Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 September maq. 2-7
  • Tšepa Hore Jehova o Tla u Sireletsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepa Hore Jehova o Tla u Sireletsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • PESALEME E RE THUSANG HO TŠEPA TŠIRELETSO EA JEHOVA
  • PESALEMENG EA 91 JEHOVA O TŠEPISA TŠIRELETSO EA MOFUTA OFE?
  • JEHOVA O RE SIRELETSA JOANG HONA JOALE?
  • JEHOVA O TLA SIRELETSA BATHO BA HAE JOANG NAKONG E TLANG?
  • Jehova ke Setšabelo sa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ha ho Mohla re Leng Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Matla a ho Sireletsa—“Molimo ke Setšabelo sa Rona”
    Atamela ho Jehova
  • Kamehla “Molimo ea Nang le ’Nete” o Phethahatsa Morero oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 September maq. 2-7

LA 2-8 NOVEMBER 2026

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

Tšepa Hore Jehova o Tla u Sireletsa

“U itse: ‘Jehova ke setšabelo sa ka.’”—PES. 91:9.

NTLHA-KHOLO

Ke hobane’ng ha re ka tšepa hore Jehova o tla re sireletsa hona joale le nakong e tlang?

1, 2. Ke liketsahalo life tse tšosang tse tla etsahala haufinyane?

RE PHELA qetellong ea matsatsi a ho qetela. Haufinyane ho tla etsahala lintho tse tšosang lefatšeng. Jehova o tla etsa hore lichaba li “nahane ho etsa ntho eo . . . a e batlang,” e leng ‘ho fa sebata matla a tsona a ho busa.’ Sebata seo ke Machaba a Kopaneng.a (Tšen. 17:17) Ka mor’a moo, sebata seo se fuoeng matla se tla ikopanya le mebuso eohle ea lefatše ho felisa mekhatlo ea bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:16) Eo e tla be e le qalo ea mahlomola a maholo. Ka mor’a moo, ho tla etsahala’ng?

2 Ho tla etsahala lintho tse ling tse tšosang le ho feta. Lichaba li tla ikopanya ebe li hlasela batho ba Jehova. (Ezek. 38:14-16) Hobane’ng? Buka ea Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete e re: “Satane o tla susumetsa lichaba hore li leke ho felisa borapeli ba ’nete le batho ba bo tšehetsang mona lefatšeng.” Ka mor’a moo, ho tla etsahala ketsahalo ea bohlokoa ho li feta kaofela, e leng ntoa ea Armagedone. Jesu o tla etella pele mangeloi le babusi-’moho le eena ba 144 000 hore ba felise lefatše lena le khopo ’me ba re kenye lefatšeng le lecha.—Tšen. 16:14-16; 19:11-21.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Na re lokela ho tšoha ha lefatše lee le khopo le felisoa? Che! Hobane’ng? Hobane Jehova o tšepisa ho re sireletsa. O fane ka tšepiso ena ka Lentsoeng la hae: “Batho ba sekete ba tla oa ka lehlakoreng la hao, ba likete tse leshome ba oe ka letsohong la hao le letona empa uena lintho tsena li ke ke tsa u etsahalla.” (Pes. 91:7) A re hlahlobeng Pesaleme ea 91 ’me re arabe lipotso tsena tse latelang: Pesalemeng ee Jehova o tšepisa tšireletso ea mofuta ofe? Jehova o re sireletsa joang hona joale? O tla re sireletsa joang nakong e tlang? Empa pele a re bueng ka ntlha-kholo ea Pesaleme ea 91.

