Batho Ba Batla Ho Phela Nako E Telele
“Ke bone mosebetsi oo Modimo a o fileng bara ba moloko wa batho oo ba lokelang ho tshwareha ka wona. O entse ntho e nngwe le e nngwe e le ntle ka nako ya yona. O kentse nako e sa lekanyetswang ka dipelong tsa bona.”—Moeklesia 3:10, 11.
MANTSWE ana ao Morena Solomone ya bohlale a ileng a a ngola a bontsha hore na batho ba ikutlwa jwang. Ha e sa le batho ba batla ho phela nako e telele, empa seo ha se kgonehe hobane lefu le hlahela motho e mong le e mong. Histori e re bolella dipale tse ngata tsa batho ba neng ba batla ditsela tsa ho phela nako e telele Empa o ile a hloleha.
Ka mohlala, Gilgamesh eo e neng e le morena wa Basumere. Ho na le dipale tse ngata tse buang ka bophelo ba hae tse tlalehilweng ho the Epic of Gilgamesh tse bolelang hore o ile a tswa letsholo la ho baleha lefu. Le ha ho le jwalo, ha a ka a atleha.
Nakong e fetileng, rasaense e mong wa China o ile a leka ho etsa motswako oo a neng a dumela hore o tla etsa hore motho a phele nako e telele. Motswako oo o ne o kopantse mercury le arsenic. Ho bonahala eka motswako ona o ile wa bolaya marena a mang a China. Nakong e fetileng naheng ya Europe, bo rasaense ba ile ba leka ho etsa hore batho ba kgone ho kwenya kgauta ka ha ba ne ba hlokometse hore e kgona ho nka nako e telele e sa senyehe ebile ba ne ba nahana hore e tla thusa batho hore ba phele nako e telele.
Kajeno ditsebi tsa baeloji le ditsebi tsa diphatsa tsa lefutso, di ntse di leka ho fumana hore na ke hobaneng ha batho ba tsofala. Ho leka ka matla ha ditsebi tsena, ho fana ka bopaki ba hore batho ba ntse ba na le tshepo ya ho fumana tsela ya hore ba se ke ba tsofala le ho shwa. Empa ho ile ha etsahalang ka mora hore ba etse dipatlisiso tsee?
MODIMO O “KENTSE NAKO E SA LEKANYETSWANG KA DIPELONG TSA BONA.”—MOEKLESIA 3:10, 11
BATHO BA BATLA HO TSEBA HORE KE HOBANENG HA RE TSOFALA
Borasaense ba sebetsang ka disele tsa mmele wa motho, ba ile ba fana ka ditlhaloso tse fapaneng tse ka hodimo ho 300 tsa hore na ke hobaneng ha re tsofala ebile re shwa. Haufinyane tjena borasaense ba atlehile ho fumana mokgwa o etsang hore disele tsa batho le diphoofolo di kgone ho phela nako e telele. Ka hoo, sena se entse hore barui ba fe borasaense tjhelete e le hore ba fumane hore na ke hobaneng ha re shwa. Jwale borasaense ba ile ba etsang?
Ho eketsa bophelo. Borasaense ba bang ba dumela hore re tsofala ka lebaka la se etsahalang ka di telomere e leng karolo e fumanehang qetellong ya di chromosome. Mosebetsi wa di telomere ke ho sireletsa diphatsa tsa lefutso ha disele di ntse di ikatisa. Empa nako le nako ha disele di ikatisa, di telomere di a fokotseha. Qetellong, disele di kgaotsa ho ikatisa mme seo se etsa hore re tsofale.
Elizabeth Blackburn ya ileng a hapa kgau ya Nobel ka 2009 le basebetsimmoho le yena, ba ile ba fumana motswako o etsang hore di telomere di se ke tsa fokotseha ka pele e leng se etsang hore disele di se ke tsa tsofala ka pele. Ka hoo, ba a dumela hore ha se di telomere tse etsang hore re phele nako e telele.
Ho ntjhafatsa disele ke mokgwa o mong wa ho lwantsha ho tsofala. Ha re se re tsofetse haholo disele tsa rona ha di sa kgona ho ikatisa mme seo se etsa hore masole a rona a mmele a se ke a sebetsa hantle e leng se etsang hore motho a be le mahlaba le malwetse. Haufinyane tjena naheng ya France borasaense ba ile ba nka disele tsa batho ba hodileng haholo mme ba di ntjhafatsa yaba ka mora moo di qala ho ikatisa hape. Moprofesa Jean-Marc Lemaître o ile a bontsha hore mosebetsi wa bona ke ho ntjhafatsa disele tsa batho ba tsofetseng.
NA SAENSE E KA ETSA HORE RE PHELE NAKO E TELELE?
Borasaense ba bangata ba re le hoja ho na le meriana e mengata e etsang hore batho ba se ke ba tsofala, empa ha e etse hore batho ba phele nako e telele ho ya ka moo ba lokelang ho phela ka teng. Ke nnete hore ho tloha dilemong tsa bo 1800 batho ba se ba kgona ho phela nako e teletsana. Sena se a kgonahala hobane ba hlwekisa mmele le mahae a bona, ba sebedisa meriana e ba thusang hore ba se ke ba kula le e fodisang malwetse hore ba phele nako e telele. Ditsebi tse sebetsang ka diphatsa tsa lefutso di dumela hore batho ha ba sa phela nako e telele ho ya ka moo ba neng ba lokela ho phela ka teng.
Dilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, mongodi e mong wa Bibele e leng Moshe o ile a re: “Matsatsi a dilemo tsa rona ke dilemo tse mashome a supileng; haeba e le ka lebaka la matla a kgethehileng e ba dilemo tse mashome a robedi. Empa le ha ho le jwalo a tsitlella kgathatsong le dinthong tse kotsi; etswe a lokela ho feta ka pele, mme re a fofa.” (Pesaleme ya 90:10) Ho sa tsotellehe hore na batho ba etsa boiteko bofe ba ho leka ho eketsa nako ya ho phela, bophelo bo ntse bo le jwalo ka ha Moshe a ile a bo hlalosa.
Ka lehlakoreng le leng, diphoofolo tse ding tse kang red sea urchin le mefuta e meng ya quahog clam di kgona ho phela dilemo tse ka hodimo ho 200 mme le difate tse ding tse kgolo tse kang sa sequoia di kgona ho phela dilemo tse diketekete. Ha re bapisa dilemo tseo rona re di phelang le tsa dibopuwa tse ding, na ha re ipotse hore, ‘Na bophelo boo ke bona phetho?’