LA 9-15 NOVEMBER 2026
PINA EA 36 Re Sireletsa Lipelo Tsa Rona
Re ka ‘Mamela ho Tsoa Pelong’ Joang?
“Nthuse hore ke mamele ho tsoa pelong.”—1 MAR. 3:9.
NTLHA-KHOLO
Kamoo re ka mamelang Jehova ho tsoa pelong kateng.
1. Ke hobane’ng ha batho ba mamela ba nang le matla a bolaoli?
BATHO ba mamela ba nang le matla a bolaoli ka mabaka a fapaneng. Ba bangata ba mamela hobane ba behiloe leihlo kapa hobane ba tšaba hore ba tla fumana kotlo. Ha ho tluoa tabeng ea ho mamela Molimo, ba bang ba etsa joalo hobane ba ipatlela botumo, joalokaha baeta-pele ba bolumeli ba ile ba etsa mehleng ea Jesu. (Mat. 23:5) Ho fapana le bona, re mamela Jehova hobane re rua molemo ha re latela tataiso ea hae. (Esa. 48:17, 18) Lena ke lebaka le utloahalang la ho mamela Jehova, empa ho na le lebaka le leng la bohlokoa ka ho fetisisa leo re mo mamelang ka lona.
2. Lebaka le ka sehloohong leo re mamelang Jehova ka lona ke lefe?
2 Lebaka le ka sehloohong leo re mamelang Jehova ka lona ke hobane re mo rata haholo. (Mat. 22:37, 38) Lerato leo le re susumelletsa ho mo “mamela . . . ka lipelo tsohle.” (Bar. 6:17) Ha re rata Jehova ebile re mo ‘mamela ho tsoa pelong,’ re tla susumelletseha ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mamela litaelo tsa hae ka linako tsohle, eseng feela ha batho ba re shebile kapa ha re bona melemo e itseng ea ho etsa joalo. ’Nete ke hore lipelo tsa rona li bolotsana. Kahoo, ka linako tse ling ho ka ba thata hore re mamele Jehova. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba mehlala e ’meli e hlahang ka Bibeleng e tl’o re thusa ho mamela ho tsoa pelong. Oa pele, ke ha Jehova a ntša Baiseraele Egepeta. Oa bobeli ke mohlala o motle oa Josafate, morena oa Juda.
QALONG BA ILE BA MAMELA EMPA HAMORAO BA FETOHA MARABELE
3. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba ka ’na ba tšaba ho mamela taelo ea Jehova? (Sheba setšoantšo.)
3 Pele Jehova a ntša Baiseraele Egepeta, o ile a ba fa taelo e neng e tla bontša hore na baa mamela kapa che. E le hore ba se ke ba angoa ke kotlo ea leshome, ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo ka ramo kapa ka poli e tona ’me ba tlotse mali a eona likoseneng tsa menyako ea bona. (Ex. 12:5, 7) Lengeloi la Jehova le ne le tla feta matlo a tšoailoeng ka mali e le hore le se ke la bolaea matsibolo a bona le a liphoofolo tsa bona. Leha ho le joalo, ho ne ho ka etsahala hore Baiseraele ba se ke ba mamela. Hobane’ng? Ba ne ba ka ’na ba tšaba hore Baegepeta ba tla ba bolaea, kaha ba ne ba nka liramo li halalela. (Ex. 8:25-27) Ho ntse ho le joalo, Baiseraele ba ile ba bona hore ho potlakile hore ba mamele ’me ba ile “ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse.” (Ex. 12:28) Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka hore a se ke a bolaea matsibolo a bona.
