KGAOLO YA 10
Morena o Hlwekisa Batho ba Hae Moyeng
1-3. Jesu o ile a etsang ha a fumana hore batho ba ne ba silafaditse tempele?
JESU o ne a hlompha tempele e neng e le Jerusalema haholo kaha o ne a tseba hore na e ne e emela eng. Haesale tempele e le setsi sa bodumedi ba nnete mona lefatsheng. Empa bodumedi boo, e leng bodumedi ba Modimo ya halalelang, Jehova, bo lokela ho hlweka. A ko nahane kamoo Jesu a ileng a ikutlwa kateng ha a ne a tla tempeleng ka Nisane 10, ka selemo sa 33 mme a fumana e silafaditswe. Ho ne ho etsahalang?—Bala Matheu 21:12, 13.
2 Barekisi ba meharo le batho ba hirisang tjhelete ba ne ba hanyapetsa batho ba neng ba etsetsa Jehova mahlabelo, Lebaleng la Baditjhaba.a Jesu o ile a “phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng mme a phethola ditafole tsa ba ananyang tjhelete.” (Bapisa Nehemia 13:7-9.) O ile a nyatsa banna bao ka hore ba fetotse ntlo ya Ntate wa hae “lehaha la mashodu.” Ka ho etsa jwalo Jesu o ile a bontsha hore o hlompha tempele le seo e neng e se emela. O ne a batla hore borapedi ba Ntate wa hae bo dule bo hlwekile!
3 Dilemo tse makgolo hamorao, ka mora hore a hlomamiswe e le Morena wa Mmuso wa Modimo, Jesu o ile a boela a hlwekisa tempele, e leng batho bohle ba batlang ho rapela Jehova ka tsela e amohelehang. O ile a hlwekisa tempele efe?
Ho Hlwekisa “Bara ba Levi”
4, 5. (a) Jesu o ile a hlwekisa balatedi ba hae ba tlotsitsweng jwang ho tloha ka 1914 ho ya qalong ya 1919? (b) Na ho hlwekiswa ha batho ba Modimo ho ile ha fella ka nako eo? Hlalosa.
4 Jwalokaha re bone Kgaolong ya 2 ya buka ena, ka mora hore Jesu a behwe teroneng ka 1914, o ile a tla le Ntate wa hae e le hore a hlahlobe tempele ya moya, e leng tokisetso ya borapedi bo hlwekileng.b Ka mora hore a hlahlobe tempele, Morena o ile a hlokomela hore Bakreste ba tlotsitsweng, “bara ba Levi” ba ne ba hloka ho hlwekiswa. (Mal. 3:1-3) Ho tloha ka 1914 ho ya qalong ya 1919, Mohlwekisi e leng Jehova, o ile a dumella hore batho ba hae ba fete ditekong le mathateng a fapaneng a ileng a ba hlwekisa. Se thabisang ke hore batlotsuwa ba ile ba hlola diteko tseo tse neng di tshwana le mollo, ba hlwekile le ho feta, ba ikemiseditse ho tshehetsa Morena wa Mmuso wa Modimo!
5 Na ho hlwekiswa ha batho ba Modimo ho ile ha fella ka nako eo? Tjhe. Matsatsing ana a ho qetela, Jehova o sebedisitse Morena eo a mo kgethileng e le hore a tswele pele ho thusa balatedi ba hae hore ba hlweke e le hore ba nne ba dule tempeleng ya moya. Dikgaolong tse pedi tse latelang, re tla bona kamoo a ileng a ba hlwekisa boitshwarong le ho ntlafatsa tsela eo ba hlophisang dintho ka yona. Leha ho le jwalo, pele, a re hlahlobeng ho hlwekiswa moyeng. Ho matlafatsa tumelo ho hlokomela seo Jesu a se entseng ka ditsela tse bonahalang le tse sa bonahaleng, ho thusa balatedi ba hae hore ba hlweke moyeng.
“Le se ke la Ama Letho le sa Hlwekang”
6. Ditaelo tseo Jehova a ileng a di fa baholehuwa ba Bajuda di re thusa jwang ho utlwisisa hore na ho hlweka moyeng ho bolelang?
