong ea Jehova. (Josh. 9:23, 27) Mor’abo rona e mocha ea bitsoang Luke a ke ke a lebala mohla a neng a bona ha mor’abo rona ea holileng ea sebeletsang Bethele a etsa sona seo. Le hoja mor’abo rona eo a ne a e-na le mosebetsi o mongata le oa bohlokoa oo a neng a lokela ho o etsa Bethele, ka boikokobetso o ile a ithaopela ho lebela Holo ea ’Muso bosiu ha e ntse e hahoa. Luke o re: “Ke ithutile hore boikokobetso ha se boikutlo feela, empa re bo bontša ka seo re khethang ho se etsa kapa ho se se etse.” E se e ka re ka bontša hore re lumela ho Jehova letsatsi le letsatsi ka ho itšetleha ka eena ha re tobana le maemo a boima le ka ho phetha likabelo tsa rona ka boikokobetso tšebeletsong ea rona ho Jehova.

Litšoantšo: Mehlala ea ho etsa mesebetsi e tlasana ka pelo e tšoeu. 1. Mogibeone o jere jeke ea metsi. 2. Mor’abo rona ea holileng o ntse o sebetsa serapeng sa lipalesa Holong ea ’Muso.

Etsisa Bagibeone ka ho ikemisetsa ho etsa mesebetsi e tlasana (Sheba serapa sa 7)


EMELA JEHOVA HORE A PHETHAHATSE TOKA

8. Morena Saule o ile a tšoara Bagibeone ka ho hloka toka joang?

8 Bibele e boetse e bua ka Bagibeone hape lilemo tse makholo hamorao. Morena Saule o ile a fetohela Bagibeone ba neng ba lula Iseraele. Kaha “o ne a ikemiselitse ho sireletsa batho ba Iseraele le Juda,” o ile a leka ho felisa Bagibeone.b Kahoo, Bagibeone ba bangata ba ile ba bolaoa. (2 Sam. 21:2, 5, 6) Ho hloka toka ho hokaalo! Saule ha aa ka a tšepahalla selekane sa khotso seo e neng e le khale se le teng pakeng tsa Baiseraele le Bagibeone.

9. Jehova o ile a phethahatsa toka bakeng sa Bagibeone neng?

9 Jehova ha aa ka a sebetsa ho hloka toka hona ho tšabehang khahlanong le Bagibeone hang-hang. Ha e le hantle, Jehova o ile a hlokomelisa sechaba ka ho hloka toka hona nakong eo Morena Davida, ea neng a hlahlama Saule boreneng, a neng a busa. O ile a etsa sena ka ho ba tlisetsa tlala e ileng ea nka lilemo tse tharo. Ha Davida a botsa hore na ke hobane’ng ha tlala e ne e le teng, Jehova o ile a mo bolella hore Saule le ba lelapa la hae ba molato oa mali ka lebaka la tsela e mpe eo ba ileng ba tšoara Bagibeone ka eona lilemo pele ho moo.—2 Sam. 21:1.

10. Joalokaha ho boletsoe ho 2 Samuele 21:3-6, Bagibeone ba ile ba bontša joang hore ba hlompha Molao oa Molimo ka seo ba ileng ba se bua ho Davida?

10 Bala 2 Samuele 21:3-6. Davida o ile a bua le Bagibeone ka hore na a ka etsa’ng ho lokisa ho hloka toka hoo Saule a ileng a ho etsa khahlanong le bona. Ha baa ka ba batla hore Davida a ba patale chelete e ngata hobane a sa ka a nka khato kapele. Ka nepo, Bagibeone ba ile ba re “silevera le khauta” li ke ke tsa tlosa seo Saule le ba lelapa la hae ba ba entseng sona hobane ho ea ka Molao, ba ne ba sa lokela ho amohela chelete ea ho lopolla bophelo ba ’molai. (Num. 35:30, 31) Ba ile ba boela ba hlokomela hore ba ne ba ke ke ba bolaea ntle le tumello ea molao. Qetellong, Davida o ile a fana ka tumello ea hore banna ba supileng ba lelapa la Saule ba bolaoe. E ka ’na eaba banna bana ba ile ba kenya letsoho morerong oa Saule oa ho bolaea Bagibeone ba bangata. Nakoana hamorao, pula e ile ea na, e leng se ileng sa felisa tlala ’me sa bontša hore toka e ne e phethahalitsoe ka tsela e khotsofatsang Jehova.—2 Sam. 21:9, 10, 14.

