SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 46
Na o Hlokomela “Thebe [ya Hao] e Kgolo ya Tumelo”?
“Le nke thebe e kgolo ya tumelo.”—BAEF. 6:16.
PINA YA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1, 2. (a) Ho ya ka Baefese 6:16, ke hobaneng ha re hloka “thebe e kgolo ya tumelo”? (b) Re tlo hlahloba dipotso dife?
NA o na le “thebe e kgolo ya tumelo”? (Bala Baefese 6:16.) Ha ho pelaelo hore o na le yona. Feela jwalo ka ha thebe e sireletsa hoo e ka bang mmele ohle wa motho, tumelo ya hao e o sireletsa kgahlanong le boitshwaro bo bobe, ntwa le mekgwa e sa dumellaneng le melao ya Modimo.
2 Le ha ho le jwalo re phela “matsatsing a ho qetela,” ka hoo re tla tswela pele re lekwa tumelong. (2 Tim. 3:1) Sehloohong sena re tlo hlahloba dikarabo tsa dipotso tsena. O ka hlahloba thebe ya hao ya tumelo jwang ho etsa bonnete ba hore e tiile? Hona keng seo o lokelang ho se etsa hore tumelo ya hao e dule e le matla?
HLAHLOBA THEBE YA HAO KA HLOKO
3. Masole a hlokomela dithebe tsa ona jwang, hona hobaneng?
3 Hangata mehleng ya Bibele, masole a ne a eba le dithebe tse neng di kwahetswe ka letlalo. A ne a tlotsa dithebe tsa ona ka oli e le hore letlalo le se ke la senyeha le ho etsa hore ditshepe tsa tsona di se ke tsa rusa. Haeba lesole le ne le hlokomela hore thebe ya lona e senyehile le ne le etsa bonnete ba hore le a e lokisa e le hore le itokisetse ntwa. Mohlala ona o amana jwang le tumelo ya hao?
4. Ke hobaneng ha o tlameha ho hlahloba thebe ya hao ya tumelo, hona o ka etsa seo jwang?
4 Jwalo ka masole a mehleng ya kgale, o tlameha ho dula o hlahloba le ho hlokomela thebe ya hao ya tumelo, e le hore o dule o itokiseditse ntwa. Ka ha re Bakreste, re lwana le meya e kgopo. (Baef. 6:10-12) Ha ho na motho ya ka re hlokomellang thebe ya rona ya tumelo. Empa o ka tseba jwang hore tumelo ya hao e tla dula e le matla le ha o hlahelwa ke diteko? Ntho ya pele e ka o thusang, ke ho rapela Modimo hore a o thuse. Hape o hloka ho sebedisa Lentswe la Modimo hore o ipone ka tsela eo Modimo a o bonang ka yona. (Baheb. 4:12) Bibele e re: “Tshepa Jehova ka pelo ya hao yohle mme o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao.” (Liprov. 3:5, 6) O ntse o nahanne ka temana ena, nahana ka diqeto tseo o sa tswa di etsa haufinyane. Ka mohlala, na o ile wa eba le mathata a ditjhelete? Hona na o ile wa hopola tshepiso ya Jehova e ho Baheberu 13:5 e reng: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla”? Na tshepiso eo e ile ya o kgodisa hore Jehova o tla o thusa? Haeba ho jwalo, seo se bontsha hore thebe ya hao ya tumelo e ntse e le maemong a hantle.
5. O ka nna wa fumanang ha o ntse o hlahloba tumelo ya hao?
5 Ha o ntse o hlahloba tumelo ya hao, o ka nna wa makatswa ke seo o ka se fumanang. O ka nna wa hlokomela hore e ya fokola e leng seo o neng o sa se hlokomele pele. Ka mohlala, o ka fumana hore ho tshwenyeha haholo, mashano le ho nyahama di entse hore tumelo ya hao e fokole. Haeba sena ke se o etsahalletseng, keng seo o ka se etsang ho sireletsa tumelo ya hao hore e se ke ya fokola le ho feta?
ITSHIRELETSE KGAHLANONG LE HO TSHWENYEHA HAHOLO, MASHANO LE HO NYAHAMA
6. Ke mehlala efe e bontshang ho tshwenyeha ho loketseng?
6 Ho na le dintho tseo re lokelang ho tshwenyeha ka tsona. Ka mohlala, re lokela ho tshwenyeha ka ho thabisa Jehova le Jesu. (1 Bakor. 7:32) Haeba re entse sebe se tebileng, re tshwenyeha ka hore re lokise setswalle sa rona le Modimo. (Pes. 38:18) Re boetse re tshwenyeha ka ho thabisa balekane ba rona le ho hlokomela ditlhoko tsa lelapa le Bakrestemmoho.—1 Bakor. 7:33; 2 Bakor. 11:28.
7. Ho ya ka Liproverbia 29:25, ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba batho?
7 Ka lehlakoreng le leng, ho tshwenyeha haholo ho ka fokodisa tumelo ya rona. Ka mohlala, re ka dula re tshwenyehile ka ho ba le diaparo le dijo tse lekaneng. (Mat. 6:31, 32) Ka lebaka leo, re ka iphumana re se re dula re nahana ka ho fumana dintho tse eketsehileng. Ebile re ka qetella se re re rata tjhelete. Haeba re dumella seo ho etsahala, tumelo ya rona e tla fokola mme setswalle sa rona le Jehova se tla senyeha. (Mar. 4:19; 1 Tim. 6:10) Kapa re ka iphumana re tshwenyehile haholo ka seo batho ba bang ba se nahanang ka rona. Re ka nna ra tshaba ho songwa kapa ho hloriswa ke batho ho feta ho tshaba ho utlwisa Jehova bohloko. E le hore re se ke ra tshaba hore na batho ba reng ka rona, re tlameha ho kopa Jehova ka tiyo hore a re fe tumelo le sebete sa hore re tobane le bothata boo.—Bala Liproverbia 29:25; Luka 17:5.
8. Keng seo re lokelang ho se etsa ha re utlwa mashano?
8 Satane e leng “ntate wa leshano,” o sebedisa batho ba tlasa taolo ya hae ho hasa mashano ka Jehova le ka bara le baradibabo rona. (Joh. 8:44) Ka mohlala, bakwenehi ba hasa mashano metjheng ya phatlalatso le ho sotha nnete e mabapi le mokgatlo wa Jehova. Mashano ao ke e meng ya ‘metsu e tukang’ ya Satane. (Baef. 6:16) Keng seo re lokelang ho se etsa ha motho a bua le rona ka mashano ao? Ha re a lokela ho mo mamela. Hobaneng? Hobane re na le tumelo ho Jehova ebile re tshepa bara le baradibabo rona. Ha e le hantle ha re bue le bakwenehi. Ha re phehe kgang le bona ka ntho le ha e le efe le hoja re ka utlwa re batla ho tseba hore na ba reng ka rona.
9. Ho nyahama ho ka re ama jwang?
9 Ho nyahama ho ka fokodisa tumelo ya rona. Ke nnete hore ka dinako tse ding re ka nna ra ikutlwa re nyahame ha re hlahelwa ke mathata, ebile ha re a lokela ho iphapanyetsa ona. Empa ha re a lokela ho dula re nahana ka mathata a rona ka dinako tsohle. Haeba re dula re nahana ka ona, re ka lebala dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re tshepisang tsona. (Tšen. 21:3, 4) Re ka nyahama hoo re ka ikutlwang re sena matla mme ra tlohela ho sebeletsa Jehova. (Liprov. 24:10) Empa seo ha se a lokela ho re etsahalla.
10. Keng seo o ithutang sona lengolong la moradiwabo rona e mong?
10 Hlokomela ka moo moradiwabo rona ya dulang United States a matlafatsang tumelo ya hae ka teng ha a ntse a hlokometse monna wa hae ya kulang haholo. Lengolong leo a ileng a le ngolla ntlokgolo, o ile a re: “Ka dinako tse ding boemo ba rona bo a re tshwenya le ho re nyahamisa, empa tshepo ya rona e matla. Ke leboha Jehova haholo ka ho re fa ntho e nngwe le e nngwe ho re matlafatsa tumelo le ho re kgothatsa. Ka nnete re hloka dikeletso tsena le dikgothatso. Di re thusa ho tswela pele re sebeletsa Jehova le ho mamella diteko tseo Satane a di sebedisang ho re nyahamisa.” Mantswe a moradiwabo rona a re ruta hore re ka kgona ho hlola ho nyahama. Jwang? Hopola hore mathata a o hlahelang ke diteko tse tswang ho Satane. Kgodiseha hore Jehova o tla o tshedisa, ka hoo ananele dingolwa le divideo tseo a fanang ka tsona.
11. E le hore re bone hore tumelo ya rona e matla hakae, re lokela ho ipotsa dipotso dife?
11 Na o bona eka o hloka ho matlafatsa tumelo ya hao? Dikgweding tse mmalwa tse fetileng, na o kgonne ho qoba ho tshwenyeha haholo? Na o kgonne ho qoba ho mamela le ho pheha kgang le bakwenehi? Hona na o kgonne ho hlola ho nyahama? Haeba ho jwalo, tumelo ya hao e boemong bo botle. Le ha ho le jwalo, re tlameha ho dula re fadimehile hobane ho na le dibetsa tse ding tseo Satane a di sebedisang kgahlanong le rona. A re ke re hlahlobeng e nngwe ya tsona.
ITSHIRELETSE KGAHLANONG LE HO RATA TJHELETE
12. Keng e ka re etsahallang haeba re tshwenyeha haholo ka tjhelete?
12 Ho rata tjhelete ho ka fokodisa tumelo ya rona mme ha etsa hore re fe Jehova nako e nyane. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ho monna ya sebeletsang e le lesole ya ikenyang dikgwebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ya ya mo ngodisitseng.” (2 Tim. 2:4) Ha e le hantle masole a Roma a ne a sa dumellwa ho etsa mosebetsi le ha e le ofe. Ho ne ho ka etsahalang haeba lesole le ne le sa mamele taelo eo?
13. Ke hobaneng ha lesole le ne le sa lokela ho kena kgwebong?
13 Nahana ka sena. Sehlopha sa masole se ikwetlisetsa ntwa empa e mong wa bona ha a yo. Lesole leo le ntse le rekisa dijo mmarakeng. Ha e eba mantsiboya, masole a hlahloba dibetsa tsa ona le ho leotsa marumo a ona. Empa lesole lane le rekisang dijo, le amehile ka ho hlophisa dijo tseo le tla di rekisa letsatsi le hlahlamang. Le ha ho le jwalo, hoseng ho latelang dira di hlasela ka tshohanyetso. Ke lesole lefe le tlabe le itokiseditse ntwa le ho thabisa molaodi wa lona? Hona ke lefe leo o ka emang ka lehlakoreng la lona, na ke leo esale le ikwetlisa kapa leo esale le rekisa dijo?
14. Ka ha re masole a Kreste, keng seo re se nkang e le sa bohlokwa?
14 Re tshwana le masole a neng a ikwetlisa. Ntho ya bohlokwa bophelong ba rona ke ho thabisa Balaodi ba rona e leng Jehova le Kreste. Ena ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ho feta eo lefatshe la Satane le ka re fang yona. Re etsa bonnete ba hore re na le nako le matla ao re a hlokang, e le hore re sebeletse Jehova le ho tswela pele re hlokomela thebe ya rona ya tumelo le dihlomo tsohle tse tswang ho Modimo.
15. Ke temoso efe eo Pauluse a ileng a re fa yona, hona hobaneng?
15 Re lokela ho dula re fadimehile. Hobaneng? Moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso ya hore “ba ikemiseditseng ho rua” ba tla ‘kgeloswa tumelong.’ (1 Tim. 6:9, 10) Lentswe ho ‘kgeloswa’ le bontsha hore re ka ameha haholo ka ho batla dintho tseo re sa di hlokeng. Ka hoo, re ka iphumana re ena le ‘ditakatso tse ngata tse se nang kelello.’ Ho ena le hore re iphumane re le boemong boo, re lokela ho hopola hore Satane o sebedisa ditakatso tsa rona ho fokodisa tumelo ya rona.
16. Tlaleho e ho Mareka 10:17-22, e etsa hore re ipotse dipotso dife?
16 A re re re na le tjhelete e lekaneng ya ho reka dintho tse ngata. Na ke phoso haeba re reka dintho tseo re di batlang empa re sa di hloke? Ha ho phoso. Empa a re ke re nahane ka dipotso tsena: Le hoja re kgona ho reka ntho e itseng, na rena le nako le matla a ho e sebedisa le ho e hlokomela? Na re ke ke ra qetella re rata dintho tseo re nang le tsona ho feta tekano? Hona na ho rata dintho tsena ho ke ke ha etsa hore re tshwane le monna ya ileng a hana memo ya Jesu ya hore a sebeletse Modimo haholwanyane? (Bala Mareka 10:17-22.) Ruri ho molemo haholo ho rona hore re kgotsofalle dintho tseo re nang le tsona le ho sebedisa nako le matla a rona ho etsa thato ya Modimo.
TSHWARA KA TIYO THEBE YA HAO YA TUMELO
17. Keng seo re sa lokelang ho se lebala?
17 Ha re a lokela ho lebala hore re ntweng mme re tlameha ho itokisetsa ho lwana letsatsi le letsatsi. (Tšen. 12:17) Bara le baradibabo rona ba ke ke ba kgona ho re nkela thebe ya rona ya tumelo. Empa e mong le e mong o tlameha ho matlafatsa tumelo ya hae.
18. Ke hobaneng ha masole a mehleng ya kgale a ne a dula a tshwere dithebe tsa ona ka tiyo?
18 Mehleng ya kgale lesole le ne le hlomphuwa haeba le ne le lwana ka sebete. Empa le ne le ikutlwa le swabile haeba le ne le ka kgutlela hae le sa tshwara thebe ya lona. Rahistori wa Moroma ya bitswang Tacitus o ile a re: “Ha lesole le ne le ka kgutlela hae le sa tshwara thebe ya lona, eo e ne e eba mahlabisa dihlong a maholo.” Lena ke le leng la mabaka a neng a etsa hore masole a etse bonnete ba hore a tshwara dithebe di tsa ona ka tiyo.
19. Ke jwang re ka tshwarang dithebe tsa rona tsa tumelo ka tiyo?
19 Re tla tswela pele re tshwere dithebe tsa rona tsa tumelo ka tiyo haeba re ya dibokeng ka mehla, ebile re bolella batho ka Jehova le ka Mmuso wa hae. (Baheb. 10:23-25) Re boetse re etsa sena haeba re bala Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi le ho sebedisa seo re ithutileng sona nthong e nngwe le e nngwe eo re e etsang. (2 Tim. 3:16, 17) Ka hoo, ha ho sebetsa le ha e le sefe seo Satane a ka se sebedisang se ka atlehang. (Esa. 54:17) “Thebe [ya rona] e kgolo ya tumelo” e tla re sireletsa mme re tla ema re tiile ha mmoho le bara le baradibabo rona. Hape e le hore tumelo ya rona e be matla, re lokela ho hlola ntwa eo re bang le yona letsatsi le letsatsi. Ha bohlokwa le ho feta, re tla ba le monyetla wa ho ba ka lehlakoreng la Jesu ha a hlola Satane le balatedi ba hae.—Tšen. 17:14; 20:10.
PINA YA 118 Re fe Tumelo e Matla
a Masole a ne a hloka thebe e le hore e ba sireletse. Tumelo ya rona e tshwana le thebe mme jwalo ka thebe ya sebele, e hloka ho hlokomelwa. Sehlooho sena se tla bontsha hore na keng eo re lokelang ho e etsa, e le hore “thebe [ya rona] e kgolo ya tumelo” e be boemong bo hantle.
b DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha thelevishene e hlahisa mashano ao bakwenehi ba a buang ka Dipaki Tsa Jehova, lelapa la Dipaki le tima thelevishene hanghang.
c DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha morao ha ba etsa borapedi ba lelapa, morabo rona o sebedisa Bibele ho matlafatsa tumelo ya lelapa la hae.