Moqebelo la 29 March
A re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
O ka bna eka ha o eso lokele ho inehela ho Jehova le hore o kolobetswe. Mohlomong o hloka ho etsa diphetoho bophelong ba hao e le hore bo dumellane le melao ya Jehova kapa mohlomong o hloka nako e eketsehileng e le ho matlafatsa tumelo ya hao. (Bakol. 2:6, 7) Ha se batho bohle ba ithutang Bibele ba ka etsang diphetoho bophelong ba bona ka nako e tshwanang. Hape ha se batjha bohle ba lekanang ka dilemo ba loketseng ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa. Leka ho hlahloba hore na ke hokae moo o ka ntlafatsang teng o sa ipapise le motho e mong. (Bagal. 6:4, 5) Haeba o hlokomela hore ha o eso lokele ho inehela ho Jehova, etsa dintho tse tla o thusa hore o inehele ho yena. Kopa Jehova hore a o thuse hore o etse diphetoho tse hlokahalang bophelong ba hao. (Bafil. 2:13) O ka kgodiseha hore Jehova o tla utlwa thapelo ya hao mme a o thuse.—1 Joh. 5:14. w24.03 5 ¶9-10
Sontaha la 30 March
Banna, le phedisane le basadi ba lona ka tsela e bontshang hore le a ba tseba.—1 Pet. 3:7.
Ho na le nako eo Sara a neng a kwatile mme o ile a bolella Abrahama hore na o ikutlwa jwang a ba a mo tshwaya phoso. Abrahama o ne a tseba hore Sara o ikokobeditse le hore o a mo tshehetsa. O ile a mo mamela a ba a leka ho rarolla bothata. (Gen. 16:5, 6) Re ka ithutang? Banna, le na le matla a ho etsetsa malapa a lona diqeto. (1 Bakor. 11:3) Ka hoo, ntho eo o ka e etsang ke hore o mamele ka hloko hape o nahanele maikutlo a mosadi wa hao pele o ka etsa qeto, haholoholo e tla mo ama. (1 Bakor. 13:4, 5) Ka letsatsi le leng, Abrahama o ile a etsa qeto ya ho amohela baeti bao ba neng ba sa ba lebella. O ile a kopa Sara hore a tlohele ntho eo a neng a e etsa mme a etse bohobe bo bongata. (Gen. 18:6) Ka potlako Sara o ile a tlohela ntho eo a neng a e etsa mme a mamela Abrahama. Basadi, le ka etsisa Sara ka hore le tshehetse diqeto tseo banna ba lona ba di etsang. Ha o etsa jwalo, o tla matlafatsa lenyalo la hao.—1 Pet. 3:5, 6. w23.05 24-25 ¶16-17
Mantaha la 31 March
Motho ya nang le bohlale bo tswang lehodimong . . . o itokiseditse ho mamela.—Jak. 3:17.
Ka mora hore Gideone a kgethwe hore a tataise setjhaba sa Iseraele, o ne a hloka ho mamela le ho ba sebete. O ne a lokela ho etsa mosebetsi o kotsi wa hore a senye aletare ya ntate wa hae ya borapedi ba Baale. (Baahl. 6:25, 26) Ha morao ha Gideone a se a ena le masole, Jehova o ile a mo bolella ka makgetlo a mabedi hore a fokotse palo ya ona. (Baahl. 7:2-7) Jehova o ile a boela a mo bolella hore a hlasele dira tsa Baiseraele hara mpa bosiu. (Baahl. 7:9-11) Baholo ba lokela ho dula ba “itokiseditse ho mamela.” Ha moholo a latela seo Bibele e se rutang le tataiso e fanwang ke mokgatlo wa Modimo, o bontsha hore o a mamela. Ha a etsa jwalo, o behela ba bang mohlala o motle. Le ha ho le jwalo, a ka thatafallwa ke ho mamela. Ka mohlala, a ka nna a thatafallwa ke ho mamela ditaelo tse fetohang nako le nako. Maemong a mang a ka nna a ipotsa hore na tataiso eo a e fuwang e a utlwahala le hore na e tla sebetsa. A ka boela a kopuwa hore a etse mosebetsi o ka nnang wa etsa hore a tshwarwe. Baholo ba ka etsisa Gideone jwang ka hore ba mamele maemong a tshwanang le aa? Ka hore ba mamele tataiso ba be ba e sebedise. w23.06 4-5 ¶9-11