11. Re ka ithuta eng ka Jehova tlalehong ee?

11 Tlaleho ee e re ruta’ng ka Jehova? Re bona bopaki bo hlakileng ba hore Jehova ke Molimo oa toka. (Pes. 37:28) O batla hore batho bohle ba tšoaroe ka toka. Seo se akarelletsa le batho ba tšoaroang hampe ka lebaka la morabe oa bona, joalokaha ho etsahala hangata ka batho ba hlahang linaheng tse ling kapa ba fapaneng le batho ba bang. Ka nako ea hae, Jehova o tla felisa ho hloka toka hoo batho ba hae ba kopanang le hona. Re boetse re ithuta hore Jehova o lebelletse hore re phethahatse litšepiso tsa rona, joalokaha a ne a lebelletse hore Baiseraele ba boloke selekane sa khotso seo ba neng ba se entse le Bagibeone.—Bapisa le Amose 1:9.

12. Re ka etsisa Bagibeone joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka?

12 Re ka etsisa Bagibeone joang? Leha bara le barali ba bo rona ba ka re tšoara hampe, re ka letela Jehova ka mamello. Ha re etsa joalo, re bontša hore re tšepa hore Jehova o tla lokisa litaba ka nako ea hae. Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Laura French. O qalile ho sebeletsa Bethele e Canada ka 1926. Lilemo tse ka bang leshome hamorao, o ile a tšoaroa ka ho hloka toka. O ile a etselletsoa ka ho ba karolo ea sehlopha sa bakoenehi ’me a lelekoa Bethele. O ile a etsa’ng? Le hoja a ne a utloile bohloko, le ka mohla ha aa ka a tletleba. O ile a qeta lilemo tse ’nè tse latelang a sebetsa e le pula-maliboho ea chesehang. O ile a thaba a ba a makala haholo ha a ne a memeloa ho khutlela Bethele ka 1940, moo a ileng a tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng lilemo tse ka bang 50 hamorao. Joaloka Morali oa bo rona French, re ka hlola ho hloka toka ka ho lula re etsa se nepahetseng le ho letela Jehova hore a lokise litaba ka nako ea hae.—Esa. 26:3, 4.

TŠEHETSA BORAPELI BA ’NETE KA BOTŠEPEHI

13. “Banethinime” e ne e le bo-mang, hona ba ile ba etsa eng ha Bajuda ba lokolloa botlamuoeng Babilona?

13 Bibele e bua hape ka Bagibeone lilemo tse ka bang 500 ka mor’a puso ea Morena Davida. Lilemo tse 70 tsa botlamuoa Babilona li ne li felile ’me ka 537 B.C.E., sehlopha sa pele sa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng se ile sa khutlela Jerusalema le ’Musisi Zorobabele. (Esdr. 2:1, 2, 58) Ka 468 B.C.E., sehlopha se seng se ile sa khutlela Jerusalema le mokopitsi Esdrase. (Esdr. 7:1-7) Lihlopha tsena tse peli tse nyenyane tsa batlamuoa ba ileng ba khutlela Jerusalema li ne li akarelletsa malapa a “Banethinime.” (Sheba linaletsana tsa Esdr. 2:58 le 7:7.) Banethinime e ne e le bo-mang? E ne e le “batho bao eseng Baiseraele ba neng ba sebeletsa tempeleng,” ’me ho ka etsahala hore Banethinime ba bangata e ne e le litloholo tsa Bagibeone.—Sheba Litlhaloso Tsa Mantsoe a Bibele, “Banethinime.”

14. Bagibeone ba ile ba bontša joang hore ba tšepahalla Jehova? (1 Likronike 9:2 le naletsana)

14 Bala 1 Likronike 9:2 le naletsana. Har’a sehlopha sa pele sa batlamuoa ba ileng ba khutlela Iseraele, ho ne ho e-na le “basebeletsi ba tempeleng.” Taba ena ke ea bohlokoa hobane ha se Bajuda bohle ba neng ba le botlamuoeng ba ileng ba khetha ho khutla. Ho hlakile hore Bajuda ba bangata ba ne ba se ba atlehile Babilona, kahoo ba ne ba sa ikemisetsa ho tela maruo a bona ’me ba khutlele Jerusalema le ho e’o thusa ho tsosolosa marako a habo bona. Empa batlamuoa ba tšepahalang ho akarelletsa ba bang bao e ka ’nang eaba e ne e le litloholo tsa Bagibeone, ba ne ba labalabela ho bona ha borapeli ba ’nete bo tsosolosoa tempeleng e Jerusalema, ’me ba ile ba leka kahohle ho khutlela teng. Ho fapana le Bajuda, litloholo tsa Bagibeone li ne li se na lefa naheng ea Iseraele. Ho ntse ho le joalo, li ile tsa khutla e le hore li etse mesebetsi ea tsona tempeleng le ho thusa ho lokisa marako a Jerusalema.—Neh. 3:26.