6 Ho hlweka moyeng ho bolelang? E le hore re arabele potso eo, a re hlahlobeng mantswe ao Jehova a ileng a a bolella batshwaruwa ba Bajuda ba neng ba tloha Babylona dilemong tsa bo 600 pele ho mehla ya Kreste. (Bala Esaia 52:11.) Lebaka le ka sehloohong la hore Bajuda ba kgutlele Jerusalema e ne e le hore ba tsosolose tempele le borapedi bo hlwekileng. (Esd. 1:2-4) Jehova o ne a batla hore batho ba hae ba lahle mesaletsa yohle ya bodumedi ba Babylona. Hlokomela hore o ile a ba fa ditaelo tsena: “Le se ke la ama letho le sa hlwekang,” “tswang hara yona,” le “ipoloke le hlwekile.” Borapedi ba Jehova bo hlwekileng ha bo a lokela ho silafatswa ke borapedi ba bohata. Jwale re ka fihlela qeto efe? Ho hlweka moyeng ho bolela hore ha rea lokela ho kopanela dithutong le mekgweng ya bodumedi ba bohata.
7. Jesu o sebedisitse motjha ofe ho thusa balatedi ba hae hore ba hlweke moyeng?
7 Nakwana ka mora hore Jesu a hlomamiswe e le Morena, o ile a kgetha motjha o bonahalang oo ka wona a thusang balatedi ba hae ho hlweka moyeng. Motjha oo ke lekgoba le tshepahalang le le masene, leo Kreste a ileng a le kgetha ka 1919. (Mat. 24:45) Ha selemo seo se fihla, Baithuti ba Bibele ba ne ba se ba itlhwekisitse dithutong tsa bodumedi tsa bohata. Leha ho le jwalo, ba ne ba ntse ba hloka ho hlwekiswa moyeng. A sebedisa lekgoba la hae, Kreste o ile a fa balatedi ba hae lesedi mabapi le mekete le mekgwa eo ba neng ba lokela ho e lahla. (Liprov. 4:18) A re ke re hlahlobe e meng ya mehlala ya sena.
Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Keresemese?
8. Keng seo Baithuti ba Bibele ba neng ba se hlokometse ka Keresemese, empa keng seo ba neng ba sa se utlwisise ka ho hlaka?
8 Baithuti ba Bibele ba ile ba hlokomela hore Keresemese e tswa boheteneng le hore Jesu ha aa tswalwa ka la 25 December. Makasine ya Zion’s Watch Tower ya December 1881 e ile ya re: “Batho ba dimilione ba ile ba tla dikerekeng ba tswa Boheteneng. Empa ha ba aa ka ba lahla mekgwa ya bohetene hobane baprista ba bahetene ba ile ba tlisa mekgwa ya bohetene dikerekeng tsa bokreste mme matsatsi a phomolo a bahetene a ile a bitswa ka mabitso a bokreste. Keresemese e ile ya e ba a mang a ona.” Ka 1883, tlasa sehlooho se reng “Jesu o Ile a Tswalwa Neng?” Watch Tower e ile ya bontsha hore Jesu o tswetswe qalong ya October.c Empa ka nako eo, Baithuti ba Bibele ha ba a ka ba bona ho hlokahala hore ba kgaotse ho keteka Keresemese. E ile ya tswela pele e ketekwa, esita le ke lelapa la Bethele ya Brooklyn. Leha ho le jwalo, ka mora 1926, dintho di ile tsa fetoha. Hobaneng?
9. Baithuti ba Bibele ba ile ba ithuta eng mabapi le Keresemese?
9 Ka mora hore ba hlahlobe taba ena ka hloko, Baithuti ba Bibele ba ile ba hlokomela hore Keresemese le mekgwa e amanang le yona ha e le hantle di hlompholla Modimo. Sehlooho se reng “Tshimoloho ya Keresemese,” sa makasine ya The Golden Age ya December 14, 1927, se ile sa bontsha hore Keresemese ke mokete wa bohetene, o kgothalletsang batho ho rata menyaka ebile o amana le borapedi ba ditshwantsho. Sehlooho seo se ile sa hlakisa hore Kreste ha aa ka a laela hore Keresemese e ketekwe mme sa qetella ka ho re: “Taba ya hore ebe lefatshe, ho se phethahale le Diabolose ba amohela mokete ona e etsa hore batho ba inehetseng ka ho feletseng tshebeletsong ya Jehova ba be kgahlanong le wona.” Ha ho makatse hore ebe lelapa la Bethele ha le a ka la keteka Keresemese ka December selemong seo, ebile ha lea ka la hlola le e keteka hape!
10. (a) Keresemese e ile ya pepeswa le ho feta jwang ka December 1928? (Sheba le lebokose le reng, “Keresemese—Tshimoloho le Morero wa Yona.”) (b) Batho ba Modimo ba ile ba hlokomediswa jwang ka mekete le matsatsi a phomolo ao ba lokelang ho a qoba? (Sheba lebokose le reng, “Ho Pepesa Matsatsi a Phomolo le Mekete.”)
10 Selemo se latelang Baithuti ba Bibele ba ile ba pepesa Keresemese le ho feta. Ka la 12 December, 1928, Morabo rona Richard H. Barber ya neng a sebetsa ntlokgolo, o ile a fana ka puo seyalemoyeng e neng e pepesa hore Keresemese e simolohile bodumeding ba bohata. Batho ba Modimo ba ile ba etsang ha ba fumana tataiso eo e hlakileng ho tswa ntlokgolo? Ha Morabo rona Charles Brandlein a hopola nako eo yena le ba lelapa la hae ba ileng ba kgaotsa ho keteka Keresemese, o ile a re: “Na re ile ra ba le bothata ba ho tlohela dintho tsa bohetene? Ho hang! . . . Ho ne ho tshwana le ho hlobola seaparo se ditshila ebe o a se lahla.” Morabo rona Henry A. Cantwell, eo hamorao e ileng ya e ba molebedi ya tsamayang o ile a bontsha maikutlo a tshwanang ha a re: “Re ile ra thabiswa ke hore ebe ho ile ha e ba le ntho eo re e tlohelang e le hore re bontshe hore re rata Jehova.” Balatedi ba Kreste ba tshepahalang ba ne ba ikemiseditse ho etsa diphetoho tse hlokahalang mme ba se ke ba hlola ba keteka mokete o simolohileng borapeding bo sa hlwekang.d—Joh. 15:19; 17:14.
11. Re ka bontsha jwang hore re tshehetsa Morena ya kgethilweng ke Modimo?
11 Baithuti ba Bibele ba tshepahalang ba ile ba re behela mohlala o motle hakaakang! Ha re nahana ka mohlala wa bona, re lokela ho ipotsa: ‘Ke ikutlwa jwang ka tataiso eo lekgoba le re fang yona? Na ke a e amohela mme ke sebedisa seo ke ithutang sona?’ Ha re mamela ka ho rata, seo se bontsha hore re tshehetsa Morena wa Mmuso wa Modimo, ya sebedisang lekgoba le tshepahalang ho aba dijo tsa moya ka nako e loketseng.—Lik. 16:4, 5.
Na Bakreste ba Lokela ho Sebedisa Sefapano?
12. Ka dilemo tse ngata, Baithuti ba Bibele ba ne ba tadima sefapano jwang?
12 Ka dilemo tse ngata Baithuti ba Bibele ba ne ba nka sefapano e le letshwao le amohelehang la Bokreste. Ba ne ba sa nke hore ba lokela ho rapela sefapano kaha ba ne ba utlwisisa hore ho fosahetse ho rapela ditshwantsho. (1 Bakor. 10:14; 1 Joh. 5:21) Ho tloha ka 1883, makasine ya Watch Tower e ile ya bua ka ho toba ya re “borapedi bohle ba ditshwantsho ke ho hlompholla Modimo.” Leha ho le jwalo, Baithuti ba Bibele ba ne ba sa bone phoso ka ho sebedisa sefapano. Ka mohlala, ba ne ba qhwaela sepele se nang le sefapano le moqhaka e le betjhe e ba kgethollang. Ba ne ba nka hore sepele seo se ne se tshwantshetsa hore haeba ba tshepahala ho fihlela lefung, ba tla fumana moqhaka wa bophelo. Ho qala ka 1891, letshwao la sefapano le moqhaka le ile la hlaha sekwahelong sa makasine ya Watch Tower.
13. Balatedi ba Kreste ba ile ba tjhabelwa ke lesedi lefe mabapi le ho sebedisa sefapano? (Sheba le lebokose le reng, “Butlebutle Lesedi le Ile la Kganya Mabapi le ho Sebedisa Sefapano.”)
13 Baithuti ba Bibele ba ne ba rata sepele sa sefapano le moqhaka. Leha ho le jwalo, ho tloha dilemong tsa bo 1920, butlebutle balatedi ba Kreste ba ile ba tjhabelwa ke lesedi mabapi le ho sebedisa sefapano. Ha a hopola kopano ya 1928 e neng e tshwaretswe Detroit, Michigan, U.S.A., Morabo rona Grant Suiter, eo hamorao e ileng ya e ba setho sa Sehlopha se Busang o re: “Kopanong eo re ile ra hlalosetswa hore ho sebedisa sepele sa sefapano le moqhaka ha ho hlokahale ebile ho fosahetse.” Dilemo tse mmalwa tse ileng tsa latela, ho ile ha hlaka le ho feta hore sefapano ha se amohelehe borapeding bo hlwekileng.
14. Batho ba Modimo ba ile ba etsang ha butlebutle ba kgantshetswa lesedi mabapi le sefapano?
14 Batho ba Modimo ba ile ba etsang ha butlebutle ba kgantshetswa lesedi mabapi le sefapano? Na ba ile ba tswela pele ba ntse ba sebedisa sepele seo ba neng ba se rata sa sefapano le moqhaka? Lela Roberts, ya sebeleditseng Jehova ka nako e telele, o re: “Ha re utlwisisa hore na se emela eng, ha rea ka ra tsilatsila ho kgaotsa ho se sebedisa.” Moradiwabo rona ya tshepahalang, Ursula Serenco o ile a bua maikutlo a ba bangata, a re: “Re ile ra hlokomela hore seo re neng re se rata, re se nka e le se emelang lefu la Morena wa rona le boinehelo ba rona ba Bokreste ha e le hantle e ne e le letshwao la bohetene. Tumellanong le Liproverbia 4:18, re ile ra nna ra thaba hore ebe tsela ya rona e ntse e kgantshwa le ho feta. Balatedi ba Kreste ba tshepahalang ba ne ba sa batle ho kenella mekgweng e ditshila ya bodumedi ba bohata!
15, 16. Re ka bontsha jwang hore re ikemiseditse ho boloka mabala a lefatsheng a tempele ya moya ya Jehova a hlwekile?
15 Le rona re na le boikemisetso bo tshwanang kajeno. Rea hlokomela hore Kreste o sebedisitse motjha o bonahalang, e leng lekgoba le tshepahalang le le masene ho thusa batho ba hae hore ba hlweke moyeng. Kahoo, ha re lemoswa ka mekete, mekgwa le meetlo e silafaditsweng ke bodumedi ba bohata, kapele feela rea mamela. Jwaloka bara le baradibabo rona ba phetseng qalong ya ho ba teng ha Kreste, re ikemiseditse ho boloka mabala a lefatsheng a tempele ya moya ya Jehova a hlwekile.
16 Ho pholletsa le matsatsi a ho qetela, Kreste o ile a nna a etsa dintho tseo re sa di boneng ho sireletsa diphutheho tsa batho ba Jehova kgahlanong le batho ba batlang ho di silafatsa moyeng. O entse seo jwang? A re ke re bone.
Ho Arola “ba Kgopo Hara ba Lokileng”
17, 18. Papisong ya letlowa, ke eng se emelwang ke (a) ho theolela letlowa, (b) ho “bokella ditlhapi tsa mofuta o mong le o mong,” (c) ho bokellela ditlhapi tse ntle ka dijaneng le (d) ho lahla ditlhapi tse sa lokang?
17 Morena Jesu Kreste o ntse a tswela pele a lebetse diphutheho tsa batho ba Modimo lefatsheng lohle. Ka ditsela tseo re ke keng ra di hlokomela, Kreste le mangeloi ba ntse ba etsa mosebetsi wa ho arola. Jesu o ile a bua ka mosebetsi ona papisong ya hae ya letlowa. (Bala Matheu 13:47-50.) Papiso eo e bolelang?
18 Ho theolela “letlowa le hulwang . . . lewatleng.” Letlowa le emela mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso o ntseng o etswa ho pholletsa le lewatle, le emelang batho. Ho “bokella ditlhapi tsa mofuta o mong le o mong.” Ditaba tse molemo di ratwa ke batho ba mefuta yohle, ba nkang bohato hore e be Bakreste, hammoho le ba bangata bao qalong ba bontshang thahasello empa ba sa nke bohato ba ho emela borapedi bo hlwekileng.e Ho bokella “tse ntle dijaneng.” Batho ba tshepahalang ba bokellwa ka diphuthehong tse tshwantshetswang ke dijana mme ba etsetsa Jehova borapedi bo hlwekileng. Ho lahla ditlhapi “tse sa lokang.” Ho pholletsa le matsatsi a ho qetela, Kreste le mangeloi a hae ba ile ba nna ba arola “ba kgopo hara ba lokileng.”f Ka lebaka leo, batho ba kgopo, e leng bao mohlomong ba sa ikemisetsang ho lahla mekgwa le ditumelo tse fosahetseng, ha ba a dumellwa ho silafatsa phutheho.g
19. O ikutlwa jwang ka seo Kreste a ileng a nna a se etsa ho sireletsa batho ba Modimo hore ba dule ba hlwekile moyeng?
19 Ka sebele ho a kgothatsa ho tseba hore Morena Jesu Kreste o sireletsa balatedi ba hae! Ebile ho a tshedisa ho tseba hore o tjhesehela borapedi ba nnete hammoho le barapedi ba nnete ka tsela e tshwanang le ha a ne a hlwekisa tempele lekgolong la pele la dilemo. Ho a thabisa ho tseba hore Kreste o ile a nna a sireletsa batho ba Modimo hore ba dule ba hlwekile moyeng. Re ka bontsha hore re tshehetsa Morena le Mmuso wa hae ka ho qoba ho ikamahanya le bodumedi ba bohata.
a Bajuda ba neng ba tlile tempeleng ba ne ba lokela ho sebedisa tjhelete e sebediswang moo ho lefella lekgetho la tempele la selemo le selemo mme batho ba hirisang tjhelete ba ne ba lefisa batho ha ba ba tjhentjhela tjhelete e sebediswang moo. Ho phaella moo, ba neng ba tlile tempeleng ba ne ba lokela ho reka diphoofolo tsa mahlabelo. E ka nna yaba Jesu o ile a bitsa bahwebi bao “mashodu,” hobane ba ne ba qhekella batho ha ba ba lefisa.
b Batho ba Jehova lefatsheng ba mo rapela mabaleng a lefatsheng a tempele ya hae e kgolo ya moya.
c Sehlooho sena se ile sa bontsha hore taba ya hore ebe Jesu o hlahile e le mariha “ha e dumellane le tlaleho ya hore badisa ba ne ba le meraka.”—Luka 2:8.
d Lengolong la hae leo a ileng a le ngola ka la 14 November, 1927, Morabo rona Frederick W. Franz o ile a re: “Re ke ke ra keteka Keresemese selemong sena. Lelapa la Bethele le entse qeto ya hore le ke ke la hlola le keteka Keresemese.” Dikgwedi tse mmalwa ka mora moo, lengolong leo a ileng a le ngola ka la 6 February, 1928, Morabo rona Franz o ile a re: “Butlebutle Morena o ntse a re hlwekisa ditshileng tsa mokgatlo wa Diabolose wa Babylona.”
e Nahana ka mohlala ona, ka 2013, ho ile ha e ba le tlhoro ya bahweletsi ba 7 965 954 mme ke batho ba 19 241 252 ba ileng ba e ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste se tshwarwang selemo le selemo.
f Ho arola ditlhapi tse ntle ho tse sa lokang ha ho tshwane le ho arola dinku ho dipodi. (Mat. 25:31-46) Ho arola, kapa ho ahlola dinku ho dipodi ho tla etsahala nakong ya matshwenyeho a maholo a tlang. Ho fihlela ka nako eo, batho ba tshwantshetswang ke ditlhapi tse sa lokang ba ka kgutlela ho Jehova mme ba bokellelwa ka diphuthehong tse tshwantshetswang ke dijana.—Mal. 3:7.
g Qetellong, ka tsela ya tshwantshetso, ba sa lokang ba tla lahlelwa ka seboping sa mollo e leng se bolelang hore ba tla fediswa.