LA 16-22 NOVEMBER 2026
PINA EA 84 A re Eeng
Ho Bolela Litaba Tse Monate ka ‘Lipuo Tsohle Tsa Lichaba’
“Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara seaparo se selelele sa Mojuda.”—ZAK. 8:23.
NTLHA-KHOLO
Ho ananela karolo eo batho ba Jehova ba e phethang ho phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Zakaria 8:23.
1. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa haholo ho bolela litaba tse monate ka lipuo tse ngata? (Baroma 10:13, 14)
JEHOVA o ile a nyopisa morero oa marabele a neng a haha Tora ea Babele ka hore a ferekanye puo ea ’ona. Ka lebaka leo, batho e ile ea e-ba lihlopha tse ngata tse buang lipuo tse fapaneng ’me ba hasana hohle lefatšeng. (Gen. 11:6-9) Leha ho le joalo, morero oa Jehova ke hore a momahanye “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle, maloko ’ohle, merabe eohle le lipuo tsohle” ’me a bo thuse ho feta mahlomola a maholo le ho bo isa lefatšeng le lecha. (Tšen. 7:9, 10, 14) Bongata bona bo boholo bo ka tšepela lebitsong la Jehova nakong ea mahlomola a maholo hobane bo utloile molaetsa oa ’Muso ka puo ea bona. (Bala Baroma 10:13, 14.) Ke tokelo e kholo ho kenya letsoho mosebetsing ona o pholosang bophelo ba batho.
2. Jehova o ile a susumetsa moprofeta Zakaria hore a bolele eng esale pele?
2 Lilemo tse makholo pele moapostola Johanne a ngola buka ea Tšenolo, Jehova o ile a susumetsa moprofeta Zakaria hore a bolele esale pele hore “lichaba tse ngata li tla ba ka lehlakoreng la [Jehova], e be batho ba [Hae].” (Zak. 2:11) Hamorao, Zakaria o ile a boela a re: “Jehova oa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara seaparo se selelele sa Mojuda . . . ’me ba re: “Re batla ho tsamaea le lona hobane re utloile hore Molimo o na le lona.”’” (Zak. 8:23) Boprofeta bona bo thabisang boa phethahala mehleng ena. A re bone hore na e mong le e mong oa rona a ka kenya letsoho joang ho bo phethahatsa.
HO PAKELA “BANNA BA LESHOME BA TSOANG LIPUONG TSOHLE”
3. Kajeno “Mojuda” o emela bo-mang, hona “banna ba leshome” ba emela bo-mang?
3 “Mojuda” eo Zakaria a buang ka eena boprofeteng bona, o emela batho bao Molimo a ba tlotsitseng ka moea o halalelang. Bibele e boetse e ba bitsa “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16) Bana ke “ba bitselitsoeng ho ea phela leholimong.” (Baheb. 3:1) “Banna ba leshome” ba emela batho ba ikokobelitseng ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng mona lefatšeng. Ba tsoa lichabeng tsohle ’me ba bua lipuo tse fapaneng.
4. Ho ile ha etsahala eng ka mor’a hore Jesu a khethe “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ka 1919?
4 Ha Kreste a khetha “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ka 1919, bara bao ba bo rona ba tlotsitsoeng bao e leng mohlanka ba ile ba hlokomela hore ba lokela ho fetolela molaetsa oa Bibele ka lipuo tse ngata. (Mat. 24:45) Pele ho 1919, Liithuti Tsa Bibele li ne li bontša batho filimi ea “Photo-Drama of Creation.” Li ile tsa fetolela filimi eo ka lipuo tse ngata. Leha ho le joalo, mohlanka ea tšepahalang o ile a bona hore mosebetsi o sa le mongata. Ka mohlala, buka eo batho ba neng ba ithuta Bibele ka eona e bitsoang The Harp of God, e lokolotsoeng ka 1921, e ile ea fetoleloa ka lipuo tse 36. Ka 1935, “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” o ile a utloisisa hore “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle bo tla sebeletsa Jehova ka ho sa feleng mona lefatšeng. Kahoo, batho ba bangata ba ne ba lokela ho bolelloa litaba tse monate ka lipuo tse ngata tse fapaneng. Ka nako eo batlotsuoa ba ile ba sebetsa ka thata hore molaetsa oa Bibele o boleloe lefatšeng lohle le hore boprofeta ba Zakaria bo phethahale.
“BATHO BA HAO BA TLA ITHAOPA”
5, 6. Esaia 2:2-4 e phethahala joang mehleng ee? (Sheba setšoantšo.)
5 Ha batho ba Molimo ba ntse ba bolela litaba tse monate lefatšeng lohle, ba ile ba fumana batho ba lipelo li ntle ho tsoa lipuong tse ngata. Joalokaha Esaia a ile a profeta, batho ba tsoang lichabeng tsohle ba ile ba memeloa ntlong ea Jehova e le hore ba ka rutoa litsela tsa hae. (Bala Esaia 2:2-4.) E le ho ba thusa ho ithuta ka Jehova, batho ba Molimo ba ile ‘ba ithaopela’ ho bolela molaetsa o pholosang, ho o fetolela, ho o hatisa le ho aba lingoloa tsa rona ka lipuo tse ngata. (Pes. 68:11; 110:3) Bara le barali ba bo rona ba nang le tsebo ea lik’homphieutha ba ithaopetse ho etsa mananeo a lik’homphieutha a akarelletsang app ea JW Library® le websaete e fumanehang ka lipuo tse ngata.
6 Batho ba lichaba tsohle le ba buang lipuo tse fapaneng ba rua molemo lijong tsa moea tseo mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale a fanang ka tsona. Tsela e ’ngoe eo ba bontšang ka eona hore baa ananela, ke ka hore ba ntše monehelo ka ho rata ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli. Kahoo, ho hatisoa lingoloa tse thehiloeng Bibeleng tse nang le molaetsa o pholosang ka lipuo tse ka holimo ho 1 100. Hape ho kolobetsoa batho ba makholo a likete selemo le selemo.
Batho ba lichaba tsohle le ba lipuo tsohle ba rua molemo lijong tsa moea tseo re li hlophisetsoang ke mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale (Sheba serapa sa 5 le 6)
7. Ha re bona boprofeta bo ho Tšenolo 14:6 bo phethahala mehleng ena, re susumelletseha ho etsa’ng?
7 Hona joale batho ba Jehova ba na le lithulusi tse ba thusang ho pakela batho ba buoang lipuo tse fapaneng. Ba tataisoa ke mangeloi, ba sebetsa hammoho ho phatlalatsa “litaba tse monate tse sa feleng . . . [ho batho] ba merabe eohle, lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle.” (Bala Tšenolo 14:6.) Ha re bona boprofeta bo hlollang bo ngotsoeng ke Zakaria le Johanne bo phethahala mehleng ena, re susumelletseha ho tšepa boprofeta ba Bibele le ho khomarela mokhatlo oo Molimo a o sebelisang ho bolela litaba tse monate.
JEHOVA O ETSA MOHLOLO MEHLENG ENA
8. Jehova o ile a etsolla seo a neng a se entse Toreng ea Babele joang ka Pentekonta ea selemo sa 33?
8 Ka Pentekonta ea selemo sa 33, Jehova o ile a bontša hore o na le matla a ho etsolla seo a neng a se entse Toreng ea Babele. Ka mohlolo o ile a etsa hore barutuoa ba Kreste ba bue lipuo tse fapaneng tseo ba neng ba sa li tsebe. (Lik. 2:4-10) Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? E le hore a tsebahatse “mesebetsi e meholo ea Molimo” ho batho ba lichaba tsohle ba mo tšabang. (Lik. 2:11) Kajeno, lingoloa tsa rona li re thusa ho bua le batho ba thabelang molaetsa oa Bibele ba buang lipuo tse ling.
9. Re ka thusa batho ba buang puo eo re sa e tsebeng joang hore ba utloe litaba tse monate?
9 Batho ba lokela ho utloa litaba tse monate ka puo eo ba e utloisisang. Nahana ka mohlala ona: Motho o etetse mose ho maoatle. Ha a le moo, o kula haholo hoo a hlokang thuso ea lingaka. Haeba a sa tsebe puo ea moo, o tla hloka toloko e tla mo thusa ho utloisisa seo ngaka e reng a se etse e le hore a fole. Ka tsela e tšoanang, batho ba bangata mehleng ena baa kula moeeng le maikutlong, ’me ba hloka tšepo le ho tšelisoa. Pheko eo ba e hlokang e ka Bibeleng. Ha re kopana le motho, re ka mo thusa hore a fumane pheko ena e pholosang bophelo ka puo eo a e utloisisang. Re na le lithulusi tseo re li hlokang, e leng lingoloa tse hatisitsoeng, livideo le lingoloa tsa elektronike.