PESALEME E RE THUSANG HO TŠEPA TŠIRELETSO EA JEHOVA

4. Mantsoe a qalang a Pesaleme ea 91 a re kholisa joang hore Jehova o tla re sireletsa? (Pesaleme ea 91:1, 2)

4 Molaetsa oa Pesaleme ea 91 o ka hlalosoa ka mantsoe ana a seng makae: Tšepa hore Molimo o tla u sireletsa. Litemana tse peli tse qalang, li re kholisa hore Jehova o tla sireletsa batho ba mo tšepang. (Bala Pesaleme ea 91:1, 2.) Ha ho na ntho e ka etsang hore re ikutloe re sireletsehile ho feta ho tseba hore re tlas’a moriti oa mapheo a ea Phahameng ka ho Fetisisa le Ea Matla ’Ohle. (Ruthe 2:12; Pes. 17:8) Mantsoe “setšabelo” le ‘sebaka se sireletsehileng’ a re hopotsa kamoo marako a neng a sireletsa metse ea mehleng ea Bibele kateng. Baahi ba motse ba ne ba ikutloa ba sireletsehile ha ba le ka har’a motse ’me batho ba metseng e haufi ba balehela teng ho ipatela ba lireng. Litemaneng tse latelang, mopesaleme o re etsetsa setšoantšo se hlakileng ho re kholisa hore Jehova a ka sireletsa batho ba hae ho sa tsotellehe likotsi tseo ba ka kopanang le tsona.—Pes. 91:3-13.

5, 6. Pesaleme ea 91 e qetella ka tšepiso efe, hona e re fa kholiseho efe? (Pesaleme ea 91:14-16)

5 Litemana tse phethelang Pesaleme ea 91, li re kholisa le ho feta hore Jehova o tla re sireletsa, kaha moo mopesaleme ha a sa bua ka tšireletso eo Jehova a re fang eona, empa o bua ka mantsoe a tsoang ho Jehova ka boeena. Jehova ke eena ea etsang tšepiso ho barapeli ba hae. (Bala Pesaleme ea 91:14-16.) Hlokomela mantsoe a reng, “Ke tla” litemaneng tsena. Jehova o tšepisa hore o tla sireletsa batho ba hae hobane ba mo tšepa, ba tseba lebitso la hae ebile ba mo rapela. Re ka tšepa Mophethahatsi oa litšepiso ka ho felletseng. (Josh. 23:14) Ha se hore a ka ’na a re sireletsa, empa o tla fela a re sireletse.—Num. 23:19.

6 Jehova o ile a susumetsa mopesaleme hore a ngole mantsoe a ho Pesaleme ea 91 molemong oa rona. (Bar. 15:4) Re bua re kholisehile joaloka mopesaleme ’me re re: “U setšabelo sa ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.” (Pes. 91:2) Empa Jehova o re fa tšireletso ea mofuta ofe?

PESALEMENG EA 91 JEHOVA O TŠEPISA TŠIRELETSO EA MOFUTA OFE?

7. Pesaleme ea 91 e tšepisa hore Jehova o re fa tšireletso ea mofuta ofe?

7 Nakong e fetileng, lingoloa tsa rona li ne li re Pesalemeng ea 91, Jehova o tšepisa ho re sireletsa moeeng. Re ka kholiseha hore Jehova o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re itšireletse linthong tse ka senyang setsoalle sa rona le eena. Empa na pesaleme ee e tšepisa hore Jehova o tla re sireletsa moeeng feela? Che. Pesaleme ena e boetse e tšepisa hore Jehova o tla sireletsa batho ba hae ho lira tsa bona e le sehlopha nameng le maikutlong. Ke hobane’ng ha re ka re Pesaleme ea 91 e boetse e bua ka hore Jehova o tla re sireletsa nameng le maikutlong?

8, 9. Jesu o ile a arabela Satane joang ha a ne a mo leka, hona re ka ithuta eng karabong ea hae? (Matheu 4:5-7)

8 Nahana kamoo Jesu a ileng a arabela Satane kateng ha a ne a mo leka ’me a qotsa mantsoe a ho Pesaleme ea 91. (Bala Matheu 4:5-7.) Satane o ile a leka Jesu a sebelisa mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 91:11, 12 e le tšepiso ea hore Jehova o sireletsa batho ba hae nameng. O ile a re a itihele fatše a le holim’a tora ea tempele ho bona hore na mangeloi a ne a tla mo sireletsa. Jesu o ile a arabela joang? Ha aa ka re: ‘U fositse, Satane! Pesaleme eo ha e bue ka hore re tla sireletsoa nameng.’ Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re: “U se ke oa leka Jehova Molimo oa hao.” Re ka ithuta’ng karabong eo ea Jesu?