15. Tlaleho e buang ka Bagibeone e re ruta eng ka Jehova?

15 Tlaleho ee e re ruta’ng ka Jehova? Re ithuta hore Molimo oa rona o ananela barapeli ba hae ba tšepahalang haholo ’me o lula a ba hlokomela. Ha Baiseraele ba khutla botlamuoeng Babilona, ho ne ho se ho fetile lilemo tse haufi le 1 000 Jehova a pholositse Bagibeone nakong eo Baiseraele ba neng ba hapa Naha e Tšepisitsoeng. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho hlohonolofatsa Bagibeone. Litloholo tsa Bagibeone li ile tsa pholoha ha Juda le Jerusalema li ne li felisoa ka selemo sa 607 B.C.E. Ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng, ba ile ba tsoela pele ba tšehetsa borapeli bo hloekileng haufi-ufi, ba sebeletsa tempeleng hammoho le Balevi. Ho bonahala eka ba bang ba ne ba lula haufi le tempele. (Esdr. 2:70; Neh. 11:21) Kaha ba ne ba sebeletsa tempeleng, ba ile ba lumelloa hore ba se ke ba patala lekhetho le chelete ea ho sebelisa tsela.—Esdr. 7:24.

16. Re ka etsisa Bagibeone joang borapeling ba rona?

16 Re ka etsisa Bagibeone joang? Le rona re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho tšehetsa borapeli ba ’nete. Re ithaopela ho tela lintho tse itseng e le hore re sebeletse Jehova hobane re mo rata re bile re batla ho mo thabisa. Mor’abo rona Alwin oa Philippines le eena o ile a etsa seo. O ne a sebetsa mosebetsi o patalang hantle k’hamphaning ea oli. Empa o ne a batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Kamehla ha molebeli oa potoloho a ne a etela phutheho ea habo, o ne a nka matsatsi mosebetsing e le hore a tšehetse beke eo ea ketelo le hore a thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli haholoanyane. Ka mor’a ho rapela ka nako e telele, o ile a etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi ’me a batle o mong o neng o tla mo lumella ho ba pula-maliboho ea kamehla. O ne a tseba hore phetoho eo e ne e bolela hore a ke ke a fumana chelete e ngata joaloka pele. Ho ntse ho le joalo, o ile a finyella pakane ea hae. Mohatsa oa hae le eena e ile ea e-ba pula-maliboho ’me ba ile ba khona ho thusa batho ba 21 hore e be barapeli ba Jehova. Ho hlakile hore Jehova o ananela boiteko ba banyalani bana. Le rona re ka kholiseha hore Jehova o ananela boitelo leha e le bofe boo re bo etsang tšebeletsong ea hae, ’me ka lebaka leo, o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang.—Mat. 6:33.

17. Re ithutile eng ka ho hlahloba litlaleho tsa Bibele tse buang ka Bagibeone?

17 Litlaleho tsa Bibele tse buang ka Bagibeone li re rutile ka makhabane a Jehova a babatsehang. O ikokobelitse, o mohau, o na le toka hape oa tšepahala. O lula a putsa barapeli ba hae ba tšepahalang. Re boetse re ithutile lintho tse ngata tseo re ka li sebelisang bophelong. Joaloka Bagibeone, re batla ho ba le tumelo e matla ho Jehova ’me re mo tšepe ha re tobana le maemo a tšosang. Tumelo e joalo e tla re susumelletsa hore re phethe kabelo leha e le efe ka boikokobetso. Re batla ho letela Jehova ka mamello, re kholisehile hore qetellong o tla felisa ho hloka toka ka ho felletseng. Hape re tšehetsa borapeli ba ’nete ka cheseho le ka botšepehi. Ha re etsa joalo, re tla bontša hore re ithutile lithuto tsa bohlokoa mohlaleng oa Bagibeone.

RE ITHUTA ENG HO BAGIBEONE TABENG EA . . .

  • ho bontša tumelo le boikokobetso?

  • ho sebetsana le ho hloka toka?

  • ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka botšepehi?

PINA EA 148 Jehova ke Mopholosi

a Ho bonahala sehlopha seo sa banna ba Bagibeone se ne se kenyelletsa le baahi ba metse e meng e meraro ea Baheve e leng Kefira, Beerothe le Kiriathe-jearime.—Josh. 9:17.

b Bibele ha e bolele ka ho toba hore na ke hobane’ng ha Saule a ile a etsa ketso ena e sehloho. Litsebi tse ling li nahana hore e ka ’na eaba Saule o ne a e-na le khethollo ea morabe.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela