Batjha, Emang le Tiile Kgahlanong le Diabolose
“Aparang dihlomo tse feletseng tsa ntwa tse tswang ho Modimo e le hore le ka kgona ho ema le tiile kgahlanong le maqiti a Diabolose.”—BAEF. 6:11.
1, 2. (a) Ke hobaneng ha batjha ba Bakreste ba hlola ntwa ya makgotla a moya a kgopo? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Re tlo hlahlobang sehloohong see?
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a tshwantsha bophelo ba rona ba Bokreste le ba lesole le ntweng. Ke nnete hore ha re lwane ntwa ya nama empa re lwana ya moya. Ho ntse ho le jwalo, dira tsa rona ke tsa sebele. Satane le mademona a hae, ke bahlabani ba nang le bokgoni le boiphihlelo ba ntwa. Ha re habanya mahlo feela, re ka nna ra bona eka re ke ke ra o besa wa tuka. Ho bonahala eka batjha ba Bakreste ka ho kgetheha, ke bona ba ka hlaselehang habonolo. Jwale ba ka hlola makgotla ana a moya a nang le matla a fetang a batho jwang? Ntlha ke hore, batjha ba ka hlola, ha e le hantle ba se ntse ba hlotse! Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane ba ‘tswela pele ho fumana matla Moreneng.’ Empa ba etsa ho fetang feela ho kopa matla ho Modimo. Ba se ba apere dihlomo tsa ntwa. Jwalo ka masole a kwetlileng hantle bakeng sa se larileng ka pele, ba ‘apare dihlomo tse felletseng tsa ntwa tse tswang ho Modimo.’—Bala Baefese 6:10-12.
2 Ho ka etsahala hore ebe ha Pauluse a ne a etsa papiso ena, o ne a nahanne ka dihlomo tse aparwang ke lebotho la sesole sa Roma. (Lik. 28:16) A re ke re hlahlobeng hore na ke hobaneng ha papiso ena e loketse. Ha re ntse re etsa jwalo, hlokomela seo batjha ba bang ba se buang ka diphephetso le melemo e tliswang ke ho apara dihlomo tse felletseng tsa ntwa.
“LEBANTA LA NNETE”
3, 4. Ke jwang nnete e fumanwang Bibeleng e tshwanang le lebanta leo lesole la Roma le neng le itlama ka lona?
3 Bala Baefese 6:14. Lebanta la lesole la Roma, le ne le na le dintho tse kang dipoleitinyana tjena tsa tshepe, tse neng di sireletsa letheka la lesole. Banta lena le ne le entswe ka tsela e thusang lesole hore le se ke la imelwa ke karolo e ka hodimo ya dihlomo tseo le neng le di apere. Ho ne ho bile ho na le moo lesole le kgonang ho hokela sabole le thipa ya lona teng. Ha lebanta leo le ne le fasuwe hantle ka thata, lesole le ne le ka ema le tsitsitse ntweng.
4 Ka ho tshwanang, nnete eo re ithutang yona Lentsweng la Modimo, e re sireletsa mashanong a kotsi a rutwang. (Joh. 8:31, 32; 1 Joh. 4:1) Hape ha re rata nnete eo, re tla nolofallwa ke ho apara “tshireletso ya sefuba,” e leng ho phela ka melaomotheo ya Modimo e lokileng. (Pes. 111:7, 8; 1 Joh. 5:3) Ho ekelletsa moo, ha re utlwisisa nnete e ka Lentsweng la Modimo hantle, re tla kgona ho emela tumelo ya rona ho ba re hanyetsang.—1 Pet. 3:15.
5. Ke hobaneng ha re lokela ho bua nnete?
5 Ha nnete ya Bibele e hlile e tlanngwe ka thata ho rona, re tla e phelela mme re bue nnete ka dinako tsohle. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho bua leshano? Hobane leshano ke se seng sa dibetsa tse ka sehloohong le se atlehang seo Satane a se sebedisang. Mashano a ka lematsa motho ya a buang le ya a kgolwang. (Joh. 8:44) Ke ka hoo re lekang ka hohle ka moo re ka kgonang ho qoba ho bua mashano. (Baef. 4:25) Empa ka dinako tse ding ho ka ba boima ho etsa seo. Abigail ya dilemo di 18 o re: “Ka dinako tse ding ho ka nna ha bonahala eka ho bua nnete ha ho na o thusa, haholoholo haeba ho bua leshano ho ne ho tla o ntsha mathateng.” Jwale, ke hobaneng ha a leka ho bua nnete kamehla? O re: “Ha ke bua nnete, ke ba le letswalo le hlwekileng ka pela Jehova. Ebile metswalle le batswadi ba ka, ba a tseba hore ba ka ntshepa.” Victoria ya dilemo di 23 o re: “Ha o bua nnete mme o emela tumelo ya hao, ba bang ba ka nna ba o hlorisa. Empa ha o sa tele, o tla rua melemo e mengata. Ka mohlala, o tla ba motho ya itshepang, o be motswalle wa Jehova hape le batho ba o ratang ba tla o hlompha.” Ruri ke habohlokwa hore re dule re tlamme matheka a rona ka lebanta la nnete.
“TSHIRELETSO YA SEFUBA YA HO LOKA”
6, 7. Ke hobaneng ha ho loka ho tshwantshwa le tshireletso ya sefuba?
6 Mofuta o mong wa tshireletso ya sefuba oo lesole la Roma le neng le o apara, o ne o entswe ka ditshepe. Ditshepe tsena di ne di kojwa hore di lekane mmele wa lesole, ebe di kopanngwa ka marapo a letlalo. Mofuta ona wa seaparo, o ne o etsa hore ho be thata hore lesole lena le nne le kobekobehe. Ka hoo, nako le nako lesole le ne le lokela ho etsa bonnete ba hore ditshepe tsena di ntse di tiile. Le ha ho le jwalo, tshireletso ena ya sefuba, e ne e thibela lerumo le sabole ho phunyelletsa ho ya fihla pelong le dikarolo tse ding tsa bohlokwa tsa mmele.
7 Ke ho loketseng hakaakang hore ebe ho sebedisitswe papiso ena, ho bontsha ka moo Jehova a sireletsang pelo ya rona ya tshwantshetso kateng! (Liprov. 4:23) Ha lesole le ne le ka nka tshireletso ya sefuba eo e seng ya tshepe, le ne le ka lemala hampempe la ba la shwa. Ka tsela e tshwanang, le rona ha re a lokela hore le ka mohla re qhelele ditekanyetso tsa Jehova tse lokileng ka thoko. Hobane hohang ha re na matla a ho itshireletsa. (Liprov. 3:5, 6) Ka lebaka leo, re lokela ho dula re etsa bonnete ba hore ditshepe tsa rona tsa tshwantshetso, di ntse di tiile mme di sireleditse dipelo tsa rona.
8. Ke hobaneng ha e le habohlokwa ho kgomarela ditekanyetso tsa Jehova?
8 Na ka dinako tse ding o ye o utlwe eka ditekanyetso tsa Jehova di boima mme di o thibela ho thabela bophelo? Daniel ya dilemo di 21 o re: “Matitjhere le bana ba sekolo, ba ne ba rata ho etsa metlae ka nna hobane feela ke phela ka ditekanyetso tsa Bibele. Seo se ile sa etsa hore ke nyahame ka nakwana mme ke se ke ka itshepa.” O ile a thuswa keng? O re: “Qetellong ke bone melemo ya ho phela ka ditekanyetso tsa Jehova. E meng ya metswalle ya ka e ile ya qala ho sebedisa dithethefatse, athe e meng yona ya nyahlatsa sekolo. Ho ne ho nkutlwisa bohloko ho ba bona ba iphelela feela jwalo. Ruri Jehova o a re sireletsa.” Madison ya dilemo di 15 yena o re: “Ho thata hore ke kgomarele ditekanyetso tsa Jehova mme ke se ke ka ja monate le dithaka tsa ka.” Yena o thuswa keng? O re: “Kamehla ke dula ke ikgopotsa hore ke Paki ya Jehova, le hore teko ke mokgwa feela oo Satane a o sebedisang hore a ntshware ke phela. Ke a thaba ha ke bona hore ke hlotse diteko.”
“MAOTO A LONA A RWETSE DIHLOMO TSA DITABA TSE MOLEMO TSA KGOTSO”
9-11. (a) Bakreste ba rwala dieta dife tsa tshwantshetso? (b) Keng e tla re thusa hore re bolele ditaba tse molemo?
9 Bala Baefese 6:15. Lesole la Roma le neng le sa rwala dieta tsa lona tsa ntwa, le ne le sa lokela ho ya moleng wa ntwa. Dieta tsena tse kang meqathatso, di ne di na le marapo a mangata a letlalo a faselleditsweng mmoho. Di ne di entswe ka tsela e neng e etsa hore motho a utlwe monate ha a di rwetse di bile di le thata.
10 Feela jwalo ka ha dieta tse neng di rwalwa ke masole a Roma di ne di a thusa ha a le ntweng, dieta tsa tshwantshetso tseo Bakreste ba di rwalang, di ba thusa hore ba bolele molaetsa wa kgotso. (Esa. 52:7; Bar. 10:15) Le ha ho le jwalo, re ntse re hloka ho ba sebete e le hore re sebedise monyetla o hlahang. Bo, ya dilemo di 20 o re: “Ke ne ke tshaba ebile ke swabela ho bolella baithutimmoho le nna ka Jehova. Ha ke hetla morao, ha ke utlwisisi hore na keng e neng e etsa hore ke be boi jwalo. Hona jwale ke thabile hore ebe ha ke sa tshaba ho bolella dithaka tsa ka ka Jehova.”
11 Batjha ba bangata ba fumane hore ha ba lokiseditse hantle, ba kgona ho bolela ditaba tse molemo ba phutholohile. Wena o ka lokisetsa jwang? Julia ya dilemo di 16 o re: “Ke dula ke na le dingolwa ka mokotleng wa ka wa sekolo. Ebe ha ke le sekolong, ke mamedisisa ka hloko ha baithutimmoho le nna ba ntsha maikutlo a bona ka bodumedi. Sena se etsa hore ke nahane hantle ka se ka ba thusang. Jwale ha ke se ke lokiseditse, ke kgona ho qoqa le bona ka dintho tse ka ba amang dipelo.” Makenzie ya dilemo di 23 yena o re: “Haeba o le mosa ebile o le motho ya mamelang, o tla tseba hore na dithaka tsa hao di ntse di ya jwang. Ke etsa bonnete ba hore ke badile dihlooho tsohle tse buang ka batjha. Ka tsela eo, ke tla kgona ho bontsha dithaka tsa ka temana e itseng ya Bibele kapa websaete ya rona ya jw.org.” Jwalo ka ha re se re bone mehlaleng ena e boletsweng ka hodimo, ha o lokiseditse hantle, dieta tsa hao tsa tshwantshetso di tla tiya ka thata maotong a hao.
“THEBE E KGOLO YA TUMELO”
12, 13. E meng ya “metsu e tukang” eo Satane a ka o hlaselang ka yona ke efe?
12 Bala Baefese 6:16. “Thebe e kgolo” e neng e sebediswa ke lesole la Roma, e ne e le telele hoo e kgonang ho le sireletsa ho tloha mahetleng mona ho ya mangweleng. E ne e etseditswe ho le sireletsa metsung e bohale e hlabang.
13 E meng ya “metsu e tukang” eo Satane a ka o hlaselang ka yona, ke mashano a buuwang ka Jehova. A akarelletsa la hore Jehova ha a na taba le wena le hore ha a o rate. Ida, ya dilemo di 19, o sokodiswa ke ho ikutlwa a se na thuso. O di beha tjena: “Hangata ke ne ke utlwa eka Jehova o hole le nna le hore ha a batle ho ba Motswalle wa ka.” Jwale ebe o thuswa ke eng? O re: “Diboka di matlafatsa tumelo ya ka. O ne o tla fumana ke ile feela dibokeng ke kgutle ke sa araba, hobane ke nahana hore ha ho na motho ya batlang ho utlwa hore na ke ntse ke reng. Empa dintho di fetohile jwale, ke se ke ya dibokeng ke lokiseditse mme ke leka ho fana ka karabo tse pedi kapa tse tharo. Ke nnete hore ho thata empa ke a thaba ha ke arabile. Bara le baradibabo rona le bona ba a nkgothatsa. Hona jwale ke kgutla dibokeng ke thabile, ke kgodisehile hore Jehova o a nrata.”
14. Se ileng sa etsahalla Ida se totobatsa nnete efe?
14 Se ileng sa etsahalla Ida se totobatsa nnete ena ya bohlokwa ya hore: Le hoja thebe ya lesole la Roma e ne e le botelele bo sa fetoheng, tumelo ya rona yona, e ka fetofetoha. Ka mantswe a mang e ka hola kapa ya fokola. Jwale kgetho ke ya rona. (Mat. 14:31; 2 Bathes. 1:3) Ke habohlokwa hakaakang hore re hahe tumelo ya rona!
“HELMETE YA POLOKO”
15, 16. Tshepo e tshwana le helmete jwang?
15 Bala Baefese 6:17. Helmete e neng e rwalwa ke lesole la Roma, e ne e entswe ka tsela e neng e ka le sireletsa nthong e ka le lematsang hlooho, molala le sefahleho. Dihelmete tse ding, di ne di na le mohele oo lesole le neng le ka kgona ho tshwara helmete ka letsoho.
16 Feela jwalo ka ha helmete e sireletsa boko ba lesole, “tshepo ya poloko” e sireletsa kelello, e leng bokgoni ba rona ba ho nahana. (1 Bathes. 5:8; Liprov. 3:21) Tshepo e re thusa ho lebisa tlhokomelo ditshepisong tsa Modimo le ho ba le pono e nepahetseng ka dintho. (Pes. 27:1, 14; Lik. 24:15) Empa haeba re hlile re batla hore “helmete” ya rona e re sebeletse, re tlameha ho e rwala hloohong e seng re tsamaye re e tshwere ka letsoho.
17, 18. (a) Satane a ka etsa hore re role helmete ya rona jwang? (b) Re ka bontsha jwang hore ha re a foufatswa ke mashano a Satane?
17 Satane a ka etsa hore re role helmete ya rona jwang? Nahana ka moo a ileng a leka Jesu kateng. Satane o ne a hlile a tseba hore Jesu o na le tshepo ya hore qetellong o tla busa batho. Empa Jesu o ne a lokela ho letela nako e loketseng ya Jehova. Mme pele ho moo, o ne a tla lokela ho utlwa bohloko le ho shwa. Ka hoo, Satane o ile a leka ho qhekella Jesu ka hore a phethahatse tshepo ya ho ba morena pele ho nako e loketseng. Satane o ile a re haeba Jesu a ne a ka etsa ketso e le nngwe feela ya borapedi, o ne a tla fumana sohle hanghang. (Luka 4:5-7) Ka ho tshwanang, Satane o a tseba hore Jehova o tla re fa maruo lefatsheng le letjha. Le ha ho le jwalo, re lokela ho leta mme seo se ka nna sa bolela hore re sokole hona jwale. Ka hona, Satane o ikemiseditse ho re hokahoka ka menyetlanyana, e le hore re bone eka bophelo bo monate hona jwale. O batla hore re shebane le maruo a lefatshe lena, mme re behe Mmuso wa Modimo boemong ba bobedi.—Mat. 6:31-33.
18 Jwalo ka Bakreste ba bang ba batjha, Kiana ya dilemo di 20 le yena, ha a a ka a dumella ho thetswa ke mashano ana a Satane. O re: “Ke tseba hantle hore ntho feela e ka rarollang mathata a rona ke Mmuso wa Modimo.” Tshepo e tiileng eo a nang le yona e susumetsa menahano le diketso tsa hae jwang? O re: “Tshepo ya Paradeise e nthusa ho etelletsa pele dintho tsa bohlokwa bophelong. Ha ke senye nako ka ho sebedisa ditalente tsa ka dinthong tse senang thuso. Ho e na le hoo, ke qeta nako le matla a ka dinthong tse nthusang hore ke rate Modimo.”
“SABOLE YA MOYA” KE LENTSWE LA MODIMO
19, 20. Re ka ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho sebedisa Lentswe la Modimo jwang?
19 Sabole e neng e sebediswa ke masole a Roma mehleng ya Pauluse, e ne e ka ba botelele ba disenthimithara tse 50 mme e etseditswe ntwa ya matsoho. Lebaka le leng le neng le etsa hore masole ana a atlehe, ke hobane a ne a ikwetlisa letsatsi le letsatsi.
20 Pauluse o ile a tshwantsha Bibele le sabole eo Jehova a re fileng yona. Empa re lokela ho ithuta ho e sebedisa ka boqhetseke ha re emela tumelo ya rona le ha re itlhahlobisisa. (2 Bakor. 10:4, 5; 2 Tim. 2:15) O ka ntlafatsa bokgoni ba hao jwang? Sebastian ya dilemo di 21 o re: “Ke tlwaetse ho ngola temana e le nngwe ho tswa kgaolong e nngwe le e nngwe ya Bibele. Ke ingolla lethathamo la ditemana tseo ke di ratang haholo. Ka tsela eo, ke a utlwa hore jwale nna le Jehova re metswalle.” Daniel eo re buileng ka yena pejana, yena o re: “Ha ke ntse ke bala Bibele, ke inkela ditemana tseo ke nahanang hore di tla thusa batho ha ke le tshimong. Ke hlokometse hore batho ba arabela hantle ha ba bona hore ehlile o rata Bibele, le hore o etsa sohle ho ba thusa hore ba e utlwisise.”
21. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba Satane le mademona a hae?
21 Jwalo ka ha batjha ba boletsweng sehloohong sena ba bontshitse, ha ho na lebaka la ho tshaba Satane le mademona a hae. Ke nnete hore ba a tshosa, empa re ka ba hlola. Hape ba ka shwa. Haufinyane feela, Pusong ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete, ba tla kwallwa hore ba se ke ba hlola ba etsa letho. Ha puso eo e feela, ba tla fediswa larita. (Tšen. 20:1-3, 7-10) Re tseba sera sa rona, maqiti le maikemisetso a sona. Empa ka thuso ya Jehova, re ka kgona ho ema re tiile kgahlanong le yena!