9 Jesu o ne a tseba hantle hore ka linako tse ling Ntate oa hae o ne a sebelisa mangeloi ho sireletsa batho ba hae lireng tse batlang ho ba ntša kotsi. (2 Mar. 6:15-17; 19:34, 35; Dan. 3:19, 20, 26-28; 6:16-22) Jesu o ile a hana ho leka Ntate oa hae ka hore a lebelle hore mangeloi a ne a tla mo sireletsa empa a beha bophelo ba hae kotsing ka boomo. Kahoo, Satane o ile a sebelisa Pesaleme ea 91 hampe, ka hore a khothalletse Jesu ho leka Jehova, empa o ne a sa fosa ha a re pesaleme eo e tšepisa hore Jehova o tla sireletsa batho ba hae nameng.b Ho latela kamoo Jesu a ileng a arabela Satane kateng, re ka etsa qeto ea hore Pesaleme ea 91 e tšepisa hore Jehova o tla re sireletsa kahohle, nameng, maikutlong le moeeng.

10. Re kholisehile ka eng?

10 Mantsoe a ho Pesaleme ea 91 a re thusa hore re tšepe Jehova. Re kholisehile hore Jehova ke Mosireletsi oa bohle ba mo tšepang, ba mo etsang setšabelo le sebaka sa bona se sireletsehileng. Kahoo, ha ho hlokahale hore re tšohe liketsahalo tse tšosang tse tla etsahala haufinyane. Joale, a re bueng ka hore na Jehova o re sireletsa joang hona joale le hore na o tla re sireletsa joang nakong e tlang.

JEHOVA O RE SIRELETSA JOANG HONA JOALE?

11. Jehova o re sireletsa moeeng joang?

11 Jehova o re sireletsa moeeng. Sena se bolela hore o re thusa ho loantša lintho tse ka senyang kamano ea rona le eena. Ka mohlala, nahana ka ntoa e sa eeng moriting eo re e loanang ka lebaka la ho se phethahale. Jehova o utloisisa ka ho felletseng matla ao sebe se nang le ’ona ho rona. (Bar. 6:16; 7:21-23) A re hlahlobeng tse ling tsa litsela tseo a re thusang ka tsona ntoeng ena.

12, 13. Re ka loantša litakatso tse fosahetseng joang le ho li hlola? (Matheu 5:28, 29)

12 Lentsoe la hae. Lentsoe la Jehova ha le re lemose feela ka litakatso tseo re ka ’nang ra e-ba le tsona tsa boetsalibe, empa le boetse le re bolella kamoo re ka li hlolang kateng. Ka mohlala, ela hloko mantsoe a Jesu a ho Matheu 5:28, 29. (E bale.) Jesu o bua ka monna “ea ntseng a sheba mosali e le hore a be le takatso ea ho etsa thobalano le eena.” O re ka monna eo: “O se a febile le eena ka pelong ea hae.” Re ithuta’ng?

13 Haeba re tsoela pele ho sheba litšoantšo tse litšila, re tla tsosa takatso e fosahetseng. Ha takatso eo e fumana monyetla, liphello e ba hore re tla oela boitšoarong bo bobe bo amanang le thobalano. (Jak. 1:14, 15) E le hore re loantše litakatso tseo tse fosahetseng, re lokela ho mamela keletso ea Jesu hang-hang. Jesu o re fa keletso eo setsebi se seng sa Bibele se e tšoantšang le “opereishene.” Re lokela ho tlosa litšoantšo tseo tse litšila likelellong tsa rona, joalokaha eka re etsa opereishene ea ho tlosa hlahala e bakang kankere bokong. (Bakol. 3:5) Ha re sebelisa keletso eo re sireletsa setsoalle sa rona le Jehova.

14. Moea o halalelang o re sireletsa joang?

14 Moea oa hae o halalelang. Jehova o boetse o sebelisa moea oa hae ho re thusa ho hlola litakatso tsa rona tse fosahetseng. Ha re rapella hore a re fe oona, o tla re fa. (Luka 11:9-13) Moea o halalelang o ka re sireletsa joang? Moapostola Pauluse o re: “Le tsoele pele le tataisoa ke moea o halalelang ’me ho hang le ke ke la batla ho etsa lintho tse mpe.” (Bagal. 5:16) Tlhaloso ea temana ena Bibeleng ea Senyesemane e re: “Motho ea tataisoang ke moea o halalelang oa o kopa, ’me o o lumella hore o susumetse tsela eo a nahanang le eo a etsang lintho ka eona. Le hoja a ka ba le litakatso tse fosahetseng, hang-hang o li tlosa kelellong ea hae, ’me ha a itumelle ho nahana ka tsona.” Moea oa Jehova ha o tlose litakatso tse fosahetseng. Empa o ka re thusa ho matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho etsa se nepahetseng le ho qoba se fosahetseng. Boikemisetso boo bo tla re thusa hore re sireletse setsoalle sa rona le Jehova.

