Na O Ntse O Hopola?
Na o badile dihlooho tsa moraorao tsa Tora ya ho Lebela? Leka ho araba dipotso tse latelang:
Ke hobaneng ha batswadi ba tswang dinaheng tse ding ba lokela ho nahana ka puo eo bana ba bona ba tla e sebedisa?
Bana ba ka nna ba ithuta puo ya sebaka seo ba dulang ho sona haholoholo sekolong. Ho tseba dipuo tse eketsehileng ho tla tswela ngwana molemo. Batswadi ba lokela ho nahana ka hloko hore na ke puo efe e tla nolofalla bana ha ba ithuta ka Jehova, hore na ke puo ya motswadi kapa ya sebakeng seo ba seng ba dula ho sona. Motswadi wa Mokreste ha a amehe ka se batlwang ke yena feela, empa o nka kamano ya ngwana le Modimo e le yona ntho e tlang pele.—w17.05, leq. 9-11.
Jesu o ne a bua kang ha a ne a re ho Petrose: “Na o nthata ho feta tsee?” (Joh. 21:15)
Ho bonahala eka Jesu o ne a bua ka ditlhapi tse neng di le pela bona kapa a bua ka kgwebo ya ho tshwasa ditlhapi. Ka mora lefu la Jesu, Petrose o ile a kgutlela mosebetsing wa ho tshwasa ditlhapi. Bakreste le bona ba lokela ho itlhahloba hore na ba rata mosebetsi wa bona wa boiphediso ho feta ho sebeletsa Jehova.—w17.05, leq. 22-23.
Ke hobaneng ha Abrahama a ile a kopa mosadi wa hae hore a re ke kgaitsedi ya hae? (Gen. 12:10-13)
Ha e le hantle, Sara le Abrahama e ne e le bana ba ntate a le mong. Haeba Sara a ne a ka bolella batho hore ke mosadi wa Abrahama, mohlomong Abrahama a ka be a ile a bolawa mme kahoo o ne a ke ke a ba le ngwana jwalo ka ha Modimo a ne a mo tshepisitse.—wp17.3, leq. 14-15.
Elias Hutter o ile a sebedisa mekgwa efe ho thusa batho ba batlang ho ithuta Seheberu?
O ne a batla hore batho ba ithutang puo eo ba utlwisise metso, dihlongwapele le dihlongwanthao tsa mantswe, jwalo ka ha a hlaha ka Bibeleng. O ne a printa motso wa lentswe ka mongolo o motenya ebe o tlohela dihlongwanthao le dihlongwapele di le ka mongolo o tlwaelehileng. Ho sebedisitswe mokgwa o tshwanang ha ho ngolwa mongolo o botlaseng ba leqephe ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References ya Sekgowa.—wp17.4, leq. 11-12.
Ke hobaneng ha Mokreste a sa lokela ho ba le sethunya bakeng sa ho itshireletsa kgahlanong le batho ba bang?
Mabaka a mang ke a latelang: Modimo o nka bophelo bo halalela. Jesu ha a ka a kgothalletsa balatedi ba hae ho ba le disabole bakeng sa ho itshireletsa. (Luka 22:36, 38) Re lokela ho etsa hore disabole tsa rona e be mehoma. Bophelo ke ba bohlokwa ho feta dintho tse bonahalang. Re hlompha matswalo a batho ba bang mme re batla ho ba behela mohlala. (2 Bakor. 4:2)—w17.07, leq. 31-32.
Ke hobaneng ha buka ya Matheu le ya Luka di bua dintho tse sa tshwaneng mabapi le bophelo ba Jesu?
Buka ya Matheu e bua haholo ka diketsahalo tse amang Josefa, tse kang kamoo a ileng a ikutlwa kateng ha a utlwa hore Maria ke moimana. E boetse e re lengeloi le ile la bolella Josefa hore a balehele Egepeta le hore hamorao a kgutle. Buka ya Luka yona e bua haholo ka diketsahalo tse amang Maria, tse kang ha a ne a etetse Elizabetha le hore Maria o ile a ikutlwa jwang ha Jesu a ne a setse tempeleng.—w17.08, leq. 32.
Ke maemo afe ao Bibele e fetileng ho ona empa ya nna ya tshwarella?
Puo e ileng ya sebediswa ha ho ne ho ngolwa Bibele e ile ya fetoha ha nako e ntse e ya. Diphetoho tse bileng teng pusong di ile tsa ama puo eo batho ba bangata ba e sebedisang. Phetolelo ya Bibele ho dipuo tseo batho ba bangata ba di sebedisang e ile ya hanyetswa.—w17.09, leq. 19-21.
Na motho e mong le e mong o na le lengeloi le mo sireletsang?
Tjhe. Jesu o ile a re mangeloi a barutuwa ba hae a bona sefahleho sa Modimo. (Mat. 18:10) O ne a bolela hore mangeloi a thahasella barutuwa ba hae, e seng hore a sireleditse e mong le e mong wa bona ka tsela ya mohlolo.—wp17.5, leq. 5.
Mofuta o phahameng ka ho fetisisa wa lerato ke ofe?
Lerato la a·gaʹpe ke mofuta o phahameng ka ho fetisisa wa lerato ha le thehilwe melaomotheong e nepahetseng. Le akarelletsa ho ameha ka batho ba bang. Le boetse le bonahala ka diketso tse se nang boithati tseo motho a di etsetsang ba bang.—w17.10, leq. 7.