LIPHIHLELO
Jehova o Putsa ba Bontšang Tumelo
Morali oa bo rona Emma o ne a sebetsa hoteleng matsatsi a mararo bekeng, ’me a sebetsa lihora tse robong ka letsatsi. O ile a kopa mong’a hae hore a se ke a theohela ka letsatsi le leng, e le hore a ka ea kopanong ea setereke. Ho e-na le hore mong’a hae a mo lumelle, o ile a fetola lenaneo la hae la ho sebetsa hore a theohele matsatsi a mahlano bekeng. Mong’a hae o ile a re a khethe hore na o tla amohela lenaneo leo kapa a tlohele mosebetsi. Emma o ne a tšepile Jehova. Kahoo, o ile a khetha ho tlohela mosebetsi a ea kopanong.
Ha Morali oa bo rona Emma a isa lengolo la hae la ho tlohela mosebetsi, mookameli ea ka sehloohong oa hotele o ne a le teng. Ha a utloa ka boemo bona o ile a tšepisa Emma hore o tla bo lokisa. Leha ho le joalo, libeke tse peli hamorao, Emma o ile a lelekoa mosebetsing. Ka mor’a moo, ho ile ha etsahala hore a kopane le mookameli ea ka sehloohong hape, ’me o ne a halefile hore ebe Emma o lelekiloe mosebetsing. O ile a lokisa bothata boo, eaba Morali oa bo rona Emma o fuoa lenaneo le lecha la ho sebetsa matsatsi a mahlano bekeng empa a sebetsa lihora tse ’nè feela ka letsatsi. Lenaneo leo la ho sebetsa le ne le le betere ho feta la pele hobane le ne le mo lumella ho etsa mesebetsi e meng e amanang le tšebeletso ea hae. Jehova o ile a mo hlokomela ka litlhoko tsa hae ho feta ka moo a neng a lebeletse kateng.