Baiseraele ba ile ba mamela Jehova le hoja seo se ne se ka halefisa Baegepeta (Sheba serapa sa 3)
4. Jehova o ile a re Baiseraele ba etse eng ka mor’a hore ba tsoe Egepeta?
4 Bosiung bona boo, Baiseraele ba ile ba tsoa Egepeta. Qalong, Jehova o ile a ba tataisetsa karolong e ka leboea ea Leoatle le Lefubelu, empa hamorao a ba fa litaelo tseo ho neng ho le thata ho li utloisisa. O ile a re ba khutlele morao ’me ba hlome litente pakeng tsa leoatle le lithaba. Ho ne ho bonahala eka ha ba le moo, ho tla ba thata hore ba balehe masole a Faro hobane ka pele ho bona e ne e le Leoatle le Lefubelu. Leha ho le joalo, Baiseraele ba ile ba boela ba mamela Jehova a sebelisa Moshe. (Ex. 14:1-4) Empa ha ba bona Baegepeta ba atamela, ba ile “ba tšoha haholo” ’me ba qala ho qosa Moshe ka hore o ba tlisitse moo hore ba tl’o shoa. (Ex. 14:5-11) Ke hobane’ng ha ba ile ba qala ho ikoahlaela qeto ea bona ea ho mamela? Hona Jehova o ile a ikutloa joang ka tsela eo ba ileng ba itšoara ka eona?
5. Baiseraele ba ile ba hloleha ho etsa eng Leoatleng le Lefubelu? (Pesaleme ea 106:7 le naletsana)
5 Bibele e re ha Baiseraele ba le Leoatleng le Lefubelu, ‘ha baa ka ba ananela lintho tse hlollang tseo Jehova a ileng a ba etsetsa tsona’ Egepeta le ho hopola hore o ba rata haholo. (Bala Pesaleme ea 106:7 le naletsana.) Ba ne ba bone ha Jehova a sireletsa matsibolo a bona kotlong ea leshome. Empa ha baa ka ba utloisisa hore oa ba rata kapa hona ho tšepa hore a ka ba pholosa hape. Ha Jehova a hlahloba boemo ba lipelo tsa bona, o ile a re ba ile ba mo “fetohela ha ba le Leoatleng le Lefubelu.” Le hoja ba ’nile ba latela Moshe ho tšela Leoatle le Lefubelu, ha baa ka ba fetola tsela eo ba ikutloang ka eona. Qetellong, Jehova o ile a lahla moloko oo oa Baiseraele kaofela ’me a ba tima monyetla oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Pes. 106:21, 24-26) Re ithuta’ng mohlaleng oa bona?
ITHUTE MOHLALENG O MOBE OA BAISERAELE
6. Ho mamela ho tsoa pelong ho tla re thusa hore re etse eng? (Jeremia 23:4)
6 Mohlala oa Baiseraele o re thusa ho hlahloba mabaka ao ka ’ona re mamelang Jehova le bao a ba khethileng ho etella batho ba hae pele. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke ba mamela feela ha ho nthuisa molemo?’ Ho ka etsahala hore Baiseraele ba bang ba ile ba tlotsa mali a liramo likoseneng hobane feela ba ne ba batla ho sireletsa matsibolo a bona. Re ka boela ra ipotsa, ‘Na ho mamela ha ka ho itšetlehile ka hore na batho ba bang ba etsa’ng.’ Bosiung ba Paseka, Jehova o ile “a etsa hore Baegepeta ba be mosa ho Baiseraele.” (Ex. 12:36) Empa hamorao ha Baegepeta ba ba fetohela, ba ile ba khaotsa ho tšepa Jehova ’me ba mo fetohela. (Ex. 14:10-12) Ha re batle ho tšoana le bona. Haeba re mamela ho tsoa pelong, re tla susumelletseha ho tšepa Jehova le bao a ba khethileng hore ba etelle pele. (Bala Jeremia 23:4.) Re tla latela tataiso eo re e fuoang le haeba re sa utloisise mabaka ’ohle ao e fanoeng ka ’ona kapa e koatisa lira tsa Jehova. Re ka qoba ho etsa liphoso tse tšoanang le tsa Baiseraele ’me ra mamela ho tsoa pelong joang?