15. Mokhatlo oa Jehova o re sireletsa joang moeeng? (Sheba litšoantšo.)

15 Mokhatlo oa hae. Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa lingoloa tse nakong tse re sireletsang moeeng. Nahana ka taba ena, kaha ha rea phethahala ebile re baetsalibe, ka linako tse ling re loantšana le maikutlo a ho nyahama. Ka mohlala, re ka ’na ra ikutloa re le molato ho feta tekano, ra ikutloa eka ha ho na motho ea re tsotellang kapa ra tšoenyeha ho feta tekano. Satane, “Diabolose” o sebelisa maikutlo ana hampe e le hore re tlohele ho sebeletsa Jehova. (Mat. 4:3; 6:13) Mokhatlo oa Molimo o re fa lijo tse etselitsoeng ho re kholisa hore Jehova oa re tšoarela, hore re bohlokoa mahlong a hae le tse etsang hore re kholisehe hore o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang. (Pes. 86:5; Mat. 10:29-31; Luka 12:28; Baheb. 13:5) Na u kile oa bala sehlooho se itseng lingoloeng tsa rona, eaba se u ama pelo oa ba oa utloa eka se ne se ngolletsoe uena? Hopola hore Jehova o re fa lijo tsena tse nakong tse re sireletsang moeeng.

Litšoantšo: Morali oa bo rona o thabela ho ja lijo tsa moea. 1. O bala buka ea “E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo.” 2. O shebelletse lenaneo la JW Broadcasting hammoho le monna oa hae le morali a hae.

Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa lingoloa tse nakong ho re sireletsa moeeng (Sheba serapa sa 15)


16. Jehova o lumeletse hore ba bang ba barapeli ba hae ba hlaheloe ke liteko life, hona re ka kholiseha ka eng?

16 Jehova o sireletsa batho ba hae e le sehlopha hore lira tsa bona li se ke tsa ba ntša kotsi. Leha ho le joalo, ka linako tse ling o lumella hore barapeli ba hae ba bang ba hlorisoe le ho bolaoa ke bahanyetsi, e le ho bontša hore Satane o leshano. (Tšen. 2:10; 6:9) Empa Satane ha a khotsofatsoe ke palo eo e seng kae ea ba bolailoeng. Ka khalefo, o lakatsa eka bahanyetsi ba ka felisa bahlanka bohle ba Molimo ba tšepahalang. (Mat. 24:9; Tšen. 12:9-12) Empa taba eo e ke ke ea etsahala. Re ka kholiseha hore Jehova o sebelisa mangeloi a hae ho sireletsa batho ba hae e le sehlopha e le hore borapeli bo hloekileng bo lule bo le teng lefatšeng.—Baheb. 1:7, 14.

17. Ke lebaka lefe le etsang hore re se ke ra lebella hore Jehova a re sireletse linthong tsohle tse ka re ntšang kotsi hona joale?

17 Jehova ha a re sireletse linthong tsohle tse ka re ntšang kotsi. Empa ka Lentsoeng la hae o re fa melao le melao-motheo e re sireletsang haeba re e mamela. (Liprov. 14:29, 30; 22:3; 2 Bakor. 7:1) Leha ho le joalo, ha rea lebella hore Jehova a re sireletse linthong tsohle tse ka re ntšang kotsi hona joale. Haeba a ne a ka etsa joalo, Satane o ne a tla tiisa leshano la hae la hore re sebeletsa Jehova hobane feela a re sireletsa. (Jobo 1:10, 11) Rea utloisisa hore Jehova o nka taba ea ho halaletsa lebitso la hae e le bohlokoa haholo. Kahoo, o mamelletse batho ba khopo ba hlorisang batho ba hae. (Bar. 9:22) Leha ho le joalo, mamello ea hae bakeng sa ho hloka toka hona e se e le haufi le ho fela. Empa hona joale o re thusa ho mamella liteko life kapa life tseo re tobanang le tsona e le hore re sireletse kamano ea rona le eena.—1 Bakor. 10:13; 1 Pet. 5:10.