10, 11. U ithuta eng phihlelong ea Mor’abo rona Robert le tlalehong e hlahang lebokoseng le reng “Mophaphathehi o ba le Tšepo”?
10 Re ka sebelisa lithulusi tseo re nang le tsona joang? Nahana ka phihlelo ea Robert ea buang Senyesemane. Ka le leng ha a ntse a paka boema-kepeng, o ile a kopana le ntate e mong ea tsoang Türkiye ea neng a sebetsa sekepeng se seng. Ntate eo o ne a sa tsebe Senyesemane hantle empa o ile a amohela bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! ka Seturkey. Kaha Robert o ne a tloaelane le bukana ena haholo, o ile a kopa ntate eo hore a bale lirapa tse itseng ka puo ea hae. Ka mor’a moo, ntate eo o ile a mo botsa lipotso tse ’maloa ka boemo ba lefatše ’me Robert o ile a mo araba a sebelisa Bibele e ho JW Library app ka puo ea hae. O ile a khotsa, a re: “Hee banna, ha e se eka u tseba puo ea ka tjee!” Robert o re: “Re ile ra bua nako e ka etsang hora kaofela. Ha re ntse re buisana, ho ile ha hlaka hore ntate enoa o se a utloisisa molaetsa oa Bibele haholoanyane le hore oa bona hore Bibele ke buka ea bohlokoa.” Kannete ke tlotla e kholo ho thusa batho hore ba utloe molaetsa oa Molimo ka lipuo tseo ba li antseng.
11 Ka linako tse ling, ho bontša motho pampitšana feela kapa sehlooho se hlahang ho jw.org ka puo ea hae, ho ka ba le litholoana tse ntle. Ipehele pakane ea ho pakela motho ea buang puo e fapaneng le ea hao.
HO TSEBAHATSA LEBITSO LA JEHOVA LICHABENG TSOHLE
12. Batho ba Molimo ba rua molemo ofe ka ho bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha?
12 Kaofela ha rona re itšetlehile ka mosebetsi o etsoang ke bafetoleli. Phetolelo ea Bibele ha se ntho e ncha.a Bafetoleli ba ile ba sebetsa ka thata ho etsa bonnete ba hore batho ba bangata ba fumana molaetsa oa Lentsoe la Molimo. Lilemong tsa morao tjena, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e thusitse batho ba Jehova lefatšeng lohle ho ithuta linnete tse ka Lentsoeng la hae. Hlokomela seo moholo e mong oa Nepal a se buang ka phetolelo ena, o re: “Ho bala phetolelo ena ka puo ea ka ho entse hore Jehova e be motho oa sebele ho ’na. E matlafalitse tumelo ea ka eaba ea nthusa hore ke atamele haufi le Molimo.” Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fumaneha e felletse kapa e sa fella ka lipuo tse ka holimo ho 300. Batho ba Jehova ba khona ho nahana le ho bua ka tsela e lumellanang hobane ba sebelisa Bibele e fetoletsoeng ka tsela e hlakileng le e fetisang molaetsa o tšoanang ho sa tsotellehe hore na e fetoletsoe ka puo efe. (1 Bakor. 1:10) Leha ho le joalo, phetolelo ena e na le melemo e meng e mengata.
13. Ke hobane’ng ha e le liphetolelo tse ’maloa feela mehleng ee tse sebelisang lebitso la Molimo?
13 Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ke e ’ngoe ea Libibele tse ’maloa mehleng ena tse tsoelang pele ho hlompha lebitso la Jehova ka ho le sebelisa hohle moo le hlahang teng ka Bibeleng. Qalong ea matsatsi a ho qetela, ho ne ho tloaelehile ho fumana lebitso la Jehova liphetolelong tse ngata tsa Bibele, haholo-holo Mangolong a Seheberu. Leha ho le joalo, baeta-pele ba Bolumeli ba Bohata ba ipolelang hore ba emela Molimo ba sebelitse ka thata ho etsa hore batho ba se ke ba tseba lebitso la Molimo, e leng Jehova le ho le sebelisa. Baeta-pele ba Kereke ea K’hatholike ba ntšitse lebitso lena liphetolelong tsa bona tsa Bibele le libukeng tsa bona.b Ka tsela e tšoanang, Maprostanta a mangata le ’ona a ntšitse lebitso lena liphetolelong tsa ’ona tsa Bibele. Empa Phetolelo ea Lefatše le Lecha eona e khutlisetsa lebitso la Molimo libakeng tseo le neng le hlaha ho tsona ka Mangolong, ho sa tsotellehe hore na e fetoleloa ka puo efe. Ke hobane’ng ha ntlha ee e le ea bohlokoa?
14. Ho ea ka Bibele, ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba le ho sebelisa lebitso la Molimo?
14 Ka makhetlo, Bibele e bontša bohlokoa ba ho tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa. Mopesaleme o ile a fa bahlanka ba Molimo khothalletso ena: “Rorisang lebitso la Jehova.” (Pes. 135:1) Ha Jesu a ne a ruta barutuoa ba hae ho rapela Jehova, o ile a re ba rapele ka tsela ena: “Lebitso la hao le halaletsoe.” Hamorao, ha a rapela Ntate oa hae, o ile a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Mat. 6:9; Joh. 17:26) Moapostola Pauluse o ile a qotsa mantsoe a moprofeta Joele, ea ileng a re: “E mong le e mong ea tšepetseng lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Bar. 10:13) Batho ba sebelisang liphetolelo tsa Bibele tse ntšitseng lebitso lena le halalelang, ba ke ke ba bona bohlokoa ba ho tseba le ho sebelisa lebitso la Molimo.
15. Batho ba Jehova ba ikutloa joang ka lebitso la hae le halalelang?
15 Boholo ba Lipaki Tsa Jehova li na le phetolelo ea Bibele e fetoletseng ’nete ea Bibele ka tsela e nepahetseng le e hatisang bohlokoa ba ho itšetleha ka lebitso la Molimo le ho le rorisa. Li susumelletseha ho rata lebitso lena le ho itšetleha ka mong’a lona.—Liprov. 18:10; Esa. 56:6.
16. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re tsebe Jehova hona joale? (Johanne 17:3)
16 Bibele e re boleletse esale pele hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang pakeng tsa “marena a lefatše lohle” le Jehova. (Tšen. 16:14) Ka nako eo, batho ba tsebang Jehova le ba hlomphang lebitso la hae ba tla sireletsoa. (Pes. 9:10; bala Johanne 17:3) Empa bohle ba sa batleng ho mo tseba e le Ntate oa bona le Molimo oa bona ba tla qobelloa ho mo tseba ka tsela e fapaneng. Jehova o re: “Ke tla itlotlisa, ke ikhalaletse ke be ke itsebahatse lichabeng tse ngata. Li tla tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezek. 38:23) Batho ba Jehova ba tla thaba haholo hore ebe ba tseba Jehova e le Motsoalle, eseng sera.—Mal. 3:16.
17. Ke tlotla efe eo re nang le eona?
17 Ke tlotla e kholo ho nka karolo ho phethahatseng boprofeta bo hlahang ho Zakaria 8:23, ho sa tsotellehe hore na ke karolo e nyenyane hakae. Re na le monyetla o babatsehang oa ho sebetsa re momahane le bara le barali ba bo rona hammoho le mangeloi mosebetsing ona o etsoang ka lipuo tse ngata tse fapaneng. Jehova o re file lithulusi tseo re li hlokang e le hore re finyelle batho ba . . . lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle. E se eka re ka sebelisa lithulusi tsena ka tsela e atlehang ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ho atamela haufi le Jehova Molimo oa rona ea seng leeme, ea mohau le ea nang le mamello. Ke tlotla ho nka karolo mosebetsing ona ho fihlela lebitso la Jehova le halaletsoa ka pel’a popo eohle.—Luka 11:2.
PINA EA 57 A re Ruteng Batho Bohle
a Phetolelo ea pele ea Mangolo a Halalelang e tsejoang e le Greek Septuagint version, e qetiloe ka selemo sa 150 B.C.E.
b Ka 2008, Mopapa Benedict XVI (16) o ile a laela hore lebitso la Molimo “le se ke la sebelisoa kapa la bitsoa” litšebeletsong tsa K’hatholike, lifeleng kapa lithapelong. Sheba Molula-Qhooa oa October 1, 1997, leq. 16-18, ser. 4-8.