7. Ho rata Jehova haholo ho tla re thusa joang hore re mo mamele?
7 Rata Jehova haholo. Re ka thatafalloa ke ho mamela tataiso ea mokhatlo haeba re sa bone melemo hang-hang kapa re tobana le liteko ka lebaka la ho e mamela. Haeba seo se etsahala, re lokela ho hopola hore lebaka le ka sehloohong leo re mamelang Jehova ka lona ke hobane re mo rata ebile re mo tšepa. (1 Joh. 5:3) Lerato leo le ka re thusa hore re mo letele ka mamello le ho lumela hore re ka ’na ra hloka nako hore re bone melemo ea ho mamela Jehova.—Moek. 7:8; Mik. 7:7.
8. Mora le morali oa bo rona ba ile ba bontša joang hore ba ikemiselitse ho mamela Jehova?
8 Mehleng ena, batho ba Molimo ba behile mohlala o motle oa ho mamela le hoja ba ne ba sa bone melemo ea ho etsa joalo hang-hang. Ka mohlala, nakong ea seoa sa COVID-19, liphutheho li ile tsa fuoa tataiso ea hore li sebelise marangrang ho kena liboka. Moholo e mong oa Peru o re: “Qalong, ke ne ke nahana hore tataiso eo e ke ke ea sebetsa moo ke lulang.” Ho sa tsotellehe tsela eo a ikutloang ka eona, o ile a ikemisetsa ho mamela Molimo le ho mo tšepa. (Liprov. 3:5, 6) Phello e ile ea e-ba efe? O re: “Ke ile ka bona melemo ea ho mamela. Phutheho ea rona e ile ea matlafala eaba ea momahana le ho feta.” Nahana ka mohlala o mong. Ka 2020, mokhatlo o ile oa etsa liphetoho liphuthehong le lihlopheng tsa lipuo tse ling. Ha morali oa bo rona e mong oa Japane a utloa hore sehlopha seo a neng a sebetsa le sona se tl’o felisoa, o ile a re: “Ke batla ho mamela phetoho ena le ho qoba ho bua hampe ka eona. Ke tatetse ho bona melemo e tl’o tlisoa ke eona.”
9. Re ka itokisetsa ho mamela ho sa tsotellehe ho hanyetsoa joang? (Sheba setšoantšo.)
9 Itokisetse ho hanyetsoa. Ho bohlokoa haholo hore re itokisetse ho hanyetsoa ha re bua le batho ka ’Muso. Likarolong tse ling tsa lefatše, re ntse re thabela ho bolela litaba tse monate ka bolokolohi. Empa re ntse re hloka sebete sa ho bolela litaba tsena tse monate tsa ’Muso oa Molimo hobane li akarelletsa ho bolella batho hore haufinyane Molimo o tla felisa lefatše lena le khopo. Re tla tsoela pele ho bolela molaetsa ona ho fihlela motsotsong oa ho qetela pele lefatše lena le felisoa ka Armagedone. (Mat. 24:14) Ho ekelletsa moo, nakong ea mahlomola a maholo, ho ka etsahala hore molaetsa oo re tla beng re o bolela o tla be o le matla ebile o tobile, o etsa hore batho ba etse qeto ea hore na ba tla amohela ’Muso oa Molimo kapa che. Ho batho ba hloileng Jehova, molaetsa oo o tla utloahala eka ke kotlo ea ‘sefako se bakang tšenyo e kholo.’a (Tšen. 16:21) Ha ho pelaelo hore ba tla halefa joalokaha Faro a ile a halefa Leoatleng le Lefubelu. Re ka itokisetsa ho hanyetsoa nakong e tlang ka hore re mamele taelo ea Jehova ea ho bolela hona joale, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba re nka joang.
Ho mamela ha rona hona joale ho re lokisetsa khanyetso eo re tla kopana le eona nakong e tlang (Sheba serapa sa 9)
MAMELA JOALOKA MORENA JOSAFATE
10. Morena Josafate o ile a ikutloa joang ha a ne a tšosoa ke lichaba tse neng li batla ho mo hlasela?
10 Bibele e boetse e na le mehlala e metle ea batho ba ileng ba mamela. Ka mohlala, Morena Josafate oa Juda, o ile a hlaseloa ke lichaba tse tharo tse neng li ikopantse. Ke ho utloahalang hore ebe Josafate le batho ba hae ba ile ba tšoha. (2 Likron. 20:1-3) Empa morena ha aa ka a tšoha ho feta tekano. O ile a etsa qeto e nepahetseng. Ha re etsisa seo Josafate a ileng a se etsa ka mor’a moo, re tla khona ho mamela ho tsoa pelong.
11. Josafate o ile a etsa eng ha a ne a tšohile? (2 Likronike 20:5, 6, 10-12)
11 Ikemisetse ho batla Jehova le ho mo mamela. Ha Josafate a ne a tšohile, o ile “a etsa qeto ea ho batla Jehova.” (2 Likron. 20:3) Josafate o ne a tloaetse ho batla tataiso ea Jehova. (2 Likron. 19:3) Empa boemong bona bo boima, o ile “a etsa qeto” kapa a ikemisetsa le ho feta ho batla Jehova le ho mamela tataiso leha e le efe eo a neng a tla fana ka eona. Ka mor’a moo, Josafate o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova ka thapelo. (Bala 2 Likronike 20:5, 6, 10-12.) A re etsiseng mohlala oa Josafate ha re tobane le maemo a re tšoenyang. Re ka ikemisetsa ho mamela Jehova, ra batla tataiso ea hae ka ho rapela le ho ithuta Lentsoe la hae, ’me re tšepe hore o tla re thusa.—Pes. 119:112.
12. Re ka ikemisetsa ho mamela Jehova le ho feta joang?
12 Tsoela pele ho ithuta Bibele. Thapelo ea Josafate e ile ea bontša hore o ne a tseba hantle lintho tseo Jehova a ileng a li etsa nakong e fetileng. O ne a utloisisa hore na ho tlile joang hore Baiseraele ba rue naha eo Molimo a neng a tšepisitse Abrahama hore ba tla e rua. (Gen. 12:7) Mantsoe a Josafate a tšoana le a thapelo ea Solomone ha ho ne ho khakoloa tempele. (2 Likron. 6:28-30; 20:5-9) Tsebo eo Josafate a neng a e-na le eona e ile ea matlafatsa tšepo ea hae ho Jehova le boikemisetso ba hae ba ho mo mamela. E le hore re ikemisetse le ho feta ho mamela Jehova, re lokela ho tsoela pele ho tšela linnete tse ncha ka “letlotlong” la rona. (Mat. 13:52) Ha re etsa joalo, re tla ikemisetsa le ho feta ho mamela Jehova le ha re e-na le mathata.
13. Boikokobetso bo ka re thusa joang hore re mamele Molimo?
13 Hlaolela boikokobetso. Thapelo ea Josafate e boetse e bontša hore o ne a ikokobelitse. Joaloka morena, a ka be a ile a lekeha hore a itšetlehe ka matla a hae le bokhoni ba hae ba ho sebetsana le mathata. Empa nakong eo a neng a rapela ka pel’a sechaba, ka boikokobetso o ile a bontša hore sechaba sa Juda se hloka thuso ea Molimo. (2 Likron. 20:12) Boikokobetso ba morena bo ile ba mo nolofalletsa ho amohela tataiso ea Molimo. Ka tsela e tšoanang, le rona boikokobetso bo tla re thusa hore re lule re mamela Molimo ho tsoa pelong maemong ’ohle.—Bafil. 2:5, 8.
14. Josafate o ile a etsa eng ha Molimo a mo fa litaelo?
14 Nahana ka kamoo liketso tsa hao li amang batho ba bang kateng. Jehova o ile a araba thapelo ea Josafate ka hore a romele moprofeta Jahaziele ho e’o mo fa litaelo tse hlakileng tsa hore batho ba se ke ba loana. Moprofeta Jahaziele o ile a re: “Le eme feela ’me le bone ha Jehova a le pholosa.” Bibele e re Josafate o ile “a khumama.” Eaba batho kaofela “ba khumama . . . ho rapela Jehova.” Letsatsing le hlahlamang ha ba il’o kopana le ba lireng, morena o ile a khothalletsa batho ho ‘tšepa Jehova’ le “baprofeta ba hae.”—2 Likron. 20:14-20.
15. Josafate o ile a etsa eng ho bontša hore o na le tumelo e matla?
15 Josafate o ile a bontša hore o na le tumelo e matla ka hore a khethe banna hore ba binele Jehova lipina tsa thoriso “ba tsamaea ka pel’a masole.” (2 Likron. 20:21) O ile a etsa qeto ena “ka mor’a hore a bue le sechaba.” Kannete o ile a behela bafo ba hae mohlala o motle oa ho tšepa Jehova le ho mo mamela. Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka hore a etse hore ba lireng ba loantšane ba be ba bolaeane.—2 Likron. 20:22-24.
16. Batho ba nang le matla a bolaoli ba ka ithuta eng mohlaleng oa Josafate? (1 Marena 3:9) (Sheba setšoantšo.)
16 Baholo, batsoali le batho ba bang ba nang le bolaoli ba ka ithuta mohlaleng oa Josafate. Ho mamela ha hae ho tsoa pelong ho bile le tšusumetso e ntle ho batho bao a neng a ba etella pele. O ne a tšoana le Morena Solomone tabeng ena. Ha Solomone a ntse a tšepahala, o ile a rapella hore a khone ho mamela ho tsoa pelong. Solomone ha aa ka a etsa kopo ena ho itsoela molemo, empa o ile a e etsa hore e tsoele batho molemo. O ne a batla ho ba ahlola ka tsela ea Jehova. (Bala 1 Marena 3:9.) Josafate o ile a mamela moprofeta oa Molimo ka boikokobetso, a buisana le batho pele a etsa qeto ea bohlokoa a ba a khothalletsa batho hore ba mamele tataiso ea Jehova. Baholo ba latela mohlala oa hae. Ka boikokobetso ba batla tataiso Lentsoeng la Molimo, lingoloeng tsa rona le ho baholo ba bang pele ba ka etsa liqeto tse amang phutheho. (Liprov. 15:22) Ka mantsoe le ka liketso, ba susumetsa batho ba Molimo hore ba mamele ho tsoa pelong. Ka tsela e tšoanang, batsoali baa hlokomela hore mohlala oa bona oa ho mamela, ho sa tsotellehe hore na o motle kapa o mobe, o ama bana ba bona.—Liprov. 1:8; 14:1.
Baholo ba mamela Jehova, mokhatlo oa hae le baholo ba bang (Sheba serapa sa 16)
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho mamela ho tsoa pelong?
17 Ho sa tsotellehe mathata ao re ka ’nang ra kopana le ’ona, haeba re mamela ho tsoa pelong, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlokomela le ho re tataisa. Joaloka mehleng ea Bibele, ha ho pelaelo hore o tla re fa tataiso a sebelisa baemeli ba hae mona lefatšeng. Hape haeba tataiso ea hae e bonahala e sa utloahale, ha rea lokela ho makala. Etsoe bokhoni ba Jehova le litsela tsa hae li feta tsa rona hole. (Esa. 55:9) Kahoo, a re tsoeleng pele ho mamela ho tsoa pelong.
PINA EA 88 Ntsebise Litsela Tsa Hao
a Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa August 2025.