JEHOVA O TLA SIRELETSA BATHO BA HAE JOANG NAKONG E TLANG?

18. Jehova o tla re sireletsa joang nakong e tlang?

18 Nakong ea mahlomola a maholo, Jehova o tla tsoela pele ho sireletsa batho ba hae moeeng. Empa na o tla ba sireletsa le nameng? Ha mebuso e hlasela batho ba hae kaofela, Jehova a ke ke a e lumella ho ba felisa. (Ezek. 38:1, 2, 10-16) Taba ena e tla lebisa ntoeng ea Armagedone ’me Jehova o tla sebelisa Jesu Kreste le mabotho a hae a leholimong ho loantša lira tsohle tsa Molimo. (Tšen. 17:12-14; 19:11, 14, 15) Jehova o tla sireletsa batho ba hae joang nakong ea Armagedone?

Ha Jesu le mabotho a hae a leholimong ba loantša lira tsa Molimo ntoeng ea Armagedone, li tla felisoa kaofela. . . . Empa ha ho le ea mong oa bahlanka ba Jehova ea tla bolaoa ke lira tsa Molimo ntoeng eo

19, 20. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha ha Jesu le mabotho a hae ba felisa lira tsa Molimo ka ntoa ea Armagedone? (Sheba setšoantšo .)

19 Ha rea lokela ho tšoha ha lefatše lena le khopo le felisoa ntoeng ea Armagedone. Hobane’ng? Hobane re tšepa Jehova e le setšabelo sa rona le sebaka sa rona se sireletsehileng. Kahoo, re ka kholiseha hore ha Jesu le mabotho a hae a leholimong ba loantša lira tsa Molimo ntoeng eo, li tla felisoa kaofela. (Jer. 25:33; Zak. 14:12) Empa ha ho le ea mong oa bahlanka ba Jehova ea tla bolaoa ke lira tsa Molimo ntoeng eo.—Luka 21:28; 2 Pet. 2:9.

20 Nakong ea ntoa ea Armagedone, re ka ’na ra bona ha mantsoe ana a mopesaleme a phethahala ka tsela ea sebele. O ile a re: “Batho ba sekete ba tla oa ka lehlakoreng la hao, ba likete tse leshome ba oe ka letsohong la hao le letona empa uena lintho tsena li ke ke tsa u etsahalla. U tla li bona feela ka mahlo ha u bona ba khopo ba fuoa kotlo. Kaha u itse: ‘Jehova ke setšabelo sa ka,’ u entse Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebaka sa hao sa bolulo.” (Pes. 91:7-9) Hang ha ntoa ea Armagedone e qala, re ka lebella hore Jehova o tla sireletsa e mong le e mong oa bahlanka ba hae nameng, maikutlong le moeeng. Kaha u itse: “Jehova ke setšabelo sa ka,” Jehova o tšepisa hore “uena lintho tsena li ke ke tsa u etsahalla.” Kahoo, ha rea lokela ho tšoha lintho tse tla etsahala nakong e tlang. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re sireletsa.

Lengeloi le sirelelitse ’mè le bashanyana ba hae ba babeli ha ntoa ea Armagedone e ntse e kupa ka ntle. ’Mè o haka bashanyana ba hae ha e mong oa bona a behile buka ea “E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo” sefubeng.

Nakong ea Armagedone, Jehova o tla re sireletsa nameng le maikutlong (Sheba serapa sa 19 le 20)

U KA RE’NG?

  • Pesaleme ea 91 e re Jehova o tšepisa tšireletso ea mofuta ofe?

  • Jehova o re sireletsa joang hona joale?

  • Jehova o tla re sireletsa joang nakong e tlang?

PINA EA 8 Jehova ke Setšabelo sa Rona

a Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa November 2025.

b Pele, lingoloa tsa rona li ne li hlalosa hore Pesaleme ea 91 e tšepisa hore Jehova o tla re sireletsa moeeng le hore Satane o ile a e sebelisa hampe ho bontša hore e tšepisa hore o tla re sireletsa nameng. Sheba Molula-Qhooa oa Senyesemane oa December 1, 1974, leq. 722.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela