SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 49
Re Kgodisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
“Ke na le tshepo ho Modimo . . . ya hore ho tla ba le tsoho.”—LIK. 24:15.
PINA YA 151 O Tla Howa
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1, 2. Bahlanka ba Jehova ba na le tshepo efe e babatsehang?
HO BA le tshepo ke ntho ya bohlokwa haholo. Batho ba bang ba na le tshepo ya hore ba tla ba le malapa a thabileng, ba fole ha ba kula kapa ba hodise bana ba phetseng hantle. Le rona Bakreste re ka ba le tshepo e tshwanang. Empa re na le tshepo e fetang eo. Re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng le hore batho bao re ba ratang ba tla boela ba phele hape.
2 Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke na le tshepo ho Modimo . . . ya hore ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:15) E ne e se yena wa pele wa ho bua ka tshepo ya hore bafu ba tla tsoha. Mopatriareka Jobo le yena o ile a bua ka taba eo. O ne a kgodisehile hore Modimo o tla mo hopola mme a mo tsose.—Jobo 14:7-10, 12-15.
3. Bakorinthe ba Pele kgaolo ya 15 e re thusa jwang?
3 Tsoho ya bafu ke karolo ya “thuto ya mathomo” kapa “motheo” wa dithuto tsohle tsa Bokreste. (Baheb. 6:1, 2) Pauluse o bua haholo ka tsoho ho Bakorinthe ba Pele kgaolo ya 15. Ditaba tseo a ileng a di ngola e tlameha e be di ile tsa matlafatsa Bakreste ba mehleng ya hae. Le rona kgaolo eo e ka re kgothatsa mme ya matlafatsa tshepo eo esale re na le yona ya hore bafu ba tla tsoha.
4. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore batho bao re ba ratang ba hlokahetseng ba tla boela ba phele?
4 Tsoho ya Jesu Kreste e ya re kgodisa hore haeba batho bao re ba ratang ba hlokahetse kapa re hlokahala, re tla tsoha. Tsoho ya Jesu Kreste e ne e le karolo ya “ditaba tse molemo” tseo Pauluse a ileng a di bolella Bakorinthe. (1 Bakor. 15:1, 2) Pauluse o ile a ba a re haeba Bakreste ba sa dumele hore Jesu o ile a tsoswa, tumelo ya bona ha e na thuso. (1 Bakor. 15:17) Ho dumela hore Jesu o ile a tsoswa ke yona ntho e etsang hore re dumele hore ba bang ba tla tsoswa.
5, 6. Mantswe a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:3, 4 a re kgothatsa jwang?
5 Ha Pauluse a qala ho bua ka tsoho, o ile a bua ka dintho tsena tse tharo, (1) “Kreste o ile a shwela dibe tsa rona.” (2) “O ile a patwa.” (3) “O tsositswe ka letsatsi la boraro ho ya ka Mangolo.”—Bala 1 Bakorinthe 15:3, 4.
6 Lefu la Jesu, ho patwa le ho tsoswa ha hae ho re kgothatsa jwang? Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore Mesia o tla “tloswa naheng ya ba phelang” mme o tla “etsa sebaka sa hae sa lepato ha mmoho le ba kgopo.” Empa ho ne ho na le ntho e nngwe hape e tlo etsahala. Esaia o ile a boela a re Mesia o ne a tla jara “dibe tsa batho ba bangata.” Jesu o ile a etsa jwalo ha a ne a fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (Esa. 53:8, 9, 12; Mat. 20:28; Bar. 5:8) Ka hoo lefu la Jesu, ho patwa le ho tsoswa ha hae ho re fa mabaka a utlwahalang a ho dumela hore re tla lokollwa sebeng le lefung le hore re tla bona batho bao re ba ratang ba hlokahetseng.
BATHO BA BANGATA BA FANA KA BOPAKI
7, 8. Bakreste ba kgodiswa keng hore Jesu o ile a tsoswa?
7 E le hore re dumele hore bafu ba tla tsoswa, re lokela ho dumela pele hore Jesu o ile a tsoswa. Keng e ka re kgodisang hore Jehova o ile a tsosa Jesu?
8 Ho na le batho ba bangata ba boneng Jesu ha a se a tsositswe mme ba ile ba bolella ba bang. (1 Bakor. 15:5-7) Pauluse o ile a bua ka moapostola Petrose (Kefase) e le yena wa pele wa ho bona Jesu. Barutuwa ba bang ba ile ba tiisa taba ya hore Petrose o ile a bona Jesu ha a se a tsositswe. (Luka 24:33, 34) Ho ekeletsa moo, baapostola “ba leshome le metso e mmedi,” ba ile ba bona Jesu ka mora hore a tsoswe. Ka mora moo Kreste o ile “a bonahala ho barababo rona ba ka hodimo ho makgolo a mahlano ka nako e le nngwe,” mohlomong nakong eo ba neng ba kopane Galilea jwalo ka ha ho boletswe ho Matheu 28:16-20. Jesu o ile a boela “a bonahala ho Jakobo.” E ka nna yaba Jakobo enwa e ne e le ngwana wa bo Jesu eo pele a neng a sa dumele hore Jesu ke Mesia. (Joh. 7:5) Ka mora hore a bone Jesu ha a se a tsositswe, o ile a kgodiseha hore Jesu ke Mesia. Ntho e thabisang ke hore ha Pauluse a ne a ngola lengolo lena ka selemo sa 55 mehleng ya baapostola, batho ba bangata ba ileng ba bona Jesu ka mora hore a tsoswe, ba ne ba ntse ba phela. Ka hoo motho ya neng a belaela o ne a ka fumana bopaki ba nnete ho batho bana.
9. Ha re bala Liketso 9:3-5, Pauluse o fana ka bopaki bofe ba hore Jesu o tsositswe?
9 Ha morao Jesu o ile a hlaha ho Pauluse. (1 Bakor. 15:8) Ha Pauluse e leng Saule a le tseleng e yang Damaseka o ile a utlwa lentswe la Jesu a le lehodimong mme a ba a mo bona ponong. (Bala Liketso 9:3-5.) Se ileng sa etsahalla Pauluse ke bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu o ile a tsoswa.—Lik. 26:12-15.
10. Tumelo eo Pauluse a neng a na le yona ya hore Jesu o tsositswe e ile ya mo susumelletsa hore a etseng?
10 Batho ba bang ba ne ba ka thahasella ho utlwa bopaki ba Pauluse hobane pele Jesu a hlaha ho yena o ne a sotla Bakreste. Ka mora hore Pauluse a kgodisehe hore Jesu o tsositswe bafung, o ile a sebetsa ka thata ho kgodisa batho ba bang nnete eo. O ile a mamella ho shapuwa, ho kwallwa teronkong le ho robehelwa ke sekepe ha a ntse a bolella batho hore Jesu o ile a tsoswa. (1 Bakor. 15:9-11; 2 Bakor. 11:23-27) Tumelo ya Pauluse ya hore Jesu o tsositswe e ne e le matla hoo a neng a ikemiseditse ho shwa hobane a ntse a ruta batho ka taba eo. Na dintho tsee kaofela ha di o kgodise hore Jesu o ile a tsoha bafung? Hape na ha di matlafatse tumelo ya hao ya hore bafu ba tla tsoha?
PAULUSE O BA HLAKISETSA TABA YA TSOHO
11. E ka nna yaba ke hobaneng ha Bakorinthe ba bang ba ile ba ba le pono e fosahetseng ka tsoho?
11 Ba bang motseng oo wa Korinthe o naheng ya Greece ba ne ba na le pono e fosahetseng ka tsoho hoo ba ileng ba re “ha ho na tsoho ya bafu.” Hobaneng? (1 Bakor. 15:12) Borafilosofi ba motseng o mong hona moo Greece o bitswang Athene ba ne ba tsheha taba ya hore Jesu o tsositswe. Ka hoo e ka nna yaba ntho eo e ile ya ama batho ba bang ba Korinthe. (Lik. 17:18, 31, 32) Ba bang ba ne ba nahana hore tsoho ha se ntho ya sebele. Ba ne ba nka tsoho ka tsela ena, hore motho ha e le moetsadibe “o shwele” empa ha e le Mokreste “o a phela.” Ho sa tsotellehe hore na ke hobaneng ha ba ne ba sa dumele tsoho ya bafu, tumelo ya bona e ne e se na thuso. Haeba Modimo o ne a sa tsosa Jesu, taba eo e ne e tla bolela hore ha re a tshwarelwa dibe le hore Jesu ha a a shwela dibe tsa rona. Ka hoo ba neng ba sa dumele tsoho ya bafu ba ne ba se na tshepo ya sebele.—1 Bakor. 15:13-19; Baheb. 9:12, 14.
12. Ho ya ka 1 Petrose 3:18, 22, tsela eo Jesu a tsositsweng ka yona e fapana jwang le ya ba tsositsweng pele ho yena?
12 Pauluse o ne a tseba hore “Kreste o tsositswe bafung.” Tsela eo Jesu a tsositsweng ka yona e phahametse hole le ya batho ba tsositsweng pele ho yena hobane bona ba ile ba shwa hape. Pauluse o ile a re Jesu ke “ditholwana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Ke ka tsela efe Jesu e leng yena wa pele? E ne e le yena wa pele wa hore a tsosetswe ho ilo phela lehodimong.—1 Bakor. 15:20; Lik. 26:23; bala 1 Petrose 3:18, 22.
BATHO “BA TLA PHEDISWA”
13. Pauluse o ile a re Adama le Jesu ba fapana jwang?
13 Ho tla jwang hore ebe lefu la motho a le mong le pholosa batho ba bangata? Pauluse o fana ka karabo e hlakileng ya potso eo. O bua ka hore na ntho eo Adama a e baketseng batho e fapana jwang le eo Kreste a ba etseditseng yona. Ha a bua ka Adama o re: “Lefu le teng ka motho.” Ha Adama a etsa sebe o ile a ipitsetsa sebe ha mmoho le bana ba hae. Le hona jwale re ntse re utlwa bohloko ka lebaka la ho se mamele ha hae. Empa ka ha Modimo o ile a tsosa Jesu, hona jwale re na le bokamoso bo botle. “Tsoho ya bafu le yona e teng ka motho,” e leng Jesu Kreste. Pauluse o ile a re: “Etswe feela jwalo ka ha ka Adama bohle ba shwa, ka hoo hape bohle ba tla phediswa ka Kreste.”—1 Bakor. 15:21, 22.
14. Na Adama o tla tsoswa? Hlalosa.
14 Pauluse o ne a bolelang ha a ne a re “ka Adama, bohle [ba a] shwa”? O ne a bua ka batho bohle ba futsitseng sebe le ho se phethahale ho Adama mme ka lebaka la seo ba a hlokahala. (Bar. 5:12) Adama ha e tlo ba e mong wa “ba tla phediswa.” Adama ha a kenelle ho batho bao Jesu a ba shwetseng hobane yena o ne a phethahetse mme o ile a ikgethela ho se mamele Modimo. Ntho e etsahalletseng Adama e tshwana le e tlo etsahalla batho bao “Mora motho” a tlo ba ahlola e le “dipodi,” ba tla ya timetsong e sa feleng.—Mat. 25:31-33, 46; Baheb. 5:9.
15. Ke bo mang ba kenelletseng ho “bohle ba tla phediswa”?
15 Hlokomela hore Pauluse o ile a re “bohle ba tla phediswa ka Kreste.” (1 Bakor. 15:22) Lengolo la Pauluse le ne le ngolletswe Bakreste ba Korinthe ba tlotsitsweng ba tla tsosetswa ho ya lehodimong. Bakreste bao “ke ba halaleditsweng bonngweng le Kreste Jesu, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi.” Hape Pauluse o ile a bua ka ba ileng ba “robala lefung bonngweng le Kreste.” (1 Bakor. 1:2; 15:18; 2 Bakor. 5:17) Lengolong le leng la Bibele, Pauluse o ile a re ba ‘kopantsweng le Jesu lefung le tshwanang le la hae’ ba tla ‘kopanngwa le yena tsohong e tshwanang le ya hae.’ (Bar. 6:3-5) Jesu o tsositswe e se e le motho wa moya a ba a ya lehodimong. Ke sona se tla etsahala ho bohle ba “bonngweng le Kreste,” e leng Bakreste bohle ba tlotsitsweng.
16. Pauluse o ne a bolelang ha a re Jesu ke “ditholwana tsa pele”?
16 Pauluse o ile a re Kreste ke “ditholwana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Hopola hore ba bang ho akarelletsa le Lazaro ba ile ba tsoswa empa Jesu e ne e le yena wa pele wa ho tsoswa e le motho wa moya le ho fumana bophelo bo sa feleng. A ka tshwantshwa le ditholwana tsa pele tse kotutsweng tseo Baiseraele ba neng ba di nyehela ho Modimo. Hape ha Pauluse a re Jesu ke “ditholwana tsa pele,” o ne a bolela hore ha morao ho na le bao ba neng ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong. Baapostola le ba bang ba “bonngweng le Kreste” ba ne ba tla qetella ba tsoseditswe ho ya phela lehodimong jwalo ka Jesu.
17. Ba “bonngweng le Kreste” ba tla fumana moputso wa ho ya lehodimong neng?
17 Tsoho ya ba yang lehodimong ba “bonngweng le Kreste,” e ne e so qale ha Pauluse a ne a ngolla phutheho ya Korinthe. Ka hoo, Pauluse o ne a bontsha hore ke hona e tla etsahala ha a ne a re: “E mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke ditholwana tsa pele, ka mora moo [e tla ba] bao e leng ba Kreste nakong ya ho ba teng ha hae.” (1 Bakor. 15:23; 1 Bathes. 4:15, 16) Hona jwale re phela mehleng ya “ho ba teng ha Kreste.” Baapostola le Bakreste ba bang ba tlotsitsweng ba ileng ba shwa ba ile ba tlameha ho emela nako ya “ho ba teng” ha Kreste hore e fihle, e le hore ba fumane moputso wa bona wa ho ya lehodimong mme ba “kopanngwe le [Jesu] tsohong e tshwanang le ya hae.”
RE NA LE TSHEPO YA SEBELE
18. (a) Keng e ka re thusang hore re utlwisise hore ho tla ba le tsoho e nngwe ya ba sa yeng lehodimong? (b) Re ithutang ho 1 Bakorinthe 15:24-26 ka se tla etsahala lehodimong?
18 Ho tla etsahalang ka Bakreste bohle ba tshepahalang ba se nang tshepo ya ho phela lehodimong le Kreste? Le bona ba na le tshepo ya hore ba tla tsoswa. Bibele e re Pauluse le ba bang ba yang lehodimong ba tla tsoswa “pejana bafung.” (Bafil. 3:11) Taba ena e a bontsha hore ho ntse ho na le batho ba bang ba tla tsoswa. E dumellana hantle le ntho eo Jobo a itseng e tlo mo etsahalla. (Jobo 14:15) “Bao e leng ba Kreste nakong ya ho ba teng ha hae” ba tla ba lehodimong le Jesu ha a fedisa mebuso yohle le bolaodi bohle. Le “sera sa ho qetela, lefu” se tlo fediswa. Ha e le ba ileng lehodimong ha ba sa tla hlola ba shwa. Empa ho tla etsahalang ka ba bang?—Bala 1 Bakorinthe 15:24-26.
19. Batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba ka lebellang?
19 Batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba ka lebellang? Ba ka ba le tshepo mantsweng a Pauluse a reng: “Ke na le tshepo . . . ya hore ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:15) Ka ha ha ho na motho ya sa lokang ya tla ya lehodimong, mantswe ana a bua ka tsoho e tla etsahala lefatsheng.
20. Keng e matlafaditseng tshepo ya hao ya hore bafu ba tla tsoha?
20 Ha ho pelaelo hore “ho tla ba le tsoho.” Bohle ba tla phela lefatsheng ka mora ho tsoswa bafung ba tla fumana monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. O ka dumela hore tshepiso eo e tla phethahala. Tshepiso eo e ka o kgothatsa haeba ho na le baratuwa ba hao ba hlokahetseng. Ba tla tsoswa bafung nakong eo Kreste le ba bang ba ‘busang e le marena ka dilemo tse sekete.’ (Tšen. 20:6) Le wena o ka kgodiseha hore haeba o ka hlokahala pele dilemo tse sekete tsa puso ya Kreste di qala, o tla tsoswa. Tshepo eo “ha e swetse.” (Bar. 5:5) E ka o kgothatsa le ho etsa hore o thabe le ho feta ha o sebeletsa Modimo. Jwalo ka ha sehlooho se latelang se tla bontsha, ho na le dintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Bakorinthe ba Pele kgaolo ya 15.
PINA YA 147 Ho Tshepisitswe Bophelo bo sa Feleng
a Lengolo la Bakorinthe ba Pele kgaolo ya 15 le bua haholo ka tsoho. Ke hobaneng ha taba ee e le ya bohlokwa ho rona, hape ke hobaneng ha re kgodisehile hore Jesu o ile a tsoswa? Sehlooho sena se tlo arabela potso ena le dipotso tse ding tsa bohlokwa ka tsoho.
b DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu ke yena wa pele wa ho ya lehodimong. (Lik. 1:9) Ba bang ba barutuwa ba hae ba neng ba tla ya lehodimong ke Thomase, Jakobo, Lydia, Johanne, Maria le Pauluse.
c DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o hlokahalletswe ke mosadi wa hae eo ba phetseng le yena nako e telele ba sebeletsa Jehova. O na le tshepo e tiileng ya hore o tla tsoswa mme o tswela pele a ntse a sebeletsa Jehova.