LINTLHA TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Rua Molemo o Felletseng Livideong Tsa Rona
Re rata livideo tse hlahang ho jw.org hobane li re ruta lithuto tsa bohlokoa tse re thusang ho atamela haufi le Jehova. Batho ba bangata ba shebella livideo tsena borapeling ba lelapa kapa ha ba etsa thuto ea botho. U ka rua molemo o felletseng joang ho tsona? Nahana ka litlhahiso tsena tse seng kae.
E emise ’me u nahanisise. U se ke oa utloa eka u tlameha ho shebella video kaofela u sa e emise. E emise ha ho hlokahala e le hore u nahanisise ka lintlha tsa bohlokoa kapa mangolo. Ipotse, ‘Nka sebelisa ntlha ee joang bophelong ba ka kapa ho thusa ba bang?’ Haeba u shebelletse video le ba bang, le ka buisana ka lipotso tsena hammoho.
Ngola lintlha fatše. Ngola mangolo a sehlooho, lintlha kapa lintho tse ka u thusang ka ho toba tseo u batlang ho li hopola. Sena se tla u nolofalletsa hore u hopole hore na ke lintlha life tseo u ithutileng tsona videong.
E shebelle hape. U se ke oa tsoafa ho shebella video ka makhetlo a ’maloa. Lekhetlong le leng le le leng leo u shebellang video ka lona, u ka ’na oa fumana ntlha e neng e u fetile ha u e shebella ka lekhetlo la pele kapa oa hopola lintlha tseo u seng u li lebetse.