KGAOLO YA 2
Bibele ke Buka e Tswang ho Modimo
1, 2. Ke hobaneng ha Bibele e le mpho e molemo e tswang ho Modimo?
O IKUTLWA jwang ha motswalle wa hao a o fa mpho? O a thaba hore ebe motswalle wa hao o ile a nahana ka wena mme o ananela mpho eo.
2 Bibele ke mpho e tswang ho Modimo. E re bolella dintho tseo re neng re ke ke ra di fumana kae kapa kae. Ka mohlala, e re bolella hore Modimo o ile a bopa mahodimo, lefatshe le monna le mosadi wa pele. E re fa melaomotheo e ka re thusang ha re na le mathata. Ka Bibeleng, re ithuta kamoo Modimo a tla phethahatsa morero wa hae mme a etse hore lefatshe e be sebaka se setle. Ruri Bibele ke mpho e molemo!
3. O tla ithutang ha o ntse o bala Bibele?
3 Ha o ntse o ithuta Bibele o tla hlokomela hore Modimo o batla hore o be motswalle wa hae. Ha o tswela pele ho ithuta ka yena, setswalle sa lona se tla tiya le ho feta.
4. Keng se o kgahlang ka Bibele?
4 Bibele e se e fetoletswe ka dipuo tse fetang 2 800 mme ho se ho entswe Dibibele tse ka bang dibilione. Ka hoo batho ba bangata lefatsheng ba bala Bibele ka puo ya bona. Beke e nngwe le e nngwe, batho ba ka hodimo ho milione ba fumana Bibele! Kannete ha ho na buka e tshwanang le yona!
5. Re tseba jwang hore Bibele e “buduletswe ke Modimo?”
5 Bibele e “buduletswe ke Modimo.” (Bala 2 Timothea 3:16.) See se bolelang, hona re tseba jwang hore Bibele e tswa ho Modimo empa e ngotswe ke batho? Bibele e re: “Batho ba ile ba bua ho tswa ho Modimo ha ba ntse ba kgannwa [kapa ba tataiswa] ke moya o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Haeba ntate a ne a ka kopa ngwana wa hae hore a mo thuse ho ngola lengolo, re ne re ka re lengolo leo ke la mang? Ke la ntate, e seng la ngwana wa hae. Ka tsela e tshwanang, Mongodi wa Bibele ke Modimo, e seng banna bao a ileng a ba sebedisa hore ba e ngole. Modimo o ile a etsa hore ba ngole mehopolo ya hae. Ka hoo, Bibele ke “lentswe la Modimo.”—1 Bathesalonika 2:13; sheba Ntlha ya 2 e hlahang qetellong ya buka.
BIBELE E NEPAHETSE
6, 7. Ke hobaneng ha ditaba tse ka Bibeleng di dumellana?
6 Bibele e ile ya ngolwa ka dilemo tse fetang 1 600. Bangodi ba yona ba phetse ka dinako tse sa tshwaneng. Ba bang ba bona ba ne ba rutehile ha ba bang ba ne ba sa ruteha. Ka mohlala, e mong wa bona e ne e le ngaka. Ba bang e ne e le borapolasi, batshwasi ba ditlhapi, badisa, baprofeta, baahlodi le marena. Le hoja bangodi ba Bibele ba ne ba sa tshwane, ditaba tseo ba di ngotseng di a dumellana. Bibele ha e bue ntho e itseng kgaolong e nngwe ebe e bua se fapaneng ho e nngwe.a
7 Dikgaolo tse qalang tsa buka ya Genese di hlalosa kamoo mathata a batho a qadileng kateng. Athe dikgaolo tsa ho qetela tsa buka ya Tšenolo di hlalosa kamoo Modimo a tla rarolla mathata ao kateng. Bibele e bua ka histori ya batho e nkileng dilemo tse ngata mme e bontsha hore Modimo o dula a phethahatsa seo a se rerileng.
8. Fana ka mehlala e bontshang hore Bibele e nepahetse ditabeng tsa saense.
8 Bibele e ne e sa ngollwa hore e rute batho saense, empa e nepile moo e buang ka dintho tse amang saense. Ke seo re ka se lebellang bukeng e tswang ho Modimo. Ka mohlala, buka ya Levitike e na le melao ya Modimo e bontshang hore na Baiseraele ba ne ba ka etsang hore mafu a tshwaetsanang a se ke a fetela ho ba bang. Sena se ile sa ngolwa le pele batho ba tseba hore dikokwanahloko di baka malwetse. Bibele e boetse e re lefatshe le leketlile hodima lefeela. (Jobo 26:7) Ha batho ba bangata ba ne ba sa tsebe hore sebopeho sa lefatshe se jwang, Bibele e ile ya bolela esale pele hore le sedikadikwe kapa le tshwana le bolo.—Esaia 40:22.
9. Botshepehi bo ileng ba bontshwa ke bangodi ba Bibele ke bopaki ba eng?
9 Ha Bibele e bua ka histori, ditaba tsa yona di nepahetse. Empa dibuka tse ngata tsa histori ha di bue nnete ka ho felletseng hobane bangodi ba tsona ba ile ba pata ditaba tse ding. Ka mohlala, ha dinaha tsa habo bona di ne di hlolwa ntweng, hangata ba ne ba sa ngole ka seo. Empa bangodi ba Bibele bona ba ne ba tshepahala, le ha naha ya habo bona ya Iseraele e ne e hlotswe. Ba ne ba boetse ba ngola ka diphoso tsa bona. Ka mohlala, buka ya Numere e bua ka phoso e kgolo eo mongodi wa yona e leng Moshe a ileng a e etsa le kamoo Modimo a ileng a mo kgalemella yona. (Numere 20:2-12) Tsela eo bangodi ba Bibele ba neng ba tshepahala ka yona ke bopaki ba hore e tswa ho Modimo. Sena se bolela hore re ka e tshepa.
BUKA E NANG LE DIKELETSO TSE MOLEMO
10. Ke hobaneng ha dikeletso tsa Bibele di re thusa?
10 Bibele e ‘buduletswe ke Modimo mme e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho kgalemela, le bakeng sa ho otlolla dintho.’ (2 Timothea 3:16) Ka hoo keletso ya Bibele e ka re thusa. Ka ha Jehova ke Mmopi wa rona, o tseba menahano ya rona le kamoo re ikutlwang kateng. O re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng mme o batla hore re thabe. O tseba seo re se hlokang le dintho tse ka re ntshang kotsi.
11, 12. (a) Ke dikeletso dife tseo Jesu a ileng a fana ka tsona ho Matheu kgaolo ya 5 ho ya ho 7? (b) Re ka boela ra ithutang ka Bibeleng?
11 Bukeng ya Matheu kgaolo ya 5 ho ya ho 7, re fumana dikeletso tse ntle tseo Jesu a ileng a fana ka tsona mabapi le seo re ka se etsang hore re thabe, re sebedisane hantle le batho ba bang, re rapele ka nepo le kamoo re ka sebedisang tjhelete kateng. Le hoja a ile a fana ka keletso eo dilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, e ntse e sebetsa le kajeno.
12 Ka Bibeleng, Jehova o boetse o re ruta melaomotheo e re thusang ho ba le malapa a thabileng, ho ba basebetsi ba molemo, le hore re phele ka kgotso le batho ba bang. Ho sa tsotellehe hore na re bo mang, re dula kae kapa re na le mathata afe, melaomotheo ya Bibele e ka re thusa.—Bala Esaia 48:17; sheba Ntlha ya 3 e hlahang qetellong ya buka.
O KA TSHEPA BOPROFETA BA BIBELE
13. Esaia o ile a re ho tla etsahalang ka motse wa Babylona?
13 Boprofeta bo bongata ba Bibele bo se bo phethahetse. Ka mohlala, Esaia o ile a profeta hore Babylona e ne e tla timetswa. (Esaia 13:19) O ile a boela a hlalosa kamoo e neng e tla timetswa kateng. Motse oo o ne o sireleditswe ka dikeiti tse kgolo le noka. Empa Esaia o ile a profeta hore noka eo e ne e tla oma le hore dikeiti tsa motse di ne di tla siuwa di butswe. Masole a ne a tla hapa motse a sa lwane. Esaia o ile a boela a profeta hore monna ya bitswang Cyruse o ne a tla hlola Babylona.—Bala Esaia 44:27–45:2; sheba Ntlha ya 4 e hlahang qetellong ya buka.
14, 15. Boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala jwang?
