Hlompha “Seo Modimo A Se Kopantseng Ha Mmoho”
“Seo Modimo a se kopantseng ha mmoho ho se ke ha ba le motho ya se arolang.”—MAR. 10:9.
1, 2. Lengolo la Baheberu 13:4 le lokela ho re susumelletsa hore re etseng?
KAOFELA ha rona re batla ho hlompha Jehova. Na ha ho jwalo? Ha e le hantle re lokela ho mo hlompha mme le yena o tshepisa hore o tla re hlompha. (1 Sam. 2:30; Liprov. 3:9; Tšen. 4:11) Hape o boetse o batla hore re hlomphe le batho ba bang, jwalo ka baboholong pusong. (Bar. 12:10; 13:7) Empa ho na le ntho eo ka ho kgetheha o lokelang ho e hlompha. Ntho eo ke lenyalo.
2 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lenyalo le ke le hlomphehe hara bohle, le diphate tsa lenyalo di hloke ditshila.” (Baheb. 13:4) Pauluse o ne a sa bue mantswe ana feela tjee ho phetha molao. Ho e na le hoo, o ne a bua ka ho toba, a kgothalletsa Bakreste hore ba hlomphe lenyalo le ho le nka e le la bohlokwa. Na le wena o tadima lenyalo ka tsela eo, kapa haeba o na le molekane, na o tadima lenyalo la lona ka tsela e tshwanang?
3. Ke keletso efe ya bohlokwa eo Jesu a ileng a fana ka yona mabapi le lenyalo? (Sheba setshwantsho se qalong.)
3 Haeba o nka lenyalo e le la bohlokwa, tseba hore o tla be o latela mohlala o motle ka ho fetisisa. Jesu le yena o ne a hlompha lenyalo. Ha Bafarisi ba botsa Jesu ka taba ya ho hlala, o ile a ba araba a sebedisa mantswe ao Modimo a a buileng ka lenyalo la pele: “Ka lebaka lena monna o tla siya Ntate wa hae le Mme wa hae, mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe.” O ile a boela a re: “Seo Modimo a se kopantseng ha mmoho, ho se ke ha ba le motho ya se arolang.”—Bala Mareka 10:2-12; Gen. 2:24.
4. Morero wa Jehova wa qalong ka lenyalo e ne e le ofe?
4 Jesu o ile a re Modimo ke yena moqapi wa lenyalo, ke ka hona lenyalo e lokelang ho ba tlamahano ya ka ho sa feleng. Ha Modimo a theha lenyalo la pele, o ne a sa etsetsa Adama le Eva sebaka sa hore ba hlalane. O ne a batla hore monna a le mong a nyale mosadi a le mong, ka mantswe a mang, bana ba babedi e ne e lokela ho ba nama e le nngwe ka ho sa feleng.
TSELA EO MODIMO A NENG A TADIMA LENYALO KA YONA ISERAELENG
5. Lefu le ama tlamo ya lenyalo jwang?
5 Dintho tse ngata di ile tsa fetoha ha Adama a ne a etsa sebe. Sebe seo se ile sa hlahisa lefu, leo hona jwale le amang lenyalo. Moapostola Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste hore lefu le ne le tla kgaotsa tlamahano ya lenyalo, mme molekane ya ntseng a phela o lokolohile hore a ka nyala hape.—Bar. 7:1-3.
6. Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o re rutang ka tsela eo Modimo a tadimang lenyalo ka yona?
6 Molao oo Modimo a ileng a o fa Baiseraele, o ne o hlalosa dintlha kaofela tse mabapi le lenyalo. O ne o dumella lenyalo la sethepu, e leng tlwaelo e neng e le teng pele Modimo a fa Baiseraele Molao. Le ha ho le jwalo, lenyalong la sethepu, ho ne ho behilwe dithibelo tse itseng e le hore motho a se ke a iketsetsa borata kapa a hlekefetsa molekane e mong. Ka mohlala, haeba Moiseraele a ne a nyetse lekgabunyane ebe ha morao o nyala mosadi wa bobedi, o ne a sa lokela ho hanela mosadi wa pele ka dijo, diaparo kapa tokelo ya lenyalo. Modimo o ne a batla hore a sireletse le ho hlokomela mosadi eo. (Ex. 21:9, 10) Ke nnete hore ha re sa le tlasa Molao oo, empa re ka ithuta hore na Jehova o tadima lenyalo jwang. Na see ha se o susumelletse hore o hlomphe lenyalo?
7, 8. (a) Ho latela lengolo la Deuteronoma 24:1, molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele o ne o fana ka lebaka lefe la ho hlala? (b) Jehova o tadima ho hlala jwang?
7 Molao o ne o reng ka ho hlala? Le hoja Modimo a hlompha lenyalo, o ile a dumella batho ho hlala ka mabaka a itseng. (Bala Deuteronoma 24:1.) Moiseraele o ne a ka hlala mosadi wa hae haeba “a fumane ntho e sa hlompheheng ho yena.” Empa Molao o ne o sa bolela ka ho hlaka hore na ha e le hantle nthwena e sa “hlompheheng” keng. E tlameha ebe o ne a entse ntho e hlabisang dihlong kapa e tebileng, e lokelang ho tshwelwa ka mathe. (Deut. 23:14) Ka maswabi, mehleng ya Jesu Bajuda bona ba ne ba hlala “ka lebaka le ha e le lefe.” (Mat. 19:3) Empa rona ha re batle ho ba futsa.
8 Moprofeta Malakia o ile a hlalosa boikutlo ba Modimo ka tlhalo. Ho ne ho tlwaelehile mehleng eo hore monna ka bolotsana a hlale mosadi wa botjha ba hae, e le hore feela a nyale morwetsana eo e neng e bile e le mohetene. Ha Malakia a hlalosa boikutlo ba Modimo ka tlhalo o ile a re: “Etswe [Jehova] o hloile tlhalo.” (Mal. 2:14-16) Mantswe ana a dumellana le seo Modimo a ileng a se bua ha a theha lenyalo la pele. O ile a re: “[Monna] a kgomarele mosadi wa hae mme e tla ba nama e le nngwe.” (Gen. 2:24) Jesu le yena o ile a dumellana le pono ya Ntate wa hae ka lenyalo ha a ne a re: “Seo Modimo a se kopantseng ha mmoho jokong, ho se ke ha ba le motho ya se arolang.”—Mat. 19:6.
LEBAKA LE LE LENG FEELA LA HO HLALA
9. Re lokela ho utlwisisa mantswe a Jesu a ho Mareka 10:11, 12 jwang?
9 Motho e mong a ka nna a botsa, ‘Feela na ho na le lebaka le lokollang Mokreste hore a hlale a be a nyale hape?’ Jesu o ile a fana ka maikutlo a hae ka taba ena ya ho hlala. O ile a re: “Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae mme a nyala e mong o a feba, mme o a mo sitelwa, mme haeba mosadi, ka mora ho hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.” (Mar. 10:11, 12; Luka 16:18) Sena se bontsha ka ho hlaka hore Jesu o ne a hlompha lenyalo mme o lebelletse hore le rona re le hlomphe. Monna kapa mosadi ya neng a hlala molekane wa hae ya tshepahalang ka mabakanyana a sa utlwautlwahaleng tjena mme a nyala e mong, hoo e ne e le bofebe. Sena ke nnete hobane ho hlala ka mabakanyana a bosawana, ha ho bolele hore lenyalo leo le fedile mahlong a Modimo. Modimo o ntse a tadima batho bao ba babedi e le “nama e le nngwe.” Ho feta moo, Jesu o ile a re monna ya hlalang mosadi wa hae ya se nang molato, o kenya mosadi eo wa hae mathateng a hore jwale a febe. Empa ka tsela efe? Mehleng eo, mosadi ya hladilweng o ne a qobelleha ho nyalwa hape e le hore a fumane motho ya tla mo tshehetsa ditjheleteng. Lenyalo le jwalo e ne e ba la bofebe.
10. Ke maemong afe moo Mokreste a ka hlalang mme a lokoloha ho nyala hape?
10 Ka lekgetlo le leng ha Jesu a ne a bua ka mabaka ao motho a ka hlalang ka ona, o ile a re: “Ke re ho lona mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka lebaka la bohlola, [ka Segerike ke por·neiʹa] mme a nyala e mong o a feba.” (Mat. 19:9) O ile a boela a bua ka taba ena le Thutong ya hae ya Thabeng. (Mat. 5:31, 32) Makgetlong ana ka bobedi, Jesu o ile a bua ka “bohlola.” Bohlola bo akarelletsa dibe tsohle tsa ho etsa thobalano le motho eo o sa nyalanang le yena: Tse kang bofebe, botekatse, batho ba sa nyalanang ba etsang thobalano, batho ba bong bo tshwanang ba ratanang le ho etsa thobalano le diphoofolo. Haeba ka mohlala monna ya nyetseng a etsa bohlola, mosadi wa hae o tla kgetha hore na o batla ho mo hlala kapa jwang. Jwale haeba mosadi eo a ka kgetha ho hlala monna wa hae, lenyalo leo le tla be le fedile mahlong a Modimo.
11. Ke hobaneng ha Mokreste a ka kgetha ho se hlale le hoja Mangolo a mo dumella ho etsa jwalo?
11 Ke ha bohlokwa ho utlwisisa hore Jesu o ne a sa re ha molekane e mong a entse bohlola (por·neiʹa), ebe jwale e mong o se a inahanela feela ka ho hlala. Ka mohlala, mosadi a ka nna a kgetha ho se hlale, le hoja monna wa hae a entse bohlola. Ho ka etsahala hore ebe o ntse a mo rata, o ikemiseditse ho mo tshwarela mme ba sebetse ka thata ho ntlafatsa lenyalo la bona. Bonneteng haeba mosadi enwa a ne a ka hlala ebe o dula a sa nyalwa hape, o tla kopana le diphephetso. Ho thweng jwale ka ditlhoko tsa nama le takatso ya ho etsa thobalano? Na a ke ke a jewa ke bodutu? Na o na le bana ba hlokang ho hlokomelwa? Haeba a ka hlala, na bana baa o tla kgona ho ba hodisetsa nneteng? (1 Bakor. 7:14) Ho hlakile hore molekane ya se nang molato ya kgethang ho hlala, o tla kopana le diphephetso tse ngata.
12, 13. (a) Ho ile ha etsahalang ka lenyalo la Hosea? (b) Ke hobaneng ha Hosea a ile a lata Gomere hape, hona re ithutang ka lenyalo mohlaleng oo?
12 Se ileng sa etsahalla moprofeta Hosea se re ruta thuto ya bohlokwa. Modimo o ile a laela Hosea hore a nyale mosadi ya bitswang Gomere, eo e neng e tla ba letekatse mme a be le bana ba botekatse. Gomere o ile “a ima mme ka mora nako a tswalla [Hosea] mora.” (Hos. 1:2, 3) Ha morao o ile a ba le mora le moradi, bao ka bobedi e ka nnang yaba o bile le bona ka lebaka la bofebe. Hosea o ile a nna a mamella lenyalong lena, ho sa tsotellehe makgetlo a mangata ao Gomere a ileng a etsa bofebe ka ona. Qetellong Gomere o ile a siya Hosea. Le lekgetlong lena, Hosea a nna a mo lata. (Hos. 3:1, 2) Jehova o ile a sebedisa mohlala wa Hosea ho bontsha makgetlo ao a ileng a tshwarela Baiseraele ka ona ha ba ne ba etsa bofebe ba tshwantshetso. Ebe re ka ithutang ho see?
13 Haeba molekane wa Mokreste a etsa bohlola, ke kgetho ya molekane ya se nang molato hore na o a hlala kapa jwang. Jesu o ile a re molekane ya se nang molato, o ne a tla be a na le lebaka le utlwahalang la hore a hlale mme a nyale hape. Ka lehlakoreng le leng, molekane ya se nang molato o ne a ka tshwarela ya molato. Ha a etsa jwalo, o ne a tla be a sa etse phoso. Etswe le Hosea o ile a lata Gomere hape. Hang feela ha Gomere a kgutletse ho Hosea, o ne a se a sa lokela ho etsa thobalano le monna e mong. Ke nnete hore Hosea ha a a ka a etsa thobalano le Gomere ka nakwana. (Hos. 3:3) Ha nako e ntse e ya, e tlameha ebe Hosea o ile a boela a etsa thobalano le mosadi wa hae hape. Sena se re hopotsa seo Modimo a neng a ikemiseditse ho se etsa ka ho boela a amohela Baiseraele le hoja ba ile ba etsa bofebe ba tshwantshetso. (Hos. 1:11; 3:3-5) See se re rutang ka lenyalo kajeno? Se re ruta hore, haeba molekane ya se nang molato a kgetha ho se hlale mme a boela a etsa thobalano le molekane ya molato, seo ka bosona ke ho mo tshwarela. (1 Bakor. 7:3, 5) Sena se bolela hore ka ha ba se ba entse thobalano, ha ho sa na lebaka la Mangolo la ho hlala. Jwale taba ena e se e ba tlama maoto le matsoho hore ba sebetse ka thata ho boloka lenyalo la bona.
HLOMPHA LENYALO LA HAO LE HA LE NA LE MATHATA
14. Lengolo la 1 Bakorinthe 7:10, 11 le bontsha hore keng se ka nnang sa etsahala lenyalong?
14 Bakreste bohle ba lokela ho lwana ka thata ho bontsha hore ba hlompha lenyalo jwalo ka Jehova le Jesu. Le ha ho le jwalo, ba bang ba ka nna ba hloleha ho etsa jwalo, etswe ha re a phethahala. (Bar. 7:18-23) Ka hoo, ha re a lokela ho makalla taba ya hore ebe le Bakreste ba mehleng ya baapostola le bona, ba ne ba ntse ba na le mathata a lenyalo. Pauluse o ile a re “mosadi ha a a lokela ho tloha ho monna wa hae”, le hoja maemong a mang seo se ne se etsahala.—Bala 1 Bakorinthe 7:10, 11.
15, 16. (a) Banyalani ba lokela ho ba le sepheo sefe esita le ha lenyalo la bona le na le mathata, hona hobaneng? (b) See se ka sebetsa jwang esita le ha molekane e mong e se Paki ya Jehova?
15 Pauluse ha a a ka a re hlalosetsa hore na keng e etsang hore banyalani ba arohane. Bothata mona e ne e se hore monna o entse bohlola, e leng se neng se ka nna sa fa mosadi lebaka la ho hlala le ho nyalwa hape. Pauluse o ne a re haeba mosadi a tloha ho monna wa hae, “a dule a sa nyalwa kapa ho seng jwalo a boelane le monna wa hae.” Ka hona banyalani bana, e ne e ntse e le nama e le nngwe mahlong a Modimo. Pauluse o ile a eletsa banyalani hore ho sa tsotellehe mathata a lenyalo, haeba feela bohlola bo sa amehe moo, ba lokela ho sebetsa ka thata mme ba boelane. Banyalani ba ka kopa thuso ya Mangolo ho baholo. Baholo ba lokela ho fana ka keletso ya Mangolo ba sa kgethe nku ka pere.