14 Dilemo tse 200 ka mora hore boprofeta bo ngolwe, masole a ile a hlasela Babylona. A ne a etelletswe pele ke mang? Ke Cyruse, e leng morena wa Persia, jwalo ka ha boprofeta bo ne bo boletse. Dintho tsohle tse neng di profetilwe di ile tsa phethahala.
15 Bababylona ba ne ba entse mokete bosiu boo ba neng ba tlo hlaselwa ka bona. Ba ne ba ikutlwa ba sireletsehile hobane ba ne ba potapotilwe ke marako a maholo le noka. Ka ntle ho motse, Cyruse le masole a hae ba ile ba tjheka foro ho fokotsa metsi a noka. Metsi a ile a fokotseha hoo masole a Persia a ileng a kgona ho tshela noka. Empa ba ne ba tla feta jwang marakong a Babylona? Dikeiti tsa motse di ile tsa siuwa di butswe mme ka hoo masole a hapa motse oo a sa lwana, jwalo ka ha boprofeta bo ne bo boletse.
16. (a) Esaia o ile a profeta hore ho tla etsahalang ka Babylona? (b) Re tseba jwang hore boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala?
16 Esaia o ile profeta hore qetellong ha ho motho ya neng a tla dula Babylona. O ile a ngola a re: “E ke ke ya hlola e eba le baahi.” (Esaia 13:20) Na seo se ile sa phethahala? Hona jwale ho setse marako sebakeng seo Babylona e neng e le ho sona. Sebaka seo se naheng ya Iraq, pela motse wa Baghdad. Ebile le kajeno ho ntse ho se na motho ya dulang moo. Jehova o ile a fedisa Babylona ka ho felletseng.—Esaia 14:22, 23.b
17. Ke hobaneng ha re ka tshepa ditshepiso tsohle tsa Modimo?
17 Taba ya hore boprofeta bo bongata ba Bibele bo phethahetse, e bontsha hore re ka tshepa seo Bibele e se buang ka bokamoso. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya ho etsa hore lefatshe e be sebaka se setle. (Bala Numere 23:19.) Ka hoo re na le tshepo ya “bophelo bo sa feleng boo Modimo, ya ke keng a bua leshano, a ileng a bo tshepisa.”—Tite 1:2.c
BIBELE E KA FETOLA BOPHELO BA HAO
18. Pauluse o hlalosa “lentswe la Modimo” jwang?
18 Re ithutile hore ha ho na buka e tshwanang le Bibele. Ditaba tsa yona di a dumellana, ebile ha e bua ka saense le histori dintlha tsa yona di nepahetse. Boprofeta ba yona bo bongata bo se bo phethahetse mme e re fa dikeletso tse molemo. Empa ha ho felle moo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla.” Seo se bolelang?—Bala Baheberu 4:12.
19, 20. (a) Bibele e ka o thusa jwang hore o ntlafatse botho ba hao? (b) O ka bontsha jwang hore o ananela Bibele?
19 Bibele e ka fetola bophelo ba hao. E ka o thusa hore o kgone ho ntlafatsa botho ba hao le hore o utlwisise menahano le maikutlo a hao. Ka mohlala, re ka nna ra re re rata Modimo. Empa re tla bontsha hore re a mo rata ka hore re sebedise seo re ithutang sona ka Bibeleng.
20 Kannete Bibele ke buka e tswang ho Modimo. O batla hore o e bale, o ithute yona, o be o e rate. Ananela mpho ena mme o tswele pele ho ithuta yona. Ha o etsa jwalo, o tla utlwisisa morero wa Modimo ka batho. Kgaolong e latelang re tla ithuta ho eketsehileng ka morero oo.
a Batho ba bang ba re ditaba tse ka Bibeleng ha di dumellane, empa seo ha se nnete. Sheba leqephe la 3 le la 31 bukaneng ya Bibele—e na le Molaetsa Ofe? e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova.
b Haeba o batla ho tseba ho eketsehileng ka boprofeta ba Bibele, bala bukana ya Buka ea Batho Bohle leqepheng la 27-29 e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova.
c Ho fediswa ha Babylona ke bo bong ba boprofeta ba Bibele bo ileng ba phethahala. O ka fumana boprofeta bo mabapi le Jesu Kreste ho Ntlha ya 5 e hlahang qetellong ya buka.