16 Ho ne ho tla ba thata le ho feta haeba keletso e ne e lokela ho fuwa banyalani bao e mong e seng Paki ya Jehova. Na ha mathata a hlaha lenyalong, karohano ke pheko? Jwalo ka ha re se re bone, Mangolo a bontsha hore lebaka feela la ho hlala, ke ha molekane e mong a entse bohlola. Empa ha ho na moo mangolo a buang ka mabaka a hore batho ba arohane. Pauluse o ile a re: “Mosadi ya nang le monna ya sa dumelang, mme le ha ho le jwalo monna eo a dumela ho dula le yena, a se ke a tlohela monna wa hae.” (1 Bakor. 7:12, 13) Keletso ena e ntse e sebetsa le kajeno.
17, 18. Ke hobaneng ha Bakreste ba bang ba kgetha ho dula lenyalong le hoja ba na le mathata?
17 Re ke ke ra latola hore ho na le maemo ao monna eo e seng Paki ya Jehova, a bontshang ka ho toba hore ha a batle ho dula le mosadi wa hae. E ka nna yaba o mabifi ho isa boholeng ba hore mosadi wa hae a be a utlwe eka jwale bophelo ba hae bo kotsing. Kapa ka dinako tse ding o fumane hore o hana le ho hlokomela lelapa, ebile o beha kamano ya lelapa le Jehova kotsing. Jwale maemong a jwalo, mosadi a ka nna a iketsetsa qeto ya botho, ya hore ho sa tsotellehe hore na monna enwa o reng, ho hlakile hore ha a a ikemisetsa ho dula le yena. Mme ka lebaka leo a kgetha ho arohana le yena. Empa ho fapana le seo, Bakreste ba bang ba mamelletse mathata lenyalong ka tshepo ya hore dintho di tla loka ha nako e ntse e ya. Ebe hobaneng?
18 Taba ke hore mahlong a Jehova, e ntse e le banyalani le ha ba ka arohana. Ba lokela ho hopola hore ha ba ntse ba arohane jwalo, ba tla kopana le diphephetso tseo re seng re buile ka tsona. Moapostola Pauluse o fana ka lebaka le leng hape le qosang banyalani hore ba dule ha mmoho. O itse: “Monna ya sa dumelang o halaletswa kamanong le mosadi wa hae, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa kamanong le morabo rona; ho seng jwalo, ka sebele bana ba lona e ne e tla ba ba sa hlwekang, empa jwale ba a halalela.” (1 Bakor. 7:14) Bakreste ba bangata ba kgethile ho dula le balekane ba bona bao eseng Dipaki esita le ka tlasa maemo a thata. Ba bone bohlokwa ba ho etsa jwalo ha qetellong mamello ya bona e putswa mme balekane ba bona e ba Dipaki.—Bala 1 Bakorinthe 7:16; 1 Pet. 3:1, 2.
19. Ke hobaneng ha puthehong ya Dipaki Tsa Jehova manyalo a atlehile hakaale?
19 Jesu o fane ka taelo e mabapi le tlhalo mme Pauluse yena a bua ka karohano. Ho a bonahala hore ka bobedi ba ne ba hlompha lenyalo. Lefatsheng lohle kajeno diphuthehong tsa Dipaki Tsa Jehova, ho tletse manyalo a mangata a atlehileng. Mohlomong le wena o tseba banyalani ba jwalo phuthehong ya heno. Ke manyalo ao ho ona banna ba ratang basadi ba bona le basadi ba hlomphang banna ba bona, e leng se bontshang hore kaofela ba hlompha lenyalo. Ka sebele re a thaba ha re bona hore batho ba dimilione, ba phela tumellanong le mantswe ana a Modimo: “Ka lebaka lena monna o tla siya Ntate wa hae le Mme wa hae mme o tla kgomarela mosadi wa hae, mme ba babedi bana e tla ba nama e le nngwe.”—Baef. 5:31, 33.